Buka ea Bibele ea 55—2 Timothea
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Roma
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 65 C.E.
1. Ho ile ha hlaha mahloriso afe Roma hoo e ka bang ka 64 C.E., ’me ho bonahala eka a ile a hlaha ka lebaka lefe?
PAULUSE e ne e le motšoaruoa hape Roma. Leha ho le joalo, maemo a likolohileng ho kenngoa hona ha hae teronkong lekhetlo la bobeli a ne a le boima haholo ho feta ka lekhetlo la pele. E ne e le hoo e ka bang ka 65 C.E. Mollo o moholo o ne o ile oa qhoma Roma ka July 64 C.E., oa baka tšenyo e khōlō libakeng tse 10 har’a libaka tse 14 tsa motse oo. Ho latela rahistori oa Moroma Tacitus, Moemphera Nero o ile a sitoa ho “felisa tumelo e mpe ea hore mollo oo o senyang o tlile ka taelo. Ka baka leo, ho felisa tlaleho eo, Nero o ile a beha molato ho sehlopha se neng se hloiloe ka baka la lintho tseo se li nyatsang, seo sechaba se neng se se bitsa Bakreste, a ba a se hlokofatsa ka litlhokofatso tse khōlō ka ho fetisisa. . . . Letšoele le leholo le ile la ahloloa, ’me lebaka le leholo la hoo e ne e le ho hloea batho, eseng hakaalo tlōlo ea ho chesa motse. Ho ile ha phaelloa ka litšomo tsa mefuta eohle lipolaong tsa bona. Ba koahetsoe ka matlalo a liphoofolo, ba ile ba tsekolloa ke lintja ba ba ba shoa, kapa ba khokhotheloa lifapanong, kapa ba ahloleloa ho chesoa ke malakabe, hore ba sebeletse e le khanya ea bosiu, ha khanya ea motšehare e le sieo. Nero o ile a fana ka lirapa tsa hae bakeng sa ho shebella ketsahalo eo . . . Ho ile ha phahama boikutlo ba kutloelo-bohloko; hobane morero oa ho ba ripitla e ne e se ho ruisa sechaba molemo, le hoja ho ne ho bonahala eka ho joalo, empa e ne e le ho khotsofatsa sehlōhō sa motho a le mong.”a
2. Pauluse o ngotse Timothea oa Bobeli tlas’a maemo afe, hona ke hobane’ng ha a bua ka kananelo ka Onesifore?
2 Mohlomong e ne e le nakong ea leqhubu lena la mahloriso a mabifi ha Pauluse a iphumana e le motšoaruoa hape Roma. Lekhetlong lena o ne a tlanngoe ka mahlaahlela. O ne a sa lebella ho lokolloa empa o ne a se a emetse feela kahlolo ea ho qetela le ho bolaoa. Baeti ba ne ba fokola. Ka sebele, hore motho ofe kapa ofe a itsebahatse e le Mokreste pepenene e ne e le ho ipeha kotsing ea ho tšoaroa le ho bolaoa ka ho hlokofatsoa. Kahoo Pauluse o ne a ka ngola ka kananelo mabapi le moeti oa hae ea neng a e-tsoa Efese: “Morena a ke a hauhele ntlo ea Onesifore; hobane o ntšelisitse hangata, ’me ha a ka a ntlhabeloa ke lihlong ka baka la mahlaahlela a ka; empa mohla a fihlang Roma, o mpatlile ka mafolo-folo, a ba a mphumana.” (2 Tim. 1:16, 17) Ha Pauluse a ngola a le moriting oa lefu, o itsebahatsa e le “moapostola oa Jesu Kreste ka thato ea Molimo, ka baka la pallo ea bophelo bo ho Jesu Kreste.” (1:1) Pauluse o ne a tseba hore bophelo bonngoeng le Kreste bo mo emetse. O ne a boletse metseng e mengata e meholo ea lefatše la mehleng eo, ho tloha Jerusalema ho ea Roma, mohlomong ho ea fihla Spain. (Ba-Roma 15:24, 28) O ne a mathile ka botšepehi peisong ho fihlela qetellong.—2 Tim. 4:6-8.
3. Timothea oa Bobeli e ngotsoe neng, hona e tsoetse Bakreste molemo joang ho theosa le lilemo?
3 Mohlomong lengolo lena le ngotsoe hoo e ka bang ka 65 C.E., pejana feela ho lefu la Pauluse e le moshoela-tumelo. Mohlomong Timothea o ne a ntse a le Efese, hobane Pauluse o ne a mo khothallelitse ho lula moo. (1 Tim. 1:3) Joale, ka makhetlo a mabeli Pauluse o phehella Timothea hore a tle ho eena kapele, ’me o mo kōpa hore a tle le Mareka, hammoho le kobo le meqolo eo Pauluse a neng a e siile Troase. (2 Tim. 4:9, 11, 13, 21, NW) Le hoja lengolo lena le ngotsoe nakong e mahlonoko hakaalo, le ne le tšoere khothatso e matla bakeng sa Timothea, ’me le ’nile la tsoela pele ho fana ka khothatso e molemo ho Bakreste ba ’nete ho theosa le lilemo haesale ho tloha ka nako eo.
4. Ke eng e pakang hore Timothea oa Bobeli ke tlaleho ea ’nete e bile ke karolo ea Mangolo a Halalelang?
4 Buka ea Timothea oa Bobeli ke tlaleho ea ’nete ’me ke karolo ea Mangolo a Halalelang ka mabaka a seng a boletsoe tlas’a Timothea oa Pele. E ne e amoheloa e bile e sebelisoa ke bangoli le bahlalosi ba pele, ba akarelletsang Polycarp oa lekholong la bobeli la lilemo C.E.
LITABA TSE KA HARE TSA TIMOTHEA OA BOBELI
5. Timothea o na le tumelo ea mofuta ofe, empa o lokela ho tsoela pele ho etsa’ng?
5 ‘Ho khomarela mohlala oa mantsoe a phelisang’ (1:1–3:17). Pauluse o bolella Timothea hore ha ho mohla a mo lebalang lithapelong tsa hae le hore o hlolohetsoe ho ’mona. O hopola ‘tumelo e se nang boikaketsi’ eo Timothea a nang le eona eo pele e neng e le ho nkhono oa hae Loise le ’mè oa hae Eunice. Timothea o lokela ho tsosa mpho e ka hare ho eena joaloka mollo, ‘hobane Molimo ha oa fana ka moea oa bokoala, empa o fane ka moea oa matla le oa lerato le oa kelello e hlaphohileng.’ Ka hona, a ke a hloke lihlong ho pakeng le ho hlokofatsoeng ke bobe ka lebaka la litaba tse molemo hobane mosa o sa tšoanelang oa Molimo o bonahalitsoe ka ho hlaka ka ponahalo ea ’Mōloki, Kreste Jesu. Timothea o lokela ho “tsoela pele ho khomarela mohlala oa mantsoe a phelisang” ao a a utloileng ho Pauluse, a a lebele joaloka letlotlo le letle.—1:5, 7, 13, NW.
6. Pauluse o fana ka keletso efe tabeng ea ho ruta, ’me Timothea e ka ba mosebetsi ea amohelehang le sejana se hlomphehang joang?
6 Timothea o lokela ho fetisetsa lintho tseo a ithutileng tsona ho Pauluse ho “banna ba tšepahalang, ’me bona e tla ba ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang.” Timothea o lokela ho ipaka e le lesole le letle la Kreste Jesu. Lesole le qoba ho tšoasoa ke litaba tsa khoebo. Ho feta moo, motho ea fuoang moqhaka lipapaling o loana ho latela melao. E le hore Timothea a fumane temoho, o lokela ho nahana ka mehla ka mantsoe a Pauluse. Lintho tsa bohlokoa tseo a lokelang ho li hopola le ho li hopotsa ba bang ke hore “Jesu Kreste o tsositsoe bafung ’me e ne e le oa peō ea Davida” le hore meputso ea bakhethoa ba tiisetsang ke poloko le khanya e sa feleng bonngoeng le Kreste, ho busa joaloka marena hammoho le eena. Timothea o lokela ho etsa sohle se matleng a hae hore a itlhahise e le mosebetsi ea amohelehang ho Molimo, a qobe lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang, tse namang joaloka seso se kekang. Feela joalokaha ka tlung e khōlō sejana se hlomphehang se bolokoa se arohane le se sa hlompheheng, kahoo Pauluse o eletsa Timothea hore a ‘balehe litakatsong tse tsamaeang le bocha, empa a phehelle ho loka, tumelo, lerato, khotso, hammoho le ba bitsang ho Morena ho tsoa pelong e hloekileng.’ Ho hlokahala hore mohlanka oa Morena a be mosa ho bohle, a tšoanelehe ho ruta, a rupele ka mosa.—2:2, 8, 22, NW.
7. Ke hobane’ng ha Mangolo a bululetsoeng a ne a tla ba molemo haholo-holo “matsatsing a ho qetela”?
7 “Matsatsing a ho qetela,” ho tla hlaha linako tseo ho tla ba thata ho sebetsana le tsona hammoho le batho ba ipakang e le ba sa tšepahaleng pontšong ea bona ea boinehelo ba bomolimo, ba “ithutang ka mehla empa le ka mohla ba sa khone ho fihla tsebong e nepahetseng ea ’nete.” Empa Timothea o ’nile a latela haufi-ufi thuto ea Pauluse, tsela ea hae ea bophelo, le mahloriso a hae, ao Morena a ileng a mo lopolla ho ’ona. Oa phaella: “Ha e le hantle, bohle ba lakatsang ho phela ka boinehelo ba bomolimo kopanong le Kreste Jesu le bona ba tla hlorisoa.” Leha ho le joalo, Timothea o lokela ho tsoela pele linthong tseo a ithutileng tsona ho tloha boseeng, tse khonang ho mo hlalefisetsa poloko, hobane “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.”—3:1, 7, 12, 16, NW.
8. Pauluse o phehella Timothea hore a etse’ng, ’me Pauluse o nyakalla joang ntlheng ee?
8 Ho phethisisa tšebeletso ka botlalo (4:1-22). Pauluse o laela Timothea hore a “bolele lentsoe” ka ho potlaka. (4:2) Ho tla tla nako eo ka eona batho ba ke keng ba mamella thuto e phelisang ’me ba tla retelehela ho matichere a bohata, empa Timothea a ke a hlaphoheloe kelellong, ‘a etse mosebetsi oa ’moleli oa Evangeli, a phethisise tšebeletso ea hae.’ Ha Pauluse a hlokomela hore lefu la hae le se le atametse, o thabela hore o loanne ntoa e ntle, hore o mathile peisong ho fihlela qetellong ’me o bolokile tumelo. Joale o talimile ka kholiseho moputsong, e leng “moqhaka oa ho loka.”—4:5, 8.
9. Pauluse o senola kholiseho efe eo a nang le eona ka matla a Morena?
9 Pauluse o phehella Timothea hore a tle ho eena kapele ’me o mo fa litaelo bakeng sa leeto leo. Ha Pauluse a ipuella ka lekhetlo la pele bohle ba ile ba mo furalla, empa Morena o ile a mo kenya matla e le hore boboleli bo phethisisoe ka botlalo lichabeng. E, o kholisehile hore Morena o tla mo lokolla mosebetsing o mong le o mong o khopo ’me a ’molokele ’Muso oa Hae oa leholimo.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
10. (a) Ho hatisoa molemo ofe o khethehileng oa “Lengolo lohle” ho Timothea oa Bobeli, ’me Bakreste ba lokela ho ikitlaeletsa ho fetoha eng? (b) Ke tšusumetso efe e lokelang ho qojoa, ’me see se ka etsoa joang? (c) Ho sa ntsane ho e-na le tlhokahalo e potlakileng bakeng sa eng?
10 ‘Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.’ Le na le molemo oa eng? Pauluse oa re bolella lengolong la hae la bobeli le eang ho Timothea: “Oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” (3:16, 17) Ka hona lengolong lena ho hatelloa molemo oa “ho ruta.” Kajeno bohle ba ratang ho loka ba batla ho utloa keletso e bohlale ea lengolo lena ha ba ntse ba ikitlaeletsa ho ba matichere a Lentsoe le ho etsa sohle se matleng a bona hore e be basebetsi ba amoheloang ke Molimo, “ba tšoarang lentsoe la ’nete ka tsela e nepahetseng.” Joaloka Efese ea mehleng ea Timothea, ka ho tšoanang mehleng ena, ho na le ba qaputsang “lipotsong tsa booatla le tse hlokang tsebo,” ba “ithutang ka mehla ’me ho se mohla ba khonang ho fihla tsebong e nepahetseng ea ’nete,” le ba hanang “thuto e phelisang” ka lebaka la ho tšehetsa matichere a tsikinyetsang litsebe tsa bona ka tsela eo ba e batlang ka boikhabi. (2:15, 23, NW; 3:7, NW; 4:3, 4, NW) Hore re tle re qobe tšusumetso ena ea lefatše e silafatsang, ho hlokahala hore re ‘khomarele mohlala oa mantsoe a phelisang’ ka tumelo le ka lerato. Ho feta moo, ho na le tlhokahalo e potlakileng ea hore batho ba eketsehileng e be ba “tšoanelehang ka ho lekaneng ho ruta ba bang” ka hare le ka ntle ho phutheho, joaloka Timothea, “monna oa Molimo.” Ho thabile bohle ba jereng boikarabelo bona, ba fetohang ‘ba tšoanelehang ho ruta ka mosa,’ le ba bolelang lentsoe “ka mamello eohle le botsebi ba ho ruta”!—1:13, NW; 2:2, 24, 25, NW; 4:2, NW.
11. Ho fanoa ka keletso efe mabapi le bacha?
11 Joalokaha Pauluse a boletse, Timothea o ne a tsebile mangolo a halalelang “ho tloha boseeng” ka lebaka la thupelo e lerato ea Loise le Eunice. “Ho tloha boseeng” ho boetse ho bontša nako eo ka eona bana ba lokelang ho qala ho rupeloa ka Bibele kajeno. Empa ho thoe’ng haeba, lilemong tsa morao, litlhase tsa cheseho e neng e le teng qalong li qala ho tima? Keletso ea Pauluse ke hore u tsose mollo oo hape ka moea oa “matla le oa lerato le oa kelello e hlaphohileng,” u boloke tumelo e se nang boikaketsi. O itse “matsatsing a ho qetela” ho tla hlaha linako tse thata, tsa mathata a botlokotsebe le lithuto tsa bohata. Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hakana hore bacha ka ho khethehileng, le ba bang kaofela, ba ‘ipoloke ba hlaphohetsoe kelellong linthong tsohle, ’me ba phethisise tšebeletso ea bona ka botlalo.’—3:15, NW; 1:5-7, NW; 3:1-5, NW; 4:5, NW.
12. (a) Pauluse o ile a hlokomelisa ka Peō ea ’Muso joang, ’me o ile a senola tšepo efe? (b) Kajeno bahlanka ba Molimo ba ka ba le boikutlo ba kelello bo tšoanang le ba Pauluse joang?
12 Moputso o tšoanela boikitlaetso. (2:3-7) Ntlheng ena, Pauluse o hlokomelisa ka Peō ea ’Muso, o re: “Hopola hore Jesu Kreste o tsositsoe bafung ’me e ne e le oa peō ea Davida, ho latela litaba tse molemo.” Tšepo ea Pauluse e ne e le ho lula bonngoeng le Peō eo. Ha a tsoela pele o bua ka ho bolaoa ha hae ho ntseng ho atamela ka mantsoe a tlhōlo: “Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka oa ho loka oo ke o behetsoeng, oo Morena, moahloli ea lokileng, a tlang ho ’nea oona ka letsatsi lela, e seng ’na feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.” (2:8, NW; 4:8) Bohle ba ka khonang ho hetla morao lilemong tse ngata tsa tšebeletso e tšepahalang eaba ba bua se tšoanang ba thaba hakaakang! Leha ho le joalo, sena se hloka hore hona joale re sebeletse ka botšepehi, ka ho rata ponahalo ea Jesu Kreste, le ho bontša kholiseho e tšoanang le eo Pauluse a ileng a e bontša ha a ngola: “Morena o tla ’ne a ’namolele mesebetsing eohle e mebe, ’me o tla mpolokela ho kena ’musong oa hae o leholimong. Ho eena e be khanya ka ho sa feleng. Amen!”—4:18.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Complete Works of Tacitus, 1942, e hlophisitsoeng ke Moses Hadas, maqephe 380-1.