Onesiforase—Motšelisi ea Sebete
“LULANG le hopotse ba litlamong tsa chankana joalokaha eka le tlamiloe le bona, le ba ntseng ba tšoaroa hampe.” (Baheberu 13:3) Hoo e ka bang ka 61 C.E. ha moapostola Pauluse a ne a ngola mantsoe ana, eena ka boeena o ne a se a kile a tšoaroa ka makhetlo a fetang le le leng ’me o ne a tla boela a tšoaroa pele ho lefu la hae e le moshoela-tumelo. (Liketso 16:23, 24; 22:24; 23:35; 24:27; 2 Bakorinthe 6:5; 2 Timothea 2:9; Filemone 1) Kahoo, ho ile ha hlokahala ka potlako, joalokaha ho le joalo kajeno, hore liphutheho li hlokomele balumeli-’moho le tsona bao tumelo ea bona e lekoang.
Onesiforase ke morutuoa e mong oa lekholong la pele la lilemo ea ileng a ela hloko ka ho khetheha tlhokahalo eo. O ile a etela Pauluse nakong eo a neng a tšoeroe ka lekhetlo la bobeli Roma. Malebana le eena, moapostola o ngotse: “E se eka Morena a ka neha ba ntlo ea Onesiforase mohau, hobane o ile a ntlisetsa khatholoho hangata, ’me ha aa ka a hlajoa ke lihlong ka lebaka la liketane tsa ka. Ho fapana le hoo, ha ho etsahala hore a be Roma, o ile a mpatla ka khothalo a ba a mphumana.” (2 Timothea 1:16, 17) Na u se u kile ua ipha nako ea ho nahanisisa hore na mantsoe ao a fokolang a hlile a bolela’ng? Ho etsa joalo ho ka ’na ha hōlisa kananelo ea hao ka Onesiforase. U tla hlokomela hore e ne e le motšelisi ea sebete.
Ho Tšoaroa ha Pauluse ka Lekhetlo la Bobeli
Ka mor’a hore a lokolloe ha a ne a le chankaneng ka lekhetlo la pele, Pauluse o ile a boela a ba teronkong ea Roma tlas’a maemo a fapaneng. Lekhetlong la pele, metsoalle e ne e khona ho mo etela ntlong ea hae e hiriloeng, ’me o ne a bonahala a kholisehile hore o haufi le ho lokolloa. Joale, a se a furaletsoe ke bongata, o ile a bona feela hore e tla ba moshoela-tumelo.—Liketso 28:30; 2 Timothea 4:6-8, 16; Filemone 22.
Ketsahalong ena, Pauluse o ne a le chankaneng hoo e ka bang ka 65 C.E. Nako e ka etsang selemo pejana—ka July 64 C.E.—mollo o ile oa timetsa Roma, oa baka tšenyo e khōlō libakeng tse 10 ho tse 14 tsa metse e meholo. Ho latela rahistori oa Moroma, Tacitus, Moemphera Nero ha aa ka a khona ho “tlosa maikutlo a tletseng tšokelo a hore tetema eo ea mollo e ne e le phello ea taelo ea hae. Ka lebaka leo, hore a hlakole tlaleho eo, Nero o ile a beha molato sehlopheng se neng se hloiloe ka lebaka la liketso tsa sona tse khesoang, seo batho ba neng ba se bitsa Bakreste, ’me a se hlokofatsa ka ho fetisisa. . . . Ba ne ba bolaoa ka tsela leha e le efe e tlotlollang. Ba koahetsoe ka matlalo a libatana, ba ile ba tsekolloa ke lintja ’me ba shoa, kapa ba khokhotheloa sefapanong, kapa ba timetsoa ka ho chesoa e le ho fana ka khanya bosiu, ha letsatsi le liketse.”
Pauluse o ile a iphumana a le chankaneng hape tlas’a maemo a tjena, ’me o ne a lebeletse hore o tla hlaheloa ke se tšoanang. Hase feela a neng a thabela ho eteloa ke motsoalle oa hae Onesiforase! Empa, a re hlahlobeng boemo bo tšoanang ka lehlakoreng la Onesiforase.
Ho Etela Motšoaruoa Pauluse
Kamoo ho bonahalang kateng, lelapa la Onesiforase le ne le lula Efese. (2 Timothea 1:18; 4:19) Ha hoa boleloa hore na Onesiforase o ne a tlile moo motse-moholo oa ’muso bakeng sa mabaka a hae kapa bakeng sa ho etela Pauluse ka ho khetheha. Leha ho le joalo, moapostola o ile a bolela: ‘Ha ho ne ho etsahala hore Onesiforase a be Roma, hangata o ne a ntlisetsa khatholoho.’ (2 Timothea 1:16, 17) Ke khatholoho ea mofuta ofe? Le hoja tšehetso ea Onesiforase e ka ’na eaba e ne e akarelletsa thuso ea lintho tse bonahalang, ho hlakile hore boteng ba hae bo ne bo boetse bo fana ka matla a tiisang le ho khothatsa Pauluse. Ha e le hantle, liphetolelo tse ling li baleha tjena: “O ’nile a ntlhasimolla moeeng ka makhetlo,” kapa “o ’nile a ntšelisa ka makhetlo.”
E ne e le phephetso nakong eo ho khotsofatsa takatso ea ho etela motšoaruoa oa Mokreste ea Roma. Ho fapana le nakong ea ha Pauluse a ne a koaletsoe ka lekhetlo la pele chankaneng, ka sebele Bakreste ba Roma ba ne ba se ba sa mo hloele. Motseng o moholo joaloka Roma, ho ne ho se bonolo ho fumana motšoaruoa a le mong ea sa hlahellang ka har’a batšoaruoa ba bangata, bao e neng e tlameha ebe ba tšoaretsoe litlōlo tse fapaneng tsa molao. Kahoo, ho ne ho hlokahala motho ea khothaletseng ho batla. Setsebi Giovanni Rostagno o hlalosa litaba tjena: “E ka ’na eaba mathata e ne e le a mefuta e fapaneng. Ho feta moo, ho ne ho hlokahala masene a ikhethang ha ho batloa [motšoaruoa]. Ho fata boitsebiso mona le mane le ho bontša ho tšoenyeha ka ho fumana chankana e koaletseng motšoaruoa oa leqheku ea chesehang, ea netoang ka litlōlo tse ngata tsa molao, ho ne ho ka ’na ha tsosa libata masene.”
Mongoli P. N. Harrison o hlalosa boemo bo tšoanang ka ho hlakileng, o re: “Ho bonahala re bonela leroothong ka har’a matšoele sefahleho se seng se nang le morero, ’me re sala morao ka thahasello e khōlō motho enoa ea sa tsejoeng ea tsoang lebōpong le hōle la leoatle la Aegean ha a fohla motsoebere oa literata tseo a sa li tsebeng, a kokota menyakong e mengata, a latela mohlala o mong le o mong, a lemosoa ka kotsi eo a ipehang ho eona empa a sa khaotse ho batla; ho fihlela ha ntlong e ’ngoe e sa hlahellang ea chankana, a lumelisoa ke lentsoe leo a le tsebang ’me a fumana Pauluse a tlanngoe ka mahlaahlela kalosong ea lesole la Moroma.” Haeba sebaka seo se ne se tšoana le literonko tse ling tsa Roma, e tlameha ebe e ne e le sebaka se batang, se lefifi le se litšila, moo ho nang le mefuta eohle ea mahlaahlela le litlhokofatso.
Ho tsejoa joaloka motsoalle oa motšoaruoa ea kang Pauluse ho ne ho le kotsi. Ho ne ho bile ho le kotsi le ho feta ho lula u mo etela. Ho itsebahatsa pepenene joaloka Mokreste e ne e le ho ipeha kotsing ea ho tšoaroa le ho hlokofatsoa ho isa lefung. Empa Onesiforase ha aa ka a khotsofalla ho eta hang kapa habeli. O ne a se lihlong kapa hona ho tšosoa ke ho etsa joalo “hangata.” Ka sebele, Onesiforase o ile a phela tumellanong le se boleloang ke lebitso la hae, “Ea Ruisang Molemo,” a fana ka tšehetso e sebete le e lerato ho sa tsotellehe likotsi tsa hoo.
Ke hobane’ng ha Onesiforase a ile a etsa see sohle? Brian Rapske o itse: “Chankana e ne e se feela sebaka sa tlhokofatso ea ’mele, empa e ne e boetse e le sebaka sa matšoenyeho a tebileng ka lebaka la khatello ea maikutlo eo motšoaruoa a neng a e-ba le eona. Maemong a joalo, boteng ba motho le mantsoe a khothatso tsa bathusi li ne li ka matlafatsa motšoaruoa maikutlong.” Ka ho hlakileng, Onesiforase o ile a hlokomela seo ’me a khomarela motsoalle oa hae ka sebete. E tlameha ebe Pauluse o ile a ananela thuso eo hakaakang!
Ho Ile ha Etsahala Eng ka Onesiforase?
Lengolong la hae la bobeli ho Timothea, Pauluse o ile a romela litumeliso ho lelapa la Onesiforase ’me a re ka eena: “E se eka Morena a ka mo neha hore a fumane mohau o tsoang ho Jehova ka letsatsi leo.” (2 Timothea 1:18; 4:19) Ba bangata ba nahana hore mantsoe “ka letsatsi leo” a bolela letsatsi la Molimo la kahlolo ’me kahoo, ba etsa qeto ea hore Onesiforase o ne a se a shoele. P. N. Harrison o bolela hore haeba ho ne ho le joalo, mohlomong “Onesiforase o ile a iteta sefuba ho ea sebakeng seo se kotsi ho fihlela a tšoaroa, ’me a lefa . . . ka bophelo ba hae.” Ho ka etsahala hore ebe Onesiforase o ne a mpa a le sieo hae, kapa mohlomong Pauluse o ne a mo kenyelelitse litumelisong tse eang ho lelapa lohle la hae.
Ba bang ba lumela hore ho na le moelelo o khethehileng polelong ena: “E se eka Morena a ka mo neha hore a fumane mohau o tsoang ho Jehova ka letsatsi leo.” Ba nahana hore mantsoe ana a buella lithapelo tse etsoang molemong oa meea e phelang e seng e arohane le ’mele, eo mohlomong e utloang bohloko sebakeng se itseng sa moea. Leha ho le joalo, khopolo e joalo e hanana le thuto ea Mangolo ea hore bafu ha ba tsebe letho. (Moeklesia 9:5, 10) Esita le haeba Onesiforase o ne a shoele, Pauluse o ne a mpa feela a bolela takatso ea hae ea hore motsoalle oa hae a fumane mohau ho Molimo. R. F. Horton o re: “Re na le tokelo ea ho lakaletsa bohle seo. Empa ho rapella bafu le ho ba etsetsa ’Misa ke mohopolo o thōko-thōko le monahano [oa moapostola enoa].”
A re Beng Batšelisi ba Tšepahalang ka ho sa Sekisetseng
Ha e le hantle, ebang Onesiforase o ile a lahleheloa ke bophelo ba hae ha a ne a thusa Pauluse kapa che, ka sebele o ile a ipeha kotsing ka ho batla moapostola le ho mo etela chankaneng. ’Me ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a ananela tšehetso e matla eo a neng a e hloka le khothatso eo a ileng a e fumana ho Onesiforase.
Ha Bakreste-’moho le rōna ba hlaheloa ke liteko, mahloriso kapa ho kenngoa chankaneng, re ka ’na ra ba boemong ba ho ba tšelisa le ho ba khothatsa. Ka hona, e se eka re ka ba rapella le hore ka lerato re etse sohle seo re ka se khonang ho ba thusa. (Johanne 13:35; 1 Bathesalonika 5:25) A re beng batšelisi ba sebete joaloka Onesiforase.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ka sebete, Onesiforase o ile a tšelisa moapostola Pauluse ea neng a tšoeroe