Bacha—Hahamallang Lipakane Tse Tlotlisang Molimo
“U ikoetlise boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao.”—1 TIMOTHEA 4:7.
1, 2.(a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a babatsa Timothea? (b) Kajeno bacha ba ‘ikoetlisa joang boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa bona’?
“HA KE na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela lintho tse le amang. . . . Joaloka ngoana le ntat’ae e ile ea ba lekhoba le ’na ho ntšetseng pele litaba tse molemo.” (Bafilipi 2:20, 22) Moapostola Pauluse o ile a akarelletsa mantsoe ana a monate a pabatso lengolong la hae le neng le e-ea ho Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba Filipi. O ne a bua ka mang? O ne a bua ka Timothea, motsoalle oa hae e monyenyane eo a neng a tsamaea le eena. U ka inahanela feela hore na e tlameha ebe Timothea o ile a thaba hakaakang ha a utloa mantsoe ana a tiisang hore Pauluse o ne a mo rata a bile a mo tšepa!
2 Bacha ba ratang lintho tsa moea joaloka Timothea e ’nile ea e-ba letlotlo la bohlokoa har’a batho ba Jehova. (Pesaleme ea 110:3) Kajeno, ho na le bacha ba bangata ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho, baromuoa, baithaopi ba sebetsang kahong le basebeletsi ba Bethele. Ba bang ba babatsoang haholo ke ba etsang mesebetsi ea phutheho ka mafolofolo empa ba ntse ba hlokomela mesebetsi e meng. Bacha bana ba khotsofatsoa ke ho hahamalla lipakane tse tlotlisang Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. Ka sebele ba ‘ikoetlisa boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa bona.’—1 Timothea 4:7, 8.
3. Re tla tšohla lipotso life sehloohong see?
3 Joaloka mocha, na ho na le lipakane tse tobileng tsa moea tseo u li hahamallang? Ke hokae moo u ka fumanang thuso le khothatso ea hore u etse joalo? U ka hanela joang likhatello tsa lefatše lee le ratang lintho tse bonahalang? Ke litlhohonolofatso life tseo u ka lebellang ho li fumana haeba u hahamalla lipakane tse tlotlisang Molimo? E-re re fumane likarabo tsa lipotso tsena ka ho tšohla litaba tsa bophelo ba Timothea.
Semelo sa Timothea
4. Ka bokhutšoanyane bolela litaba tsa bophelo ba Bokreste ba Timothea.
4 Timothea o hōletse motsaneng o monyenyane oa Lystra, profinseng ea Roma ea Galatia. Mohlomong o ile a ithuta Bokreste a sa le mocha ha Pauluse a ne a bolela litaba tse molemo Lystra hoo e ka bang ka 47 C.E. Kapele Timothea o ile a iketsetsa botumo bo botle haholo har’a barab’abo rōna ba Bakreste ba sebaka seo. Ha Pauluse a khutlela Lystra ka mor’a lilemo tse peli a bile a utloa ka tsoelo-pele ea Timothea, o ile a mo khetha hore e be moromuoa-’moho le eena. (Liketso 14:5-20; 16:1-3) Ha Timothea a ntse a hōla tsebong, o ile a fuoa boikarabelo bo boholo, bo neng bo akarelletsa ho nka maeto a bohlokoa bakeng sa ho matlafatsa barab’abo rōna. Ha Pauluse a ne a ngolla Timothea a le chankaneng Roma hoo e ka bang ka 65 C.E., Timothea e ne e le moholo oa Mokreste Efese.
5. Ho ea ka 2 Timothea 3:14, 15, ke mabaka afe a mabeli a ileng a susumeletsa Timothea hore a etse qeto ea ho hahamalla lipakane tsa moea?
5 Ho hlakile hore Timothea o ile a khetha ho hahamalla lipakane tsa moea. Empa ke eng e ileng ea mo susumeletsa hore a li hahamalle? Lengolong la hae la bobeli le eang ho Timothea, Pauluse o ile a bolela mabaka a mabeli a ileng a mo susumetsa. O ile a ngola a re: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele, u tseba hore na u ile ua ithuta tsona ho batho bafe le hore ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang.” (2 Timothea 3:14, 15) A re qaleng ka ho hlahloba tšusumetso eo Bakreste ba bang ba bileng le eona linthong tseo Timothea a ileng a li khetha.
Rua Molemo Tšusumetsong e Ntle
6. Timothea o ile a fumana koetliso ea mofuta ofe, hona o ile a etsa’ng ka eona?
6 Timothea o hōletse lelapeng le arohaneng bolumeling. Ntat’ae e ne e le Mogerike, ’me ’m’ae, Eunise, le nkhono’ae Loise e ne e le Bajuda. (Liketso 16:1) Eunice le Loise ba ile ba ruta Timothea linnete tse tsoang ka Mangolong a Seheberu ho tloha boseeng. Ka mor’a hore ba sokolohele Bokresteng, ha ho pelaelo hore ba ile ba ba le seabo ho mo susumeletseng hore a lumele lithuto tsa Bokreste. Ho hlakile hore, Timothea o ile a rua molemo ka botlalo koetlisong ena e babatsehang. Pauluse o ile a re: “Ke hopola tumelo e ho uena e se nang boikaketsi leha e le bofe, le e ileng ea lula pele ho nkhono’ao Loise le ’m’ao Eunise, empa eo ke kholisehileng hore le ho uena e teng.”—2 Timothea 1:5.
7. Bacha ba bangata ba hlohonolofalitsoe ka eng, hona see se ka ba ruisa molemo joang?
7 Kajeno, bacha ba bangata ba hlohonolofalitsoe ka ho ba le batsoali le bo-nkhono le bo-ntate-moholo ba tšabang Molimo bao, joaloka Loise le Eunise, ba bonang bohlokoa ba lipakane tsa moea. Ka mohlala, Samira, o ntse a hopola kamoo a neng a qoqa halelele kateng le batsoali ba hae ha a ne a sa le mocha. O re: “’Mè le Ntate ba ile ba nthuta ho talima lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona le ho etsa hore mosebetsi oa boboleli ebe ntho ea pele bophelong ba ka. Kamehla ba ne ba ntšusumeletsa hore ke hahamalle tšebeletso ea nako e tletseng.” Samira o ile a sebelisa khothatso eo batsoali ba hae ba ileng ba mo fa eona ’me hona joale o thabela tokelo ea ho sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele naheng ea habo. Haeba batsoali ba hao ba u khothalletsa hore u nahane ka lipakane tsa moea, nka keletso ea bona ka botebo. Ba u batlela se molemohali bophelong.—Liproverbia 1:5.
8. Timothea o ile a rua molemo joang ka ho ba le metsoalle e molemo ea Bakreste?
8 Hape ke habohlokoa hore u batle metsoalle e molemo ka har’a mokhatlo oa Bokreste oa bara ba motho. Timothea o ile a tsebahala haholo har’a baholo ba Bakreste ba phutheho ea ha habo le ba phutheho ea Ikoniamo, e neng e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 20. (Liketso 16:1, 2) O ile a ba le setsoalle se haufi le motho ea neng a cheseha, e leng Pauluse. (Bafilipi 3:14) Mangolo a Pauluse a bontša hore Timothea o ne a amohela keletso ebile e le malala-a-laotsoe ho etsisa mehlala ea batho ba tumelo. (1 Bakorinthe 4:17; 1 Timothea 4:6, 12-16) Pauluse o ile a ngola: “U latetse haufi-ufi thuto ea ka, tsela ea ka ea bophelo, morero oa ka, tumelo ea ka, tiisetso ea ka, lerato la ka, mamello ea ka.” (2 Timothea 3:10) Ha ho pelaelo hore Timothea o ile a latela mohlala oa Pauluse haufi-ufi. Le uena haeba u ikamahanya le batho ba leng matla moeeng ka phuthehong, ba tla u thusa hore u ipehele lipakane tse bohlale tsa moea.—2 Timothea 2:20–22.
Ithute “Lingoliloeng Tse Halalelang”
9. Ntle le ho khetha metsoalle e nepahetseng, u lokela ho etsa’ng e le hore ‘u ikoetlise boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao’?
9 Na ho finyella lipakane tsa moea ke taba feela ea ho khetha metsoalle e nepahetseng? Che. Joaloka Timothea, u lokela ho hlahlobisisa “lingoliloeng tse halalelang” ka hloko. E ka ’na eaba ho ithuta hase ntho eo u e thabelang, empa hopola hore Timothea o ile a lokela ho ‘ikoetlisa boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hae.’ Hangata libapali li ikoetlisa ka thata ka likhoeli tse ngata e le hore li finyelle pakane ea tsona. Ka ho tšoanang, ho finyella lipakane tsa moea ho hloka boitelo le boikitlaetso. (1 Timothea 4:7, 8, 10) U ka ’na ua botsa: ‘Empa ho ithuta Bibele ho ka nthusa joang hore ke finyelle lipakane tsa ka?’ A re ke re hlahlobe litsela tse tharo.
10, 11. Ke hobane’ng ha Mangolo a lokela ho u susumelletsa hore u finyelle lipakane tsa hao? Fana ka mohlala.
10 Taba ea pele, Mangolo a tla etsa hore u be le sepheo se nepahetseng. A senola botho bo babatsehang ba Ntate oa rōna oa leholimo, a senola ketso e khōlō ka ho fetisisa e bontšang lerato leo a re ratang ka lona le litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng tseo a li boloketseng bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Amose 3:7; Johanne 3:16; Baroma 15:4) Ha tsebo ea hao ka Jehova e ntse e hōla, lerato la hao ho eena le takatso ea hao ea ho nehela bophelo ba hao ho eena le tsona li tla hōla.
11 Bakreste ba bangata ba bacha ba re ho ithuta Bibele kamehla ho ile ha ba thusa hore ba phelele ’nete. Ka mohlala, Adele, o ile a hōlisetsoa lelapeng la Bokreste empa ho ne ho se mohla a kileng a ipehela lipakane leha e le life tsa moea. O re: “Batsoali ba ka ba ne ba e-ea le ’na Holong ea ’Muso, empa ke ne ke se na thuto ea botho ebile ke sa mamele ha ke le libokeng.” Ka mor’a hore ausi’ae a kolobetsoe, Adele o ile a qala ho nka ’nete ka botebo. “Ke ile ka qala ho bala Bibele kaofela. Ke ne ke bala hanyenyane ebe ke ngola seo ke qetang ho se bala. Lintlha tsohle tseo ke ileng ka li ngola li ntse li le teng. Ke ile ka qeta ho bala Bibele ka selemo.” Ka lebaka leo, Adele o ile a susumeletseha hore a nehele bophelo ba hae ho Jehova. Ho sa tsotellehe ho holofala ’meleng, hona joale ke pula-maliboho, kapa moevangeli oa nako e tletseng.
12, 13. (a) Ho ithuta Bibele ho tla thusa mocha hore a etse liphetoho life, hona joang? (b) Fana ka mehlala e bontšang bohlale bo fumanoang Lentsoeng la Molimo.
12 Taba ea bobeli, Bibele e tla u thusa hore u fetole botho ba hao kamoo ho hlokahalang. Pauluse o ile a bolella Timothea hore “lingoliloeng tse halalelang” li “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka, e le hore motho oa Molimo a ka tšoaneleha ka botlalo, a hlomelloa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Ka ho thuisa kamehla ka litaba tse amanang le Lentsoe la Molimo le ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele, u tla lumella moea oa Molimo hore o ntlafatse botho ba hao. O tla etsa hore u be le litšobotsi tsa bohlokoa, tse kang boikokobetso, mamello, mafolofolo le ho rata Bakreste ba bang e le kannete. (1 Timothea 4:15) Timothea o ne a e-na le litšobotsi tsena, ’me o ile a fetoha motho oa bohlokoa ho Pauluse le liphuthehong tseo Timothea a neng a li sebeletsa.—Bafilipi 2:20-22.
13 Taba ea boraro, Lentsoe la Molimo ke mohloli oa bohlale. (Pesaleme ea 1:1-3; 19:7; 2 Timothea 2:7; 3:15) Le tla u thusa ho khetha metsoalle ea hao ka bohlale, ho khetha boithabiso bo molemo, le ho sebetsana ka katleho le mathata a mang a mangata. (Genese 34:1, 2; Pesaleme ea 119:37; 1 Bakorinthe 7:36) Ho etsa liqeto tse bohlale hona joale ho tla u thusa hore u finyelle lipakane tsa hao tsa moea.
“Loana Ntoa e Ntle”
14. Ke hobane’ng ha ho se bonolo ho hahamalla lipakane tsa moea?
14 Ho etelletsa pele lipakane tse tlotlisang Jehova ho bohlale ka ho fetisisa empa ho hang ha ho bonolo. Ka mohlala, tabeng ea ho khetha mosebetsi oo u tla o etsa, u ka ’na ua hatelloa haholo ke beng ka uena, lithaka tsa hao le matichere a nang le sepheo se setle a nahanang hore thuto e phahameng le mosebetsi o lefang hantle ke tsona lintho tsa bohlokoa tse ka etsang hore motho a atlehe le ho thaba e le kannete. (Baroma 12:2) Joaloka Timothea, u lokela ho “loana ntoa e ntle ea tumelo” e le hore “u tšoare ka tieo bophelo bo sa feleng” boo Jehova a u tšepisang bona.—1 Timothea 6:12; 2 Timothea 3:12.
15. Ho ka etsahala hore ebe Timothea o ile a tobana le khanyetso efe?
15 Teko ena e ka ba matla haholo ha litho tsa lelapa tse sa lumeleng li sa rate seo u se khethileng. Mohlomong Timothea o ile a tlameha ho hlōla khanyetso e tšoanang. Ho ea ka buka e ’ngoe, mohlomong lelapa labo Timothea “e ne e le la lirutehi le la barui.” E ka ’na eaba ntat’ae o ne a lebeletse hore a fumane thuto e phahameng le hore a ntšetse khoebo ea lelapa pele.a U ka inahanela feela hore e tlameha ebe ntate oa Timothea o ile a etsa’ng ha a hlokomela hore Timothea o rata mosebetsi oa Pauluse oa boromuoa o kotsi le o se nang chelete!
16. Mocha e mong o ile a sebetsana joang le khanyetso ea batsoali?
16 Bacha ba Bakreste ba tobane le liphephetso tse tšoanang kajeno. Matthew, ea sebetsang ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova, o re: “Ha ke ne ke qala ho bula maliboho, Ntate o ile a soaba haholo. O ne a nahana hore ke ‘sentse’ thuto ea ka ka ho iphelisa ka ho etsa mosebetsi oa nakoana oa ho hloekisa ha ke ntse ke le tšebeletsong. O ne a nkomanya, a nkhopotsa kamoo ke neng nka fumana chelete e ngata kateng haeba ke ne ke sebetsa kamehla.” Matthew o ile a sebetsana joang le khanyetso eo? “Ke ile ka iketsetsa kemiso e sa fetoheng ea ho bala Bibele ’me ke ne ke rapela kamehla, haholo-holo ka linako tseo ho neng ho ka be ho bile bonolo hore ke halefe.” Boikemisetso ba Matthew bo putsitsoe. Qetellong, kamano ea hae le ntate oa hae e ile ea ntlafala. Hape, Matthew o atametse haufi haholo ho Jehova. Matthew o re: “Ke bone hore Jehova oa ntlhokomela, oa nkhothatsa ebile oa ntšireletsa hore ke se ke ka etsa liqeto tse fosahetseng. Nkabe ke sa fumana lintho tsena kaofela haeba ke ne ke sa ka ka hahamalla lipakane tsa moea.”
Lula U Nahana ka Lipakane Tsa Moea
17. Ke joang ba bang ka phoso ba ka ’nang ba nyahamisa ba rerang ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? (Matheu 16:22)
17 Ka tsela e itseng e poteletseng, esita le balumeli-’moho le uena ba ka ’na ba u nyahamisa hore u se ke ua hahamalla lipakane tsa hao tsa moea. Ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘U tlangoa ke eng ho bula maliboho? U ka iphelela bophelo bo tloaelehileng ’me ua ’na ua kopanela mosebetsing oa boboleli. Batla mosebetsi o lefang hantle ’me u tsitse licheleteng.’ Keletso ena e ka bonahala e le ntle, empa na ho e latela ho ne ho tla bontša hore u hlile u ikoetlisa boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao?
18, 19. (a)U ka tsepamisa mahlo a hao joang lipakaneng tsa moea? (b) Hlalosa lintho tseo uena, joaloka mocha u li telang ka lebaka la ’Muso.
18 Kamoo ho bonahalang kateng, Bakreste ba bang mehleng ea Timothea ba ne ba nahana joalo. (1 Timothea 6:17) E le hore a thuse Timothea ho tsepamisa mahlo a hae lipakaneng tsa moea, Pauluse o ile a mo khothatsa, a re: “Ha ho motho ea sebeletsang e le lesole ea ikenyang likhoebong tsa bophelo, e le hore a ka fumana kamohelo ea ea mo ngolisitseng e le lesole.” (2 Timothea 2:4) Ha lesole le le mosebetsing le ke ke la sitisoa ke litaba tse sa amaneng le sesole. Bophelo ba lona le bophelo ba batho ba bang bo itšetlehile ka hore le lule le le malala-a-laotsoe ho phetha litaelo tsa molaoli oa lona. Joaloka lesole la Kreste, le uena u lokela ho tsepamisa mohopolo nthong e le ’ngoe ’me u qobe ho tšoareha mererong e sa hlokahaleng ea ho hahamalla lintho tse bonahalang e ka u sitisang hore u phethe ka botlalo mosebetsi oa hao o pholosang bophelo.—Matheu 6:24; 1 Timothea 4:16; 2 Timothea 4:2, 5.
19 Ho e-na le ho ipehela pakane ea ho hahamalla bophelo ba ho hlaba khobe ka lemao, hlaolela moea oa boitelo. “Joaloka lesole la Kreste Jesu, ikemisetse ho phela kantle le mabothobotho a bophelo.” (2 Timothea 2:3, The English Bible in Basic English) Ha Timothea a ntse a tsamaea le Pauluse, o ile a ithuta sephiri sa ho khotsofala esita le maemong a thata ka ho fetisisa. (Bafilipi 4:11, 12; 1 Timothea 6:6-8) Le uena u ka etsa se tšoanang. Na u ikemiselitse ho itela ka lebaka la ’Muso?
Mahlohonolo a Hona Joale le a Nakong e Tlang
20, 21. (a) Hlalosa a mang a mahlohonolo a bang teng ka lebaka la ho hahamalla lipakane tsa moea. (b) U ikemiselitse ho etsa’ng?
20 Timothea o ile a sebetsa haufi le Pauluse ka lilemo tse ka bang 15. Timothea o ile a iponela ka boeena ha liphutheho tse ncha li ntse li thehoa ha litaba tse molemo li ntse li boleloa hoo e ka bang libakeng tsohle tse ka leboea ho Mediterranean. O ne a thabile a bile a khotsofetse ho feta ha a ne a ka be a khethile ho phela bophelo bo “tloaelehileng.” Le uena u tla fumana matlotlo a bohlokoa a moea haeba u hahamalla lipakane tsa moea. U tla atamela haufi le Jehova ’me Bakreste-’moho le uena ba tla u rata le ho u hlompha. Ho e-na le ho utloa bohloko le ho ferekana ka lebaka la ho hahamalla maruo a lintho tse bonahalang, u tla ba le thabo ea sebele e tlisoang ke ho fana ntle ho boithati. Habohlokoa ka ho fetisisa, u tla “tšoara ka tieo bophelo ba sebele”—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—1 Timothea 6:9, 10, 17-19; Liketso 20:35.
21 Re u khothalletsa ka mofuthu hore hang-hang u qale ho ikoetlisa boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao, haeba ha u e-s’o etse joalo. Atamela haufi le litho tsa phutheho tse ka u thusang hore u hahamalle lipakane tsa moea, ’me u batle tataiso ea tsona. Etsa hore ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla e be ntho e tlang pele. Ikemisetse ho hanela moea oa lefatše lena oa ho rata lintho tse bonahalang. ’Me kamehla u hopole hore Molimo “ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele” o u tšepisa hore u ka fumana mahlohonolo a enneng hona joale le nakong e tlang haeba u khetha lipakane tse mo tlotlisang.—1 Timothea 6:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bagerike ba ne ba rata thuto haholo. Plutarch, ea phetseng mehleng ea Timothea, o ile a ngola: “Ho fumana thuto e loketseng ke mohloli le motheo oa lintho tsohle tse molemo. . . . ’Na ke re, thuto ke eona e thusang motho hore a be le boitšoaro bo botle a be a thabe. . . . Menyetla e meng kaofela [ntle ho thuto] ea haelloa, ’me ha e bohlokoa, ebile ha ho hlokahale hore re itšoenye haholo ka eona.”—Moralia, I, “The Education of Children.”
Na U sa Hopola?
• Ke hokae moo bacha ba ka fumanang thuso ea ho hahamalla lipakane tsa moea?
• Ke hobane’ng ha ho ithuta Bibele ka hloko e le habohlokoa hakaale?
• Bacha ba ka hanela joang tšusumetso ea lefatše lee ea ho rata lintho tse bonahalang?
• Ho hahamalla lipakane tsa moea ho tlisa mahlohonolo afe?
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Timothea o ile a hahamalla lipakane tse molemo
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Ke lintho life tse molemo tse ileng tsa susumetsa Timothea?
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Na u hahamalla lipakane tsa moea?