Mamela Letsoalo la hao
“Lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng. Empa ho batho ba silafetseng le ba se nang tumelo ha ho letho le hloekileng.”—TITE 1:15.
1. Pauluse o ile a phetha karolo efe liphuthehong tsa Kreta?
KA MOR’A hore moapostola Pauluse a qete maeto a hae a boromuoa a mararo, o ile a tšoaroa eaba o qetella a rometsoe Roma moo a ileng a qeta lilemo tse peli a koaletsoe chankaneng. O ile a etsa’ng ha a lokolloa? Ka nako e ’ngoe, o ile a etela sehlekehlekeng sa Kreta a e-na le Tite, eo Pauluse a ileng a mo ngolla mantsoe ana: “Ke [ile] ka u siea Kreta, e le hore u ka lokisa lintho tse neng li e-na le moo li haelloang le hore u ka beha banna ba baholo.” (Tite 1:5) Mosebetsi oa Tite o ne o amana le matsoalo a batho.
2. Tite o ne a lokela ho sebetsana le bothata bofe sehlekehlekeng sa Kreta?
2 Pauluse o ile a bolella Tite hore na baholo ba phutheho ba lokela ho ba le litšoaneleho life, eaba o mo hlokomelisa hore ho na le “banna ba bangata ba sa laoleheng, babua-bui ba se nang molemo, le bathetsi ba kelello.” Ba ne ba “senya malapa a feletseng ka ho ruta lintho tseo ba sa tšoanelang ho li ruta.” Tite o ne a lokela hore a “’ne [a] ba khalemele ka tieo.” (Tite 1:10-14; 1 Timothea 4:7) Pauluse o ile a re likelello le matsoalo a bona a ne a “silafetse,” a sebelisa lentsoe le nang le moelelo oa ntho e nang le letheba, joalokaha seaparo se setle se ka ’na sa qaphalletsoa ke dae. (Tite 1:15) Mohlomong ba bang ba banna bao e ne e le Bajuda, kaha ba ne ‘ba khomaretse lebollo.’ Kajeno liphutheho ha li hlokisoe botsitso ke banna ba mofuta oo; empa keletso eo Pauluse a ileng a e fa Tite e ka re ruta ho hongata mabapi le letsoalo.
Ba Nang le Letsoalo le Silafetseng
3. Pauluse o ile a ngolla Tite eng mabapi le letsoalo?
3 Hlokomela hore na Pauluse o ile a bua ka letsoalo tlas’a maemo afe. “Lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng. Empa ho batho ba silafetseng le ba se nang tumelo ha ho letho le hloekileng, empa likelello tsa bona hammoho le matsoalo a bona a silafetse. Ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo, empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona.” Ho hlakile hore mehleng eo ba bang ba ne ba lokela ho etsa liphetoho e le hore ba ‘phele hantle tumelong.’ (Tite 1:13, 15, 16) Ba ne ba thatafalloa ho khetholla se hloekileng ho se litšila, ’me sena se ne se ama matsoalo a bona.
4, 5. Ba bang ka liphuthehong ba ne ba e-na le bofokoli bofe, hona see se ile sa ba ama joang?
4 Lilemong tse fetang leshome pele ho moo, sehlopha se busang sa Bokreste se ile sa etsa qeto ea hore ha ho sa hlokahala hore motho a bolle e le hore e be morapeli oa ’nete, ’me sa tsebisa liphutheho. (Liketso 15:1, 2, 19-29) Leha ho le joalo, ho na le ba bang Kreta ba neng ba ntse ba ‘khomaretse lebollo.’ Ba ne ba hanyetsa sehlopha se busang pepenene, ba “ruta lintho tseo ba sa tšoanelang ho li ruta.” (Tite 1:10, 11) Kaha ba ne ba e-na le menahano e fosahetseng, e ka ’na eaba ba ne ba buella litaelo tsa Molao tse mabapi le lijo le mekhoa ea ho itlhoekisa. Mohlomong ba ne ba bile ba hlomathisa Molao joaloka baholo-holo ba bona ba mehleng ea Jesu, ’me ba buella litšōmo tsa Bajuda le litaelo tsa batho.—Mareka 7:2, 3, 5, 15; 1 Timothea 4:3.
5 Monahano o joalo o ile oa ba le tšusumetso e mpe tseleng eo ba talimang litaba ka eona ’me oa ama letsoalo la bona kapa kutloisiso ea bona ea boitšoaro bo nepahetseng le bo fosahetseng hampe. Pauluse o ile a ngola a re: “Ho batho ba silafetseng le ba se nang tumelo ha ho letho le hloekileng.” Letsoalo la bona le ne le se le senyehile hoo e neng e ke ke ea e-ba tataiso e tšepahalang bakeng sa liketso tsa bona le tsela eo ba neng ba talima litaba ka eona. Ho feta moo, ba ne ba nyatsa Bakreste-’moho le bona litabeng tsa boikhethelo, e leng litabeng tseo ho tsona Mokreste e mong a ka ’nang a etsa qeto e itseng ’me e mong a etsa e fapaneng le eo. Ka lebaka leo, Bakreta bana ba ne ba nka lintho tse itseng li sa hloeka le hoja bonneteng ho se joalo. (Baroma 14:17; Bakolose 2:16) Le hoja ba ne ba bolela hore ba tseba Molimo, ba ne ba latola seo ka mesebetsi ea bona.—Tite 1:16.
“Li Hloekile ho Batho ba Hloekileng”
6. Pauluse o buile ka batho ba mefuta efe e ’meli?
6 Re ka rua molemo ofe ho seo Pauluse a ileng a se ngolla Tite? Ak’u hlokomele phapang e etsoang polelong ena: “Lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng. Empa ho batho ba silafetseng le ba se nang tumelo ha ho letho le hloekileng, empa likelello tsa bona hammoho le matsoalo a bona a silafetse.” (Tite 1:15) Ka sebele Pauluse o ne a sa bolele hore ho Mokreste ea hloekileng boitšoarong, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hloekile ebile e lumeletsoe. Re ka kholiseha ka seo hobane lengolong le leng la hae Pauluse o ne a hlakisitse hore batho ba tloaetseng ho etsa bohlola, ba rapelang litšoantšo, ba sebelisanang le meea, le ba etsang lintho tse joalo “ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (Bagalata 5:19-21) Kahoo re lokela ho etsa qeto ea hore Pauluse o ne a bolela ’nete e tsebahalang ka batho ba mefuta ena e ’meli, e leng ba hloekileng boitšoarong le moeeng le ba sa hloekang.
7. Baheberu 13:4 e hanela eng, empa ho ka ’na ha botsoa potso efe?
7 Hase feela lintho tseo Bibele e bontšang ka ho toba hore ha lia loka tseo Mokreste ea tšepahalang a lokelang ho li qoba. Ka mohlala, ak’u nahane ka polelo ena e hlakileng: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila, kaha Molimo o tla ahlola lihlola le bafebi.” (Baheberu 13:4) Esita le batho bao e seng Bakreste le ba sa tsebeng letho ka Bibele, ka nepo ba ne ba ka etsa qeto ea hore temana ena e hanela bofebe. Ho ea ka litemana tsena le tse ling tsa Bibele ho hlakile hore Molimo o nyatsa boitšoaro ba ho kopanela liphate bo etsoang ke monna kapa mosali ea lenyalong le motho eo a sa nyalanang le eena ka molao. Empa ho thoe’ng ka batho ba babeli ba nyanyanang litho tsa botona le tsa botšehali? Bacha ba bangata ba re mokhoa ona ha o phoso hobane hase ho kopanela liphate. Na Mokreste a ka nka hore ho nyanyana litho tsa botona le tsa botšehali ke mokhoa o hloekileng?
8. Bakreste ba fapana le batho ba bangata ba lefatšeng joang tabeng ea ho nyanyana litho tsa botona le tsa botšehali?
8 Baheberu 13:4 le 1 Bakorinthe 6:9 e bontša hore Molimo o hloile bofebe le bohlola (por·neiʹa, ka Segerike). Bohlola bo akarelletsa eng? Lentsoe la Segerike le akarelletsa ho sebelisa litho tsa botona kapa tsa botšehali ka tsela ea tlhaho kapa eo e seng ea tlhaho ka morero o litšila. Le akarelletsa mefuta eohle e fosahetseng ea boitšoaro ba ho kopanela liphate bo etsoang ke batho ba sa nyalanang ho ea ka Mangolo. Kahoo, le akarelletsa le ho nyanyana litho tsa botona le tsa botšehali, le hoja bacha ba bangata lefatšeng ka bophara ba boleletsoe kapa ba entse qeto ea hore ho nyanyana litho tsa botona le tsa botšehali hoa amoheleha. Bakreste ba ’nete ha ba lumelle menahano le liketso tsa bona hore li tataisoe ke maikutlo a “babua-bui ba se nang molemo, le bathetsi ba kelello.” (Tite 1:10) Ba itšetleha ka melao-motheo e phahameng ea Mangolo a Halalelang. Ha ba leke ho buella ho nyanyana litho tsa botona le tsa botšehali, empa baa utloisisa hore seo ke bohlola, por·neiʹa, ho ea ka Mangolo, ’me ba koetlisa matsoalo a bona ka tsela e nepahetseng.a—Liketso 21:25; 1 Bakorinthe 6:18; Baefese 5:3.
Batho ba Etsa Liqeto Tse sa Tšoaneng Kaha Matsoalo a Bona ha a Tšoane
9. Letsoalo le phetha karolo efe haeba “lintho tsohle li hloekile”?
9 Empa Pauluse o ne a bolela’ng ha a re “lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng”? Pauluse o ne a bua ka Bakreste ba neng ba entse hore menahano le kutloisiso ea bona ea boitšoaro bo nepahetseng le bo fosahetseng e lumellane le melao-motheo ea Molimo, eo re e fumanang ka Lentsoeng la hae le bululetsoeng. Bakreste bao baa elelloa hore ho ka etsahala hore balumeli ba etse liqeto tse fapa-fapaneng litabeng tse ngata tseo Molimo a sa li nyatseng ka ho toba. Ho fapana le ho nyatsa-nyatsa ba bang, ba nka hore lintho tseo Molimo a sa li nyatseng li ‘hloekile.’ Ha baa lebella hore batho bohle ba talime lintho ka tsela e tšoanang likarolong tsa bophelo tseo ho tsona Bibele e sa behang molao o tobileng. A re ke re hlahlobeng hore na sena se ka etsahala joang.
10. Lechato (kapa lefu) le ka baka bothata bofe?
10 Ho na le malapa a mangata ao ho ’ona molekane e mong e leng Mokreste empa e mong e se eena. (1 Petrose 3:1; 4:3) Sena se ka ’na sa baka mathata a sa tšoaneng, ka mohlala ha ho uoa lechatong kapa lepatong la seng. Nahana ka boemo ba mosali oa Mokreste eo monna oa hae a seng bolumeling bo tšoanang le ba hae. E mong oa beng ka monna oa chata, ’me tšebeletso e tla tšoareloa kerekeng ea Bokreste-’mōtoana. (Kapa ho hlokahetse mong ka eena, mohlomong motsoali oa hae, ’me tšebeletso ea lepato e tla tšoareloa kerekeng.) Banyalani bana ba menngoe, ’me monna o batla hore mosali oa hae a tsamaee le eena. Letsoalo la hae le reng ka ho ea kerekeng? O tla etsa’ng? Nahana ka maemo ana a mabeli.
11. Hlalosa hore na mosali e mong oa Mokreste a ka ’na a beha mabaka joang tabeng ea ho ba teng lechatong le tšoareloang kerekeng, le hore na seo se ka fella ka eng.
11 ’Mampho o nahana ka taelo ena ea bohlokoa ea Bibele e reng, ‘Tsoang Babylona e Moholo,’ e leng ’muso oa bolumeli ba bohata o laolang lefatše lohle. (Tšenolo 18:2, 4) O ne a kena kereke eo lechato le tla tšoareloa ho eona ’me oa tseba hore nakong ea mokete bohle ba tla beng ba le teng ba tla kōptjoa hore ba kopanele liketsong tsa bolumeli, tse kang thapelo, ho bina lifela le ho etsa lintho tse ling tsa bolumeli. O ikemiselitse ho se kopanele linthong tseo ebile ha a batle le ho ba teng moo ebe o tlameha ho sekisetsa botšepehi ba hae. ’Mampho o hlompha monna oa hae ebile o batla ho sebelisana le eena, kaha ho ea ka Mangolo ke eena hlooho ea hae; empa ha a batle ho tlōla melao-motheo ea Mangolo. (Liketso 5:29) Kahoo ka bohlale o hlalosetsa monna oa hae hore eena a ke ke a ba teng esita le haeba monna a khetha ho ea. A ka ’na a mo bolella hore haeba a e-ba teng ’me a hana ho etsa ntho e itseng, seo se ka ’na sa soabisa monna oa hae, kahoo ho ka ba molemong oa monna oa hae haeba a sa ee. Qeto ea hae e etsa hore letsoalo la hae le se ke la mo khathatsa.
12. Motho e mong a ka ’na a nahana ka mabaka afe ha a memeloa ho ea lechatong le tla tšoareloa kerekeng ’me a nka bohato bofe?
12 ’Malerato o tobane le bothata bo batlang bo tšoana le boo. O hlompha monna oa hae, o ikemiselitse ho tšepahala ho Molimo ebile o mamela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele. Ka mor’a ho nahana ka lintlha tse kang tseo ’Mampho a nahanneng ka tsona, ’Malerato o bala “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” Molula-Qhooeng oa May 15, 2002 ’me oa rapela. Oa hopola hore Baheberu ba bararo ba ile ba mamela taelo ea hore ba be sebakeng seo ho neng ho tla rapeloa setšoantšo ho sona, empa ba ile ba lula ba tšepahala ka hore ba se ke ba se rapela. (Daniele 3:15-18) O etsa qeto ea hore o tla tsamaea le monna oa hae empa a ke ke a kopanela liketsong tsa bolumeli, ’me seo se lumellana le letsoalo la hae. Ka bonolo empa e le ka tsela e hlakileng o hlalosetsa monna oa hae seo letsoalo la hae le tla mo lumella ho se etsa le seo a ke keng a se etsa. ’Malerato o tšepa hore monna oa hae o tla bona phapang pakeng tsa borapeli ba ’nete le ba bohata.—Liketso 24:16.
13. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha Bakreste ba babeli ba etsa liqeto tse sa tšoaneng?
13 Na taba ea hore Bakreste ba babeli ba ka etsa liqeto tse sa tšoaneng e fana ka maikutlo a hore ha ho tsotellehe hore na motho o etsa’ng kapa hore e tlameha ebe letsoalo la e mong oa bona lea fokola? Che. Kaha ’Mampho oa tseba hore meketeng ea kereke ho ba le ’mino le lintho tse ngata tse sa hlokahaleng, a ka ’na a lemoha hore ho ba teng moo ho ka ba kotsi ho eena ka ho khetheha. ’Me tsela eo monna oa hae a ileng a mo tšoara ka eona ha ba buisana ka litaba tsa bolumeli nakong e fetileng e ka ’na ea ama letsoalo la hae. Kahoo o kholisehile hore qeto eo a e entseng e molemong oa hae.
14. Bakreste ba lokela ho hopola eng litabeng tse amanang le liqeto tseo motho a iketsetsang tsona?
14 Empa na ’Malerato o ne a tla be a entse qeto e fosahetseng? Ha ho motho ea ka reng o fositse. Ha baa lokela ho mo nyatsa kapa ho mo tšoaea phoso ha a khetha ho ea kerekeng empa a sa etse ketso leha e le efe ea bolumeli. Hopola keletso ena ea Pauluse e mabapi le qeto eo motho a iketsetsang eona mabapi le ho ja kapa ho se je lijo tse itseng: “Ea jang a se ke a shebela ea sa jeng tlaase, ’me ea sa jeng a se ke a ahlola ea jang . . . Ho mong’a hae oa ema kapa oa oa. Ka sebele, o tla emisoa, kaha Jehova a ka mo emisa.” (Baroma 14:3, 4) Bonneteng ha ho na Mokreste ea tšepahalang ea ka khothalletsang e mong hore a hlokomolohe tataiso ea letsoalo la hae le koetlisitsoeng, kaha ho etsa joalo ho ka tšoana le ho iphapanyetsa lentsoe le pholosang bophelo.
15. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahanela letsoalo la batho ba bang ka ho tebileng?
15 Ha re tsoela pele ka taba ena, Bakreste bana ba babeli ba lokela ho nahana ka mabaka a mang, le leng la ’ona e le hore na qeto ea bona e tla ama ba bang joang. Pauluse o re file keletso ena: “Le etse qeto ea hore le se ke la beha khopiso kapa sesosa sa ho khoptjoa ka pel’a mor’abo lōna.” (Baroma 14:13) Mohlomong ’Mampho oa tseba hore maemo a joalo a ’nile a baka pherekano e khōlō ka phuthehong kapa lelapeng la hae, ’me seo a se etsang se ka ’na sa ama bana ba hae ka ho tebileng. Ka lehlakoreng le leng, mohlomong ’Malerato oa tseba hore ba bang ba ’nile ba etsa qeto e tšoanang le ea hae ’me ha se ke ha e-ba le pherekano ka phuthehong kapa motseng. Ka bobeli ba bona—hammoho le rōna bohle—re lokela ho elelloa hore letsoalo le koetlisitsoeng hantle le tšoenyeha ka hore na ketso e itseng e tla ama ba bang joang. Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea khopisang e mong oa ba banyenyane bana ba behang tumelo ho ’na, ho molemo haholo ho eena hore leloala le kang le sothoang ke esele le leketlisoe molaleng oa hae ’me a tebisoe leoatleng le pharaletseng, le bulehileng.” (Matheu 18:6) Haeba motho a se na taba le hore na o khopisa ba bang kapa che, a ka ’na a qetella a e-na le letsoalo le silafetseng, joaloka Bakreste ba bang ba Kreta.
16. Re ka lebella hore Mokreste a etse liphetoho life ha nako e ntse e feta?
16 Khōlo ea moea ea Mokreste ha ea lokela ho khaotsa, joalokaha a sa lokela ho khaotsa ho mamela letsoalo la hae. A re ke re nahane ka Thabiso ea sa tsoa kolobetsoa. Letsoalo la hae le mo bolella hore a qobe mekhoa e sa lumellaneng le Mangolo eo a neng a kopanela ho eona nakong e fetileng, mohlomong e amanang le litšoantšo tse rapeloang kapa mali. (Liketso 21:25) Ha e le hantle, hona joale o hlokolosi ho qoba lintho tse batlang li tšoana le tseo Molimo a li hanelang. Ka lehlakoreng le leng, oa makala hore na ke hobane’ng ha ba bang ba qoba lintho tse itseng tseo eena a nkang li amoheleha, joaloka mananeo a itseng a thelevishene.
17. Bontša hore na nako le ho hōla moeeng ho ka ama letsoalo le liqeto tsa Mokreste joang.
17 Ha nako e ntse e feta, Thabiso o hōla tsebong ’me o atamela haufi le Molimo. (Bakolose 1:9, 10) Phello e ba efe? Letsoalo la hae le koetliseha haholoanyane. Joale Thabiso o se a tloaetse ho mamela letsoalo la hae le ho sekaseka melao-motheo ea Mangolo. Ha e le hantle, oa hlokomela hore lintho tse ling tseo a neng a li qoba “tse batlang li tšoana” le tseo Molimo a li hanelang, bonneteng ha li khahlanong le monahano oa Molimo. Ho feta moo, kaha Thabiso o se a tloaelane le melao-motheo ea Bibele ebile o ikemiselitse ho mamela letsoalo la hae le koetlisitsoeng hantle, hona joale letsoalo la hae le mo susumelletsa ho qoba mananeo ao pele a neng a nka hore aa amoheleha. Ka sebele letsoalo la hae le koetlisehile.—Pesaleme ea 37:31.
18. Ke eng e re thabisang?
18 Liphuthehong tse ngata, ho na le batho ba methating e sa tšoaneng ea khōlo ea Bokreste. Ba bang ba bona ba bacha tumelong. Mohlomong letsoalo la bona le khutsitse litabeng tse itseng, empa linthong tse ling lea ba tšoenya. Batho ba mofuta oo ba ka ’na ba hloka nako le thuso e le hore ba tloaelane le tataiso ea Jehova ’me ba mamele letsoalo la bona le koetlisitsoeng. (Baefese 4:14, 15) Ho thabisang ke hore liphuthehong tsona tseo, e tlameha ebe ho na le ba bangata ba nang le tsebo e tebileng, phihlelo ea ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le letsoalo le lumellanang hantle le monahano oa Molimo. Ruri hoa thabisa ho ba har’a “batho ba hloekileng” ba nkang lintho tse amoheloang ke Morena e le tse “hloekileng” litabeng tsa boitšoaro le tsa moea! (Baefese 5:10) E se eka re ka ikemisetsa ho fihla boemong boo ’me re lule re e-na le letsoalo le joalo le lumellanang le tsebo e nepahetseng ea ’nete le boinehelo ba bomolimo.—Tite 1:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa oa September 1, 1983, leqepheng la 30-1 o fana ka lintlha tseo ho lokelang ho nahanoe ka tsona tabeng ea banyalani.
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba Kreta ba ne ba e-na le matsoalo a silafetseng?
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba babeli ba nang le matsoalo a sebetsang ba ka etsa liqeto tse sa tšoaneng?
• Ha nako e ntse e feta, ke eng e lokelang ho etsahala ka matsoalo a rōna?
[’Mapa o leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Sicily
GREECE
Kreta
ASIA MINOR
Cyprase
LEOATLE LA MEDITERRANEAN
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Bakreste ba babeli ba tobaneng le maemo a tšoanang ba ka ’na ba etsa liqeto tse sa tšoaneng