Etsa Thuto e Phelisang Tsela ea Hao ea Bophelo
“Boinehelo ba bomolimo bo molemo linthong tsohle.”—1 TIMOTHEA 4:8, NW.
1, 2. Ke ka tekanyo efe batho ba bontšang kameho bakeng sa bophelo ba bona, ’me e le ka phello efe?
BATHO ba bangata ba tla lumela habonolo hore bophelo bo botle ke le leng la matlotlo a bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Ba nehelana ka nako e ngata haholo le chelete ho ipoloka ba phela hantle ’meleng le ho tiisa hore ba fumana tlhokomelo e loketseng ea phekolo ha ba e hloka. Ka mohlala, United States litšenyehelo tsa selemo le selemo tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle selemong sa morao tjena li ne li feta libilione tse tharo tsa liranta. Hoo ke ho feta R10 000 ka selemo bakeng sa monna ka mong, mosali le ngoana naheng eo, ’me litšenyehelo bakeng sa motho ka mong lichabeng tse ling tse tsoetseng pele li batla li tšoana le tseo.
2 Tšebeliso ee eohle ea nako, matla, le chelete e hlahisitse eng? Ka sebele ha ho ea ka latolang hore, ka kakaretso, re na le lisebelisoa le litokisetso tsa phekolo tse tsoetseng pele haholo kajeno ho feta nakong leha e le efe historing. Leha ho le joalo, hona ha ho etse hore batho ba be le bophelo bo botle habonolo feela tjee. Ha e le hantle, puong e neng e thathamisa lenaneo la bophelo bo botle le buelloang bakeng sa United States, mopresidente oa naha eo o ile a supa hore ho phaella “litšenyehelong tse phahameng ka ho fetisisa tsa pefo naheng ena,” baahi ba United States “ka tekanyetso ba na le palo e phahameng haholoanyane ea AIDS, ea ho tsuba le ho noa ka mokhoa o feteletseng, ho ima ha bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, ea masea a tsoaloang boima ba ’mele ea ’ona bo sa lekana” ho feta linaha tse ling tse tsoetseng pele. Qeto ea hae ke efe? “Re lokela ho fetola litsela tsa rōna haeba ka sebele re hlile re batla ho ba le bophelo bo botle re le sechaba.”—Ba-Galata 6:7, 8.
Tsela e Phelisang ea Bophelo
3. Ka lebaka la tloaelo ea boholo-holo ea Magerike, Pauluse o ile a fana ka keletso efe?
3 Lekholong la pele la lilemo, Magerike a ne a tsebahala ka boinehelo ba ’ona koetlisong ea ’mele, ho etseng hore ’mele e be e koenneng, le litlhōlisano tsa li-athletic. Boemong bona ba litaba, moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngolle mohlankana Timothea: “Hobane tlhakiso ea ’mele e na le molemo o monyenyane; empa boinehelo ba bomolimo bo molemo linthong tsohle, kaha bo na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8, NW) Ka hona, Pauluse o ne a totobatsa seo ho fihlileng moo batho ba se lumelang kajeno, hore, litokisetso tsa phekolo kapa tsa ’mele hase tiiso ea tsela e phelisang e le kannete ea bophelo. Leha ho le joalo, Pauluse o re tiisetsa hore sa bohlokoa ka ho fetisisa ke ho hlaolela bophelo bo botle moeeng le boinehelo ba bomolimo.
4. Melemo ea boinehelo ba bomolimo ke efe?
4 Tsela e joalo e molemo bakeng sa “bophelo ba hona joale” kahobane e sireletsa khahlanong le lintho tsohle tse kotsi tseo batho ba se nang bomolimo, kapa ba nang le “sebōpeho [kapa, ponahalo] sa borapeli” feela, ba itlhabang ka tsona. (2 Timothea 3:5; Liproverbia 23:29, 30; Luka 15:11-16; 1 Ba-Korinthe 6:18; 1 Timothea 6:9, 10) Ba lumellang boinehelo ba bomolimo hore bo bōpe bophelo ba bona ba na le tlhompho e molemo bakeng sa melao le lintho tse hlokoang ke Molimo, ’me sena se ba susumeletsa ho etsa thuto e phelisang ea Molimo tsela ea bona ea bophelo. Tsela e joalo e ba tlisetsa bophelo bo botle ba moea le ba ’mele, khotsofalo, le thabo. ’Me ba ‘ipolokela ka mokhoa o sireletsehileng motheo o molemo bakeng sa kamoso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.’—1 Timothea 6:19, NW.
5. Pauluse o ile a fana ka litaelo life khaolong ea bobeli ea lengolo la hae le eang ho Tite?
5 Kaha bophelo bo tataisoang ke thuto e phelisang ea Molimo bo tlisa litlhohonolofatso tse joalo hona joale le nakong e tlang, ho hlokahala hore, ka mokhoa o sebetsang, re tsebe kamoo re ka etsang thuto e phelisang ea Molimo tsela ea rōna ea bophelo. Moapostola Pauluse o ile a fana ka karabo lengolong la hae le eang ho Tite. Re tla hlokomela ka ho khethehileng khaolo ea bobeli ea buka eo, moo a ileng a laela Tite hore ‘a ’ne a bue lintho tse loketseng bakeng sa thuto e phelisang.’ Ka sebele kaofela ha rōna, ba baholo le ba banyenyane, ba batona le ba batšehali, re ka rua molemo ‘thutong e joalo e phelisang’ kajeno.—Tite 1:4, 5; 2:1, NW.
Keletso Bakeng sa Banna ba Hōlileng
6. Pauluse o ile a fana ka keletso efe bakeng sa “banna ba hōlileng,” ’me ke hobane’ng ha e ne e le mosa ka lehlakoreng la hae hore a etse joalo?
6 Taba ea pele, Pauluse o bile le keletso bakeng sa banna ba hōlileng ka phuthehong. Ka kōpo bala Tite 2:2. (NW) “Banna ba hōlileng,” e le sehlopha, baa hlomphuoa le ho nkoa e le mehlala ea tumelo le botšepehi bo sa sekisetseng. (Levitike 19:32; Liproverbia 16:31) Ka lebaka la sena, ba bang ba ka ’na ba e-ba leqe hore litabeng tse sa tebang haholo ba fane ka keletso kapa tlhahiso ho banna ba hōlileng. (Jobo 32:6, 7; 1 Timothea 5:1) Ka hona, ke mosa ka lehlakoreng la Pauluse hore a buisane le banna ba hōlileng pele, ’me ho ka ba hotle ho bona hore ba nke ka ho teba mantsoe a Pauluse le ho tiisa hore bona, joaloka Pauluse, ba tšoanela ho etsisoa.—1 Ba-Korinthe 11:1; Ba-Filippi 3:17.
7, 8. (a) Ho ba le “mekhoa e itekanetseng” ho akareletsa eng? (b) Ke hobane’ng ha ‘ho nka litaba ka botebo’ ho tlameha ho leka-lekanngoa ka ‘kelello e hlaphohileng’?
7 Pele ho tsohle, banna ba hōlileng ba Bakreste ba lokela ho ba le “mekhoa e itekanetseng.” Le hoja lentsoe la motheo le ka ’na la bolela mekhoa ea ho noa (“ho hlaphoheloa,” Kingdom Interlinear), le boetse le na le moelelo oa ho ba seli, hlooho e hlaphohetsoeng, kapa ho lula u falimehile kelellong. (2 Timothea 4:5; 1 Petrose 1:13) Ka hona, ebang ke ho noeng kapa linthong tse ling, banna ba hōlileng ba tlameha ho etsa lintho ka tekano, eseng ho inehella linthong ka mokhoa o feteletseng kapa o tlōtseng moeli.
8 Joale, hape ba lokela ho ba ba ‘nkang litaba ka botebo’ le ba “likelello li hlaphohileng.” Ho nka lintho ka botebo, kapa ho ba seriti, ea hlomphehang le ea tšoaneloang ke tlhompho, ka tloaelo ho tsamaea le lilemo. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba sekamela ho nkeng lintho ka ho teba ka mokhoa o feteletseng, ba sitoa ho mamella mekhoa e tletseng papali ea bacha. (Liproverbia 20:29) Ke ka lebaka leo ‘ho nka litaba ka botebo’ ho leka-lekanngoang ka ‘kelello e hlaphohileng.’ Ho hlokahala hore banna ba hōlileng ba tsoele pele ho nka litaba ka botebo ho lumellanang le lilemo, leha ho le joalo ka nako e tšoanang e be ba leka-lekaneng, ba nang le taolo e feletseng ea boikutlo ba bona le litšusumetso.
9. Ke hobane’ng ha banna ba hōlileng ba lokela ho phela hantle tumelong le leratong ’me haholo-holo mamellong?
9 Qetellong, banna ba hōlileng ba tšoanela ho ‘phela hantle tumelong, leratong, mamellong.’ Ka makhetlo a mangata, Pauluse mangolong a hae o thathamisitse tumelo le lerato hammoho le tšepo. (1 Ba-Korinthe 13:13; 1 Ba-Thessalonika 1:3; 5:8) Mona o ile a nkela “tšepo” sebaka ka “mamello.” Mohlomong ke hobane boikutlo ba ho tlohela kabelo bo ka kenella habonolo ha motho a ntse a hōla. (Moeklesia 12:1) Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a totobalitse, “ea mameletseng ho fihlela qetellong ke eena ea tla pholosoa.” (Mattheu 24:13, NW) Ho phaella moo, ba hōlileng ke mehlala e tšoanelehang ho bohle eseng feela ka lebaka la lilemo tsa bona kapa phihlelo empa ka lebaka la litšoaneleho tsa bona tsa moea tse tletseng bophelo—tumelo, lerato, le mamello.
Bakeng sa Basali ba Hōlileng
10. Pauluse o fana ka keletso efe bakeng sa “basali ba hōlileng” ka phuthehong?
10 Pauluse joale o lebisa tlhokomelo ea hae ho basali ba hōlileng ka phuthehong. Ka kōpo bala Tite 2:3. (NW) “Basali ba hōlileng” ke litho tse hōlileng har’a basali ka phuthehong, ho akareletsa le basali ba “banna ba hōlileng” le bo-mmè le bo-nkhono ba litho tse ling. Ba le joalo, ba ka ba le tšusumetso e khōlō, bakeng sa se molemo kapa se sebe. Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a kenyeletsa mantsoe a hae ka hore “ka ho tšoanang,” a bolela hore “basali ba hōlileng” le bona ba na le boikarabelo bo itseng boo ba tšoanelang ho bo phelela e le hore ba phethe karolo ea bona ka phuthehong.
11. Boitšoaro bo hlomphehang ke eng?
11 Taba ea pele, Pauluse o itse “basali ba hōlileng ba ke ba hlomphehe boitšoarong.” ‘Boitšoaro’ ke ponahalo ea ka ntle ea boikutlo ba motho bo ka hare le botho ba hae, joalokaha bo bontšoa ka bobeli ke tsela eo motho a etsang lintho ka eona le ponahalo. (Mattheu 12:34, 35) Joale, boikutlo kapa botho ba mosali ea hōlileng oa Mokreste e lokela ho ba bofe? Ka poleloana e le ’ngoe, ‘bo hlomphehang.’ Sena se fetoletsoe se e-tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang “se tšoanelehang bathong, liketsong kapa linthong tse khethetsoeng Molimo.” Ka sebele ena ke keletso e loketseng ka lebaka la tšusumetso eo ba nang le eona ho ba bang, haholo-holo ho basali ba banyenyane ka phuthehong.—1 Timothea 2:9, 10.
12. Ke tšebeliso efe e mpe ea leleme eo bohle ba lokelang ho e qoba?
12 Ka mor’a moo ho latela litšobotsi tse peli tsa seo ba sa lokelang ho ba sona: “ba se ke ba etselletsa, leha e le ho ba makhoba a veine e ngata.” Hoa thahasellisa hore ebe tsena tse peli li behiloe hammoho. Moprofesa E. F. Scott o re: “Mehleng ea boholo-holo, ha veine e ne e le sona seno feela, e ne e le meketjaneng ea bona ea veine moo basali ba hōlileng ba neng ba seolla libōpeho tsa baahelani ba bona.” Basali ka tloaelo ba ameha haholo ka batho ho feta banna, e leng ho babatsehang. Leha ho le joalo, kameho e ka ’na ea senyeha hore e fetohe ho seba haesita le ho etselletsa, haholo-holo ha leleme le lokolotsoe ke lino. (Liproverbia 23:33) Ka sebele, bohle ba phehellang tsela e phelisang ea bophelo, banna le basali, ke hantle ha ba alosa bofokoli bona.
13. Ke ka litsela life basali ba hōlileng e ka bang baruti?
13 Hore ba sebelise nako e teng ka tsela e hahang, basali ba hōlileng ba khothaletsoa hore e be ‘baruti ba se molemo.’ Sebakeng se seng, Pauluse o ile a fana ka litaelo tse hlakileng hore basali ha baa lokela ho ba baruti ka phuthehong. (1 Ba-Korinthe 14:34; 1 Timothea 2:12) Leha ho le joalo, sena ha se ba thibele hore ba ka fetisetsa tsebo ea bohlokoa ea Molimo ka malapeng a bona le ho batho ba bang. (2 Timothea 1:5; 3:14, 15) Hape ba ka finyella molemo o mongata ka ho ba mehlala ea Bokreste ho basali ba banyenyane ka phuthehong, joalokaha litemana tse latelang li bontša.
Bakeng sa Basali ba Banyenyane
14. Basali ba banyenyane ba Bakreste ba ka leka-lekana joang ho hlokomeleng mesebetsi ea bona?
14 Ha a khothatsa basali ba hōlileng hore e be “baruti ba se molemo,” Pauluse o buile ka basali ba banyenyane ka ho khethehileng. Ka kōpo bala Tite 2:4, 5. (NW) Le hoja boholo ba taeo bo likoloha litabeng tsa lelapa, basali ba banyenyane ba Bakreste ha baa lokela ho tlōla moeli, ba lumella ho ameha ka lintho tse bonahalang hore ho buse bophelo ba bona. Ho e-na le hoo, ba lokela ho ba ba “likelello li hlaphohileng, ba hloekileng, . . . ba molemo,” ’me ka holim’a tsohle, ba loketseng ho tšehetsa tokisetso ea Bokreste ea bohlooho, “e le hore lentsoe la Molimo le ka se buuoe hampe.”
15. Ke hobane’ng ha basali ba bangata ba banyenyane ka liphuthehong ba lokela ho babatsoa?
15 Kajeno, se bonahalang ka malapeng se fetohile haholo ho seo se neng se le sona mehleng ea Pauluse. Malapa a mangata a arohane tabeng ea tumelo, ’me a mang a na le motsoali a le mong feela. Esita le malapeng a nang le ntate, ’mè le bana, ho ntse ho tloaeleha ka ho eketsehileng hore mosali kapa ’mè e be mohlokomeli oa lelapa ka nakoana. Sena sohle se beha khatello e matla le boikarabelo ho basali ba banyenyane ba Bakreste, empa sena ha se ba jarolle boikarabelo ba bona ba Mangolo. Ka hona, ke thabo e khōlō ho bona basali ba banyenyane ba bangata ba tšepahalang ba sebetsa ka thata ho leka-lekanya mesebetsi ea bona e mengata hape ba ntse ba khona ho etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele, ba bang ba bile ba le tšebeletsong ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho ba thusang kapa ba kamehla. (Mattheu 6:33) Kannete ba lokela ho babatsoa!
Bakeng sa Banna ba Banyenyane
16. Pauluse o bile le keletso efe bakeng sa banna ba banyenyane, ’me ke hobane’ng ha e le nakong?
16 Pauluse joale o ile a fihla tabeng ea banna ba banyenyane, ho akarelletsa le Tite. Ka kōpo bala Tite 2:6-8. (NW) Ka lebaka la litsela tse se nang boikarabelo le tse senyang tsa bacha ba bangata ba kajeno—ho tsuba, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le joala, likamano tsa botona le botšehali tse sa lokelang, le mesebetsi e meng ea lefatše, e kang lipapali tse hlaha le ’mino o hlephileng le boithabiso—ena ka sebele ke keletso e nakong bakeng sa bacha ba Bakreste ba batlang ho latela tsela ea bophelo e phelisang le e khotsofatsang.
17. Monna e monyenyane e ka ba ea ‘kelello e hlaphohileng’ le “mohlala oa mesebetsi e molemo” joang?
17 Ha a bapisoa le bacha ba lefatše, monna e monyenyane oa Mokreste o lokela ho ba le ‘kelello e hlaphohileng’ ’me ‘e be mohlala oa mesebetsi e molemo.’ Pauluse o ile a hlalosa hore kelello e hlaphohileng le e hōlileng ha e fumanoe ke ba ithutang, empa ke bao “likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebelisoa.” (Ba-Heberu 5:14) Ho hlolla hakaakang ho bona batho ba banyenyane ba fana ka nako ea bona le matla hore ba be le karolo e feletseng mesebetsing e mengata-ngata ka phuthehong ea Bokreste, ho e-na le ho senya matla a bona a bocha mesebetsing ea boikhabi! Ha ba etsa joalo, bona, ho tšoana le Tite, e ka ba mehlala ea “mesebetsi e molemo” ka phuthehong ea Bokreste.—1 Timothea 4:12.
18. Ho se bole thutong, ho nka litaba ka botebo liketsong, le ho haha puong ho bolela eng?
18 Banna ba banyenyane ba hopotsoa hore ba lokela ho ‘bontša ho se bole thutong [ea bona], ho nkeng litaba ka botebo, puong e hahang e ke keng ea nyatsuoa.’ Thuto ‘e sa bolang’ e tlameha ho thehoa ka tieo Lentsoeng la Molimo; kahoo, banna ba banyenyane ba tlameha ho ba liithuti tse mafolo-folo tsa Bibele. Ho tšoana le banna ba hōlileng, banna ba banyenyane le bona ba lokela ho nka litaba ka botebo. Ho hlokahala ba hlokomele hore ho ba mosebeletsi oa Lentsoe la Molimo ke boikarabelo bo tebileng, ’me ka hona ba tlameha ho ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Evangeli.’ (Ba-Filippi 1:27) Ka ho tšoanang puo ea bona e tlameha ho ba “e hahang” le e “ke keng ea nyatsuoa” e le hore ba se ke ba fa bahanyetsi lebaka la pelaelo.—2 Ba-Korinthe 6:3; 1 Petrose 2:12, 15.
Bakeng sa Makhoba le Bahlanka
19, 20. Ba hiriloeng ke batho ba bang ba ka “khabisa thuto ea ’Moloki oa rōna, Molimo” joang?
19 Qetellong, Pauluse o ile a retelehela ho ba hiriloeng ke batho ba bang. Ka kōpo bala Tite 2:9, 10. (NW) Ke ba seng bakae ba rōna kajeno bao e leng makhoba kapa bahlanka, empa ba bangata ke bahiruoa le basebetsi ba sebeletsang batho ba bang. Ka hona, melao-motheo e thathamisitsoeng ke Pauluse e sebetsa ka mokhoa o tšoanang kajeno.
20 Ho ‘ipeha tlas’a beng ba bona linthong tsohle,’ ho bolela hore bahiruoa ba Bakreste ba tlameha ho bontša bahiri ba bona le baokameli tlhompho ea sebele. (Ba-Kolosse 3:22) Hape ba tlameha ho ba le botumo ba ho ba basebetsi ba tšepahalang, ba etsang mosebetsi oa letsatsi le feletseng o tšoanelang bahiri ba bona. ’Me ba tlameha ho boloka tekanyetso e phahameng ea boitšoaro ba Bokreste libakeng tseo ba sebetsang ho tsona ho sa tsotellehe boitšoaro ba ba bang moo. Sena sohle ‘e le hore ba ka khabisa thuto ea ’Moloki oa rōna, Molimo, linthong tsohle.’ Ke hangata hakaakang re utloang liphello tse thabisang ha bashebelli ba tšepahalang ba nka khato ea ho emela ’nete ka lebaka la boitšoaro bo botle ba basebetsi-’moho le bona kapa ba bahiri ba bona ba Lipaki! Ona ke moputso oo Jehova a o fang ba latelang thuto ea hae e phelisang esita le libakeng tseo ba hiriloeng ho tsona.—Ba-Efese 6:7, 8.
Batho ba Hloekisitsoeng
21. Ke hobane’ng ha Jehova a lokiselitse thuto e phelisang, ’me re lokela ho arabela joang?
21 Thuto e phelisang eo Pauluse a e hlalositseng ka mokhoa o batsi hase feela molao o itseng oa melao-motheo ea boitšoaro kapa ea maikutlo a boitšoaro eo re ka batlang keletso ho eona ha re lakatsa ho etsa joalo. Pauluse o ile a tsoela pele ho hlalosa morero oa eona. Ka kōpo bala Tite 2:11, 12. (NW) Ka lerato la hae le mosa o sa tšoanelang bakeng sa rōna, Jehova Molimo o lokiselitse thuto e phelisang e le hore re ka ithuta ho phela bophelo bo nang le morero le bo khotsofatsang mehleng ena e mahlonoko le e kotsi. Na u ikemiselitse ho amohela le ho etsa thuto e phelisang tsela ea hao ea bophelo? Ho etsa joalo ho tla bolela poloko ea hao.
22, 23. Re kotula litlhohonolofatso life ka ho etsa thuto e phelisang tsela ea rōna ea bophelo?
22 Ho feta moo, ho etsa thuto e phelisang tsela ea rōna ea bophelo ho re tlisetsa litokelo tse khethehileng hona joale le tšepo e thabisang bakeng sa nako e tlang. Ka kōpo bala Tite 2:13, 14. (NW) Ka sebele, ho etsa thuto e phelisang tsela ea rōna ea bophelo ho re khetholla re le batho ba hloekileng lefatšeng le bolileng le le shoang. Mantsoe a Pauluse a lumellana le likhopotso tsa Moshe ho bara ba Iseraele Sinai: ‘Jehova . . . o tla u holisa, u phahame ka poko, ka botumo le ka khanya ho feta lichaba tsohle tsee a li entseng, ’me u be sechaba se khethetsoeng Jehova, Molimo oa hao joalo ka ha a boletse.’—Deuteronoma 26:18, 19.
23 E se eka kamehla re ka nka tokelo ea ho ba batho ba hloekileng ba Jehova e le ea bohlokoa ka ho etsa thuto e phelisang tsela ea rōna ea bophelo! Kamehla re falimehele mofuta leha e le ofe oa ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše, ka hona re lule re hloekile re tšoaneleha hore re sebelisoe ke Jehova mosebetsing o moholo oo a etsang hore o etsoe kajeno.—Ba-Kolosse 1:10.
Na Ua Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha boinehelo ba bomolimo bo le molemo linthong tsohle?
◻ Ke joang banna ba hōlileng le basali ba Bakreste ba ka phehellang thuto e phelisang e le tsela ea bophelo?
◻ Ke thuto efe e phelisang eo Pauluse a bileng le eona bakeng sa banna le basali ba banyenyane ka phuthehong?
◻ Ke tokelo efe le tlhohonolofatso tseo e ka bang tsa rōna haeba re etsa thuto e phelisang tsela ea rōna ea bophelo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Ba bangata kajeno ba sebelisa keletso e ho Tite 2:2-4