Filemone le Onesimase—Ba Kopanngoa ke Kutloano ea Bara ba Motho ea Bokreste
LENGOLO le leng le bululetsoeng ke Molimo la moapostola Pauluse le sebetsana le bothata ba banna ba babeli bo neng bo hloka ho sebetsoa ka hloko. E mong e ne e le Filemone ’me e mong e le Onesimase. Banna baa e ne e le bo-mang? Ke eng e ileng ea etsa hore Pauluse a thahaselle boemo ba bona?
Filemone, eena ea neng a ngolloa lengolo leo, o ne a lula Kolose, Asia Minor. Ho fapana le Bakreste ba bang ba bangata ba sebakeng seo, Filemone o ne a tloaelane le Pauluse, o ne a ile a amohela litaba tse molemo ka lebaka la mosebetsi oa ho bolela oa moapostola eo. (Bakolose 1:1; 2:1) Pauluse o ne a mo tseba e le ‘mosebetsi-’moho ea ratoang.’ Filemone o ne a beha mohlala oa tumelo le lerato. O ne a amohela baeti ka mofuthu ’me e ne e le mohloli oa khatholoho ho Bakreste-’moho le eena. Ho hlakile hore Filemone o ne a boetse a eme hantle moruong, kaha lehae la hae le ne le le leholo ho lekana hore liboka tsa phutheho ea moo li tšoareloe teng. Ho ’nile ha fanoa ka maikutlo a hore Apfia le Arkipase, batho ba bang ba babeli ba boletsoeng lengolong la Pauluse, e ka ’na eaba e ne e le mosali oa hae le mora oa hae. Filemone o ne a boetse a e-na le bonyane lekhoba le le leng, e leng Onesimase.—Filemone 1, 2, 5, 7, 19b, 22.
’Malehi Roma
Mangolo ha a re bolelle hore na ke hobane’ng ha Onesimase a ne a le hōle le hae ka lik’hilomithara tse fetang 1400, a e-na le Pauluse Roma, moo lengolo le eang ho Filemone le ngotsoeng teng hoo e ka bang ka 61 C.E. Empa Pauluse o ile a bolella Filemone: “Haeba [Onesimase] o ile a u etsetsa phoso leha e le efe kapa o u kolota ntho leha e le efe, u boloke sena se balelloa molatong oa ka.” (Filemone 18) Mantsoe ana aa hlakisa hore Onesimase o ne a le khathatsong ho monghali oa hae, Filemone. Lengolo la Pauluse le ile la ngoloa ka morero oa ho kopanya banna bao ba babeli.
Ho ’nile ha boleloa hore Onesimase o ile a fetoha ’malehi ka mor’a hore a utsoetse Filemone e le hore a ka ba le chelete ea ho balehela Roma. Ha a le moo, o ile a ikemisetsa ho kena poneng ka har’a matšoele-tšoele a moo.a Lefatšeng la Bagerike le Baroma, babalehi ba ne ba baka bothata bo tebileng, eseng feela ho beng ba makhoba empa le tsamaisong ea sechaba. Roma ka boeona e boleloa e ne e ile “ea tuma hampe ka ho ba setšabelo se tloaelehileng” sa makhoba a balehileng.
Pauluse o ile a kopana joang le Onesimase? Bibele ha e re bolelle. Leha ho le joalo, ha bolokolohi boo bo bocha bo fela, mohlomong Onesimase o ile a hlokomela hore o ipehile boemong bo kotsi ka ho fetisisa. Motseng oa Roma, mapolesa a khethehileng a ne a tsoma makhoba a balehileng, ao, ho latela molao oa boholo-holo, tlōlo ea ’ona ea molao e neng e le e tebileng ka ho fetisisa. Ho latela Gerhard Friedrich, “hangata makhoba a balehileng a neng a tšoaroa a ne a tšoauoa ka ho chesoa phatleng. A ne a atisa ho hlokofatsoa . . . , a akheloa ka har’a libatana liserekising, kapa a thakhisoa sefapanong e le ho phephethela makhoba a mang hore a se ke a hata mohlaleng oa ao.” Friedrich o fana ka mohopolo oa hore mohlomong ka mor’a hore Onesimase a felloe ke chelete eo a e utsoitseng ’me a hlōlehe ho fumana sebaka seo a ka ipatang ho sona kapa mosebetsi, o ile a kōpa hore Pauluse, eo a neng a ile a utloela ka eena ha a sa le ha Filemone, a mo sireletse le ho mo buella.
Ba bang ba lumela hore Onesimase o ile a balehela ho motsoalle oa monghali oa hae ka boomo, a e-na le tšepo ea hore ka tšusumetso ea eo, a ka ’na a boela a ba le kamano e ntle le monghali oa hae ea neng a mo halefetse ka mabaka a utloahalang. Mehloli ea histori e bontša hore oo “e ne e le mokhoa o tloaelehileng le o atileng ho makhoba a tsietsing oa ho kōpa thuso.” Brian Rapske, eo e leng setsebi, o re haeba ho joalo, etlaba Onesimase o ile a utsoa “mohlomong ka morero oa ho inolofalletsa ho fihla ho motho ea neng a tla mo buella, e leng Pauluse, ho e-na le hore ebe e ne e le ka morero oa ho baleha.”
Pauluse o Etsa Tsoho la Monna
Ho sa tsotellehe hore na lebaka la hae la ho baleha e ne e le lefe, ho hlakile hore Onesimase o ile a batla thuso ea Pauluse e le hore a boelane le monghali oa hae ea neng a thohothetsoe. Seo se ile sa beha Pauluse bothateng. Lekhoba ke lena leo pele le neng le sa lumela ’me le balehile ka bolotsana. Na moapostola o ne a lokela ho leka ho le thusa ka hore a qeke motsoalle oa hae oa Mokreste hore a se ke a sebelisa tokelo ea hae ea molao ea ho le ahlola haboima? Pauluse o ne a tla etsa joang?
Nakong eo ka eona Pauluse a neng a ngolla Filemone, ho hlakile hore e ne e se e le nakoana ’malehi eo a e-na le moapostola. Ho ne ho se ho fetile nako e lekaneng hoo Pauluse a neng a ka bolela hore Onesimase o ne a fetohile ‘mor’abo ea ratoang.’ (Bakolose 4:9) Pauluse ha a bua ka kamano ea hae ea moea le Onesimase o ile a re: “Ke u eletsa malebana le ngoana oa ka, eo ke ileng ka ba ntate oa hae ha ke ntse ke le litlamong tsa ka tsa chankana.” Maemong ’ohle ao Pauluse a neng a ka kena lipakeng ka lebaka la ’ona, e tlamehile ebe bona ke boo Filemone a neng a sa bo lebella ho hang. Moapostola o ile a re lekhoba leo pele le neng le “se na thuso” le ne le khutla e se e le mor’abo oa Mokreste. Joale Onesimase e ne e se e tla ba ea “ruisang molemo,” kapa “ea molemo,” kahoo, a phele tumellanong le se boleloang ke lebitso la hae.—Filemone 1, 10-12.
Onesimase o ne a bile molemo haholo ho moapostola eo ea neng a tšoeroe. Ha e le hantle, Pauluse a ka be a ile a mo boloka hona moo, empa ntle le hore ebe o ne a tla be a tlōtse molao, sena e ka be e bile ho kena-kenana le litokelo tsa Filemone. (Filemone 13, 14) Lengolong le leng le batlang le ngotsoe ka nako e le ’ngoe le le eang ho phutheho e neng e kopanela lelapeng la Filemone, Pauluse o bua ka Onesimase e le “Mor’eso ea tšepahalang le ea ratoang, ea tsoang har’a lōna.” Sena se bontša hore Onesimase o ne a se a fane ka bopaki ba hore oa tšepahala.—Bakolose 4:7-9.b
Pauluse o ile a khothalletsa Filemone hore a amohele Onesimase ka mosa, empa ha aa ka a sebelisa matla a hae a boapostola ho mo laela hore a etse joalo kapa hore a lokolle lekhoba leo la hae. Ka lebaka la botsoalle ba bona le lerato leo ba neng ba ratana ka lona, Pauluse o ne a kholisehile hore Filemone o ne a tla ‘etsa ho hoholoanyane’ ho feta hoo a neng a mo kōpa hona. (Filemone 21) Ha hoa hlakisoa hore na ‘le ho hoholoanyane’ ho ne ho ka ’na ha bolela eng kaha ke Filemone feela ea neng a e-na le tokelo ea ho etsa qeto ea hore na o etsa eng ka Onesimase. Ba bang ba hlalositse mantsoe a Pauluse e ne e le kōpo e sa tobang ea hore ’malehi a ‘khutlisetsoe ho Pauluse e le hore a ka mo thusa joalokaha a ne a se a ntse a qalile ho mo thusa.’
Na Filemone o ile a amohela kōpo e tiileng eo Pauluse a neng a e etsetsa Onesimase? Ho bonahala ho se pelaelo ea hore o ile a etsa joalo, le hoja e ka ’na eaba sena se ile sa khopisa benghali ba bang ba makhoba ba Kolose, bao e ka ’nang eaba ba ne ba lakalitse ho bona ha Onesimase a fuoa kotlo e neng e tla ba mohlala o neng o tla phephethela makhoba a bona hore a se ke a hata mohlaleng oa hae.
Onesimase—Motho ea Fetohileng
Ho sa tsotellehe boemo, Onesimase o ile a khutlela Kolose ka botho bo bocha. Monahano oa hae o se o fetotsoe ke matla a litaba tse molemo, ha ho pelaelo hore o ile a fetoha setho se tšepahalang sa phutheho ea Bokreste motseng oo. Mangolo ha aa bolela hore na Filemone o ile a qetella a lokolotse Onesimase kapa che. Leha ho le joalo, ha ho shejoa litaba ka lehlakoreng la moea, eo pele e neng e le ’malehi e ne e se e le motho ea lokolotsoeng. (Bapisa le 1 Bakorinthe 7:22.) Liphetoho tse tšoanang le eo lia etsahala kajeno. Ha batho ba sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona, maemo a bona le botho ba bona lia fetoha. Bao pele ba neng ba nkuoa e le ba se nang thuso sechabeng ba thusoa hore e be baahi ba behang mohlala o motle.c
Ke phapang e kaakang e entsoeng ke ho sokolohela tumelong ea ’nete! Le hoja Onesimase oa pele e ne e ka ’na eaba o ne a “se na thuso” ho Filemone, ha ho pelaelo hore Onesimase e mocha o ile a phela tumellanong le lebitso la hae joaloka motho “ea ruisang molemo.” ’Me ka sebele, e bile tlhohonolofatso hore ebe Filemone le Onesimase ba ile ba kopana kutloanong ea bara ba motho ea Bokreste.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Makhoba Tlas’a Molao oa Roma
Tlas’a molao oa Roma o neng o sebelisoa lekholong la pele la lilemo C.E., lekhoba le ne le se na mokhoa oa ho itšireletsa khahlanong le thato, takatso e mpe le bohale ba monghali oa lona. Ho latela mohlalosi Gerhard Friedrich, “ho ea ka litaba tsa motheo le ka molao, lekhoba e ne e se motho, empa e ne e le thepa eo mong’a eona a ka e sebelisang ka bolokolohi. . . . [Le] ne le behoa boemong bo lekanang le ba liphoofolo tse ruiloeng le ba lisebelisoa, ’me molao o tsamaisang sechaba o ne o sa le nahanele ka letho.” Lekhoba le ne le ke ke la kōpa molao hore o le lokisetse ho hloka toka leha e le hofe ho neng ho le hlokofatsa. Ha e le hantle, ha lona e ne e le feela ho mamela litaelo tsa monghali oa lona. Ho ne ho se na moeli kotlong leha e le efe eo monghali ea halefileng a neng a ka fana ka eona. Esita le haeba e ne e le phoso e fokolang, monghali o ne a e-na le matla a ho etsa qeto e amang bophelo le lefu.*
Le hoja barui ba ne ba ka ’na ba e-ba le makhoba a makholo a ’maloa, esita le lelapa le itekanetseng le ne le ka ’na la kopanyelletsa a mabeli kapa a mararo. Setsebi John Barclay se re: “Mesebetsi e neng e etsoa ke makhoba a malapeng e ne e fapana haholo. Re sibolla hore makhoba e ne e le balebeli ba monyako, liapehi, bangoatheli, bahloekisi, baromuoa, ba salang le bana, ba anyesang bana bao e seng ba bona le bahlokomeli ba merero eohle ea botho, ho se ho sa boleloe letho ka litsebi tse fapaneng tseo motho a neng a ka li fumana mahaeng a maholoanyane le a ruileng haholoanyane. . . . Bonneteng, mokhoa oo lekhoba la lapeng le neng le phela ka oona o ne o itšetlehile haholo ka botho ba monghali oa lona bo neng bo ka ba botle kapa ba ba bobe: ho ba tlas’a monghali ea pelo-mpe ho ne ho tla fella ka ho hlokofatsoa ka bokhopo ba mefuta eohle e feteletseng, empa monghali ea mosa le ea seatla se bulehileng o ne a ka etsa hore bophelo e be bo mamellehang le bo nang le tšepo. Ho na le mehlala e tummeng ea tšoaro e sehlōhō e tlalehiloeng lingoliloenng tsa boholo-holo tsa Bagerike le Baroma, empa ho boetse ho na le lingoliloeng tse ling tse ngata tse fanang ka bopaki ba boikutlo bo mofuthu bo neng bo le teng lipakeng tsa benghali ba bang le makhoba a bona.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molao oa Baroma o ne o hlalosa servus fugitivus (lekhoba le balehileng) e le ‘ea tlohetseng monghali oa hae ka morero oa ho se boele a khutlela ho eena.’
b Leetong lena la ho khutlela Kolose, ho bonahala Onesimase le Tykikase ba ne ba nehelelitsoe mangolo a mararo a Pauluse ao hona joale a kopanyelelitsoeng karolong ea mangolo a halalelang a Bibele. Ho phaella lengolong lena le neng le e-ea ho Filemone, ana e ne e le mangolo a Pauluse a neng a e-ea ho Baefese le ho Bakolose.
c Bakeng sa mehlala, ka kōpo bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea June 22, 1996, leqepheng la 18-23; Tsoha!, March 8, 1997, leqepheng la 11-13; Molula-Qhooa, August 1, 1989, leqepheng la 30-1; February 15, 1997, leqepheng la 21-4.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
*Mabapi le bokhoba bathong ba Molimo ba boholo-holo, bona Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., Volume 2, leqepheng la 977-9.