Matlafatsa Tumelo ea Hao Litšepisong Tsa Molimo
“Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.”—BAHEB. 11:1.
1, 2. (a) Tšepo eo Bakreste ba nang le eona e fapana joang le ea batho ba lefatše? (b) Re tlil’o tšohla lipotso life tsa bohlokoa?
RURI Bakreste ba ’nete ba na le tšepo e babatsehang! Kaofela ha rōna, ebang re batlotsuoa kapa “linku tse ling,” re lebeletse ho bona ha morero oa Molimo oa qalong o phethahala ’me lebitso la Jehova le halaletsoa. (Joh. 10:16; Mat. 6:9, 10) Eo ke tebello e hlollang hakaakang! Re boetse re lebeletse ho phela ka ho sa feleng ‘maholimong a macha,’ kapa ‘lefatšeng le lecha’ leo Molimo a tla le tlisa. (2 Pet. 3:13) Empa hajoale, re tšepa hore batho ba Molimo ba tla tsoela pele ho atleha moeeng.
2 Batho ba lefatšeng la Satane le bona ba na le tšepo, le hoja ba sa kholiseha hore seo ba se tšepileng se tla fela se etsahale. Ka mohlala, batho ba bangata ba bapalang lotto ba na le tšepo ea hore ba tla hapa, empa ha baa kholiseha ka seo. Ha ka lehlakoreng le leng, tumelo ea sebele eona e le “tebello e tiisitsoeng” ea lintho tseo re nang le tšepo ea hore li tla etsahala. (Baheb. 11:1) Empa u ka ’na ua ipotsa hore na u ka etsa’ng e le hore tumelo ea hao e tiee le ho feta? Hona melemo ea ho ba le tumelo e matla ke efe?
3. Tumelo ea Bokreste e thehiloe ’neteng efe?
3 Batho ba sa phethahalang ha ba tsoaloe ba e-na le tumelo; ebile ha ho iketsahalle feela hore ba be le eona. E le hore motho a be le tumelo, o lokela ho lumella moea oa Molimo hore o mo susumetse. (Bagal. 5:22) Bibele ha e re Jehova o na le tumelo kapa hore ho hlokahala hore a be le eona. Kaha Jehova o matla ’ohle ebile o bohlale ka ho fetisisa, ha ho letho le ka mo sitisang ho phetha seo a se rerileng. Ntate oa rōna ea leholimong o kholisehile hore litlhohonolofatso tseo a li tšepisitseng batho li tla fela li phethahale. Ke kahoo a reng: “Li etsahetse!” (Bala Tšenolo 21:3-6.) Tumelo ea Bokreste e thehiloe ’neteng ea hore Jehova ke “Molimo ea tšepahalang,” ea phethang seo a se tšepisitseng.—Deut. 7:9.
ITHUTE MEHLALENG EA BATHO BA BOHOLO-HOLO BA NANG LE TUMELO
4. Banna le basali ba tumelo ba boholo-holo ba ne ba e-na le tšepo efe?
4 Ho Baheberu khaolo ea 11 ho thathamisitsoe mabitso a banna le basali ba 16 ba tumelo. Mongoli ea bululetsoeng oa buka eo o bua ka bona le ka ba bang ba bangata ‘ba ileng ba pakoa ka tumelo ea bona.’ (Baheb. 11:39) Kaofela ha bona ba ne ba e-na le “tebello e tiisitsoeng” ea hore Molimo o tla tsosa “peō” e tšepisitsoeng e le hore e tle e felise borabele ba Satane le ho phethahatsa morero oa Jehova oa qalong. (Gen. 3:15) Banna le basali bao ba tumelo ba ile ba shoa pele “peō” e tšepisitsoeng, e leng Jesu Kreste a bulela batho tsela e eang leholimong. (Bagal. 3:16) Empa kaha ha ho mohla litšepiso tsa Jehova li sa phethahaleng, o tla ba tsosa hore ba tl’o phela lefatšeng la paradeise e se e le batho ba phethahetseng.—Pes. 37:11; Esa. 26:19; Hos. 13:14.
5, 6. Abrahama le ba lelapa la hae ba ne ba behile tšepo ea bona hokae, hona ba ile ba etsa’ng e le hore ba lule ba le matla tumelong? (Sheba setšoantšo se qalong.)
5 Ha Baheberu 11:13 e bua ka bahlanka ba Molimo ba boholo-holo, e re: “Ka tumelo bana kaofela ba ile ba shoa, le hoja ba sa ka ba fumana phethahatso ea litšepiso, empa ba ile ba li bonela hōle ’me ba li amohela.” E mong oa bona ke Abrahama. Na o ile a lula a hopola tebello e babatsehang ea ho phela a se a busoa ke “peō” e tšepisitsoeng? Jesu o ile a araba potso eo ka ho toba, ha a re ho bahanyetsi ba hae: “Abrahama o ile a thaba haholo ka tebello ea ho bona letsatsi la ka, ’me o ile a le bona ’me a thaba.” (Joh. 8:56) Sara, Isaka, Jakobo le ba bang ba bangata le bona ba ile ba lula ba behile tšepo ea bona ’Musong o tlang “oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.”—Baheb. 11:8-11.
6 Abrahama le ba lelapa la hae ba ile ba etsa’ng hore ba lule ba le matla tumelong? Mohlomong ba ile ba ithuta ka Molimo ha ba ntse ba mametse bahlanka ba bang ba Molimo ba tšepahalang, ba senoleloa lintho, kapa ha ba ntse ba bala lingoliloeng tsa boholo-holo. Habohlokoa le ho feta, ba ile ba lula ba thuisa ka litšepiso le litaelo tsa Molimo tseo ba ithutileng tsona. Kaha banna le basali bana ba ne ba kholisehile ka seo ba se lumelang, ba ile ba ikemisetsa ho mamella mathata e le hore ba lule ba tšepahala ho Molimo.
7. Jehova o re etselitse litokisetso life ho re thusa hore re lule re le matla tumelong, hona re lokela ho etsa’ng?
7 Jehova o re file Lentsoe la hae, e leng Bibele, ho re thusa hore re lule re le matla tumelong. E le hore re ‘thabe’ re be re ‘atlehe,’ re lokela ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi haeba ho khoneha. (Pes. 1:1-3; bala Liketso 17:11.) Feela joaloka bahlanka ba Jehova ba boholo-holo, re lokela ho lula re thuisa ka litšepiso tsa Molimo ’me re mamele litaelo tsa hae. Jehova o boetse o re hlohonolofalitse ka nala ea lijo tsa moea tseo a re fang tsona ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45) Kahoo, haeba re ananela litokisetso tseo Jehova a re etselitseng tsona, re tla tšoana le banna le basali ba boholo-holo ba neng ba e-na le “tebello e tiisitsoeng” ea hore ’Muso oa Molimo o tla busa.
8. Thapelo e ka matlafatsa tumelo ea rōna joang?
8 Bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba ile ba boela ba thusoa ke thapelo hore ba lule ba le matla tumelong. Tumelo ea bona e ile ea tiea le ho feta ha Molimo a ntse a araba lithapelo tsa bona. (Neh. 1:4, 11; Pes. 34:4, 15, 17; Dan. 9:19-21) Le rōna re ka bolella Jehova lintho tse re tšoenyang, re kholisehile hore o tla re utloa ’me a re fe matla a ho mamella ka thabo. Tumelo ea rōna e tla tiea le ho feta ha lithapelo tsa rōna li ntse li arajoa. (Bala 1 Johanne 5:14, 15.) Kaha tumelo ke karolo e ’ngoe ea tholoana ea moea, re lokela ho lula re kōpa Molimo hore a re fe moea oa hae, joalokaha Jesu a re khothallelitse.—Luka 11:9, 13.
9. Re boetse re lokela ho rapella bo-mang?
9 Empa ha rea lokela ho rapela ha re kōpa Molimo hore a re thuse ka ntho e itseng feela. Ho na le lintho tse ngata tse babatsehang tseo re ka lebohang Jehova le ho mo rorisa ka tsona letsatsi le letsatsi! (Pes. 40:5) Lithapelo tsa rōna li lokela ho bontša hore re nahana ka balumeli-’moho le rōna ba litlamong, ‘joalokaha eka re tlamiloe le bona.’ Re boetse re lokela ho rapella barab’abo rōna lefatšeng ka bophara, haholo-holo “ba etellang pele har’a [rōna].” Rea hlolloa ha re bona kamoo Jehova a arabang lithapelo tsa rōna kateng!—Baheb. 13:3, 7.
BA ILE BA LULA BA TŠEPAHALA
10. Ba bang ba bahlanka ba Molimo ba ileng ba lula ba tšepahala ke bo-mang, hona ba thusitsoe ke’ng?
10 Ho Baheberu khaolo ea 11, moapostola Pauluse o bua ka liteko tseo bahlanka ba bangata ba Molimo ba sa boleloang ka mabitso ba ’nileng ba tobana le tsona. Ka mohlala, o bua ka basali ba tumelo ba ileng ba shoeloa ke bara empa hamorao ba ba amohela ka tsoho. O boetse o bua ka bahlanka ba bang ba ileng ba hana ho “amohela tokollo ka thekollo e itseng, e le hore ba ka fihlela tsoho e molemo.” (Baheb. 11:35) Le hoja re ke ke ra tiisa hore na Pauluse o ne a nahanne ka bo-mang, ba bang ba kang Nabothe le Zakaria, ba ile ba tlepetsoa ka majoe hobane ba mamela Molimo ’me ba etsa thato ea hae. (1 Mar. 21:3, 15; 2 Likron. 24:20, 21) Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba e-na le monyetla oa ho “amohela tokollo” haeba ba ne ba ka koeneha. Empa ho e-na le hoo, tumelo ea bona ho Molimo e ile ea etsa hore ba lule ba tiile, ’me ba khone ho “thiba melomo ea litau” le ho “thiba matla a mollo.”—Baheb. 11:33, 34; Dan. 3:16-18, 20, 28; 6:13, 16, 21-23.
11. Baprofeta ba bang ba ile ba mamella liteko life ka lebaka la tumelo ea bona?
11 Baprofeta ba bang ba kang Mikaia le Jeremia “ba ile ba amohela teko ea bona ka litšomo . . . le lichankana” ka lebaka la tumelo ea bona. Ha ba bang ba kang Elia, “ba ile ba lelera mahoatateng le lithabeng le mahaheng le maphaong a lefatše.” Kaofela ha bona ba ile ba mamella liteko tseo hobane ba ne ba e-na le “tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.”—Baheb. 11:1, 36-38; 1 Mar. 18:13; 22:24-27; Jer. 20:1, 2; 28:10, 11; 32:2.
12. Ke mang ea re behetseng mohlala o motle ka ho fetisisa oa ho mamella liteko, hona ke’ng e mo thusitseng ho li mamella?
12 Ha Pauluse a qeta ho bua ka banna le basali ba tumelo, o ile a bua ka mohlala o ikhethang ho feta eohle, e leng oa Morena oa rōna Jesu Kreste. Baheberu 12:2 e re: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” Ha e le hantle, ha re tobana le liteko tse matla, re lokela ‘ho nahana ka hloko’ ka mohlala oa Jesu oa tumelo. (Bala Baheberu 12:3.) Ho tšoana le Jesu, bashoela-tumelo ba kang morutuoa Antipase ba ile ba tšepahala ho isa lefung. (Tšen. 2:13) Ba ile ba putsoa ka hore ba tsosetsoe ho ea phela leholimong, e leng “tsoho e molemo” ho feta eo bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba neng ba e lebeletse. (Baheb. 11:35) Nakoana ka mor’a hore ’Muso o tsoaloe ka 1914, batlotsuoa bohle ba tšepahalang ba robetseng lefung, ba ile ba tsosetsoa ho ea phela leholimong moo ba tla busa le Jesu.—Tšen. 20:4.
MEHLALA EA KAJENO EA TUMELO
13, 14. Mor’abo rōna Rudolf Graichen o ile a tobana le liteko life, hona ke’ng e mo thusitseng ho mamella?
13 Bahlanka ba limilione ba Molimo ba latela mohlala oa Jesu ka hore ba lule ba nahana ka tšepo eo ba nang le eona ’me ba se ke ba lumella liteko ho ba fokolisa tumelong. Nahana ka mohlala oa Rudolf Graichen, ea hlahetseng Jeremane ka 1925. O ne a sa lebale litšoantšo tse neng li fanyehiloe leboteng habo tse neng li bontša litšepiso tse ka Bibeleng. O ile a re: “Setšoantšo se seng se ne se bontša phiri le konyana, potsanyane le lengau, namane le tau—tsohle li le khotsong, li eteletsoe pele ke moshanyana. . . . Ha ke lebale litšoantšo tseo.” (Esa. 11:6-9) Mor’abo rōna Rudolf o ile a lula a e-na le tumelo e matla ea hore lefatše e tla ba paradeise, le hoja ka lilemo a ’nile a hlorisoa ka sehlōhō ke mapolesa a sekhukhu a Manazi ’me hamorao ke a mautloela a Jeremane Bochabela ea Bokomonisi.
14 Teko e ’ngoe e matla eo Mor’abo rōna Rudolf a ileng a tobana le eona ke ea hore ’mè oa hae a bolaoe ke boloetse ba typhus a le kampong ea mahloriso ea Ravensbrück ’me hamorao a bona ntate oa hae a fokola tumelong hoo a ileng a saena pampiri e bontšang hore ha a sa batla ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ha Mor’abo rōna Rudolf a tsoa teronkong, e ile ea e-ba molebeli oa potoloho ’me hamorao a bitsetsoa Sekolong sa Gileade. O ile a abeloa ho sebeletsa Chile e le moromuoa, ’me ea boela ea e-ba molebeli oa potoloho. Mor’abo rōna Rudolf o ile a tobana le liteko tse ling hape. Selemo a nyetse moromuoa-’moho le eena ea bitsoang Patsy, leseanyana la bona la ngoanana le ile la hlokahala. Ka mor’a moo, mosali oa hae le eena o ile a hlokahala, a le lilemo li 43 feela. Mor’abo rōna Rudolf o ile a mamella liteko tsena tsohle, ’me le hoja a ne a tsofetse a bile a kula, e ne e ntse e le pula-maliboho oa kamehla le moholo ha pale ea hae ea bophelo e hatisoa Molula-Qhooeng oa August 1, 1997, leqepheng 20-25.
15. Re na le mehlala efe ea barab’abo rōna ba mameletseng liteko ka thabo?
15 Lipaki Tsa Jehova li tsoela pele ho thaba ka lebaka la tšepo eo li nang le eona le hoja li hlorisoa. Ka mohlala, bara le barali babo rōna ba bangata ba literonkong Eritrea, Singapore le Korea Boroa, hobane ba mamela taelo ea Jesu ea hore ba se ke ba nka sabole. (Mat. 26:52) Ba bang ba bona ke Isaac, Negede le Paulos, ba seng ba qetile lilemo tse fetang 20 ba le teronkong Eritrea! Le hoja bara bana babo rōna ba tšoeroe ka sehlōhō ’me ba sa khone ho hlokomela batsoali ba bona ba hōlileng esita le hona ho nyala, ba ntse ba tšepahala. Tsela eo ba khanyang khotso ka eona lifahlehong, joalokaha re ba bona websaeteng ea rōna ea jw.org, e bontša hore ba ntse ba le matla tumelong. Esita le balebeli ba bona baa ba tsota.
16. Tumelo e matla e ka u sireletsa joang?
16 Ba bangata ba bahlanka ba Jehova ha ba hlorisoe ka sehlōhō. Empa ba tobana le liteko tse sa tšoaneng. Ba bang baa sotleha ka lebaka la bofutsana, lintoa tsa lehae kapa likoluoa tsa tlhaho. Ba bang joaloka Moshe le bapatriareka ba ile ba tlameha ho tela bophelo bo mabothobotho kapa botumo. Ba leka ka matla hore ba se ke ba hoheloa ke bophelo ba mponeng le ba boithati. Ba thusoa ke eng? Ke ho rata Jehova le ho lumela ka tieo hore o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho felisa ho hloka toka le ho putsa bahlanka ba hae ba tšepahalang ka bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka.—Bala Pesaleme ea 37:5, 7, 9, 29.
17. U ikemiselitse ho etsa’ng, hona re tlil’o tšohla eng sehloohong se latelang?
17 Sehloohong sena, re bone kamoo ho thuisa ka litšepiso tsa Molimo le ho rapela kamehla ho tlang ho etsa hore re lule re le matla tumelong kateng. ’Me seo se tla re nolofalletsa ho mamella liteko ha re ntse re lebeletse ka tieo ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo. Empa tsela eo Bibele e hlalosang tumelo ka eona e pharalletse, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.