Abrahama—Mohlala oa Bohle ba Batlang Botsoalle ba Molimo
“Ha aa ka a fokola tumelong, . . . a kholisehile ka botlalo hore seo Molimo a mo tšepisitseng sona o na le matla a ho se etsa.”—BA-ROMA 4:19-21, “TLP.”
1. Ke hobane’ng ha Satane a ile a leka ho etsa hore tlaleho e amanang le Abrahama e se lumeloe?
LENTSOE la Molimo le hlalositsoeng ka ho hlaka ka Mangolong “ke lentsoe le phelang, le matla.” (Ba-Heberu 4:12) Kahoo, tlaleho ea ho sebelisana ha Jehova le Abrahama, le hoja e ngotsoe lilemo tse ka holimo ho 3 500 tse fetileng, ke mohloli oa khothatso ho bohle ba batlang botsoalle ba Molimo. (Ba-Roma 15:4) Sera se seholo, Satane, o tseba sena ’me o ’nile a sebelisa baeta-pele ba bolumeli ho leka ho hana ho lumela tlaleho eo joalokaha eka ke tšōmo.—2 Ba-Korinthe 11:14, 15.
2. Barutuoa ba Jesu ba ne ba e-na le pono efe ka Abrahama?
2 E le karolo ea “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo,” histori ea Abrahama ke ea ’nete ’me e “na le molemo oa ho ruta [Bakreste].” (2 Timothea 3:16; Johanne 17:17) Ka sebele barutuoa ba pele ba Jesu ba ile ba ananela sena, le Abrahama o boleloa ka makhetlo a fetang a 74 ka Mangolong a Bokreste a Segerike. Khaolong ea 11 e susumetsang tumelo ea Ba-Heberu, boholo ba eona ho buuoa ka eena ho feta mohlanka leha e le ofe oa Molimo oa mehleng ea pele ho Bokreste.
3. Abrahama o ile a hlomphuoa haholo joang?
3 Abrahama e ne e se “moprofeta” ea tloaelehileng, kaha Jehova o ile a mo sebelisa ho thea “setšoantšo” se seholo seo ho sona mopatriareka a ileng a hlomphuoa haholo ka ho sebeletsa e le ea tšoantšetsang Molimo ka boprofeta. (Genese 20:7; Ba-Galata 4:21-26) Kahoo, Jesu o ile a bua ka ‘sefuba sa Abrahama’ ha a bapisa boemo ba ho hauheloa ke Molimo.—Luka 16:22.
Ketso ea Hae ea Pele ea Tumelo
4. Ho latela Bibele, ho sebelisana ha Molimo le Abrame ho qalile joang?
4 Abrame, joalokaha a ne a rehiloe joalo pele, o ne a hōliselitsoe “Ure oa Kaldea.” Ha a ntse a lula moo, Jehova Molimo o ile a itlhahisa ho eena ’me a re: “Tloha lefatšeng la heno, le ho mofuta oa hao, le tlung ea ntat’ao, u ee lefatšeng leo ke tlang ho u bontša lona. Ke tla u etsa sechaba se seholo, ke u hlohonolofatse, ’me ke tla holisa lebitso la hao, ’me u tla fetohela ba bang lehlohonolo. Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke rohake ba u rohakang, ’me mefuta eohle ea lefatše e tla hlohonolofalla ho uena.”—Genese 12:1-3; 15:7; Liketso 7:2, 3.
5. (a) Tšepiso ea Molimo e tlameha e ile ea ama pelo ea Abrame joang? (b) Abrame o ile a arabela tšepisong eo joang?
5 E ne e le pitso e phephetsang hakaakang! Ho Abrame, ho e mamela ho ne ho bolela ho tlohela tikoloho e ntle haholo le beng ka eena ho ea phela hōle lefatšeng leo a sa le tsebeng. Empa pelo ea Abrame e ne e anngoe ka ho teba ke tšepiso e lerato ea Molimo. E le monna ea tsofetseng ea se nang bana le mosali oa hae oa nyopa, ho bonahala kapele lebitso la hae le ne le se le tla lebaloa. Tšepiso ea Molimo ea tšepisa se fapaneng: “Sechaba se seholo” se ne se tla tsoa ho eena. Ho feta moo, tšepiso ea Molimo e ne e akarelletsa phatlalatso e hlollang ea litaba tse molemo bakeng sa batho bohle, e supa pele nakong eo lichaba tsohle li neng li tla hlohonolofatsoa. (Ba-Galata 3:8) Abrame o ile a lumela tšepisong ea Jehova ’me a siea setsi sa tsoelo-pele e phahameng. Bibele ea re bolella: “A tloha a sa tsebe moo a eang teng.”—Ba-Heberu 11:8, TLP.
6. (a) Ke hobane’ng ha Genese 11:31 e fa Terah tlotla ea hore ke eena ea fallang? (Liketso 7:2-4) (b) Ke ka litsela life Sara e neng e le mohlala bakeng sa basali ba Bakreste kajeno?
6 Tumelo ea Abrame e ile ea ama ba bang. Ba ntlo ea hae, le Terah, ntat’ae, le Lota, ngoana ngoan’abo, ba ile ba tloha le eena. Leha ho le joalo, kaha Terah e ne e le hlooho ea lelapa la bapatriareka, o fuoa tlotla ea ho falla. (Genese 11:31) Tšehetso e lokelang ho eloa hloko ke eo Abrame a ileng a e fumana ho mosali oa hae, Sarai, eo hamorao a ileng a bitsoa Sara. O ile a mamella ho phela bophelo bo tlaasana bophelo bohle ba hae. (Genese 13:18; 24:67) Ka ho utloahalang, lefung la hae, “Abrahama a tla bofifing ba Sara ho mo llela.” (Genese 23:1, 2) Ka lebaka la tumelo ea hae e matla le boikokobetso ba bosali ba pelo eohle, o boleloa ka ho hlaka e le mohlala oa botle ba moea ba ’nete bakeng sa basali ba Bakreste.—Ba-Heberu 11:11, 13-15; 1 Petrose 3:1-6.
7. Ke ka litsela life Bakreste kajeno ba bontšitseng tumelo e kang ea Abrahama le Sara?
7 Bakreste ba bangata kajeno ba bontšitse tumelo e tšoanang ka ho ithaopela ho hasa molaetsa oa Molimo libakeng tseo ho nang le tlhokahalo e khōlō ea baboleli ba ’Muso le bakeng sa ho haha le ho sebelisoa ha mehaho e mecha bakeng sa ho hatisa le ho romella libuka tsa Bibele. (Mattheu 24:14) Bakreste bana ba nkile karolo ho mameleng taelo ena, “E-eang . . . le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” Ha ba fallela linaheng tseo ba sa li tsebeng, hangata ba ’nile ba lokela ho fetohela boemong bo fapaneng ba bophelo. Ba bang ba entse boitelo bo babatsehang linthong tse bonahalang e le hore ba ka etsa barutuoa sebakeng sa habo bona.—Mattheu 28:19, 20, NW.
Liketso Tse Ling Tsa Tumelo
8. Ke eng se ileng sa etsa hore Jehova a itlhahise ka lekhetlo la bobeli ho Abrame?
8 Abrame o ile a emisa motseng oa Kharane ho fihlela lefu la ntat’ae, Terah. (Genese 11:31, 32.) Eaba ba ntlo ea hae ba tšela Nōka ea Eufrate ’me ba leba boroa. Qetellong ba fihla “motseng oa Sikeme” bohareng ba lefatše la Kanana. E tlameha e be e bile pono e thabisang hakaakang! Sikeme e lutse phuleng e nonneng pakeng tsa mokoloko oa lithaba tse fihlang li kopana Thabeng ea Ebale le Thabeng ea Gerizime. E ’nile ea hlalosoa e le “paradeise ea Lefatše le Halalelang.” Ka ho loketseng, Jehova mona o ile a boela a itlhahisa ho Abrame ’me a re: “Lefatše lena ke tla le nea litloholo tsa hao.”—Genese 12:5-7.
9. (a) Ke ka tsela efe e ikhethang Abrame a ileng a tsoela pele ho bontša tumelo? (b) Ke thuto efe eo re ithutang eona ho see?
9 Abrame o ile a arabela ka ketso e ’ngoe ea tumelo. Joalokaha tlaleho e bolela: “A hahela Jehova . . . aletare.” (Genese 12:7) Mohlomong, sena se ne se akarelletsa ho nyehela sehlabelo sa phoofolo, hobane lentsoe la Seheberu bakeng sa “aletare” le bolela “sebaka sa sehlabelo.” Hamorao, Abrame o ile a pheta liketso tsena tsa tumelo likarolong tse ling tsa lefatše. Ho phaella moo, o ile “a bitsa lebitso la Jehova.” (Genese 12:8, NW; 13:18; 21:33, NW) Poleloana ea Seheberu “ho bitsa lebitso” hape e bolela “ho phatlalatsa (ho bolela) lebitso.” Ba ntlo ea Abrame haesita le Bakanana ba tlameha ba ’nile ba mo utloa ha a phatlalatsa ka sebete lebitso la Molimo oa hae, Jehova. (Genese 14:22-24) Ka ho tšoanang, bohle ba batlang botsoalle ba Molimo kajeno ba tlameha ho bitsa lebitso la hae ka tumelo. Hona ho tla akarelletsa ho kopanela boboleling ba phatlalatsa, ho hlahisa “ka mehla ho Molimo ka eena sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.”—Ba-Heberu 13:15; Ba-Roma 10:10.
10. (a) Abrame o ile a bontša tumelo ka litsela life hape? (b) Ke mohlala ofe oo a ileng a o behela lihlooho tsa malapa a Bokreste? (1 Timothea 3:12)
10 Abrame o ile a bontša tumelo ho Jehova ka litsela tse ling tse ngata. O ile a etsa mahlabelo molemong oa khotso empa a ntse a sebetsana le maemo a thata ka sebete. (Genese 13:7-11; 14:1-16) Le hoja a ne a ruile, o ne a se na lerato la lintho tse bonahalang. (Genese 14:21-24) Ho e-na le hoo, o ne a e-na le moea oa ho amohela baeti ’me a tšehetsa borapeli ba Jehova ka seatla se bulehileng. (Genese 14:18-20; 18:1-8) Habohlokoa ka ho fetisisa, e ne e le hlooho ea lelapa e behang mohlala ’me o ne a latela taelo ea Jehova ka hore a laele bara ba hae le ba ntlo ea hae ba mo latelang “hore ba boloke tsela ea Jehova, ba etse ka ho loka.” (Genese 18:19) Ho sena, ba ntlo ea Abrame ba ne ba nkile tsela e neng e fapane haholo le ea Bakanana ba neng ba sebelisa botona le botšehali hampe Sodoma le Gomorrha tsa boahelani. Ka sebele Abrame o ne a ke ke a lumella libe tse tebileng hakaalo ka tlung ea hae. Hore o ne a busa ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle, ho bonahatsoa ke mokhoa oo litho tsa lelapa la hae li neng li etsa ka oona ha li mo etsisa ho bitsa lebitso la Jehova ka tumelo.—Genese 16:5, 13; 24:26, 27; 25:21.
“Ha aa ka a Fokola Tumelong”
11. Abrame o ile a khona ho mamella joang e le ‘mojaki naheng esele’ ka lilemo tse lekholo?
11 Tumelo ea Abrame e matla e ile ea mo thusa ho mamella mathata kaha o phetse lilemo tse lekholo har’a batho ba neng ba bolela hore lefatše leo ke la bona. (Genese 12:4; 23:4; 25:7) Bibele e re: “O kile a lula ka mokhoa oa mojaki naheng eo a e baletsoeng, a haha litenteng le Isaaka le Jakobo, bao e bileng majalefa le eena a pallo e le ’ngoe; hobane o na a lebeletse motse [’Muso oa Molimo] o nang le motheo, oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona. Efela hojane [o] ne [a] sa hopotse lefatše leo [a] faletseng ho lona, [o] ne [a] na le sebaka sa ho khutlela teng.”—Ba-Heberu 11:9, 10, 15; bapisa Ba-Heberu 12:22, 28.
12. Ke monyetla ofe oo sethathong Abrame a ileng a ba le oona oa ho khutlela Ure, ’me o ile a sebetsana le bothata bona joang?
12 Abrame o ne a e-s’o be nako e telele Kanana ha tlala e matla e mo fa “sebaka sa ho khutlela teng.” Ure, kaha e ne e fumana metsi a mangata a Nōka ea Eufrate, e ne e sa itšetleha haholo ka ho na ha pula. Leha ho le joalo, ho e-na le ho khutlela moo, Abrame o ile a ba le tumelo ho Jehova ’me a leba ka tsela e fapaneng—Egepeta. Hoo ho ne ho le kotsi. Kaha Abrahama, motho osele, o ne a e-na le mosali ea motle, bophelo ba hae bo ne bo le kotsing lefatšeng lena leo a sa le tsebeng. Leha ho le joalo, o ile a nka mehato ea ho qoba kotsi ka hore a kōpe Sarai ho pata kamano ea bona ea lenyalo. Jehova o ile a hlohonolofatsa Abrame bakeng sa tumelo ea hae, ’me o ile a khona ho khutlela Lefatšeng la Pallo kapele a e-na le leruo le lengata ho feta pele.—Genese 12:10–13:2; 20:12.
13. Ke eng se tšoantšetsoang ke bonyopa ba Sarai le ho pateloa ha hae ke Abrame kamano ea lenyalo?
13 Sena le sona se ile sa thea karolo ea setšoantšo sa boprofeta seo Abrame a ileng a se etsa a sa tsebe bakeng sa ho re laea. Sarai, eo e neng e ntse e le nyopa, o ne a tšoantšetsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo o kang mosali oa mangeloi a tšepahalang. Mosali enoa oa tšoantšetso ea motle o ile a lokela hore a lete nako ea lilemo tse ka holimo ho 4 000 pele a khona ho fana ka peō ea ’nete ea Abrahama e Moholoanyane, Jehova Molimo. Mahloriso a tobileng a bahlanka ba tšepahalang ba Molimo nakong ea lilemo tseo tsohle tsa ho leta ka linako tse ling a ile a etsa hore ho bonahale eka Jehova o mo patetse kamano ea hae ea bonna.—Genese 3:15; Esaia 54:1-8; Ba-Galata 3:16, 27, 29; 4:26.
14. (a) Qetellong Sarai o ile a itšoara joang ka bonyopa ba hae? (b) Ho ile ha etsahala eng selemong sa bo100 sa Abrame, hona hobane’ng?
14 Ka mor’a ho mamella e le mojaki ka lilemo tse leshome, Abrame o ne a ntse a se na mora eo e leng mojalefa. A nyahamisitsoe ke sena, Sarai o ile a mo kōpa hore a etse ngoana le lekhabunyane la hae, Agare. Abrame o ile a lumela ’me Ishmaele a tsoaloa. (Genese 12:4; 16:1-4, 16) Empa peō e tšepisitsoeng ea tlhohonolofatso e ne e tla tla ka motho e mong osele. Selemong sa bo100 sa Abrame, lebitso la hae le ile la fetoloa ho ba Abrahama, hobane, joalokaha Molimo o boletse, “ke u beile hore u be ra-lichaba-chaba.” Lebitso la Sarai le ile la fetoloa ho ba Sara ka tšepiso ea hore o ne a tla tsoala mora.—Genese 17:1, 5, 15-19.
15. (a) Ke hobane’ng ha Abrahama a ile a tšeha khopolo ea hore Sara o ne a tla mo tsoalla mora? (b) Bopaki bo bong hape ke bofe boo Abrahama a ileng a fana ka bona ba tumelo ea hae e matla?
15 Abrahama (’me hamorao Sara) ba ile ba tšeha khopolo eo hobane matla a hae le a Sara a ho hlahisa bana a ne a se a felile. (Genese 17:17; 18:9-15) Empa ba ne ba sa tšehe hobane ba ne ba sa lumele ka ho hloka tumelo. Joalokaha Bibele e hlalosa: “Ha aa ka a fokola tumelong . . . Ha aa ka a belaela tšepiso ea Molimo . . . empa a matlafatsoa ke tumelo, a tlotlisa Molimo. O ne a kholisehile ka botlalo hore seo Molimo a mo tšepisitseng sona o na le matla a ho se etsa.” (Ba-Roma 4:18-21, TLP) Letsatsing lona leo, Abrahama o ile a fana ka bopaki ba tumelo ea hae e matla. E le pontšo ea selekane sa Molimo le eena, Jehova o ile a bolella Abrahama hore a bolle hammoho le bohle ba batona lelapeng la hae le leholo. (Genese 15:18-21; 17:7-12, 26) O ile a itšoara joang mabapi le taelo ee e bohloko? “A ba bolotsa ka lona letsatsi leo, kamoo Molimo o ’moleletseng kateng.”—Genese 17:22-27.
16. (a) Ke eng se ileng sa etsahala letsatsing leo Isaaka a khoisoang ka lona? (b) Ke eng se neng se tšoantšetsoa ke ho lelekoa ha Agare le Ishmaele?
16 Isaaka, eo lebitso la hae le bolelang “Litšeho,” o ile a tsoaloa ke Sara selemong se hlahlamang. (Genese 21:5, 6) Kapele ha fihla nako ea hore a khoisoe. Nakong ea mokete, Ishmaele ea mōna a hlorisa Isaaka. Ho sena, Sara a phehella Abrahama ka matla hore a leleke mosali oa lekhabunyane, Agare, le mora oa hae lelapeng. Jehova Molimo a tšehetsa kōpo ea Sara. Le hoja a ne a utloile bohloko, Abrahama o ile a susumelletsoa ho utloa. (Genese 21:8-14) Ho latela Ba-Galata 4:21-30, sena se ne se tšoantšetsa kamoo Abrahama e Moholoanyane a neng a tla felisa kamano ea hae le sechaba sa Iseraele oa tlhaho. Ho tšoana le batho ba bang bohle, ba ne ba tsoetsoe e le bahlanka ba sebe. (Ba-Roma 5:12) Empa hape ba ile ba hana Jesu Kreste, Peō ea ’nete ea Abrahama, ea neng a tlile ho tla ba lokolla. (Johanne 8:34-36; Ba-Galata 3:16) ’Me joalokaha Ishmaele a ile a hlorisa Isaaka, ba ile ba hlorisa phutheho e neng e sa tsoa theoa bocha ea Iseraele oa moea, ea bao e neng e le karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama.—Mattheu 21:43; Luka 3:7-9; Ba-Roma 2:28, 29; 8:14-17; 9:6-9; Ba-Galata 3:29.
Teko ea Hae e Khōlōhali ea Tumelo
17. Ka morao ho moo tumelo ea Abrahama e ile ea lekoa joang haboima?
17 Ha ho bonahale eka ho kile ha e-ba le ntate leha e le ofe oa motho ea kileng a ba le lerato le leholo ho mora oa hae ho feta leo Abrahama ea tsofetseng a neng a e-na le lona ho Isaaka. E tlameha e be e ile ea e-ba ho nyarosang hakaakang, ha a amohela taelo ee: “Nka mora oa hao, ea mong ho uena, eo u mo ratang, eena Isaaka; u ee naheng ea Moria, u mo etse teng sehlabelo sa secheso holim’a thaba e ’ngoe eo ke tlang ho u bolella eona.”—Genese 22:1, 2.
18. Abrahama o ile a arabela joang taelong ea Jehova ea ho etsa Isaaka sehlabelo?
18 E tlameha e be ho ile ha thatafalla Abrahama ho utloisisa lebaka la taelo ena e tletlebisang. Empa o ile a bontša kutlo ea hae e potlakang ea ka mehla. (Genese 22:3) Ho ile ha mo nka matsatsi a mararo a khathatsang ho ea fihla thabeng eo e khethiloeng. O ile a haha aletare moo ’me a beha lipatsi tsa mollo ka holimo. Ka nako ena, e tlameha e be o ne a se a hlaloselitse Isaaka taelo ea Molimo, eo a ka beng a balehile habonolo. Ho e-na le hoo, Isaaka o ile a lumella ntat’ae ea tsofetseng ho mo tlama maoto le matsoho le ho mo beha holim’a aletare. (Genese 22:4-9) Kutlo e joalo re ka e tšoantša le eng?
19. (a) Boikokobetso bo sebete ba Isaaka re ka bo tšoantša le eng? (b) Kamano pakeng tsa Abrahama le Isaaka ke thuto joang bakeng sa malapa a Bakreste kajeno?
19 Abrahama o ne a phethahalitse boikarabelo ba hae mabapi le Isaaka ka botšepehi, joalokaha ho bontšitsoe ho Genese 18:19. Ha ho pelaelo hore o ne a hatisitse ka ho Isaaka morero oa Jehova oa ho tsosa bafu. (Genese 12:3; Ba-Heberu 11:17-19) Isaaka, ka lehlakoreng la hae, o ne a ratoa ke Abrahama ka ho tebileng ’me e lokela hore e be o ile a leka ho thabisa ntat’ae nthong e ’ngoe le e ’ngoe, haholo-holo ha e amana le ho etsa thato ea Molimo. Ee ke thuto e molemo hakaakang bakeng sa malapa a Bakreste kajeno!—Ba-Efese 6:1, 4.
20. Abrahama o ile a mamela ka ho etsa joang, hona e le ka moputso ofe?
20 Joale teko ena ea fihla tlhōrōng. Abrahama a nanabela thipa e selakhang. Empa ha a re o tla bolaea mora oa hae, Jehova a mo thiba ’me a re: “Joale, kea tseba hoba u tšaba Molimo, ha u sa ka ua nkhanela le mora oa hao, ea mong ho uena.” (Genese 22:11, 12) Abrahama o ile a putsoa ka ho enneng hakaakang ka ho utloa Molimo o phatlalatsa ho loka ha hae! Joale o ne a ka ikutloa a kholisehile ka hore o finyelletse seo Molimo o se hlokang ho batho ba sa phethahalang. Habohlokoa haholo, seo pejana Jehova a ileng a se hakanya ka tumelo ea hae se ile sa lokafatsoa. (Genese 15:5, 6) Ka mor’a sena, Abrahama o ile a etsa sehlabelo ka pheleu e ileng ea fanoa ka mohlolo bakeng sa Isaaka. Joale o ile a utloa Jehova a tiisa, ka ho hlapanya ka kano, litšepiso tsa selekane. Hamorao, o ile a tsejoa e le motsoalle oa Jehova.—Genese 22:13-18; Jakobo 2:21-23.
21. Ke setšoantšo sefe sa boprofeta se neng se fanoa moo, ’me se lokela ho re khothalletsa ho batla eng?
21 Sehlabelo sa Abrahama e ne e le sa “tšoantšetso.” (Ba-Heberu 11:19, NW) Se ne se tšoantšetsa sehlabelo se bohloko, se theko e boima seo Jehova Molimo a ileng a se etsa ha a romela Mora oa hae ea ratoang lefatšeng ho tla shoa e le “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Johanne 1:29) ’Me ho utloisisa ha Isaaka hore a shoe ho tšoantšetsa kamoo Isaaka e Moholoanyane, Jesu Kreste, ka lerato a ileng a ikokobeletsa ho etsa thato ea Ntate oa hae oa leholimo. (Luka 22:41, 42; Johanne 8:28, 29) Qetellong, joalokaha Abrahama a ile a amohela mora oa hae a ntse a phela aletareng, Jehova o ile a amohela Mora oa hae ea ratoang a tsoa bafung e le sebōpuoa sa moea se khanyang. (Johanne 3:16; 1 Petrose 3:18) See sohle se khothatsa hakaakang bakeng sa ba batlang botsoalle ba Molimo kajeno!
22. Sehlopha se khethiloeng sa batho se ’nile sa iphumantša molemo joang leratong leo ho seng le le fetang la Molimo?
22 Ka ho lumela ketsong ena ea lerato eo ho seng e e fetang ka lehlakoreng la Abrahama e Moholoanyane, Jehova Molimo, sehlopha se khethiloeng sa batho se ’nile sa boleloa se lokile e le bara ba Molimo. (Ba-Roma 5:1; 8:15-17) Ba nkiloe ho Bajode pele eaba ho latela Balichaba, bana ka sebele ba hlohonolofalitsoe ka Peō ea Abrahama, Jesu Kreste. (Liketso 3:25, 26; Ba-Galata 3:8, 16) Hape, ba thea karolo ea bobeli ea peō ea Abrahama. (Ba-Galata 3:29) Ba joalo qetellong palo ea bona e etsa 144 000 ’me, joaloka Jesu, ba tsosetsoa bophelong ba leholimo ka mor’a hore ba ipake ba tšepahala ho isa lefung.—Ba-Roma 6:5; Tšenolo 2:10; 14:1-3.
23. (a) Ke joang limillione li seng li ntse li hlohonolofatsoa ka masala a peō ea Abrahama? (2 Ba-Korinthe 5:20) (b) Ke mahlohonolo afe a eketsehileng a emetseng “bongata bo boholo ba batho”?
23 Ho sa le joalo, ba limillione ba tsoang lichabeng tsohle ba “itlhohonolofatsa” ka ho arabela tšebeletsong e lerato ea masala a fokolang a peō ea Abrahama. (Genese 22:18) Ba ’nile ba thabisoa ke ho ithuta kamoo batho ba baetsalibe ba ka boleloang ba lokile kateng e le metsoalle ea Molimo. Ka baka leo, “bongata bo boholo ba batho . . . ba lichaba tsohle” bo thabela mohau oa Molimo, bo “hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, b[o] li soeufalitse maling a Konyana.” Ka ketello-pele ea masala, le bona ba etsetsa Molimo “tšebeletso e halalelang bosiu le motšehare.” Ka pel’a bongata bona bo boholo ba batho ho behiloe tšepo e babatsehang ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng e le “bana ba Molimo” ba lefatšeng. (Tšenolo 7:9-17, NW; 21:3-5; Ba-Roma 8:21; Pesaleme ea 37:29) Leha ho le joalo, pele mahlohonolo a joalo a netefatsoa, liketsahalo tsa bohlokoa bo boholoanyane li tlameha ho etsahala, joalokaha re tla ithuta sehloohong se latelang.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Tumelo ea Abrahama le ea beng ka eena e ile ea lekoa joang?
◻ Bakreste ba kajeno ba bontšitse tumelo e tšoanang joang?
◻ Abrahama o ile a bontša tumelo ka litsela life tse ling hape?
◻ Abrahama, Sara, le Isaaka ke mehlala joang bakeng sa malapa a Bakreste?
◻ Ke eng se neng se tšoantšetsoa ke ketso e khōlōhali ea tumelo ea Abrahama?