Lefatše le ne le sa Ba Tšoanele
“Ba tlepelitsoe ka majoe, . . . ba lekiloe, . . . kanthebo lefatše le ne le sa tšoanele ho ba le batho ba joalo.”—BA-HEBERU 11:37, 38.
1, 2. Lipaki tsa Jehova tsa boholo-holo li tšepahetse tlas’a maemo afe, ’me liketso tsa tsona li ama bahlanka ba Molimo ba kajeno joang?
LIPAKI TSA JEHOVA tsa mehleng ea boholo-holo li ile tsa tšepahala ho Molimo ho sa tsotellehe liteko tse ngata tseo li ileng tsa li tlisetsoa ke mokhatlo oa batho ba sa lokang. Ka mohlala, bahlanka ba Molimo ba ile ba tlepetsoa ka majoe ’me ba bolaoa ka lerumo. Ba hlokofatsoa ke ho tšoaroa hampe le ho hlorisoa. Leha ho le joalo ha ba ka ba thekesela tumelong. Ka sebele, joalokaha moapostola Pauluse a boletse: “Lefatše le ne le sa tšoanele ho ba le batho ba joalo.”—Ba-Heberu 11:37, 38.
2 Liketso tse susumetsang tumelo tsa batho ba barapeli ba pele ho moroallo, tsa bapatriareka le tsa Moshe li khannela Lipaki tsa Jehova tsa kajeno hore li sebeletse Molimo ka tumelo. Empa ho thoe’ng ka ba bang ba boletsoeng ho Ba-Heberu likhaolo tsa 11 le 12? Re ka rua molemo joang ka ho nahana ka litšobotsi tsa tumelo ea bona?
Tumelo ea Baahloli, Marena le Baprofeta
3. Liketsahalo tse amang Jeriko le Rahaba li bontša joang hore tumelo e tlameha ho pakoa ka mesebetsi?
3 Tumelo hase ho lumela habobebe feela tjee; e tlameha ho pakoa ka mesebetsi kapa liketso. (Bala Ba-Heberu 11:30, 31.) Kamorao ho lefu la Moshe, tumelo e ile ea etsa hore Baiseraele ba hlōle hangata feela Kanana, empa hona ho ne ho ba hloka hore ba iteke. Ka mohlala, ka tumelo ea Joshua le ba bang “marako a Jeriko a oele, hobane a potolohuoe ka matsatsi a supileng.” Empa “ka tumelo, Rahaba, mosali oa moetsalibe, ha a ka a timela le [baahi ba Jeriko ba se nang tumelo].” Hobane’ng? “Hobane o na a amohele lihloela [tsa Baiseraele] ka khotso,” a paka tumelo ea hae ka ho li patela Bakanana. Tumelo ea Rahaba e ne e e-na le motheo o tiileng litlalehong tsa hore ‘Jehova o ile a omisa metsi a Leoatle le Lefubelu’ ka pel’ a Baiseraele ’me a etsa hore ba hlōle Sihone le Oge marena a Baamore. Rahaba a fetola boitšoaro ba hae ka tšoanelo ’me a hlohonolofaletsoa tumelo ea hae e mafolofolo ka ho bolokoa le ba ntlo ea hae ha Jeriko e e-oa le ka hore e be e mong oa bo-nkhon’oa Jesu Kreste.—Joshua 2:1-11; 6:20-23; Mattheu 1:1, 5; Jakobo 2:24-26.
4. Liphihlelo tsa Gideone le Barake li hatisa eng mabapi le ho bontša tumelo ha kotsi e le teng?
4 Tumelo e bontšoa ka ho itšetleha ka ho feletseng ka Jehova kotsing. (Bala Ba-Heberu 11:32.) Pauluse o ile a lumela hore a ka felloa ke nako haeba a ne a ka tsoela pele ho bolela tsa “Gideone, le tsa Barake, le tsa Samsone, le tsa Jafeta, le tsa Davida, le tsa Samuele, le tsa baprofeta,” bao liketso tsa bona tse matla li faneng ka bopaki bo bongata ba tumelo le ho itšetleha ka Molimo maemong a mahlonoko. Kahoo, ka tumelo le ka banna ba 300 feela, Moahloli Gideone o ile a neoa matla ke Molimo hore a robake lebotho la sesole la Bamediane ba hatellang. (Baahloli 7:1-25) A khothalitsoe ke moprofeta oa mosali Debora, Moahloli Barake le lebotho la sesole sa fatše sa banna ba 10 000 ba sa hlomelang hantle hakaalo a hlōla lebotho le matla haholo la Morena Jabine le nang le makoloi a hlometseng a ntoa a 900 a laoloang ke Sisera.—Baahloli 4:1–5:31.
5. Samsone le Jafeta ba ile ba bontša tumelo ka litsela life tse faneng ka bopaki ba ho itšetleha ka Jehova ka ho feletseng?
5 Mohlala o mong oa tumelo oa mehleng ea baahloli ba Iseraele e ne e le Samsone, sera se matla sa Bafilista. Ke ’nete hore o ile a qetella e le motšoaruoa oa bona eo ba mo foufalitseng. Empa Samsone o ile a bolaea ba bangata ho bona ha a hula lipilara tsa ntlo eo ba neng ba entse sehlabelo se seholo sa molimo oa bona oa bohata Dagone. E, Samsone o ile a shoa le Bafilista bao empa e seng ka ho ipolaea ka tsieleho. Ka tumelo o ne a itšetlehile ka Jehova ’me a mo rapela hore a mo fe matla a hlokahalang hore a iphetetse ho lira tseo tsa Molimo le batho ba oona. (Baahloli 16:18-30) Jafeta, eo Jehova a ileng a etsa hore a hlōle Baamone, le eena o ile a bontša tumelo e faneng ka bopaki ba hore o itšetlehile ka ho feletseng ka Jehova. Ke ka tumelo e joalo feela a neng a ka phethahatsa kano ea hae ho Molimo ka ho nyehela morali oa hae tšebeletsong ea Jehova e le moroetsana oa kamehla.—Baahloli 11:29-40.
6. Davida o bonahalitse tumelo ea hae joang?
6 E mong ea neng a hlokomeleha ka tumelo ea hae ke Davida. E ne e le mohlankanyana feela ha a loantša senatla sa Mofilista Goliathe. Davida a re: “U tlile ho ’na ka sabole le ka lerumo le ka tsenene; ’na, ke tla ho uena ka lebitso la Jehova oa makhotla.” E, Davida o ne a itšetlehile ka Molimo, a bolaea senatla se selelele sa Mofilista, ’me a tsoela pele e le mohlabani ea hloahloa oa morena ea loanelang lithahasello tsa batho ba Molimo. ’Me ka lebaka la tumelo ea Davida, e bile motho ea lumellanang le pelo ea Jehova. (1 Samuele 17:4, 45-51; Liketso 13:22) Bophelong bohle, Samuele le baprofeta ba bang le bona ba bontšitse tumelo e matla le ho itšetleha ka ho feletseng ka Molimo. (1 Samuele 1:19-28; 7:15-17) Ke mehlala e metle hakaakang bakeng sa bahlanka ba Jehova ba kajeno, ba banyenyane le ba baholo!
7. (a) ‘Ba hlōtseng marena ka tumelo’ ke bafe? (b) Ke bafe ‘ba sebelitseng ho loka’ ka tumelo?
7 Ka tumelo re ka thulana ka katleho le teko e ’ngoe le e ’ngoe ea botšepehi ba rōna ’me re ka finyella eng kapa eng e lumellanang le thato ea Molimo. (Bala Ba-Heberu 11:33, 34, bapisa NW.) Ha a bolela liketso tse ling tsa tumelo, ho hlakile hore Pauluse o ne a hopotse baahloli, marena le baprofeta ba Baheberu, hobane o ne a sa tsoa bolela banna ba joalo ka mabitso. “Ka tumelo” baahloli ba kang Gideone le Jafeta ‘ba hlōtse marena.’ Ho entse joalo le Morena Davida ea ileng a hlōla Bafilista, Bamoabe, Basyria, Baedomo le ba bang. (2 Samuele 8:1-14) Hape ka tumelo, baahloli ba lokileng “ba sebelitse ho loka,” ’me keletso e lokileng ea Samuele le baprofeta ba bang e ile ea susumetsa bonyane ba bang hore ba qobe kapa ba tlohele ho etsa liphoso.—1 Samuele 12:20-25; Esaia 1:10-20.
8. Davida o ile a fumana tšepiso efe, hona e ne e isa ho eng?
8 Davida ke e mong eo ka tumelo a ‘ruileng lipallo.’ Jehova o ile a mo tšepisa: “Terone ea hao e tla tiisoa ka mehla.” (2 Samuele 7:11-16) ’Me Molimo o ile oa boloka tšepiso eo ka ho hloma ’Muso oa Messia ka 1914.—Esaia 9:6, 7; Daniele 7:13, 14.
9. ‘Melomo ea litau e thibiloe ka tumelo’ tlas’a maemo afe?
9 Moprofeta Daniele o ile a thulana ka katleho le teko ea botšepehi ha a tsoela pele ho rapela Molimo ho latela temalo ea hae ea letsatsi le letsatsi ho sa tsotellehe taelo ea morena. Ka tumelo ea motho ea tšepahalang, Daniele kahoo “o thibile melomo ea litau” ka hore Jehova o mo bolokile a phela ka lemeneng la litau leo a neng a lihetsoe ka ho lona.—Daniele 6:4-23.
10. Ke bafe ba ‘timileng matla a mollo’ ka tumelo, ’me tumelo e tšoanang le eo e tla re nolofaletsa eng?
10 Metsoalle e tšepahalang ea Daniele ea Baheberu Shadrake, Meshake le Abede-Nego ha e le hantle “ba timile matla a mollo.” Ha ba sokeloa ka lefu seboping se besitsoeng ka matla a maholo, ba bolella Morena Nebukadnezare hore, e-bang Molimo oa bona o tla ba pholosa kapa che, ba ne ba ke ke ba sebeletsa melimo ea morena oa Bababilona kapa ba rapela molimo oa setšoantšo oo a o emisitseng. Jehova ha a ka a tima mollo ka seboping seo, empa a tiisa hore Baheberu ba bararo ha ba tsoe kotsi ke oona. (Daniele 3:1-30) Tumelo e joalo e re nolofaletsa ho lula re tšepahetse ho Molimo ho isa ntlheng ea lefu le ka ’nang la hlahisoa ke lira.—Tšenolo 2:10.
11. (a) Ka tumelo, ke bafe ba ‘phonyohileng matla a lerumo’? (b) Ke bafe ba ‘neuoeng matla’ ka tumelo? (c) Ke bafe ba ‘entsoeng linatla ntoeng’ le ba ‘qhalileng makhotla a lira’?
11 Davida ‘o phonyohile bohale ba lerumo’ la banna ba Morena Saule. (1 Samuele 19:9-17) Baprofeta Elia le Elisha le bona ba ile ba pholoha ho bolaoa ka sabole. (1 Marena 19:1-3; 2 Marena 6:11-23) Empa ke bafe ‘ba matlafalitsoeng ka tumelo bofokoling ba bona’? Ha e le hantle, Gideone o ile a inka eena le banna ba hae ba fokola haholo hore ba ka pholosa Iseraele ho Bamidiane. Empa o ile a ‘matlafatsoa’ ke Molimo, o ileng oa mo etsa hore a hlōle—’me a ho etsa ka banna ba 300 feela! (Baahloli 6:14-16; 7:2-7, 22) ‘Bofokoling’ ha a ne a beotsoe moriri, Samsone ‘a matlafatsoa’ ke Jehova ’me a bolaea Bafilista ba bangata. (Baahloli 16:19-21, 28-30; bapisa Baahloli 15:13-19.) Mohlomong Pauluse o ile a boela a nahana ka Morena Ezekiase e le e mong ea ‘matlafalitsoeng’ bofokoling ntoeng esita le ’meleng. (Esaia 37:1-38:22) Har’a bahlanka ba Molimo ba ‘entsoeng linatla ntoeng’ e ne e le Moahloli Jafeta le Morena Davida. (Baahloli 11:32, 33; 2 Samuele 22:1, 2, 30-38) ’Me ba ileng ba ‘qhala makhotla a lira’ ba ne ba akarelletsa Moahloli Barake. (Baahloli 4:14-16) Liketso tsena tsohle tsa bonatla li lokela ho re kholisa hore ka tumelo re ka atleha ho thulana le teko e ’ngoe le e ’ngoe ea botšepehi ba rōna le hore re ka finyella eng kapa eng e tumellanong le thato ea Jehova.
Ba Bang ba Tumelo e Beang Mohlala
12. (a) Ke ‘basali bafe ba boetseng ba amohela ka tsoho bafu ba bona’? (b) Ke ka tsela efe tsoho ea banna ba bang ba tumelo e tlang ho ba e “molemo”?
12 Tumelo e akarelletsa ho lumela tsoho, tšepo e re thusang ho tšepahala ho Molimo. (Bala Ba-Heberu 11:35.) Ka baka la tumelo, “basali ba boetse ba neoa ka tsoho bafu ba bona.” Ka tumelo le matla a Molimo, Elia o ile a tsosa mora oa mohlolohali oa Sarepta ’me Elisha a tsosetsa bophelong moshanyana oa mosali oa Shuneme. (1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:17-37) ‘Empa ba bang ba tšoenyehile ka ho shapuoa hobane ba ne ba ke ke ba amohela tokollo ka topollo e ’ngoe e itseng, e le hore ba ka fumana tsoho e molemo.’ Ka ho hlakileng lipaki tsena tsa Jehova tse sa boleloang ka mabitso ka Mangolong li ile tsa shapuoa ho isa lefung, li hana ho amohela topollo e li hlokang hore li sekisetse tumelo ea tsona. Tsoho ea tsona e tla ba e “molemo” hobane e ke ke ea hlola e ba hloka hore ba shoe hape (joaloka ba ileng ba tsosoa ke Elia le Elisha) ’me e tla etsahala tlas’a puso ea ’Muso oa Jesu Kreste, “Ra-bo-sa-feleng,” eo topollo ea hae e fanang ka monyetla oa bophelo bo sa feleng lefatšeng.—Esaia 9:6; Johanne 5:28, 29.
13. (a) Ke bafe ba ileng ba ‘tšoenngoa le ho songoa?’ (b) Ke bafe ba ileng ba feta tlas’a ‘litlamo le literonko’?
13 Haeba re e-na le tumelo, re tla nolofalloa ke ho mamella mahloriso. (Bala Ba-Heberu 11:36-38.) Ha re hlorisoa, ke thuso ho hopola tšepo ea tsoho le ho hlokomela hore Molimo o ka re boloka joalokaha o entse ka ‘ba bang ba tšoenyehileng [kapa, ba lekiloeng] ka litšomo, le ka ho shapuoa, le ka litlamo, le ka literonko.’ Baiseraele “ba ’na . . . ba tšeha baprofeta ba oona, ho fihlela khalefo ea Jehova e ba e phahamela sechaba sa oona.” (2 Likronike 36:15, 16) Ka tumelo, Mikea, Elisha le bahlanka ba bang ba Molimo ba ile ba mamella ‘litšeho.’ (1 Marena 22:24; 2 Marena 2:23, 24; Pesaleme ea 42:3) “Ho shapuoa” ho ne ho tsebahala mehleng ea marena a Iseraele le baprofeta ba teng, ’me bahanyetsi ba “otla” Jeremia, e seng feela ho mo nyelisa ka ho mo jabela. ‘Litlamo le literonko’ li ka ’na tsa re hopotsa liphihlelo tsa hae hammoho le tsa baprofeta Mikea le Hanani. (Jeremia 20:1, 2; 37:15; 1 Marena 12:11; 22:26, 27; 2 Likronike 16:7, 10) Ka lebaka la ho ba le tumelo e tšoanang, lipaki tsa kajeno tsa Jehova li ’nile tsa nolofalloa ke ho mamella mahlomola a tšoanang “ka baka la ho loka.”—1 Petrose 3:14.
14. (a) Ke mang ea balelloang har’a ba ‘tlepelitsoeng ka majoe’? (b) E ka ’na eaba ke bafe ba ileng ba ‘sehloa ka lisaga’?
14 Pauluse o itse: “Ba tlepelitsoe ka majoe.” Monna e mong ea joalo oa tumelo e ne e le Zakaria, mor’a moprista Jehojada. A aparetsoe ke moea oa Molimo, o ile a bua ka sebete khahlanong le bakoenehi ba Juda. Phello ea e-ba efe? Ka taelo ea Morena Joaze, balotsana ba mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a e-shoa ka lebaleng la ntlo ea Jehova. (2 Likronike 24:20-22; Mattheu 23:33-35) Pauluse a eketsa: “Ba sehliloe ka lisaga, ba lekiloe.” Mohlomong o ile a nahana ka moprofeta Mikea e le e mong oa ‘ba lekiloeng,’ ’me neano ea Bajode e sa tieang e re Esaia o ile a khaoloa likoto tse peli ka saga pusong ea Morena Manasse.—1 Marena 22:24-28.
15. Ke bafe ba ileng ba hlorisoa le ‘ho shota mafeelleng’?
15 Ba bang ba “bolailoe ka bohale ba lerumo,” ka mohlala, baprofeta ba Molimo bahabo Elia ba ile ba ‘bolaoa ka lerumo’ mehleng ea Morena Akabe ea khopo. (1 Marena 19:9, 10) Elia le Elisha ba ne ba le har’a ba neng ba e-na le tumelo ba ileng ba ‘phaila hohle, ba ntse ba apere matlalo a linku le a lipoli, ba lahleheloa ke tsohle, ba hlorisoa, ba etsoa hampe.’ (1 Marena 19:5-8, 19; 2 Marena 1:8; 2:13; bapisa Jeremia 38:6.) ‘Ba shotileng mafeelleng, le lithabeng, le mahaheng, le mekoting ea lefatše’ ba hlorisoa, ba tlameha ho akarelletsa baprofeta ba bang ba 100 ntle ho Elia le Elisha bao Obadia a ileng a ba pata ka lihlopha tsa ba 50 ka lehaheng, a ba fepa bohobe le metsi ha Mofumahali Jezebele ea rapelang melimo ea litšoantšo a qala ho “bolaea baprofeta ba Jehova.” (1 Marena 18:4, 13; 2 Marena 2:13; 6:13, 30, 31) Ke linatla tse kaakang tsa botšepehi! Hase feela Pauluse a itseng: “Lefatše [mokhatlo o khopo oa batho] le ne le sa tšoanele ho ba le batho ba joalo”!
16. (a) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova tsa pele ho Bokreste lia s’o ‘neoe seo li se baletsoeng’? (b) Bakeng sa Lipaki tsa Jehova tsa mehleng ea pele ho Bokreste, ‘ho phetheha’ ho tlameha ho amana le eng?
16 Tumelo e re kholisa hore ka nako e loketseng ea Molimo bohle ba mo ratang ba tla “neoa seo ba se baletsoeng.” (Bala Ba-Heberu 11:39, 40.) Batho ba tšepahalang ba pele ho Bokreste ‘ba pakiloe hoba ba na le tumelo,’ hoo hona joale e leng tlaleho e ngotsoeng ka Mangolong. Empa ha ba s’o fumane “seo ba se baletsoeng” ke Molimo ka tsoho ea lefatšeng ka tebello ea bophelo bo sa feleng tlas’a puso ea ’Muso. Hobane’ng? “Ba tle ba se ke ba phetheha, rōna [balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu] re le sieo” bao ‘Molimo o re bonetseng ho hong ho molemo’—bophelo ba ho se shoe leholimong le litokelo tsa ho busa le Kreste Jesu. Ka tsoho ea bona, hoba ho hlongoe ’Muso ka 1914, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ‘entsoe ba phethahetseng’ maholimong pele Lipaki tsa Jehova tsa mehleng ea pele ho Bokreste li tsosetsoa lefatšeng. (1 Ba-Korinthe 15:50-57; Tšenolo 12:1-5) Bakeng sa lipaki tseo tsa pejana, ho “phetheha” ho tlameha ho amana le tsoho ea tsona ea lefatšeng, hore li qetelle li ‘holotsoe bohlankeng ba tšenyeho,’ le hore ka litšebeletso tsa Moprista e Moholo Jesu Kreste le baprista ba hae ba ka tlaase ba leholimong ba 144 000 li fumane botho bo phethahetseng Pusong ea hae ea Lilemo tse Sekete.—Ba-Roma 8:20, 21; Ba-Heberu 7:26; Tšenolo 14:1; 20:4-6.
Le ’Ne le Lemohe Mophethahatsi oa Tumelo ea Rōna
17, 18. (a) Ho atleha peisong ea rōna ea bophelo bo sa feleng, re tlameha ho etsa joang? (b) Jesu Kreste ke “Mophethahatsi oa tumelo ea rōna” joang?
17 Hoba a bue ka liketso tsa Lipaki tsa Jehova tsa pele ho Bokreste, Pauluse o ile a supa mohlala o ka sehloohong oa tumelo. (Bala Ba-Heberu 12:1-3.) Ke khothatso e kaakang ho ba le ‘leru le lekaalo la lipaki le re potolohileng’! Hona ho re khothalletsa hore re lahle mojaro o mong le o mong o ka ’nang oa re sitisa ho tsoela pele moeeng. Ho re thusa ho qoba sebe sa ho felloa kapa ho haelloa ke tumelo le ho matha ka mamello peisong ea Bokreste ea bophelo bo sa feleng. Leha ho le joalo, hore re finyelle pakane ea rōna, re tlameha ho etsa ho hong ho hoholoanyane. Empa ke hofe hona hoo?
18 Haeba re tla atleha peisong ea rōna ea bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea Molimo, ho hlokahala hore re ‘talime moqali [kapa, Moeta-pele e Moholo] le mophethi [kapa, Mophethahatsi] oa tumelo ea rōna, Jesu.’ Tumelo ea Abrahama le ea ba bang ba tšepahetseng ba phetseng pele ho tšebeletso ea Jesu Kreste ea lefatšeng e ne e sa phethahala, e sa fella ka hore ha baa ka ba utloisisa boprofeta bo neng bo sa phethahala ka nako eo bo neng bo bua ka Messia. (Bapisa 1 Petrose 1:10-12.) Empa ka ho tsoaloa, tšebeletso, lefu le tsoho tsa Jesu, boprofeta bo bongata ba Messia bo ile ba phethahala. Ka hona tumelo ea ‘tla’ ka kutloisiso e phethahetseng ka Jesu Kreste. (Ba-Galata 3:24, 25) Ho feta moo, ho tloha boemong ba hae ba leholimo Jesu o ile a tsoela pele hore e be Mophethahatsi oa tumelo ea balateli ba hae, ho tšoana le ha a ne a tšollela moea o halalelang ho bona ka Pentekonta ea 33 C.E. le ka litšenolo tse ’nileng tsa hōlisa tumelo ea bona. (Liketso 2:32, 33; Ba-Roma 10:17; Tšenolo 1:1, 2; 22:16) Liteboho tsa rōna ke tse kaakang bakeng sa ‘Paki ena e tšepehang,’ “Moeta-pele e Moholo” enoa oa Lipaki tsa Jehova!—Tšenolo 1:5; Mattheu 23:10.
19. Ke hobane’ng ha Jesu a lokela ho ‘lemohuoa’ haufi-ufi?
19 Kaha ha ho bonolo ho mamella lithohako tsa ba sa lumelang, Pauluse o ile a phehella: “Le fele le lemohe [Jesu] ea mameletseng khanyetso e kalo ea baetsalibe, le tle le se ke la khathala ke ho felloa ke lipelo.” Ka sebele, haeba re tsepamisa mahlo a rōna ho “paki e tšepehang,” Jesu Kreste, ha ho mohla re tla khathala ke ho etsa thato ea Molimo.—Johanne 4:34.
20. Tse ling tsa lintho tseo u ithutileng tsona ka tumelo ka ho hlahloba Ba-Heberu 11:1–12:3 ke life?
20 Ho qala ka “leru le lekalo la lipaki” re ithuta ho hongata ka litšobotsi tsa tumelo. Ka mohlala, tumelo e kang ea Abele e re khothaletsa ho ananela sehlabelo sa Jesu. Tumelo ea ’nete e re khothaletsa ho paka, joalokaha Henoke a ile a bua molaetsa oa Jehova ka sebete. Joaloka Noe, tumelo ea rōna e re susumeletsa ho latela litaelo tsa Molimo haufi-ufi le ho sebetsa re le baboleli ba ho loka. Tumelo ea Abrahama e re khahla ka bohlokoa ba ho utloa Molimo le ho tšepa litšepiso tsa oona, le hoja tse ling tsa tsona li s’o phethahale. Mohlala oa Moshe o bontša hore tumelo e re nolofaletsa ho ipoloka re sa silafatsoa ke lefatše lena le ho ema re tiile ka lehlakoreng la batho ba Jehova. Liketso tse matla tsa baahloli ba Iseraele, marena le baprofeta li paka hore tumelo ho Molimo e ka re tiisa har’a mahloriso le liteko. Hona re leboha hakaakang hore mohlala o moholohali oa Jesu Kreste o etsa hore tumelo ea rōna e tiee ’me e se ke ea sisinyeha! Ka baka leo, ka Jesu e le Moeta-pele oa rōna le ka matla a Molimo oa rōna, a re tsoeleng pele ho bontša tumelo e mamellang joaloka Lipaki tsa Jehova.
Likarabelo tsa Hao ke Life?
◻ Ke liketso life tsa Lipaki tsa Jehova tsa pele ho Bokreste tse bontšang hore tumelo e bontšoa ka ho itšetleha ka ho feletseng ka Molimo kotsing?
◻ Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ka tumelo re ka thulana ka katleho le teko e ’ngoe le e ’ngoe ea botšepehi ba rōna?
◻ Ho na le bopaki bofe ba hore ka tumelo re ka mamella mahloriso?
◻ Ke hobane’ng ha Jesu a bitsoa “Mophethahatsi oa tumelo ea rōna”?
◻ Tse ling tsa litšobotsi tse ngata tsa tumelo ke life?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Davida o bontšitse tumelo ka hore a itšetlehe ka ho feletseng ka Jehova. Mohlala o motle bakeng sa batho ba Jehova kajeno!
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
“Basali ba boetse ba neoa ka tsoho bafu ba bona.” Tumelo tsohong e re thusa ho lula re tšepahetse ho Jehova