U se ke Ua Tela Peisong ea Bophelo!
“A Re Matheng Ka Mamello Peisong E Behiloeng Ka Pel’a Rōna.”—Baheberu 12:1.
1, 2. Bahlanka ba Jehova ba thabisitsoe ke liketsahalo life matsatsing aa a ho qetela?
RE PHELA linakong tse sisimosang le tse boima. Lilemong tse fetileng tse ka holimo ho 80, ka 1914, Jesu o ile a behoa teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo. Ho ile ha qalisa ‘letsatsi la Morena’ hammoho le ‘nako ea bofelo’ ba tsamaiso ena ea lintho. (Tšenolo 1:10; Daniele 12:9) Ho tloha ka nako eo, peiso ea bophelo ea Mokreste e ntse e e-ba e potlakileng haholoanyane. Bahlanka ba Molimo ba ’nile ba ikitlaetsa ka matla hore ba kheme le koloi ea Jehova ea leholimo, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa leholimo, o tsoelang pele o sa khaotse ho phethahatsa merero ea Jehova.—Ezekiele 1:4-28; 1 Bakorinthe 9:24.
2 Na batho ba Molimo ba fumane thabo ha ba ntse ba le “peisong” ea bophelo bo sa feleng? E, ka sebele! Ba thabetse ho bona ho bokelloa ha masala a barab’abo Jesu, ’me ba thabela ho bona hore ho tiisoa ha ho qetela ha masala a ba 144-000 ho se ho tla phethoa. (Tšenolo 7:3, 4) Ho feta moo, ba thabetse ho lemoha hore Morena ea khethiloeng oa Jehova o akhetse sekele ea hae bakeng sa ho bokella litholoana tsa “kotulo ea lefatše.” (Tšenolo 14:15, 16) ’Me ke kotulo e kaakang! (Matheu 9:37) Ho fihlela joale, ho bokeletsoe batho ba fetang limilione tse hlano—“bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle.” (Tšenolo 7:9) Ha ho ea ka bolelang hore na bongata boo bo boholo bo tla ba boholo hakae qetellong, kaha ha ho motho ea ka khonang ho bo bala.
3. Re lokela hore kamehla re leke ho hlaolela moea oa thabo ho sa tsotellehe eng?
3 Ke ’nete hore Satane o leka ho re kholokhothehisa kapa ho etsa hore re khoehlise ha re ntse re eketsa lebelo peisong. (Tšenolo 12:17) ’Me ha hoa ka ha e-ba bonolo ho tsoela pele ho matha ka har’a lintoa, litlala, mafu a seoa le mathata a mang ’ohle a tšoaeang nako ea bofelo. (Matheu 24:3-9; Luka 21:11; 2 Timothea 3:1-5) Ho ntse ho le joalo, lipelo tsa rōna li tlōla ke thabo ha re ntse re atamela kholeng. Re leka ka matla ho bontša moea oo Pauluse a ileng a phehella Bakreste-’moho le eena ba mehleng ea hae hore ba be le oona: “Ka mehla thabang Moreneng. Hang hape ka sebele ke tla re, Le thabe!”—Bafilippi 4:4.
4. Bakreste ba Bafilippi ba ne ba bontša moea oa mofuta ofe?
4 Ha ho pelaelo hore Bakreste bao Pauluse a neng a lebisa mantsoe ao ho bona ba ne ba fumana thabo tumelong ea bona, hobane Pauluse o ile a re ho bona: “Le tsoele pele le thabile Moreneng.” (Bafilippi 3:1) Phutheho ea Bafilippi e ne e le lerato, e le seatla se bulehileng, e sebeletsa ka cheseho le ka mafolofolo. (Bafilippi 1:3-5; 4:10, 14-20) Empa e ne e se Bakreste bohle ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba e-na le moea oo. Ka mohlala, Pauluse o ne a amehile ka Bakreste ba bang ba Bajuda bao a ileng a ba ngolla buka ea Baheberu.
‘Ela Hloko ka Tsela e Fetang e Tloaelehileng’
5. (a) Bakreste ba Baheberu ba ne ba e-na le moea ofe ha ho ne ho thehoa phutheho ea pele ea Bokreste? (b) Hlalosa moea oa Bakreste ba bang ba Baheberu hoo e ka bang ka 60 C.E.
5 Phutheho ea pele ea Bokreste historing ea lefatše e ne e entsoe ka Bajuda ba tsoalo le basokolohi ’me e ne e thehiloe Jerusalema ka 33 C.E. E ne e e-na le moea oa mofuta ofe? Motho o lokela feela ho bala likhaolo tse qalang tsa buka ea Liketso hore a hlokomele cheseho le thabo ea eona, ho sa tsotellehe mahloriso. (Liketso 2:44-47; 4:32-34; 5:41; 6:7) Leha ho le joalo, ha lilemo tse mashome li ntse li feta, lintho li ile tsa fetoha, ’me ho hlakile hore Bakreste ba bangata ba Bajuda, ba ile ba khoehlisa peisong ea bophelo. Buka e ’ngoe ea boitsebiso e re ka boemo boo ba neng ba le ho bona hoo e ka bang ka 60 C.E.: “Boemo ba botsoa le ho tepella, ba litebello tse sa phethahaleng, tšepo e liehang ho phethahala, ho hlōleha ha ka boomo le ho hloka tumelo litabeng tsa letsatsi le letsatsi. E ne e le Bakreste empa ba ne ba e-na le kananelo e fokolang bakeng sa tlotla ea ho bitsoa ha bona.” Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba ka ba boemong bo joalo joang? Ho hlahloba likarolo tsa lengolo la Pauluse le eang ho Baheberu (le ngotsoeng hoo e ka bang ka 61 C.E.) ho re thusa ho araba potso eo. Tlhahlobo e joalo, e tla re thusa kaofela kajeno hore re qobe ho tetebela boemong bo joalo ba ho fokola moeeng.
6. Borapeli bo tlas’a Molao oa Moshe bo fapana ka lintlha life le borapeli bo thehiloeng tumelong ho Jesu Kreste?
6 Bakreste ba Baheberu ba ne ba tsoa Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda, e leng tsamaiso e neng e bolela hore e mamela Molao oo Jehova a faneng ka oona ka Moshe. Ho bonahala hore Molao oo o tsoetse pele ho khahla Bakreste ba Bajuda ba bangata, mohlomong hobane ka makholo a lilemo a mangata e ’nile ea e-ba eona feela tsela ea ho atamela Jehova, ’me e ne e le tsamaiso ea borapeli e ipiletsang, e nang le sehlopha sa baprista, mahlabelo a etsoang kamehla le tempele e Jerusalema e neng e tumme lefatšeng lohle. Bokreste bo fapane. Bo batla pono ea moea, e kang ea Moshe, ea ileng “a talima ka hloko tefong ea moputso [o sa ntseng o tla tla]” ’me “a tsoela pele a tiile joalokaha eka o bona Ea sa bonahaleng.” (Baheberu 11:26, 27) Ho hlakile hore Bakreste ba bangata ba Bajuda ba ne ba haelloa ke pono e joalo ea moea. Ba ne ba qhiletsa ho e-na le ho matha ka mokhoa o nang le morero.
7. Tsamaiso eo re tsoileng ho eona e ka ’na ea ama tsela eo re mathang ka eona peisong ea bophelo joang?
7 Na ho na le boemo bo tšoanang kajeno? Ho ke ke ha latoloa hore boemo ba kajeno ha bo tšoane hantle le boo. Ho ntse ho le joalo, Bakreste ba tsoa tsamaisong ea lintho e ithorisang haholo. Lefatše le fana ka menyetla e thabisang, empa ka nako e tšoanang, le jarisa batho meroalo e boima. Ho phaella moo, bongata ba rōna re phela linaheng tseo ho tsona ho atileng boikutlo ba ho belaella lintho le moo batho ba iketelletsang pele ka boithati. Haeba re itumella ho susumetsoa ke tsamaiso e joalo, ‘mahlo a lipelo tsa rōna’ a ka fifala habonolo. (Baefese 1:18) Re tla matha hantle joang peisong ee ea bophelo haeba re se re ke ke ra bona hantle moo re eang teng?
8. Litsela tse ling tseo ka tsona Bokreste bo phahametseng borapeli bo tlas’a Molao ke life?
8 E le hore a ka susumetsa Bakreste ba Bajuda, Pauluse o ile a ba hopotsa hore tsamaiso ea Bokreste e phahametse Molao oa Moshe. Ke ’nete hore ha sechaba sa Iseraele ea nama e ne e le batho ba Jehova ba tlas’a Molao, Jehova o ne a bua le sona ka baprofeta ba bululetsoeng. Empa, Pauluse o re, kajeno o bua “ka Mora, eo a ileng a mo beha hore e be mojalefa oa lintho tsohle, le eo ka eena a ileng a etsa litsamaiso tsa lintho.” (Baheberu 1:2) Ho feta moo, Jesu o moholo ho marena ’ohle a lesika la Davida, “balekane” ba hae. O bile o phahametse esita le mangeloi.—Baheberu 1:5, 6, 9.
9. Ke hobane’ng ha rōna, joaloka Bakreste ba Bajuda ba mehleng ea Pauluse, ho hlokahala hore re “ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng” seo Jehova a se buang?
9 Ka lebaka leo, Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Bajuda a re: ‘Ho hlokahala hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa, e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.’ (Baheberu 2:1) Le hoja ho ithuta ka Kreste e ne e le tlhohonolofatso e tsotehang, ho ne ho hlokahala ho eketsehileng. Ho ne ho hlokahala hore ba ele Lentsoe la Molimo hloko haholoanyane hore ba thibele tšusumetso ea lefatše la Bajuda le ba potolohileng. Le rōna ho hlokahala hore re “ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng” seo Jehova a se buang ka lebaka la liphatlalatso tse mpe tseo re li pepeselitsoeng tse tsoang lefatšeng lena. Sena se bolela ho ba le mekhoa e metle ea ho ithuta le ho ntšetsa pele kemiso e ntle ea ho bala Bibele. Joalokaha Pauluse a boletse hamorao lengolong la hae le eang ho Baheberu, se boetse se bolela ho kopanela kamehla libokeng le mosebetsing oa ho bolela tumelo ea rōna ho ba bang. (Baheberu 10:23-25) Tšebetso e joalo e tla re thusa ho lula re falimehile moeeng e le hore re se ke ra hlokomoloha tšepo ea rōna e khanyang. Haeba re tlatsa likelello tsa rōna ka menahano ea Jehova, re ke ke ra sithabetsoa kapa ra hlokisoa botsitso ke ntho leha e le efe eo lefatše lena le ka re etsang eona.—Pesaleme ea 1:1-3; Liproverbia 3:1-6.
“Le ’ne le Tsoele Pele ho Eletsana”
10. (a) Ho ka etsahala eng ka ea sa eleng Lentsoe la Jehova hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng? (b) Ke joang re ka ‘’nang ra tsoela pele ho eletsana’?
10 Haeba re sa ele hloko haholoanyane lintho tsa moea, litšepiso tsa Molimo li ka ’na tsa hla tsa bonahala e se tsa sebele. Sena se bile sa etsahala le lekholong la pele la lilemo ha litho tsa liphutheho kaofela e ne e le Bakreste ba tlotsitsoeng le baapostola ba bang ba neng ba ntse ba phela. Pauluse o ile a lemosa Baheberu: “Hlokomelang, barab’eso, esere le ka mohla ho ka hōla ho mang kapa mang oa lōna pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang; empa le ’ne le tsoele pele ho eletsana letsatsi ka leng, hafeela ho ka bitsoa hore ke ‘Kajeno,’ esere leha e le mang oa lōna a ka thatafatsoa ke matla a thetsang a sebe.” (Baheberu 3:12, 13) Poleloana ea Pauluse e reng “hlokomelang,” e hatisa tlhokahalo ea ho falimeha. Kotsi ea sokela! Ho hloka tumelo—e leng “sebe”—ho ka ’na ha hōla ka lipelong tsa rōna, ’me re ka ’na ra suthela hōle le Molimo ho e-na le ho atamela haufi le eena. (Jakobo 4:8) Pauluse o re hopotsa hore re “tsoele pele ho eletsana.” Re hloka mofuthu oa botsoalle ba bara ba motho. “Ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.” (Liproverbia 18:1) Tlhokahalo ea botsoalle bo joalo e susumelletsa Bakreste kajeno hore ba be teng kamehla libokeng tsa phutheho, likopanong tse nyenyane le tse khōlō.
11, 12. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khotsofalla ho tseba feela lithuto tsa motheo tsa Bokreste?
11 Hamorao lengolong la hae, Pauluse o fana ka keletso ena e eketsehileng ea bohlokoahali: “Le hoja le tšoanetse hore ebe le mesuoe ka lebaka la nako, le boetse le hloka e mong hore a le rute ho tloha tšimolohong lintho tsa motheo tsa liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo; ’me le fetohile ba tšoanang le ba hlokang lebese, eseng lijo tse tiileng. . . . Lijo tse tiileng ke tsa batho ba hōlileng ka ho feletseng, tsa bao ka tšebeliso matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla ka bobeli se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:12-14) Ho hlakile hore Bakreste ba bang ba Bajuda ba ile ba hlōleha ho tsoela pele kutloisisong. Ba ile ba lieha ho amohela leseli le eketsehileng mabapi le Molao le lebollo. (Liketso 15:27-29; Bagalata 2:11-14; 6:12, 13) Ho ka etsahala hore ba bang ba ne ba ntse ba nka lineano tse kang Sabatha ea beke le beke le ho ketekoa ha Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe ha selemo le selemo e le tsa bohlokoa.—Bakolose 2:16, 17; Baheberu 9:1-14.
12 Kahoo, Pauluse o re: “Kaha joale re tlohetse thuto ea mathomo mabapi le Kreste, a re hateleng pele ka matla khōlong e feletseng.” (Baheberu 6:1) Semathi sa lebelo la mokoka se elang lijo tsa sona hloko haholoanyane se khona ho mamella hamolemo peisong ea nako e telele e etsang hore motho a khathale. Ka ho tšoanang, Mokreste ea elang lijo tsa moea hloko haholoanyane—ea sa felleng ‘lithutong tsa mathomo,’ tsa motheo—o tla khona ho lula peisong hamolemo ’me a e phethe. (Bapisa le 2 Timothea 4:7.) Sena se bolela ho thahasella “bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba ’nete, ka tsela eo re tsoela pele ho fihlela khōlong e feletseng.—Baefese 3:18.
“Ho Hlokahala Hore le be le Mamello”
13. Bakreste ba Baheberu ba bontšitse tumelo ea bona joang linakong tse fetileng?
13 Hantle feela ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., Bakreste ba Bajuda ba ile ba ema ba tiile ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi. (Liketso 8:1) Mohlomong Pauluse o ne a nahanne ka sena ha a ne a ngola: “Le ’ne le tsoele pele le hopola matsatsi a pele ao ka ’ona, ka mor’a hore le behoe leseling, le ileng la mamella tlhōlisano e khōlō tlas’a litlhokofatso.” (Baheberu 10:32) Mamello e tiileng joalo e ne e bontša lerato la bona ho Molimo ’me e ba fa bolokolohi ba puo ka pel’a hae. (1 Johanne 4:17) Pauluse o ba eletsa hore ba se ke ba bo tlohela ka lebaka la ho hloka tumelo. Oa ba phehella: “Ho hlokahala hore le be le mamello, e le hore, ka mor’a hore le etse thato ea Molimo, le ka amohela phethahatso ea tšepiso. Etsoe e sa tla ba ‘ka nakoana e seng kae,’ ’me ‘ea tlang o tla fihla ’me ha a na ho lieha.’”—Baheberu 10:35-37.
14. Ke linnete life tse lokelang ho re thusa ho mamella esita le ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho sebeletsa Jehova?
14 Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Bongata ba rōna re ne re cheseha ha re ne re qala ho ithuta ’nete ea Bokreste. Na re sa na le cheseho eo? Kapa na re ‘tlohetse lerato leo re neng re e-na le lona pele’? (Tšenolo 2:4) Na re feletsoe ke cheseho, mohlomong rea nyahama kapa rea khathala ke ho letela Armagedone? Leha ho le joalo, ema, ’me u nahane. ’Nete e ntse e babatseha joaloka pele. Jesu e sa ntse e le Morena oa rōna oa leholimo. Re sa ntse re lebeletse bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, ’me re sa ntse re e-na le kamano ea rōna le Jehova. ’Me le ka mohla u se ke ua lebala: “Ea tlang o tla fihla ’me ha a na ho lieha.”
15. Joaloka Jesu, ke joang Bakreste ba bang ba mameletseng mahloriso a sehlōhō?
15 Kahoo, mantsoe a Pauluse a ho Baheberu 12:1, 2 ke a loketseng ka ho feletseng: “A re hloboleng boima bo bong le bo bong le sebe [ho hloka tumelo] se re tšoasang habonolo, ’me a re matheng ka mamello peisong e behiloeng ka pel’a rōna, ha re ntse re talimile ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu. Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” Ho na le lintho tse ngata tseo bahlanka ba Molimo ba li mameletseng matsatsing ana a ho qetela. Joaloka Jesu, ea ileng a tšepahala ho isa lefung le bohloko bo otlang pelo, bara le barali babo rōna ba bang ka botšepehi ba mameletse mahloriso a sehlōhō ka ho fetisisa—likampo tsa literonko, tlhokofatso, ho betoa, esita le lefu. (1 Petrose 2:21) Na ha re ba rate haholoanyane ha re nahana ka botšepehi ba bona?
16, 17. (a) Bakreste ba bangata ba loana le liphephetso life tsa tumelo ea bona? (b) Ke ho hopola eng ho tla re thusa ho tsoela pele peisong ea bophelo?
16 Leha ho le joalo, ho ba bangata, mantsoe a Pauluse a tsoelang pele aa sebetsa: “Ha le tsoela pele ka tlhōlisano ea lōna khahlanong le sebe seo le ka mohla ha le e-s’o hanyetse ho fihlela maling.” (Baheberu 12:4) Leha ho le joalo, tsamaisong ena tsela ea ’nete ha e nolofalle mang kapa mang ho rōna. Ba bang ba nyahamisitsoe ke ‘puo e hanyetsang ea baetsalibe’ mosebetsing oa boipheliso kapa sekolong, ho mamella ho songoa kapa ho hanela khatello ea ho etsa sebe. (Baheberu 12:3) Moleko o matla o sentse boikemisetso ba ba bang ba ho boloka litekanyetso tse phahameng tsa Molimo. (Baheberu 13:4, 5) Bakoenehi ba amme botsitso ba moea ba ba seng bakae ba mamelang liphatlalatso tsa bona tse mpe. (Baheberu 13:9) Liqabang li hlokisitse ba bang thabo. Khatiso e behoang boithabisong le boikhathollong e fokolisitse Bakreste ba bang. ’Me ba bangata ba ikutloa ba hateletsoe ke mathata a ho phela tsamaisong ena ea lintho.
17 Ke ’nete hore ha ho le bo bong maemong ana boo e leng ‘khanyetso ho fihlela maling.’ ’Me ho ka ’na ha fumanoa hore sesosa sa maemo a mang ke liqeto tse fosahetseng tseo rōna ka borōna re li etsang. Empa kaofela ha ’ona a hlahisetsa tumelo ea rōna phephetso. Ke ka lebaka leo re lokelang ho tsepamisa mahlo a rōna mohlaleng oa Jesu o motle haholo oa mamello. E se eka le ka mohla re ke ke ra lebala kamoo tšepo ea rōna e babatsehang kateng. E se eka le ka mohla re ke ke ra felloa ke tumelo ea hore Jehova “e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Joale, re tla ba matla moeeng bakeng sa ho tsoela pele peisong ea bophelo.
Re ka Mamella
18, 19. Ke liketsahalo life tsa histori tse bontšang hore Bakreste ba Baheberu ba Jerusalema ba ile ba ela hloko keletso ea Pauluse e bululetsoeng?
18 Bakreste ba Bajuda ba ile ba arabela joang lengolong la Pauluse? Lilemong tse tšeletseng ka mor’a hore lengolo le eang ho Baheberu le ngoloe, Judea e ne e le ntoeng. Ka 66 C.E., lebotho la ntoa la Baroma le ile la lika-liketsa Jerusalema, le phethahatsa mantsoe a Jesu: “Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a ntoa a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse.” (Luka 21:20) Leha ho le joalo, molemong oa Bakreste ba neng ba tla be ba le Jerusalema ka nako eo, Jesu o itse: “Joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona a ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko a ba se ke ba kena ka har’a eona.” (Luka 21:21) Kahoo, ho loana le Roma e ile ea e-ba teko: Na Bakreste bao ba Bajuda ba ne ba tla furalla Jerusalema, setsi sa borapeli ba Bajuda le sebaka sa tempele e khanyang?
19 Ka tšohanyetso, le ka lebaka le sa tsejoeng, Baroma ba ile ba checha. Mohlomong, balumeli ba Bajuda ba ne ba talima sena e le bopaki ba hore Molimo o sireletsa motse oa bona o halalelang. Ho thoe’ng ka Bakreste? Histori e re bolella hore ba ile ba baleha. Joale, ka 70 C.E., Baroma ba ile ba khutla ’me ba timetsa Jerusalema ka ho feletseng ’me ha e-shoa ba bangata ka tsela e tšosang. “Letsatsi la Jehova” leo Joele a le boletseng esale pele le ne le fihlile Jerusalema. Empa Bakreste ba tšepahalang ba ne ba se ba le sieo moo. Ba ile ba “bolokeha.”—Joele 2:30-32; Liketso 2:16-21.
20. Ho tseba hore “letsatsi la Jehova” le leholo le atametse ho lokela ho re susumetsa ka litsela life?
20 Kajeno, rea tseba hore “letsatsi la Jehova” le leng le leholo le tla tloha le tlela tsamaiso ena eohle ea lintho. (Joele 3:12-14) Ha re tsebe hore na letsatsi leo le tla tla neng. Empa Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore le tla fela le tle! Jehova o re le ke ke la lieha. (Habakuke 2:3, NW; 2 Petrose 3:9, 10) Kahoo, a re ‘eleng hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa.’ Qoba ho hloka tumelo, “sebe se re tšoasang habonolo.” Ikemisetse ho mamella ho sa tsotellehe hore na ke ka nako e telele hakae. Hopola, mokhatlo o moholo oa Jehova oa leholimo o kang koloi o tsoela pele. O tla finyella morero oa oona. Ka hona e se eka kaofela re ka tsoela pele ho matha ’me re se ke ra tela peisong ea bophelo!
Na U sa Hopola?
◻ Re tla thusoa ho mamella peisong ea bophelo ke ho ela hloko keletso efe ea Pauluse ho Bafilippi?
◻ Ke’ng se tla re thusa ho loantša tšekamelo ea lefatše lee ea ho re ferekanya?
◻ Re ka thusana joang ho mamella peisong?
◻ Ke lintho life tse ka etsang hore Mokreste a khoehlise?
◻ Mohlala oa Jesu o ka re thusa joang hore re mamelle?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Joaloka limathi, ha ho letho leo Bakreste ba lokelang ho le lumella ho ba sitisa
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ha ho letho le ka thibelang koloi ea Jehova ea leholimo e khōlō ho finyella morero oa Molimo