“Ke na le Lōna”
‘Lenģosa la Jehova la tsoela pele ho re: . . . ‘“Ke na le lōna,” ho bolela Jehova.’’—HAGAI 1:13.
1. Jesu o ile a bua ka liketsahalo life tsa boprofeta bo amang mehla ea rōna?
RE PHELA nakong ea bohlokoa haholo historing. Joalokaha boprofeta ba Bibele bo phethahetseng bo bontšitse, re ’nile ra ba “letsatsing la Morena” ho tloha ka 1914. (Tšenolo 1:10) E ka ’na eaba u tseba boprofeta bona bo buang ka ‘letsatsi la Morena,’ kahoo ua tseba hore Jesu o ile a bapisa ‘matsatsi a Mor’a motho’ ha a se a busa ’Musong le ‘matsatsi a Noe’ haesita le ‘matsatsi a Lota.’ (Luka 17:26, 28) Kahoo Bibele e bontša hore liketsahalo tsa mehleng ea Noe le Lota ke boprofeta bo amang mehla ea rōna. Leha ho le joalo, ho na le boprofeta bo bong bo amang mehla ea rōna boo re lokelang ho bo hlahloba ka ho teba.
2. Jehova o ile a abela Hagai le Zakaria mosebetsi ofe?
2 A re hlahlobeng boemo bo neng bo le teng khale koana mehleng ea baprofeta ba Baheberu, e leng Hagai le Zakaria. Baprofeta bao ba babeli ba tšepahalang ba ile ba fana ka molaetsa ofe o sebetsang ka ho toba ho batho ba Jehova mehleng ea rōna? Hagai le Zakaria e ne e le ‘manģosa a Jehova’ ho Bajuda ka mor’a hore ba khutle botlamuoeng Babylona. Ba ne ba abetsoe hore ba tiisetse Baiseraele hore Molimo o tla ba tšehetsa mosebetsing oa ho tsosa tempele. (Hagai 1:13; Zakaria 4:8, 9) Le hoja libuka tse ngotsoeng ke Hagai le Zakaria li le khutšoanyane, ke karolo ea “Lengolo lohle le [bululetsoeng] ke Molimo [le] le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.”—2 Timothea 3:16.
Re Lokela ho Ela Hloko Boprofeta Boo
3, 4. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella molaetsa oa Hagai le Zakaria?
3 Ruri Bajuda ba mehleng eo ba ile ba rua molemo molaetseng oa Hagai le Zakaria, ’me boprofeta ba bona bo ile ba phethahala nakong eo. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore kajeno re lokela ho ela hloko libuka tsee tse peli? Re bona seo ho Baheberu 12:26-29. Mono moapostola Pauluse o qotsa Hagai 2:6, e buang ka hore Molimo o “sisinya maholimo le lefatše.” Qetellong ho sisinya hoo ho ne ho tla “liha terone ea mebuso le ho felisa matla a mebuso ea lichaba.”—Hagai 2:22.
4 Ha Pauluse a qotsa Hagai, o bolela se lokelang ho etsahala ka “mebuso ea lichaba” ebile o bua ka boemo bo phahameng ba ’Muso o sa thekeseleng oo Bakreste ba tlotsitsoeng ba tlang ho o fumana. (Baheberu 12:28) Mantsoeng ana a Pauluse u ka utloisisa hore boprofeta ba Hagai le Zakaria bo bua ka nako eo e neng e le hona e tla tla, ha buka ea Baheberu e ne e ngoloa lekholong la pele la lilemo Mehleng ea rōna e Tloaelehileng. Kajeno lefatšeng ho ntse ho e-na le masala a Bakreste ba tlotsitsoeng, ao e leng majalefa a ’Muso oa Bomesia le Jesu. Kahoo, e tlameha ebe boprofeta ba Hagai le Zakaria ke ba bohlokoa bakeng sa mehla ea rōna.
5, 6. Ke liketsahalo life tse ileng tsa etsa hore Hagai le Zakaria ba profete?
5 Buka ea Esdrase e fana ka boitsebiso ba histori bo hlakisang buka ea Hagai le ea Zakaria. Ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng Babylona ka 537 B.C.E., ’Musisi Zorobabele le Moprista ea Phahameng Joshua (kapa Jeshua) ba ile ba okamela mosebetsi oa ho rala motheo oa tempele e ncha ka 536 B.C.E. (Esdrase 3:8-13; 5:1) Le hoja seo se ile sa tlisa thabo e khōlō, kapele Bajuda ba ile ba qala ho apareloa ke tšabo. Esdrase 4:4 e bolela hore bahanyetsi ba bona, “batho ba naha ba tsoela pele ho fokolisa matsoho a sechaba sa Juda le ho se nyahamisa hore se se ke sa haha.” Lira tsena, haholo-holo Basamaria, li ile tsa etselletsa Bajuda. Bahanyetsi bana ba ile ba susumelletsa morena oa Persia hore a thibele mosebetsi oa ho haha tempele.—Esdrase 4:10-21.
6 Cheseho eo ba neng ba qalile mosebetsi oa tempele ka eona e ile ea fokotseha. Eaba Bajuda ba phehella lintho tseo ba li ratang. Leha ho le joalo, ka 520 B.C.E., lilemo tse 16 ka mor’a hore ho raloe motheo oa tempele, Jehova o ile a hlahisa Hagai le Zakaria ho ea susumetsa batho hore ba tsosolose mosebetsi tempeleng. (Hagai 1:1; Zakaria 1:1) Ha Bajuda ba se ba tsositsoe molota ke manģosa ao a Molimo le bopaki bo hlakileng ba hore Jehova o ba tšehelitse, ba ile ba boela ba qala mosebetsi tempeleng ho fihlela o phethoa ka 515 B.C.E.—Esdrase 6:14, 15.
7. Boemo ba mehleng ea Hagai le Zakaria bo tšoana joang le ba mehleng ea kajeno?
7 Na ua tseba hore na see sohle se bolela’ng ho rōna? Re na le mosebetsi oo re lokelang ho o etsa o amanang le ho bolela “litaba tse molemo tsa ’muso.” (Matheu 24:14) Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ho ile ha buelloa ka matla hore ho etsoe mosebetsi oo. Feela joalokaha Bajuda ba boholo-holo ba ile ba lokolloa ka tsela ea sebele botlamuoeng ba Babylona, kahoo batho ba Jehova ba mehleng ea kajeno ba ile ba lokolloa botlamuoeng ba Babylona e Moholo, e leng ’muso oa bolumeli ba bohata o laolang lefatše lohle. Batlotsuoa ba Molimo ba ile ba ikitlaetsa ho bolela, ho ruta le ho lebisa batho borapeling ba ’nete. Kajeno mosebetsi oo o ntse o tsoela pele ka matla le ho feta, ’me ho ka etsahala hore ebe le uena ua o etsa. Ena ke nako ea hore o etsoe, kaha bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo atametse! Mosebetsi ona oo Molimo a re abetseng oona o lokela ho tsoela pele ho fihlela Jehova a kenella litabeng tsa batho ‘matšoenyehong a maholo.’ (Matheu 24:21) Ketsahalo eo e tla felisa bokhopo ’me e etse hore borapeli ba ’nete bo thehoe ka tieo hohle lefatšeng.
8. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o tla tšehetsa mosebetsi oa rōna?
8 Joalokaha boprofeta ba Hagai le Zakaria bo bontša, re ka kholiseha hore Jehova o tla re tšehetsa a be a re hlohonolofatse ha re ntse re etsa mosebetsi ona ka lipelo tsohle tsa rōna. Ho sa tsotellehe boiteko boo ba bang ba bo etsang ba ho hatella bahlanka ba Molimo kapa ba ho thibela mosebetsi oo ba o abetsoeng, ha ho ’muso o atlehileng ho khina khatelo-pele ea mosebetsi oa ho bolela evangeli. Ak’u nahane kamoo Jehova a ’nileng a hlohonolofatsa mosebetsi oa ’Muso ka keketseho kateng ho theosa le mashome a lilemo ho tloha ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše ho tla fihlela mehleng ea rōna! Leha ho le joalo thota e sa namme.
9. Ke boemo bofe ba boholo-holo boo re lokelang ho bo ela hloko, hona hobane’ng?
9 Seo re ithutang sona ho Hagai le Zakaria se ka re susumetsa joang le ho feta hore re mamele taelo ea Molimo ea ho bolela le ho ruta? A re hlokomeleng lithuto tse ling tseo re ka li fumanang libukeng tsena tse peli tsa Bibele. Ka mohlala, nahana ka lintlha tse seng kae tse qaqileng tse amanang le mosebetsi oa ho haha tempele oo Bajuda ba khutliselitsoeng naheng ea habo bona ba neng ba lokela ho o phetha. Joalokaha ho boletsoe, Bajuda ba ileng ba khutlela Jerusalema ba e-tsoa Babylona ha baa ka ba tiisetsa mosebetsing oa bona tempeleng. Ka mor’a hore ba rale motheo oa tempele, ba ile ba hulanya maoto. Ba ne ba se ba e-na le pono efe e fosahetseng? Hona re ka ithuta eng ho seo?
Re Lokela ho ba le Pono e Nepahetseng
10. Bajuda ba ile ba e-ba le pono efe e fosahetseng, ’me ha e-ba le liphello life?
10 Bajuda ba khutliselitsoeng naheng ea habo bona ba ne ba re: “Nako ha e e-s’o fihle.” (Hagai 1:2) Ha ba ne ba qala mosebetsi oa ho haha tempele, ba rala motheo oa eona ka 536 B.C.E., ba ne ba sa re “nako ha e e-s’o fihle.” Empa ka mor’a nako e khutšoanyane, ba ile ba itumella hore ba angoe ke khanyetso ea baahelani ba bona le ho itšunya-tšunya ha ’muso. Bajuda ba ile ba qala ho ameha haholo ka matlo a bona le boiketlo ba bona. Ha Jehova a bapisa matlo a bona a neng a manehiloe ka mapolanka a boleng bo phahameng le tempele e neng e sa fela, o ile a ba botsa, a re: “Na ke nako ea hore le lule matlong a lōna a manehiloeng ka mapolanka, ha ntlo ena e le lesupi?”—Hagai 1:4.
11. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lokela ho khalemela Bajuda ba mehleng ea Hagai?
11 Ka sebele Bajuda ba ne ba fifaletsoe ke pono ka lintho tse lokelang ho tla pele bophelong. Ho e-na le ho etelletsa pele morero oa Jehova oa hore ho hahuoe tempele, batho ba Molimo ba ile ba inahana bobona feela le matlo a bona. Ba ile ba hlokomoloha mosebetsi oa ntlo ea Molimo ea borapeli. Lentsoe la Jehova le tlalehiloeng ho Hagai 1:5 le ile la khothalletsa Bajuda ho ‘beha lipelo tsa bona litseleng tsa bona.’ Jehova o ne a ba bolella hore ba ke ba thuise ka seo ba neng ba se etsa le ho nahanisisa kamoo ho se etelletse pele mosebetsi oa ho haha tempele ho neng ho ba ama kateng.
12, 13. Hagai 1:6 e hlalosa boemo ba Bajuda joang, hona temana ee e bolela’ng?
12 Joalokaha u ka inahanela, Bajuda ba ile ba etelletsa pele lintho tsa bona, ’me sena se ile sa ba ama hampe. Hlokomela maikutlo a Molimo a boletsoeng ho Hagai 1:6: “Le jetse peō e ngata, empa ho tlisoa ho honyenyane. Hoa jeoa, empa eseng ho fihlela ho khotšoe. Hoa nooa, empa eseng ho fihlela ho tahiloe. Ho aparoa liaparo, empa eseng hore ho be le mang kapa mang ea futhumalang; ’me ea ikhirisang o ikhirisa bakeng sa mokotla o nang le masoba.”
13 Bajuda ba ne ba le naheng eo Molimo a neng a ba file eona, empa e ne e sa melise lijo ka tsela eo ba neng ba e lebeletse. Jehova o ne a sa ba hlohonolofatse, joalokaha a ne a lemositse esale pele. (Deuteronoma 28:38-48) Kaha Jehova o ne a sa ba tšehetsa, Bajuda ba ne ba jala peō empa kotulo e ne e le nyenyane haholo, ba sa fumane lijo tse lekaneng hore ba khotsofale. Kahobane Jehova o ne a sa ba hlohonolofatse, ba ne ba sitoa ho ikapesa liaparo tse mofuthu. Ho ne ho bile ho bonahala eka chelete eo ba neng ba e sebelelitse e ne e tšetsoe ka mokotleng o masoba, batho ba e sebelelitseng ba sa bone hore na ba etsa’ng ka eona. Ho boleloa eng ka polelo e reng: “Hoa nooa, empa eseng ho fihlela ho tahiloe”? Ha e bolele hore ho tahoa e ne e tla be e le pontšo ea hore Molimo o ne a ba hlohonolofalitse; hobane o nyatsa botahoa. (1 Samuele 25:36; Liproverbia 23:29-35) Ho fapana le seo, polelo eo ke pontšo e ’ngoe hape ea hore Molimo o ne a sa hlohonolofatse Bajuda. Veine leha e le efe eo ba neng ba tla e etsa e ne e tla fokola, e ne e ke ke ea lekana hore e bake tahi. Bibele ea Sesotho e fetolela Hagai 1:6 tjena: “Lea noa, empa ha le kholoe.”
14, 15. Re ithuta’ng ho Hagai 1:6?
14 Seo re ithutang sona mona hase hore na re khabise matlo a rōna joang. Nako e telele pele Bajuda ba isoa botlamuoeng Babylona, moprofeta Amose o ne a ile a khalemela ba ruileng Iseraele mabapi le ‘matlo a bona a manaka a tlou’ le ka ho ‘robala ha bona litulong tsa bona tse kang bethe tsa manaka a tlou.’ (Amose 3:15; 6:4) Matlo a bona a mahalihali le thepa ea bona ea ka tlung e khabisitsoeng ha lia ka tsa nka nako e telele. Lintho tseo li ile tsa haptjoa ke lira tsa bona. Leha ho le joalo, lilemo hamorao, ka mor’a hore ba ee botlamuoeng ka lilemo tse 70, bongata ba batho ba Molimo bo ne bo ntse bo sa ithuta liketsahalong tseo tse etsahetseng pele ba ea botlamuoeng. Na rōna re tla ithuta liketsahalong tsee? Re le batho ka bomong, re lokela ho ipotsa sena: ‘Ha e le hantle, na ke talima lehae la ka le ho le khabisa e le lintho tsa bohlokoa haholo? Ho thoe’ng ka ho lokisetsa ho fumana thuto e eketsehileng hore ke intlafatse mosebetsing, le hoja ho etsa seo ho ka hloka nako e telele haholo ka lilemo tse ngata, ebe joale ho sitisa likarolo tsa bohlokoa tsa borapeli ba ka ho Molimo?’—Luka 12:20, 21; 1 Timothea 6:17-19.
15 Seo re se balang ho Hagai 1:6 se lokela ho re hopotsa hore seo re se hlokang ke hore Molimo a re hlohonolofatse bophelong. Molimo ha aa ka a hlohonolofatsa Bajuda bao ba boholo-holo, ’me seo se ile sa ba tlisetsa litholoana tse babang. Ebang re na le lintho tse ngata tse bonahalang kapa che, haeba Jehova a sa re hlohonolofatse, ka sebele seo se tla ama kamano ea rōna le Molimo hampe. (Matheu 25:34-40; 2 Bakorinthe 9:8-12) Empa re ka fumana tlhohonolofatso eo joang?
Jehova o re Thusa ka Moea oa Hae o Halalelang
16-18. Zakaria 4:6 e ne e bolela’ng mehleng ea boholo-holo?
16 Zakaria, ea neng a profeta ’moho le Hagai, o ile a bululeloa hore a totobatse mokhoa oo ka oona Jehova a neng a susumetsa a bile a hlohonolofatsa batho ba inehetseng nakong eo. ’Me sena se bontša kamoo le uena a tlang ho u hlohonolofatsa kateng. Rea bala: “‘Eseng ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa ka moea oa ka,’ ho boletse Jehova oa mabotho.” (Zakaria 4:6) E ka ’na eaba u ’nile ua utloa hangata ho qotsoa temana ena, empa e ne e bolela’ng ho Bajuda ba mehleng ea Hagai le Zakaria, hona e sebetsa joang ho uena?
17 Hopola hore mantsoe a bululetsoeng a Hagai le Zakaria a ile a ba le phello e tsotehang nakong eo e fetileng. Seo baprofeta bao ba babeli ba ileng ba se bua se ile sa tsosa Bajuda ba tšepahalang molota. Hagai o ile a qala ho profeta ka khoeli ea botšelela selemong sa 520 B.C.E. Zakaria eena a qala ho profeta ka khoeli ea borobeli selemong sona seo. (Zakaria 1:1) Joalokaha u ka bona ho Hagai 2:18, mosebetsi oa ho rala motheo o ile oa boela oa qala ka matla ka khoeli ea borobong. Kahoo Bajuda ba ile ba susumelletsoa hore ba nke bohato, ’me ba mamela Jehova ba tšepile hore o tla ba tšehetsa. Mantsoe a ho Zakaria 4:6 a bua ka tšehetso ea Molimo.
18 Ha Bajuda ba khutlela naheng ea habo bona ka 537 B.C.E., ba ne ba se na lebotho la sesole. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba sireletsa ’me a ba tataisa leetong la ho tloha Babylona. ’Me nakoana ka mor’a moo, moea oa hae o ile oa tsamaisa litaba ha ba qala ho sebetsa tempeleng. Hang ha ba se ba qalile hape ho sebetsa ka lipelo tsohle tsa bona, o ne a tla ba tšehetsa ka moea oa hae o halalelang.
19. Moea oa Molimo o ile oa hlōla tšusumetso efe e matla?
19 Ka letoto la lipono tse robeli, Zakaria o ile a tiisetsoa hore Jehova o ne a tla ba le batho ba hae, bao ka botšepehi ba neng ba tla ntšetsa pele mosebetsi tempeleng ho fihlela o phethiloe. Pono ea bone, e tlalehiloeng khaolong ea boraro, e bontša hore Satane o ne a ikeme lepaketla ho sitisa boiteko ba Bajuda ba ho phethela kaho ea tempele. (Zakaria 3:1) Ka sebele Satane o ne a ke ke a thabela ho bona Moprista ea Phahameng Joshua a tšoarela batho litšebeletso tempeleng e ncha. Le hoja Diabolose a ne a ikeme lepaketla ho thibela Bajuda hore ba se ke ba haha tempele, moea oa Jehova o ne o tla phetha karolo ea bohlokoa ho tlosa litšitiso tseo le ho matlafatsa Bajuda hore ba tsoele pele ho fihlela tempele eo e phethiloe.
20. Moea o halalelang o ile oa thusa Bajuda joang hore ba phethe thato ea Molimo?
20 Ho ne ho bonahala eka ho na le tšitiso e ke keng ea hlōloa ea khanyetso e neng e tsoa ho ba boholong ’musong ba neng ba atlehile ho thibela mosebetsi. Leha ho le joalo, Jehova o ile a tšepisa hore sena se bonahalang eka ke “thaba” se ne se tla tlosoa ’me se fetohe “sebaka se motsitsa.” (Zakaria 4:7) ’Me seo ke sona se ileng sa fela sa etsahala! Morena Dariuse I o ile a etsa patlisiso, ’me a fumana taelo ea pele e neng e fanoe ke Cyruse e lumellang Bajuda hore ba tsose tempele. Kahoo Dariuse o ile a felisa thibelo eo eaba o fana ka tumello ea hore ho ntšoe chelete polokelong ea matlotlo ea borena ’me e fuoe Bajuda hore ba lefelle litšenyehelo tsa mosebetsi. Eo e bile phetoho e tsotehang hakaakang ea maemo a litaba! Na moea oa Molimo o ile oa phetha karolo e itseng tabeng ee? Ha ho pelaelo hore ho bile joalo. Tempele e ile ea phethoa ka 515 B.C.E., e leng selemo sa botšelela sa puso ea Dariuse I.—Esdrase 6:1, 15.
21. (a) Mehleng ea boholo-holo, Molimo o ile a “sisinya lichaba tsohle” joang, hona “lintho tse lakatsehang” li ile tsa tsoa ka tsela efe? (b) Seo se phethahala joang mehleng ea kajeno?
21 Ho Hagai 2:5, moprofeta o ile a hopotsa Bajuda selekane seo Molimo a ileng a se hlaba le bona Thabeng ea Sinai ka 1513 B.C.E. ha “thaba eohle e ne e thothomela haholo.” (Exoda 19:18) Matsatsing a Hagai le Zakaria, Jehova o ne a tlil’o baka tšisinyeho e ’ngoe hape, joalokaha e hlalositsoe ka puo ea tšoantšetso temaneng ea 6 le ea 7. Ho ne ho ke ke ha e-ba le botsitso ’Musong oa Persia, empa mosebetsi o etsoang tempeleng o ne o tla tsoela pele ho fihlela o phethiloe. Batho bao e seng Bajuda, e leng “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle,” ba ne ba tla qetella ba tlotlisa Molimo hammoho le Bajuda sebakeng seo sa borapeli. Mehleng ea rōna, Molimo o ‘sisintse lichaba’ haholo ka mosebetsi oa rōna oa Bokreste oa boboleli, ’me “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” li kene hore li tl’o rapela Molimo hammoho le masala a tlotsitsoeng. Ka sebele, hona joale batlotsuoa le linku tse ling hammoho ba tlatsa ntlo ea Jehova ka khanya. Barapeli bana ba ’nete ba letetse ka tumelo nako eo ka eona Jehova a tlang ho ‘sisinya maholimo le lefatše’ ka kutloisiso e ’ngoe. Seo se tla etsahala ka morero oa ho liha le ho felisa matla a mebuso ea lichaba.—Hagai 2:22.
22. Lichaba li ‘sisinngoa’ ka tsela efe, hona ho ba le liphello life, empa ho sa ntse ho tla etsahala eng?
22 Re hopotsoa ka merusu e etsahetseng likarolong tse sa tšoaneng tse tšoantšetsoang ke “maholimo le lefatše le leoatle le mobu o omileng.” Ka mohlala, Satane Diabolose le bademona ba hae ba ile ba liheloa lefatšeng. (Tšenolo 12:7-12) Ho phaella moo, mosebetsi oa boboleli o eteletsoeng pele ke batlotsuoa ba Molimo, ka sebele o sisintse likarolo tsa lefatše tsa tsamaiso ena ea lintho. (Tšenolo 11:18) Ho sa tsotellehe seo, “bongata bo boholo” ba lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle bo ikopantse le Iseraele ea moea tšebeletsong ea Jehova. (Tšenolo 7:9, 10) Bongata bo boholo bo sebetsa hammoho le Bakreste ba tlotsitsoeng ho bolela litaba tse molemo tsa hore haufinyane Molimo o tla sisinya lichaba ka Armagedone. Ketsahalo eo e tla bula monyetla oa hore borapeli ba ’nete bo etsoe bo phethahetseng lefatšeng lohle.
Na U sa Hopola?
• Hagai le Zakaria ba ile ba profeta neng, hona e le maemong afe?
• U ka sebelisa molaetsa oo Hagai le Zakaria ba faneng ka oona joang?
• Ke hobane’ng ha u khothatsoa ke Zakaria 4:6?
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Libuka tsa Hagai le Zakaria li re tiisetsa hore Molimo o tla re tšehetsa
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
“Na ke nako ea hore le lule matlong a lōna a manehiloeng ka mapolanka, ha ntlo ena e le lesupi?”
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Batho ba Jehova ba na le seabo mosebetsing oa ho finyella ‘ba lakatsehang ba lichaba’