Jehova Ke Mothusi Oa Ka
“E-bang sebete ka ho felletseng ’me le re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’”—BA-HEBERU 13:6, “NW.”
1, 2. (a) Mopesaleme hammoho le moapostola Pauluse ba ile ba bontša kholiseho efe ho Jehova? (b) Ho phahama lipotso life?
JEHOVA MOLIMO ke mohloli oa thuso o ke keng oa hlōleha. Mopesaleme o ne a tseba sena ho tsoa phihlelong ’me o ne a ka re: “Jehova o ka lehlakoreng la ka; ha ke na ho tšoha. Motho oa lefatše a ka nketsa’ng?” (Pesaleme ea 118:6, NW) Moapostola Pauluse o ile a bontša boikutlo bo tšoanang ha a ngolla Bakreste ba Baheberu lengolo la hae le bululetsoeng ke Molimo.
2 Ka ho hlakileng a qotsa mantsoe a mopesaleme ho Septuagint ea Segerike, Pauluse o ile a bolella barapeli ’moho ba Baheberu: “E-bang sebete ka ho felletseng ’me le re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’” (Ba-Heberu 13:6, NW) Ke hobane’ng ha moapostola a ile a ngola ka tsela ee? ’Me re ka ithuta eng tabeng e potolohileng seo?
Ho Hloka Thuso ea Jehova
3. (a) Jehova o ile a ipaka e le Mothusi oa Pauluse tlas’a maemo afe? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba Baheberu ka ho khethehileng ba ne ba hloka hore Jehova e be Mothusi oa bona?
3 Pauluse e ne e le paki e itetseng e neng e e-na le bopaki ba hore Jehova ke Mothusi oa eona. Molimo o ile oa thusa moapostola ha a talimane le mathata a mangata. Pauluse o ile a kenngoa teronkong, a otloa, ’me a tlepetsoa ka majoe. Maetong a hae joaloka mosebeletsi oa Mokreste, o ile a hlaheloa ke bothata ba ho robeheloa ke sekepe esita le likotsi tse ling tse ngata. O ne a tloaetse mosebetsi o boima, ho qeta masiu a sa robale, tlala, lenyora, esita le ho ba feela. O itse: “Ka ntle ho lintho tseo tsa mofuta oa ka ntle, ho na le ho ntšoenyang letsatsi le letsatsi, kameho bakeng sa liphutheho tsohle.” (2 Ba-Korinthe 11:24-29, NW) Pauluse o ne a e-na le kameho ea mofuta oo bakeng sa Bakreste ba Baheberu. Matsatsi a Jerusalema a ne a baliloe, ’me baena le bo-khaitseli ba Bajode ba moapostola eo ba neng ba le Judea ba ne ba tla talimana le liteko tse khōlō tsa tumelo. (Daniele 9:24-27; Luka 21:5-24) Kahoo ba ne ba tla hloka hore Jehova e be Mothusi oa bona.
4. Ho fanoa ka khothatso efe ea motheo ho pholletsa le lengolo le eang ho Baheberu?
4 Ha a qala lengolo la hae le eang ho Bakreste ba Baheberu, Pauluse o ile a bontša hore thuso ea Molimo e ne e tla fumanoa feela haeba ba ne ba mamela Mora oa Molimo, Jesu Kreste. (Ba-Heberu 1:1, 2) Ntlha ena e ile ea hōlisoa lengolong. Ka mohlala, ho tšehetsa keletso ena, moapostola o ile a hopotsa babali ba lengolo la hae hore Baiseraele ba ile ba otloa ka baka la ho se utloe lefeelleng. Bakreste ba Baheberu bona ba ne ba ka phonyoha kotlo joang haeba ba hana seo Molimo o ba bolelletseng sona ka Jesu ’me ba fetoha bakoenehi ba khomarelang Molao oa Moshe o behelletsoeng ka thōko ke sehlabelo sa Kreste!—Ba-Heberu 12:24-27.
Lerato la Boena ha le Sebetsa
5. (a) Ke keletso efe e ’ngoe eo lengolo le eang ho Baheberu le fanang ka eona? (b) Pauluse o ile a re’ng ka lerato?
5 Lengolo le eang ho Baheberu le ile la fa majalefa a ka moso a ’Muso oa leholimo keletso ea hore na ke joang a ka latelang Ea a Behetseng Mohlala, Jesu Kreste, ‘a nehelana ka tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le ka thothomelo,’ ’me Jehova ea e-ba Mothusi oa ’ona. (Ba-Heberu 12:1-4, 28, 29, NW) Pauluse o ile a phehella balumeli ’moho hore ba kopane ka mehla ’me ‘ba isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle.’ (Ba-Heberu 10:24, 25) Joale o ile a lemosa: “Etsang hore lerato la lōna la boena le tsoele pele.”—Ba-Heberu 13:1, NW.
6. Ke ka kutloisiso efe Jesu a ileng a fa balateli ba hae “molao o mocha” mabapi le lerato?
6 Jesu o ne a batla lerato le joalo ho balateli ba hae, hobane o itse: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:34, 35) Ona e ne e le “molao o mocha” ka hore o ne o hloka ho fetang ho neng ho hlokoa ke Molao oa Moshe, o neng o re: “Rata oa heno [kapa, moahisani] joale ka ha u ithata.” (Levitike 19:18) “Molao o mocha” o ne o hloka ho fetang hore motho a rate moahisani oa hae joalokaha a ithata. O ne o hloka lerato le itelang ho isa ntlheng ea hore motho a fane ka bophelo ba hae bakeng sa e mong. Bophelo ba Jesu le lefu la hae li ile tsa beha mohlala oa lerato leo. Tertullian o ile a bua ka lerato lena le khethollang ha a qotsa lipolelo tsa batho ba lefatše mabapi le Bakreste ’me a re: “Ba re, ‘bonang kamoo ba ratanang ka teng . . . le kamoo ba ikemiselitseng ho shoelana ka teng.’”—Apology, khaolo XXXIX, 7.
7. Lerato la boena le ile la totobala joang ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E.?
7 Lerato la boena le ile la totobala har’a barutuoa ba Jesu ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E. Ka hona balumeli ba bangata ba neng ba sa tsoa kolobetsoa ba neng ba tsoa libakeng tse hōle ba ne ba ka eketsa nako ea ho lula ha bona Jerusalema ’me ba ithuta ho eketsehileng ka tokisetso ea Molimo bakeng sa polokeho ka Kreste, “bohle ba lumetseng ba ne ba lula hammoho; ba ne ba teanya lintho tsa bona kaofela hore e be tsa bohle. Ba ne ba rekisa ka masimo a bona le ka mesebetsi ea bona, ’me ba ne ba abela bohle, kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.”—Liketso 2:43-47; 4:32-37.
8. Ho na le bopaki bofe ba hore lerato la boena le teng har’a Lipaki tsa Jehova kajeno?
8 Lerato le joalo la boena le teng har’a Lipaki tsa Jehova mehleng ea rōna. Ka mohlala, ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, lerato le joalo le ile la susumelletsa batho ba Molimo hore ba etse phutuho ea ho fana ka liphallelo ka lilemo tse peli le halofo. Lipaki tsa Canada, Sweden, Switzerland, United States, le tsa linaha tse ling li ile tsa fana ka liaparo le chelete ea ho reka lijo bakeng sa balumeli ’moho ba linaha tse tsekollotsoeng ke ntoa tsa Austria, Belgium, Bulgaria, Chaena, Czechoslovakia, Denmark, Engelane, Finland, France, Jeremane, Greece, Hungary, Italy, Netherlands, Norway, Philippines, Poland, le Romania. Ona ke mohlala feela, hobane bahlanka ba Molimo morao-rao tjena ba bontšitse lerato le joalo ho Bakreste ba ileng ba hlaseloa ke litšisinyeho tsa lefatše Peru le Mexico, meea ea lifefo Jamaica, le likoluoa tse tšoanang libakeng tse ling. Ka tsela ena le ka litsela tse ling tse ngata, batho ba Jehova ba ‘etsa hore lerato la bona la boena le ’ne le tsoele pele.’
E-ba le Moea oa ho Amohela Baeti
9. (a) Ke tšobotsi efe ea bomolimo e boletsoeng ho Ba-Heberu 13:2? (b) Ke joang ba bang ba ileng ba ‘amohela mangeloi’ ba sa tsebe?
9 Ka mor’a moo Pauluse o ile a bolela tšobotsi e ’ngoe e bontšoang ke ba latelang Kreste, ‘ba nehelanang ka tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le ka thothomelo,’ ’me Jehova e le Mothusi oa bona. O ile a phehella: “Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa joalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.” (Ba-Heberu 13:2) Ke bo-mang ba ‘ileng ba amohela mangeloi’ ba sa tsebe? Koana, mopatriareka Abrahama o ile a amohela mangeloi a mararo. (Genese 18:1-22) A mabeli ho ’ona a ile a tsamaea, ’me Lota, ngoan’a ngoan’abo, a memela bona batho bana bao a neng a sa ba tsebe hore ba kene lapeng la hae Sodoma. Leha ho le joalo, pele ba il’o robala, ntlo ea Lota e ile ea pota-potoa ke sehlopha se entseng morusu, “bana le ba holileng.” Ba ne ba batla hore Lota a nehelane ka baeti ba hae bakeng sa merero ea boitšoaro bo bobe, empa ka tieo o ile a hana. Le hoja pele Lota a ne a sa tsebe, o ne a amohetse mangeloi, ao joale a ileng a mo thusa hammoho le barali ba hae ho pholoha lefu ha ‘Jehova a nesetsa Sodoma le Gomorrha sebabole le mollo o tsoang maholimong.’—Genese 19:1-26.
10. Bakreste ba bontšang moea oa ho amohela baeti ba thabela mahlohonolo afe?
10 Bakreste ba nang le moea oa ho amohela baeti ba thabela mahlohonolo a mangata. Ba utloa liphihlelo tse matlafatsang tse phetoang ke baeti ba bona ’me ba rua molemo botsoalleng ba bona bo putsang moeeng. Gaiuse o ile a babatsoa bakeng sa ho amohela balumeli ’moho ka ho bontša moea oa ho amohela baeti, “le hoja e le balichaba,” joalokaha batho ba Jehova ba bangata hona joale ba amohela balebeli ba tsamaeang. (3 Johanne 1, 5-8, TLP) Ho ba le moea oa ho amohela baeti ke tšoaneleho e ’ngoe ea ho khetheloa ho ba moholo. (1 Timothea 3:2; Tite 1:7, 8) Hape ho lokela hore ho hlokomeloe hore Jesu o ile a tšepisa ho fana ka mahlohonolo a ’Muso ho batho ba seka linku bao ka ho bontša moea oa ho amohela baeti ba ileng ba etsa “baena” ba hae ba tlotsitsoeng hantle.—Mattheu 25:34-40.
Hopola ba Hlorisoang
11. Ke hobane’ng ha keletso ea Ba-Heberu 13:3 e ne e loketse?
11 Ba batlang ho fumana thuso ea Jehova le ho ‘nehelana ka tšebeletso e halalelang ho eena ka tšabo ea bomolimo le ka thothomelo’ ba tlameha hore ba se lebale balumeli ’moho ba hlokofatsoang. Pauluse o ne a utloisisa mathata a mamelletsoeng ke Bakreste ba etsoang hampe. Nakoana e itseng pejana, barutuoa ba ne ba ile ba qhalanngoa ke mahloriso, ’me mosebetsi ’moho le eena Timothea o ne a sa tsoa lokolloa teronkong. (Ba-Heberu 13:23; Liketso 11:19-21) Baromuoa ba Bakreste le bona ba ne ba tsamaea ba ntse ba hloma liphutheho tse ncha kapa ba matlafatsa moeeng tse seng li ntse li le teng. Kaha ka nako eo baena le bo-khaitseli ba bangata ba neng ba ntse ba tsamaea e ne e le Balichaba, Bakreste ba bang ba Baheberu ba ne ba ka ’na ba hloka kameho e lekaneng ka bona. Ka hona, temoso ena e ne e loketse: “Hopolang ba litlamong, ho be joale ka hoja le tlamiloe le bona; hopolang ba etsoang hampe, etsoe le sa le ’meleng le lōna.”—Ba-Heberu 13:3.
12. Ke joang re ka sebelisang keletso ea ho hopola balumeli ’moho ba etsoang hampe?
12 Baheberu ba ne ba ile ba “hlomohela ba litlamong” empa ba ne ba sa lokela ho lebala barapeli ’moho ba joalo ba tšepahalang, ho sa tsotellehe hore na e ne e le Bajode kapa Balichaba. (Ba-Heberu 10:34) Empa ho thoe’ng ka rōna? Re ka bontša joang hore re hopola Bakreste ba etsoang hampe? Maemong a mang e ka ’na ea e-ba ho loketseng ho rōna ho etsa boipiletso ho ba boholong mebusong ka lengolo e le boiteko ba ho thusa balumeli ’moho ba kentsoeng teronkong ka baka la tumelo ea bona linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o thibetsoeng. Re lokela ho ba hopola haholo-holo lithapelong tsa rōna, esita le ho qolla ba bang ka mabitso haeba ho khoneha. Mahloriso a bona a re ama ka ho teba, ’me Jehova o utloa likōpo tsa rōna tse tiileng lebitsong la bona. (Pesaleme ea 65:2; Ba-Efese 6:17-20) Le hoja re se ka seleng e le ’ngoe ea teronko le bona, ho tšoana le ha re tlamiloe le bona ’me re khona ho fana ka thuso le khothatso. Ka sebele Bakreste ba tsoetsoeng ka moea ba utloela batlotsuoa ba etsoang hampe bohloko. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 12:19-26.) Bana ba na le kameho e tšoanang ka metsoalle ea bona e hlorisoang e nang le tšepo ea lefatšeng, eo ka ho tšoanang e hlokofatsoang ke ho etsoa hampe ka mekhoa e mengata ke bahlorisi. Kutloelo-bohloko e joalo e loketse, kaha kaofela ha rōna re le ’meleng o le mong ’me ho ka etsahala hore re fete tlhokofatsong le mahlorisong joaloka barapeli ba Jehova.—1 Petrose 5:6-11.
Lenyalo le Tlameha ho Hlonepheha
13. Ha e le hantle, Pauluse o itse’ng ho Ba-Heberu 13:4 (NW)?
13 Ho latela mohlala oa Kreste le ‘ho nehelana ka tšebeletso e halalelang ho Jehova ka tšabo ea bomolimo le ka thothomelo’ ho lokela ho ama kameho ea rōna ka ba bang ka litsela tse ngata. Hoba a bolele hore “le sa le ’meleng le lōna,” Pauluse o ile a bua ka kamano e nang le tšobotsi ea ’mele, kapa ea nama, e neng e fana ka monyetla oa ho bontša kameho e loketseng bakeng sa ba bang. (Ba-Heberu 13:3) O ile a fa Bakreste ba Baheberu khothatso ena: “Lenyalo a le ke le hlonephehe har’a bohle, le bethe ea lenyalo e hloke litšila, hobane Molimo o tla ahlōla lihlola le bafebi.” (Ba-Heberu 13:4, NW) Keletso ee e ne e loketse hakaakang, kaha boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali bo ne bo atile ’Musong oa Roma! Bakreste ba kajeno le bona ba hloka ho utloa mantsoe ana ka lebaka la litekanyetso tse tlaase tsa lefatše tsa boitšoaro le ’nete ea hore selemo le selemo ba likete baa khaoloa ka phuthehong ka lebaka la boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali.
14. Ke hobane’ng ha u ka re lenyalo lea hlonepheha?
14 Ba bang ba neng ba sa nke lenyalo le hlonepheha ke ba-Essene ba mehleng ea Pauluse. Hangata e ne e e-ba masooa, joaloka ba bang lihlopheng tsa baruti kajeno bao ka phoso ba talimang bosooa bo halalela ho feta lenyalo. Leha ho le joalo, ho latela seo Pauluse a ileng a se bolella Bakreste ba Baheberu, ka ho hlakileng o ile a bontša hore lenyalo lea hlonepheha. Ho talingoa ha lona ka mokhoa o hlonephehang ho ile ha totobala ha Naomi a senola takaletso ena bakeng sa lingoetsi tsa hae tseo e neng e se e le bahlolohali, Ruthe le Orpa: “Jehova a nee e mong le e mong oa lōna khatholoho tlung ea monna oa hae.” (Ruthe 1:9) Kae-kae, Pauluse ka boeena o ile a bontša hore ‘mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba hane ha batho ba nyala.’—1 Timothea 4:1-5.
15. Ke bo-mang ba neng ba khetholloa e le lihlola le bafebi ho Ba-Heberu 13:4 (NW), ’me Molimo o ne o tla ba ahlōla joang?
15 Baheberu ba neng ba kile ba ba tlas’a Molao empa ba se ba nketsoe selekaneng se secha ba ne ba tseba molao ona: “U se ke ua feba.” (Exoda 20:14) Empa ba ne ba le lefatšeng le boitšoaro bo bobe ’me ba ne ba hloka temoso ena: “Bethe ea lenyalo e hloke litšila, hobane Molimo o tla ahlōla lihlola le bafebi.” Ba bang ba lihlola ke batho ba seng lenyalong ba kopanelang likamanong tsa botona le botšehali. Bafebi ka ho khetheha ke batho ba leng lenyalong ba phelang joaloka monna le mosali le ba bang bao e seng balekane ba bona, ba silafatsa bethe ea bona ea lenyalo. Kaha ba etsang bohlola le bofebe ba sa bake ba tšoaneloa ke kahlolo e bohale ea Molimo, ba ke ke ba lumelloa ho kena Jerusalema e Mocha kapa ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso. (Tšenolo 21:1, 2, 8; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Temoso ena ea ho se silafatse bethe ea lenyalo e boetse e lokela ho etsa hore Bakreste ba leng lenyalong ba qobe ho etsa boitšoaro bo silafatsang ba botona le botšehali le balekane ba bona, le hoja ho se letho le litšila ka likamano tse haufi tsa ’mele lenyalong.—Bona Molula-Qhooa, September 1, 1983, maqephe 27-31.
Ho Khotsofala ka Lintho Tse Teng
16, 17. Ho ile ha thoe’ng ho Ba-Heberu 13:5, ’me ke hobane’ng ha Baheberu ba ne ba hloka keletso ee?
16 Re tla fumana khotsofalo haeba re latela Ea re Behetseng Mohlala ’me re ‘nehelana ka tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le ka thothomelo,’ re kholisehile hore Jehova ke Mothusi oa rōna. Ho kenella ka ho teba ho lelekiseng lintho tse bonahalang e ka ba teko e khōlō. Empa Bakreste ba tlameha hore ba se ke ba inehela ho eona. Baheberu ba ile ba bolelloa: “Ketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona; hobane Molimo ka sebele o itse: Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” (Ba-Heberu 13:5) Ke hobane’ng ha Baheberu ba ne ba hloka keletso ee?
17 Mohlomong Baheberu ba ne ba amehile ka ho fetelletseng ka chelete hobane ba hopola “tlala e kholo” pusong ea Cesare Klaude (41-54 C.E.). Tlala eo e ile ea e-ba mpe hoo Bakreste ba libaka tse ling ba ileng ba romela liphallelo ho baena ba bona ba Judea. (Liketso 11:28, 29) Ho latela rahistori oa Mojode Josephus, tlala eo e ile ea e-ba teng ka lilemo tse tharo kapa ho feta, ea baka bofuma bo tšabehang Judea le Jerusalema.—Antiquities of the Jews, XX, 2, 5; 5, 2.
18. Keletso e ho Ba-Heberu 13:5 e fana ka thuto efe bakeng sa rōna?
18 Na ho na le seo re ka ithutang sona moo? E, ho sa tsotellehe hore na mohlomong re futsanehile hakae, re lokela hore re se rate chelete kapa ho ameha ka ho fetelletseng ka eona. Ho e-na le ho tšoenyeha ka tšireletseho ea lintho tse bonahalang, mohlomong esita le ho ba meharo ea leruo, re lokela hore ‘re kholoe ke tseo re nang le tsona.’ Jesu o itse: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha [Molimo] pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mattheu 6:25-34) Hape o ile a bontša hore re lokela ho shebana le hore re “ruele ho Molimo” hobane ‘bophelo ba rōna ha bo tsoe bongateng ba lintho tseo re li ruileng.’ (Luka 12:13-21) Ka hona, haeba lerato la chelete le sokela bomoea ba rōna, a re utloeng keletso ea Pauluse e eang ho Baheberu ’me re boele re hopole hore “borapeli, ha bo e-na le ho kholoa ha pelo, ke leruo le leholo.”—1 Timothea 6:6-8.
Tšepa Jehova
19. Molimo o ile oa fa Joshua tiiso efe, ’me see se lokela ho re ama joang?
19 Joaloka balateli ba Jesu ba batlang ho ‘nehelana ka tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le ka thothomelo,’ re tlameha hore re se behe tšepo ea rōna cheleteng empa ho Ntate oa rōna oa leholimo, eo thuso ea hae e hlokahalang haholo. Ho sa tsotellehe hore na re talimane le mathata afe, re lokela ho hopola tiiso ea hae: “Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” (Ba-Heberu 13:5) Mona Pauluse o ne a bua ka mantsoe a Molimo ho Joshua: “Nke ke ka u tlohela, leha e le ho u lahla.” (Joshua 1:5; bapisa le Deuteronoma 31:6, 8.) Ha ho mohla Jehova a kileng a lahla Joshua, ’me A ke ke a re lahla haeba re Mo tšepa.
20. (a) Temana ea selemo sa 1990 ke efe? (b) Re lokela ho tsoela pele ho etsa’ng re sa tšabe?
20 Thuso ea Molimo e ke keng ea hlōleha e tla hatisoa har’a Lipaki tsa Jehova likhoeling tse tlang, hobane temana ea tsona ea selemo sa 1990 e baleha tjena: “E-bang sebete ka ho felletseng ’me le re: ‘Jehova ke mothusi oa ka.’” Mantsoe ana a fumanoa ho Ba-Heberu 13:6 (NW), moo Pauluse a ileng a qotsa se builoeng ke mopesaleme ’me a bolella Baheberu: “E le hore re ka ba sebete ka ho felletseng ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?’” (Pesaleme ea 118:6, NW) Le hoja re hlorisoa, ha re tšohe, hobane batho ba ke ke ba etsa se fetang seo Molimo o se lumellang. (Pesaleme ea 27:1) Esita le haeba re tlameha ho shoa re le baboloki ba botšepehi, re na le tšepo ea tsoho. (Liketso 24:15) Kahoo a re tsoeleng pele ho latela Ea re Behetseng Mohlala ka ‘ho nehelana ka tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le ka thothomelo,’ re kholisehile hore Jehova ke Mothusi oa rōna.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha Bakreste ba Baheberu ba ne ba hloka thuso ea Jehova ka mokhoa o khethehileng?
◻ Ke joang batho ba Jehova ba ‘entseng hore lerato la bona la boena le ’ne le tsoele pele’?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho bontša moea oa ho amohela baeti?
◻ Re ka etsa’ng ho bontša hore re hopola balumeli ’moho ba etsoang hampe?
◻ Ke hobane’ng ha lenyalo le tlameha ho bolokoa le hlonepheha?