Tumelo e re Susumelletsa Ketsong!
“Ua bona hore tumelo ea [Abrahama] e ile ea sebetsa hammoho le mesebetsi ea hae ’me ka mesebetsi ea hae tumelo ea hae e ile ea etsoa e phethahetseng.”—JAKOBO 2:22.
1, 2. Re tla itšoara joang haeba re na le tumelo?
BA BANGATA ba re ba lumela ho Molimo. Empa, tumelo feela tjee eo motho a bolelang hore o na le eona e shoele joaloka setopo. Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Tumelo . . . ha e se na mesebetsi, e shoele ka boeona.” Hape o ile a bolela hore Abrahama ea tšabang Molimo o ne a e-na le tumelo e neng e “sebetsa hammoho le mesebetsi ea hae.” (Jakobo 2:17, 22) Mantsoe a joalo a bolela’ng ho rōna?
2 Haeba re na le tumelo ea ’nete, re ke ke ra lumela feela seo re se utloang libokeng tsa Bokreste. Re tla fana ka bopaki ba tumelo hobane re le Lipaki tsa Jehova tse mafolofolo. E, tumelo e tla re susumelletsa ho sebelisa Lentsoe la Molimo bophelong ’me e tla re susumelletsa ketsong.
Leeme ha le Lumellane le Tumelo
3, 4. Tumelo e lokela ho ama tsela eo re tšoarang ba bang ka eona joang?
3 Haeba re na le tumelo ea sebele ho Molimo le Kreste, re ke ke ra ba leeme. (Jakobo 2:1-4) Ba bang bao Jakobo a neng a ba ngolla ba ne ba sa bontše ho hloka leeme ho hlokahalang ho Bakreste ba ’nete. (Baroma 2:11) Kahoo, Jakobo oa botsa: “Ha lea tšoara tumelo ea Morena oa rōna Jesu Kreste, khanya ea rōna, ka liketso tsa leeme, na ho joalo?” Haeba motho ea sa lumelang ea ruileng ea nang le masale a khauta le liaparo tse ntle haholo a ne a e-tla sebokeng ’me ho e-tla le “motho [ea sa lumelang] oa mofutsana ea apereng liaparo tse litšila,” ka bobeli ba ne ba lokela ho amoheloa hantle, empa tlhokomelo e khethehileng e ne e lebisoa ho ba ruileng. Ba ne ba fuoa litulo “sebakeng se setle,” athe mafutsana a sa lumelang a ne a bolelloa hore a eme kapa a lule fatše maotong a motho e mong.
4 Jehova o lokiselitse sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste bakeng sa barui le mafutsana ka ho tšoanang. (2 Bakorinthe 5:14) Ka lebaka leo, haeba re ne re ka tšoara barui ka tsela e khethehileng, re ne re tla be re kheloha tumelong ea Kreste, eo e ileng ‘ea e-ba mofutsana ka lebaka la rōna, e le hore re ka ba ba ruileng ka bofutsana ba hae.’ (2 Bakorinthe 8:9) Le ka mohla a re se keng ra talima batho ka tsela eo—ea ho hlompha batho ka sepheo se fosahetseng. Molimo ha a leeme, empa haeba re ne re le leeme, re ne re tla be re ‘fana ka liqeto tse khopo.’ (Jobo 34:19) Re e-na le takatso ea ho thabisa Molimo, ka sebele re ke ke ra inehela molekong oa ho ba leeme kapa ho ‘khahloa ke batho ba phahameng molemong oa rōna.’—Jude 4, 16.
5. Molimo o khethile bo-mang hore “e be ba ruileng tumelong,” ’me barui ba lintho tse bonahalang ba atisa ho itšoara joang?
5 Jakobo o tsebahatsa bao e leng barui ba sebele ’me o phehella hore lerato le bontšoe bohle ntle ho leeme. (Jakobo 2:5-9) ‘Molimo o khethile ba futsanehileng hore e be ba ruileng tumelong le majalefa a ’muso.’ Ho joalo hobane hangata mafutsana a arabela haholoanyane litabeng tse molemo. (1 Bakorinthe 1:26-29) E le sehlopha, barui ba lintho tse bonahalang ba hatella ba bang mabapi le likoloto, meputso le liqoso. Ba bua Kreste hampe ’me baa re hlorisa hobane re jere lebitso la hae. Empa a re ke re ikemisetseng ho mamela “molao oa borena,” o batlang lerato la boahisani—ho rata morui le mofutsana ka mokhoa o tšoanang. (Levitike 19:18; Matheu 22:37-40) Kaha Molimo o hloka sena, ho ba leeme ke ho “sebetsa sebe.”
‘Mohau o Thaba ka Tlhōlo’
6. Re ne re tla ba batlōli ba molao joang haeba re ne re sa sebetsane le ba bang ka mohau?
6 Haeba ka ho hloka mohau re e-ba leeme, re batlōli ba molao. (Jakobo 2:10-13) Ka ho nka bohato bo fosahetseng tabeng ena, re ba batlōli ba melao eohle ea Molimo. Baiseraele ba sa kang ba etsa bofebe empa bao e neng e le masholu e ile ea e-ba batlōli ba Molao oa Moshe. Re le Bakreste, re ahloloa ka “molao oa batho ba lokolohileng”—Iseraele ea moea e selekaneng se secha, eo molao oa eona o leng ka lipelong tsa eona.—Jeremia 31:31-33.
7. Ke hobane’ng ha ba tsoelang pele ho ba leeme ba ke ke ba lebella mohau ho Molimo?
7 Haeba re bolela hore re na le tumelo empa re phehella ho ba leeme, re kotsing. Ba se nang lerato le mohau kahlolo ea bona e tla hloka mohau. (Matheu 7:1, 2) Jakobo o re: “Mohau o thaba ka ho fetisisa ka tlhōlo holim’a kahlolo.” Haeba re amohela tataiso ea moea o halalelang oa Jehova ka ho bontša mohau litšebelisanong tsa rōna tsohle, re ke ke ra boleloa re le ba molato ha re ahloloa. Ho e-na le hoo, re tla bontšoa mohau ’me ka tsela ena re be ba hlōtseng kahlolong e boima.
Tumelo e Hlahisa Mesebetsi e Metle
8. Boemo ba motho ea reng o na le tumelo empa a se na mesebetsi ke bofe?
8 Ntle le ho re etsa ba lerato le ba mohau, tumelo e hlahisa mesebetsi e meng e metle. (Jakobo 2:14-26) Ka sebele, tumelo e boleloang ka molomo e se nang mesebetsi ha e na ho re pholosa. Ruri, re ke ke ra ba boemong bo lokileng ho Molimo ka mesebetsi ea Molao. (Baroma 4:2-5) Jakobo o bua ka mesebetsi e susumetsoang ke tumelo le lerato, eseng ke molao. Haeba re susumetsoa ke litšoaneleho tse joalo, re ke ke ra lakaletsa morapeli-’moho le rōna ea hlokang lintho tse molemo feela. Re tla fana ka thuso ea lintho tse bonahalang ho mora kapa morali oabo rōna ea hlobotseng kapa ea lapileng. Jakobo oa botsa: ‘Haeba u re ho mor’abo rōna ea hlokang: “E-ea ka khotso, u lule u futhumetse ’me u khotše,” empa u sa mo fe tse hlokoang ke ’mele oa hae, ho na le molemo ofe?’ Ha o eo. (Jobo 31:16-22) “Tumelo” e joalo e shoele!
9. Ke’ng se bontšang hore re na le tumelo?
9 E ka ’na eaba re kopanela le batho ba Molimo ho isa bohōleng bo itseng, empa ke feela mesebetsi e etsoang ka pelo eohle e ka tšehetsang polelo ea rōna ea hore re na le tumelo. Ho molemo hore ebe re lahlile thuto ea Boraro-bo-bong ’me re lumela hore ho na le Molimo a le mong oa ’nete. Empa, ho lumela feela tjee hase tumelo. “Bademona baa lumela ’me baa thothomela” ka tšabo hobane timetso e ba emetse. Haeba ka sebele re na le tumelo, e tla re susumelletsa ho hlahisa mesebetsi e joaloka ho bolela litaba tse molemo le ho fa balumeli-’moho le rōna ba hlokang lijo le liaparo. Jakobo oa botsa: “Na u lakatsa ho tseba, Uena motho oa lefeela [ea sa tlalang tsebo e nepahetseng ea Molimo], hore tumelo ntle le mesebetsi ha e sebetse?” E, tumelo e hloka ketso.
10. Ke hobane’ng ha Abrahama a bitsoa “ntate oa bohle ba nang le tumelo”?
10 Tumelo ea mopatriareka Abrahama ea tšabang Molimo e ile ea mo susumelletsa ketsong. Joaloka “ntate oa bohle ba nang le tumelo,” o ile “a boleloa a lokile ka mesebetsi ka mor’a hore a nyehele Isaka mora oa hae aletareng.” (Baroma 4:11, 12; Genese 22:1-14) Ho thoe’ng haeba Abrahama a ne a ile a hloka tumelo ea hore Molimo o ne a ka tsosa Isaka le ho phethahatsa tšepiso ea Hae ea peō e neng e tla tsoa ho eena? Joale ho hang Abrahama a ka be a sa ka a leka ho nyehela mora oa hae. (Baheberu 11:19) E bile ka mesebetsi ea Abrahama ea boikokobetso ‘tumelo ea hae e ileng ea etsoa e phethahetseng’ kapa e feletseng. Ka mokhoa oo, “lengolo [Genese 15:6] le ile la phethahala le reng: ‘Abrahama o ile a beha tumelo ho Jehova, ’me o ile a balloa hoo e le ho loka.’” Mesebetsi ea Abrahama ea ho leka ho nyehela Isaka e ile ea tiisa phatlalatso ea Molimo ea pejana ea hore Abrahama o lokile. Ka mesebetsi ea tumelo, o ile a bontša lerato la hae bakeng sa Molimo ’me a bitsoa “motsoalle oa Jehova.”
11. Re na le bopaki bofe ba tumelo tabeng ea Rahaba?
11 Abrahama o ile a paka “hore motho o tla boleloa a lokile ka mesebetsi, eseng ka tumelo feela.” Seo e ne e boetse e le ’nete ka Rahaba, seotsoa sa Jeriko. O ile a “boleloa a lokile ka mesebetsi, ka mor’a hore a amohele manģosa [a Baiseraele] ka kamohelo e mofuthu ea baeti le ho a ntša ka tsela e ’ngoe” e le hore a ka phonyoha lireng tsa ’ona tsa Bakanana. Pele a kopana le lihloela tsa Baiseraele, o ne a talima Jehova e le Molimo oa ’nete, ’me lipolelo tsa hae tsa ka morao ho moo le ho tlohela ha hae bootsoa li ile tsa fana ka bopaki ba tumelo ea hae. (Joshua 2:9-11; Baheberu 11:31) Ka mor’a mohlala ona oa bobeli oa tumelo e bontšoang ka mesebetsi, Jakobo o re: “Ka sebele, joalokaha ’mele o se nang moea o shoele, kahoo le tumelo e se nang mesebetsi e shoele.” Ha motho a shoele, ha ho na matla a phelisang, kapa “moea,” ka ho eena, ’me ha a finyelle letho. Tumelo feela tjee eo motho a bolelang hore o na le eona e shoele ’me ha e na thuso joaloka setopo. Leha ho le joalo, haeba re na le tumelo ea sebele, e tla re susumelletsa ketsong e bontšang ho tšaba Molimo.
Laola Leleme Leo!
12. Baholo ba lokela ho etsa eng ka phuthehong?
12 Ho bua le ho ruta le tsona li ka fana ka bopaki ba tumelo, empa ho hlokahala boithibo. (Jakobo 3:1-4) Joaloka mesuoe ka phuthehong, baholo ba na le boikarabelo bo boima ho Molimo. Kahoo, ba lokela hore ka boikokobetso ba hlahlobe sepheo sa bona le litšoaneleho. Ntle ho tsebo le bokhoni, banna bana ba lokela ho ba le lerato le tebileng ho Molimo le balumeli-’moho le bona. (Baroma 12:3, 16; 1 Bakorinthe 13:3, 4) Baholo ba tlameha ho theha keletso ea bona Mangolong. Haeba moholo a ne a ka etsa phoso thutong ea hae ’me sena sa fella ka hore ba bang ba be le mathata, Molimo o ne a tla mo ahlola haboima ka Kreste. Ka lebaka leo, baholo ba lokela ho ikokobetsa le ho khothalla ho ithuta, ba khomarele Lentsoe la Molimo ka botšepehi.
13. Ke hobane’ng ha re khoptjoa lipuong?
13 Esita le mesuoe e ipabolang—ha e le hantle, kaofela ha rōna—“re khoptjoa hangata” ka lebaka la ho se phethahale. Ho khoptjoa lipuong ke bofokoli bo bong bo atileng le bo ka ntšang kotsi. Jakobo o re: “Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” Ho fapana le Jesu Kreste, ha re khone ho laola maleme a rōna ka ho phethahetseng. Haeba re ne re ka ho etsa, re ne re ka laola litho tse ling tsa ’mele ea rōna. Etsoe, litōmo li etsa hore lipere li ee moo re li lebisang teng, ’me ka kofuto e tjekisang sekepe e nyenyane, esita le sekepe se seholo se khannoang ke meea e matla se ka lebisoa moo monna ea lebiling la ho laola a ratang.
14. Jakobo o hatisa joang hore ho laola leleme ho hloka boiteko?
14 Kaofela ha rōna re lokela hore ka botšepehi re lumele hore ho hlokahala boiteko ba sebele ho laola leleme. (Jakobo 3:5-12) Ha e bapisoa le pere, tōmo e nyenyane; ka ho tšoanang kofuto e tjekisang sekepe e nyenyane ha e bapisoa le sekepe. ’Me ha le bapisoa le ’mele oa motho, leleme le lenyenyane “’me leha ho le joalo le ithorisa haholo.” Kaha Mangolo a hlakisa hore ho ithorisa ho halefisa Molimo, a re batleng thuso ea hae hore re ho tlohele. (Pesaleme ea 12:3, 4; 1 Bakorinthe 4:7) E se eka le rōna re ka laola maleme a rōna ha re qholotsoa, re hopola hore ho hloka tlhase feela ho chesa moru. Joalokaha Jakobo a bontša, “leleme ke mollo” o nang le matla a ho etsa tšenyo e khōlō. (Liproverbia 18:21) Ka sebele, leleme le sa laoleheng “ke lefatše la ho se loke”! Tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe e mpe ea lefatše lena le sa tšabeng Molimo e amana le leleme le sa laoleheng. Le ikarabella linthong tse senyang tse kang ketselletso le thuto ea bohata. (Levitike 19:16; 2 Petrose 2:1) U nahana joang? Na tumelo ea rōna ha ea lokela ho re susumelletsa ho sebetsa ka thata ho laola maleme a rōna?
15. Leleme le sa laoleheng le ka etsa tšenyo efe?
15 Leleme le sa laoleheng ‘le re etsa matheba’ ka ho feletseng. Ka mohlala, haeba re fumanoa re qala leshano khafetsa, re ka ’na ra tsebahala re le mahata. Leha ho le joalo, leleme le sa laoleheng le ‘hotetsa lebili la bophelo ba tlhaho’ joang? Ka ho etsa hore bophelo bo tšoane le letoto la mathata a tsoelang pele ho mpefala. Phutheho eohle e ka ’na ea ferekanngoa ke leleme le sa laoleheng. Jakobo o bua ka “Gehena,” Khohlo ea Hinnome. Kaha e kile ea sebelisetsoa mahlabelo a bana, e ile ea fetoha thotobolo eo ho chesetsoang lithōle tsa Jerusalema ho eona. (Jeremia 7:31) Ka hona Gehena ke pontšo ea pheliso e feletseng. Ka mokhoa o sa tobang, Gehena e fetiselitse lelemeng le sa laoleheng matla a eona a ho timetsa. Haeba re sa laole maleme a rōna, re ka ’na ra fetoha liphofu tsa khabo eo re e hotelitseng. (Matheu 5:22) Re ka ba ra lelekoa phuthehong ka lebaka la ho hlapaola e mong.—1 Bakorinthe 5:11-13.
16. Ha re nahana ka tšenyo eo leleme le sa laoleheng le ka e etsang, re lokela ho etsa’ng?
16 Joalokaha e ka ’na eaba ua tseba ka lebaka la ho bala Lentsoe la Molimo, Jehova o ne a laetse hore liphoofolo li be tlas’a motho. (Genese 1:28) ’Me mefuta eohle ea libōpuoa e ne e thapisitsoe. Ka mohlala, liphakoe tse koetlisitsoeng li ’nile tsa sebelisetsoa ho tsoma. ‘Lintho tse hahabang’ tseo Jakobo a buang ka tsona e ka ’na eaba li akarelletsa linoha tse laoloang ke ba upellang ka linoha. (Pesaleme ea 58:4, 5) Motho a ka laola le maruarua, empa joaloka batho ba baetsalibe re ke ke ra thapisa leleme ka ho feletseng. Leha ho le joalo, re lokela ho qoba ho bua lipolelo tse rohakanang, tse utloisang bohloko kapa tsa ketselletso. Leleme le sa laoleheng e ka ba sesebelisoa se tletseng chefo e bolaeang. (Baroma 3:13) Ka masoabi, maleme a mesuoe ea bohata a ile a etsa hore Bakreste ba bang ba pele ba furalle Molimo. Ka hona, le ka mohla a re se keng ra itumella ho hatelloa ke lipolelo tse chefo tsa bakoenehi, ebang ke tse buuoang kapa tse ngotsoeng.—1 Timothea 1:18-20; 2 Petrose 2:1-3.
17, 18. Ke ho feto-fetoha hofe ho bontšitsoeng ho Jakobo 3:9-12, ’me re lokela ho etsa’ng tabeng ee?
17 Tumelo ho Molimo le takatso ea ho mo thabisa li ka re sireletsa bokoenehing le ho re thibela ho sebelisa leleme ka tsela e feto-fetohang. Ha a bua ka ho feto-fetoha ha ba bang, Jakobo o re ‘ka leleme re boka Jehova, Ntate, ’me re bitsetsa batho ba bileng teng ka setšoano sa Molimo bomalimabe.’ (Genese 1:26) Jehova ke Ntate oa rōna hobane o “fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Liketso 17:24, 25) Hape ke Ntate oa Bakreste ba tlotsitsoeng ka kutloisiso ea moea. Kaofela ha rōna re bile teng ka “setšoano sa Molimo” mabapi le litšoaneleho tsa kelello le boitšoaro, ho akarelletsa le lerato, toka le bohlale tse re khethollang liphoofolong. Ka hona, he, re lokela ho etsa’ng haeba re e-na le tumelo ho Jehova?
18 Haeba re ne re ka bitsetsa batho bomalimabe, seo se ne se tla bolela ho kōpa ka tieo hore ba oeloe ke tlokotsi, kapa ho ba rohaka. Kaha ha re baprofeta ba bululetsoeng ke Molimo ba fuoeng matla a ho rohaka mang kapa mang, puo e joalo e ne e tla ba bopaki ba lehloeo le neng le tla etsa hore ho rorisa Molimo ha rōna e be lefeela. Ha hoa lokela hore “ho boka le ho bitsa bomalimabe” li tsoe molomong o le mong. (Luka 6:27, 28; Baroma 12:14, 17-21; Jude 9) E ne e tla ba boetsalibe bo bokaakang ho binela Molimo lithoriso libokeng ’me hamorao re bue balumeli-’moho le rōna hampe! Metsi a monate le a babang a ke ke a tsoa selibeng se le seng. Joalokaha “sefate sa feiga se ke ke sa hlahisa mehloaare kapa sefate sa morara sa hlahisa lifeiga,” metsi a letsoai a ke ke a hlahisa metsi a monate. Ho na le ho phoso moeeng haeba rōna, ba lokelang ho bua se molemo, re phehella ho bua mantsoe a bohloko. Haeba re tloaetse ho etsa joalo, a re rapelleng thuso ea Jehova hore re khaotse ho bua ka tsela e joalo.—Pesaleme ea 39:1.
Sebetsa ka Bohlale bo Tsoang Holimo
19. Haeba re tataisoa ke bohlale ba leholimo, re ka ama ba bang joang?
19 Kaofela ha rōna re hloka bohlale bakeng sa ho bua le ho etsa lintho tse tšoanelang ba nang le tumelo. (Jakobo 3:13-18) Haeba re na le tšabo ea Molimo e nang le tlhompho, o re fa bohlale ba leholimo, matla a ho sebelisa tsebo ka nepo. (Liproverbia 9:10; Baheberu 5:14) Lentsoe la Hae le re ruta tsela ea ho bontša “bonolo boo e leng ba bohlale.” ’Me kahobane re le bonolo, re tlatsetsa khotsong ea phutheho. (1 Bakorinthe 8:1, 2) Bafe kapa bafe ba ithorisang ka ho ba mesuoe e meholo ea balumeli-’moho le bona ba ‘bua leshano khahlanong le ’nete ea Bokreste,’ e nyatsang boiphahamiso ba bona. (Bagalata 5:26) “Bohlale” ba bona ke “ba lefatše”—bo ba khethollang e le batho ba baetsalibe ba arohileng ho Molimo. Ke “bophoofolo,” kaha ke litholoana tsa litšekamelo tsa nama. Ka sebele, ebile ke “ba bodemona,” hobane meea e khopo ea ikhohomosa! (1 Timothea 3:6) Ka lebaka leo, a re nkeng bohato ka bohlale le ka boikokobetso e le hore re se ke ra etsa letho le tla etsa hore ho be le tikoloho eo ho eona ‘lintho tse joalo tse nyonyehang’ tse kang ketselletso le leeme li ka atang.
20. U ka hlalosa bohlale ba leholimo joang?
20 “Bohlale bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile,” bo etsa hore re hloeke boitšoarong le moeeng. (2 Bakorinthe 7:11) Bo na le “khotso,” bo re susumelletsa ho phehella khotso. (Baheberu 12:14) Bohlale ba leholimo bo etsa hore re be le “kahlolo e molemo,” re se ke ra ba ba tsitlellang maikutlo a itseng le bao ho leng thata ho sebetsana le bona. (Bafilippi 4:5) Bohlale bo tsoang holimo bo “itokisetsa ho mamela,” bo khothalletsa ho mamela thuto ea bomolimo le ho sebelisana le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. (Baroma 6:17) Bohlale bo tsoang holimo bo boetse bo etsa hore re be mohau, re be le qenehelo. (Jude 22, 23) Kaha bo tletse “litholoana tse molemo,” bo susumelletsa ho ameha ka ba bang le ho etsa liketso tse lumellanang le molemo, ho loka le ’nete. (Baefese 5:9) ’Me re le ba etsang khotso, re thabela “litholoana tsa ho loka” tse atlehang maemong a khotso.
21. Ho latela Jakobo 2:1–3:18, tumelo ea rōna ho Molimo e lokela ho re susumelletsa liketsong life?
21 Joale, ho hlakile hore tumelo e re susumelletsa ketsong. E etsa hore re se be leeme, re be mohau le ho ba mafolofolo mesebetsing e molemo. Tumelo e re thusa ho laola leleme le ho etsa lintho ka bohlale ba leholimo. Empa hoo hase sohle seo re ka ithutang sona lengolong la hae. Jakobo o na le keletso e ’ngoe hape e ka re thusang ho itšoara ka mokhoa o tšoanelang ba nang le tumelo ho Jehova.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke’ng se phoso ka ho ba leeme?
◻ Tumelo le mesebetsi li amana joang?
◻ Ke hobane’ng ha ho laola leleme e le habohlokoa hakaale?
◻ Bohlale ba leholimo ke eng?