Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Morutuoa Jakobo o ne a bolela’ng ha a re: “Banab’eso, le se ke la ipea baruti [“mesuoe,” NW] kaofela, le tsoe le tseba hobane ke moo re tla hlaheloa ke kahlolo e fetisang ka bothata”?—Jakobo 3:1.
Ka sebele Jakobo o ne a sa nyahamise Bakreste hore ba se ke ba ruta ba bang ’nete. Ho Mattheu 28:19, 20, Jesu o ile a laela barutuoa ba hae hore ba ‘rute lichaba tsohle . . . ba li rute, ho boloka tsohle tseo a ba laetseng tsona.’ Kahoo, Bakreste bohle e lokela ho ba mesuoe. Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba Baheberu hobane e ne e e-s’o be mesuoe. O ile a ngola: “Hobane ekabeba ke khale le le baruti [“mesuoe,” NW], athe le sa ntse le tšoaneloa ke ho rutoa litaba tsa bonyenyane, tseo taba tsa Molimo li qaloang ka tsona.”—Ba-Heberu 5:12.
Joale, Jakobo o ne a bua ka eng? O ne a bua ka ba nang le litokelo tse khethehileng tsa ho ruta ka phuthehong. Ho Ba-Efese 4:11, rea bala: “Eena [Jesu Kreste, Hlooho ea phutheho] ea beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboleli ba Evangeli, ba bang balisa le baruti [“mesuoe,” NW].” Ho ne ho e-na le litokelo tse khethehileng tsa ho ruta ka har’a liphutheho tsa lekholong la pele la lilemo joalokaha li le teng kajeno. Ka mohlala, Sehlopha se Busang se emela “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ’me se na le boikarabelo bo khethehileng ba ho lebela thuto ea phutheho lefatšeng ka bophara. (Mattheu 24:45) Balebeli ba tsamaeang le baholo ba liphutheho le bona ba na le boikarabelo bo khethehileng ba ho ruta.
Na Jakobo o ne a bolella banna ba Bakreste ba tšoanelehang hore ha baa lokela ho amohela mosebetsi oa bosuoe ka lebaka la ho tšaba kahlolo ea Molimo e boima haholoanyane? Le hanyenyane. Tšebeletso ea boholo ke tokelo e khōlō, joalokaha ho bontšitsoe ke 1 Timothea 3:1, e reng: “Motho ha a rata bolebeli, o lakatsa mosebetsi o motle.” E ’ngoe ea litšoaneleho tseo a lokelang ho ba le tsona hore a khethoe e le moholo oa phutheho ke hore e be motho ea ‘loketseng ho ruta.’ (1 Timothea 3:2) Jakobo o ne a sa hanyetse mantsoe a bululetsoeng a Pauluse.
Leha ho le joalo, ho bonahala eka lekholong la pele la lilemo C.E., ba bang ba ne ba ipeha ho ba mesuoe, le hoja ba ne ba sa tšoanelehe ba bile ba sa khethoa. Ho ka etsahala hore ebe ba ne ba ikutloa hore ho na le botumo bo itseng mosebetsing oo, ’me ba ne ba lakatsa thoriso ea botho. (Bapisa le Mareka 12:38-40; 1 Timothea 5:17.) Moapostola Johanne o ile a bua ka Diotrefe, ea neng a ‘rata ho ba oa pele, empa a sa amohele letho le tsoang ho Johanne ka tlhompho.’ (3 Johanne 9, NW) Timothea oa Pele 1:7 e bua ka ba bang ba itseng ba neng ba ‘rata ho ba baruti [“mesuoe,” NW] ba molao, empa ba sa utloisise tseo ba li bolelang, leha e le tseo ba li tiisang.’ Mantsoe a Jakobo 3:1 a loketse ka ho khethehileng banna ba lakatsang ho ba mesuoe empa ba na le sepheo se fosahetseng. Ba joalo ba ne ba ka ntša mohlape kotsi ka ho tebileng ’me ka ho loketseng ba ne ba ka amohela kahlolo e boima haholoanyane.—Ba-Roma 2:17-21; 14:12.
Jakobo 3:1 e boetse ke khopotso e molemo bakeng sa ba tšoanelehang le ba sebeletsang e le mesuoe. Kaha ho hongata ho behiloe tlhokomelong ea bona, ho tla batloa ho hongata ho bona. (Luka 12:48) Jesu o itse: “Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekisoa polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea bosaoana eo ba e boletseng.” (Mattheu 12:36) Sena ke ’nete ka ho khethehileng ka bao lipolelo tsa bona li nang le tšusumetso e eketsehileng, baholo ba khethiloeng.
Baholo ba tla ikarabella bakeng sa tsela eo ba tšoarang linku tsa Jehova ka eona. (Ba-Heberu 13:17) Seo ba se buang se ama bophelo. Kahoo, moholo o lokela ho ba hlokolosi hore a se buelle maikutlo a hae kapa a tšoara linku hampe joalokaha Bafarisi ba ne ba etsa. O lokela ho leka ka matla ho bontša lerato le tebileng le tšoanang le leo Jesu a neng a le bontša. Boemong bo bong le bo bong boo a rutang a le ho bona, ’me haholo-holo ha a nka karolo litabeng tsa boahloli, moholo o lokela ho hlahlobisisa mantsoe a hae, a se ke a sebelisa lipolelo tse sa nahanisisoang hantle esale pele kapa a bua maikutlo a hae a botho. Ka ho itšetleha ka ho feletseng ka Jehova, Lentsoe la hae, le tataiso ea hae ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, molisa o tla amohela tlhohonolofatso ea Molimo e enneng, eseng “kahlolo e fetisang ka bothata.”