Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
KA MOR’A selemo se seng se hlohonolofalitsoeng tšebeletsong e halalelang, ho na le lebaka le utloahalang la hore re thabe. Ha re li otla mabalankoe ka mosebetsi o moholohali oo Molimo oa rōna a o etsang a sebelisa bahlanka ba hae, re ka bua ntle ho qea-qeo ra re: “U roesitse selemo moqhaka oa molemo oa hao”!—Pes. 65:11.
HO FUMANA “LITABA TSE MOLEMO” INTHANETENG
Re le Lipaki Tsa Jehova re nka ka botebo boikarabelo ba rōna ba ho ‘bolela litaba tsena tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki ho lichaba tsohle’ pele bofelo bo tla. (Mat. 24:14) Ka lilemo-lemo, lintlafatso tsa theknoloji li ’nile tsa potlakisa mosebetsi oa ho phatlalatsa “lentsoe la ’muso.” (Mat. 13:18-23) Re qetile lilemo tse 11 re sebelisa Web site ea rōna e tsebahalang, www.watchtower.org, e le hore re ka fa batho ka kakaretso boitsebiso ba moea ka lingoliloeng tse fumanehang Inthaneteng. Batho ba bulang Web site ena ba ka ithuta ’nete ea Bibele ka e ’ngoe ea lipuo tse 314 ebile ba ka sheba lihlooho tse kang “Beliefs and Activities,” “Current Topics,” “God and Your Future,” “Medical Care and Blood” le “Publications Available.”
Batho ba bangata ba kena ho www.watchtower.org e le hore ba ka ipalla Bibele. Letsatsi ka leng, batho ba fetang 6 300 ba bala Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang Inthaneteng ka e ’ngoe ea lipuo tse leshome tse fumanehang ho eona. Har’a libuka tsa Bibele tseo batho ba ratang ho li bala ho mocheng ona oa rōna ke Lipesaleme, Liproverbia le litlaleho tsa Kosepele tsa bophelo ba Jesu.
Beke le beke lihlooho tse khethiloeng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li kenngoa mocheng ona oa boitsebiso oa Inthanete ka lipuo tse 12—haholo-holo lihlooho tse hatisetsoang batho ka kakaretso. Ba bangata baa ipotsa hore na re lumela’ng, hore na liboka tsa rōna li tšoaroa joang le hore na mosebetsi oa ho bolela o tšehetsoa joang ka lichelete. Batho ba kenang mocheng ona ba fumana likarabo tsa lipotso tsena ka ho bala bukana ea Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng? Khatiso e reng Bolumeli ba Bohata bo Haufi le ho Fela! e fumaneha ka lipuo tse 252 ho www.watchtower.org, ho akarelletsa le livideo tse fapa-fapaneng tse fumanehang ka lipuo tse hlano tsa matsoho.
HO FUMANA ’NETE INTHANETENG
Ho fumaneha ha lingoliloeng tsee Inthaneteng ho hlahisitse litholoana life? Ka kakaretso, letsatsi le letsatsi batho ba fetang 60 000 ba bula www.watchtower.org! Ba bangata ba lula libakeng tseo ho nang le palo e fokolang haholo ea Lipaki kapa linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa rōna o thibetsoeng. Leha ho le joalo, batho ba nyoretsoeng ’nete ba ka kena mocheng ona oa boitsebiso oa Inthanete ’me ba iphumanela metsi a ka timang lenyora la bona la ho labalabela ’nete.
Bryon o re: “Haesale ke ntse ke batla ho ithuta Bibele, empa ka linako tsohle ha ke ne ke ea kerekeng le metsoalle ea ka, ho ne ho binoa lifela feela kapa ho ipapalloa lipapali tse itseng.” Bryon o ile a ntšetsa pele thuto ea hae a ba a kenela liatleletiki. O ile a ithuta lipuo tse hlano a ba a fumana litlhapiso tsa ho ea k’holejeng, empa tseo tsohle li ne li sa khotsofatse takatso ea hae ea ho fumana ’nete. Kahoo, o ile a rapella hore a fumane ’nete.
Bryon o re: “Ke ne ke labalabela ho fumana likarabo tsa lipotso tsa ka. Ke ile ka etsa qeto ea ho batlisisa ka Lipaki Tsa Jehova Inthaneteng hobane metsoalle e meng ea ka ea Lipaki sekolong e ne e mpoleletse hore lebitso la Molimo ke Jehova. Ke ile ka bula Web site ea mokhatlo eaba ke qala ho bala bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ke kamoo ke ileng ka fumana likarabo tsa lipotso tsa ka.” Bryon o ile a ikōpela thuto ea Bibele, a hatela pele moeeng ka potlako a ba a nehela bophelo ba hae ho Jehova ka 2004. Hona joale ke pula-maliboho oa kamehla o bile o tšepa hore o tla sebelisa tsebo ea hae ea lipuo e le moromuoa ea koetlisitsoeng ea tsamaisang molaetsa oa Bibele.
“MOLIMO O NA LE LŌNA”
Ruri hoa thabisa ho tseba hore batho ba likete “ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba” ba bula Web site ea www.watchtower.org letsatsi le letsatsi! Ka karolelano batho ba 94 ba romela foromo ea Na U ka Rata ho Eteloa? e hlahang Inthaneteng.—Zak. 8:23.
Denise ke e mong oa ba neng ba e-na le lipotso mabapi le seo Lipaki Tsa Jehova li se lumelang, empa o ne a tšaba ho ea Holong ea ’Muso ea moo a lulang teng. Ho e-na le hoo, o ile a etsa qeto ea ho batla Inthaneteng eaba o fumana www.watchtower.org. Boitsebiso boo Denise a ileng a bo fumana bo ile ba mo kholisa hore o ne a fumane ’nete, empa o ne a le lesisitheho ho kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele hobane o ne a tseba hore o ne a tla lokela ho etsa liphetoho bophelong ba hae e le hore bo lumellane le melao-motheo ea Bibele. Ka makhetlo a mane o ile a tlatsa foromo e Inthaneteng ea Na U ka Rata ho Eteloa? empa ka linako tsohle o ne a se na sebete sa ho penya Submit (Romela).
Ka March 2007, Denise o ile a tlatsa foromo eo ka lekhetlo la bohlano. Lekhetlong lena o ile a penya Submit e le hore a kōpe ho eteloa lapeng. Kōpo ea hae e ile ea romeloa phuthehong e motseng oa habo eaba baholo ba kōpa morali’abo rōna Vonnie hore a etele Denise. Bekeng ea pele feela Vonnie a mo etetse, Denise o ile a qala ho ea libokeng Holong ea ’Muso.
Ha September e il’o kolumela, Denise o ne a se a lahlile lintho tsohle tseo a neng a li sebelisa bolumeling ba hae ba pele a bile a itokolotse kerekeng ’me o ile a tšoaneleha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Eena le bara ba hae ba babeli ba hatela pele hantle, ebile mora oa hae ea lilemo li robeli o ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ka January 2008, Denise o ile a kolobetsoa ’me ka mor’a likhoeli tse peli feela—e leng nako e etsang selemo hantle ho tloha ha a ne a tlatsa foromo eane e Inthaneteng—a tšoanelehela ho ba pula-maliboho ea thusang. Denise o re: “Haeba e ne e se ka Web site eo, nka be ke sa phete phihlelo ena.”
Ka January 2008, ho ile ha qaloa Web site e ncha ea www.jw.org—moo ho kenngoang lingoliloeng tse rekotiloeng ka lipuo tse 17, tseo motho a ka ikopiletsang tsona. Batho ba bangata ba thabela tokisetso ena haholo ’me khoeli le khoeli ho kopitsoa lingoliloeng tse fetang milione hammoho le lihlooho tse itseng tsa lingoliloeng! Bahoeletsi ba bangata ba mamela lihlooho tsa limakasine ha ba ea mesebetsing kapa likolong.
HO FETOLELA KA LIPUO TSE HLOKAHALANG
Ka sebele hoa thabisa hore ebe re tšehetsoa ke mangeloi ha re ntse re phehella batho ba “sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng” hore ba tlotlise Molimo! (Tšen. 14:6, 7) E le ho thusa batho hore ba ithute molaetsa oa Bibele ka puo eo ba e utloisisang hantle, hona joale Lipaki Tsa Jehova li hatisa lingoliloeng ka lipuo tse ka bang 450.
Buka e reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e sa tsoa lokolloa ka Setetum, e leng puo e buuoang Timor Bochabela, empa libuka tseo li ne li haella. Maria, e leng seithuti se secha se neng se sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang ka Seindonesia, o ne a sa ka a e fumana ka Setetum. O ile a kōpa motho ea mo khannelang thuto hore a mo alime ea Setetum ka matsatsi a mabeli. Matsatsing a latelang, ka cheseho o ile a pheta lintho tsohle tseo a neng a ithutile tsona. Ha a se a bala buka ena ka leleme leo a le antseng letsoeleng, o ile a utloisisa linnete tse ngata ka tsela e hlakileng haholoanyane ho feta ha a ne a ithuta ka buka ea Seindonesia. Motho ea mo khannelang thuto o ile a bona hore a ka etsa sehlōhō ha a ka re a khutlise buka eo ea Setetum. Maria o tsoela pele ho ithuta ’me o ea libokeng.
Naheng ea Kenya, lipuo tse sebelisoang haholo mafapheng a ’muso le a khoebo ke Senyesemane le Seswahili. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba Kenya ba rata ho bua lipuo tsa habo bona tse kang Sekikuyu, Sekikamba, Seluo le lipuo tse ling tsa moo. Ka hona, ho hatisa lingoliloeng ka lipuo tsena ho khathile tema e khōlō hore batho ba thahaselle borapeli ba Jehova. Ka mor’a hore Phutheho ea Siaya e qale ho sebelisa lingoliloeng tsa Seluo le ho tšoara liboka ka puo eo, baholo ba ile ba re: “Hona joale barab’abo rōna ba utloisisa haholoanyane se rutoang. Joale bana baa mamelisisa. Kaha re se re fana ka lipuo re sebelisa likemiso tsa lipuo tsa Seluo, batho ba tlang libokeng ba eketsehile ka liphesente tse 60.”
Batho ba bangata ba Nicaragua ba bua Semiskito, eseng Sepanishe ’me ba fetang 200 ba ile ba e-ba teng kopanong ea setereke ea Semiskito. Ba bang ba ile ba etsa boiteko bo matla hore ba be teng. Ka mohlala, barab’abo rōna ba 13 ba tsoang motsaneng oa Asang, o haufi le Nōka ea Coco, ba ile ba etsa seketsoana sa mokoro ka sekoqo eaba ba sesa ka sona ho theosa le nōka matsatsi a mabeli ho ea motseng oa Waspam. Ha ba fihla moo, motho e mong o ile a ba palamisa teraka e ileng ea nka lihora tse hlano ho ea fihla motseng oa kopano. Ba bangata sehlopheng seo ba ne ba qala ho ea kopanong ea setereke. Ba ile ba thabela ho utloa lenaneo ka puo ea habo bona. Kaha ba ne ba sebelisitse chelete eohle ea bona hore ba fihle motseng oa kopano, ba bang kopanong ba ile ba ntša menehelo e le hore bara bao babo rōna ba fumane chelete ea ho khutlela hae.
Bamiskito ba neng ba le teng kopanong eo ba ile ba thaba ha ho lokolloa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ka puo ea habo bona. Bo-pula-maliboho ke bona ba neng ba thabile ka ho fetisisa. Pele buka eo e lokolloa, ba ne ba tlameha ho sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang ea Sepanishe ha ba ithuta Bibele le batho, ebe ba fetolela lirapa le lipotso ka Semiskito. Hona joale ba se ba shebana feela le ho ruta batho linnete tsa Bibele, ho e-na le ho nahana hore na ba tla fetolela joang.
Sequechua ke Seindia sa Amerika se buuoang Amerika Boroa. Bahoeletsi ba bang ba Sequechua ba lulang Peru ba ile ba ngola: “Ha re phetha puisano ea rōna le mong’a ntlo tšimong, re mo bolella hore re na le sengoliloeng ka Sequechua. Ba bang ba ’nile ba thabela lingoliloeng ka puo ea habo bona hoo ba ’nileng ba lla le ho meta lingoliloeng tseo.” Ofisi ea lekala e Peru e ngotse: “Bara ba bang babo rōna ba lulang moo ho buuoang Sequechua ba ile ba leka ka hohle ho bontša kamoo ba ananelang sena kateng. Ka mor’a hore mora e mong oabo rōna a bale buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? ka Sequechua, o ile a re joale o utloisisa se boleloang ke sehlabelo sa thekollo sa Kreste le hore na ke sa bohlokoa hakae. Babali ba ’nile ba romella litapole, liphae, mabokose a litholoana le lintho tse ling lekaleng e le ho bontša kamoo ba ananelang kateng.”
Mokhatlo o hlophisitsoeng o boetse o etsa boiteko bo matla ba ho fetolela lingoliloeng ka lipuo tse buuoang lihlekehlekeng tse hōle tsa Pacific. Morali’abo rōna e mong o ile a re ho moromuoa ea sebeletsang sehlekehlekeng sa Pohnpei se Micronesia: “Ke leboha Jehova ha e le mona a re hopotse. Pele ho mona re ne re fumana Molula-Qhooa ka Seponape likhoeli tse ’maloa ka mor’a hore ho tsoe khatiso ea Senyesemane.” A soasoa, o ile a phaella ka ho re: “Re ne re nahana hore Armagedone le eona e tla lieha ho fihla ho rōna. Empa hona joale re ithuta limakasine tsena hong le ba bang lefatšeng lohle, ebile li ntle joaloka tsa Senyesemane. Ruri re leboha Sehlopha se Busang ka ho re hlokomela hantle hakana.”
Bara le barali babo rōna ba Lihlekehlekeng Tsa Marshall, tse ka leboea ho Pacific, ba ile ba thabela ho fumana khatiso ea pele ea Molula-Qhooa oa batho ka kakaretso ka Semarshalle. Bara bana babo rōna ba rata ho bala lipale tsa bophelo, empa ho ne ho se na moo lipale tsa bophelo li ka kenngoang teng likhatisong tsa pele tsa Molula-Qhooa, kahoo motho e mong o ne a lokela ho li fetolela ho tsoa makasineng ea Senyesemane. Kahoo, ka sebele ba ile ba thaba ha ka lekhetlo la pele pale ea bophelo e hlaha ka puo ea habo bona khatisong ea batho ka kakaretso. ’Mali e mong ea lilemo li 16 o itse: “Ka lilemo tse ngata ke ne ke phetla makasine ea Senyesemane ebe ke sheba litšoantšo tsa lipale tsa bophelo ’me ke ne ke lakatsa eka nka bala lihlooho tseo. Joale nka li bala.”
Esita le haeba ho e-na le khatiso e le ’ngoe ka puo e itseng, e ka fetola bophelo ba batho. Naheng e ’ngoe e Asia Bohareng moo mosebetsi oa rōna o thibetsoeng, batho ba bangata ba ile ba abeloa bukana ea Ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Mohlankana e mong o ile a fumana bukana ena, a ipalla eona ’me seo se ile sa mo susumelletsa ho ea nōkeng e haufi le moo eaba oa “ikolobetsa.” Ha a utloa hore o lokela ho fumana motho ea tla mo khannela thuto ea Bibele, o ile a lumellana le seo a thabile ’me nakoana ka mor’a moo o ile a kolobetsoa ka tsela e nepahetseng. Hona joale o qeta nako e ngata a bolella batho ba bang litaba tse molemo.
MOSEBETSI OA HO FETOLELA BIBELE O HATELA PELE
Lipaki Tsa Jehova li ananela Lentsoe la Molimo, Bibele, ebile li nka hore ke habohlokoa haholo ho ba le phetolelo e nepahetseng le e hlakileng. Ka lebaka lena, hona joale batho ba Molimo ba thabela hore ebe Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fumaneha ka lipuo tse fetang 70, ebang e feletse kapa e sa fella. Le hoja e le ntho e thabisang ha e lokolloa ka lekhetlo la pele, ntho e susumetsang lipelo tsa batho le ho ntlafatsa tsela eo ba nahanang ka eona ke ha ba ipalla eona boinotšing, ha ba e bala libokeng tsa phutheho le ha ba e sebelisa tšebeletsong ea tšimo.
Ofisi ea lekala ea Russia e ’nile ea fumana mangolo a mangata a batho ba bontšang hore ba ananela khatiso ea Serussia e feletseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Mosali e mong o ile a ngola tjena: “Le hoja ke balile Bibele ka makhetlo a mangata, ha ke bala phetolelo ena ekare ke hona ke qalang ho bala Bibele! Ka linako tse ling ke sekisa meokho le ho tlala thabo e khōlō ha molaetsa oa Bibele o nkama pelo.”
Phetolelo ena e hlakileng e ile ea susumelletsa ’mali e mong hore a re: “Letsatsing lena ha ke qeta ho bala khaolo ea 18 ea Genese, ke ile ka ikutloa ke tlameha ho le ngolla lengolo lena. Ke ile ka ameha maikutlo ka ho tebileng ha ke bala temana ea 23 ho ea ho ea 32 moo Jehova a buisanang le Abrahama. Le hoja e le lekhetlo la bohlano ke bala Bibele, lena e ne e le lekhetlo la pele leo ke ileng ka nahanisisa ka puisano ena. Ke ile ka utloela Abrahama bohloko eaba ke ‘mamela’ Jehova ka hloko, hammoho le Abrahama. Tsela eo Jehova a mamelisisang ka eona e nkama pelo. Phetolelo ena e phelisa taba ena. Ke bone litšobotsi tsa Jehova tsa ba tsa nkama.”
Svetlana oa Moscow o re: “Ke leboha haholo ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha e feletseng. Ha re sa tsamaea re lahleha ha re bala ‘Testamente ea Khale’ ka lebaka la phetolelo ea khale le e sa hlakang! Ena e otla taba botsekeng!”
’Mali e mong o ile a ngola tjena: “Ha ke le mosebetsing ke ile ka bolella Irina litaba tse molemo, e leng motho ea ntšebeletsang. Qalong ke ne ke qotsa mangolo feela. Empa ha ke phetla Bibele ea ka ho mo bontša thapelo ea Jesu ea mohlala, o ile a mpotsa, ‘Na ee ke eona thapelo ea Ntat’a Rōna?’ Ha a bala mantsoe ao a Jesu, ke ile ka bona a seka meokho ea thabo eaba oa khotsa: ‘Khele! E hlakile hakaakang! Ke ne ke hlola ke utloa thapelo ena empa ho hang ke ne ke sa e utloisise. Mona e hlakile ebile ea utloahala! Ke batla Bibele e tšoanang le ena. Ak’u mphumanele eona! Ntlisetse Bibele e tšoanang le ena!’ Ke ile ka re, ‘Bibele ena re e fa feela batho ba hlileng ba batlang ho e bala.’ O ile a arabela a tiile a re: ‘Pele ke ne ke sa rate ho bala Bibele. Le hoja nkile ka ba le Libibele tse ’maloa, ke ile ka fana ka tsona kaofela, empa hona joale ke tiile ke batla ho e bala!’”
Mor’abo rōna e mong o ile a ngola tjena mabapi le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ea Seukraine: “Ke lakatsa ho leboha mpho ena e tsotehang e tsoang ho Jehova le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng. Ke thabela ho bala leqephe le leng le le leng la eona ’me hohle moo ke eang, ha e sale. E ngotsoe ka puo e bonolo le e hlakileng. Mantsoe a eona a nkama pelo ’me ke utloisisa lithuto tse tebileng tsa Bibele habonolo.”
Likhatiso tsa Seserbia le Secroatia le tsona li ananetsoe ka thabo. Morali’abo rōna e mong oa Mocroatia o ile a ngola: “Ka sebele ho bonolo ho e bala, ebile ho bonolo haholo ho e utloisisa ha motho a e bapisa le Bibele eo re ’nileng ra e sebelisa ka lilemo-lemo. Keletso ea Mangolo e fihla pelong habonolo ebile kea utloa hore ke ntse ke ithuta ho eketsehileng ka Jehova ho feta leha e le neng pele.”
Ka la 2 November, 2007, Mor’abo rōna Geoffrey Jackson oa Sehlopha se Busang o ile a lokolla khatiso ea Sesamoa ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Bibele ea Sesamoa sa pele ha e fumanehe habonolo ebile ea tura, kahoo barab’abo rōna ba thabile haholo ha e le mona Bibele e se e fumaneha habonolo tjena. Ka mor’a ho sebelisa Bibele ena ka likhoeli tse ’maloa, mohoeletsi e mong o ile a re: “Ho bonahala Bibele ea khale e ne e pata taba, athe Bibele e ncha e e beha ka tsela e hlakileng le e utloahalang.”
Morali’abo rōna e mong o bolela hore ha a ne a khanna thuto e ’ngoe ea Bibele, ho ne ho bontšitsoe lengolo la Jakobo 4:8 khatisong e neng e ithutoa. Mokhanni oa thuto o re: “Ke ile ka etsa tlhahiso ho mong’a ntlo ea hore le hoja re tseba lengolo leo, re ke re le bale ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Qalong re ne re nahana hore re bala lengolo lesele ho fihlela re etsa bonnete ba hore ehlile re bala lengolo le nepahetseng. Morali’abo rōna eo ke neng ke tsamaea le eena ha ke il’o khanna thuto eo o ile a khotsa a maketse a re, ‘Temana ena e fetohile.’ Joale re ile ra hlakeloa hore ho ‘atamela’ ho bolela ho ba le kamano e haufi le Jehova, e leng ntlha e neng e sa boleloa Bibeleng ea pele. Bonneteng e ile ea re ama maikutlo ea ba ea etsa hore re batle ho ba le kamano e haufi le Jehova.”
Nakoana ka mor’a hore ho lokolloe Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Sechaena, baromuoa ba bang ba sebeletsang Taiwan ba ile ba ngola: “Re ile ra fa akhente e ’ngoe e neng e rata ho bala limakasine tsa rōna kamehla Phetolelo ea Lefatše le Lecha. O ne a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore ho be le phetolelo e ncha. Ka mor’a ho mo bontša litemana tse ’maloa feela, o ne a hloletsoe haholo a ba a bolela hore ho bonolo haholo ho utloisisa phetolelo ena e ncha ho feta Bibele ea Union Version, eo a ’nileng a e bala.” Ba ile ba boela ba siela mosali e mong eo e leng setho sa Paramente phetolelo eo ea Bibele ’me eena a e siea ofising ea hae. E mong oa liboholi tsa seea-le-moea ea neng a sa rate Lipaki Tsa Jehova o ile a bona phetolelo eo ka ofising ea hae, a e nka a ba a bala karolo e ’ngoe ea eona. O ile a hlolloa hoo a ileng a letsetsa baromuoa bao a kōpa hore ba mo fumanele phetolelo eo.
Morali’abo rōna oa Mokirghiz ea neng a thatafalloa ho bala hobane a e-na le bothata ba mahlo o ne a nka ho bala Bibele e le mosebetsi o boima. Leha ho le joalo, tsela eo a talimang lintho ka eona e ile ea fetoha ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e lokolloa ka Sekirghiz. Hona joale o thabela ho bala Bibele ea hae hobane e le phetolelo e bonolo le e hlakileng.
Morali’abo rōna e mong o itse: “Ke phetolelo e ntle ka ho fetisisa! Ha ke khitlele ha ke e balla holimo. Ha ke batle ho e beha fatše. Ke utloa eka ke ithuta ’nete bocha.”
Morali’abo rōna e mong ea nang le bokooa ba kutlo o ile a ngolla Sehlopha se Busang lengolo le reng: “Ke rata Kosepele ea Matheu ka Puo ea Matsoho ea Amerika (ASL). Bibele ea phela ebile hona joale e nkama pelo. Ke bona botho ba Jesu, sefahleho se senolang kamoo a ikutloang kateng, mosa oa hae le ho rata batho ka tsela e tebileng. Ke rata buka ea Matheu ka ASL. Empa . . . na le ka etsa hore libuka tse ling tsa Bibele tsa ASL li fumanehe kapele?”
Ha ho potang hore Bibele e fetoletsoeng hantle e ka tlosa lesira le etsang hore moelelo oa Lentsoe la Molimo o se ke oa hlaka, ea etsa hore leseli la molaetsa oa ’nete le phunyeletse ho ea fihla pelong ea ’mali. Ka lebaka leo, ba labalabelang ho atamela haufi le Ntate oa bona oa leholimo baa thaba ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha e ba teng ka lipuo tseo ba li antseng letsoeleng—e leng lipuo tse fihlang hantle lipelong tsa bona.
HO ROMELOA BASEBETSI BA BANGATA KOTULONG
Ka lebaka la ho nolofatsa mosebetsi lekaleng, litho tse ngata tsa lelapa la Bethele ea United States li ile tsa fuoa likabelo tse ling. Le hoja ba bang ba ’nile ba romeloa makaleng a linaha tse ling, ba makholo a ’maloa ba ile ba abeloa ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba khethehileng naheng ka bophara. Ba ile ba ikutloa joang ha ba fuoa likabelo tsee tse ncha? Ba sebetsane le mathata a kabelo e ncha joang? Liphutheho li ruile molemo joang?
Todd le Leslie ba re: “Ka lilemo tse ngata, re ’nile ra rapela ‘Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.’ Re ne re sa tsebe hore o tla sebelisa rōna! Joale rea bona hore letsoho la Jehova le tsamaisa litaba ebile re nka e le tlotla hore ebe Kreste ‘o ile a re nka re le ba tšepahalang ka hore a re abele bosebeletsi.’”—Mat. 9:37, 38; 1 Tim. 1:12.
Ha Franco a hopola likhoeli tsa pele tse ’maloa tseo eena le mofumahali oa hae ba li qetileng kabelong ea bona e ncha, o re: “Ho hang ’na le mofumahali oa ka re ne re sa nahane hore ho sa hlokahala baboleli ba bangata hakana United States. Ha re fihla kabelong ea rōna, re ile ra fumana batho ba bangata haholo ba batlang ho khanneloa thuto ea Bibele.” Ha Curtis le Karolynne ba hlalosa tsela eo boholo ba bo-pula-maliboho bana ba ikutloang ka eona, ba re: “Re thabetse kabelo ea rōna ea tšimong haholo! Ke monyetla oa ho bontša Jehova hore ha e le hantle re ne re tiile ha re ne re itatola ’me re nehela bophelo ba rōna ho eena.”
HO TŠEPA “MONG’A KOTULO”
Ke ntho e utloahalang hore motho ea qetileng lilemo-lemo a le Bethele a ka tšoenyeha ha a abeloa tšimong. Banyalani ba bang ba ile ba re: “Na re tla fumana ntlo eo re tla khona ho e lefella? Hona ha re tloaetse ho sebetsa joaloka bahoeletsi feela tjee, na re tla khona ho qeta lihora tse 120 kapa 130 ka khoeli tšebeletsong ea tšimo re be re khothatse phutheho?” Bona hammoho le ba bang ba ile ba sebetsana joang ka katleho le maemo a bona a macha?
Ba bang ba ile ba fumana matlo ao ba neng ba tla khona ho a lefella letsatsi pele ba qala kabelo e ncha. Ka mohlala, morali’abo rōna e mong ea sa nyaloang, o ile a etela kabelong ea hae e ncha moo a ileng a qeta libeke tse peli a ntse a batla ntlo, empa a sa e fumane. Letsatsi pele a khutlela Bethele ho ea paka thōtō ea hae, o ile a thaba haholo ha moholo oa phutheho ea moo a mo tšepisa ho mo hirisetsa ntlo e nyenyane eo a neng a ka e lefella rente e tlaase.
Jeff le Cynthia ba ile ba bolella mookameli e mong oa matlo a hirisoang hore ke Lipaki Tsa Jehova. Mookameli eo o ile a re: “Ke tseba Lipaki Tsa Jehova ’me kea tseba hore ha kea lokela ho tšoenyeha ka lōna. Joang kapa joang Jehova o tla tiisa hore le fumana chelete ea rente!”
Eric le Melonie ba itse: “Liphihlelo tse kang tsa rōna li re hopotsa hore re lokela ho tšepa Jehova ka linako tsohle. Letsatsi le letsatsi re bona bopaki ba hore Jehova oa re tšehetsa. Ruri sena se matlafalitse tumelo ea rōna.”
LIPHUTHEHO LIA BA TŠEHETSA
Tsela e lerato eo liphutheho li ileng tsa tšehetsa bo-pula-maliboho bana ka eona e ile ea ba thusa hore ba tloaele likabelong tsa bona. Molebeli e mong oa potoloho o tlaleha hore liphutheho tse ngata li bua hantle ka “bo-pula-maliboho ba rōna ba khethehileng.” O phaella ka ho re: “Ba amohetsoe ka mofuthu potolohong ’me ba thusoa ka lerato.” Mor’abo rōna e mong o ile a ngola lengolo lena le bontšang kananelo: “Ke lakatsa ho leboha lekala haholo. Kaofela ha rōna re rua molemo ho bo-pula-maliboho bana!”
Phutheho e ’ngoe ea Kansas e ne e e-na le masimo a 100 a qetileng likhoeli tse ngata a sa sebetsoe. Hona joale, boholo ba tšimo ena e sebetsoa khafetsa ka thuso ea banyalani ba bang ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Moholo e mong o re: “Bonneteng re ne re sa nahane hore tokisetso ena e tla ba molemo hakana.”
Le hoja liphutheho e bile “thuso e matlafatsang” bo-pula-maliboho bana, bahoeletsi ba liphutheho le bona ba ruile molemo. (Bakol. 4:11) Molebeli e mong oa potoloho oa tlaleha: “Ka sebele tsela eo bo-pula-maliboho bana ba chesehang ba bileng ba leng sehlahlo ka eona e tsositse bara le barali babo rōna molota.” Molebeli e mong oa potoloho o ile a ngola tjena: “Ntho e khahlehang haholo ka bo-pula-maliboho bana ba khethehileng ke hore ke batho ba lerato le ba thabileng ’me ba tšoaetsa batho ba bang moea oo.”
Banyalani ba bang ba ile ba tsosolosa bahoeletsi ba leshome ba neng ba se ba sa kopanele tšebeletsong. Hape, barab’abo rōna ba sebeletsang e le baholo ba ruisa phutheho molemo o moholo. Moholo e mong o ile a ngola tjena: “Hoa khatholla ho ba phuthehong le mor’abo rōna ea leka-lekanyang lintho ea bileng a koetlisitsoeng joaloka enoa. Ke sona seo phutheho le sehlopha sa baholo se neng se se hloka.”
“BASEBETSI-’MOHO LE MOLIMO”
Jehova o hlohonolofalitse baboleli ba ’Muso ka liphihlelo tse ngata tse monate. Ka mohlala, ka letsatsi le leng ha ho ne ho bata mariha, Steve le Gaye, ba ile ba ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ntlong ea pele feela, ba ile ba qalisa thuto ea Bibele le monna-moholo e mong ea neng a tepeletse maikutlo. Libeke tse peli li ne li e-s’o fele ha a ea libokeng Holong ea ’Muso, moo ho ileng ha etsahala hore ba bue ka tsela e mosa eo a ileng a ba amohela ka eona ha ba qala ho mo etela. O ile a araba ka ho re: “Ha kea ka ka le amohela hobane ke le motho ea lokileng. Ke le amohetse hobane ke ne ke tseba hore le tseleng. Ke ne ke qetile matsatsi a mararo ke ntse ke rapella thuso.” Hona joale o ba teng kamehla libokeng ebile o hatela pele hantle ka sepheo sa hore haufinyane a kolobetsoe.
Hoseng ho hong ha Ray le Jill ba ntse ba tsamaea ka koloi, ba ile ba bona monna e mong ka mose ho ’mila eaba ba etsa qeto ea hore ba bue le eena. Ba ile ba fa monna eo lingoliloeng ’me ba mo botsa hore na a ka thabela ho ithuta Bibele le bona. O ile a nka limakasine tseo le ho ba hlalosetsa hore o ne a kile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. O ne a sa tsoa fallela sebakeng seo, kahoo o ile a lumela a thabile ha ba mo kōpa hore ba ntšetse pele thuto ea Bibele.
Bohle ba tsoelang pele ba itela tšebeletsong ea Jehova baa tseba hore ‘Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa bona le lerato leo ba ileng ba le bontša bakeng sa lebitso la hae.’ (Baheb. 6:10) Joalokaha ’mele oa motho o na le litho tse ngata tseo kaofela ha tsona li etsang mosebetsi o hlokahalang, setho se seng le se seng sa phutheho se ka tlatsetsa ka tsela e itseng e le hore phutheho e hōle moeeng hape e ratehe. “Molimo o behile litho [phuthehong], se seng le se seng sa tsona, feela joalokaha a khahliloe,” ’me haeba setho ka seng se e-na le tšebelisano-’moho seo se etsa hore “litho tse ling tsohle li [thabe] le sona.” (1 Bakor. 12:18, 26) Tšebelisano-’moho ena har’a “basebetsi-’moho le Molimo” e tlotlisa Jehova, ea ileng “a ’na a hōlisa.”—1 Bakor. 3:6, 9.
HO THEHA KA MOLAO LITABA TSE MOLEMO
Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Le tla hlouoa ke batho bohle ka lebaka la lebitso la ka.” (Mat. 10:22) Barutuoa ba ’nete ba ka lebella hore bahanyetsi ‘ba bue ntho ea mofuta o mong le o mong e khopo ka bona ka lebaka la hae.’ (Mat. 5:11) Barutuoa ba Kreste ba mehleng ee ba sebelitse joang tabeng ea ‘ho theha ka molao litaba tse molemo’?—Bafil. 1:7.
Armenia
Pakeng tsa April 2007 le April 2008, basebeletsi ba ’muso ba lekhetho la thepa e kenang le e tsoang Armenia ba ile ba hana ho lokolla Libibele le lingoliloeng tsa Bibele tse boima bo fetang lithane tse supileng tseo ba neng ba li tšoere ho fihlela ho lefshoa lekhetho le holimo haholo. Qetellong, ka April 2008, lingoliloeng tse ileng tsa romeloa pele li ile tsa lokolloa ka mor’a hore barab’abo rōna ba li lefelle lekhetho leo ba ntse ba ipelaetsa, empa lingoliloeng tse ling tsona ha lia ka tsa lokolloa. Barab’abo rōna ba nkile mehato ea molao ho leka ho rarolla pharela ena.
Kazakhstan
Barab’abo rōna ba babeli ba neng ba tsoa ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki Tsa Jehova, ba neng ba tlil’o matlafatsa barapeli-’moho le bona ba Kazakhstan, ba ile ba tšoaroa ka mor’a seboka se khethehileng se neng se tšoaretsoe Almaty. Ba ile ba koalloa seteisheneng sa mapolesa, ba hlongoa lipotso eaba ba isoa ka pel’a moahloli lekhotleng la ’maseterata, moo ho ileng ha thoe ba molato oa ho etsa “mosebetsi oa boromuoa.” Le hoja hamorao ba ile ba lokolloa, ho ntse ho etsoa boiteko ba ho hlakola liqoso tseo tsa barab’abo rōna. Morao tjena, ba boholong ba ’nile ba hlasela mahae a barab’abo rōna ho ba sitisa ha ba bokane bakeng sa ho rapela le ho ithuta Bibele. Makhotla a thibetse mesebetsi e amanang le borapeli ea liphutheho tse tharo tse ngolisitsoeng ka molao, ebile ka makhetlo, mekhatlo e tiisang hore molao oa phethoa e ’nile ea sitisa mesebetsi e amanang le puso ea Molimo tikolohong e ka leboea ho Leoatle la Caspian.
Tajikistan
Mokhatlo oa Bolumeli oa Lipaki Tsa Jehova Tajikistan o ile oa ngolisoa ka molao ka 1994, e leng se neng se lumella barab’abo rōna hore ba kopane bakeng sa borapeli. Leha ho le joalo, ka la 11 October, 2007, lekala la litaba tsa setso le ile la ntša qeto ea ho thibela borapeli ba Lipaki Tsa Jehova. Barab’abo rōna ba ntse ba etsa boiteko ba ho bontša ba boholong hore Lipaki Tsa Jehova ke batho ba ratang khotso ebile ha ba bake meferefere sechabeng.
Uzbekistan
Tsela eo Lipaki Tsa Jehova tsa Uzbekistan li tšoaroang ka eona e ntse e mpefala. Mathoasong a selemo sa 2008, e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a ahloleloa ho hlola lilemo tse ’nè kampong ea mosebetsi o boima ka lebaka la ho etsa mosebetsi o amanang le bolumeli ba hae. Ba bang ba ’nile ba tšoaroa, ba koalloa, ba fumanoa ba le molato ba ba ba lefisoa ka lebaka la ho tlōla molao o tsamaisang mekhatlo ea bolumeli le melao e amanang le ho ruta lithuto tsa bolumeli. Liboka li ’nile tsa hlaseloa, mahae a bahoeletsi a phenyekolloa, lingoliloeng tsa nkuoa ’me bahoeletsi ba koalloa. Mapolesa a ’nile a rohaka bara le barali babo rōna ba bangata a ba a ba hlekefetsa.
Ba bangata ba boholong sebakeng sena ba ’nile ba bolela hore baruti ba motse ke bona ba hlohlelletsang liketso tsena tse khopo. Re lula re rapella hore e se e ka haufinyane ba boholong ba ka lemoha hore ka sebele ba etsa ntho e fosahetseng ’me ba lumelle bara le barali babo rōna hore ba tsoele pele ho “phela bophelo bo khutsitseng le bo thōtseng ka boinehelo bo feletseng ba bomolimo le ho nka lintho ka botebo bo feletseng.”—1 Tim. 2:1, 2.
Greece
Lekhotla le phahameng Greece le ile la etsa liqeto tse peli tse tsoetseng barab’abo rōna molemo tse amanang le litšoanelo tsa batho tsa hore ba nkoe ba e-na le tokelo ea ho hana ho kena sesoleng ka lebaka la litumelo tsa bona. Konstantinos Kotidis o ne a ile a ba sesoleng sa Soviet Union ka lilemo tse itseng pele a fallela Greece ’me e e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ha ba boholong ba bitsa Mor’abo rōna Kotidis hore a kene sesoleng, ba ile ba mo hanela ho phetha tšebeletso e ’ngoe ea sechaba e sa amaneng le sesole. Ba ile ba re kaha o ne a kile a ba sesoleng, ho ne ho se na lebaka la hore a hane ho nka lihlomo ka lebaka la bolumeli. Leha ho le joalo, Lekhotla la Naha le ile la etsa qeto ea hore motho ea kileng a etsa tšebeletso ea sesole le eo ka mor’a moo bolumeli ba hae bo fetohang ebe letsoalo la hae le koetlisitsoeng ha le sa mo lumella, o na le tokelo ea ho nkoa e le motho ea hanang ho kena sesoleng ka lebaka la bolumeli ’me kahoo a ka lumelloa ho etsa tšebeletso e ’ngoe ea sechaba e sa amaneng le sesole.
Nyeoeng e ’ngoe, Stylianos Ioannidis ha aa ka a hiroa lefapheng le leng le sebeletsang sechaba hobane a ne a kile a kenngoa chankaneng ka lebaka la ho hana ho kena sesoleng, ka hona, a nkoa a e-s’o ka a phetha boikarabelo ba hae ba sesole. Leha ho le joalo Lekhotla la Naha le ile la etsa qeto ea hore ha motho ea hanang ho nka lihlomo ka lebaka la bolumeli kapa letsoalo la hae a se a ile a hoehla chankaneng, hoa utloahala hore ha aa lokela ho kenyelletsoa tšebeletsong ea sesole. Lekhotla le ile la ba la re motho ea joalo o tla be a phethile molato oa hae tabeng ea ho kena sesoleng, kahoo a ke ke a thibeloa ho hiroa tšebeletsong ea sechaba. Lena e bile lekhetlo la pele Lekhotla la Naha le liha kahlolo ka mabaka a tšoanang hantle le a Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho tabeng ea tokoloho ea bolumeli, moo le ileng la ahlola nyeoe ea e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea neng a sa hiroa hobane a fumanoe a le molato oa ho hana ho kena sesoleng ka lebaka la bolumeli ba hae.
Eritrea
Bara le barali babo rōna ba sa ntse ba tšoaroa ka sehlōhō le ka leeme Eritrea. Ba boholong ba koaletse Lipaki Tsa Jehova tse ngata literonkong ’me ba bang ba maemong a sisimosang ka ho fetisisa. Ka July 2008, ho ile ha tšoaroa barab’abo rōna ba bang ba tšeletseng ba neng ba akha baholo ba eteletseng pele mosebetsi o etsoang ka har’a naha ena. Ho sa tsotellehe boiteko bo matla bo entsoeng le boipiletso bo tsoang linaheng tse ling ba hore barab’abo rōna ba ke ba fumane phomolo, ’muso o lomahantse meno ho hanyetsa borapeli ba Molimo oa ’nete, Jehova.
Korea Boroa
Ho na le khatelo-pele e itseng Korea Boroa, moo ’muso o ’nileng oa hatakela litokelo tsa mantlha tsa batho ba hanang ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo. Barab’abo rōna ba fetang 13 000 ba ile ba ’na ba koalloa chankaneng ka lilemo tse fetang 50 ’me hona joale ba koaletsoeng ba ka ba 500. Boikemisetso ba bona le boitšoaro ba bona ba Bokreste bo fane ka bopaki bo babatsehang ho batho ba leng chankaneng le ba boholong ’musong, e leng se thabisang Molimo oa rōna, Jehova. (1 Pet. 2:20) Ho tla fihlela lena le holimo, ho hlahletsoe likōpo tse 488 Komiting ea Litokelo Tsa Botho ea Machaba a Kopaneng, e ileng ea ahlolela barab’abo rōna hantle likōpong tse peli ka 2006. Khabareng, barab’abo rōna ba tšepa hore ’muso o tla nka mehato e lumellanang le boikemisetso ba oona ba ho etsa molao o fanang ka monyetla oa hore motho a etse tšebeletso e ’ngoe ea sechaba e amohelehang ho e-na le ho kena sesoleng.
Rwanda
Matichere ’ohle a Rwanda a ile a bolelloa hore a lokela ho ea thupelong e ’ngoe ka April 2008, ’me har’a ’ona ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse ngata. Ho ne ho sa lebelloa hore ho be le ba tla hana ho etsa lintho tse itseng moo hobane li le khahlanong le matsoalo a bona a koetlisitsoeng ke Bibele. Ka lebaka leo, Lipaki tse 215 tse ileng tsa hana ho ea thupelong eo li ile tsa lelekoa mosebetsing, eaba baralib’abo rōna ba babeli ba koalloa chankaneng ka libeke tse ’maloa. Thupelong eo mesuoe e ne e tlil’o rupeloa litabeng tsa lipolotiki le tsa sesole ’me ba ileng ba ea ba ile ba laeloa hore ba kenele mesebetsi ea lipolotiki le litšebeletso tsa bochaba tse neng li etsoa moo. Mang kapa mang ea neng a leka ho thoba o ne a thibeloa ke masole. Ho tloha ka nako eo, bana ba Lipaki Tsa Jehova ba 90 ba ile ba lelekoa likolong ka lebaka la ho hana ho bina pina ea sechaba kapa ho lumelisa folakha. Re kholisehile hore Jehova o tla matlafatsa bara le barali bao babo rōna le bana ba bona hore ba lule ba tšepahala le hoja ba tobane le mahloriso ana a sa tsoa qala.
Spain
’Muso oa Spain o ile oa fana ka taelo e tsoang ho morena e amang Lipaki Tsa Jehova tse tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng, tse kang litho tsa lelapa la Bethele le balebeli ba tsamaeang. Tsebiso eo ea molao e bolela hore bahlanka ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng ba nkoa e le “basebeletsi ba khethiloeng . . . ba inehetseng ka ho feletseng mosebetsing oa boromuoa kapa o amanang le bosebeletsi ba Bokreste, thutong ea bolumeli esita le mesebetsing leha e le efe e tlamehang ho etsoa e le ho tšehetsa lipakane tsa bolumeli ba bona.” Taelo ena e tla nakong eo ba boholong linaheng tse ling ba belaellang taba ea hore na basebeletsi ba Lipaki Tsa Jehova ba tšebeletsong e khethehileng ea nako e tletseng ehlile ba tšoanela ho fuoa litokelo tse fuoang basebeletsi ba lihlopha tse ling tsa bolumeli.
LEKHOTLA LA EUROPE LA LITOKELO TSA BOTHO
Lipaki Tsa Jehova tsa Armenia, Austria, Azerbaijan, Fora, Georgia, Russia, Turkey le Ukraine li kentse mangolo a boipiletso a 24 a ntseng a emetse ho sebetsoa ke Lekhotla la Europe la Litokelo Tsa Botho (ECHR) le Strasbourg, Fora. Likōpo tsena li amana le litokelo tsa mantlha tsa botho tsa baahi ba lulang libakeng tse oelang tlas’a Tumellano ea Linaha Tsa Europe Mabapi le Litokelo Tsa Botho, joaloka tokelo ea motho ea ho hana tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo la hae. Boipiletso bo bong, bo mabapi le ho hlorisoa le ho khetholloa ka lebaka la bolumeli, ho koala kapa ho thibela mekhatlo e molaong e sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova ha li hlophisa mosebetsi, bo bong bo mabapi le hore basebeletsi ba ’muso ba sitisa lipokano tse renang khotso tsa borapeli ba Lipaki, ha bo bong bo amana le tokelo ea motsoali ea ho hōlisa ngoana oa hae e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.
Austria
Ka la 31 July, 2008, lekhotla la ECHR le ile la liha kahlolo e emang le Lipaki nyeoeng ea Lipaki Tsa Jehova khahlanong le Austria. Lekhotla le ile la re molao oa Austria mabapi le bolumeli o hatella tokelo ea Lipaki Tsa Jehova ea ho lokoloha borapeling ba tsona ka ho sebelisa mokhoa o arolang bolumeli koto tse peli, e leng ho etsang hore malumeli a mang a nkoe a le tlaasana, ebe balateli ba ’ona ba nkoa e le baahi ba maemo a tlaase. Kahlolo ena e lihuoa ka mor’a lilemo tse 30 barab’abo rōna ba ntse ba leka ka matla ho etsa hore ba amoheloe e le bolumeli ba molao Austria. Ha lekhotla le liha kahlolo, le ile la re: “Hase toka hore malumeli ao e leng khale a le teng linaheng tse sa tšoaneng ebile e le khale a le teng naheng ena hoo ba boholong pusong ba a tsebang hantle, joaloka Lipaki Tsa Jehova, a eme [nako e telele] pele taba ea ’ona e sebetsoa.” Hona joale ’muso oa Austria o tlameha ho lokisa litaba tsa oona tsa molao, e leng bohato bo ka etsang hore barab’abo rōna ba be le litokelo tse tšoanang le tsa malumeli a maholo Austria.
Azerbaijan
Ka November 2007, ho ile ha kenngoa lengolo la boipiletso lekhotleng la ECHR mabapi le mapolesa a hatakelang tokelo ea rōna ea ho rapela ka bolokolohi. Le hoja Lipaki Tsa Jehova li ngolisitsoe ka molao Azerbaijan, ho bile le litlaleho tsa barab’abo rōna ba ’nileng ba tšoaroa le ho hlokofatsoa, tse ntseng li phaellana ka tsela e tšosang. Mapolesa a hlometseng a tsamaeang ka lihlopha tse khōlō a ’nile a hlasela liboka tse renang khotso tsa Lipaki Tsa Jehova, a nka lingoliloeng tsa tsona le thepa ea tsona ka mahahapa, a tšoara ba teng le ho ba rohaka haesitana le ho otla bara le barali babo rōna. Kaha litlhaselo tsa mapolesa li ntse li tsoela pele, lekhotla lea hlokomela hore boemo bona bo lokela ho nkeloa khato ka potlako, le se le bile le nkile bohato ba ho potlakisa taba ena. Re tšepa hore haufinyane barab’abo rōna ba tla lumelloa hore ba bokane hammoho ka khotso ba sa tšoha hore mapolesa a ka ’na a ba hlasela.
Fora
Ka February 2005, ho ile ha etsoa boipiletso lekhotleng la ECHR mabapi le hore ’muso oa Fora o lefisa Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova lekhetho ka leeme ebile e le le seng molaong. Re sa emetse ho bona hore na lekhotla le tla amohela boipiletso boo ba rōna. Khabareng, bahanyetsi ba Lipaki ba ’nile ba bua litumelo tsa rōna hampe hoo selemong se fetileng Liholo Tsa ’Muso tse ka bang 70 li ileng tsa senngoa. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba Fora ba lula ba na le tšepo ea hore haufinyane lekhotla le tla liha kahlolo ea hore ’muso o ba khetholotse ’me seo se imolle Lipaki Tsa Jehova naheng ena.
Russia
Ka December 2001, Lipaki Tsa Jehova Russia li ile tsa kenya lengolo la boipiletso lekhotleng la ECHR mabapi le ho qosoa khafetsa ka hore li tlōtse molao oa naha le oa sechaba. Ka June 2004, Lekhotla la Motse oa Moscow le ile la lumellana le qeto e entsoeng lekhotleng le tlaasana ea hore ho thibeloe mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova Moscow, ho be ho qhaloe mokhatlo oa tsona o ngolisitsoeng ka molao. Ka kakaretso, barab’abo rōna Moscow ba ntse ba khona ho bokana hammoho bakeng sa borapeli ebile ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Leha ho le joalo, Moscow le libakeng tse ling Russia, ho ’nile ha e-ba le liketsahalo tse ngata tseo ho tsona ba boholong ba ileng ba sitisa liboka le likopano, ba ba ba hlekefetsa bara le barali babo rōna. Ka mohlala, ka July, motseng oa Chekhov, o ka bang lik’hilomithara tse 60 ka boroa ho Moscow, batho ba ile ba chesa Holo ea ’Muso ka boomo. Le hoja bo-ralitima-mollo ba ile ba bitsoa hang-hang, batho ba boneng ha seo se etsahala ba re bo-ralitima-mollo ha baa ka ba etsa letho ho tima mollo oo ’me ho fihlela kajeno, mapolesa a ntse a hana ho etsa lipatlisiso. Ho sa tsotellehe hore bara le barali babo rōna ba Russia ba tobane le mathata ebile baa hanyetsoa, ba ntse ba tšepahala ’me ba tšepile hore Jehova o tla ba tšehetsa.
Jehova o tšepisa hore ha ho na sebetsa se ka etsoang khahlanong le bahlanka ba hae se tla atleha. (Esa. 54:17) Esita le maemo a boima ka ho fetisisa a ka etsa hore “litaba tse molemo li tsoele pele.” Leha ho le joalo, bahlanka ba Molimo ba ikemiselitse ho tsoela pele ho ‘ema ba tiile boikutlong bo le bong, ka moea o le mong ba loana ba bapile ka mahlakore bakeng sa tumelo ea litaba tse molemo, ’me ho hang ba sa tšosoe ke bahanyetsi ba bona.’ (Bafil. 1:12, 16, 18, 27, 28) Re kōpa hore “le tsoele pele ho . . . rapella” bara le barali babo rōna lefatšeng ka bopara ha ba ntse ba tšepile Jehova, “qhobosheane . . . le Mopholosi” oa rōna.—2 Bathes. 3:1; Pes. 18:2.
HO NEHELOA HA MAKALA
Ka Moqebelo oa la 10 November, 2007, e ne e le thabo feela lekaleng la Afrika Boroa ha bara le barali babo rōna ba ka bang 4 000 ba bokana bakeng sa ho neheloa ha karolo e atolositsoeng ea setsi sa khatiso, holo ea ho jela le sebaka sa bolulo.
Baeti ba ileng ba ea karolong e atolositsoeng ea setsi sa khatiso ba ile ba thaba ha ba bona mochine oa khatiso oa MAN Roland Lithoman o ntse o tšoela likete tse mashome tsa Libibele le lingoliloeng tse ling tsa Bibele. Mochine o mocha o kopanyang libuka o se e kopantse likopi tse fetang milione tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lipuo tse 16 tsa Seafrika. Baeti ba ile ba bontšoa mohaho o atolositsoeng oa thomello ea lingoliloeng, moo lekala le bokellang lingoliloeng tsa Bibele tse sebelisoang ke liphutheho tse ka bang 8 000 linaheng tse leshome tse karolong e ka boroa ea Afrika.
Ka la 7 June, 2008, ho ile ha neheloa mehaho ea lekala e atolositsoeng Lagos, Nigeria, e lik’hilomithara tse 360 ka boroa-bophirimela ho Bethele e Igieduma. Ofisi e Lagos e na le likamore tsa bolulo tse 24, sebaka sa polokelo le liofisi. Litaba tse ngata tse amang lekala li sebeletsoa Lagos, e leng motse-moholo o jereng naha moruong. Basebeletsi ba Bethele ba latang thepa e tsoang boema-kepe le ba rekang thepa ea lekala ba lula mehahong ena e mecha ’me ba tsoang boema-fofane kapa ba eang teng ba fihlela moo. Ofisi ea Lagos e boetse e sebelisoa e le sebaka sa nakoana seo ho tšoareloang Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ho sona ho fihlela ha ho se ho qetiloe ho atolosa lekala le Igieduma. Ka sebele, ho hlakile hore Jehova o hlohonolofatsa mosebetsi oa boboleli Afrika, hammoho le lefatšeng ka bophara.
RE HLOMELETSOE HO ETSA THATO EA MOLIMO
Ruri re leboha Jehova hobane o re hlomeletse “ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo hore [re] etse thato ea hae, ha a etsa ho rōna ka Jesu Kreste se khahlisang haholo mahlong a hae.” (Baheb. 13:21) Kaha Jehova o bontšitse hore ke eena ea ka “etsang ka ho fetisisang ho feta lintho tsohle tseo re li kōpang kapa re li nahanang,” re ka re ka pelo eohle: “Ho eena e be khanya ka phutheho le ka Kreste Jesu ho meloko eohle ka ho sa feleng le kamehla.”—Baef. 3:20, 21.
[Lebokose le leqepheng la 25]
Ke Hobane’ng ha Malumeli a Ngolisoa Hona a Ngolisoa Joang?
Linaha lia fapana tseleng eo li ngolisang malumeli ka eona. Linaha tse ling tse kang Armenia le Azerbaijan, li na le melao e tobileng e lumellang mekhatlo ea bolumeli hore e etse kōpo ea ho ngolisoa ka molao e be e amoheloe. Ha kōpo eo e amohetsoe, mokhatlo oo oa bolumeli o tla nkoa e le bolumeli bo amoheloang ka molao ka har’a naha. Linaheng tse ling, ho na le lihlopha tse peli tsa ho ngolisa. Sehlopha sa pele se etselitsoe malumeli a tloaelehileng ao e leng khale a le teng. Sehlopha sena se na le menyetla e mengata, e akarelletsang ho se lefisoe lekhetho. Hangata sehlopha sa bobeli se behetsoe malumeli a manyenyane, a macha le a sa tloaelehang.
Linaha tse ling tse kang Georgia le United States of America, ha li na melao e tobileng ea ho ngolisa malumeli. Maemong a mofuta oo, molao oa motheo o fa malumeli ’ohle tokoloho. Le hoja ho se na mokhoa o lateloang oa hore malumeli a amoheloe ka molao, sehlopha ka seng sa bolumeli se ka etsa kōpo ea ho ngolisa mokhatlo oo se tla o sebelisa litabeng tsa molao. Haeba kōpo eo e atleha, joale sehlopha seo se ka sebelisa mokhatlo oo oa molao hore se etse mesebetsi ea sona e ka akarelletsang ho ngola le ho hatisa lingoliloeng esita le ho ba le litša.
[’Mapa o leqepheng la 21]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
AUSTRIA
FORA
SPAIN
GREECE
ERITREA
RWANDA
ARMENIA
AZERBAIJAN
RUSSIA
KAZAKHSTAN
UZBEKISTAN
TAJIKISTAN
KOREA BOROA
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Phutheho ea Siaya e buang Seluo
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
“Phetolelo ea Lefatše le Lecha” e feletse kapa e sa fella e teng ka lipuo tse fetang 70
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Konstantinos Kotidis
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Stylianos Ioannidis
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Mohaho o mocha oa bolulo Lagos, Nigeria
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Setsi sa khatiso, lekaleng la Afrika Boroa