Buka ea Bibele ea 59—Jakobo
Mongoli: Jakobo
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema
Ho Ngoloa ho Phethiloe: Pele ho 62 C.E.
1. Ke eng e hlahisang potso mabapi le hore na Jakobo ke eena mongoli oa buka e bitsoang ka lebitso la Jakobo?
“OA HLANYA.” Beng ka Jesu ba ne ba nahana joalo ka eena. Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, “le bona banab’abo ba ne ba sa lumele ho eena,” ’me Jakobo, hammoho le Josefa, Simone, le Juda, o ne a sa nkoe e le e mong oa barutuoa ba hae ba pele. (Mar. 3:21, NW; Joh. 7:5; Matt. 13:55) Ka hona, ke ka mabaka afe ho ka thoe’ng Jakobo ngoan’abo Jesu ka ’m’a bona ke eena ea ngotseng buka ea Bibele e bitsoang ka lebitso la Jakobo?
2. Ke eng e tšehetsang khang ea hore ngoan’abo Jesu ka ’m’a bona ke eena mongoli oa Jakobo?
2 Tlaleho e bontša hore Jesu ea tsositsoeng o ile a itlhahisa ho Jakobo, ’me ha ho pelaelo hore sena se ile sa mo kholisa ka mokhoa o sa sieeng khoao leha e le efe hore Jesu ke eena Messia. (1 Ba-Kor. 15:7) Liketso 1:12-14 e bolela hore esita le pele ho Pentekonta, Maria le banab’abo Jesu ba ne ba phuthehile hammoho le baapostola ho tla rapela ka phaposing e ka holimo ea ntlo Jerusalema. Empa na lengolo lee ha lea ngoloa ke e mong oa baapostola ea bitsoang Jakobo? Che, hobane qalong mongoli ha a itsebahatse e le moapostola, empa o itsebahatsa e le ‘mohlanka oa Morena Jesu Kreste.’ Ho feta moo, mantsoe a Juda a kenyelletso, a tšoanang le a Jakobo, le ’ona a bolela hore Juda (kapa Judase) e ne e le “mohlanka oa Jesu Kreste, le ngoan’abo Jakobo.” (Jak. 1:1; Juda 1) Ho tsoa ho sena ka nepo re ka fihlela qeto ea hore Jakobo le Juda, banab’abo Jesu ba nama ka ’m’a bona, ke bona ba ngotseng libuka tsa Bibele tse bitsoang ka mabitso a bona.
3. Litšoaneleho tsa Jakobo tsa ho ngola e ne e le life?
3 Jakobo o ne a tšoaneleha ka mokhoa o ikhethang bakeng sa ho ngolla phutheho ea Bokreste lengolo le fanang ka keletso. O ne a hlonepshoa haholo joaloka molebeli phuthehong ea Jerusalema. Pauluse o bua ka “Jakobo, ngoan’abo Morena” e le e ’ngoe ea “litšiea” ka phuthehong hammoho le Kefase le Johanne. (Ba-Gal. 1:19; 2:9) Hore Jakobo o ne a hlile a hlahelletse ho bontšoa ke ha Petrose a romela molaetsa hang-hang ho “Jakobo le baena” ka mor’a hore a lokolloe teronkong. Hape na hase Jakobo ea ileng a sebeletsa e le ’muelli oa “baapostola le baholo” ha Pauluse le Barnabase ba ne ba etetse Jerusalema ho ea kōpa hore ho etsoe qeto ka lebollo? Ho thahasellisang, qeto ena hammoho le lengolo la Jakobo ka bobeli li qala ka mantsoe a tšoanang, “Lumelang!”—e leng pontšo e ’ngoe ea hore li ngotsoe ke mongoli a le mong.—Lik. 12:17; 15:13, 22, 23; Jak. 1:1.
4. Ke eng e bontšang hore lengolo la Jakobo le ngotsoe nakoana pele ho 62 C.E.?
4 Rahistori Josephus o re bolella hore ke Moprista ea Phahameng (Ananiase), Mosadduci ea neng a ikarabella bakeng sa ho bolaoa ha Jakobo ka ho tlepetsoa ka majoe. Sena se etsahetse ka mor’a lefu la ’musisi oa Roma Festuse, hoo e ka bang ka 62 C.E., le pele mohlahlami oa hae, Albinus, a kena mosebetsing.a Empa Jakobo o ngotse lengolo la hae neng? Jakobo, a le Jerusalema, o ile a lebisa lengolo la hae ho “meloko e leshome le metso e ’meli e qhalakaneng,” ha e le hantle, “(batho) ba hasantsoeng.” (Jak. 1:1, NW mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ho ne ho tla nka nako hore Bokreste bo hasane ka mor’a ho tšolloa ha moea o halalelang ka 33 C.E., ’me hape ho ne ho tla nka nako hore ho hlahe maemo a tšosang a boletsoeng lengolong lena. Ho feta moo, lengolo lena le bontša hore Bakreste e ne e se e se lihlopha tse nyenyane empa ba ne ba se ba hlophisitsoe ka liphutheho tse nang le “baholo” ba hōlileng moeeng ba neng ba ka rapella ba fokolang le ho ba tšehetsa. Ho phaella moo, ho ne ho se ho fetile nako e lekaneng bakeng sa hore ka tekanyo e itseng ho se tsotelle le ho etsa lintho ka tloaelo feela ho kenelle. (2:1-4; 4:1-3; 5:14; 1:26, 27) Ka lebaka leo, e ka ’na eaba Jakobo o ngotse lengolo la hae nakong ea morao, mohlomong nakoana pele ho 62 C.E., haeba tlaleho ea Josephus ea liketsahalo tse potolohileng lefu la Festuse hammoho le mehloli e bolelang hore Festuse o shoele hoo e ka bang ka 62 C.E. li nepahetse.
5. Ke eng e pakang bonnete ba tlaleho ea Jakobo?
5 Mabapi le bonnete ba tlaleho ea Jakobo, tlaleho ena e teng ho Vatican No. 1209, libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse bitsoang Sinaitic, le Alexandrine. E akarellelitsoe bonyane lipokellong tse leshome tsa libuka tsa boholo-holo tsa pele ho Seboka sa Carthage sa 397 C.E.b Bangoli ba pele ba kereke ba ile ba e qotsa ka ho pharalletseng. Tumellano e tebileng e ka har’a eona e nyalanang le likarolo tse ling kaofela tsa Mangolo a bululetsoeng e bonahala ka ho hlaka ho seo Jakobo a se ngotseng.
6. (a) Ke maemo afe a ileng a etsa hore Jakobo a ngole lengolo la hae? (b) Ho e-na le ho hanyetsa likhang tsa Pauluse tabeng ea tumelo, Jakobo o li tlatselletsa joang?
6 Ke hobane’ng ha Jakobo a ile a ngola lengolo lee? Ho hlahlobisisa lengolo lena ka hloko ho senola hore maemo a ka har’a phutheho a ne a baka mathata har’a baena. Ho ne ho ntse ho theoloa litekanyetso tsa Bokreste, e, li bile li hlokomolohuoa, hoo ba bang ba neng ba se ba fetohile basali ba bafebi ba moea ka ho ba le setsoalle le lefatše. Ka ho potlakela ho iqapela lintho tseo ba nahanang hore lia ikhanyetsa, ba bang ba ne ba bolela hore lengolo la Jakobo le khothalletsang ho bontša tumelo ka mesebetsi le hanyetsa seo Pauluse a se ngotseng mabapi le ho fumana poloko ka tumelo eseng ka mesebetsi. Leha ho le joalo, boitsebiso bo potolohileng taba ena bo senola hore Jakobo o bua ka tumelo e tšehelitsoeng ke mesebetsi, eseng mantsoe feela, athe ka ho hlakileng Pauluse o bolela mesebetsi ea Molao. Ha e le hantle, Jakobo o tlatselletsa likhang tsa Pauluse, o fetela pejana ka ho hlalosa hore na tumelo e bonahatsoa joang. Keletso ea Jakobo ke e sebetsang ka ho fetisisa ka ho akaretsa ha eona mathata a Mokreste a letsatsi le letsatsi.
7. Jakobo o etsisa mekhoa ea Jesu ea ho ruta joang, hona ka phello efe?
7 Lipapiso tse etsoang ka bophelo ba letsatsi le letsatsi, tse akarelletsang liphoofolo, likepe, balemi, le limela, li tšehetsa likhang tsa Jakobo ka tsela e hlakileng tabeng ea tumelo, mamello, le tiisetso. Ho etsisa hona ha hae mekhoa ea Jesu ea ho ruta e neng e atleha ho etsa hore keletso ea hae e be le tšusumetso e khōlō. Lengolo lena le hatisa ho motho ka mong temoho ea Jakobo e seli ea merero e susumetsang batho.
LITABA TSE KA HARE TSA JAKOBO
8. Tiisetso e nang le mamello e tla tlisa phello efe, empa takatso e fosahetseng eona e tla tlisa phello efe?
8 Tiisetso e nang le mamello joaloka “baetsi ba lentsoe” (1:1-27). Jakobo o qala ka mantsoe a khothatso: “Banab’eso, le ke le nahane hore ke thabo feela ha le kopana le liteko tse fapa-fapaneng.” Ka tiisetso e nang le mamello ba tla fetoha ba phethehileng. Haeba motho a hloka bohlale, o lokela hore a ’ne a bo kōpe ho Molimo, a se ke a kōpa a ntse a belaela, eka leqhubu la leoatle le betsetsoang hohle ke moea, empa a kōpe ka tumelo. Ba ikokobelitseng ba tla phahamisoa, empa barui ba tla nyamela joaloka palesa ha e shoa. Ho thaba motho ea tiisetsang teko, hobane “o tla amohela moqhaka oa bophelo, oo Jehova a o tšepisitseng ba tsoelang pele ho mo rata.” Molimo ha o leke motho ka lintho tse mpe ka sepheo sa ho mo liha. Ke takatso e fosahetseng ea motho ka boeena e hōlang e be e tsoala sebe, ’me sebe sona se tlisa lefu.—1:2, 12, 22, NW.
9. Ho ba “baetsi ba lentsoe,” ho akarelletsa eng ’me ke borapeli ba mofuta ofe boo Molimo o bo amohelang?
9 Limpho tsohle tse ntle li tsoa hokae? Ho ‘Ntat’a maseli’ eo le ka mohla a sa fetoheng. Jakobo o re: “Ka ho rata ha hae, o re tsoetse ka lentsoe la ’nete, re tle re be bao e kang ke lithakangoaha tsa libopuoa tsa hae.” Ka hona, Bakreste ba tlameha ho potlakela ho utloa, ba liehe ho bua, ba liehe ho halefa, ’me ba lokela ho lahla litšila tsohle le boitšoaro bo bobe le ho amohela ho hlongoa ha lentsoe la poloko. “Le be baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela.” Hobane ea nyakurelang molao oa tokoloho o tšoanang le seipone ’me a qophella ho o utloa “o tla ba le lehlohonolo [“o tla thaba,” NW] ho etseng ha hae.” Borapeli bo seng bo fetohile tloaelo feela ba motho ea sa thibeng leleme la hae ha bo thuse letho, empa “borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo Ntat’a rōna, ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona, ’me a ipoloka lefatšeng a se na le lethebanyana.”—1:17, 18, 22, 25, 27.
10. (a) Ke khethollo efe e lokelang ho qojoa? (b) Kamano ea mesebetsi le tumelo ke efe?
10 Mesebetsi e nepahetseng e etsa hore tumelo e be e phethehileng (2:1-26). Baena ba na le khethollo, ba rata barui ho feta bafutsana. Empa na hase ’nete hore “Molimo o khethile ba futsanehileng ho tsa lefatše hore e be barui tumelong le majalefa a ’muso?” Na barui hase bahatelli? Baena ba lokela ho phetha molao oo e leng morena, “U tlameha ho rata moahisani oa hao joalokaha u ithata,” ’me ba lokela ho qoba ho ea ka tšobotsi. A ba ke ba boele ba phethisise mohau, hobane ha e le Molao, mang kapa mang ea sitoang ntlheng e le ’ngoe o sitoa ho tsona kaofela. Tumelo e se nang mesebetsi ha e bolele letho, e tšoana le ho bolella moena kapa khaitseli ea hlokang hore a ‘futhumale ’me a khore’ ka ntle le ho fana ka thuso e sebetsang. Na tumelo e ka bontšoa ka ntle ho mesebetsi? Na tumelo ea Abrahama ha ea ka ea etsoa hore e be e phethehileng ke mesebetsi ea hae ha a nyehela Isaaka aletareng? Ka ho tšoanang, Rahaba oa seotsoa o ile a “boleloa e le ea lokileng ka mesebetsi.” Kahoo tumelo e se nang mesebetsi e shoele.—2:5, 8, 16, 19, 25, NW.
11. (a) Jakobo o sebelisa lipapiso life ho fana ka temoso mabapi le leleme? (b) Bohlale le kutloisiso li lokela ho bontšoa joang?
11 Ho laola leleme hore le tle le rute bohlale (3:1-18). Baena ba lokela ho ba seli ka ho ba matichere, esere ba fumana kahlolo e boima ho feta ba bang. E mong le e mong o khoptjoa hangata. Joalokaha tōmo e laola ’mele oa pere le tšepe e tjekisang sekepe e laola sekepe se seholo, kahoo setho seo se senyenyane, leleme, se na le matla a maholo. Se tšoana le mollo o ka chesang moru o moholo! Liphoofolo tse hlaha li ka thapisoa habonolo ho feta leleme. Batho ba boka Jehova ka lona, empa ba bile ba rohaka oa habo bona. Ha hoa lokela hore ho be tjena. Na mohloli o hlahisa metsi a babang le a monate? Na sefate sa feiga se ka hlahisa mehloare? morara o ka hlahisa lifeiga? metsi a letsoai a ka hlahisa metsi a monate? Jakobo oa botsa: “Ea bohlale le ea nang le kutloisiso har’a lōna ke mang?” Ha a ke a bonahatse mesebetsi ea hae ka bonolo ’me a qobe ho ba leqhōko, ho ikhantšetsa ’nete ha bophoofolo. Hobane “pele ho tsohle bohlale bo tsoang holimo bo hloekile, hape bo hlahisa khotso, bo itekanetse, bo itokiselitse ho utloa, bo tletse mohau le litholoana tse ntle, ha bo etse likhethollo tse leeme, ha bo na boikaketsi.”—3:13, 17, NW.
12. (a) Ho na le maemo afe a fosahetseng ka phuthehong, ’me sesosa sa ’ona ke sefe? (b) Ke boikutlo bofe bo lokelang ho qojoa ’me ke tšoaneleho efe e lokelang ho hlaoleloa hore motho a tle a amoheloe ke Jehova?
12 Qoba monyaka oa nama, ho ba le setsoalle le lefatše (4:1-17). “Lintoa tse har’a lōna li tsoa mohloling ofe?” Jakobo oa ikaraba: “Litakatsong tsa lōna tsa monyaka oa nama”! Ba bang ba na le merero e mebe. Bao e tla ba metsoalle ea lefatše ke “basali ba bafebi,” ’me ba fetoha lira tsa Molimo. Ka lebaka leo, o khothatsa ka matla: “Hanyetsang Diabolose, ’me o tla le baleha. Atamelang haufi le Molimo, ’me o tla atamela haufi le lōna.” Jehova o tla phahamisa ba ikokobetsang. Kahoo baena ba lokela ho khaotsa ho ahlōlana. ’Me ka lebaka la hore ha ho ea ka kholisehang ka bophelo ba hae ho tloha letsatsing le itseng ho fihlela ho le hlahlamang, ba tšoanela ho re: “Haeba Jehova a rata, re tla phela ’me re tla boela re etse hona kapa hoane.” Boikhohomoso bo tletse bokhopo, ’me ha motho a tseba se nepahetseng empa a sa se etse hoo ke sebe.—4:1, 4, 7, 8, 15, NW.
13. (a) Ke hobane’ng ha barui ba le malimabe? (b) Jakobo o bontša tlhokahalo ea mamello le tiisetso joang, hona ka liphello life?
13 Ho thabile ba tiisetsang ho lokeng! (5:1-20). Jakobo oa phatlalatsa: ‘Llang le bokolle, lōna barui! Mafōme a leruo la lōna e tla ba paki e tla le tsoa. Jehova oa makhotla o utloile mehoo e kōpang thuso ea bakotuli bao le ba tlatlapileng. Le ’nile la phela mabotho-bothong le monyakeng oa nama, ’me le tsoile ea lokileng la ba la ’molaea.’ Leha ho le joalo, ka lebaka la hore Morena o se a le haufi le ho ba teng, baena ba lokela ho bontša mamello, joaloka molemi ea emetseng ho kotula, ’me ba nahane ka mohlala oa baprofeta, “ba buileng ka lebitso la Jehova.” Ho thabile ba tiiselitseng! Baena ba lokela ho hopola tiisetso ea Jobo le phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, “hore Jehova o mosa haholo leratong le mofuthu ’me o mohau.”—5:1-6, 10, 11, NW.
14. Ho fanoe ka keletso efe ea ho qetela mabapi le ho bolela libe le thapelo?
14 A ba ke ba khaotse ho hlapanya ka likano. Ho fapana le hoo, ‘E ea bona e bolele E’ le ‘Che ea bona e bolele Che.’ Ba lokela ho bolela libe tsa bona pepenene ’me ba rapellane. Joalokaha lithapelo tsa Elia li ile tsa bontša, “thapelo e tiileng ea motho ea lokileng . . . e na le matla a maholo.” Haeba ofe kapa ofe a kheloha ’nete, ea mo khutlisang “o tla boloka sephefumolohi sa hae lefung ’me o tla koahela libe tse ngata.”—5:12, 16, 20, NW.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
15. Jakobo o sebelisa Mangolo a Seheberu joang? Bontša.
15 Le hoja Jakobo a bolela lebitso la Jesu habeli feela (1:1; 2:1), o sebelisa lithuto tsa Mong’a hae ka tsela e sebetsang haholo, joalokaha ho bapisa lengolo la Jakobo le Thuto ea Thabeng ho senola hoo. Ka nako e tšoanang, lebitso la Jehova le hlaha ka makhetlo a 13 (New World Translation), ’me ho hatisoa litšepiso tsa hae e le meputso ea Bakreste ba bolokang tumelo. (4:10; 5:11) Jakobo o sebelisa Mangolo a Seheberu khafetsa ho etsa lipapiso le ho qotsa likarolo tse loketseng e le hore a hlakise keletso ea hae e sebetsang. O tsebahatsa mohloli oa boitsebiso ka lipolelo tsa hae: “ho latela lengolo,” “ho ile ha phethahala lengolo,” le “lengolo le re”; ’me o tsoela pele ho bontša kamoo mangolo ana a sebetsang ka teng bophelong ba Bokreste. (2:8, 23, NW; 4:5, NW) Ha a hlakisa lintlha tsa keletso le ho haha tumelo Lentsoeng la Molimo e le le lumellanang ka kakaretso, ka ho loketseng Jakobo o supa mesebetsi ea tumelo ea Abrahama, ho bontša ha Rahaba tumelo ka mesebetsi, ho tiisetsa ha Jobo ka botšepehi, le ho itšetleha ha Elia ka thapelo.—Jak. 2:21-25; 5:11, 17, 18; Gen. 22:9-12; Josh. 2:1-21; Jobo 1:20-22; 42:10; 1 Mar. 17:1; 18:41-45.
16. Jakobo o fana ka keletso le litemoso life, ’me bohlale bo joalo bo sebetsang bo tsoa mohloling ofe?
16 Jakobo o fana ka keletso ea bohlokoahali ea hore re be baetsi ba lentsoe eseng bautloi feela, re tsoele pele ho paka tumelo ka mesebetsi e lokileng, re thabele ho tiisetsa liteko tse fapa-fapaneng, re tsoele pele ho kōpa bohlale ho Molimo, ka mehla re atamele haufi le oona ka thapelo, ’me re phele ka molao oo e leng morena, “U tlameha ho rata moahisani oa hao joalokaha u ithata.” (Jak. 1:22; 2:24; 1:2, 5; 4:8, NW; 5:13-18; 2:8, NW) O fana ka litemoso tse matla khahlanong le ho ruta thuto e fosahetseng, ho sebelisa leleme ka tsela e kotsi, ho khetholla batho ka maemo ka phuthehong, ho lakatsa monyaka oa nama, le ho tšepa maruo a bolang. (3:1, 8; 2:4, NW; 4:3, NW; 5:1, 5, NW) Jakobo o bontša ka ho hlakileng haholo hore ho ba le setsoalle le lefatše ho tšoana le bofebe ba moea le ho ba sera sa Molimo, ’me o hlalosa mofuta o sebetsang oa borapeli bo hloekileng mahlong a Molimo: “ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona, ’me a ipoloka lefatšeng a se na le lethebanyana.” (4:4; 1:27) Keletso ena kaofela, e sebetsang hakana eo ho bileng ho leng bonolo ho e utloisisa, ke sona hantle se neng se ka lebelloa ho ‘tšiea’ ena ea phutheho ea pele ea Bokreste. (Ba-Gal. 2:9) Molaetsa oa eona o mosa e sa ntsane e le tataiso ho Bakreste linakong tsa rōna tse tletseng pherekano, hobane ke “bohlale bo tsoang holimo,” bo hlahisang “tholoana tsa ho loka.”—3:17, 18.
17. Ho fanoe ka lebaka lefe le matla la ho tiisetsa mesebetsing ea botšepehi?
17 Jakobo o ne a amehile ka ho thusa baena ba hae hore ba finyelle pakane ea bona ea bophelo ’Musong oa Molimo. Kahoo oa ba phehella: “Le lōna bontšang mamello; tiisang lipelo tsa lōna, hobane ho ba teng ha Morena ho se ho le haufi.” Ba tla thaba haeba ba tsoela pele ho tiisetsa teko hobane ho amoheloa ke Molimo ho bolela ho amohela “moqhaka oa bophelo, oo Jehova a o tšepisitseng ba tsoelang pele ho mo rata.” (5:8, NW; 1:12, NW) Ka hona tšepiso ea Molimo ea moqhaka oa bophelo—e-bang ke bophelo ba ho se shoe maholimong kapa bophelo bo sa feleng lefatšeng—e hatisoa e le lona lebaka le matla la ho tiisetsa mesebetsing ea botšepehi. Ruri lengolo lena le babatsehang le tla khothatsa bohle hore ba hahamalle pakane ea bophelo bo sa feleng e-bang ke leholimong kapa lefatšeng le lecha la Jehova le tla busoa ke Peō ea ’Muso, Morena oa rōna Jesu Kreste.—2:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Jewish Antiquities, XX, 197-200 (ix, 1); Webster’s New Biographical Dictionary, 1983, leqephe 350.
b Bona chate, leqephe 303.