Buka ea Bibele ea 60—1 Petrose
Mongoli: Petrose
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Babylona
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 62–64 C.E.
1. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ne ba lokela ho feta litekong, ’me ke hobane’ng ha lengolo la pele la Petrose le ne le le nakong?
HA BAKRESTE ba pele ba ntse ba phatlalatsa litšoaneleho tse babatsehang tsa Molimo ka ho pharalletseng, mosebetsi oa ’Muso o ile oa atleha haholo ’me oa hōla ho pholletsa le ’Muso oohle oa Roma. Leha ho le joalo, ho ile ha phahama likhopolo tse itseng tse fosahetseng mabapi le sehlopha sena se chesehang. Ntho e ’ngoe, bolumeli ba bona bo ne bo simolohile Jerusalema har’a Bajode, ’me ba bang ba ne ba ba nka ka phoso e le Bajode ba sekametseng lipolotiking ba nang le cheseho e fetelletseng ba neng ba belaela ka ho ba tlas’a joko ea Roma ’me ba bakela babusi ba libaka tsa habo bona likhathatso ka mehla. Ho feta moo, Bakreste e ne e le mekhelo ka hore ba ne ba hana ho etsetsa moemphera mahlabelo kapa ho kenella litšebeletsong tsa bolumeli ba bohetene tsa mehleng ea bona. Ba ne ba songoa ’me ba ile ba tlameha ho feta litekong tse ngata ka lebaka la tumelo. Ka nako e nepahetseng, le ka ponelo-pele e bontšang hore Petrose o ne a bululetsoe ke Molimo, o ile a ngola lengolo la hae la pele, a khothalletsa Bakreste ho ema ba tiile a ba a ba eletsa hore na ba itšoare joang tlas’a Nero, eo e neng e le Cesare ka nako eo. Lengolo lena le ile la ipaka le le nakong ka ho fetisisa ka lebaka la sefefo sa mahloriso se ileng sa hlaha hoo e ka bang hang-hang ka mor’a moo.
2. Ke eng e pakang hore Petrose ke eena mongoli oa lengolo le bitsoang ka lebitso la hae, ’me lengolo lee le ne le lebisitsoe ho bo-mang?
2 Hore Petrose ke eena mongoli ho pakoa ke mantsoe a qalang. Ho feta moo, Irenaeus, Clement oa Alexandria, Origen, le Tertullian kaofela ba qotsa lengolo lena, ba bolela Petrose ka lebitso e le eena mongoli.a Bonnete ba Petrose oa Pele bo tšehetsoa ke bopaki bo bongata joaloka bonnete ba lengolo leha e le lefe le bululetsoeng. Eusebius o re bolella hore baholo ba kereke ba ne ba sebelisa lengolo lena ka bolokolohi; ho ne ho se pelaelo ka bonnete ba lona nakong ea hae (hoo e ka bang ka 260-342 C.E.). Ignatius, Hermas, le Barnabas, ba qalong ea lekholo la bobeli la lilemo, kaofela ba bua ka lengolo lena.b Petrose oa Pele e lumellana ka ho felletseng le likarolo tse ling kaofela tsa Mangolo a bululetsoeng ’me e fana ka molaetsa o matla bakeng sa Bakreste ba Bajode le bao e seng Bajode ba “jakileng, ba hasaneng mafatšeng a Ponto, a Galatia, a Kappadocia, a Asia, le a Bythinia”—e leng libaka tse Asia Minor.—1 Pet. 1:1.
3. Ho na le bopaki bofe mabapi le nako ea ho ngoloa ha Petrose oa Pele?
3 Lengolo lee le ngotsoe neng? Mokhoa oo le ngotsoeng ka oona o bontša hore Bakreste ba ne ba le litekong, mohlomong tse tsoang ho bahetene kapa ho Bajode ba sa sokolohang, empa phutuho ea mahloriso ea Nero, e ileng ea qaleha ka 64 C.E., e ne e e-s’o qale. Ho hlakile hore Petrose o ngotse lengolo lena nakoana feela pele ho sena, mohlomong pakeng tsa 62 le 64 C.E. Taba ea hore Mareka o ne a sa ntsane a e-na le Petrose e tiisa qeto ena. Nakong ea ho koalloa ha Pauluse teronkong Roma lekhetlo la pele (hoo e ka bang ka 59-61 C.E.), Mareka o ne a e-na le Pauluse empa o ne a lokela ho ea Asia Minor; ’me nakong ea ho koalloa ha Pauluse teronkong lekhetlo la bobeli (hoo e ka bang ka 65 C.E.), Mareka o ne a se a le haufi le ho khutlela ho Pauluse hape Roma. (1 Pet. 5:13; Ba-Kol. 4:10; 2 Tim. 4:11) Khabareng o ne a tla fumana monyetla oa ho kopana le Petrose Babylona.
4, 5. (a) Ke eng e pakang hore polelo ea hore Petrose o ngotse lengolo la hae la pele a le Roma hase ’nete? (b) Ke eng e bontšang hore o ngotse a le Babylona ea sebele?
4 Petrose oa Pele e ngolletsoe hokae? Le hoja bahlalosi ba Bibele ba lumellana ka bonnete ba eona, hore ke karolo ea Mangolo a Halalelang, hore na e ngotsoe ke mang, le nako eo ho hakanngoang hore e ngotsoe ka eona, ba fapana ka maikutlo mabapi le sebaka seo e ngolletsoeng ho sona. Ho latela bopaki ba Petrose ka boeena, o ngotse lengolo la hae la pele ha a ntse a le Babylona. (1 Pet. 5:13) Empa ba bang ba bolela hore o ngotse a le Roma, ba re “Babylona” e ne e le lebitso leo ho patoang Roma ka lona. Leha ho le joalo, bopaki ha bo tšehetse pono e joalo. Ha ho kae kapa kae moo Bibele e bontšang hore Babylona e hlile e bolela Roma. Kaha Petrose o ne a lebisitse lengolo la hae Ponto, Galatia, Kappadocia, Asia, le Bythinia tsa sebele, hoa utloahala hore ha a bua ka Babylona o ne a supa sebaka sa sebele se bitsoang ka lebitso leo. (1:1) Ho ne ho e-na le lebaka le letle leo Petrose a neng a le Babylona ka lona. O ne a fuoe ‘litaba tse molemo bakeng sa ba bollotseng,’ ’me ho ne ho e-na le baahi ba bangata ba Bajode Babylona. (Ba-Gal. 2:7-9, NW) Encyclopaedia Judaica, ha e bua ka ho hlahisoa ha lethathamo la lineano le bitsoang Talmud ea Babylona, e bua ka “likolo tse khōlō tsa Babylona” tsa Bojuda Mehleng e Tloaelehileng.c
5 Mangolo a bululetsoeng, ho akarelletsa mangolo a mabeli a ngotsoeng ke Petrose, ha a bue ka ho ea ha hae Roma. Pauluse o bua ka hore eena o ne a le Roma empa ho hang ha a bue ka hore Petrose o ne a le teng moo. Le hoja Pauluse a bua ka mabitso a 35 lengolong la hae le eang ho Baroma ’me a romela litumeliso ho ba 26 bao a ba qollang ka mabitso, ke hobane’ng ha a sa bue ka Petrose? Lebaka feela ke hore Petrose o ne a le sieo moo ka nako eo! (Ba-Roma 16:3-15) Ka ho hlakileng “Babylona” eo Petrose a ngotseng lengolo la hae la pele a le ho eona e ne e le Babylona ea sebele e neng e le mabōpong a Nōka ea Eufrate e Mesopotamia.
LITABA TSE KA HARE TSA PETROSE OA PELE
6. Petrose o ngola ka tšepo efe, ’me “tsoalo e ncha” tšepong ee e fumaneha motheong ofe?
6 Tsoalo e ncha tšepong e phelang ka Kreste (1:1-25). Qalong Petrose o hlokomelisa babali ba lengolo la hae ka “tsoalo e ncha tšepong e phelang” le lefa le sa senyeheng leo ba le boloketsoeng maholimong. Sena se tla ka mohau oa Molimo ka tsoho ea Jesu Kreste. Ka hona “bakhethoa” ba nyakalletse haholo, le hoja liteko tse fapa-fapaneng li ba utloisa bohloko, e le hore mofuta oa tumelo ea bona e lekiloeng o “ka fumanoa e le lebaka la thoriso le khanya le tlhompho ho senoloeng ha Jesu Kreste.” Baprofeta ba mehleng ea boholo-holo, esita le mangeloi, ba ’nile ba botsa ka poloko ena. Kahoo, bakhethoa ba lokela ho itokisa likelello bakeng sa mosebetsi le ho beha tšepo ea bona moseng ona o sa tšoanelang, ho halalela boitšoarong bohle ba bona. Na see hase sona se loketseng ka lebaka la ho lopolloa ha bona, eseng ka lintho tse senyehang, empa “ka mali a bohlokoa, a tšoanang le a konyana e se nang sekoli le letheba, e leng a Kreste”? ‘Tsoalo ea bona e ncha’ e tla ka lentsoe la Molimo o phelang o tiisetsang, Jehova, le tiisetsang ka ho sa feleng leo ba le bolelletsoeng e le litaba tse molemo.—1:1, 3, 7, 19, 23, NW.
7. (a) Bakreste ba hahoa joaloka eng, hona ka morero ofe? (b) Joaloka baahi ba nakoana, ba lokela ho itšoara joang?
7 Ho boloka boitšoaro bo botle lichabeng (2:1–3:22). Joaloka majoe a phelang, Bakreste ba hahoa hore e be ntlo ea moea, ba nyehela mahlabelo a moea a amohelehang ho Molimo ka Jesu Kreste, lejoe la motheo, ea fetohileng lejoe la khopiso ho ba sa mameleng. Ba bontšang tumelo ba fetohile ‘boprista ba borena, sechaba se halalelang, ho phatlalatsa ka ho pharalletseng litšoaneleho tse babatsehang tsa ea ba bitsitseng hore ba tsoe lefifing ba kene leseling la hae le hlollang.’ Joaloka baahi ba nakoana lichabeng, a ba ke ba qobe litakatso tsa nama ’me ba boloke motsamao o motle. A ba ke ba ikokobeletse ‘pōpo eohle ea botho,’ e-bang ke morena kapa babusi ba behiloeng ke eena. E, a ba ke ba ‘hlomphe batho ba mefuta eohle, ba rate mokhatlo oohle oa baena, ba tšabe Molimo, ba be le tlhompho ho morena.’ Ka ho tšoanang, bahlanka a ba ke ba ikokobeletse beng ba bona, ka letsoalo le letle, ba mamelle tlas’a tlhokofatso e hlokang toka. Esita le Kreste, le hoja a ne a se na sebe, o ile a ikokobeletsa ho rohakoa le ho hlokofatsoa, a siea “mohlala” e le hore ho lateloe mehato ea hae haufi-ufi.—2:9, 13, 17, 21, NW.
8. (a) Basali le banna ba fuoa keletso efe e nepahetseng? (b) Ho hlokahala eng hore motho a be le letsoalo le letle pel’a Molimo?
8 Boikokobetso bo boetse bo sebetsa ho basali, bao ka boitšoaro bo hloekileng hammoho le tlhompho e tebileng ba ka hapang esita le bona banna ba sa lumelang ka ntle ho lentsoe. Ha baa lokela ho ameha ka mokhabo o ka ntle. Ba lokela ho tšoana le Sara ea ileng a bontša kutlo, ba khabise “motho ea ka sephiring, e leng oa pelo, ka khabo e sa senyeheng ea moea o mosa, o bonolo; hlopheho eo hase le ho rateha ho Molimo.” Banna ba lokela ho hlompha basali ba bona joaloka ‘lipitsa tse fokolang’ ebile e le ‘majalefa hammoho le bona a mohau oa bophelo.’ Bakreste bohle ba lokela ho bontša lerato la boena. “Ea lakatsang ho rata ho phela . . . , a khelohe bobe, ’me a etse ho molemo, a batle khotso, a e phehelle. Hobane mahlo a Morena a talima ba lokileng.” Ho fapana le ho tšaba batho, ba lokela hore ka mehla ba itokisetse ho sireletsa tšepo ea bona. Ho molemo ho hlokofatsoa ka lebaka la ho etsa se setle, haeba e le thato ea Molimo, ho e-na le ho hlokofatsoa ka lebaka la ho etsa se sebe. “Hobane le eena Kreste o na a utloisoe bohloko hang ka baka la libe; eena ea lokileng o bolaetsoe bakhopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Molimo; o shoele ka nģeng ea nama, empa o phelisitsoe ka nģeng ea moea.” Tumelo ea Noe, e ileng ea bontšoa ka ho haha areka, e ile ea fella ka ho bolokeha ha hae hammoho le lelapa la hae. Ka tsela e tšoanang, ba inehelang ho Molimo motheong oa ho lumela ho Kreste ea tsositsoeng, ba kolobetsoa ho tšoantšetsa tumelo eo, ’me ba tsoela pele ho etsa thato ea Molimo baa bolokeha ’me Molimo o ba fa letsoalo le letle.—3:4, 7, 10-12, 18.
9. Bakreste ba lokela ho ba le boikutlo bofe ba kelello? Ho sa tsotellehe eng?
9 Ho thabela ho etsa thato ea Molimo joaloka Mokreste, ho sa tsotellehe tlhokofatso (4:1–5:14). Bakreste ba lokela ho ba le boikutlo ba kelello bo tšoanang le ba Kreste, ba phelele feela ho etsa thato ea Molimo ’me ba se hlole ba phelela ho etsa thato ea lichaba, le hoja lichaba li ba nyefola ka lebaka la hore ha ba sa tsoela pele ho mathela hammoho le tsona “tebe-tebeng e tšoanang ea boitšoaro bo hlephileng.” Kaha bofelo ba lintho tsohle bo se bo atametse, ba lokela ho hlaphoheloa kelellong, ba tiisetse thapelong, ’me ba be le lerato le matla e mong ho e mong, ba etse lintho tsohle ho tlotlisa Molimo. Ha liteko li ba chesa, ha baa lokela ho makala, empa ba lokela ho thaba joaloka ba nang le kabelo litlhokofatsong tsa Kreste. Leha ho le joalo, ho se be ea hlokofatsoang hobane e le moetsalibe. Kaha kahlolo e qala ntlong ea Molimo, “ba hlokofatsoang tumellanong le thato ea Molimo a ba ke ba tsoele pele ho beha liphefumolohi tsa bona tlhokomelong ea ’Mōpi ea tšepahalang ha ba ntse ba etsa botle.”—4:4, 19, NW.
10. Banna ba hōlileng le banna ba bacha ba fuoa keletso efe, ’me Petrose oa Pele e qetella ka tiiso efe e matla e khothatsang?
10 Banna ba hōlileng ba lokela ho alosa mohlape oa Molimo ka ho rata, e, ka mafolo-folo. Ho ba mehlala ea mohlape ho tla ba fa tiiso ea hore ba tla fumana moqhaka o sa senyeheng oa khanya ponahalong ea Molisa e Moholo. Banna ba bacha lilemong a ba ke ba ikokobeletse banna ba hōlileng, bohle ba inyenyefatse, “hobane Molimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.” A ba ke ba tiee tumelong ’me ba itebele khahlanong le ‘tau eo e purumang,’ Diabolose. Hape, ho hlaha mantsoe a matla a fanang ka tiiso e khothatsang ha Petrose a qetella khothatso ea hae e matla: “Empa Molimo oa mehauhelo eohle, o re bilelitseng ka Jesu Kreste ho rua khanya ea oona e sa feleng, ha le se le utloile bohloko ka litšiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee. Khanya le matla ke tsa oona ka mehla e sa feleng! Amen!”—5:5, 8, 10, 11.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
11. Petrose o latela keletso ea Jesu le ea Pauluse joang ha a eletsa balebeli?
11 Lengolo la pele la Petrose le tšoere keletso e nepahetseng bakeng sa balebeli. Petrose, a latela keletso ea Jesu e ho Johanne 21:15-17 (NW) le keletso ea Pauluse e ho Liketso 20:25-35, Petrose o boetse o bontša hore mosebetsi oa molebeli ke mosebetsi oa bolisa, o lokelang ho etsoa ka ho hloka boithati, ka ho rata, le ka mafolo-folo. Molebeli ke molisa ea tlaasana, ea sebeletsang ka tlaase ho “molisa oa sehlooho,” Jesu Kreste, ’me o ikarabella ho eena bakeng sa mohlape oa Molimo, oo a tlamehang ho hlokomela lithahasello tsa oona ka ho ba mohlala le ka boikokobetso bohle.—5:2-4, NW.
12. (a) Ke boikokobetso bofe bo lekanyelitsoeng bo lokelang ho bontšoa ho babusi le beng ba bahlanka? (b) Petrose o fana ka keletso efe mabapi le boikokobetso ba mosali le bohlooho ba monna? (c) Ke tšoaneleho efe ea Bokreste e hatisoang ho pholletsa le lengolo lee kaofela?
12 Ho angoa litšobotsi tse ngata tsa boikokobetso ba Bokreste lengolong la Petrose, ’me ho fanoa ka keletso e ntle haholo. Ho 1 Petrose 2:13-17, ho fanoa ka keletso ea ho bontša boikokobetso bo loketseng ho babusi, ba kang morena le babusisi. Leha ho le joalo, bona e lokela ho ba boikokobetso bo lekanyelitsoeng, bo etsoang lebitsong la Morena esita le ka ‘ho tšaba Molimo,’ oo Bakreste e leng bahlanka ba oona. Bahlanka ba sebetsang matlung ba khothatsoa ka matla hore ba ikokobeletse beng ba bona ’me ba mamelle haeba ba lokela ho hlokofatsoa “ka lebaka la ho utloa letsoalo pel’a Molimo.” Basali le bona ba fuoa keletso ea bohlokoahali mabapi le ho ikokobeletsa banna, ho akarelletsa ba sa lumelang, ’me ho bontšoa hore boitšoaro ba bona bo hloekileng, bo nang le tlhompho ke “ba bohlokoa haholo mahlong a Molimo” le hore bo ka ba ba hapa banna ba bona hore ba tle ’neteng. Mona Petrose o etsa papiso ka boikokobetso bo tšepahalang ba Sara ho Abrahama ho hatisa ntlha eo. (1 Pet. 2:17-20; 3:1-6, NW; Gen. 18:12, NW) Banna bona ba lokela ho sebelisa bohlooho ba bona ka tsela e loketseng e nahanelang ‘pitsa e fokolang.’ Petrose a sa ntsane a le tabeng ena, o khothatsa ka matla: “Ka mokhoa o tšoanang, lōna banna ba bacha, le ikokobeletse banna ba hōlileng.” Joale o hatisa tlhokahalo ea boinyenyefatso, boikokobetso, e leng tšoaneleho ea Bokreste e hatisoang ho pholletsa le lengolo la hae kaofela.—1 Pet. 3:7-9; 5:5-7, NW; 2:21-25.
13. (a) Petrose o hlakisa morero oo Molimo o bitsitseng phutheho ea Bokreste ka oona joang lengolong la hae? (b) Petrose o supa lefa lefe le thabisang, ’me ke bo-mang ba le fumanang?
13 Ha liteko le mahloriso a kang mollo a qala ho hlaha hape, Petrose o ile a fana ka khothatso e matlafatsang, ’me ka sebele lengolo la hae ke la bohlokoahali ho bohle ba talimaneng le liteko tse joalo kajeno. Hlokomela kamoo a sebelisang Mangolo a Seheberu ka teng ha a qotsa mantsoe a Jehova: “Le tlameha ho halalela, hobane kea halalela.” (1 Pet. 1:16, NW; Lev. 11:44, NW) Hape, karolong ea lengolo leo e tletseng litšupiso tse supang mangolo a mang a bululetsoeng, o bontša kamoo phutheho ea Bokreste e hahiloeng joaloka ntlo ea moea ea majoe a phelang motheong oa Kreste. Ka morero ofe? Petrose oa arabela: “Le ‘moloko o khethiloeng, boprista ba borena, sechaba se halalelang, batho ba leruo le khethehileng, e le hore le tle le phatlalatse ka ho pharalletseng litšoaneleho tse babatsehang’ tsa ea le bitsitseng hore le tsoe lefifing le kene leseling la hae le hlollang.” (1 Pet. 2:4-10, NW; Esa. 28:16; Pes. 118:22; Esa. 8:14; Ex. 19:5, 6; Esa. 43:21; Hos. 1:10; 2:23, NW) Petrose o fa ‘boprista bona ba borena,’ boprista bo akaretsang bo entsoeng ka sechaba sohle se halalelang sa Molimo, tšepiso ea ’Muso ea “lefa le sa boleng, le se nang sekoli, le sa omelleng,” “moqhaka o sa omelleng oa khanya,” “khanya e sa feleng bonngoeng le Kreste.” Ka hona, bana ba khothatsoa ka matla hore ba tsoele pele ho thaba e le hore ba ka “thaba ’me ba nyakalla hape nakong ea tšenolo ea khanya ea hae.”—1 Pet. 1:4; 5:4, 10, NW; 4:13, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Cyclopedia ea McClintock le Strong, khatiso e ncha ea 1981, Moq. VIII, leqephe 15.
b New Bible Dictionary, khatiso ea bobeli, 1986, e hlophisitsoeng ke J. D. Douglas, leqephe 918.
c Jerusalem, 1971, Moq. 15, kar. 755.