Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “O Ile a re Rata Pele”
    Atamela ho Jehova
    • “Molimo ke Lerato”

      15. Bibele e re’ng ka tšobotsi ea Jehova ea lerato, hona polelo ee e ikhetha ka tsela efe? (Sheba naletsana.)

      15 Bibele e bua ho hong ka lerato hoo e sa ho bueng ka litšobotsi tse ling tsa Jehova tse ka sehloohong. Mangolo ha a re Molimo ke matla kapa Molimo ke toka esita le hona ho re Molimo ke bohlale. O na le litšobotsi tseo, ke Mohloli oa tsona o phahameng ka ho fetisisa, ’me ha ho mang kapa mang ea ka bapisoang le eena litšobotsing tseo tse tharo. Leha ho le joalo, mabapi le tšobotsi ena ea bone, ho boleloa ntho e ’ngoe e ikhethang: “Molimo ke lerato.”b (1 Johanne 4:8) Seo se bolela’ng?

      16-18. (a) Ke hobane’ng ha Bibele e re “Molimo ke lerato”? (b) Ke hobane’ng ha har’a libopuoa tsohle tse teng lefatšeng, motho e le eena ea tšoantšetsang tšobotsi ea Jehova ea lerato ka ho loketseng?

      16 Ho re “Molimo ke lerato” ha se ho etsa papiso e bonolo feela, ho tšoana le ho re, “Molimo ke ntho e le ’ngoe le lerato.” Re ke ke ra fetola polelo eo hore e re “lerato ke Molimo.” Jehova o fapane hole le tšobotsi e sa bonahaleng. Ke Motho ea nang le maikutlo le litšobotsi tse ngata tse sa tšoaneng ho akareletsa ho lerato. Leha ho le joalo, lerato le susumetsa Jehova linthong tsohle. Buka e ’ngoe ea litšupiso e re ka temana ena: “Motheo oa Molimo kapa sebopeho sa hae ke lerato.” Ha re akaretsa taba, re ka ’na ra nahana ntlha ena ka tsela ena: Matla a Jehova a mo nolofalletsa ho etsa lintho. Toka ea hae le bohlale ba hae li laola tsela eo a etsang lintho ka eona. Empa lerato la Jehova le mo susumelletsa ho etsa lintho. Kamehla o bontša lerato tseleng eo a sebelisang litšobotsi tsa hae tse ling ka eona.

      17 Hangata ho boleloa hore Jehova ke mothofatso oa lerato. Ka hona, haeba re batla ho ithuta ka lerato le tataisoang ke melao-motheo, re tlameha ho ithuta ka Jehova. Ke ’nete hore re ka ’na ra bona tšobotsi ena e babatsehang le ho batho. Empa ke hobane’ng ba e-na le eona? Kamoo ho bonahalang kateng Jehova o ne a bua la Mora oa hae nakong ea popo, ha a bua mantsoe ana: “A re etse motho ea tšoanang le rona.” (Genese 1:26) Ho libopuoa tsohle tsa lefatše, ke batho feela ba ka khethang ho rata, kahoo ba etsisa Ntate oa bona ea leholimong. Hopola hore Jehova o ile a sebelisa libopuoa tse sa tšoaneng ho tšoantšetsa litšobotsi tsa hae tse ka sehloohong. Empa Jehova o ile a khetha sebopuoa sa hae se phahameng ka ho fetisisa lefatšeng, e leng motho, ho tšoantšetsa tšobotsi ea Hae e hlaheletseng ka ho fetisisa, lerato.—Ezekiele 1:10.

  • “O Ile a re Rata Pele”
    Atamela ho Jehova
    • b Lipolelo tse ling ka Mangolong le tsona li ngotsoe ka tsela e tšoanang. Ka mohlala, “Molimo ke leseli” hape “Molimo . . . o tšoana le mollo o felisang.” (1 Johanne 1:5; Baheberu 12:29) Empa lipolelo tsena li lokela ho utloisisoa e le mokhabo-puo, kaha li tšoantša Jehova le lintho tse ka bonoang. Jehova o tšoana le leseli, hobane oa halalela ebile o lokile. Ho eena ha ho “lefifi,” kapa ho se hloeke. Hape a ka tšoantšoa le mollo ha a sebelisa matla a hae a ho timetsa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela