Hlaolela Lerato le sa Feleng le ka Mohla
‘Lerato le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.’—1 BAKOR. 13:7, 8.
1. (a) Hangata ho buuoa joang ka lerato? (b) Batho ba bangata ba rata bo-mang ba bile ba rata eng?
HO PHATLALALITSOE litaba tse ngata ka lerato. Lerato le ’nile la rorisoa la ba la thothokisoa ka lipina. Lerato ke tlhoko ea mantlha ea botho. Empa libuka le lifilimi li ’nile tsa bua ka lona lipaleng tsa lerato, ’me lintho tse joalo li rekisoa hohle. Ho sa tsotellehe seo, lerato la ’nete la ho rata Molimo le moahelani le haella haholo. Re bona ho etsahala seo Bibele e ileng ea se profeta mabapi le matsatsi ana a ho qetela. Batho ke ‘baithati, ba rata chelete, . . . ba rata menyaka ho e-na le ho rata Molimo.’—2 Tim. 3:1-5.
2. Bibele e fana ka temoso efe mabapi le ho rata lintho tseo re sa lokelang ho li rata?
2 Batho ba na le bokhoni ba ho bontša lerato, empa Lentsoe la Molimo le re lemosa hore re se ke ra rata lintho tseo re sa lokelang ho li rata. Bibele e hlalosa se etsahalang ha lerato la mofuta oo le mela pelong ea motho. (1 Tim. 6:9, 10) Na u hopola seo moapostola Pauluse a ileng a se ngola ka Demase? Le hoja e ne e le mphat’oa Pauluse, Demase o ile a rata lintho tsa lefatše. (2 Tim. 4:10) Moapostola Johanne o ile a lemosa Bakreste ka kotsi eona ena. (Bala 1 Johanne 2:15, 16.) Ho rata lefatše hammoho le lintho tsa lona le litsela tsa lona tse fetang kapele, ha ho tsamaisane le ho rata Molimo le lintho tse simolohang ho eena.
3. Re tobane le bothata bofe, hona see se hlahisa lipotso life?
3 Ha re karolo ea lefatše lena, le hoja re sa ntse re phela ho lona. Kahoo, re tobane le bothata ba hore re qobe maikutlo a lefatše lena a sothehileng mabapi le lerato. Ke habohlokoa hore re se ke ra tšoasoa ke ho rata lintho tseo re sa lokelang ho li rata. Kahoo, ke mang eo re lokelang ho hlaolela hore re mo rate ka lerato le laoloang ke melao-motheo? Ke litokisetso life tse re thusang ho hlaolela lerato le mamellang lintho tsohle le le sa feleng le ka mohla? See se re tsoela molemo joang hona joale ’me se ama bokamoso ba rōna joang? Re hloka likarabo tse tsoang ho Molimo e le hore re ka fumana tataiso e loketseng.
Hlaolela ho Rata Jehova
4. Lerato leo re ratang Molimo ka lona le hōla joang?
4 Nahana ka molemi ea sebetsang ka thata ho lokisa mobu le ho lema peō. O lebeletse hore peō eo e hōle. (Baheb. 6:7) Ka ho tšoanang, lerato leo re ratang Molimo ka lona le lokela ho hōla. Ho hlokahala eng e le hore le hōle? Re lokela ho lokisa mobu o motle oa lipelo tsa rōna, moo ho ileng ha jaloa peō ea ’nete ea ’Muso. Sena re ka se etsa ka ho khothalla ho ithuta Lentsoe la Molimo e le hore re eketse tsebo ea rōna ka eena. (Bakol. 1:10) Ho ba teng kamehla libokeng tsa phutheho le ho ba le seabo ho tsona le hona ho tla re thusa hore re eketse tsebo ea rōna. Na ka bomong re ikitlaetsa kamehla hore re eketse tsebo ea rōna?—Liprov. 2:1-7.
5. (a) Re ka ithuta ka litšobotsi tse ka sehloohong tsa Jehova joang? (b) U ka re’ng ka toka, bohlale le matla a Molimo?
5 Jehova o senola botho ba hae ka Lentsoe la hae. Ha re ithuta Mangolo re bile re tsoela pele ho eketsa tsebo ka Jehova, re ka hōlisa tsela eo ka eona re ananelang litšobotsi tsa hae—e leng toka, matla, bohlale, ’me ka holim’a tsohle, lerato la hae le fetisisang. Jehova o bontša toka litseleng tsohle tsa hae le molaong oa hae o phethahetseng. (Deut. 32:4; Pes. 19:7) Re ka nahana ka mesebetsi eohle ea Jehova ea pōpo ’me ra hlolloa ke bohlale ba hae bo fetisisang. (Pes. 104:24) Sepakapaka le sona se fana ka bopaki ba hore Jehova ke Mohloli oa matla a maholo le a sa feleng.—Esa. 40:26.
6. Molimo o bontšitse joang hore oa re rata, ’me seo se u amme joang?
6 Ho ka thoe’ng ka tšobotsi e ka sehloohong ea Molimo, e leng lerato la hae? Le leholo ebile le re ama kaofela. O ile a bontša lerato leo ha a ne a lokisetsa thekollo hore a rekolle batho. (Bala Baroma 5:8.) Tokisetso ena e etselitsoe lefatše lohle, empa ke feela ba etsang lintho tumellanong le lerato la Molimo le ba lumelang ho Mora oa hae, ba tla rua molemo ho eona. (Joh. 3:16, 36) Hore ebe Molimo o fane ka Jesu e le sehlabelo sa poelano sa libe tsa rōna, ho lokela ho re susumelletsa hore le rōna re rate Molimo.
7, 8. (a) Ho hlokahala hore re etse’ng e le hore re bontše hore re rata Molimo? (b) Batho ba Molimo ba boloka litaelo tsa hae ho sa tsotellehe eng?
7 Re ka bontša joang hore re rata Molimo bakeng sa sohle seo a re etselitseng sona? Karabo e bululetsoeng ke ea bohlokoa ha e re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Joh. 5:3) Ha ho pelaelo hore ho rata Jehova Molimo ho re susumelletsa hore re boloke litaelo tsa hae. Ke lebaka le leng leo ka lona re pakang ka lebitso la hae le ’Muso oa hae, e leng se tsoelang batho ba bang molemo. Ha re etsa sena ka lebaka la se tletseng lipelong tsa rōna, seo ke bopaki ba hore re boloka litaelo tsa Molimo ka sepheo se setle.—Mat. 12:34.
8 Lefatšeng lohle barab’abo rōna ba boloka litaelo tsa Molimo ka mamello le hoja ba thulana le batho ba iphapanyang le ba hanyetsang molaetsa oa ’Muso pepenene. Ha ba khathale boitekong ba bona ba ho phetha bosebeletsi ba bona ka botlalo. (2 Tim. 4:5) Ka ho tšoanang, re susumelletseha hore re bolelle batho ba bang ka tsebo ea Molimo re be re boloke litaelo tse ling tsa hae tsohle.
Lebaka Leo re Ratang Morena oa Rōna Jesu Kreste ka Lona
9. Kreste o ile a mamella eng, ’me o ne a susumetsoa ke eng?
9 Ho phaella tabeng ea ho rata Molimo, re na le mabaka a mangata a hore na ke hobane’ng ha re hlaolela ho rata Mora oa hae. Le hoja ho se mohla re kileng ra bona Jesu, ha re ntse re ithuta haholo ka eena, re mo rata le ho feta. (1 Pet. 1:8) Ke lintho life tse ling tseo Jesu a ileng a li mamella? Ha Jesu a ntse a etsa thato ea Ntate oa hae, o ile a hlouoa ntle ho lebaka, a hlorisoa, a qosoa ka bohata a ba a songoa. O ile a ba a tlosoa seriti ka litsela tse ling. (Bala Johanne 15:25.) Lerato leo Jesu a neng a rata Ntate oa hae ea leholimong ka lona, le ile la mo susumelletsa hore a mamelle liteko tseo. Kaha o ne a susumelitsoe ke lerato, lefu la hae la sehlabelo le ile la fana ka thekollo bakeng sa ba bangata.—Mat. 20:28.
10, 11. Ka lebaka la seo Kreste a re etselitseng sona, re ikemiselitse ho etsa joang?
10 Tsela eo Jesu a phetseng ka eona e re susumelletsa hore re nke bohato. Ha re ntse re nahana ka seo Kreste a re etselitseng sona, re mo rata le ho feta. Kaha re balateli ba hae, re lokela ho ikemisetsa ho hlaolela ho ba le lerato le tšoanang le la Kreste le ho tsoela pele re le bontša, e le hore ha re boloka taelo ea hae ea hore re pake ka ’Muso re be re etse barutuoa, re tle re mamelle.—Mat. 28:19, 20.
11 Ha re nka khato ka lerato leo Kreste a le bontšitseng batho bohle, re ikutloa re tlameha hore pele bofelo bo fihla, re phethe mosebetsi oo re o filoeng. (Bala 2 Bakorinthe 5:14, 15.) Lerato leo Kreste a ileng a le bontša e ne e le la bohlokoa hore a phethe seo Molimo a neng a rerile ho se etsetsa batho. Mohlala oo Kreste a re sietseng oona hore re o latele haufi o thusa e mong le e mong oa rōna hore a be le seabo morerong oo oa Molimo. Sena se hloka hore re hlaolele ho rata Molimo kahohle kamoo re ka khonang kateng. (Mat. 22:37) Ka ho boloka seo Jesu a ileng a se ruta le ka ho boloka litaelo tsa hae, re bontša hore rea mo rata ebile re ikemiselitse ho tšehetsa bobusi ba Molimo maemong ’ohle.—Joh. 14:23, 24; 15:10.
Ho Phehella Tsela e Fetisisang ea Lerato
12. Pauluse o ne a bolela’ng ka poleloana e reng “tsela e fetisisang”?
12 Moapostola Pauluse e ne e le moetsisi oa Kreste. Kaha Pauluse o ne a latela mehato ea Kreste haufi, o ile a bua ka letsoalo le khutsitseng ha a ne a phehella barab’abo hore e be baetsisi ba hae. (1 Bakor. 11:1) Le hoja a ile a khothalletsa Bakreste ba Korinthe hore ba tsoele pele ba chesehela ho batla lineo tse itseng tsa moea tse neng li bonahala lekholong la pele la lilemo, tse kang ho folisa le ho bua maleme, Pauluse o ile a ba bontša hore ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe e molemo eo ba neng ba ka e phehella. Ho 1 Bakorinthe 12:31, o ile a hlalosa a re: “Leha ho le joalo ke le bontša tsela e fetisisang.” Taba eo ho buuoang ka eona litemaneng tse latelang e bontša hore ena e ne e le tsela e fetisisang ea lerato. E ne e fetisisa ka tsela efe? Pauluse o ile a tsoela pele ho bontša hore na o ne a bolela’ng. (Bala 1 Bakorinthe 13:1-3.) Haeba a ne a e-na le bokhoni bo itseng bo hlaheletseng a bile a finyella lintho tse khōlō empa a se na lerato, e ne e tla ba eng? Letho! Kaha o ne a susumetsoa ke moea oa Molimo, o ile a hlalosa ’nete ena e matla. Ruri tsela e matla eo a ileng a hlalosa ntlha ena ka eona e sa ntse e re hlolla le rōna!
13. (a) Temana ea selemo ea 2010 ke efe? (b) Ke ka tsela efe lerato le sa feleng le ka mohla?
13 Ka mor’a moo, Pauluse o re hlalosetsa seo lerato le leng sona le seo le seng sona. (Bala 1 Bakorinthe 13:4-8.) Joale, iphe nako ea ho hlahloba hore na u finyella seo lerato le se hlokang kapa che. Nahana haholo ka poleloana ea ho qetela ea temana ea 7 le polelo ea pele ea temana ea 8, e reng: ‘Lerato le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla,’ e leng seo e tla ba temana ea rōna ea selemo ea 2010. Hlokomela hore temaneng ea 8, Pauluse o ile a bolela hore lineo tsa moea, tse akarelletsang ho profeta le ho bua maleme—tse neng li sebelisoa ha phutheho ea Bokreste e ne e sa le lesea—li ne li tla felisoa. Li ne li tla fela. Empa lerato le tla lula le le teng. Jehova ke mohlala o motle ka ho fetisisa oa lerato, ’me o phela ka ho sa feleng. Kahoo, lerato le ke ke la fela le ka mohla. Le tla lula le le teng ka ho sa feleng e le tšobotsi ea Molimo oa rōna ea phelang ka ho sa feleng.—1 Joh. 4:8.
Lerato le Mamella Lintho Tsohle
14, 15. (a) Lerato le ka re thusa joang hore re mamelle liteko? (b) Ke hobane’ng ha mocha e mong oa Paki a ile a hana ho inehela?
14 Ke eng e thusang Bakreste hore ba mamelle ho sa tsotellehe liteko, maemo a thata le likhathatso tsa mofuta ofe kapa ofe? Ha e le hantle, ke lerato leo mokokotlo oa lona e leng melao-motheo. Lerato le joalo ha le felle feela ka ho tela thepa ea rōna. Le akarelletsa hore re ikemisetse ho lula re tšepahala esita le ho shoa ka lebaka la Kreste. (Luka 9:24, 25) Nahana ka botšepehi ba Lipaki tse ileng tsa hlokofatsoa likampong tsa mahloriso, likampong tsa mosebetsi o boima le lichankaneng nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše le ka mor’a eona.
15 Sena re se bona hantle ka mocha e mong oa Mojeremane oa Paki ea bitsoang Wilhelm. Ho e-na le hore a inehele, o ile a tšepahala ha a ne a tobane le ho bolaoa ke masole a Manazi a thunyang batho ba ahloletsoeng lefu. Lengolong leo a neng a lumelisa lelapa labo ka lona, o ile a ngola a re: “Joalokaha Moeta-pele oa rōna Jesu Kreste a ile a laela, re lokela ho rata Molimo ho feta lintho tsohle. Haeba re ema le eena, o tla re putsa.” Hamorao, sehloohong se seng se neng se le Molula-Qhooeng, setho sa lelapa labo se ile sa ngola sa re: “Har’a meferefere e ’nileng ea re hlahela, kamehla re ’nile ra etsa bonnete ba hore lerato leo re ratang Molimo ka lona re le lelapa, le tla pele.” Barab’abo rōna ba bangata bao hona joale ba mameletseng lichankana Armenia, Eritrea, South Korea, le linaheng tse ling, le bona ba ikutloa ka tsela e tšoanang le eo. Bara bana babo rōna ba lutse ba tiile leratong leo ba ratang Jehova ka lona.
16. Barab’abo rōna ba Malawi ba ile ba mamella eng?
16 Libakeng tse ngata, tumelo le mamello ea barab’abo rōna e lekoa ka liteko tsa mofuta o mong. Ka lilemo tse 26 Lipaki Tsa Jehova tsa Malawi li ile tsa mamella ho thibeloa ke ’muso, ho hanyetsoa ka matla le ho tšoaroa ka sehlōhō ka litsela tse ngata. Mamello ea tsona e ile ea putsoa. Ha mahloriso a ne a qhoma, ho ne ho e-na le Lipaki tse 18 000 naheng eo. Lilemo tse 30 hamorao, palo ea tsona e ne e imenne ka makhetlo a fetang a mabeli e le 38 393. Linaheng tse ling le teng ho etsahetse se tšoanang.
17. Ba bang ba malapeng a arohaneng bolumeling ba thulana le eng, ’me ke hobane’ng ha ba ka mamella ha ba tšoaroa hampe joalo?
17 Ka kakaretso, litlhaselo tse tobileng tse etsetsoang batho ba Molimo ke linyane feela. Ha Bakreste ka bomong ba hlaseloa ke litho tsa lelapa, boemo bo fapana haholo. Motho a ka ’na a bakeloa khatello ke litho tsa lelapa kapa beng ka eena. Na Jesu ha aa ka a profeta hore see se ne se tla etsahala? Ruri ba bangata ba bone bonnete ba mantsoe ao a hae. (Mat. 10:35, 36) Bacha ba ’nile ba mamella khanyetso ea batsoali ba sa lumelang. Ba bang ba ile ba ba ba lelekoa malapeng, empa Lipaki tse mosa li ile tsa ba amohela malapeng a tsona. Ba bang ba bile ba lahloa ke beng ka bona. Batho baa ba thusitsoe ke eng hore ba mamelle ha ba tšoaroa hampe? Ha baa thusoa feela ke lerato leo ba ratang mokhatlo oa bara ba motho ka lona, empa ntho e ba thusitseng le ho feta ke lerato la ’nete leo ba ratang Jehova le Mora oa hae ka lona.—1 Pet. 1:22; 1 Joh. 4:21.
18. Lerato le mamellang lintho tsohle le thusa Bakreste ba lenyalong joang?
18 Ho na le maemo a mang a mangata bophelong a hlokang lerato le mamellang lintho tsohle. Lenyalong, lerato le thusa banyalani hore ba hlomphe mantsoe a Jesu a reng: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho jokong ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Mat. 19:6) Ha Bakreste ba lenyalong ba “ba le matšoenyeho nameng ea bona,” ba lokela ho hopola hore Jehova ke eena ea ka sehloohong lenyalong la bona. (1 Bakor. 7:28) Lentsoe la hae le re ‘lerato le mamella lintho tsohle,’ ’me ha monna le mosali ba apere tšobotsi ena ba matlafatsoa hore ba khomarelane le hore lenyalo la bona le lule le tiile.—Bakol. 3:14.
19. Ho ’nile ha etsahala’ng har’a batho ba Molimo ka mor’a likoluoa tsa tlhaho?
19 Lerato le re thusa hore re mamelle lintho tsohle nakong ea likoluoa tsa tlhaho. Ho ile ha e-ba joalo ha ho ne ho e-ba le tšisinyeho ea lefatše Peru boroa le ha Leholiotsoana le bitsoang Katrina le ne le senya likarolo tsa Kou-moseneke ea United States. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba senyeheloa ke matlo kapa thepa likoluoeng tseo. Lerato le ile la susumelletsa phutheho ea lefatše lohle hore e fane ka liphallelo, ’me baithaopi ba ile ba thusa ho tsosa matlo le ho lokisa Liholo Tsa ’Muso. Liketso tse joalo li bontša hore barab’abo rōna baa ratana ebile baa hlokomelana ka linako tsohle le maemong afe kapa afe.—Joh. 13:34, 35; 1 Pet. 2:17.
Lerato ha le Fele le ka Mohla
20, 21. (a) Ke hobane’ng ha lerato e le la bohlokoa ka ho fetisisa? (b) Ke hobane’ng ha u ikemiselitse ho phehella tsela ea lerato?
20 Har’a batho ba Jehova kajeno, re bona bohlale ba ho phehella tsela e fetisisang ea lerato. Ka sebele, le fetisisa ka litsela tsohle. Hlokomela kamoo moapostola Pauluse a ileng a hatisang ’nete eo kateng. Pele, o ile a bolela hore lineo tsa moea li ne li tla fela le hore phutheho ea Bokreste e ne e tla feta boemong ba eona ba ho ba lesea ’me e fihle khōlong e feletseng. Ka mor’a moo o ile a phetha ka ho re: “Leha ho le joalo, ho sala tumelo, tšepo, lerato, tsena tse tharo; empa e khōlō ho tsona ke lerato.”—1 Bakor. 13:13.
21 Qetellong, lintho tseo re li lumelang li tla phethahala, ka lebaka leo tumelo eo re nang le eona ho tsona e tla fela. Tšepo eo re nang le eona linthong tseo re labalabelang hore li phethahale, e ke ke ea hlola e e-ba teng ka mor’a hore lintho tsohle li nchafale. Empa ho tla etsahala’ng ka lerato? Lona le ke ke la fela le ka mohla. Le tla lula le le teng. Kaha re tla be re lebeletse ho phela ka ho sa feleng, ka sebele re tla bona re be re utloisise litšobotsi tse ling tse ngata tsa lerato la Molimo. Ha u etsa thato ea Molimo ka hore u phehelle tsela e fetisisang ea lerato le ke keng la fela le ka mohla, u ka ’na ua hlola ka ho sa feleng.—1 Joh. 2:17.
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra rata lintho tseo re sa lokelang ho li rata?
• Lerato le ka re thusa hore re mamelle eng?
• Ke ka tsela efe lerato le sa feleng le ka mohla?
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Temana ea selemo ea 2010 e re: ‘Lerato le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.’—1 Bakor. 13:7, 8.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Lerato leo re ratang Molimo ka lona le re susumelletsa hore re pake
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Lerato le sa feleng le ile la thusa bara le barali babo rōna ba Malawi hore ba mamelle liteko