Molao oa Lerato o Ngotsoeng Lipelong
“Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona, ke o ngole lipelong tsa bona.”—JEREMIA 31:33.
1, 2. (a) Joale re tla tšohla eng? (b) Jehova o ile a iponahatsa joang Thabeng ea Sinai?
LIHLOOHONG tse peli tse fetileng, re ithutile hore ha Moshe a theoha Thabeng ea Sinai, sefahleho sa hae se ile sa ntša mahlaseli a neng a bonahatsa khanya ea Jehova. Hape re tšohlile taba ea lesira leo Moshe a neng a ikhurumetsa ka lona. Joale, a re tšohleng ntlha e ’ngoe e amanang le eo e nang le molaetsa oa bohlokoa ho Bakreste kajeno.
2 Ha Moshe a ne a le thabeng, Jehova o ile a mo fa litaelo tse itseng. Baiseraele ba neng ba phuthehile ka pel’a Thaba ea Sinai, ba ile ba bona pontšo e hlollang ea Molimo ka boeena. “Lialuma le mahalima tsa qala ho ba teng, le leru le leholo holim’a thaba le molumo o moholo haholo oa lenaka, hoo sechaba sohle se liahelong se ileng sa qala ho thothomela. . . . Thaba ea Sinai ea kubella mosi ka hohle, ka lebaka la hore Jehova o ne a theohetse ho eona ka mollo; mosi oa eona oa ’na oa nyoloha joaloka mosi oa sebōpi, ’me thaba eohle e ne e thothomela haholo.”—Exoda 19:16-18.
3. Jehova o ile a sebelisa eng ho fa Baiseraele Melao e Leshome, hona sechaba seo se ile sa utloisisa eng?
3 Jehova o ile a bua le sechaba a sebelisa lengeloi, eaba o se fa melao e bitsoang Melao e Leshome. (Exoda 20:1-17) Kahoo, ha ho pelaelo hore melao ena e ne e tsoa ho Ea Matla ’Ohle. Jehova o ile a ngola melao eo matlapeng a lejoe—e leng matlapa ao Moshe a ileng a a pshatla ha a bona Baiseraele ba rapela namane ea khauta. Jehova o ile a boela a ngola melao eo lejoeng. Lekhetlong lena, ha Moshe a theoha a nkile matlapa ao, sefahleho sa hae se ile sa ntša mahlaseli. Ka nako eo, bohle ba ne ba tla utloisisa hore melao eo e ne e bolela ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo.—Exoda 32:15-19; 34:1, 4, 29, 30.
4. Ke hobane’ng ha Melao e Leshome e ne e le ea bohlokoa ka ho fetisisa?
4 Matlapa a mabeli ao ho neng ho ngotsoe Melao e Leshome ho ’ona a ile a behoa ka har’a areka ea selekane karolong e ka hare ea Sehalalelisiso sa tabernakele ’me hamorao a behoa karolong e ka hare ea Sehalalelisiso sa tempele. Melao e neng e ngotsoe matlapeng ao e ne e bua ka melao-motheo ea bohlokoa ea selekane sa Molao oa Moshe ’me e ne e rala motheo bakeng sa tsela eo Molimo a neng a tla busa sechaba ka eona. E ile ea fana ka bopaki ba hore Jehova o ne a sebetsana le batho ba ikhethang, e leng sechaba se khethiloeng.
5. Melao eo Molimo a ileng a e fa Baiseraele e ne e bonahatsa lerato la hae ka litsela life?
5 Melao eo e ne e senola lintho tse ngata ka Jehova, haholo-holo lerato la hae bakeng sa sechaba sa hae. E ne e le mpho ea bohlokoa hakaakang ho ba ileng ba e boloka! Setsebi se seng se ile sa ngola sa re: “Melao e Leshome e feta hōle melao leha e le efe ea boitšoaro e kileng ea etsoa ke batho.” Mabapi le Molao oa Moshe ka kakaretso, Jehova o itse: “Haeba le tla mamela lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka, joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle, hobane lefatše lohle ke la ka. Le tla fetoha ’muso oa baprista le sechaba se halalelang ho ’na.”—Exoda 19:5, 6.
Molao o Ngotsoeng Lipelong
6. Ke molao ofe oo e bileng oa bohlokoa haholo ho feta melao e ngotsoeng lejoeng?
6 Ke ’nete hore melao eo ea Molimo e ne e le ea bohlokoa haholo. Leha ho le joalo, na u ne u tseba hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo ho feta melao e ngotsoeng lejoeng? Jehova o ile a bolela esale pele ka ho etsoa ha selekane se secha se neng se fapane le selekane sa Molao se neng se entsoe le sechaba sa Iseraele. “Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona, ke o ngole lipelong tsa bona.” (Jeremia 31:31-34) Jesu ka boeena, e le Mokena-lipakeng oa selekane se secha, ha aa ka a fa balateli ba hae melao e ngotsoeng. O ile a kenya molao oa Jehova likelellong le lipelong tsa barutuoa ba hae ka lintho tseo a neng a li bua le ho li etsa.
7. “Molao oa Kreste” o ile oa fuoa bo-mang qalong, hona ke bo-mang ba ileng ba o amohela hamorao?
7 Molao ona o bitsoa “molao oa Kreste.” Qalong o ile oa fuoa sechaba sa moea, e leng “Iseraele ea Molimo” e seng Baiseraele ba tlhaho, bao e neng e le litloholo tsa Jakobo. (Bagalata 6:2, 16; Baroma 2:28, 29) Iseraele ea Molimo e entsoe ka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Hamorao, “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle bo batlang ho rapela Jehova bo ile ba ikopanya le bona. (Tšenolo 7:9, 10; Zakaria 8:23) Kaha ke “mohlape o le mong” tlas’a ‘molisa a le mong,’ lihlopha tsena ka bobeli li amohela “molao oa Kreste,” li o lumella hore o laole sohle seo li se etsang.—Johanne 10:16.
8. Molao oa Moshe o ne o fapana hokae le molao oa Kreste?
8 Ho fapana le Baiseraele ba tlhaho, ba neng ba tlangoa ke Molao oa Moshe hobane e le Baiseraele ka tsoalo, Bakreste bona ba tlas’a molao oa Kreste hobane ba rata. Kahoo, hore na motho ke oa morabe ofe le hore na o tsoaletsoe hokae hase habohlokoa. Ba ithuta ka Jehova le ka litsela tsa hae ’me ba labalabela ho etsa thato ea hae. Kaha molao oa Molimo o ngotsoe “ka har’a bona,” kapa ka mantsoe a mang o ngotsoe “lipelong tsa bona,” Bakreste ba tlotsitsoeng ha ba mamele Molimo hobane feela a e-na le matla a ho otla ba sa mo mameleng; ebile ha ba mo mamele feela hobane ba tlamehile ho etsa joalo. Lebaka la bohlokoahali le le matla ka ho fetisisa leo ka lona ba mamelang Molimo ke hobane molao oa hae o ngotsoe lipelong tsa bona, ’me linku tse ling le tsona li mo mamela ka lebaka le tšoanang.
Melao e Thehiloeng Leratong
9. Jesu o ile a bontša joang hore melao ea Jehova e ne e thehiloe leratong?
9 Melao le litaelo tsohle tsa Jehova li thehiloe nthong e le ’ngoe: e leng lerato. Lerato e ’nile ea e-ba karolo ea bohlokoa ea borapeli bo hloekileng ’me ho tla ’ne ho be joalo. Ha Jesu a ne a botsoa hore na taelo e khōlōhali ea Molao ke efe, o ile a araba a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” Ea bobeli e ne e re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” Eaba o re: “Litaelong tsena tse peli ho itšetlehile Molao oohle, le Baprofeta.” (Matheu 22:35-40) Kahoo Jesu o ile a bontša hore, hase Molao le Melao e Leshome feela e neng e thehiloe leratong, empa Mangolo ’ohle a Seheberu a ne a thehiloe leratong.
10. Re tseba joang hore lerato ke karolo ea bohlokoa ea molao oa Kreste?
10 Na molao o ka lipelong tsa Bakreste le oona o thehiloe ho rateng Molimo le moahelani? Ka sebele ho joalo! Molao oa Kreste o akarelletsa ho rata Molimo ho tloha pelong ebile o akarelletsa taelo e ncha ea hore Bakreste ba lokela ho ba le lerato la ho itella ba bang. Ba lokela ho ratana ka tsela eo Jesu a ileng a rata barutuoa ba hae ka eona, hobane ka ho rata o ile a tela bophelo ba hae molemong oa metsoalle ea hae. O ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rate Molimo le hore ba ratane, feela joalokaha a ne a ba ratile. Lerato le ikhethang leo ba le bontšanang ke tšobotsi e ka sehloohong eo Bakreste ba ’nete ba khetholloang ka eona. (Johanne 13:34, 35; 15:12, 13) Jesu o ile a ba a ba laela hore ba rate lira tsa bona.—Matheu 5:44.
11. Jesu o ile a bontša joang hore o rata Molimo le batho?
11 Jesu o behile mohlala o phethahetseng oa ho bontša lerato. Ha e sa le sebōpuoa se matla sa moea leholimong, o ile a thabela ho fumana monyetla oa ho ntšetsa pele mesebetsi ea Ntat’ae lefatšeng. Ka ntle le ho tela bophelo ba hae e le hore ba bang ba ka phela ka ho sa feleng, o ile a bontša batho hore na ba lokela ho phela joang. O ne a ikokobelitse, a le mosa a bile a nahanela ba bang, a thusa ba imetsoeng le ba hateletsoeng. Hape o ile a senolela batho “lipolelo tsa bophelo bo sa feleng,” a ba thusa a sa khathale hore ba tsebe Jehova.—Johanne 6:68.
12. Ke hobane’ng ha ho ka thoe ho rata Molimo le moahelani hase lintho tse ka arohanngoang?
12 Ha e le hantle, ho rata Molimo le moahelani hase lintho tse ka arohanngoang. Moapostola Johanne o ile a re: “Lerato le tsoa ho Molimo . . . Haeba leha e le mang a re: ‘Ke rata Molimo,’ leha ho le joalo a hloile mor’abo, o leshano. Etsoe ea sa rateng mor’abo, eo a mo boneng, a ke ke a rata Molimo, eo a e-s’o mo bone.” (1 Johanne 4:7, 20) Jehova ke mohloli oa lerato ebile ke mothofatso oa lona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e susumetsoa ke lerato. Re ka khona ho rata batho ba bang hobane re entsoe ka setšoantšo sa hae. (Genese 1:27) Haeba re bontša lerato ho moahelani oa rōna, re bontša lerato ho Molimo.
Lerato le Bolela ho Mamela
13. E le hore re rate Molimo, ntho ea pele eo re lokelang ho etsa ke efe?
13 Ke joang re ka ratang Molimo eo re ke keng ra mo bona? Mohato oa pele oa bohlokoa ke ho mo tseba. Ho ke ke ha khoneha hore re rate kapa re tšepe motho eo re sa mo tsebeng. Kahoo, Lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho tseba Molimo ka ho bala Bibele, ka ho rapela le ka ho kopana le ba seng ba mo tseba le ho mo rata. (Pesaleme ea 1:1, 2; Bafilipi 4:6; Baheberu 10:25) Likosepele tse ’nè li thusa haholo, hobane li senola botho ba Jehova bo bonahalitsoeng ke bophelo le tšebeletso ea Jesu Kreste. Takatso ea rōna ea ho mamela Molimo le ho etsisa botho ba hae e ba matla le ho feta ha re ntse re mo tseba re bile re ananela lerato leo a re bontšitseng lona. Ka sebele, ho rata Molimo ho akarelletsa ho mo mamela.
14. Ke hobane’ng ha ho ka thoe melao ea Molimo ha e boima?
14 Haeba re rata motho ea itseng, rea tseba hore na o rata eng le hore na ha a rate eng, ’me kahoo rea tseba hore na re itšoare joang ha re e-na le eena. Ha re batle ho khopisa batho bao re ba ratang. Moapostola Johanne o ile a ngola: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae; leha ho le joalo litaelo tsa hae ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Ha li boima, ebile ha li ngata. Re tataisoa ke lerato. Ha ho hlokahale hore re hopole melao e mengata eo re lokelang ho e latela nthong e ’ngoe le e ’ngoe; re tataisoa ke ho rata Molimo. Haeba re rata Molimo, re thabela ho etsa thato ea hae. Sena se etsa hore Molimo a re rate, ’me se re tsoela molemo hobane kamehla litaelo tsa hae li re ruisa molemo.—Esaia 48:17.
15. Ke eng e tla re susumeletsa ho etsisa Jehova? Hlalosa.
15 Ho rata Molimo ho re susumelletsa ho etsisa litšobotsi tsa hae. Ha re rata motho, re khahloa ke litšobotsi tsa hae ’me re batla ho tšoana le eena. Nahana ka kamano e teng pakeng tsa Jehova le Jesu. Mohlomong ba bile hammoho leholimong ka lilemo tse limilione tse likete. Ba ne ba ratana haholo ho tsoa botebong ba pelo. Jesu o ne a tšoana le Ntat’ae oa leholimo hantle hoo a neng a ka re ho barutuoa ba hae: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:9) Ha re ntse re rua tsebo ka Jehova le ka Mora oa hae ebile re ntse re ba utloisisa, re susumelletseha ho tšoana le bona. Lerato la rōna ho Jehova hammoho le thuso ea moea oa hae o halalelang, li tla re nolofalletsa ho ‘hlobola botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me re ikapese botho bo bocha.’—Bakolose 3:9, 10; Bagalata 5:22, 23.
Lerato le Bontšoang ka Liketso
16. Mosebetsi oa rōna oa ho bolela le oa ho ruta o bontša joang hore re rata Molimo le moahelani?
16 Kaha re Bakreste, re lumella lerato la rōna ho Molimo le ho moahelani hore le re susumelletse ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le oa ho etsa barutuoa. Ka ho etsa joalo, re khahlisa Jehova Molimo, “eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Ka tsela eo re ka thabela ho thusa ba bang hore molao oa Kreste o ngoloe lipelong tsa bona. ’Me re thabela ho ba bona ba tsoela pele ho fetola botho ba bona hore bo bonahatse litšobotsi tse babatsehang tsa Jehova. (2 Bakorinthe 3:18) Bonneteng, mpho ea bohlokoahali eo re ka e fang batho ba bang ke ho ba thusa ho tseba Molimo. Ba lumellang Jehova hore e be motsoalle oa bona ba ka thabela botsoalle boo ka ho sa feleng.
17. Ke hobane’ng ha ho le bohlale hore re rate Molimo le moahelani ho e-na le ho rata lintho tse bonahalang?
17 Re phela lefatšeng leo batho ba ratang lintho tse bonahalang ba bileng ba li nkang e le tsa bohlokoahali. Leha ho le joalo, lintho tse bonahalang ha li be teng ka ho sa feleng. Li ka utsuoa kapa tsa senyeha. (Matheu 6:19) Bibele ea re lemosa: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:16, 17) Ha ho pelaelo hore Jehova o hlola ka ho sa feleng, ’me ba mo ratang le ba mo sebeletsang le bona ba tla hlola ka ho sa feleng. Ka lebaka leo, na ha ho molemo haholo hore re rate Molimo le moahelani ho e-na le ho hahamalla lintho tsa lefatše, tse ka re tsoelang molemo ka nakoana feela?
18. Moromuoa e mong o ile a bontša lerato la boitelo joang?
18 Ba hahamallang lerato ba rorisa Jehova. Nahana ka Sonia, eo e leng moromuoa Senegal. O ne a ithuta Bibele le mosali e mong ea bitsoang Heidi, eo monna oa hae ea sa lumelang a neng a mo tšoaelitse kokoana-hloko ea HIV. Heidi o ile a kolobetsoa ha monna oa hae a qeta ho hlokahala, empa kapele o ile a fokolloa ke bophelo, eaba o kenngoa sepetlele a tšoeroe ke AIDS. Sonia o re: “Basebetsi ba sepetlele ba ne ba etsa sohle se matleng a bona, empa ba ne ba fokola ka palo. Ho ile ha kōptjoa baithaopi phuthehong hore ba mo hlokomele ha a ntse a le sepetlele. Bosiung ba bobeli, ke ile ka lula ’meteng pel’a bethe ea hae eaba ke thusa ho mo hlokomela ho fihlela a hlokahala. Ngaka e mo okang e ile ea re: ‘Bothata bo boholo boo re bo tšoereng ke hore hangata esita le beng ka motho ba mo lahla kherehloa hang feela ha ba tseba hore o na le AIDS. Ho tla joang hore ebe lōna, bao le bileng le sa amaneng le mokuli eo, le sa tsoe naheng e le ’ngoe le eena, e bile le sa tšoane ka ’mala, le ka lumelang ho ipeha kotsing e kaale?’ Ke ile ka hlalosa hore ho ’na, Heidi e ne e hlile e le ngoan’eso, re ne re tloaelane joaloka bana ba motho. Ka lebaka la kamano ea ka le Heidi, ea neng a le joaloka ngoan’eso, ke ne ke thabela ho mo hlokomela.” Ka lehlohonolo, Sonia ha aa ka a kula ka lebaka la ho hlokomela Heidi ka lerato.
19. Kaha molao oa Molimo o ngotsoe ka lipelong tsa rōna, ke monyetla ofe oo re lokelang ho o sebelisa?
19 Ho na le mehlala e mengata e bontšang lerato la boitelo har’a bahlanka ba Jehova. Kajeno batho ba Molimo ha ba khetholloe ka molao o itseng o ngotsoeng. Ho e-na le hoo, re bona ho phethahala ha mantsoe a ngotsoeng ho Baheberu 8:10 a reng: “‘Sena ke selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao,’ ho bolela Jehova. ‘Ke tla kenya melao ea ka ka likelellong tsa bona, ’me ke tla e ngola ka lipelong tsa bona. Ke tla ba Molimo oa bona, ’me bona e tla ba sechaba sa ka.’” E se eka kamehla re ka rata molao oa lerato oo Jehova a o ngotseng ka lipelong tsa rōna, re sebelise monyetla o mong le o mong ho bontša lerato.
20. Ke hobane’ng ha molao oa Kreste e le letlotlo la bohlokoahali?
20 Ka sebele hoa thabisa ho sebeletsa Molimo hammoho le mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše ka bophara o bontšang lerato le joalo! Bao molao oa Kreste o ngotsoeng lipelong tsa bona ba na le letlotlo la bohlokoahali lefatšeng lena le se nang lerato. Ha ba thabele lerato la Jehova feela empa ba boetse ba thabela tlamo e matla ea lerato e leng teng ka mokhatlong oa bara ba motho. “Bonang! Kamoo ho leng hotle le kamoo ho khahlisang kateng ha bara ba motho ba lula hammoho bonngoeng!” Le hoja Lipaki Tsa Jehova li phela linaheng tse ngata, li bua lipuo tse ngata li bile li tsoa litsong tse ngata, li thabela bonngoe ba bolumeli boo ho seng bo ka bapisoang le bona. Bonngoe bona, bo etsa hore Jehova a li amohele. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Jehova o laetse hore tlhohonolofatso e be moo [har’a batho ba kopantsoeng ke lerato], esita le bophelo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—Pesaleme ea 133:1-3.
Na U ka Araba?
• Melao e Leshome e ne e le ea bohlokoa hakae?
• Molao o ngotsoeng lipelong ke eng?
• Lerato le phetha karolo efe ‘molaong oa Kreste’?
• Re ka bontša lerato bakeng sa Molimo le moahelani ka litsela life?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Baiseraele ba ne ba e-na le melao e neng e ngotsoe matlapeng a lejoe
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Molao oa Molimo o ngotsoe lipelong tsa Bakreste
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Sonia le ngoanana oa Senegal kopanong ea setereke ea 2004