“New World Translation”—Ke ea Boleng bo Phahameng Thutong le Botšepehing
“E TLETSE mashano!” Ke seo bahanyetsi ba ileng ba se bolela ka phetolelo ea Martin Luther ea Bibele morao koana lekholong la bo16 la lilemo. Ba ne ba lumela hore ba ka paka hore Bibele ea Luther e na le “liphoso le mashano a bokhelohi a 1 400.” Kajeno, Bibele ea Luther e nkoa e le phetolelo e hlahelletseng ka ho fetisisa. Buka Translating the Bible e boetse e e bitsa “sengoliloeng sa motho ea bohlale haholo!”
Lekholong lena la bo20 la lilemo, New World Translation le eona e ile ea qosoa ka leshano. Hobane’ng? Hobane e fapohile tsela e tloaelehileng ea ho fetolela litemana tse ngata ’me e hatella ho sebelisoa ha lebitso la Molimo, Jehova. Kahoo, mokhoa oa eona oa ho fetolela ke o sa tloaelehang. Empa na sena se etsa hore seo e se buang e be leshano? Che. E hlahisitsoe ka ho ela hloko haholo lintlha tse qaqileng, ’me se ka ’nang sa bonahala se sa tloaeleha se bontša boiteko bo tiileng ba ho hlahisa litšobotsi tse potelletseng tsa lipuo tsa pele ka hloko. Setsebi sa thuto ea bolumeli C. Houtman se hlalosa lebaka leo ka lona New World Translation e sa lateleng tsela e tloaelehileng: “Liphetolelo tse fapaneng tse tloaelehileng tsa mantsoe a bohlokoa a taba e ngotsoeng qalong li ile tsa lahloa, ka ho hlakileng e le hore ho fihloe kutloisisong e molemohali e ka fihleloang.” A re ke re nahaneng ka mehlala e meng ea sena.
E Fapane—Empa ha ea Fosahala
Ntho e ’ngoe ke hore, moo ho khonehang, mantsoe a amanang haufi lipuong tsa pele tsa Bibele a fetoletsoe ka mantsoe a fapaneng a Senyesemane, e leng ho hlokomelisang seithuti sa Bibele ka likarolo tse fapaneng tse ka ’nang tsa e-ba teng moelelong oa ’ona. Kahoo, syn·teʹlei·a e fetoletsoe e le “bofelo” ’me teʹlos e fetoletsoe e le “qetello,” le hoja liphetolelong tse ling tse ngata mantsoe ao ka bobeli a fetoletsoe e le qetello. (Mattheu 24:3, 13) Lentsoe koʹsmos le fetoletsoe e le “lefatše,” ai·onʹ e fetoletsoe e le “tsamaiso ea lintho,” ’me oi·kou·meʹne e fetoletsoe e le “lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” Hape, liphetolelo tse ngata tsa Bibele li sebelisa “lefatše” feela ho emela mantsoe ana a mabeli kapa a mararo kaofela a Segerike, le hoja, ha e le hantle, ho na le liphapang pakeng tsa ’ona.—Mattheu 13:38, 39; 24:14.
Ka ho tšoanang, ka hloko New World Translation e bontša phapang pakeng tsa gnoʹsis (“tsebo”) le e·piʹgno·sis (e fetoletsoeng e le “tsebo e nepahetseng”)—e leng phapang eo liphetolelo tse ngata li e hlokomolohileng. (Ba-Filippi 1:9; 3:8) E boetse e khetholla taʹphos (“grave” [lebitla], sebaka se le seng seo motho a epeloang ho sona) ho mneʹma (“tomb” [lebitla]), mne·meiʹon (“lebitla la khopotso”), le haiʹdes (“hades,” eo ka Bibeleng e bolelang lebitla le tloaelehileng la batho ba shoeleng). (Mattheu 27:60, 61; Johanne 5:28; Liketso 2:29, 31) Liphetolelo tse ’maloa tsa Bibele li khetholla taʹphos ho mne·meiʹon ho Mattheu 23:29 empa ha li li khetholle ka tsela e tšoanang libakeng tse ling.—Bona Mattheu 27:60, 61, New International Version.
Bonako ba leetsi bo fetoletsoe ka hloko le ka nepo. Ka mohlala, ho Revised Standard Version, 1 Johanne 2:1 e baleha tjena: “Haeba mang kapa mang a etsa sebe, re na le ’muelli ho Ntate, e leng Jesu Kreste ea lokileng.” Ka moraonyana ho moo, phetolelo eo e fetolela 1 Johanne 3:6 tjena: “Ha ho motho ea lutseng ho [Jesu] ea etsang sebe.” Haeba ho se molateli oa Jesu ea etsang sebe, 1 Johanne 2:1 e sebetsa joang?
New World Translation e rarolla khanyetsano ena eo ho bonahalang eka e teng. Ho 1 Johanne 2:1, e re: “Ke le ngolla lintho tsena hore le tle le se ke la etsa sebe. Empa, haeba e mong a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, Jesu Kreste, ea lokileng.” Temaneng ena Johanne o sebelisitse bonako bo bontšang feela hore ho entsoe ketso e itseng, bo bontšang ho etsoa ha sebe se itseng, e leng ntho eo kaofela ha rōna re e etsang nako le nako kahobane ha rea phethahala. Leha ho le joalo, 1 Johanne 3:6 e baleha tjena: “E mong le e mong ea lulang bonngoeng le eena ha aa tloaela ho etsa sebe; ha ho ea tloaetseng ho etsa sebe ea ’moneng kapa ea mo tsebileng.” Mona Johanne o sebelisitse bonako bo bontšang se etsahalang hona joale, bo bontšang tsela e ntseng e tsoela pele, e tloaelehileng ea sebe e neng e tla shanofatsa boipolelo ba motho ba hore ke Mokreste.
Liithuti tse Ling Lia Lumela
Mantsoe a mang a sa tloaelehang ao ho nahanoang hore a qapiloe ke Lipaki tsa Jehova a tšehetsoa ke liphetolelo tse ling tsa Bibele kapa mehloli e meng ea boitsebiso. Ho Luka 23:43, New World Translation e tlaleha mantsoe a Jesu ho sesenyi se neng se ahlotsoe hammoho le eena: “Kannete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” Segerikeng sa pele, ho ne ho se na matšoao a ho bala a kang lifeheloane; empa hangata bafetoleli ba kenya mofuta o itseng oa matšoao ho thusa motho ho bala. Leha ho le joalo, ba bangata ba etsa hore Luka 23:43 e balehe joalokaha eka Jesu le sesenyi ba ne ba tla ea Paradeiseng letsatsing lona leo. The New English Bible e baleha tjena: “Ke u bolella sena: kajeno u tla ba le ’na Paradeiseng.” Leha ho le joalo, hase bohle ba fetisang khopolo ena. Moprofesa Wilhelm Michaelis o fetolela temana ena tjena: “Kannete kajeno kea u tiisetsa: (ka letsatsi le leng) u tla ba le ’na paradeiseng.” Phetolelo ena e utloahala haholoanyane ho feta ea The New English Bible. Sesenyi se neng se le makhatheng a lefu se ne se ke ke sa ea le Jesu Paradeiseng letsatsing lona leo. Jesu ha aa ka a tsosoa bafung ho fihlela letsatsing la boraro ka mor’a lefu la hae. Khabareng o ne a le Hades, lebitleng la batho le tloaelehileng.—Liketso 2:27, 31; 10:39, 40.
Ho ea ka Mattheu 26:26 ho New World Translation, ha Jesu a ne a thea mokete oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, o bolela tjena mabapi le bohobe boo a bo fetisetsang ho barutuoa ba hae: “Sena se bolela ’mele oa ka.” Liphetolelo tse ling tse ngata li fetolela temana ena tjena: “Hona ke ’mele oa ka,” ’me sena se sebelisoa ho tšehetsa thuto ea hore nakong ea mokete oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, bohobe bo hlile bo fetoha nama ea Kreste. Lentsoe le fetoletsoeng e le “bolela” (es·tinʹ, mofuta oa ei·miʹ) ho New World Translation le hlaha lentsoeng la Segerike le bolelang “ho ba,” empa le ka boetse la emela “ho bolela.” Kahoo, Greek-English Lexicon of the New Testament ea Thayer e bolela hore leetsi lena “hangata le bolela [lekana le] ho bontša, ho emela, ho tšoantšetsa.” Ka sebele, “ho bolela” ke phetolelo e utloahalang mona. Ha Jesu a ne a thea Sejo sa ho Qetela, nama ea hae e ne e sa ntsane e le ho eena, kahoo ke joang bohobe e neng e ka ba nama ea hae ea sebele?a
Ho Johanne 1:1 New World Translation e baleha tjena: “Lentsoe e ne e le molimo.” Liphetolelong tse ngata polelo ena e baleha tjena: “Lentsoe e ne e le Molimo” ’me e sebelisoa ho tšehetsa thuto ea Boraro-bo-bong. Ha ho makatse ha Baruti ba Thuto ea Boraro-bo-bong ba sa rate phetolelo ea New World Translation. Empa Johanne 1:1 ha ea sokamisoa ka morero oa ho paka hore Jesu hase Molimo o Matla ’Ohle. Har’a ba bang ba bangata, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa belaela ka ho ngoloa ha “molimo” ka tlhaku e khōlō khale koana pele ho hlaha New World Translation, eo ka nepo e lekang ho fetolela puo ea pele. Ka ho tšoanang bafetoleli ba bahlano ba Bibele ba Majeremane ba sebelisa lentsoe “molimo” temaneng eo.b Bonyane ba bang ba 13 ba sebelisitse lipolelo tse kang “oa mofuta oa molimo” kapa “mofuta o tšoanang le molimo.” Liphetolelo tsena li lumellana le likarolo tse ling tsa Bibele ho bontšeng hore, e, leholimong Jesu ke molimo ka kutloisiso ea hore o na le bomolimo. Empa Jehova le Jesu hase boleng bo le bong, kapa Molimo o le mong.—Johanne 14:28; 20:17.
Lebitso la Molimo la Botho
Ho ea ka New World Translation, ho Luka 4:18, Jesu o sebelisitse boprofeta ba Esaia ho eena ka boeena, a re: “Moea oa Jehova o ho ’na.” (Esaia 61:1) Ba bangata ba hanyetsa ho sebelisoa ha lebitso Jehova mona. Leha ho le joalo, sena ke se seng sa libaka tse fetang 200 tseo lebitso leo le hlahang ho tsona ho New World Translation ea Mangolo a Segerike a Bakreste, a bitsoang Testamente e Ncha. Ke ’nete hore ha ho buka e ngotsoeng ka letsoho ea Segerike sa pele e ntseng e le teng ea “Testamente e Ncha” e nang le lebitso la botho la Molimo. Empa lebitso lena le akarellelitsoe ho New World Translation ka mabaka a utloahalang, eseng e le khopolo-taba feela. ’Me liphetolelo tse ling li latetse tsela e tšoanang. Puong ea Sejeremane feela, bonyane liphetolelo tsa Bibele tse 11 li sebelisa “Jehova” (kapa litlhaku tse emelang litlhaku tsa Seheberu, “Yahweh”) tabeng e ngotsoeng ea “Testamente e Ncha,” ha bafetoleli ba bane ba eketsa lebitso lena ka masakaneng ka mor’a “Morena.”c Liphetolelo tsa Sejeremane tse fetang 70 li le sebelisa mengolong e botlaaseng ba maqephe kapa litlhalosong.
Iseraeleng, lebitso la Molimo le ne le bitsoa ka ntle ho thibelo ea letho ka lilemo tse fetang sekete. Ke lebitso le hlahang hangata ho feta mabitso a mang kaofela Mangolong a Seheberu (“Testamenteng ea Khale”), ’me ha ho na bopaki bo kholisang ba hore batho ka kakaretso ba ne ba sa le tsebe kapa hore ho bitsoa ha lona ho ne ho se ho lebetsoe lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, ha Bakreste ba Bajode ba ne ba bululeloa hore ba ngole libuka tsa “Testamente e Ncha.”—Ruthe 2:4.
Makasineng oa Majesuite Entschluss/Offen (April 1985) Wolfgang Feneberg o hlalosa tjena: “Ha aa [Jesu] ka a re patela lebitso la ntat’ae YHWH, empa o ile a re tsebisa lona. Ho seng joalo ho ke ke ha hlalosoa hore na ke hobane’ng ha kōpo ea pele Thapelong ea Morena e baleha tjena: ‘Lebitso la hao le ke le halaletsoe!’” Feneberg o tsoela pele ho hlokomela hore “libukeng tsa pele ho Bokreste tse ngotsoeng ka letsoho tse neng li ngolletsoe Bajode ba buang Segerike, lebitso la Molimo le ne le sa nkeloa sebaka ke kýrios [Morena], empa le ne le ngotsoe ka sebōpeho sa litlhaku tse ’nè [YHWH] ka Seheberu kapa ka litlhaku tsa khale tsa Seheberu. . . . Re fumana likhopotso tsa lebitso lena mengolong ea Bo-ntate ba Kereke; empa ha ba na thahasello ho lona. Ka ho fetolela lebitso lena e le kýrios (Morena), Bo-ntate ba Kereke ba ne ba thahasella haholoanyane ho neha Jesu Kreste boholo ba kýrios.” New World Translation e khutlisetsa lebitso lena tabeng e ngotsoeng ea Bibele hohle moo ho nang le lebaka le utloahalang la thuto la ho etsa joalo.—Bona Appendix 1D ho Reference Bible.
Ba bang ba nyatsa sebōpeho sa “Jehova” seo New World Translation e fetolelang lebitso la Molimo ka sona. Libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu, lebitso lena le hlaha feela ka lilumisoa tse nè, YHWH, ’me ba bangata ba tsitlallela hore ho bitsoa ha lona ho nepahetseng ke “Yahweh,” eseng “Jehova.” Kahoo, ba ikutloa hore ho sebelisa “Jehova” ke phoso. Empa ha e le hantle, liithuti ha li lumellane tabeng ea hore sebōpeho sa “Yahweh” se emela ho bitsoa ha lona ha pele. ’Nete ke hore le hoja Molimo o bolokile ho peletoa ha lebitso la oona “YHWH” ka makhetlo a fetang 6 000 ka Bibeleng, ha oa ka oa boloka ho bitsoa ha lona hoo Moshe a ileng a ho utloa Thabeng ea Sinai. (Exoda 20:2) Ka baka leo, ho bitsoa ha lona hase habohlokoahali nakong ena.
Europe sebōpeho sa “Jehova” se ’nile sa amoheloa ka tsela e pharalletseng ka makholo a lilemo ’me se sebelisitsoe Libibeleng tse ngata, ho akarelletsa liphetolelong tsa Sejode. Se hlaha ka makhetlo a mangata mehahong, licheleteng tsa tšepe le linthong tse ling, le likhatisong tse ling, hammoho le lifeleng tse ngata tsa likereke. Kahoo ho e-na le ho leka ho hlahisa ho bitsoa ha lona ha pele ha Seheberu, New World Translation ka lipuo tsa eona tse fapaneng e sebelisa sebōpeho sa lebitso la Molimo se amoheloang ka ho tloaelehileng. Sena ke sona seo liphetolelo tse ling tsa Bibele li se etsang ka mabitso a mang ’ohle a ka Bibeleng.
Ke Hobane’ng ha e Nyatsuoa Hakaale?
Bibele ea Luther e ile ea nyatsuoa kahobane e ile ea hlahisoa ke motho ea neng a pepesa liphoso tsa bolumeli bo tloaelehileng ba mehleng ea hae. Phetolelo ea hae e ile ea bula tsela ea hore batho ba tloaelehileng ba bone ’nete ea se sengata seo a se boletseng. Ka ho tšoanang, New World Translation e nyatsuoa hobane e hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova, tse bolelang pepenene hore lithuto tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana ha li fumanehe ka har’a Bibele. New World Translation—kapa ha e le hantle Bibele leha e le efe—e hlakisa sena.
Ha e le hantle, New World Translation ke sengoliloeng sa boleng bo phahameng thutong. Ka 1989, Moprofesa Benjamin Kedar oa Iseraele o ile a re: “Phuputsong ea ka ea puo mabapi le Bibele ea Seheberu le liphetolelo tsa eona, hangata ke leba khatisong ea Senyesemane e bitsoang New World Translation. Ha ke etsa joalo, khafetsa ke fumana boikutlo ba ka bo ntse bo matlafatsoa ba hore sengoliloeng sena se bonahatsa boiteko bo tšepahalang ba ho finyella kutloisiso e nepahetseng ka hohle kamoo ho ka khonehang ea taba e ngotsoeng. E fana ka bopaki ba tsebo e pharalletseng ea puo e sebelisitsoeng qalong, e fetolela mantsoe a sebelisitsoeng qalong puong ea bobeli ka tsela e utloahalang ka ntle le ho fapoha sebōpeho se khethehileng sa Seheberu ho sa hlokahale. . . . Puong polelo e ’ngoe le e ’ngoe e fana ka bolokolohi bo itseng ba tlhaloso kapa phetolelo. Ka baka leo, ho ka ’na ha e-ba le phehisano mabapi le tharollo ea puo boemong bofe kapa bofe. Empa ho New World Translation, ha ho mohla nkileng ka fumana morero leha e le ofe oa ho eketsa ka leeme ho hong ho sieo tabeng e ngotsoeng.”
Babali ba limillione ba Bibele lefatšeng ka bophara ba sebelisa New World Translation hobane ke phetolelo ea puo ea kajeno e fetolelang mantsoe a Bibele ka nepo. Hona joale Bibele eo e fumaneha e felletse ka lipuo tse 9 ’me Mangolo a Segerike a Bakreste feela a fumaneha ka lipuo tse ling tse peli; e ntse e fetoleloa ka lipuo tse eketsehileng tse 20. Phetolelo e nepahetseng e hloka mosebetsi o matla oa lilemo, empa re lebelletse nako eo ka eona qetellong New World Translation e tla hlaha ka lipuo tsena tsohle tse fapaneng e le hore e ka thusa ba bang ba bangata ho fumana kutloisiso e molemonyana ea “lentsoe la bophelo.” (Ba-Filippi 2:16) Kahobane e se e thusitse ba limillione ho etsa joalo, ka sebele e lokela ho buelloa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho Tšenolo 1:20, mofetoleli oa Lejeremane Curt Stage o ile a fetolela leetsi le tšoanang ka tsela e latelang: “Liluloana tsa mabone tse supileng li bolela [ei·sinʹ] liphutheho tse supileng.” Ka ho tšoanang Fritz Tillmann le Ludwig Thimme ba le fetolela e le “bolela” [es·tinʹ] ho Mattheu 12:7.
b Jürgen Becker, Jeremias Felbinger, Oskar Holtzmann, Friedrich Rittelmeyer, le Siegfried Schulz. Emil Bock o re, “boleng ba bomolimo.” Hape bona liphetolelo tsa Senyesemane Today’s English Version, The New English Bible, Moffatt, Goodspeed.
c Johann Babor, Karl F. Bahrdt, Petrus Dausch, Wilhelm M. L. De Wette, Georg F. Griesinger, Heinrich A. W. Meyer, Friedrich Muenter, Sebastian Mutschelle, Johann C. F. Schulz, Johann J. Stolz, le Dominikus von Brentano. August Dächsel, Friedrich Hauck, Johann P. Lange, le Ludwig Reinhardt ba kentse lebitso leo ka masakaneng.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
New World Translation e ntse e fetoleloa ka lipuo tse ling tse 20
[Lebokose le leqepheng la 29]
PHETOLELO KA BOEONA EA IPUELLA
E mong oa Lipaki tsa Jehova Jeremane o ile a buisana le mosali e mong ea hōlileng, eo a ileng a ’malla Habakuke 1:12: “Na hase khale u le teng, Uena Jehova? Molimo oa ka, Mohalaleli oa ka, ha u shoe.” Mosali enoa o ile a hanyetsa kahobane Bibele ea hae e ne e re: “Re se ke ra shoa.” Paki eo e ile ea bontša hore New World Translation e latela libuka tse ngotsoeng ka letsoho qalong haufi-ufi. Kaha mosali enoa ea hōlileng o ne a bua Seheberu, o ile a lata Bibele ea hae ea Seheberu ’me ka ho makala a fumana hore New World Translation e nepile. Khale koana ba-Sopherim (bangoli ba Bajode) ba ile ba fetola taba ena e ngotsoeng kahobane ba ne ba ikutloa hore polelo e ngotsoeng qalong e ne e bontša ho hloka tlhompho ho Molimo. Ka ntle ho mekhelo e ’maloa, liphetolelo tsa Bibele tsa Sejeremane ha li nke bohato ba ho lokisa liphetoho tsena tse entsoeng ke bangoli. New World Translation e khutlisitse taba e ngotsoeng qalong.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Hona joale New World Translation e fumaneha e felletse ka: Sedanishe, Sedache, Senyesemane, Sefora, Sejeremane, Setaliana, Sejapane, Sepotoketsi, le Sepanishe