Kreste o Bua le Liphutheho
“Tsena ke lintho tse boleloang ke ea tšoereng linaleli tse supileng ka letsohong la hae le letona.”—TŠENOLO 2:1.
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella seo Kreste a ileng a se bolella liphutheho tse supileng tsa Asia Minor?
JESU KRESTE, Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova, ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste. E le hore Kreste a boloke phutheho ea balateli ba hae ba tlotsitsoeng e se na sekoli, o sebelisa bohlooho ba hae ho e babatsa le ho e khalemela. (Baefese 5:21-27) Mehlala ea sena e fumanoa ho Tšenolo khaolo ea 2 le ea 3, moo re fumanang melaetsa ea Jesu e matla le e lerato e eang liphuthehong tse supileng tsa Asia Minor.
2 Pele moapostola Johanne a utloa mantsoe a Jesu a eang liphuthehong tse supileng, o ile a bontšoa pono ea ‘letsatsi la Morena.’ (Tšenolo 1:10) ‘Letsatsi’ leo le qalile ha ’Muso oa Mesia o thehoa ka 1914. Ka lebaka leo, seo Kreste a ileng a se bolella liphutheho tseo ke sa bohlokoa haholo matsatsing ana a ho qetela. Khothatso ea hae le keletso ea hae li re thusa ho sebetsana le maemo ao re thulanang le ’ona linakong tsena tse mahlonoko.—2 Timothea 3:1-5.
3. “Linaleli,” “mangeloi” le “liluloana tsa mabone tsa khauta” tse bonoeng ke moapostola Johanne li tšoantšetsa eng?
3 Johanne o bone Jesu Kreste ea khanyang, ea “tšoereng linaleli tse supileng ka letsohong la hae le letona” le “ea tsamaeang har’a liluloana tsa mabone tsa khauta [kapa liphutheho] tse supileng.” “Linaleli” ke “mangeloi a liphutheho tse supileng.” (Tšenolo 1:20; 2:1) Ka linako tse ling linaleli li tšoantšetsa mangeloi, empa Kreste o ne a ke ke a sebelisa motho hore a ngolle mangeloi melaetsa. Ka hona hoa utloahala hore ebe “linaleli” tsena li emela balebeli ba tlotsitsoeng ka moea, kapa lihlopha tsa baholo. Ba bitsoa “mangeloi” kahobane ba sebetsa e le baromuoa. Kaha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o hōlile, “motsamaisi ea tšepahalang” o boetse o khethile banna ba tšoanelehang ba “linku tse ling” tsa Jesu hore e be balebeli.—Luka 12:42-44; Johanne 10:16.
4. Baholo ba rua molemo ofe ha ba mamela seo Kreste a se bolellang liphutheho?
4 “Linaleli” tsena li ka letsohong le letona la Jesu—e leng ho bolelang hore li matleng a hae, oa li laola, oa li rata ebile oa li sireletsa. Kahoo, li ikarabella ho eena. Baholo ba kajeno ba nka malebela ka ho mamela mantsoe a hae a eang ho phutheho ka ’ngoe ho tse supileng. Ho hlakile hore le Bakreste kaofela ba lokela ho mamela Mor’a Molimo. (Mareka 9:7) Kahoo, re ka ithuta eng ha re mamela ha Kreste a bua le liphutheho?
Ho Lengeloi la Efese
5. Efese e ne e le motse o joang?
5 Jesu o ile a babatsa a ba a khalemela phutheho ea Efese. (Bala Tšenolo 2:1-7.) Tempele e khōlō ea molimotsana Artemise e ne e le setsing sena se ruileng sa khoebo le sa bolumeli se lebōpong le ka bophirimela la Asia Minor. Le hoja Efese e ne e tletse boitšoaro bo bobe, bolumeli ba bohata le boselamose, Molimo o ile a hlohonolofatsa tšebeletso ea moapostola Pauluse le ba bang motseng oo.—Liketso, khaolo ea 19.
6. Kajeno Bakreste ba tšepahalang ba tšoana le Baefese ba boholo-holo joang?
6 Kreste o ile a babatsa phutheho ea Efese, a re: “Ke tseba liketso tsa hao, le mosebetsi le mamello ea hao, le hore ha u mamelle batho ba babe, le hore u leka ba reng ke baapostola, empa e se bona, ’me u ile ua ba fumana e le ba leshano.” Kajeno, liphutheho tsa balateli ba ’nete ba Jesu li iketselitse lebitso ka ho etsa mesebetsi e metle, ho sebetsa ka thata le ka ho mamella. Ha li mamelle barab’abo rōna ba bohata ba batlang ho nkoa e le baapostola. (2 Bakorinthe 11:13, 26) Joaloka Baefese, Bakreste ba tšepahalang kajeno ‘ha ba mamelle batho ba babe.’ Kahoo, e le ho boloka borapeli ba Jehova bo hloekile le ho sireletsa phutheho, ha ba tloaelane le bakoenehi ba sa bakeng.—Bagalata 2:4, 5; 2 Johanne 8-11.
7, 8. Ke bothata bofe bo boholo bo neng bo le teng phuthehong ea Efese, ’me ke joang re ka sebetsanang le boemo bo tšoanang?
7 Leha ho le joalo, Bakreste ba Efese ba ne ba e-na le bothata bo boholo. Jesu o ile a re: “Ke na le hona khahlanong le uena, hore u tlohetse lerato leo u neng u e-na le lona pele.” Ho ne ho hlokahala hore litho tsa phutheho eo li tsosolose lerato leo li neng li rata Jehova ka lona pele. (Mareka 12:28-30; Baefese 2:4; 5:1, 2) Le rōna re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra tlohela lerato leo re neng re rata Molimo ka lona pele. (3 Johanne 3) Empa ho thoe’ng haeba bophelo ba rōna bo laoloa ke lintho tse kang ho lakatsa maruo kapa ho lelekisa menyaka? (1 Timothea 4:8; 6:9, 10) Haeba ho joalo, re lokela ho rapela Molimo ka tieo hore a re thuse ho tlosa litakatso tse joalo ’me bakeng sa tsona re be le lerato le tebileng ho Jehova le ho leboha sohle seo eena le Mora oa hae ba re etselitseng sona.—1 Johanne 4:10, 16.
8 Kreste o ile a eletsa Baefese ka matla a re: “Hopola hore na u oele ho eng, u bake ’me u etse liketso tsa pele.” Ho ne ho tla etsahala eng haeba ba sa etse joalo? Jesu o ile a re: “Haeba u sa etse joalo, ke tla ho uena, ’me ke tla tlosa seluloana sa hao sa lebone sebakeng sa sona.” Haeba linku tsohle li ne li ka tlohela lerato la tsona la pele, ‘seluloana sa lebone,’ kapa phutheho, e ne e sa tl’o hlola e e-ba teng. Kahoo, re le Bakreste ba chesehang, e se eka re ka sebetsa ka thata ho boloka phutheho e khanya moeeng.—Matheu 5:14-16.
9. Lihlopha tsa bokhelohi li lokela ho nkoa joang?
9 Baefese ba ile ba babatsoa ka lebaka la ho hloea “liketso tsa sehlopha sa bokhelohi sa Nikolase.” Ntle le se buuoang ho Tšenolo, ha ho tsejoe letho le tobileng ka tšimoloho, lithuto le mekhoa ea sehlopha sena sa bokhelohi. Leha ho le joalo, kaha Jesu o ile a nyatsa ho latela batho, ho hlokahala hore re ’ne re hloee lihlopha tsa bokhelohi, joalokaha Bakreste ba Efese ba ne ba li hloile.—Matheu 23:10.
10. Ba mamelang seo moea o se bolelang ba tla fumana eng?
10 Kreste o ile a re: “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho.” Ha Jesu a le lefatšeng, o ne a bua a susumetsoa ke moea oa Molimo. (Esaia 61:1; Luka 4:16-21) Kahoo re lokela ho mamela seo hona joale Molimo a se buang ka eena a sebelisa moea o halalelang. Jesu o ne a tataisoa ke moea ha a tšepisa a re: “Ea hlōlang ke tla mo neha ho ja sefate sa bophelo, se paradeiseng ea Molimo.” Ha batlotsuoa ba mamela seo moea o se buang, ba tla fumana bophelo ba ho se shoe “paradeiseng ea Molimo” e leholimong, kapa moo Jehova a leng teng. “Bongata bo boholo” boo le bona bo mamelang seo moea o se bolelang, bo tla thabela lefatše la paradeise leo ho lona bo tla noa ‘nōkeng ea metsi a bophelo’ ’me bo tla folisoa ke “makhasi a lifate” tse sikileng le nōka ena.—Tšenolo 7:9; 22:1, 2; Luka 23:43.
11. Re ka hōlisa lerato la rōna ho Jehova joang?
11 Baefese ba ne ba feletsoe ke lerato la bona la pele, empa ho thoe’ng haeba boemo bo tšoanang bo e-ba teng phuthehong kajeno? Re le batho ka bomong, a re hōliseng lerato la rōna ho Jehova ka ho bua ka litsela tsa hae. Re ka leboha lerato leo Molimo a le bontšitseng ka ho fana ka thekollo ka Mora oa hae ea ratoang. (Johanne 3:16; Baroma 5:8) Ha ho loketse, re ka bua ka lerato la Molimo ha re araba leha re e-na le lipuo libokeng. Re ka bontša lerato la rōna ho Jehova ka ho rorisa lebitso la hae tšimong. (Pesaleme ea 145:10-13) Ka sebele mantsoe a rōna le liketso tsa rōna li ka phetha karolo e khōlō ho tsosoloseng kapa ho matlafatseng lerato la phutheho la pele.
Ho Lengeloi la Smyrna
12. Histori e bontša eng ka motse oa Smyrna le borapeli ba oona?
12 Phutheho ea Smyrna e ile ea babatsoa ke Kreste, e leng “‘oa Pele le oa ho Qetela,’ ea ileng a shoa ’me a boela a phela” ka ho tsosoa bafung. (Bala Tšenolo 2:8-11.) Smyrna (eo hona joale e leng Izmir, Turkey) e ne e hahiloe lebōpong le ka bophirimela la Asia Minor. Bagerike ba ne ba lula motseng ona, empa Balydia ba ile ba o felisa hoo e ka bang ka 580 B.C.E. Bahlahlami ba Alexandere e Moholo ba ile ba haha motse oa Smyrna bocha sebakeng se seng. O ile oa fetoha karolo ea profinse ea Roma ea Asia ’me e ne e le setsi se atlehileng sa khoebo se tsebahalang ka mehaho e metle ea sechaba. Tempele ea oona ea Tiberiuse Cesare e ile ea etsa hore motse ona e be setsi sa borapeli ba moemphera. Barapeli ba ne ba lokela ho chesa bohashana ba libano ebe ba re “Cesare ke Morena.” Bakreste ba ne ba ke ke ba etsa joalo hobane ho bona “Jesu ke Morena.” Ka lebaka leo, ba ile ba ba le matšoenyeho.—Baroma 10:9.
13. Le hoja Bakreste ba Smyrna ba ne ba futsanehile, ba ne ba ruile ka tsela efe?
13 Ntle ho matšoenyeho, Bakreste ba Smyrna ba ile ba mamella bofutsana, mohlomong le ho tingoa lintho tse hlokahalang hobane ba ne ba ke ke ba rapela moemphera. Bahlanka ba Jehova ba kajeno le bona ba ka hlaheloa ke liteko tse joalo. (Tšenolo 13:16, 17) Le hoja ba futsanehile, batho ba tšoanang le Bakreste ba Smyrna ba ruile moeeng ’me seo ke sona seo e leng sa bohlokoa!—Liproverbia 10:22; 3 Johanne 2.
14, 15. Batlotsuoa ba ka fumana matšeliso afe ho Tšenolo 2:10?
14 Bajuda ba bangata ba Smyrna e ne e le “synagoge ea Satane” hobane ba ne ba tšoareletse lineanong tseo e seng tsa Mangolo, ba ne ba lahlile Mor’a Molimo ’me ba nyefotse balateli ba hae ba tlotsitsoeng ka moea. (Baroma 2:28, 29) Empa batlotsuoa ba ka tšelisoa ke mantsoe aa a latelang a Kreste hakaakang! O re: “U se ke ua tšaba lintho tseo u leng haufi le ho utloisoa bohloko ke tsona. Bona! Diabolose o tla ’ne a lahlele ba bang ba lōna chankaneng e le hore le ka lekoa ka ho feletseng, le hore le ka ba le matšoenyeho ka matsatsi a leshome. U tšepahale esita le ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.”—Tšenolo 2:10.
15 Jesu o ne a sa tšabe ho shoela ho tšehetsa bobusi ba Jehova. (Bafilipi 2:5-8) Le hoja hona joale Satane a loantša masala a batlotsuoa, ha a tšabe lintho tse tla a utloisa bohloko e le sehlopha—e leng matšoenyeho, ho kenngoa chankaneng, kapa ho bolaoa ka sehlōhō. (Tšenolo 12:17) A tla hlōla lefatše. ’Me ho fapana le ho ba fa moqhaka oa lipalesa o senyehang o neng o roaloa ke ba neng ba hlōla lipapaling tsa bahetene, Kreste o tšepisa batlotsuoa ba tsositsoeng hore o tla ba fa “moqhaka oa bophelo” e le libōpuoa tse sa shoeng leholimong. Ke mpho ea bohlokoa hakaakang!
16. Haeba re kopanela phuthehong e kang ea Smyrna ea boholo-holo, re lokela ho nahanisisa ka tseko efe?
16 Ebang re na le tšepo ea ho phela leholimong kapa lefatšeng, ho thoe’ng haeba re kopanela phuthehong e kang ea Smyrna ea boholo-holo? Haeba ho joalo, a re thuseng balumeli-’moho le rōna ho nahanisisa ka lebaka le ka sehloohong leo Molimo a lumellang mahloriso ka lona—e leng tseko ea bobusi ba bokahohleng. Paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova e tšepahalang e paka hore Satane o leshano ’me e bontša hore esita le motho ea hlorisoang a ka tšehetsa ’nete ea hore Molimo o na le tokelo ea ho busa e le ’Musi oa Bokahohle. (Liproverbia 27:11) A re khothatseng Bakreste ba bang hore ba mamelle mahloriso ’me kahoo ba be le “tokelo [e sa khaotseng] ea hore ka ho se tšabe letho re . . . etsetse [Jehova] tšebeletso e halalelang ka botšepehi le ho loka ka pel’a hae ka matsatsi ’ohle a rōna”—esita le ka ho sa feleng.—Luka 1:68, 69, 74, 75.
Ho Lengeloi la Pergame
17, 18. Pergame e ne e le setsi sa borapeli ba mofuta ofe, ’me ho ne ho ka etsahala eng ka motho ea hanang ho kopanela borapeling boo ba litšoantšo?
17 Phutheho ea Pergame e ile ea babatsoa ea ba ea khalemeloa. (Bala Tšenolo 2:12-17.) Motse oa Pergame o ne o lutse lik’hilomithara tse ka bang 80 ka leboea ho Smyrna, ’me o ne o tletse bolumeli ba bohetene. Ho ka etsahala hore ebe linohe tsa linaleli tsa Bakalde li ile tsa balehela moo li tsoa Babylona. Bakuli ba ne ba tšolohela tempeleng e tsebahalang ea Pergame ea Asclepius, e leng molimo oa bohata oa pholiso le meriana. Motse oa Pergame o neng o e-na le tempele ea borapeli ba Cesare Augustuse, o ’nile oa bitsoa “setsi se ka sehloohong sa sehlotšoana sa bokhelohi sa borapeli ba moemphera ’musong oa pele.”—Encyclopædia Britannica, 1959, Volume 17, leqepheng la 507.
18 Pergame ho ne ho e-na le aletare ea borapeli ba Zeuse. Motse ona e ne e boetse e le setsi sa borapeli ba batho ba entsoeng melimo bo susumetsoang ke Diabolose. Ha ho makatse ha ho boleloa hore phutheho ea moo e ne e le moo “terone ea Satane e leng teng”! Ho hana ho rapela moemphera ho ne ho ka fella ka lefu ho motho ea neng a tšehetsa bobusi ba Jehova. Lefatše le ntse le rapaletse matleng a Diabolose, ’me matšoao a sechaba aa rapeloa kajeno. (1 Johanne 5:19) Ho tloha lekholong la pele la lilemo ho fihlela kajeno, Bakreste ba bangata ba tšepahalang ba ’nile ba bolaeloa tumelo, joaloka eo Kreste a ileng a re ke “Antipase, paki ea ka, ea tšepahalang, ea ileng a bolaoa haufi le lōna.” Ka sebele Jehova Molimo le Jesu Kreste ba hopola bahlanka bao ba tšepahalang.—1 Johanne 5:21.
19. Ke eng seo Balame a ileng a se etsa, ’me Bakreste bohle ba lokela ho itebela ho eng?
19 Hape Kreste o buile ka “thuto ea Balame.” Moprofeta oa bohata ea bitsoang Balame o ne a le meharo ea leruo, ’me o ile a leka ho rohaka Baiseraele. Ha Molimo a fetola thohako eo tlhohonolofatso, Balame o ile a sebetsa le Morena Balake oa Moabe ’me a eka Baiseraele ba bangata hore ba rapele litšoantšo le ho kopanela boitšoarong bo bobe. Baholo ba Bakreste ba lokela ho tiea bakeng sa se lokileng joaloka Finease, ea ileng a ba khahlanong le liketso tsa Balame. (Numere 22:1–25:15; 2 Petrose 2:15, 16; Juda 11) Ha e le hantle, Bakreste bohle ba lokela ho itebela borapeling ba litšoantšo le tabeng ea hore boitšoaro bo bobe bo se ke ba kenella ka phuthehong.—Juda 3, 4.
20. Haeba Mokreste leha e le ofe a qala ho ba le maikutlo a bokoenehi, o lokela ho etsa eng?
20 Phutheho ea Pergame e ne e le kotsing e khōlō ka lebaka la ho lumella hore ka har’a eona ho be le “ba tšoereng ka tieo thuto ea sehlopha sa bokhelohi sa Nikolase.” Kreste o ile a re ho phutheho ena: “Baka. Haeba u sa bake, ke tla ho uena kapele, ’me ke tla loana le bona ka sabole e telele ea molomo oa ka.” Bakhelohi ba batla ho silafatsa Bakreste moeeng, ’me ba ikemiselitseng ho baka likhaohano le lihlopha tsa bokhelohi ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo. (Baroma 16:17, 18; 1 Bakorinthe 1:10; Bagalata 5:19-21) Haeba Mokreste leha e le ofe a qala ho ba le maikutlo a bokoenehi ’me a batla ho a jala, o lokela ho mamela temoso ea Kreste! E le hore a qobe tlokotsi, o lokela ho baka le ho batla thuso ea moea ho baholo ba phutheho. (Jakobo 5:13-18) O lokela ho potlaka hobane Jesu o tla kapele ho tla ahlola.
21, 22. Ke bo-mang ba jang “manna a patiloeng,” hona a tšoantšetsa eng?
21 Ha ho hlokahale hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang le metsoalle ea bona e tšepahalang ba tšohe kahlolo e tlang. Bohle ba mamelang keletso ea Jesu eo a e fanang ka tataiso ea moea o halalelang oa Molimo, ba tla hlohonolofatsoa. Ka mohlala, batlotsuoa ba hlōlang lefatše ba tla memeloa ho ja a mang a “manna a patiloeng” ’me ba tla fuoa “lejoana le chitja le lesoeu” le nang le “lebitso le lecha.”
22 Molimo o ile a fepa Baiseraele manna ha ba le leetong la bona la lilemo tse 40 lefeelleng. Bo bong ba “bohobe” boo bo ile ba bolokoa ka nkhong ea khauta ka har’a areka ea selekane ’me kahoo bo ne bo patiloe ka Sehalalelisisong sa tabernakele, moo khanya ea mohlolo e neng e tšoantšetsa boteng ba Jehova. (Exoda 16:14, 15, 23, 26, 33; 26:34; Baheberu 9:3, 4) Ho ne ho se ea lumeletsoeng ho ja manna ao a patiloeng. Leha ho le joalo, ha balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba tsosoa, ba amohela ho se shoe, ho tšoantšetsoang ke ho ja “manna a patiloeng.”—1 Bakorinthe 15:53-57.
23. “Lejoana le chitja le lesoeu” le “lebitso le lecha” li bolela’ng?
23 Makhotleng a Roma, lejoana le chitja le letšo le ne le bolela hore motho o molato, ha le lesoeu le ne le bolela hore ha a na molato. Jesu o fa Bakreste ba tlotsitsoeng ba hlōlang “lejoana le chitja le lesoeu,” ho bontša hore o nka hore ha ba na molato, ba hloekile ebile ha baa silafala. Kaha Baroma le bona ba ne ba sebelisa majoana a chitja hore ba kene liketsahalong tsa bohlokoa, ho ka etsahala hore ebe “lejoana le chitja le lesoeu” le bolela hore motlotsuoa o amoheloa leholimong lenyalong la Konyana. (Tšenolo 19:7-9) Ho hlakile hore “lebitso le lecha” le bolela tokelo ea ho kopanngoa le Jesu e le majalefa-’moho le eena ’Musong oa leholimo. See sohle ke khothatso e kaakang ho batlotsuoa esita le metsoalle ea bona e tšebeletsong ea Jehova, e nang le tšepo ea ho phela lefatšeng la paradeise!
24. Re lokela ho ikutloa joang ka bokoenehi?
24 Ke habohlokoa ho hopola hore phutheho ea Pergame e ne e le kotsing ea bakoenehi. Haeba ho bonahala hore phutheho eo re kopanelang le eona e ka ’na ea hlaheloa ke boemo bo tšoanang bo ka e silafatsang moeeng, a re haneng bokoenehi ka ho feletseng ’me re tsoele pele ho tsamaea ’neteng. (Johanne 8:32, 44; 3 Johanne 4) Kaha mesuoe ea bohata kapa batho ba nang le maikutlo a bokoenehi ba ka senya phutheho kaofela, re lokela ho loantša bokoenehi ka tieo, ho se mohla re lumellang tšusumetso e mpe ho re thibela ho utloa ’nete.—Bagalata 5:7-12; 2 Johanne 8-11.
25. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa melaetsa ea Kreste e eang liphuthehong life?
25 Re tšohlile mantsoe a susumetsang hakaakang a pabatso le khalemelo ao Jesu Kreste ea khanyang a ileng a a bolella liphutheho tse tharo ho tse supileng tsa Asia Minor! Leha ho le joalo, ka tataiso ea moea o halalelang ho sa ntsane ho e-na le lintho tse ngata tseo a tla li bolella liphutheho tse ’nè tse setseng. Melaetsa ena e eang Thyatire, Sarda, Filadelfia le Laodisia, e tla tšohloa sehloohong se latelang.
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela seo Kreste a se bolellang liphutheho?
• Re ka tsosolosa lerato leo phutheho e neng e e-na le lona pele joang?
• Ke joang ho ka thoe’ng Bakreste ba futsanehileng ba Smyrna ea boholo-holo ba ne ba hlile ba ruile?
• Ha re nahana ka boemo ba phutheho ea Pergame re lokela ho ba le maikutlo afe ka bokoenehi?
[’Mapa o leqepheng la 10]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
GREECE
ASIA MINOR
Efese
Smyrna
Pergame
Thyatire
Sarda
Filadelfia
Laodisia
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
“Bongata bo boholo” bo tla thabela lefatše la paradeise
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Bakreste ba hlorisoang ba hlōtse lefatše