Tsoho
Tlhaloso: A·naʹsta·sis, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “tsoho,” le bolela “ho ema hape” ’me le bua ka ho tsoha bafung. Tlhaloso e utloahalang haholoanyane “tsoho ea bafu” e sebelisoa khafetsa ka Mangolong. (Matt. 22:31; Lik. 4:2; 1 Ba-Kor. 15:12) Seheberu ke techi·yathʹ ham·me·thimʹ, e bolelang “ho phelisoa hape hoa bafu.” (Matt. 22:23, botlaaseng ba leqephe, khatisong ea Litšupiso ea NW) Tsoho e akarelletsa ho tsosolosoa hoa mokhoa oa bophelo oa motho, mokhoa oa bophelo oo Molimo o o bolokileng mohopolong oa oona. Ho latela thato ea Molimo bakeng sa motho ka mong, motho o tsosetsoa bophelong ba botho ba nama kapa ba ’mele oa moea empa leha ho le joalo a ntse a itseba, a e-na le botho le mehopolo joaloka pele a e-shoa. Tokisetso ea tsoho ea bafu ke pontšo e hlollang ea mosa o sa tšoanelang oa Jehova; e bontša bohlale le matla a hae ’me ke ka eona morero oa hae oa mathomo mabapi le lefatše o tlang ho ntšetsoa pele.
Na tsoho ke ho kopanngoa hoa moea (soul) o se nang ’mele le ’mele oa nama?
Haele hantle hore hona ho etsahale, batho ba ne ba tla tlameha hore ba be le moea (soul) o se nang ’mele o ka arohanang le ’mele oa nama. Bibele ha e rute ntho e joalo. Maikutlo ao a ile a alingoa bohlaleng ba Bagerike. Thuto ea Bibele e mabapi le moea (soul) e thathamisitsoe maqepheng 312-315. Bakeng sa bopaki ka ho re na tumelo ea Bokreste-’mōtoana ea moea (soul) o se nang ’mele, o sa shoeng e qalehile hokae, bona maqephe 316, 317.
Na Jesu o tsositsoe ka ’mele oa nama, hona na o na le ’mele o joalo hona joale leholimong?
1 Pet. 3:18: “Kreste o na a utloisoe bohloko hang ka baka la libe; eena ea lokileng o bolaetsoe bakhopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Molimo; o shoele ka nģeng ea nama, empa o phelisitsoe ka nģeng ea moea [“ka nģeng ea moea (spirit),” NW, RS, NE, Dy, JB; “ka Moea (spirit),” KJ].” (Tsohong ea hae bafung, Jesu o tsositsoe ka ’mele oa moea [spirit]. Ka lengolong la Segerike mantsoe “nama” le “moea [spirit]” a ngotsoe le leng le bapisoa le le leng, ’me ka bobeli a sebopehong sa boetsuoa; ka hona, haeba mofetoleli a re “ka moea [spirit]” o lokela hore hape a tsitse ka hore a re “ka nama,” kapa haeba a re “ka nģeng ea nama” o lokela hore hape a re “ka nģeng ea moea.”)
Lik. 10:40, 41: “Jesu [Kreste] eo, Molimo o mo tsositse bafung ka letsatsi la boraro, ’me o mo hlahisitse pontšeng, e seng ho sechaba kaofela, e le ho lipaki tseo Molimo o li khethileng pele.” (Ke hobane’ng ha ba bang le bona ba sa ka ba mo bona? Hobane e ne e le sebopuoa sa moea [spirit] ’me joalokaha mangeloi a ne a ’nile a etsa nakong e fetileng, a iphetolela ’meleng oa nama hore a bonahale, o ho entse feela moo barutuoa ba hae ba leng teng.)
1 Ba-Kor. 15:45: “Joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Motho oa pele, Adama, o entsoe moea [soul] o phelang, ’me Adama oa morao [Jesu Kreste, ea neng a phethahetse joaloka Adama ha a bōptjoa] o entsoe moea [spirit] o phelisang.”
Luka 24:36-39 e bolela eng mabapi le ’mele oo Jesu a tsohileng ka oona?
Luka 24:36-39: “Ba re ba [barutuoa] sa bolela tseo, Jesu a hla a ema har’a bona ka sebele sa hae, a re ho bona: Khotso e be le lōna! Ba mpa ba tšoha, ba tšaba haholo, ba hloma eka ba bona seriti. A re ho bona: Le tšohela’ng? ’me mehopolo e joalo e hlahela’ng lipelong tsa lōna? Bonang liatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke ’na ka sebele. Ntoboketseng, le bone; hobane seriti ha se na nama le masapo, joale ka ha le mpona ke e-na le ’ona.”
Batho ba ke ke ba bona meea (spirits), kahoo ho hlakile hore barutuoa ba ne ba nahana hore ba bona sethotsela kapa pono. (Bapisa Mareka 6:49, 50.) Jesu a ba tiisetsa hore hase sethotsela; ba ne ba ka bona ’mele oa hae oa nama ’me ba ka mo ama, ba utloa masapo; hape a ja mahlong a bona. Ka ho tšoanang, mehleng e fetileng, mangeloi a ’nile a iphetolela nameng e le hore a ka bonoa ke batho; a ile a ja, ’me a mang a ne a bile a nyetse a ba a ba le bana. (Gen. 6:4; 19:1-3) Kamorao ho tsoho ea hae, Jesu ha a ka a iponahatsa kamehla ka ’mele o le mong oa nama (mohlomong e le ho tiisa likelellong tsa bona ’nete ea hore joale e se e le moea [spirit]), ’me kahoo le metsoalle ea hae e haufi e ne e sa mo lemohe kapele-pele. (Joh. 20:14, 15; 21:4-7) Leha ho le joalo, ka hore a ’ne a itlhahise ho bona hangata ka ’mele ea nama ebe joale o bua le ho etsa lintho tseo ba neng ba ka li amahanya le Jesu eo ba neng ba mo tseba, o ile a tiisa tumelo ea bona ’neteng ea hore ruri o ne a tsositsoe bafung.
Haeba barutuoa ba ne ba fela ba bone Jesu ’meleng oo a leng ka oona hona joale leholimong, hamorao Pauluse o ne a ke ke a bua ka Kreste ea tlotlisitsoeng e le “setšoantšo sa boleng ba oona [Molimo],” hobane Molimo ke Moea (Spirit) ’me ha ho mohla o kileng oa ba ka nama.—Ba-Heb. 1:3; bapisa 1 Timothea 6:16.
Ha re bala ka litlaleho tsa ho iponahatsa hoa Jesu kamorao ho tsoho, re thusoa ho li utloisisa hantle haeba re hopola 1 Petrose 3:18 le 1 Ba-Korinthe 15:45, tse qotsitsoeng maqepheng a 427, 428.
Bona le maqephe 197, 198, tlas’a “Jesu Kreste.”
Ke bo-mang ba tla tsosetsoa ho kopanela bophelong ba leholimo le Kreste, hona ba tla etsa’ng teng?
Luka 12:32: “Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.” (Bana ha ba akarelletse bohle ba ileng ba sebelisa tumelo; palo e lekanyelitsoe. Ba ba leholimong ka morero.)
Tšen. 20:4, 6: “Eaba ke bona literone, ’me ba bang ba lula holim’a tsona, ba filoe matla a ho ahlola . . . Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ea pele; hobane lefu la bobeli ha le na matla holim’a ba joalo, empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”
Bona le maqephe 224-230, tlas’a sehlooho “Leholimo.”
Na ba tsosetsoang bophelong ba leholimo ba tla qetella ba e-na le ’mele e khanyang ea nama moo?
Ba-Fil. 3:20, 21: “Jesu Kreste, Morena; ea tlang ho fetola ’mele ea rōna e nyatsehang, ho e etsa sebopeho se le seng le ’mele oa hae o khanyang, ka tšebetso eo a ka tsebang ka eona.” (Na hoo ho bolela hore ke ’mele ea bona ea nama e tla qetella e entsoe e khanyang maholimong? Kapa ho bolela hore, ho e-na le ho ba le ’mele e tlaase ea nama, ba tla apesoa ’mele o khanyang oa moea [spirit] ha ba tsosetsoa bophelong ba leholimo? E re lengolo le latelang le arabele.)
1 Ba-Kor. 15:40, 42-44, 47-50: “’Mele ea leholimo e teng, le ’mele ea lefatše e teng; empa khanya ea ea leholimo ke esele, le ea ea lefatše ke esele. Ho tla ba joalo le tsohong ea bafu. . . . o jaloa e le ’mele oa nama, o tla tsoha e le ’mele oa moea. . . . Motho oa pele [Adama] e ne e le oa lefatše, o entsoe ka mobu; empa motho oa bobeli [Jesu Kreste], e leng Morena, o tsoile leholimong. ’Me kamoo oa lefatše a leng kateng, le ba lefatše ba joalo; ’me kamoo oa leholimo a leng kateng, le ba leholimo ba joalo. ’Me joale ka ha re apere setšoantšo sa oa lefatše, re tla apara joalo setšoantšo sa oa leholimo. Seo ke mpang ke se bolela, banab’eso, ke hoba nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo.” (Mona ha ho moo ho lumelloang hore ’mele ea mefuta e ’meli e tsoakane kapa hore ’mele oa nama o nkeloe leholimong.)
Jesu o bontšitse joang hore na tsoho e tla bolela eng bakeng sa batho ka kakaretso
Joh. 11:11, 14-44: “[Jesu a re ho barutuoa ba hae:] Lazaro, motsoalle oa rōna, o robetse; empa ke ea mo tsosa borokong. . . . Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lazaro o shoele. . . . Jesu ha a fihla, a fumana matsatsi a se a le mane a [Lazaro] le lebitleng. . . . Jesu a re ho eena [Maretha, khaitseli ea Lazaro]: Ke ’na tsoho le bophelo; . . . a hoa ka lentsoe le leholo, a re: Lazaro, tsoa moo! Eaba mofu o tsoa a thatiloe matsoho le maoto ka masela, a khurumelitsoe sefahleho ka duku. Jesu a re ho bona: Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele.” (Haeba Jesu a ne a bitsitse Lazaro hore a khutle bophelong bo bong bo hlohonolofetseng, hoo e ne e ke ke ea e-ba mosa oa letho. Empa hore Jesu a tsose Lazaro bafung e ne e le mosa ho eena Lazaro le ho bo-khaitseliee. Lazaro ea boela ea e-ba motho ea phelang.)
Mar. 5:35-42: “Batho ba tsoang ha ’musi oa synagoge, ba fihla, ba re: Morali oa hao o shoele; u sa khathaletsa’ng moruti? Empa Jesu ha a ka a hlokomela se boleloang, ’me a re ho ’musi oa synagoge: Se tšohe, lumela feela. . . . a nka ntat’a ngoanana le ’m’ae le ba tlileng le eena, ’me a kena moo ngoanana a robalitsoeng teng. A tšoara letsoho la ngoanana, a re ho eena: Talitha kumi! Ke ho re, ha ho fetoloa: Ngoanana, ke re ho uena: Tsoha. Eaba ngoanana o phakisa a tsoha, a tsamaea, hobane lilemo tsa hae li ne li se li le leshome le metso e ’meli; ’me ba hlolloa haholo.” (Ha tsoho e akaretsang e etsahala lefatšeng Pusong ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, ha ho pelaelo hore batsoali ba limillione tse ngata le bana ba bona ba tla thaba ha ba kopanngoa hape.)
Ba tla tsosetsoa bophelong ba lefatšeng ba tla ba le litebello life?
Luka 23:43: “Ka ’nete ke re ho uena: U tla ba le ’na kajeno Paradeiseng.” (Lefatše lohle le tla fetoloa ho ba paradeise tlas’a puso ea Kreste e le Morena.)
Tšen. 20:12, 13: “Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pel’a terone; ha phetloa libuka; ha phetloa le buka e ’ngoe, e leng buka ea bophelo; ’me bafu ba ahloloa ka tse ngoliloeng libukeng tseo, e leng ka mesebetsi ea bona. . . . e mong le e mong a ntoo ahloloa ka mesebetsi ea hae.” (Ka ho hlakileng, ho phetloa hoa libuka ho supa nako ea thuto ea thato ea bomolimo, tumellanong le Esaia 26:9. ’Nete ea hore “buka ea bophelo” e-ea phetloa e bontša hore ba elang hloko thuto eo ba na le monyetla oa hore mabitso a bona a ngoloe bukeng eo. Ka pel’a bona ho tla be ho larile tebello ea bophelo bo sa feleng phethehong ea botho.)
Bona le maqephe 337-342, tlas’a “’Muso.”
Na ba bang ba tla tsosetsoa feela hore ba ahloloe ebe ba abeloa lefu la bobeli?
Ke eng e boleloang ke Johanne 5:28, 29? E re: “Bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.” Seo Jesu a se buileng mona, se tlameha ho utloisisoa leseling la seo a ileng a se senolela Johanne hamorao. (Bona Tšenolo 20:12, 13, e qotsitsoeng kaholimo.) Ba neng ba etsa lintho tse ntle le ba neng ba etsa lintho tse mpe ‘e mong le e mong o tla ahloloa ka mesebetsi ea hae.’ Mesebetsi efe? Haeba re ne re ka ba le maikutlo a hore batho ba tla tsuoa motheong oa mesebetsi ea bona bophelong bo fetileng, hoo ho ne ho tla hanyetsana le Ba-Roma 6:7: “Ea shoeleng o lokolotsoe sebeng.” Hape e ne etlaba ho sa utloahaleng ho tsosa batho feela hore ba tl’o timetsoa. Ka hona, ho Johanne 5:28, 29a, Jesu o ne a bua ka tsoho e tlang; joale karolong e saletseng ea temana ea 29, o ne a hlalosa phello ea kamor’a hore ba phahamisetsoe bothong bo phethahetseng ’me ba beoe kahlolong.
Tšenolo 20:4-6 e supa eng ka hore na ho tla tsosetsoa bo-mang lefatšeng?
Tšen. 20:4-6: “Eaba ke bona literone, ’me ba bang ba lula holim’a tsona, ba filoe matla a ho ahlola; ka bona le meea ea ba khaotsoeng lihloho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentsoe la Molimo, . . . ba boela ba phela, ’me ba busa le Kreste lilemo tse sekete. Ha e le bafu ba bang, ha ba ka ba tsoha, [“ha ba ka ba phela,” NW], lilemo tse sekete tseo li e-so ho phethehe. Eo ke tsoho ea pele. Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ea pele; hobane lefu la bobeli ha le na matla holim’a ba joalo, empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”
Polelo ea pele ea temana ea 5 e kentsoe ka masakaneng ho NW le Mo ho thusa ’mali ho hokahanya se latelang masakana le se tlang pele ho oona. Joalokaha ho boletsoe ka ho hlakileng, “bafu ba bang” ha ba kopanele tsohong ea pele. Tsoho eo ke ea ba busang le Kreste ka lilemo tse sekete. Na hoo ho bolela hore ha ho batho ba bang ba tla phela nakong ea lilemo tse sekete ntle ho ba busang leholimong le Kreste? Che; hobane, haeba ho ne ho le joalo, ho ne ho tla bolela hore ha ho lea mong eo ba sebeletsang e le baprista molemong oa hae, ’me sebaka seo ba se busang e ne etlaba lefatše le se nang bophelo.
“Bafu ba bang” joale ke bafe? Ke batho bohle ba shoeleng ka lebaka la sebe sa Adama le bao, le hoja ba phonyohile mahlomola a maholo kapa e le bao mohlomong ba tsoetsoeng Lilemong tse Sekete, ho hlokahalang hore ba lokolloe liphellong tse bolaeang tsa sebe se joalo.—Bapisa Ba-Efese 2:1.
Ke ka kutloisiso efe ba sa ‘pheleng’ ho fihlela qetellong ea lilemo tse sekete? Hona ha ho bolele tsoho ea bona. Ho “phela” hona ho ama ho fetang feela ho ba teng joaloka batho. Ho bolela ho finyella botho bo phethahetseng, bo lokolohileng liphellong tsohle tsa sebe sa Adama. Hlokomela hore moo ho buuoang ka sena temaneng ea 5 ho hlaha hang kamor’a hore temana e tlang pele e bolele hore ba tla ea leholimong ba ‘boetse ba phela.’ Tabeng ea bona ho bolela bophelo bo lokolohileng liphellong tsohle tsa sebe; ba bile ba hauheloa ka ho khethehileng ka ho se shoe. (1 Ba-Kor. 15:54) Joale, bakeng sa “bafu ba bang,” e tlameha ho bolela bophelo ka botlalo bothong bo phethahetseng.
Tsohong ea lefatšeng ho tla akarelletsoa bo-mang?
Joh. 5:28, 29: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae [lentsoe la Jesu]; ’me ba tla tsoa ho ’ona.” (Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mabitleng” hase taʹphos [lebitla, sebaka seo ho epetsoeng motho ka mong ho sona] kapa haiʹdes [mabitleng, nģalo e tloaelehileng ea bafu] ka bongateng empa ke mne·meiʹon [khopotso, lebitla la khopotso] ka bongateng. Le hatisa hore motho ea shoeleng o ntse a hopotsoe. E seng bao ho hopoloa hoa bona ho ileng hoa hlakoloa Gehenna ka lebaka la libe tse sa tšoareloeng empa batho ba hopotsoeng ke Molimo ba tla tsosoa ka monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.—Matt. 10:28; Mar. 3:29; Ba-Heb. 10:26; Mal. 3:16.)
Lik. 24:15: “Ke na le tšepo ho Molimo, . . . ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Ba phetseng tumellanong le litsela tse lokileng tsa Molimo le batho bao, ka lebaka la ho hloka tsebo, ba ileng ba etsa lintho tse fosahetseng ba tla tsosoa. Bibele ha e arabele lipotso tsohle tsa rōna ka hore na batho ba bang ba itseng ba shoeleng ba tla tsosoa kapa che. Empa re ka tšepa hore Molimo, o tsebang lintlha tsohle, o tla nka bohato o sa ee ka tšobotsi, ka toka e tsamaeang le mohau o sa hlokomoloheng litekanyetso tsa oona tse lokileng. Bapisa Genese 18:25.)
Tšen. 20:13, 14: “Leoatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla tsa ntša bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahloloa ka mesebetsi ea hae. Lefu le lebitla tsa akheloa letšeng la mollo; ke lona lefu la bobeli.” (Kahoo, ba shoeleng ka lebaka la sebe sa Adama ba tla tsosoa, e-bang ba ne ba epetsoe leoatleng kapa Hades, lebitla le tloaelehileng la lefatšeng la batho ba shoeleng.)
Bona le sehlooho se seholo “Poloko.”
Haeba ba libillione ba tla tsosoa bafung, ba tla phela hokae kaofela?
Khakanyetso e lokolohileng haholo ea batho ba kileng ba phela lefatšeng ke 20 000 000 000. Joalokaha re bone, hase bona kaofela ba tla tsosoa. Empa, le haeba re ka nka hore ba tla tsosoa, sebaka se tla ba sengata. Lefatše le mobu le ka ba boholo ba 147 600 000 sq km hona joale. Haeba halofo ea lona e ka beeloa kathoko bakeng sa merero e meng, motho ka mong o ne a tla ’ne a lekanoe ke hoo e ka bang 0,37 ha, e leng sebaka se ka ntšang lijo tse ngata. Botebong ba khaello ea hona joale ea lijo hase hobane lefatše le sa bee ka ho lekaneng empa, ho e-na le hoo, ka lebaka la bora ba lipolotiki le meharo ea khoebo.
Bona le leqephe 213, tlas’a sehlooho “Lefatše (Earth).”