Bonngoe ba Lefatše—bo Tla ba Teng Joang?
JOALOKA mohaho oa serutha o sentsoeng hampe-mpe ke batho ba sa tsotelleng ba lulang ho oona, tsamaiso ena ea hona joale ea lefatše e tšoaneloa ke ntho e le ’ngoe feela—ho heletsoa le ho hahoa bocha. Ana hase a mang a maikutlo feela a baprofeta ba tlokotsi a ke keng a tšeptjoa. Ho ea ka Bibele, ke ’ona feela maikutlo a bontšang kutloisiso ea maemo. Hobane’ng?
Motheo oa tsamaiso ena ea hona joale ea lefatše ha oa sireletseha. Mohaho oohle o tletse bohloa le mapolanka a bolileng. Litšiea tsa oona tsa tšepe li mafome. Mabota a o tšehelitseng ha aa tiea. Marulelo a bothetse. Lipeipi tsa metsi lia lutla. Tsamaiso ea motlakase e fosahetse ’me e ka baka kotsi. Ba lulang mohahong ona ba loana kamehla ’me ba senya mohaho oohle ka lonya. Mohaho oohle le tikoloho ea oona li tletse ka likokoanyana tse lomang ’me o ka baka lefu kapa kotsi e tšabehang.
“Ho Khasetsa Lebitleng”
Joalokaha Gwynne Dyer a bolela, “moloko oohle oa batho o khasetsa lebitleng” ka lebaka la lintoa tse sa feleng tsa lipolotiki, meharo, khatello le lehloeo le tebileng la meloko le merabe. Lefatšeng ka bophara, lihlotšoana tse ikemiselitseng—tsa bahlohlelletsi, baloaneli ba tokoloho, batlōli ba molao, likhukhuni tsa machaba le tse ling—li phehella merero ea tsona ea boithati ’me ho bonahala li khona hore neng le neng ha li rata, li senye menyetla leha e le efe ea khotso ea lefatše. Joaloka baahi ba ratang ho senya, li ka sulafaletsa e mong le e mong bophelo.
Leha ho le joalo, ho latela bahlalosi ba bangata, hase lihlopha tsa bafetoheli kapa batho ba sa laoleheng feela tse sitisang lefatše ho ba bonngoeng. Tšitiso e khōlohali ke boemo ba lichaba ka botsona. S. B. Payne, e monyenyane, mongoli oa litaba tsa ntoa, ha a bua ka ntoa o re lichaba tse ipusang li har’a “ho se laolehe ha machaba.” Li etsa ntho leha e le efe e khotsofatsang lithahasello tsa tsona tsa bochaba, li nahanela hanyenyane kapa ho hang ha li nahanele tse ling. Ka lebaka leo, ho pholletsa le histori “motho o ’nile a busa motho e mong hore a mo ntše kotsi.”—Moeklesia 8:9, NW.
Ke ’nete hore, ho isa bohōleng bo itseng, mebuso e meng e atlehile ho loantša leeme le khatello pusong ea eona haesitana le ho li loantša ka tekanyo e itseng machabeng. Nako le nako e ’nile ea theha bonngoe ba machaba ka tekanyo e itseng. Empa esita leha lichaba tse ling li ikopantse ho nka bohato khahlanong le sechaba se hatellang, hangata ho ba le pelaelo ea hore li nkile bohato boo molemong oa lithahasello tsa tsona eseng hobane li hlile li amehile ka boiketlo ba batho ba bang. ’Nete ke hore mebuso ea batho ha e na tharollo e feletseng le e tšoarellang ea bonngoe bo sieo lefatšeng. Gwynne Dyer o re: “Ho bonolo ho bua ka khopolo ea hore lichaba tsohle tsa lefatše li tla momahana ho thibela kapa ho khalemela khatello e etsoang ke naha e ipusang, empa ke lichaba life tse etsang qeto ea hore na ke naha efe eo e leng ea bohatelli, ’me ke life tse tla lefa litšenyehelo tsa chelete le bophelo tse ka ’nang tsa hlokahala bakeng sa ho emisa mohatelli eo?”
Ho hlakile hore sechaba leha e le sefe se ka hatella se seng hafeela boholo ba baahi ba sechaba seo sa bohatelli bo sa hanyetse khatello eo. Histori e bontša ka makhetlo hore hase feela “linaheng tse ipusang tsa bohatelli” moo baahi ba teng ba tšehelitseng baeta-pele ba bona, ebang ba nepile kapa ba fositse. Ha e le hantle, boholo ba baahi ba lefatše bo entse sena. Joalokaha makasine ea Time e bolela, ka bofofu ba ’nile ba latela “mashano, lipuo tse hohelang tsa bo-nkhetheng le liphatlalatso tse etselletsang,” tsa baeta-pele ba bangata ba lipolotiki le ba bolumeli.
Bochaba bo tukisitse khalefo e tšabehang bathong bao ha e le hantle ba neng ba e-na le kahlolo e molemo le kutloelo-bohloko, ’me bo bakile hore ba etse litlōlo tsa molao tse sehlōhō khahlanong le banna, basali le bana ba sechaba se seng. Ka mohlala, mabapi le Ntoa ea I ea Lefatše, rahistori J. M. Roberts oa hlalosa: “E ’ngoe ea litaba tse qakang ka 1914 ke ea hore naheng e ’ngoe le e ’ngoe, ka ho makatsang, matšoele a batho ba mekha eohle, malumeli le meloko a bonahetse a ile a ea ntoeng ka boithatelo ’me a thabile.” Na batho ba ile ba ithuta ho itseng ho tloha ka nako eo? Le hanyenyane! Sebata se “foufetseng sa bochaba,” kamoo moqolotsi oa litaba Rod Usher a ileng a se bitsa kateng, se tsoela pele ho senya monyetla leha e le ofe oa hore lefatše le be bonngoeng.
Matla a ka Thōko a Tšebetsong
Leha ho le joalo, ho na le tšitiso e khōloanyane bonngoeng ba lefatše. Bibele e senola hore matla a ka thōko a tšebetsong. ’Ona a tsebahatsoa e le Satane Diabolose le mahlahana a hae, bademona. Ho latela Bibele, Satane ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho [ea] foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang,” e le hore ba se ke ba khahloa ke “litaba tse molemo tse khanyang tse mabapi le Kreste.”—2 Bakorinthe 4:4; Tšenolo 12:9.
Hase hore sena se lokolla batho ka bomong boikarabelong ba liketso tsa bona. Empa se totobatsa hore na ke hobane’ng ha le ka mohla, mebuso ea batho e ke ke ea theha lefatše le kopaneng ka sebele. Hafeela Satane Diabolose a ntse a le teng, o tla susumelletsa banna le basali hore ba hlaolele seo Bibele e se bitsang “mesebetsi ea nama” e kopanyelletsang ‘bora, ho qabana, ho rata likhang le likarohano.’—Bagalata 5:19-21.
’Muso oa Lefatše
Joale hantle-ntle tharollo ke efe? Lilemo tse ka bang makholo a supileng tse fetileng, Dante, seroki se tummeng sa Motaliana ebile e le rafilosofi, o ile a fana ka karabo. O ile a phehella hore ke ’muso oa lefatše feela o ka tiisang khotso le bonngoe molokong oa batho. Ho batho ba bangata, ho tšepa ’muso leha e le ofe oa lefatše ke feela ho ea le khongoana holimo, ntho eo ho ke keng ha behoa tšepo ho eona. Mongoli Payne ea boletsoeng pejana o phetha ka ho re: “Boemong bona boo histori e leng ho bona, ’muso oa lefatše o ke ke oa loka.” Hobane’ng? Hobane ’muso leha e le ofe oa lefatše o tla atleha o tla tlameha ho finyella lintho tse peli tse bonahalang li phahametse matla a motho ka ho feletseng, e leng hore “’muso oa lefatše o felise ntoa le hore ’muso oa lefatše e se be oa bohatelli lefatšeng lohle.”
Ho hlakile hore ha ho ’muso oa motho o tla ke o finyelle sena. Leha ho le joalo, ’Muso oa Molimo o nehiloeng Jesu Kreste o tla khona ’me o tla fela o felise ntoa. (Pesaleme ea 46:9, 10; Matheu 6:10) Ka sebele, o tla felisa bahlohlelletsi bohle ba ntoa. Moprofeta Daniele o bontša hore qetellong ea nako e behiloeng ea Molimo bakeng sa ho busa ha batho lefatšeng, puso ea batho e ne e tla “ba ’muso o arohileng” joaloka “tšepe e kopantsoeng le letsopa.” (Daniele 2:41-43) Sena se ne se tla fella ka ho tsekoloha ha lipolotiki le lintoa tse ke keng tsa qojoa. Leha ho le joalo, Daniele o re ’Muso oa Molimo “o tla robaka o felise mebuso eo [ea bochaba le e se nang bonngoe] kaofela,” ’me e tla nkeloa sebaka ke ’Muso o nehiloeng Jesu Kreste oo e leng khale o letetsoe.—Daniele 2:44.
Ho ne ho ke ke ha e-ba le molemo oa letho ho etsa tikoloho e ntle bakeng sa batho haeba lefatšeng ho ntse ho phela batho ba tlatlapang, ba tsoelang pele ho sulafalletsa ba bang bophelo. Leha ho le joalo, “ba bolotsana ba tla felisoa.” (Pesaleme ea 37:1, 2, 9, 38; Liproverbia 2:22) Ka hona, Kreste o tla felisa bohle ba hanang litekanyetso tsa Molimo ka boomo kapa ba tšehetsang balaoli ba lefatše ba senyang bonngoe. O tla felisa bohle ba senyang polanete ena. Molimo o tšepisa hore o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
Sena e ke ke ea e-ba mofuta o itseng oa khatello ea lefatše lohle. Jesu Kreste o tla nka bohato “ka lebaka la ’nete le boikokobetso le ho loka” ha a arola ba lokileng ho ba khopo. (Pesaleme ea 45:3, 4, NW; Matheu 25:31-33) ’Me ketso ena e ke ke ea e-ba e sa rateheng le e senyang, ea ho sebelisa matla hampe. Che! Ha ho joalokaha eka mohaho o motle oa boholo-holo o tlil’o senngoa ke lihahi tse meharo. Ho tla tšoana haholoanyane le ha ho heletsoa mohaho oa serutha e le ho lokisetsa hore ho be le tikoloho e ntle, e hloekileng.
Empa ho thoe’ng ka matla a ka thōko a bakileng hore ho se be le bonngoe boo nakong e fetileng? Na a tla lokoloha hore a khukhunele tsamaiso ee e ncha e le hore baahi ba eona ba ka boela ba qala ho nka mehato e senyang, ba loantše batho ba lulang le bona ’me ba sulafaletse motho e mong le e mong bophelo? Ka sebele ho ke ke ha e-ba joalo. Pheliso ena le nchafatso ena ke tsa ho qetela ’me li phethahetse. “Tlokotsi e ke ke ea hlaha habeli.”—Nahume 1:9.
Bibele e tšoantša timetso ea ho qetela ea Satane le ho chesa lithōle lore! E bolela hore ‘Diabolose ea neng a khelosa [baahi ba lefatše] o ile a liheloa ka letšeng la mollo le sebabole.’ (Tšenolo 20:10) Ke tšoantšetso e matla hakaakang! Ak’u nahane ka timetso e tšoantšoang, eseng feela le mollo o nang le matla a itseng a lekanyelitsoeng empa e tšoantšoang le letša kaofela la mollo, e timeletsang ruri le ho tlosa ntho leha e le efe e khopo le e silafetseng. Ebang ke motho kapa modemona, ha ho ea tla lumelloa hore a tsoele pele ho etsa lintho tse sokelang taolo ea bokahohle, tse hlokomolohang litekanyetso tsa Molimo tsa se setle le se sebe kapa tse bakelang batho ba bang mahlomola. Basenyi bohle ba bonngoe ba tla be ba ile!—Pesaleme ea 21:9-11; Sofonia 1:18; 3:8.
Batho ba Kopaneng ba Tsoang Lichabeng Tsohle
Baphonyohi ba tlhoekiso ena e khōlō ba tla bōptjoa ka “bongata bo boholo . . . bo tsoa[ng] lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle.” (Tšenolo 7:9) Ba ke ke ba aroloa ke ho se tšoane ha bona ha morabe le bochaba. Ba tla be ba ithutile ho phelisana ka khotso le ka kutloano. (Esaia 2:2-4) Ho babatsehang le ho feta, bana ba tla tlatsoa ke baahi ba kileng ba phela lefatšeng ba tla busetsoa bolulong bo hloekisitsoeng ba lefatše ka tokisetso e tsotehang ea tsoho ea bafu.—Johanne 5:28, 29.
Na u ka rata ho phela lefatšeng le joalo? Ke feela ba tšehetsang litlhokahalo tsa Molimo ka botšepehi ba tla khona, ’me litlhokahalo tsa hae li hlalositsoe ka ho hlaka ka Bibeleng. (Johanne 17:3; Liketso 2:38-42) Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u tsebe seo Molimo a se hlokang e le hore u ka ba le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng le nang le bonngoe ba sebele.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
’Muso o nehiloeng Jesu Kreste o tla finyella bonngoe ba lefatše