Khaolo 43
Motse o Khanyang
Pono 16—Tšenolo 21:9–22:5
Moko-taba: Tlhaloso ea Jerusalema e Mocha
Nako ea phethahatso: Ka mor’a matšoenyeho a maholo le ho kenngoa ha Satane ka mohohlong
1, 2. (a) Lengeloi le isa Johanne hokae hore a e’o bona Jerusalema e Mocha, ’me re hlokomela phapang efe moo? (b) Ke hobane’ng ha hoo e le tlhōrō e hlollang ka botle ea Tšenolo?
LENGELOI le ne le ile la nkela Johanne lefeelleng ho ea mo bontša Babylona e Moholo. Joale le leng sehlopheng sa mangeloi ao le isa Johanne thabeng e phahameng. O bona phapang e kaakang! Ona hase motse o litšila, o tletseng boitšoaro bo bobe joaloka seotsoa sa Babylona, empa ke Jerusalema e Mocha—e hloekileng, ea moea, e halalelang—’me e theoha leholimong.—Tšenolo 17:1, 5.
2 Esita le Jerusalema ea lefatšeng ha ho mohla e kileng ea e-ba le khanya e tšoanang le ena. Johanne o re: “Ha tla le leng la mangeloi a supileng a neng a e-na le likotlolo tse supileng tse neng li tletse likotlo tse supileng tsa ho qetela, eaba le bua le ’na le re: ‘Tloo mona, ke tla u bontša monyaluoa, mosali oa Konyana.’ Kahoo la nkuka ka matla a moea la nkisa thabeng e khōlō le e phahameng, ’me la mpontša motse o halalelang Jerusalema o theoha leholimong ho Molimo ’me o e-na le khanya ea Molimo.” (Tšenolo 21:9-11a) A le qhooeng ea thaba eo e phahameng, Johanne o hlahloba motse o motlehali ka litšobotsi tsohle tsa oona tse ratehang. Haesale banna ba tumelo ba lebeletse ka tabatabelo ho tla ha oona ho tloha ha batho e e-ba baetsalibe ’me ba hlaheloa ke lefu. Qetellong ke mona o fihlile! (Baroma 8:19; 1 Bakorinthe 15:22, 23; Baheberu 11:39, 40) Ke motse o khanyang oa moea, o entsoeng ka batho ba 144 000 ba iteletseng ho lula ba tšepahala, o khanyang khalalelong ea oona le o bontšang khanya ea Jehova ka boeona. Ena ke eona tlhōrō e hlollang ka botle ea Tšenolo!
3. Johanne o hlalosa botle ba Jerusalema e Mocha joang?
3 Jerusalema e Mocha ea hlolla ka botle ba eona: “Ho phatsima ha oona ho ne ho le joaloka lejoe la bohlokoa ka ho fetisisa, joaloka lejoe la jaspere le benyang ka ho hlaka joaloka kristale. O ne o e-na le lerako le leholo le le phahameng ’me o ne o e-na le liheke tse leshome le metso e ’meli, le mangeloi a leshome le metso e ’meli lihekeng, ’me ho ne ho ngotsoe mabitso a meloko e leshome le metso e ’meli ea bara ba Iseraele. Ka bochabela ho ne ho e-na le liheke tse tharo, ’me ka leboea ho e-na le liheke tse tharo, ’me ka boroa ho e-na le liheke tse tharo, ’me ka bophirimela ho e-na le liheke tse tharo. Lerako la motse le lona le ne le e-na le majoe a motheo a leshome le metso e ’meli, ’me ho ’ona ho ne ho e-na le mabitso a leshome le metso e ’meli a baapostola ba leshome le metso e ’meli ba Konyana.” (Tšenolo 21:11b-14) Ke ho loketseng hakaakang hore ebe ntho e ka sehloohong e khahlang Johanne eo a e tlalehang ke khanya e phatsimang! Kaha Jerusalema e Mocha e benya joaloka monyaluoa e mocha, e ba molekane ea loketseng oa Kreste. E hlile ea phatsima, joalokaha ho loketse pōpo ea “Ntate oa maseli a leholimo.”—Jakobo 1:17.
4. Ke eng e bontšang hore Jerusalema e Mocha hase sechaba sa Iseraele sa nama?
4 Lihekeng tsa eona tse 12, ho ngotsoe mabitso a meloko e 12 ea Iseraele. Kahoo, motse ona oa tšoantšetso o entsoe ka ba 144 000, ba tiisitsoeng “molokong o mong le o mong oa bara ba Iseraele.” (Tšenolo 7:4-8) Tumellanong le sena, majoe a motheo a na le mabitso a baapostola ba 12 ba Konyana. E, Jerusalema e Mocha hase sechaba sa Iseraele sa nama se thehiloeng holim’a bara ba 12 ba Jakobo. Ke Iseraele ea moea, e thehiloeng holim’a “baapostola le baprofeta.”—Baefese 2:20.
5. “Lerako le leholo le le phahameng” la Jerusalema e Mocha le taba ea hore ho behiloe mangeloi hekeng e ’ngoe le e ’ngoe li bontša’ng?
5 Motse ona oa tšoantšetso o na le lerako le leholo. Mehleng ea boholo-holo, marako a motse a ne a hahuoa e le tšireletso ho thibela lira. “Lerako le leholo le le phahameng” la Jerusalema e Mocha le bontša hore e sireletsehile moeeng. Ha ho sera sa ho loka, ha ho ea litšila kapa ea sa tšepahaleng, ea tla ke a khone ho kena. (Tšenolo 21:27) Empa ho ba lumelloang ho kena motseng ona o motlehali, ho tšoana le ha ba kena Paradeiseng. (Tšenolo 2:7) Ka mor’a hore Adama a lelekoe, ho ile ha behoa likerubime ka pele ho Paradeise ea pele ho thibela batho ba litšila ho kena ho eona. (Genese 3:24) Ka ho tšoanang, ho behiloe mangeloi hekeng e ’ngoe le e ’ngoe ea motse ona o halalelang oa Jerusalema ho tiisa hore motse ona o sireletsehile moeeng. Ka sebele, ho theosa le matsatsi a ho qetela, mangeloi a ’nile a lebela phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, e fetohang Jerusalema e Mocha, hore e se ke ea silafatsoa ke Babylona.—Matheu 13:41.
Ho Lekanya Motse
6. (a) Johanne o hlalosa ho lekanngoa ha motse joang, ’me ho lekanya hoo ho bontša eng? (b) Mohlomong ha ho thoe motse o ne o lekanngoa “ho ea ka tekanyo ea motho, ka nako e tšoanang e le ea lengeloi,” hoo ho ka hlalosoa joang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
6 Johanne o ntšetsa pele tlaleho ea hae ka ho re: “Joale ea neng a bua le ’na o ne a tšoere lehlaka la khauta e le ntho eo a lekanyang ka eona, e le hore a ka lekanya motse le liheke tsa oona le lerako la oona. Motse oa lekana ka mahlakoreng a mane, ’me bolelele ba oona bo bokaalo ka bophara ba oona ka boholo. A lekanya motse ka lehlaka, listadia tse likete tse leshome le metso e ’meli; bolelele le bophara le bophahamo ba oona lia lekana. Hape, a lekanya lerako la oona, litsoe tse lekholo le mashome a mane a metso e mene, ho ea ka tekanyo ea motho, ka nako e tšoanang e le ea lengeloi.” (Tšenolo 21:15-17) Ha ho ne ho lekanngoa sehalalelo sa tempele, sena se ile sa tiisa hore merero ea Jehova mabapi le sona e tla phethahala. (Tšenolo 11:1) Hona joale, ha lengeloi le lekanya Jerusalema e Mocha hoo ho bontša hore merero ea Jehova ka motse ona o khanyang e ke ke ea fetoha.a
7. Ke eng e tsotehang ka litekanyo tsa motse oo?
7 Oo ke motse o tsotehang hakaakang! O lekana ka hohle ka ho phethahetseng ka listadia tse 12 000 (lik’hilomithara tse 2 220) ha motho a o potoloha, o pota-potiloe ke lerako la bophahamo ba litsoe tse 144, kapa limithara tse 64. Ha ho motse oa sebele o ka bang le litekanyo tse joalo. O ne o tla akaretsa sebaka se ka menang Iseraele ea kajeno ka makhetlo a ka bang 14, ’me o ne o tla phahamela sebakeng ka lik’hilomithara tse ka bang 560! Tšenolo e fanoe ka lipontšo. Kahoo, litekanyo tsee li re bolella eng ka Jerusalema e Mocha oa leholimo?
8. Ke eng se boleloang ke (a) marako a motse a bophahamo ba litsoe tse 144? (b) tekanyo ea motse ea listadia tse 12 000? (c) hore motse o lekana ka hohle ka ho phethahetseng?
8 Marako a bophahamo ba litsoe tse 144 a re hopotsa hore motse ona o entsoe ka bara ba Molimo ba moea ba 144 000 ba nketsoeng ka lapeng. Palo 12 e hlahang tekanyong ea listadia tse 12 000 tsa motse—o nang le bolelele, bophara, le bophahamo bo lekanang—e sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso linthong tse hlophisitsoeng boprofeteng ba Bibele. Kahoo, Jerusalema e Mocha ke tlhophiso e entsoeng ka mokhoa o babatsehang ka ho fetisisa ho finyella morero o sa feleng oa Molimo. Jerusalema e Mocha, hammoho le Morena Jesu Kreste, ke tlhophiso ea ’Muso oa Jehova. Ho hong ke sebōpeho sa motse: o lekana ka hohle ka ho phethahetseng. Tempeleng ea Solomone, Sehalalelisiso, se neng se e-na le lintho tse tšoantšetsang hore Jehova o teng, se ne se lekana ka hohle ka ho phethahetseng. (1 Marena 6:19, 20) Joale ke ho loketseng hakaakang hore ebe Jerusalema e Mocha, e bonesitsoeng ka khanya ea Jehova ka boeena, e bonoa e lekana ka hohle ka ho phethahetseng, e le khōlō! Litekanyo tsohle tsa eona li lekana ka ho phethahetseng. Ke motse o nang le sebōpeho se phethahetseng kapa o sa haelloeng.—Tšenolo 21:22.
Thepa ea Bohlokoa ea ho Haha
9. Johanne o hlalosa thepa ea mohaho ea motse joang?
9 Johanne o ntšetsa tlhaloso ea hae pele o re: “Joale mohaho oa lerako la oona e ne e le jaspere, ’me motse e ne e le khauta e hloekileng joaloka khalase e hlakileng. Metheo ea lerako la motse e ne e khabisitsoe ka lejoe la bohlokoa la mofuta o mong le o mong: motheo oa pele e ne e le jaspere, oa bobeli e le safire, oa boraro e le kalsedone, oa bone e le emeralde, oa bohlano e le sardonyxe, oa botšelela e le sardiase, oa bosupa e le krysolite, oa borobeli e le beryle, oa borobong e le topaze, oa leshome e le krysoprase, oa leshome le motso o mong e le hyasinthe, oa leshome le metso e ’meli e le amethyste. Hape, liheke tse leshome le metso e ’meli e ne e le liperela tse leshome le metso e ’meli; e ’ngoe le e ’ngoe ea liheke tseo e ne e entsoe ka perela e le ’ngoe. Tsela e sephara ea motse e ne e le khauta e hloekileng, e le joaloka khalase e bonaletsang.”—Tšenolo 21:18-21.
10. Taba ea hore motse o hahuoe ka jaspere, khauta le “lejoe la bohlokoa la mofuta o mong le o mong” e bolela’ng?
10 Ka sebele motse o hahiloe ka tsela e babatsehang. Ho e-na le ho bala hore ho sebelisitsoe thepa ea mohaho e tloaelehileng, ea lefatšeng e kang letsopa kapa lejoe, re bala ka jaspere, khauta e hloekisitsoeng le “lejoe la bohlokoa la mofuta o mong le o mong.” Majoe aa a bontša thepa ea mohaho ea leholimong ka mokhoa o loketseng hakaakang! Ha ho ntho e babatsehang ho o feta. Areka ea boholo-holo ea selekane e ne e koahetsoe ka khauta e hloekileng, ’me ka Bibeleng serafshoa sena hangata se emela lintho tse ntle tseo e bileng e leng tsa bohlokoa. (Exoda 25:11; Liproverbia 25:11; Esaia 60:6, 17) Empa Jerusalema e Mocha kaofela, esita le tsela ea eona e sephara, e hahiloe ka ‘khauta e hloekileng joaloka khalase e hlakileng,’ e leng ho bontšang botle le bohlokoa ba sebele bo hlollang.
11. Ke eng e tiisang hore ba etsang Jerusalema e Mocha ba tla phatsima ka khanya e phahameng ka ho fetisisa ea bohloeki ba moea?
11 Ha ho moqhibilihisi oa motho ea ka hlahisang khauta e hloekileng joalo. Empa Jehova ke Mohloekisi e Moholo. O lula “e le mohloekisi le mohlatsoi oa silevera,” ’me o hloekisa litho ka bomong, tse tšepahalang tsa Iseraele ea moea “joaloka khauta le joaloka silevera,” o li tlosa litšila tsohle. Ke batho bao kannete ba hloekisitsoeng le ba hlatsoitsoeng feela bao qetellong ba tla etsa Jerusalema e Mocha, ’me ka tsela ena Jehova o haha motse ka thepa ea mohaho e phelang e phatsimang ka bokhabane bo phahameng ka ho fetisisa ba bohloeki ba moea.—Malakia 3:3, 4.
12. Ke eng se bontšoang ke taba ea hore (a) metheo ea motse e khabisitsoe ka mahakoe a bohlokoa a 12? (b) liheke tsa motse ke liperela?
12 Esita le metheo ea motse e metle, kaha e khabisitsoe ka mahakoe a bohlokoa a 12. Sena se re hopotsa moprista ea phahameng oa Mojuda mehleng ea boholo-holo, eo ka matsatsi a litšebeletso a neng a apara efoda e khabisitsoeng ka majoe a bohlokoa a sa tšoaneng a 12 a batlang a tšoana le a hlalositsoeng mona. (Exoda 28:15-21) Ka sebele ena hase ntho e hlahileng ka tsietsi! Ho e-na le hoo, e hatisa mosebetsi oa boprista o etsoang ke Jerusalema e Mocha, eo Jesu, Moprista ea Phahameng e moholo, e leng “lebone” la eona. (Tšenolo 20:6; 21:23; Baheberu 8:1) Hape, melemo ea bosebeletsi ba boprista bo phahameng ba Jesu e fetisetsoa ho batho ka Jerusalema e Mocha. (Tšenolo 22:1, 2) Liheke tsa motse tse 12, tseo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e leng perela e ntle haholo, li re hopotsa papiso ea Jesu e ileng ea tšoantša ’Muso le perela ea theko e phahameng. Bohle ba kenang ka liheke tseo ba tla be ba bontšitse kananelo ea ’nete bakeng sa lintho tsa bohlokoa tsa moea.—Matheu 13:45, 46; bapisa le Jobo 28:12, 17, 18.
Motse oa Leseli
13. Ka mor’a moo, Johanne o re’ng ka Jerusalema e Mocha, ’me ke hobane’ng ha motse o sa hloke tempele leha e le efe ea sebele?
13 Mehleng ea Solomone, Jerusalema e ne e okametsoe ke tempele e hahiloeng tlhōrōng e phahameng ea motse holim’a Thaba ea Moria ho elella ka leboea. Empa ho thoe’ng ka Jerusalema e Mocha? Johanne o re: “Ha kea ka ka bona tempele ho oona, kaha Jehova Molimo ea Matla ’Ohle ke tempele ea oona, le Konyana ke eona. Motse ha o hloke letsatsi kapa khoeli ho o khantšetsa, kaha khanya ea Molimo e ne e o bonesitse, ’me lebone la oona e ne e le Konyana.” (Tšenolo 21:22, 23) Bonneteng, ha ho hlokahale hore ho hahuoe tempele ea sebele mona. Tempele ea Bajuda ea boholo-holo e ne e mpa e le mohlala feela, ’me ntho ea sebele e neng e tšoantšetsoa ke mohlala oo, e leng tempele e khōlō ea moea, e bile teng ho tloha ha Jehova a tlotsa Jesu e le Moprista ea Phahameng ka 29 C.E. (Matheu 3:16, 17; Baheberu 9:11, 12, 23, 24) Tempele e boetse e bontša esale pele hore ho tla ba le sehlopha sa boprista se etsetsang Jehova mahlabelo molemong oa batho. Empa bohle bao e leng karolo ea Jerusalema e Mocha ke baprista. (Tšenolo 20:6) ’Me sehlabelo se seholo, e leng bophelo ba botho ba Jesu bo phethahetseng, se entsoe hang le ka ho ke keng ha phetoa. (Baheberu 9:27, 28) Ho feta moo, Jehova ka boeena a ka atameloa ke mang le mang ea phelang motseng ona.
14. (a) Ke hobane’ng ha Jerusalema e Mocha e sa hloke letsatsi le khoeli hore li e chabele? (b) Boprofeta ba Esaia bo ile ba profeta eng ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa bokahohleng, ’me Jerusalema e Mocha e ameha joang ho see?
14 Ha khanya ea Jehova e feta ho Moshe Thabeng ea Sinai, e ile ea etsa hore sefahleho sa Moshe se khanye haholo hoo a ileng a lokela ho se koahella Baiseraele ba habo. (Exoda 34:4-7, 29, 30, 33) Joale, na u ka nahana ka khanya ea motse oo o bonesitsoeng kamehla ke khanya ea Jehova? Motse o joalo o ke ke oa e-ba le nako ea bosiu. O ne o ke ke oa hloka letsatsi la sebele kapa khoeli. O ne o tla khantša leseli ka ho sa feleng. (Bapisa le 1 Timothea 6:16.) Jerusalema e Mocha e lula khanyeng ea mofuta o joalo e phatsimang. Ka sebele, monyaluoa enoa le Monyali oa hae oa Morena e ba motse-moholo oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa bokahohleng—“mosali” oa hae, “Jerusalema oa holimo”—eo Esaia a profetileng tjena ka eena: “Letsatsi ha e sa tla hlola e e-ba leseli la hao motšehare, ’me bakeng sa khanya khoeli ha e sa tla hlola e u fa leseli. Ho uena Jehova o tla fetoha leseli le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, ’me Molimo oa hao e be botle ba hao. Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le likela, kapa khoeli ea hao e fifale; etsoe ho uena Jehova o tla fetoha leseli le hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, ’me matsatsi a ho siama ha hao a tla be a phethehile.”—Esaia 60:1, 19, 20; Bagalata 4:26.
Leseli la Lichaba
15. Ke mantsoe afe a Tšenolo a buang ka Jerusalema e Mocha a tšoanang le boprofeta ba Esaia?
15 Boprofeta bona bo ile ba boela ba bolela sena esale pele: “Ka sebele lichaba li tla ea leseling la hao, le marena a ee khanyeng ea leseli la hao.” (Esaia 60:3) Tšenolo e bontša hore mantsoe ana a ne a tla akarelletsa Jerusalema e Mocha: “Lichaba li tla tsamaea ka leseli la oona, ’me marena a lefatše a tla tlisa khanya ea ’ona ka ho oona. Liheke tsa oona li ke ke tsa koaloa ho hang motšehare, kaha bosiu bo ke ke ba e-ba teng moo. Li tla tlisa khanya le tlhompho ea lichaba ka ho oona.”—Tšenolo 21:24-26.
16. “Lichaba” tse tla tsamaea ka leseli la Jerusalema e Mocha ke life?
16 “Lichaba” tsee tse tsamaeang ka leseli la Jerusalema e Mocha ke life? Ke batho, bao e kileng ea e-ba karolo ea lichaba tsa lefatše lena le khopo, ba amohetseng leseli le chabisitsoeng ke motse ona oa leholimo o khanyang. Ba ka sehloohong har’a bona ke bongata bo boholo, bo seng bo tsoile “lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle,” ’me bo rapela Molimo motšehare le bosiu hammoho le sehlopha sa Johanne. (Tšenolo 7:9, 15) Ka mor’a hore Jerusalema e Mocha a theohe leholimong ’me Jesu a sebelise linotlolo tsa lefu le tsa Hadese ho tsosa bafu, ba tla kopana le ba bang ba limilione, bao pele ba neng ba le “lichabeng,” ba ratileng Jehova le Mora oa hae, e leng Monna oa Jerusalema e Mocha ea kang Konyana.—Tšenolo 1:18.
17. “Marena a lefatše” a ‘tlisang khanya ea ’ona’ ho Jerusalema e Mocha ke afe?
17 Joale, “marena a lefatše” a ‘tlisang khanya ea ’ona ho oona’ ke afe? Hase marena a sebele a lefatše e le sehlopha, hobane a timetsoa ka Armagedone ha a loantša ’Muso oa Molimo. (Tšenolo 16:14, 16; 19:17, 18) Na ebe marena ao e ka ba ba bang ba phahameng lichabeng bao e bang karolo ea bongata bo boholo, kapa ke marena a tsositsoeng a ikokobeletsang ’Muso oa Molimo lefatšeng le lecha? (Matheu 12:42) Le hanyenyane, hobane ka kakaretso, khanya ea marena a joalo e ne e le ea lefatše ’me ke khale e felile. Joale, “marena a lefatše” a tlisang khanya ea ’ona ho Jerusalema e Mocha e tlameha ebe ke ba 144 000, ba ‘rekiloeng molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng,’ hore ba tl’o busa e le marena le Konyana, Jesu Kreste. (Tšenolo 5:9, 10; 22:5) Ba tlisa khanya ea bona eo ba e filoeng ke Molimo motseng ona ho eketsa ho phatsima ha oona.
18. (a) Ke bo-mang ba tla behelloa ka thōko ho Jerusalema e Mocha? (b) Ke bo-mang feela ba tla lumelloa ho kena motseng oo?
18 Johanne o tsoela pele ho re: “Empa ntho leha e le efe e sa halaleleng le mang kapa mang ea tsoelang pele ka ntho e nyonyehang le leshano li ke ke tsa kena ho oona ka tsela leha e le efe; ho tla kena feela ba ngotsoeng moqolong oa bophelo oa Konyana.” (Tšenolo 21:27) Ha ho letho le silafalitsoeng ke tsamaiso ea lintho ea Satane leo e ka bang karolo ea Jerusalema e Mocha. Esita le hoja menyako ea eona e butsoe ka linako tsohle, ha ho “ea tsoelang pele ka ntho e nyonyehang le leshano” ea tla lumelloa ho kena. Ho ke ke ha e-ba le bakoenehi motseng oo leha e le litho tsa Babylona e Moholo. ’Me haeba ho e-na le ba lekang ho silafatsa motse ka ho senya litho tsa oona tsa ka moso ha li ntse li le lefatšeng, boiteko ba bona bo etsoa lefeela. (Matheu 13:41-43) Ke feela ba “ngotsoeng moqolong oa bophelo oa Konyana,” ba 144 000, ba tla qetella ba kene Jerusalema e Mocha.b—Tšenolo 13:8; Daniele 12:3.
Nōka ea Metsi a Bophelo
19. (a) Johanne o hlalosa Jerusalema e Mocha joang e le mocha o fetisetsang litlhohonolofatso ho batho? (b) “Nōka ea metsi a bophelo” e phalla neng, hona re tseba joang?
19 Jerusalema e Mocha e khanyang e tla fetisetsa litlhohonolofatso tse khōlō ho batho lefatšeng. Sena ke sona se latelang seo Johanne a ithutang sona: “La mpontša nōka ea metsi a bophelo, e hlakileng joaloka kristale, e phalla ho tsoa teroneng ea Molimo le ea Konyana ho theosa le bohare ba tsela e sephara ea oona.” (Tšenolo 22:1, 2a) “Nōka” ee e phalla neng? Kaha e phalla e tsoa “teroneng ea Molimo le ea Konyana,” e ka ba feela ka mor’a hore letsatsi la Morena le qale ka 1914. Eo e bile nako ea ketsahalo e tsebahalitsoeng ke ho letsoa ha terompeta ea bosupa le phatlalatso e khōlō e reng: “Joale ho hlahile poloko le matla le ’muso oa Molimo oa rōna le bolaoli ba Kreste oa hae.” (Tšenolo 11:15; 12:10) Nakong ea bofelo, moea le monyaluoa ba ’nile ba mema ba sekametseng ho lokeng hore ba nke metsi a bophelo ntle ho tefo. Metsi a tsoang nōkeng ena a tla tsoela pele ho ba teng moo batho bao ba ka a fumanang ho fihlela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho ’me, ka mor’a moo, a be teng le lefatšeng le lecha ha Jerusalema e Mocha a “theoha leholimong ho Molimo.”—Tšenolo 21:2.
20. Ke eng e bontšang hore a mang a metsi a bophelo a se a ntse a fumaneha?
20 Lena hase lekhetlo la pele batho ba fuoa metsi a phelisang. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bua ka metsi a neng a fana ka bophelo bo sa feleng. (Johanne 4:10-14; 7:37, 38) Ho feta moo, Johanne o haufi le ho utloa memo e lerato e reng: “Moea le monyaluoa ba ntse ba re: ‘Tloo!’ Mang kapa mang ea utloang a ke a re: ‘Tloo!’ Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 22:17) Le hona joale memo ena ea phatlalatsoa, ho bontšang hore a mang a metsi a bophelo a se a ntse e fumaneha. Empa lefatšeng le lecha, metsi ao a tla phalla a e-tsoa teroneng ea Molimo le Jerusalema e Mocha joaloka nōka ea sebele.
21. “Nōka ea metsi a bophelo” e emela’ng, ’me pono ea Ezekiele ea nōka ee e re thusa ho tseba see joang?
21 ‘Nōka ee ea metsi a bophelo’ ke eng? Metsi a sebele ke ntho ea bohlokoa bophelong. Motho a ka phela libeke tse seng kae kantle ho lijo, empa ha a sa fumane metsi o tla shoa hoo e ka bang ka beke e le ’ngoe. Hape metsi aa hloekisa ’me aa hlokahala hore motho a phele hantle. Kahoo, e tlameha ebe metsi a bophelo a emela ntho e ’ngoe e hlokahalang hore batho ba lule ba phela le hore ba phele hantle. Moprofeta Ezekiele le eena o ile a fuoa pono ea ‘nōka ena ea metsi a bophelo,’ ’me ponong ea hae, nōka eo e ne e phalla e tsoa tempeleng ’me e phallela Leoatleng le Shoeleng. Joale, ha etsahala mohlolo oa mehlolo! Boliba boo ba metsi a se nang bophelo, a silafalitsoeng ke lik’hemik’hale bo ile ba fetoha metsi a macha a tletseng litlhapi! (Ezekiele 47:1-12) E, nōka eo ea ponong e phelisa ntho e ’ngoe eo pele e neng e shoele, ho tiisang hore nōka ea metsi a bophelo e tšoantšetsa tokisetso ea Molimo ka Jesu Kreste ea ho etsa hore batho ba moloko ‘o shoeleng’ oa batho ba boele ba be le bophelo bo phethahetseng. Nōka ena ‘e hlakile joaloka kristale,’ ho bontšang hore litokisetso tsa Molimo li hloekile ebile lia halalela. Ha e tšoane le “metsi” a Bokreste-’mōtoana a qaphalelitsoeng ke mali, a bolaeang.—Tšenolo 8:10, 11.
22. (a) Nōka ee e qala hokae, ’me ke hobane’ng ha hoo ho loketse? (b) Metsi a bophelo a akarelletsa eng, ’me nōka ee ea tšoantšetso e akarelletsa eng?
22 Nōka eo e tsoa “teroneng ea Molimo le ea Konyana.” Hona ho loketse, kaha motheo oa litokisetso tse phelisang tsa Jehova ke sehlabelo sa thekollo, ’me sena se ile sa lokisetsoa hobane Jehova “o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Hape metsi a bophelo a akarelletsa Lentsoe la Molimo, leo ho thoeng ke metsi ka Bibeleng. (Baefese 5:26) Leha ho le joalo, nōka ea metsi a bophelo ha e akarelletse ’nete feela empa e akarelletsa le litokisetso tsohle tse ling tsa Jehova, tse thehiloeng sehlabelong sa Jesu, tsa ho pholosa batho ba mamelang sebeng le lefung le ho ba fa bophelo bo sa feleng.—Johanne 1:29; 1 Johanne 2:1, 2.
23. (a) Ke hobane’ng ha ho loketse hore nōka ee ea metsi a bophelo e phalle bohareng ba tsela e sephara ea Jerusalema e Mocha? (b) Ke tšepiso efe eo Molimo a ileng a e fa Abrahama e tla phethahatsoa ha metsi a bophelo a phalla ka bongata?
23 Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, ho sebelisoa melemo ea thekollo ka botlalo ka boprista ba Jesu le baprista ba hae ba tlaasana ba 144 000. Joale, ka ho loketseng nōka ea metsi a bophelo e phalla bohareng ba tsela e sephara ea Jerusalema e Mocha. E entsoe ka Iseraele ea moea, eo ha e kopanngoa le Jesu ba etsang peō ea ’nete ea Abrahama. (Bagalata 3:16, 29) Kahoo, ha metsi a bophelo a phalla ka bongata bohareng ba tsela e sephara ea motse oa tšoantšetso, “lichaba tsohle tsa lefatše” li tla ba le monyetla o feletseng oa ho itlhohonolofatsa ka peō ea Abrahama. Tšepiso ea Jehova ho Abrahama e tla be e phethahalitsoe ka ho feletseng.—Genese 22:17, 18.
Lifate Tsa Bophelo
24. Joale Johanne o bona eng ka mahlakoreng a mabeli a nōka ea metsi a bophelo, hona li tšoantšetsa eng?
24 Ponong ea Ezekiele, nōka eo e bile ea fetoha molapo o phoroselang, ’me moprofeta o ile a bona ho mela lifate tsa mefuta eohle tse behang litholoana ka mahlakoreng a oona ka bobeli. (Ezekiele 47:12) Empa Johanne o bona eng? O bona sena: “Ka lehlakoreng lena la nōka le ka lehlakoreng lane ho ne ho e-na le lifate tsa bophelo tse hlahisang chai ea litholoana haleshome le metso e ’meli, tse behang litholoana tsa tsona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Makhasi a lifate e ne e le a ho phekola lichaba.” (Tšenolo 22:2b) ‘Lifate tsena tsa bophelo’ le tsona e tlameha ebe li tšoantšetsa karolo ea tokisetso ea Jehova ea ho fa batho ba mamelang bophelo bo sa feleng.
25. Ke matletsetletse afe ao Jehova a a lokisetsang batho ba mamelang Paradeiseng ea lefatše lohle?
25 Ke matletsetletse a makaakang ao Jehova a a lokisetsang batho ba mamelang! Hase feela hore ba ka noa metsi ana a khathollang empa ba ka boela ba khōla litholoana tse phelisang tsa mefuta-futa lifateng tseo. Hoja feela batsoali ba rōna ba pele ba ile ba khotsofalla tokisetso e tšoanang e “lakatsehang” Paradeiseng ea Edene! (Genese 2:9) Empa joale ena ke Paradeise ea lefatše lohle, ’me Jehova o bile o etsa tokisetso ea ho sebelisa makhasi a lifate tseo tsa tšoantšetso “ho phekola lichaba.”c Kaha ho sebelisoa ho thobang ha makhasi ana a tšoantšetso ho phahametse setlhare leha e le sefe, ebang ke sa litlama kapa sa mofuta o mong, ho tla etsa hore batho ba lumelang e be ba phethahetseng moeeng le ’meleng.
26. E ka ’na eaba lifate tsa bophelo li akarelletsa eng, hona hobane’ng?
26 Lifate tseo, tse noselitsoeng hantle ke nōka, li ka ’na tsa akarelletsa litho tse 144 000 tsa mosali oa Konyana. Ha li sa le lefatšeng le tsona li noa tokisetsong ea Molimo ea bophelo ka Jesu Kreste. Se thahasellisang ke hore ka tsela ea boprofeta bara bana babo Jesu ba tsoetsoeng ka moea ba bitsoa “lifate tse khōlō tsa ho loka.” (Esaia 61:1-3; Tšenolo 21:6) Li se li hlahisitse litholoana tse ngata tsa moea thorisong ea Jehova. (Matheu 21:43) ’Me nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, li tla ba le karolo mosebetsing oa ho aba litokisetso tsa thekollo tse tla “phekola lichaba” sebeng le lefung.—Bapisa le 1 Johanne 1:7.
Ha ho sa Tla ba le Bosiu
27. Ke litlhohonolofatso life tse tsoelang pele tseo Johanne a reng ba nehiloeng tlotla ea ho kena Jerusalema e Mocha ba tla li thabela, hona ke hobane’ng ha ho thoe “ha ho sa tla hlola ho e-ba le bomalimabe”?
27 Ho kena ka hare ho Jerusalema e Mocha—ka sebele, ha ho tlotla e babatsehang ho feta eo! Nahana feela—bao e kileng ea e-ba batho ba tlaasana, ba sa phethahalang ba tla latela Jesu ho ea leholimong ho ea ba karolo ea tokisetso e joalo e khanyang! (Johanne 14:2) Johanne o fana ka leseli mabapi le litlhohonolofatso tseo bana ba tla li thabela, ha a re: “Ha ho sa tla hlola ho e-ba le bomalimabe. Empa terone ea Molimo le ea Konyana li tla ba motseng, ’me makhoba a hae a tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang; a tla bona sefahleho sa hae, ’me lebitso la hae le tla ba liphatleng tsa ’ona.” (Tšenolo 22:3, 4) Ha baprista ba Iseraele ba ne ba tlala bobolu, ba ne ba tleloa ke thohako e tsoang ho Jehova. (Malakia 2:2) Jesu o ile a phatlalatsa hore o tlohetse “ntlo” e hlokang tumelo ea Jerusalema. (Matheu 23:37-39) Empa Jerusalema e Mocha, “ha ho sa tla hlola ho e-ba le bomalimabe.” (Bapisa le Zakaria 14:11.) Baahi bohle ba eona ba lekiloe ka mollo oa liteko mona lefatšeng, ’me kaha ba hlōtse, ba tla be ba ‘apere ho se bole le ho se shoe.’ Tabeng ea bona, Jehova oa tseba, joalokaha a tsebile ka Jesu, hore le ka mohla ba ke ke ba oa. (1 Bakorinthe 15:53, 57) Ho feta moo, “terone ea Molimo le ea Konyana” e tla be e le teng, e etsa hore boemo ba motse oo bo sireletsehe ka ho sa feleng.
28. Ke hobane’ng ha litho tsa Jerusalema e Mocha li ngotsoe lebitso la Molimo liphatleng tsa tsona, ’me ke tebello efe e hlollang e larileng ka pele ho tsona?
28 Joaloka Johanne ka boeena, litho tsohle tsa ka moso tsa motse oo oa leholimo ke “makhoba” a Molimo. Ka lebaka lena, li na le lebitso la Molimo le ngotsoeng ka ho totobetseng liphatleng tsa ’ona, e leng ho mo khethollang e le Mong’a tsona. (Tšenolo 1:1; 3:12) Li tla ho nka e le tlotla e ke keng ea lekanngoa ho mo etsetsa tšebeletso e halalelang e le karolo ea Jerusalema e Mocha. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a etsa tšepiso e hlollang ho ba neng ba lebeletse ho ba babusi, a re: “Ho thaba ba lipelo li hloekileng, kaha ba tla bona Molimo.” (Matheu 5:8) Makhoba aa a tla thaba hakaakang ha a hlile a bona Jehova ka seqo a bile a mo rapela!
29. Ke hobane’ng ha Johanne a re Jerusalema e Mocha oa leholimo “bosiu ha bo sa tla hlola bo e-ba teng”?
29 Johanne o tsoela pele ho re: “Hape, bosiu ha bo sa tla hlola bo e-ba teng, ’me ha ba hloke leseli la lebone leha e le hore ba na le khanya ea letsatsi, hobane Jehova Molimo o tla ba khantšetsa leseli.” (Tšenolo 22:5a) Joaloka motse ofe kapa ofe lefatšeng, Jerusalema ea boholo-holo e ne e itšetlehile ka letsatsi hore e fumane leseli motšehare e bile e itšetlehile ka khoeli le ka leseli la maiketsetso bosiu. Empa Jerusalema e Mocha oa leholimo, leseli le joalo le tla be le sa hlokahale. Motse oo o tla be o bonesitsoe ke Jehova ka boeena. “Bosiu” bo ka boela ba sebelisoa ka kutloisiso ea tšoantšetso, ba bolela tlokotsi kapa ho ikarola ho Jehova. (Mikea 3:6; Johanne 9:4; Baroma 13:11, 12) Ho ke ke ha hlola ho e-ba le bosiu ba mofuta oo moo Molimo ea matla ’ohle a leng teng, moo ho khanyang, ho phatsimang.
30. Johanne o qetella pono ee e hlollang ka botle joang, ’me Tšenolo e re fa tiiso efe?
30 Johanne o qetella pono ena e hlollang ka botle ka ho bua tjena ka makhoba ana a Molimo: “’Me ba tla busa e le marena ka ho sa feleng le kamehla.” (Tšenolo 22:5b) Ke ’nete hore qetellong ea lilemo tse sekete, melemo ea thekollo e tla be e sebelitse ka ho feletseng, ’me Jesu o tla nehelana ka moloko o phethahetseng oa batho ho Ntate oa hae. (1 Bakorinthe 15:25-28) Ha re tsebe hore na Jehova o hopoletse Jesu le ba 144 000 eng ka mor’a moo. Empa Tšenolo e re fa tiiso ea hore ba tla lula ba thabela tlotla ea ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang ka ho sa feleng.
Tlhōrō e Thabisang ea Tšenolo
31. (a) Pono ea Jerusalema e Mocha e tšoaea tlhōrō efe? (b) Jerusalema e Mocha o finyella eng molemong oa batho ba bang ba tšepahalang?
31 Ho phethahala ha pono ena ea Jerusalema e Mocha, monyaluoa oa Konyana, ke tlhōrō e thabisang eo Tšenolo e buang ka eona, ’me e le ka nepo. Bakreste bohle ba habo Johanne ba lekholong la pele la lilemo bao buka ena e neng e tobisitsoe ho bona pele ba ne ba lebeletse ho kena motseng oo e le batho ba moea ba sa shoeng ba busang hammoho le Jesu Kreste. Masala a Bakreste ba tlotsitsoeng a ntseng a phela lefatšeng kajeno a na le tšepo e tšoanang. Kahoo Tšenolo e tsoela pele ho ea tlhōrōng ea eona e khōlō ha monyaluoa ea feletseng a kopanngoa le Konyana. Ka mor’a moo, ka Jerusalema e Mocha, ho tla sebelisoa melemo ea sehlabelo sa thekollo sa Jesu molokong oa batho, e le hore qetellong bohle ba tšepahalang ba ka kena bophelong bo sa feleng. Ka tsela ena monyaluoa, e leng Jerusalema e Mocha, e le mothusi ea tšepahalang oa Monyali oa hae oa Morena, o tla kopanela ho haheng lefatše le lecha la ho loka ka ho sa feleng—tseo tsohle e le ho tlotlisa ’Musi Morena oa rōna, Jehova.—Matheu 20:28; Johanne 10:10, 16; Baroma 16:27.
32, 33. Re ithutile eng ho Tšenolo, ’me re lokela ho etsa’ng ka lipelo tsohle tsa rōna?
32 Joale, re ikutloa re thabile hakaakang ha re atamela qetellong ea ho hlahloba ha rōna buka ea Tšenolo! Re bone ha boiteko ba ho qetela ba Satane le peō ea hae bo nyopisoa ka ho feletseng ’me likahlolo tsa Jehova tsa ho loka li phethahatsoa ho fihlela qetellong. Babylona e Moholo e tlameha ho fela ka ho sa feleng, e lateloe ke likarolo tsohle tse ling tse bolileng ka ho feletseng tsa lefatše la Satane. Satane ka boeena le bademona ba hae ba tla kenngoa ka mohohlong ’me hamorao ba timetsoe. Jerusalema e Mocha o tla busa le Kreste ba le maholimong ha tsoho le mosebetsi oa kahlolo li tsoela pele, ’me qetellong moloko oa batho o phethahetseng o tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise. Tšenolo e hlalosa lintho tsee tsohle ka mokhoa o hlakileng hakaakang! E matlafatsa boikemisetso ba rōna hakaakang ba ‘ho bolela litaba tsee tse molemo tse sa feleng e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang’ ba lefatšeng kajeno! (Tšenolo 14:6, 7) Na u ikakhetse ka setotsoana mosebetsing oo o moholo?
33 Ka lipelo tsa rōna tse tletseng teboho, a re eleng hloko mantsoe a qetellang a Tšenolo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E ka ’na eaba taba ea hore o ne o lekanngoa “ho ea ka tekanyo ea motho, ka nako e tšoanang e le ea lengeloi” e amana le taba ea hore motse ona o entsoe ka ba 144 000, bao pele e neng e le batho empa ba fetohile libōpuoa tsa moea har’a mangeloi.
b Hlokomela hore ‘moqolo oa bophelo oa Konyana’ o ngoliloe feela mabitso a ba 144 000 ba Iseraele ea moea. Kahoo o fapane le “moqolo oa bophelo” o akarelletsang ba amohelang bophelo lefatšeng.—Tšenolo 20:12.
c Hlokomela hore hangata lentsoe “lichaba” le bolela bao e seng ba Iseraele ea moea. (Tšenolo 7:9; 15:4; 20:3; 21:24, 26) Ho sebelisoa ha lentsoe lena mona ha ho bontše hore batho ba tla tsoela pele ho hlophisoa hore e be lichaba tse arohaneng nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete.