Tlhohonolofatso ea Jehova “Naheng” ea Rōna
“Tsohle tse tla fihleloa ke nōka li tla phela.”—EZEKIELE 47:9.
1, 2. (a) Metsi ke a bohlokoa hakae? (b) Metsi a nōka ea ponong ea Ezekiele a tšoantšetsa eng?
METSI ke ntho e hlollang. Bophelo bohle bo itšetlehile ka ’ona. Ha ho le ea mong oa rōna ea ka phelang nako e telele kantle ho ’ona. Re boetse rea hloka bakeng sa ho hloekisa, kaha metsi a ka thapisa litšila le ho li hlatsoa. Kahoo, re hlapa ka oona ’meleng, re hlatsoa liaparo tsa rōna esita le lijo tsa rōna ka ’ona. Ho etsa joalo ho ka boloka bophelo ba rōna.
2 Bibele e sebelisa metsi ho tšoantšetsa litokisetso tsa Jehova tsa moea bakeng sa bophelo. (Jeremia 2:13; Johanne 4:7-15) Litokisetso tsena li akarelletsa ho hloekisa batho ba hae ka sehlabelo sa Kreste sa thekollo le ka tsebo ea Molimo e fumanoang ka Lentsoeng la hae. (Baefese 5:25-27) Ponong ea Ezekiele ea tempele, nōka ea mohlolo e phallang e e-tsoa tempeleng, e tšoantšetsa litlhohonolofatso tse joalo tse fanang ka bophelo. Empa nōka eo e phalla neng, hona e bolela eng ho rōna kajeno?
Nōka e Phalla Naheng e Tsosolositsoeng
3. Ezekiele o ile a bona eng, joalokaha ho tlalehiloe ho Ezekiele 47:2-12?
3 E le batlamuoa Babylona, sechaba sa habo Ezekiele se ne se hlile se hloka litokisetso tsa Jehova. Joale, e bile ho khothatsang hakaakang ho Ezekiele ho bona metsi a kolla sehalalelong ’me a phalla a e-tsoa tempeleng ea ponong! Lengeloi le lekanya nōka ka mor’a litsoe tse ling le tse ling tse 1 000. Ho teba ha eona ho eketseha ho tloha maqaqailaneng ho ea mangoleng ho fetela thekeng ho fihlela e e-ba nōka e hlokang hore motho a sese. Nōka e tlisa bophelo le nala. (Ezekiele 47:2-11) Ezekiele oa bolelloa: “Mabopong a nōka, mose o koano le mose oane, ho tla mela lifate tsohle tse nang le lijo.” (Ezekiele 47:12a) Ha nōka e kena Leoatleng le Shoeleng—la metsi a se nang bophelo—ho tšikhunya bophelo! Litlhapi lia nyeunya. Mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi oa atleha.
4, 5. Boprofeta ba Joele ba nōka bo tšoana joang le ba Ezekiele, ’me ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa?
4 E ka ’na eaba boprofeta bona bo babatsehang bo ile ba hopotsa Bajuda ba botlamuoeng boprofeta bo bong bo ileng ba tlalehoa lilemo tse fetang makholo a mabeli pejana: “Seliba se tla tsoa tlung ea Jehova, se nosetse lehoatata la Sittime.”a (Joele 3:18) Boprofeta ba Joele, ho tšoana le ba Ezekiele bo bolela esale pele hore nōka e ne e tla phalla e e-tsoa ntlong ea Molimo, e leng tempele, ’me e phelise sebaka se omeletseng.
5 Ke khale Molula-Qhooa o ’nile oa hlalosa hore boprofeta ba Joele bo phethahala mehleng ea rōna.b Ka sebele, ho joalo le ka pono ea Ezekiele e tšoanang. Naheng e tsosolositsoeng ea batho ba Molimo kajeno, feela joaloka Iseraeleng ea boholo-holo, litlhohonolofatso tsa Jehova li ’nile tsa phalla.
Litlhohonolofatso li Phalla ka Bongata
6. Ho fafatsoa ha mali aletareng ea ponong ho tlameha ho be ho ile ha hopotsa Bajuda eng?
6 Mohloli oa litlhohonolofatso tse tlelang batho ba Molimo ba tsosolositsoeng ke ofe? Hlokomela hore metsi a phalla a e-tsoa tempeleng ea Molimo. Ka ho tšoanang le kajeno, litlhohonolofatso li tsoa ho Jehova ka tempele ea hae e khōlō ea moea—e leng tokisetso ea borapeli bo hloekileng. Pono ea Ezekiele e phaella ka ntlha e ’ngoe ea bohlokoa. Lebaleng le ka hare, nōka e phalla e feta aletare, ka nģa boroa ho eona. (Ezekiele 47:1) Aletare e bohareng ba tempele ea ponong. Jehova o qaqisetsa Ezekiele ka eona ’me o laela hore mali a sehlabelo a fafatsoe holim’a eona. (Ezekiele 43:13-18, 20) Aletare eo e ne e bolela ho hoholo ho Baiseraele bohle. Selekane sa bona le Jehova se ne se ile sa tiisoa khale ha Moshe a ne a fafatsa mali holim’a aletare mosikong oa Thaba ea Sinai. (Exoda 24:4-8) Ho fafatsoa ha mali aletareng ea ponong ho tlameha ho be ho ile ha ba hopotsa hore hang ha ba khutlela naheng ea bona e tsosolositsoeng, litlhohonolofatso tsa Jehova li tla phalla hafeela ba hlompha selekane sa bona le eena.—Deuteronoma 28:1-14.
7. Ke eng seo Bakreste ba ithutang sona kajeno aletareng ea tšoantšetso?
7 Ka ho tšoanang, batho ba Molimo kajeno ba hlohonolofatsoa ka selekane se molemonyana, e leng selekane se secha. (Jeremia 31:31-34) Le sona se ile sa tiisoa khale ka mali a Jesu Kreste. (Baheberu 9:15-20) Kajeno, e bang re ba bang ba batlotsuoa, bao e leng karolo ea selekane seo, kapa re ba bang ba “linku tse ling,” tse ruang molemo ho sona, ho na le ho hoholo hoo re ithutang hona aletareng ena ea tšoantšetso. E tšoantšetsa thato ea Molimo ka sehlabelo sa Kreste. (Johanne 10:16; Baheberu 10:10) Feela joalokaha aletare ea tšoantšetso e le bohareng ba tempele ea moea, sehlabelo sa Kreste sa thekollo ke sa bohlokoa haholo borapeling bo hloekileng. Ke motheo oa tšoarelo ea libe tsa rōna ’me kahoo ke motheo oa tšepo eohle ea rōna ea nakong e tlang. (1 Johanne 2:2) Ka hona re loanela ho phela ka molao o amanang le selekane se secha, “molao oa Kreste.” (Bagalata 6:2) Hafeela re etsa seo, re tla rua molemo litokisetsong tsa Jehova tsa bophelo.
8. (a) Ke eng e neng e le sieo lebaleng le ka hare la tempele ea ponong? (b) Baprista ba tempele ea ponong ba ne ba ka itlhoekisa ka eng?
8 Molemo o mong o joalo ke ho ba le boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova. Tempeleng ea ponong, lebala le ka hare ha le na ntho e ’ngoe e neng e totobetse haholo lebaleng la tabernakele le la tempele ea Solomone—ha le na sekotlolo se seholo, seo hamorao se ileng sa bitsoa leoatle, seo baprista ba hlapelang ka ho sona. (Exoda 30:18-21; 2 Likronike 4:2-6) Joale baprista ba ponong ea Ezekiele ea tempele ba ne ba tla sebelisa eng bakeng sa ho itlhoekisa? Ba ne ba tla sebelisa nōka eane ea mohlolo e phallang har’a lebala le ka hare! E, Jehova o ne a tla ba hlohonolofatsa ka hore ba thabele ho ba le boemo bo hloekileng, kapa bo halalelang.
9. Batlotsuoa le ba bongata bo boholo ba ka ba le boemo bo hloekileng joang kajeno?
9 Ka tsela e tšoanang, le kajeno, batlotsuoa ba hlohonolofalitsoe ka ho ba le boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova. Jehova o nka hore baa halalela, o bolela hore ba lokile. (Baroma 5:1, 2) Ho thoe’ng ka “bongata bo boholo,” bo tšoantšetsoang ke meloko eo e seng ea boprista? Bo rapela bo le lebaleng le ka ntle, ’me nōka e tšoanang e phalla karolong eo ea tempele ea ponong. Kahoo, ke ho loketseng hakaakang hore ebe moapostola Johanne o ile a bona bongata bo boholo bo apere liaparo tse telele tsa ka holimo tse tšoeu ha bo ntse bo rapela lebaleng le ka ntle la tempele ea moea! (Tšenolo 7:9-14) Ho sa tsotellehe hore na bo tšoaroa joang lefatšeng lena le hlephileng boitšoarong, bo ka kholiseha hore hafeela bo ntse bo sebelisa tumelo sehlabelong sa Kreste sa thekollo, Jehova o bo talima bo hloekile ’me bo sa silafala. Bo sebelisa tumelo joang? Ka ho etsisa mohlala oa Jesu, bo e-na le tumelo e feletseng sehlabelong sa thekollo.—1 Petrose 2:21.
10, 11. Tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa ea metsi a tšoantšetso ke efe, hona e amana joang le ho pharalla ho hlollang ha nōka?
10 Joalokaha ho se ho boletsoe, ho na le tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa ea metsi ana a tšoantšetso—tsebo. Iseraeleng e tsosolositsoeng, Jehova o ile a hlohonolofatsa batho ba hae ka thuto ea Mangolo a sebelisa baprista. (Ezekiele 44:23) Ka tsela e tšoanang, Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae kajeno ka thuto e batsi ea ’nete ea Lentsoe la hae, a sebelisa “boprista ba borena.” (1 Petrose 2:9) Tsebo ka Jehova Molimo, merero ea hae ka moloko oa batho, ’me haholo-holo ka Jesu Kreste le ’Muso oa Bomesia e ’nile ea phalla ka bongata mehleng ena ea bofelo. Ke ho hlollang hakaakang ho amohela khatholoho ee ea moea e ntseng e eketseha!—Daniele 12:4.
11 Feela joalokaha nōka eo lengeloi le ileng la e lekanya e ile ea ’na ea teba ka ho eketsehileng, ka ho tšoanang ho phalla ha litlhohonolofatso tse tsoang ho Jehova tse fanang ka bophelo le hona ho eketsehile haholo e le hore ho lekane batho ba kenang ka bongata naheng ea rōna ea moea e hlohonolofalitsoeng. Boprofeta bo bong ba tsosoloso bo ile ba bolela esale pele: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” (Esaia 60:22) Mantsoe ana a phethahetse—ba limilione ba phuthehetse ho ikopanya le rōna borapeling bo hloekileng! Jehova o entse hore ho be le “metsi” a mangata bakeng sa bohle ba retelehelang ho eena. (Tšenolo 22:17) O hlokomela hore mokhatlo oa hae oa lefatšeng o aba Libibele le lingoliloeng tsa Bibele lefatšeng lohle, ka lipuo tse makholo. Ka ho tšoanang, liboka tsa Bokreste esita le likopano, li ’nile tsa lokisetsoa lefatšeng ka bophara e le hore bohle ba ka fuoa metsi a hloekileng a ’nete. Litokisetso tse joalo li ama batho joang?
Metsi aa Phelisa!
12. (a) Ke hobane’ng ha lifate tse ponong ea Ezekiele li beha joalokaha li beha? (b) Lifate tsee tse behang haholo li emela eng mehleng ee ea bofelo?
12 Nōka e ponong ea Ezekiele e tlisa bophelo le phekolo. Ha Ezekiele a tsebisoa ka lifate tse neng li tla mela mabōpong a nōka, o ile a bolelloa: “Mahlaku a tsona a ke ke a pona, litholoana tsa tsona li ke ke tsa fela . . . litholoana tsa tsona e tla ba lijo, mahlaku a tsona e be sehlare.” Ke hobane’ng ha lifate tsee li beha ka mokhoa oo o hlollang? “Hobane metsi a nōka ke a kollang sehalalelong.” (Ezekiele 47:12b) Lifate tsena tsa tšoantšetso li tšoantšetsa litokisetso tsohle tsa Molimo tsa ho tsosolosetsa moloko oa batho phethehong motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu. Hona joale, masala a batlotsuoa a nka ketello-pele ho faneng ka lijo tsa moea le phekolo lefatšeng. Ka mor’a hore ba 144 000 kaofela ba fumane moputso oa bona oa leholimo, melemo e tsoang litšebeletsong tsa bona tsa boprista e le babusi-’moho le Kreste, e tla atolohela nakong e tlang, qetellong e etse hore lefu le tlileng ka Adama le hlōloe ka ho feletseng.—Tšenolo 5:9, 10; 21:2-4.
13. Ke pholiso efe e entsoeng mehleng ea rōna?
13 Nōka ea ponong e phallela Leoatleng le Shoeleng le se nang bophelo ’me e phekola sohle seo e fihlang ho sona. Leoatle lena le tšoantšetsa tikoloho e shoeleng moeeng. Empa bophelo bo nyeunya hohle “moo ho fihlang linōka tse peli.” (Ezekiele 47:9) Ka ho tšoanang, mehleng ena ea bofelo, hohle moo metsi a bophelo a keneng teng, batho ba ’nile ba phela moeeng. Ba pele ba ileng ba phelisoa joalo ke masala a batlotsuoa ka 1919. A ile a boela a phela moeeng ho tloha boemong bo kang ba lefu, ba ho se etse letho. (Ezekiele 37:1-14; Tšenolo 11:3, 7-12) Metsi ao a bohlokoa a se a fihlile ho ba bang ba shoeleng moeeng, ’me ba phetse le ho bōpa bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha ba linku tse ling, bo ratang Jehova le bo mo sebeletsang. Haufinyane, tokisetso ena e tla atolosetsoa ho matšoele a ba tsositsoeng.
14. Mosebetsi o atlehang oa ho tšoasa litlhapi mabōpong a Leoatle le Shoeleng o tšoantšetsa eng kajeno?
14 Bophelo ba moea bo hlahisa litholoana. Sena se bontšoa ke mosebetsi oa ho tšoasa litlhapi o atlehang mabōpong a leoatle le neng le shoele. Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Ke tla le etsa batšoasi ba batho.” (Matheu 4:19) Mehleng ena ea bofelo, mosebetsi oa ho tšoasa o ile oa qala ka ho bokelloa ha masala a batlotsuoa, empa ha oa fella moo. Metsi a fanang ka bophelo a tsoang tempeleng ea moea ea Jehova, ho akarelletsa tlhohonolofatso ea tsebo e nepahetseng, a etsa ho hong ho batho ba lichaba tsohle. Hohle moo nōka eo e fihlileng teng, ho hlahile bophelo ba moea.
15. Ke eng e bontšang hore hase bohle ba tla amohela litokisetso tsa Molimo tsa bophelo, ’me phello ea ba joalo ke efe?
15 Ho hlakile hore hase bohle ba arabelang hamolemo molaetseng oa bophelo hona joale; ebile hase bohle ba tsositsoeng nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste ba tla arabela hamolemo. (Esaia 65:20; Tšenolo 21:8) Lengeloi le bolela hore likarolo tse ling tsa leoatle ha li phekolehe. Libaka tsena tse mokhoabo, tse se nang bophelo li “nehelloa letsoai.” (Ezekiele 47:11, NW) Ha e le batho ba mehleng ea rōna, hase bohle ba fuoang metsi a Jehova a phelisang ba a amohelang. (Esaia 6:10) Ka Armagedone, bohle ba khethileng ho lula boemong ba moea bo se nang bophelo le bo kulang ba tla nehelloa letsoai, ke hore, ba tla timetsoa ka ho sa feleng. (Tšenolo 19:11-21) Leha ho le joalo, ba ’nileng ba noa metsi ana ka botšepehi ba ka ba le tšepo ea ho pholoha le ho bona phethahatso ea ho qetela ea boprofeta bona.
Nōka e Phalla Paradeiseng
16. Pono ea Ezekiele ea tempele e ba le phethahatso ea eona ea ho qetela neng hona joang?
16 Joaloka boprofeta bo bong ba tsosoloso, pono ea Ezekiele ea tempele e ba le phethahatso ea eona ea ho qetela nakong ea Lilemo tse Sekete. Ka nako eo sehlopha sa baprista se ke ke sa hlola se e-ba teng lefatšeng. “E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa e le marena le eena [leholimong] ka lilemo tseo tse sekete.” (Tšenolo 20:6) Baprista bana ba leholimo ba tla ba le Kreste ho sebeliseng melemo e feletseng ea sehlabelo sa Kreste sa thekollo. Kahoo, moloko oa batho o lokileng o tla pholosoa, o tsosolosetsoe phethehong!—Johanne 3:17.
17, 18. (a) Nōka e fanang ka bophelo e hlalositsoe joang ho Tšenolo 22:1, 2, hona phethahatso e khōlōanyane ea pono eo e neng? (b) Ke hobane’ng ha nōka ea metsi a bophelo e tla pharalla haholo Paradeiseng?
17 Ha e le hantle, nōka e bonoeng ke Ezekiele e tla phalla metsi a phekolang ka ho fetisisa a bophelo. Ena ke nako e ka sehloohong ea phethahatso ea boprofeta bo tlalehiloeng ho Tšenolo 22:1, 2: “La mpontša nōka ea metsi a bophelo, e hlakileng joaloka kristale, e phalla ho tloha teroneng ea Molimo le ea Konyana ho theosa le bohare ba tsela e sephara ea oona. ’Me ka lehlakoreng lena la nōka le ka lehlakoreng lane ho ne ho e-na le lifate tsa bophelo tse hlahisang chai ea litholoana haleshome le metso e ’meli, tse behang litholoana tsa tsona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. ’Me makhasi a lifate e ne e le a ho phekola lichaba.”
18 Nakong ea Lilemo tse Sekete, ho kula hohle—ha ’mele, kelello le maikutlo—ho tla phekoloa. Hona ho tšoantšetsoa hantle ke ‘ho phekoloa ha lichaba’ ka lifate tsa tšoantšetso. Ka thuso ea litokisetso tse sebelisoang ke Kreste le ba 144 000, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) Nōka ena e tla fihla nakong ea hore e pharalle ka ho fetisisa. E tla lokela ho pharalla le ho teba e le hore e lekane limilione, kapa mohlomong limilione tse likete, tsa batho ba tsositsoeng bafung ba tla noa metsi ana a hloekileng a bophelo. Nōka ea tšoantšetso e ile ea phekola Leoatle le Shoeleng, ea tlisa bophelo hohle moo metsi a eona a phallelang teng. Paradeiseng, banna le basali ba tla phela ka kutloisiso e feletseng, ba phekotsoe lefu le tlileng ka Adama haeba ba sebelisa tumelo molemong oa thekollo oo ba o fuoang. Tšenolo 20:12 e bolela esale pele hore “meqolo” e tla phetloa matsatsing ao, e fana ka leseli le eketsehileng la kutloisiso leo ka lona bafu ba tsositsoeng le bona ba tla rua molemo. Ka masoabi, le hona Paradeiseng, ba bang ba tla hana ho phekoloa. Marabele ana ke ’ona ‘a nehelloang letsoai’ la timetso ea ka ho sa feleng.—Tšenolo 20:15.
19. (a) Ho aroloa ha naha ho tla phethahatsoa joang Paradeiseng? (b) Motse o tšoantšetsa boemo bofe Paradeiseng? (c) Ho ba ha motse hōjana le tempele ho bontša eng?
19 Ho hong hape, ho aroloa ha naha ponong ea Ezekiele le hona ho tla ba le phethahatso ea ho qetela ka nako eo. Ezekiele o ile a bona naha e aroloa ka ho loketseng; ka ho tšoanang, Mokreste e mong le e mong ea tšepahalang a ka kholiseha hore o tla ba le sebaka, lefa, Paradeiseng. Mohlomong, takatso ea ho ba le ntlo eo motho a lulang ho eona e le ea hae le ho e hlokomela e tla phethahatsoa ka tsela e laolehileng. (Esaia 65:21; 1 Bakorinthe 14:33) Motse oo Ezekiele a ileng a o bona ka nepo o tšoantšetsa tokisetso ea puso eo Jehova a e reretseng lefatše. Sehlopha sa baprista ba batlotsuoa ha se sa tla ba teng ka bosona har’a moloko oa batho. Pono ena e fana ka maikutlo a tšoanang ka ho bontša motse ona o le naheng e “silafetseng” hōjana le tempele. (Ezekiele 48:15, NW) Ha ba 144 000 ba ntse ba busa le Kreste leholimong, Morena o tla boela a be le baemeli lefatšeng. Bafo ba hae ba batho ba tla rua molemo haholo tataisong le tsamaisong e lerato ea sehlopha sa morena. Leha ho le joalo, terone ea ka ho sa feleng ea puso e tla ba leholimong, eseng lefatšeng. Motho e mong le e mong lefatšeng, ho akarelletsa le sehlopha sa morena, o tla be a ikokobelletsa ’Muso oa Bomesia.—Daniele 2:44; 7:14, 18, 22.
20, 21. (a) Ke hobane’ng ha lebitso la motse e le le loketseng? (b) Kutloisiso ea rōna ea pono ea Ezekiele e lokela ho re susumelletsa ho ipotsa lipotso life?
20 Hlokomela mantsoe a qetellang a boprofeta ba Ezekiele: “Lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova . . . o teng mona.” (Ezekiele 48:35) Ho ba teng ha motse ona hase bakeng sa ho fa batho matla le tšusumetso; leha e le hore ho ba teng ha oona ke ho phethahatsa thato ea motho leha e le ofe. Ke motse oa Jehova, o bonahatsang kelello ea hae le litsela tsa hae tse lerato le tse nang le kahlolo e molemo. (Jakobo 3:17) Sena se re fa tiiso e thabisang ea hore Jehova o tla hlohonolofatsa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa batho ‘lefatšeng le lecha’ ho ea kena bokamosong bo sa lekanyetsoang.—2 Petrose 3:13.
21 Na ha re thabisoe ke seo re se lebeletseng? Ka ho loketseng, e ka ba hantle ha e mong le e mong oa rōna a ipotsa: ‘Ke arabela joang litlhohonolofatsong tse hlollang tse senotsoeng ponong ea Ezekiele? Na ka botšepehi ke tšehetsa mosebetsi o ntseng o etsoa ke balebeli ba lerato, ho akarelletsa le ba masala a batlotsuoa le bao e tla ba litho tsa sehlopha sa morena? Na ke entse borapeli bo hloekileng karolo ea bohlokoahali ea bophelo ba ka? Na ke rua molemo o feletseng metsing a bophelo a phallang ka bongata hakaale kajeno?’ E se eka e mong le e mong oa rōna a ka tsoela pele ho etsa joalo le ho thabela litokisetso tsa Jehova ka ho sa feleng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlomong lehoatata lena ke Phula ea Kidrone, e namang ho tloha boroa bo ka bochabela ho Jerusalema ho ea fella Leoatleng le Shoeleng. Ka ho khetheha, karolo ea eona e tlaase ke eona e se nang metsi ’me e omella selemo ho pota.
b Bona tokollo ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa May 1, 1881 le tokollo ea November 15, 1981.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Metsi a phallang a tsoa tempeleng ea tšoantšetso ke eng?
◻ Jehova o phethile pholiso efe ka nōka ea tšoantšetso, hona ke hobane’ng ha nōka e ntse e pharalla?
◻ Lifate tse mabōpong a nōka li tšoantšetsa eng?
◻ Motse o tla tšoantšetsa eng nakong ea Puso ea Lilemo tse Sekete, hona ke hobane’ng ha lebitso la motse e le le loketseng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Nōka ea bophelo e emela tokisetso ea Molimo ea poloko