Khaolo 12
“U ’ne U Tšoare ka Tieo Seo U Nang le Sona”
FILADELFIA
1. Molaetsa oa botšelela oa Jesu o ne o tobisitsoe phuthehong e motseng ofe, hona lebitso la motse oo le bolela’ng?
LERATO LA BARA BA MOTHO—ke tšobotsi e ntle hakaakang! Ha ho pelaelo hore Jesu o nahanne ka sena ha a fetisa molaetsa oa hae oa botšelela, o tobisitsoeng phuthehong ea Filadelfia, hobane lebitso leo le bolela “Lerato la Bara ba Motho.” Johanne ea tsofetseng o sa ntse a hopola se ileng sa etsahala lilemong tse fetang 60 pejana, ha Petrose a ne a tiisa ka makhetlo a mararo a bolella Jesu hore eena, Petrose, o rata Morena oa hae. (Johanne 21:15-17) Na Bakreste ba Filadelfia ba bontša lerato la bara ba motho? Ho bonahala ho le joalo!
2. Filadelfia e ne e le motse oa mofuta ofe, phutheho e neng e le sebakeng seo e ne e le ea mofuta ofe, ’me Jesu o re’ng ho lengeloi la phutheho ee?
2 Filadelfia ea mehleng ea Johanne e batla e le motse o atlehileng moruong, o sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 48 ka boroa-bochabela ho Sarda (motseng oa kajeno oa Alasehir, o Turkey). Leha ho le joalo, ho hlokomelehang haholoanyane ke ho atleha ha phutheho ea Bokreste moo. E tlameha ebe ba ile ba thaba hakaakang ha ba amohela mosebeletsi ea ba etetseng, mohlomong a tlile ka tsela ea Sarda! Molaetsa oo a ba tšoaretseng oona o na le keletso e susumetsang. Empa pele molaetsa ona o bontša matla a Motho ea o rometseng ea khanyang. O re: “Ngolla lengeloi la phutheho e Filadelfia u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea halalelang, oa ’nete, ea nang le senotlolo sa Davida, ea bulang e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla koala, ’me a koala e le hore ho se ke ha e-ba le ea bulang.”—Tšenolo 3:7.
3. Ke hobane’ng ha ho loketse hore Jesu a bitsoe “ea halalelang,” hona ho ka thoe ke “oa ’nete” joang?
3 Johanne o ne a ile a utloa ha Petrose a re ho Jesu Kreste: “Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng; ’me re lumetse ’me rea tseba hore u Mohalaleli oa Molimo.” (Johanne 6:68, 69) Kaha khalalelo ke tšobotsi e ka sehloohong ea Jehova Molimo, Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši le eena e tlameha ebe oa “halalela.” (Tšenolo 4:8) Hape Jesu ke “oa ’nete.” Lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona (a·le·thi·nosʹ) le fana ka maikutlo a hore ntho ke ea sebele. Ka kutloisiso ena, Jesu ke eena leseli la ’nete le bohobe ba ’nete bo theohileng leholimong. (Johanne 1:9; 6:32) Ke eena sefate sa ’nete sa morara. (Johanne 15:1) Hape Jesu ke oa ’nete ka kutloisiso ea hore oa tšepahala. Kamehla o bua ’nete. (Bona Johanne 8:14, 17, 26.) Ka sebele Mora enoa oa Molimo oa tšoaneleha hore e be Morena le Moahloli.—Tšenolo 19:11, 16.
“Senotlolo sa Davida”
4, 5. “Senotlolo sa Davida” se ne se amana le selekane sefe?
4 Jesu o na le “senotlolo sa Davida.” Ha a se sebelisa, oa ‘bula e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla koala, ’me oa koala e le hore ho se ke ha e-ba le ea bulang.’ ‘Senotlolo see sa Davida’ ke eng?
5 Jehova o ile a etsa selekane sa ’muso o sa feleng le Morena Davida oa Iseraele. (Pesaleme ea 89:1-4, 34-37) Ntlo ea Davida e ile ea busa e le teroneng ea Jehova Jerusalema ho tloha ka 1070 ho ea ho 607 B.C.E., empa ka nako eo kahlolo ea Molimo e ile ea phethahatsoa holim’a ’muso oo kahobane o ile oa e-ba khopo. Kahoo Jehova o ile a qala ho phethahatsa boprofeta ba hae bo ho Ezekiele 21:27 bo reng: “Ke tla o senya, ke o senye, ke o senye [motse oa Jerusalema ea lefatšeng]. Le oona [molamu oa borena lelokong la Davida], ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao, ’me ke tla mo fa eona.”
6, 7. Ea nang le “tokelo ea molao” o ne a tla hlaha neng hona joang?
6 Eo ea nang le “tokelo ea molao” o ne a tla hlaha neng hona joang? O ne a tla fuoa molamu oa borena oa ’muso oa Davida joang?
7 Lilemo tse ka bang 600 hamorao, setloholoana sa Morena Davida, e leng moroetsana oa Mojuda Maria, o ile a ima ka moea o halalelang. Molimo o ile a romela lengeloi Gabriele hore le e’o tsebisa Maria hore o ne a tla ba le mora, ea tla bitsoa Jesu. Gabriele o ile a phaella ka ho re: “O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.”—Luka 1:31-33.
8. Jesu o ile a ipaka a tšoaneleha ho ba mojalefa oa borena ba Davida joang?
8 Ka 29 C.E., ha Jesu a kolobetsoa Nōkeng ea Jordane ’me a tlotsoa ka moea o halalelang, e ile ea e-ba Morena ea Khethiloeng lelokong la Davida. O ile a beha mohlala ka ho chesehela ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso a ba a roma barutuoa ba hae hore le bona ka ho tšoanang ba bolele. (Matheu 4:23; 10:7, 11) Jesu o ile a ikokobetsa, esita le ho isa lefung thupeng ea tlhokofatso, kahoo a ipaka hore o tšoaneleha ka ho feletseng ho ba mojalefa oa borena ba Davida. Jehova o ile a tsosa Jesu e le moea o sa shoeng a ba a mo phahamisetsa ka letsohong la Hae le letona maholimong. Moo e ile ea e-ba mojalefa oa litokelo tsohle tsa ’muso oa Davida. Ka nako e loketseng Jesu o ne a tla sebelisa tokelo ea hae ea ho “busa har’a lira tsa [hae].”—Pesaleme ea 110:1, 2; Bafilipi 2:8, 9; Baheberu 10:13, 14.
9. Jesu o sebelisa senotlolo sa Davida ho bula le ho koala joang?
9 Ho sa le joalo, Jesu o ne a tla be a ntse a sebelisa senotlolo sa Davida, a bula menyetla le litokelo tse amanang le ’Muso oa Molimo. Ka Jesu, joale Jehova o ne a tla lopolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba lefatšeng “matleng a lefifi,” a ba fetisetse “’musong oa Mora oa hae ea ratoang.” (Bakolose 1:13, 14) Senotlolo seo se ne se tla boela se sebelisoa ho thibela mang kapa mang ea neng a ipaka a sa tšepahale hore a fumane litokelo tse joalo. (2 Timothea 2:12, 13) Kaha mojalefa enoa oa ka ho sa feleng oa ’muso oa Davida o tšehetsoa ke Jehova, ha ho sebōpuoa se ka mo thibelang ho phetha mesebetsi e joalo.—Bapisa le Matheu 28:18-20.
10. Ke khothatso efe eo Jesu a e fang phutheho e Filadelfia?
10 Kaha mantsoe a Jesu a eang ho Bakreste ba Filadelfia a tsoa ho motho ea matla joalo, e tlameha ebe a tšelisa ka ho khethehileng! O ba babatsa ka ho re: “Ke tseba liketso tsa hao—bona! ke behile ka pel’a hao monyako o bulehileng, oo ho seng ea ka o koalang—hore u na le matla a manyenyane, ’me u ile ua boloka lentsoe la ka ’me u bile le ’nete lebitsong la ka.” (Tšenolo 3:8) Phutheho eo e bile mafolofolo, ’me e ne e buletsoe monyako—ha ho pelaelo hore e ne e le monyako oa monyetla oa ho etsa tšebeletso. (Bapisa le 1 Bakorinthe 16:9; 2 Bakorinthe 2:12.) Kahoo, Jesu o khothalletsa phutheho hore e sebelise ka botlalo monyetla oa ho bolela. Ba mameletse ’me ba bontšitse hore ka thuso ea moea oa Molimo, ba na le matla a lekaneng hore ba tsoele pele ho etsa “liketso” tse eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. (2 Bakorinthe 12:10; Zakaria 4:6) Ba utloile litaelo tsa Jesu ’me ha baa latola Kreste, ebang ke ka molomo kapa ka liketso.
“Ba Tla U Inamela”
11. Jesu o tšepisa Bakreste tlhohonolofatso efe, ’me seo se ile sa phethahala joang?
11 Kahoo, Jesu o ba tšepisa litholoana: “Bona! Ke tla fana ka ba tsoang synagogeng ea Satane ba reng ke Bajuda, empa leha ho le joalo e se bona empa ba bua leshano—bona! ke tla etsa hore ba tle ’me ba iname ka pel’a maoto a hao le ho ba tsebisa hore ke u ratile.” (Tšenolo 3:9) Mohlomong, joaloka Smyrna, phutheho eo e ne e e-na le mathata a bakoang ke Bajuda ba sebaka seo. Jesu o ba bitsa ‘synagoge ea Satane.’ Leha ho le joalo, bonyane ba bang ba Bajuda bao ba haufi le ho hlokomela hore seo Bakreste ba neng ba ntse ba se bolela ka Jesu ke ’nete. Mohlomong ba tla ‘inama’ ka mokhoa o hlalositsoeng ke Pauluse ho 1 Bakorinthe 14:24, 25, e leng hore ba baka e le kannete ’me e ba Bakreste, ba ananela ka ho feletseng lerato le leholo la Jesu ka ho tela moea oa hae ka booona molemong oa barutuoa ba hae.—Johanne 15:12, 13.
12. Ke hobane’ng ha e ka ’na eaba litho tsa synagoge ea Bajuda e Filadelfia li ile tsa makatsoa ke ho utloa hore ba bang ba bona ba ne ba tla ‘inamela’ Bakreste ba moo?
12 Mohlomong litho tsa synagoge ea Bajuda e Filadelfia li ne li tla makatsoa ke ho utloa hore tse ling tsa tsona li ne li lokela ho ‘inamela’ Bakreste ba sebakeng seo. Kaha ho bonahala hore ntle ho pelaelo ho na le ba bangata bao e seng Bajuda phuthehong eo, ba ne ba ka lebella hore ho etsahale se fapaneng le seo. Hobane’ng? Hobane Esaia o ile a profeta a re: “Marena [ao eseng Bajuda] a tla fetoha bahlokomeli ba hao [sechaba sa Iseraele], le likhosatsana tsa ’ona li fetohe basali ba bahlokomeli bakeng sa hao. Ba tla u inamela lifahleho li shebile fatše.” (Esaia 49:23; 45:14; 60:14) Ka tsela e tšoanang, Zakaria o ile a bululeloa hore a ngole, a re: “Ho tla etsahala matsatsing ao hore banna ba leshome [bao e seng Bajuda] ba tsoang lipuong tsohle tsa lichaba ba tla tšoara, e, ba tla tšoara moleka oa seaparo sa monna oa Mojuda, ba re: ‘Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.’” (Zakaria 8:23) E, bao e seng Bajuda ba ne ba lokela ho inamela Bajuda, eseng ho be ka tsela e ’ngoe!
13. Ke Bajuda bafe bao boprofeta bo neng bo tobisitsoe ho Iseraele ea boholo-holo bo neng bo tla phethahala ho bona?
13 Boprofeta bona bo ne bo tobisitsoe ho sechaba se khethiloeng sa Molimo. Ha bo ne bo boleloa, Iseraele ea nama e ne e le boemong boo bo hlomphehang. Empa ha sechaba sa Bajuda se hana Mesia, Jehova o ile a se lahla. (Matheu 15:3-9; 21:42, 43; Luka 12:32; Johanne 1:10, 11) Ka Pentekonta ea 33 C.E., o ile a khetha Iseraele ea ’nete ea Molimo, e leng phutheho ea Bokreste, hore e be eona e se nkelang sebaka. Litho tsa eona ke Bajuda ba moea ba bolotseng lebollo la sebele la pelo. (Liketso 2:1-4, 41, 42; Baroma 2:28, 29; Bagalata 6:16) Ka mor’a moo, tsela feela eo ka eona Bajuda ba nama e le batho ka bomong ba neng ba ka boela ba e-ba le kamano e amohelehang ho Jehova, e ne e tla ba ka ho bontša tumelo ho Jesu e le Mesia. (Matheu 23:37-39) Ka ho totobetseng, batho ba bang Filadelfia ba ne ba le mothating oa ho etsa sena.a
14. Esaia 49:23 le Zakaria 8:23 li phethahetse ka tsela e khōlō joang mehleng ea kajeno?
14 Mehleng ea kajeno, boprofeta bo kang ba Esaia 49:23 le Zakaria 8:23 bo phethahetse ka tsela e khōlō. Ka lebaka la ho bolela ha sehlopha sa Johanne, batho ba bangata haholo ba kene ka monyako o butsoeng oa tšebeletso ea ’Muso.b Boholo ba bona bo tsoile ho Bokreste-’mōtoana, boo ka bohata malumeli a bona a ipolelang hore ke Iseraele ea moea. (Bapisa le Baroma 9:6.) Bana, e le bongata bo boholo, ba hlatsoa liaparo tsa bona tsa ka holimo ’me ba li soeufatsa ka ho bontša tumelo maling a sehlabelo a Jesu. (Tšenolo 7:9, 10, 14) Ka ho ikokobelletsa puso ea ’Muso ea Kreste, ba tšepile ho amohela mahlohonolo a eona mona lefatšeng. Ba tla ho barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng ’me ba ‘inama’ ka pel’a bona, ka kutloisiso ea moea, hobane ‘ba utloile hore Molimo o na le bona.’ Ba sebeletsa batlotsuoa bana, bao ba momahaneng le bona mokhatlong oa bara ba motho lefatšeng ka bophara.—Matheu 25:34-40; 1 Petrose 5:9.
“Hora ea Teko”
15. (a) Jesu o ile a tšepisa Bakreste ba Filadelfia eng, ’me ba ile ba khothalletsoa hore ba etse’ng? (b) Ke “moqhaka” ofe oo Bakreste ba neng ba lebeletse ho o amohela?
15 Jesu o tsoela pele ho re: “Kahobane u ile ua boloka lentsoe le mabapi le mamello ea ka, le ’na ke tla u phemisa hora ea teko, e tla tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona, ho beha teko holim’a ba lulang lefatšeng. Ke tla kapele. U ’ne u tšoare ka tieo seo u nang le sona, e le hore ho se ke ha e-ba le ea ka nkang moqhaka oa hao.” (Tšenolo 3:10, 11) Le hoja letsatsi la Morena (le qalileng ka 1914) le ne le ke ke la fihla Bakreste ba mehleng ea Johanne ba ntse ba phela, tšepo ea bona ea hore Jesu o ne a e-tla e ne e tla ba fa matla a hore ba tsoele pele ho bolela. (Tšenolo 1:10; 2 Timothea 4:2) “Moqhaka,” kapa moputso oa bophelo bo sa feleng, o ne o ba emetse leholimong. (Jakobo 1:12; Tšenolo 11:18) Haeba ba ne ba ka tšepahala ho isa lefung, ha ho ea neng a ka ba amoha moputso oo.—Tšenolo 2:10.
16, 17. (a) “Hora ea teko, e tla tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” ke eng? (b) Boemo ba batlotsuoa e ne e le bofe qalong ea “hora ea teko”?
16 Empa, “hora ea teko” ke eng? Ha ho pelaelo hore Bakreste bao ba Asia ba ne ba lokela ho tobana ka katleho le mahloriso a matla a hlahang ’musong oa boemphera oa Roma.c Leha ho le joalo, phethahatso e khōlō ke hora ea ho hlokoloa le ho ahloloa e ileng ea qetella e fihlile letsatsing la Morena, e ileng ea fihla tlhōrōng ho tloha ka 1918 ho ea pele. Teko eo e etselitsoe ho hlahloba hore na motho ke oa ’Muso o hlomiloeng oa Molimo kapa ke oa lefatše la Satane. Ke ea nako e khutšoanyane, “hora,” leha ho le joalo ha e-s’o fele. Ho fihlela e fela, le ka mohla ha rea lokela ho lebala hore re phela ‘horeng ea teko.’—Luka 21:34-36.
17 Ka 1918 sehlopha sa Johanne sa Bakreste ba tlotsitsoeng—joaloka phutheho eo e tšepahalang e Filadelfia—se ile sa lokela ho tobana le khanyetso e tsoang “synagogeng ea Satane” ea kajeno. Baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana, ba neng ba ipolela hore ke Bajuda ba moea, ka bolotsana ba ile ba sebelisa babusi ho hatella Bakreste ba ’nete. Leha ho le joalo, Bakreste bana ba ile ba leka ka thata ho ‘boloka lentsoe le mabapi le mamello ea Jesu’; kahoo, ka thuso ea moea, e leng “matla a manyenyane” a hlollang, ba ile ba pholoha ’me ba tsosoa molota hore ba kene ka monyako oo hona joale o ba bulehetseng. Ka tsela efe?
“Monyako o Bulehileng”
18. Jesu o ile a khetha eng ka 1919, ’me bao a ba khethileng ba ile ba tšoana le mohlanka ea tšepahalang oa Ezekiase joang?
18 Ka 1919 Jesu o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ’me a hlokomela hore sehlopha se senyenyane sa Bakreste ba ’nete ba tlotsitsoeng e ne e le “lekhoba [la hae] le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Bana ba ile ba fumana tlotla e tšoanang le e ileng ea fumanoa ke mohlanka ea tšepahalang Eliakime nakong ea Morena Ezekiase.d Jehova o ile a bua sena mabapi le Eliakime: “Ke tla beha senotlolo sa ntlo ea Davida lehetleng la hae, o tla bula ’me ho se ke ha e-ba le ea koalang, o tla koala ’me ho se ke ha e-ba le ea bulang.” Eliakime o ile a jara boikarabelo bo boima lebitsong la Ezekiase, eo e neng e le mora ea tsoang lesikeng la borena la Davida. Ka ho tšoanang kajeno, “senotlolo sa ntlo ea Davida” se behiloe lehetleng la sehlopha sa Johanne se tlotsitsoeng ka kutloisiso ea hore se filoe boikarabelo ba ho hlokomela lintho tse amanang le ’Muso oa Bomesia tse lefatšeng. Jehova o matlafalitse bahlanka ba hae hore ba jare tlotla ena eo ba e filoeng, ka ho eketsa matla a bona a manyenyane hore e be matla a maholohali a lekaneng hore ba fane ka bopaki bo boholohali lefatšeng ka bophara.—Esaia 22:20, 22; 40:29.
19. Sehlopha sa Johanne se ile sa jara boikarabelo boo Jesu a se fileng bona ka 1919 joang, hona e le ka phello efe?
19 Ho tloha ka 1919 ho ea pele, masala a tlotsitsoeng, a latelang mohlala oa Jesu, a ile a ikakhela ka setotsoana phutuhong e matla ea ho phatlalatsa hohle litaba tse molemo tsa ’Muso. (Matheu 4:17; Baroma 10:18) Ka lebaka leo, ba bang ba synagoge ea Satane ea kajeno, e leng Bokreste-’mōtoana, ba ile ba tla ho masala ana a tlotsitsoeng, ba bakile ’me ba ‘inama,’ ba ela hloko matla a lekhoba leo. Le bona ba ile ba tla sebeletsa Jehova ba ikopantse hammoho le ba hōlileng ba sehlopha sa Johanne. Sena se ile sa tsoela pele ho fihlela ha palo e feletseng ea barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng e bokeletsoe. Ka mor’a sena, ‘bongata bo boholo . . . bo tsoang lichabeng tsohle’ bo tlile ho tla ‘inamela’ lekhoba le tlotsitsoeng. (Tšenolo 7:3, 4, 9) Ba kopane hammoho, lekhoba le bongata bona bo boholo ba sebeletsa e le mohlape o le mong oa Lipaki Tsa Jehova.
20. Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li tlameha ho ba matla le ho ba mafolofolo tšebeletsong ea Molimo haholo-holo kajeno?
20 Li kopane tlamong ea lerato la ’nete la bara ba motho joaloka Bakreste ba Filadelfia, Lipaki Tsa Jehova kajeno lia utloisisa hore mosebetsi oa tsona oa ho bolela o tlameha ho etsoa ka potlako. Haufinyane, ‘matšoenyeho a maholo’ a tla felisa lefatše le khopo la Satane. Ka nako eo, e se eka e mong le e mong oa rōna a ka fumanoa a le matla tumelong hape a le mafolofolo tšebeletsong ea Molimo, e le hore mabitso a rōna a se ke a hlakoloa bukeng ea Jehova ea bophelo. (Tšenolo 7:14) A re nkeng ka ho teba keletso ea Jesu e eang phuthehong ea Filadelfia e le hore re ka tšoarella ka matla litokelong tsa rōna tsa tšebeletso ’me re fumane moputso oa bophelo bo sa feleng.
Mahlohonolo a Bahlōli
21. Kajeno Bakreste ba tlotsitsoeng ba ‘bolokile lentsoe le mabapi le mamello ea Jesu’ joang, ’me ba letetsoe ke monyetla ofe?
21 Kajeno sehlopha sa Johanne se ‘bolokile lentsoe le mabapi le mamello ea Jesu,’ ke hore, se latetse mohlala oa hae ’me se mameletse. (Baheberu 12:2, 3; 1 Petrose 2:21) Ka lebaka lena se khothalitsoe haholo ke mantsoe a Jesu a tsoelang pele a eang phuthehong ea Filadelfia: “Ea hlōlang—ke tla mo etsa tšiea ka tempeleng ea Molimo oa ka, ’me ho hang a ke ke a hlola a tsoa ka ho eona.”—Tšenolo 3:12a.
22. (a) Tempele ea Molimo oa Jesu ke eng? (b) Bakreste ba tlotsitsoeng ba hlōlang ba tla fetoha litšiea joang tempeleng ee?
22 Ke tlotla e kaakang hore motho e be tšiea ka tempeleng ea Jehova! Jerusalema ea boholo-holo, tempele ea sebele e ne e le setsi sa borapeli ba Jehova. Ka tempeleng, moprista ea phahameng o ne a nyehela mali a liphoofolo tsa sehlabelo letsatsi le le leng ka selemo, ka pel’a lebone la mohlolo le neng le emela boteng ba Jehova ka ‘Sehalalelisisong.’ (Baheberu 9:1-7) Ha Jesu a kolobetsoa, ho ile ha boela ha e-ba le tempele e ’ngoe, e leng tokisetso e khōlō ea moea, e kang tempele bakeng sa ho rapela Jehova. Sehalalelisiso sa tempele ena se leholimong, moo ka nako e loketseng Jesu a ileng a “hlaha ka pel’a Molimo.” (Baheberu 9:24) Jesu ke Moprista ea Phahameng, ’me ho na le sehlabelo se le seng feela se entsoeng bakeng sa ho koahela libe ka ho feletseng: e leng mali a tšolotsoeng a motho ea phethahetseng Jesu. (Baheberu 7:26, 27; 9:25-28; 10:1-5, 12-14) Hafeela ba ntse ba lula ba tšepahala, Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng ba sebeletsa e le baprista ba tlaasana mabaleng a lefatšeng a tempele ena. (1 Petrose 2:9) Empa hang ha ba se ba hlōtse, le bona ba kena sehalalelisisong seo se leholimong ’me ba fetoha batšehetsi ba sa sisinyeheng, ba joaloka litšiea, ba tokisetso ea borapeli e kang ea tempele. (Baheberu 10:19; Tšenolo 20:6) Ha ho kotsi ea hore ba sa tla hlola ‘ba tsoa ka ho eona.’
23. (a) Jesu o tsoela pele ho tšepisa Bakreste ba tlotsitsoeng ba hlōlang eng? (b) Ho ngoloa ha lebitso la Jehova le la Jerusalema e mocha ho bahlōli ba Bakreste ho fella ka eng?
23 Jesu o tsoela pele, o re: “’Me ke tla ngola holim’a hae lebitso la Molimo oa ka le lebitso la motse oa Molimo oa ka, Jerusalema e mocha ea theohang a tsoa leholimong ho Molimo oa ka, le lebitso lane la ka le lecha.” (Tšenolo 3:12b) E, bahlōli bana ba ngotsoe lebitso la Jehova—Molimo oa bona le Molimo oa Jesu. Sena se bontša ka ho hlaka hore Jehova le Jesu ke batho ba babeli ba arohaneng, eseng likarolo tse peli tsa Molimo oa Boraro-bo-bong. (Johanne 14:28; 20:17) Pōpo eohle e tlameha ho bona hore batlotsuoa bana ke ba Jehova. Ke lipaki tsa hae. Ba boetse ba ngotsoe lebitso la Jerusalema e mocha, e leng motse oa leholimo o theohang leholimong ka kutloisiso ea hore o atolosetsa puso ea oona e molemo holim’a batho bohle ba tšepahalang. (Tšenolo 21:9-14) Linku tsohle tsa Bakreste tse lefatšeng le tsona li tla tseba hore bahlōli bana ba tlotsitsoeng ke baahi ba ’Muso oo, Jerusalema oa leholimo.—Pesaleme ea 87:5, 6; Matheu 25:33, 34; Bafilipi 3:20; Baheberu 12:22.
24. Ke eng se emeloang ke lebitso le lecha la Jesu, hona le ngoloa joang ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang?
24 Qetellong, bahlōli ba tlotsitsoeng ba ngoloa lebitso le lecha la Jesu. Sena se bolela mosebetsi o mocha oa Jesu le tlotla ea ho etsa lintho tse ikhethang eo a e filoeng ke Jehova. (Bafilipi 2:9-11; Tšenolo 19:12) Ha ho e mong ea tsebang lebitso leo, ka kutloisiso ea hore ha ho motho e mong ea filoeng kapa ea tšepetsoeng litokelo tseo. Leha ho le joalo, ha Jesu a ngola lebitso la hae holim’a barab’abo ba tšepahalang, ba kena kamanong e haufi-ufi le eena sebakeng seo sa leholimong, ba bile ba kopanela le eena litokelong tsa hae. (Luka 22:29, 30) Hase feela Jesu a qetellang molaetsa oa hae o eang ho batlotsuoa bao ka ho pheta khothatso ena: “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho.”—Tšenolo 3:13.
25. Kajeno Mokreste e mong le e mong a ka sebelisa molao-motheo oa keletso eo Jesu a e fileng phutheho ea Filadelfia joang?
25 E tlameha ebe molaetsa oo o ile oa khothatsa Bakreste bao ba tšepahalang ba Filadelfia hakaakang! ’Me ka sebele o ruta sehlopha sa Johanne thuto e matla hona joale, letsatsing la Morena. Empa melao-motheo ea oona ke ea bohlokoa ho Mokreste e mong le e mong, ebang ke oa batlotsuoa kapa oa linku tse ling. (Johanne 10:16) E mong le e mong oa rōna o lokela hore a ’ne a tsoele pele ho hlahisa litholoana tsa ’Muso joaloka Bakreste bao ba Filadelfia. Bonyane kaofela ha rōna re na le matla a manyenyane. Kaofela re ka etsa ho hong tšebeletsong ea Jehova. A re sebeliseng matla ana! A re falimeheleng ho kena ka monyako ofe kapa ofe o re bulehelang mabapi le litokelo tse eketsehileng tsa ’Muso. Re ka ba ’ra rapela Jehova hore a bule monyako o joalo. (Bakolose 4:2, 3) Ha re ntse re latela mohlala oa Jesu oa ho mamella re bile re ipaka re e-na le ’nete lebitsong la hae, re tla bontša hore le rōna re na le tsebe ea ho utloa seo moea o halalelang oa Molimo o se bolellang liphutheho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mehleng ea Pauluse, Sosthene, eo e neng e le ’musi ea okamelang oa synagoge ea Bajuda Korinthe, e ile ea e-ba mor’abo rōna oa Mokreste.—Liketso 18:17; 1 Bakorinthe 1:1.
b Makasine ea Molula-Qhooa, e hatisoang ke sehlopha sa Johanne, e tsoetse pele ho totobatsa hore ho hlokahala hore re potlakele ho sebelisa monyetla ona le hore re kopanele ka botlalo kamoo ho ka khonehang mosebetsing oa ho bolela; ka mohlala, bona sehlooho se reng “Bohle a ba ke ba Bolele Khanya ea Jehova” le se reng “Molumo oa Bona o Ile oa Kena Lefatšeng Lohle” Molula-Qhooeng oa January 1, 2004. Makasineng ea June 1, 2004, sehloohong se reng “Ho Lehlohonolo ba Tlotlisang Molimo,” ho ile ha totobatsoa taba ea ho kena ka ‘monyako o butsoeng’ oa tšebeletso ea nako e tletseng. Ho bile le tlhōrō ea bo-pula-maliboho ba 1 093 552 ba tlalehang tšebeletso e joalo khoeling e ’ngoe ka 2005.
c Cyclopedia ea McClintock le Strong (Volume X, leqepheng la 519) e tlaleha tjena: “Babusi ba ile ba tlameha ho hlokomela Bokreste ka lebaka la merusu e ileng ea e-ba teng sechabeng e neng e hlohlelletsoa ke baprista ba bahetene, ba ileng ba tšoha ha ba bona kamoo tumelo eo e neng e hōla haholo kateng, ka lebaka leo, Trajan [98-117 C.E.] o ile a susumelletsoa hore a phatlalatse litaelo tsa hore butle-butle ho hatelloe thuto eo e ncha e neng e fetotse batho hore ba hloee melimo. Puso ea Pliny e monyenyane e le ’musisi oa Bithynia [e neng e sehelana moeli le setereke sa Roma sa Asia ka leboea] e ile ea thatafatsoa ke litaba tse bakoang ke keketseho e potlakileng ea Bokreste le khalefo eo e ileng ea e tlisa sechabeng sa bahetene se profinseng ea hae.”
d Lebitso Ezekiase le bolela “Jehova oa Matlafatsa.” Bona 2 Marena 16:20, NW, botlaaseng ba leqephe.
[Lebokose le leqepheng la 63]
Ho Thusa ba Bangata ho Inama
Ho batlotsuoa ba 144 000 ba lokelang ho ja lefa la ’Muso oa leholimo, ho bonahala eka masala, sehlopha sa Johanne, a ka tlaase ho 9 000 a sa ntse a lokela ho qeta bophelo ba ’ona e le batho mona lefatšeng. Ka nako e tšoanang, bongata bo boholo bo eketsehile ho ba letšoele la ba 6 600 000 le ho feta. (Tšenolo 7:4, 9) Ke eng e entseng hore ho be le keketseho e khōlō hakaale? Likolo tse sa tšoaneng tse tsamaisoang ke Lipaki Tsa Jehova li thusitse haholo. Ho fapana hōle le liseminari tsa Bokreste-’mōtoana tse rutang lifilosofi tsa lefatše le tse khellang Bibele fatše, likolo tsena tsa Lipaki li ruta ka ho hatisa hore batho ba be le tumelo e tebileng Lentsoeng la Molimo. Li bontša hore lea sebetsa tabeng ea ho phela bophelo bo hloekileng, ba boitšoaro bo botle le ba ho sebeletsa Molimo ka boinehelo. Ho tloha ka 1943, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara e ’nile ea tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Holong ea eona ea ’Muso. Ba limilione ba ba teng sekolong sena beke le beke, ba latela lenaneo le tšoanang la thuto ea Bibele.
Ho tloha ka 1959 Lipaki Tsa Jehova li ile tsa boela tsa tšoara Likolo Tsa Tšebeletso Tsa ’Muso ho koetlisa baholo ba phutheho le bahlanka ba sebeletsang. ’Me ho tloha ka 1977, Likolo Tsa Tšebeletso Tsa Bopula-maliboho li koetlisitse bara le baralib’abo rōna ba likete tse makholo bao, ka lebaka la moea oa ’nete oa Filadelfia oo ba nang le oona, ba sebeletsang Jehova ka nako e tletseng mosebetsing oa ho bolela. Ka 1987 ho ile ha qaloa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ho koetlisetsa Lipaki tsa banna likabelo tse khethehileng lefatšeng.
Se ikhethang har’a likolo tse tsamaisoang ke Lipaki Tsa Jehova e ’nile ea e-ba Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Ho tloha ka 1943 sekolo sena sa baromuoa, se Naheng ea New York, se ’nile sa abela lihlopha tse peli tsa liithuti mangolo hoo e ka bang selemo le selemo. Ka kakaretso, se koetlisitse basebeletsi ba Jehova ba fetang 7 000 hore ba e’o sebeletsa e le baromuoa linaheng lisele. Ba tsoang sekolong sena ba sebelelitse linaheng tse fetang lekholo, tseo ho tse ngata tsa tsona ba ileng ba sebelisoa ho bula mosebetsi oa ’Muso. Ka mor’a lilemo tse ka bang 60, ba bang ba baromuoa ba pele ba ntse ba le mosebetsing oo, ba kopanela le baromuoa ba bacha ho ntšetseng pele katoloso ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova lefatšeng lohle. Eo e bile katoloso e babatsehang hakaakang!
[Chate e leqepheng la 64]
Ka 1919 Morena ea busang Jesu o ile a bula monyetla oa tšebeletso ea Bokreste. Palo e eketsehang ea Bakreste ba inehetseng e sebelisitse monyetla ona.
Linaha Tse Bakreste ba Baboleli ba
Fihletsoeng Kopanetseng Nako e
Selemo ka Boboleli Bobolelinge Tletsengf
1918 14 3 868 591
1928 32 23 988 1 883
1938 52 47 143 4 112
1948 96 230 532 8 994
1958 175 717 088 23 772
1968 200 1 155 826 63 871
1978 205 2 086 698 115 389
1988 212 3 430 926 455 561
1998 233 5 544 059 698 781
2005 235 6 390 022 843 234
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
e Lipalo tse ka holimo ke karolelano ea khoeli le khoeli.
f Lipalo tse ka holimo ke karolelano ea khoeli le khoeli.
[Chate e leqepheng la 65]
Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o etsoa ka pelo eohle. Ka mohlala, nahana ka lihora tseo li li qetileng li bolela le ho ruta, hammoho le palo e khōlō ea lithuto tsa Bibele tse sa lefelloeng tseo li li tsamaisitseng malapeng a batho.
Lithuto Tsa Bibele
Lihora Tse Qetiloeng Tse Tsamaisitsoeng
Boboleling (Kakaretso (Karolelano ea
Selemo ea Selemo le Selemo) Khoeli le Khoeli)
1918 19 116 Ha Lia Tlalehoa
1928 2 866 164 Ha Lia Tlalehoa
1938 10 572 086 Ha Lia Tlalehoa
1948 49 832 205 130 281
1958 110 390 944 508 320
1968 208 666 762 977 503
1978 307 272 262 1 257 084
1988 785 521 697 3 237 160
1998 1 186 666 708 4 302 852
2005 1 278 235 504 6 061 534
[Setšoantšo se leqepheng la 59]
Senotlolo sa Roma sa lekholong la pele la lilemo