Mamela Seo Moea o se Buang!
“Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho.”—TŠENOLO 3:22.
1, 2. Ke keletso efe e pheta-phetoang melaetseng ea Jesu e eang liphuthehong tse supileng tse boletsoeng ho Tšenolo?
BAHLANKA ba Jehova ba lokela ho ela hloko mantsoe a Jesu Kreste a bululetsoeng a eang liphuthehong tse supileng tse boletsoeng bukeng ea Bibele ea Tšenolo. Ha e le hantle, molaetsa o mong le o mong o na le keletso ena e reng: “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho.”—Tšenolo 2:7, 11, 17, 29; 3:6, 13, 22.
2 Re se re tšohlile melaetsa ea Jesu e eang ho mangeloi, kapa balebeli ba Efese, Smyrna le Pergame. Re ka rua molemo joang ho seo a ileng a se bolella liphutheho tse ling tse ’nè a sebelisa moea o halalelang?
Ho Lengeloi la Thyatire
3. Motse oa Thyatire o ne o le hokae, ’me o ne o tumme ka eng?
3 “Mora oa Molimo” o babatsa phutheho ea Thyatire ebile oa e khalemela. (Bala Tšenolo 2:18-29.) Motse oa Thyatire (oo hona joale e leng Akhisar) o ne o hahiloe pel’a molatsoana oa Nōka ea Gediz (e leng Hermus ea boholo-holo) ka bophirimela ho Asia Minor. Motse oo o ne o tumme ka mesebetsi e mengata ea matsoho. Ba etsang dae ba ne ba sebelisa motso oa sehlahla sa madder ho etsa ’mala o sekareleta, kapa o pherese, e leng mebala e neng e ratoa haholo. Lydia, eo e ileng ea e-ba Mokreste ha Pauluse a ne a etetse Filipi, Greece, e ne e le “morekisi oa lintho tse pherese, oa motse oa Thyatire.”—Liketso 16:12-15.
4. Phutheho ea Thyatire e ile ea babatsoa ka eng?
4 Jesu o babatsa phutheho ea Thyatire ka liketso tsa eona tse ntle, lerato la eona, tumelo ea eona, mamello ea eona le tšebeletso ea eona. Ha e le hantle, ‘liketso tsa bona tsa morao li ne li feta tsa pele.’ Leha ho le joalo, esita le haeba re ka iketsetsa botumo bo botle, re ntse re tšoanetse ho ela hloko boitšoaro ba rōna.
5-7. (a) “Mosali eane Jezebele” e ne e le mang, ’me ho ne ho lokela hore ho etsoe’ng ka tšusumetso ea hae? (b) Molaetsa oa Kreste o eang ho phutheho ea Thyatire o thusa basali ba tšabang Molimo hore ba etse eng?
5 Phutheho ea Thyatire e ne e mamella borapeli ba litšoantšo, lithuto tsa bohata le boitšoaro bo bobe. E ne e e-na le “mosali eane Jezebele”—mohlomong e ne e le sehlopha sa basali ba nang le mekhoa e kang ea Mofumahali Jezebele ea khopo oa ’Muso oa Iseraele oa meloko e leshome. Litsebi tse ling li nahana hore ‘baprofeta ba basali’ ba Thyatire ba ne ba leka ho eka Bakreste hore ba rapele melimo le melimotsana ea mekhatlo ea khoebo le ho kopanela meketeng ea lijo tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo. Phuthehong ea kajeno ea Bokreste, a ho se ke ha e-ba le mosali ea iketsang moprofeta ea ratang ho laola ba bang!
6 Kreste o ne a ‘tla tloha a lahlela mosali enoa Jezebele betheng ea bokuli, ’me ba etsang bofebe le eena a ba lahlele matšoenyehong a maholo, ntle leha ba baka liketsong tsa hae.’ Ho hang balebeli ha baa lokela ho lumella lithuto tse joalo tse mpe le tšusumetso e mpe, ’me ha ho Mokreste ea lokelang ho etsa bohlola ba moea le ba nama kapa ho kopanela borapeling ba litšoantšo e le hore a bone hore “lintho tse tebileng tsa Satane” li mpe haholo. Haeba re mamela temoso ea Jesu, ‘re tla tšoara ka tieo seo re nang le sona,’ ’me sebe se ke ke sa re tontontša. Kaha batlotsuoa ba tsositsoeng ba lahlile mekhoa, litakatso tse feteletseng le lipakane tseo e seng tsa bomolimo, ba fuoa “matla holim’a lichaba” ’me ba tla thusa Kreste ha a li pshatla likoto. Liphutheho tsa kajeno li na le linaleli tsa tšoantšetso, ’me batlotsuoa ba tla fuoa “naleli e khanyang ea hoseng,” e leng Monyali, Jesu Kreste, ha ba tsosetsoa leholimong.—Tšenolo 22:16.
7 Phutheho ea Thyatire e ile ea lemosoa hore e se ke ea mamella tšusumetso e mpe ea basali ba bakoenehi. Molaetsa oa Kreste o bululetsoeng o eang phuthehong ena o thusa basali ba tšabang Molimo hore ba lule sebakeng seo ba se abetsoeng ke Molimo. Ha ba leke ho laola banna ’me ha ba eke barab’abo bona ka bohlola ba moea kapa ba nama. (1 Timothea 2:12) Ho e-na le hoo, basali bana ba beha mohlala ka liketso tse ntle le ka tšebeletso e rorisang Molimo. (Pesaleme ea 68:11; 1 Petrose 3:1-6) Haeba phutheho e sireletsa seo e nang le sona—e leng thuto e hloekileng le boitšoaro le tšebeletso ea ’Muso ea bohlokoa—Kreste o tla tla ka meputso e babatsehang, e seng ka kahlolo.
Ho Lengeloi la Sarda
8. (a) Motse oa Sarda o ne o le hokae, ’me ho boleloa eng ka oona? (b) Ke hobane’ng ha phutheho ea Sarda e ne e hloka thuso?
8 Phutheho ea Sarda e ne e hloka thuso ka potlako hobane e ne e shoele moeeng. (Bala Tšenolo 3:1-6.) Motse oa Sarda o ne o ruile, ’me o ne o ka ba lik’hilomithara tse 50 ka boroa ho Thyatire. Khoebo ea sebaka sena, le chai ea sona le ho etsoa ha masela a entsoeng ka boea ba nku le lik’hapete tse entsoeng ka boea ba nku li ile tsa etsa hore motse ona o kileng oa e-ba le baahi ba ka bang 50 000 o hafe ka nkatana. Rahistori Josephus o bolela hore Sarda e ne e e-na le baahi ba bangata ba Bajuda lekholong la pele la lilemo B.C.E. Lithakong tsa motse ona ho na le synagoge le tempele ea molimotsana oa Efese ea bitsoang Artemise.
9. Re lokela ho etsa’ng haeba tšebeletso ea rōna e se e le ho phetha molao feela?
9 Kreste o ile a re ho lengeloi la phutheho ea Sarda: “Ke tseba liketso tsa hao, hore u na le lebitso la hore ua phela, empa u shoele.” Ho thoe’ng haeba re e-na le botumo ba hore rea phela moeeng empa re iphapanyetsa menyetla ea bohlokoa ea tšebeletso ka phuthehong ea Bokreste ’me tšebeletso ea rōna e se e le ho phetha molao feela le moeeng ‘re se re tla shoa’? Haeba ho joalo, ho hlokahala hore re ‘tsoele pele ho hopola kamoo re ileng ra amohela le kamoo re ileng ra utloa’ molaetsa oa ’Muso kateng, ’me re tsosolose boiteko ba rōna tšebeletsong e halalelang. Ka sebele re lokela ho qala ho kopanela ka pelo eohle libokeng tsa Bokreste. (Baheberu 10:24, 25) Kreste o ile a lemosa phutheho ea Sarda a re: “Ntle le hore u tsohe, ke tla tla joaloka lesholu, ’me ho hang u ke ke ua tseba hore na ke tla tla ho uena ka hora efe.” Na temoso ee ea re ama kajeno? Haufinyane re tla tlameha ho ikarabela.
10. Esita leha boemo bo ka tšoana le ba Sarda, ho ka ’na ha e-ba le Bakreste ba ’maloa ba etsang joang?
10 Esita le boemong bo kang ba Sarda, ho ka ’na ha e-ba le ba ’maloa ba sa ‘silafatseng liaparo tsa bona tsa ka ntle le ba ka tsamaeang le Kreste ba apere tse tšoeu, hobane ba tšoaneleha.’ Ka linako tsohle ba tsebahala e le Bakreste, ba lula ba sa silafala, ba se na letheba la lefatše lena boitšoarong le tumelong. (Jakobo 1:27) Kahoo, Jesu ‘a ke ke a hlakola mabitso a bona bukeng ea bophelo, empa o tla bolela hore o ba ela hloko ka pel’a Ntat’ae le ka pel’a mangeloi a hae.’ Kaha sehlopha sa monyaluoa oa Kreste sa batlotsuoa se nkoa se tšoaneleha ho tsamaea le eena, se tla apara line ea boleng bo botle, e khanyang, e hloekileng, e tšoantšetsang liketso tse lokileng tsa bahalaleli ba Molimo. (Tšenolo 19:8) Menyetla e babatsehang ea tšebeletso eo se tla e fumana leholimong, e se susumelletsa ho hlōla lefatše lena. Ba tlang ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng, le bona ba tla fumana litlhohonolofatso. Le bona mabitso a bona a ngotsoe bukeng ea bophelo.
11. Re lokela ho etsa’ng haeba re otsela moeeng?
11 Ha ho le ea mong oa rōna ea batlang ho ba boemong bo soabisang ba moea ba phutheho ea Sarda. Empa ho thoe’ng haeba re lemoha hore rea otsela moeeng? Re lokela ho nka khato ka potlako e le hore re itsoele khomo. Mohlomong re khahloa ke litsela tse bontšang ho se tšabe Molimo kapa re tsoafa ho ea libokeng kapa tšimong. A re batleng thuso ea Jehova ka thapelo e tiileng. (Bafilipi 4:6, 7, 13) Ho bala Bibele kamehla le ho ithuta Mangolo le lingoliloeng tsa “motsamaisi ea tšepahalang” ho tla re thusa hore re falimehe moeeng. (Luka 12:42-44) Kahoo re tla tšoana le batho ba Sarda bao Kreste a ileng a ba amohela ’me re tla khothatsa balumeli-’moho le rōna.
Ho Lengeloi la Filadelfia
12. U ka hlalosa boemo ba bolumeli ba motse oa boholo-holo oa Filadelfia joang?
12 Jesu o ile a babatsa phutheho ea Filadelfia. (Bala Tšenolo 3:7-13.) Filadelfia (eo hona joale e leng Alasehir) e ne e le motse o ruileng o etsang veine ka bophirimela ho Asia Minor. Ha e le hantle, molimo ea ka sehloohong oa motse ona e ne e le Dionysus, molimo oa veine. Ho hlakile hore Bajuda ba Filadelfia ba ile ba leka empa ha baa ka ba atleha ho susumelletsa Bakreste ba moo ba Bajuda hore ba boloke mekhoa e itseng ea Molao oa Moshe kapa hore ba khutlele ho eona.
13. Kreste o sebelisitse “senotlolo sa Davida” joang?
13 Kreste o na le “senotlolo sa Davida” ’me ka lebaka leo o filoe boikarabelo ba lintho tsohle tse amanang le ’Muso le tsamaiso ea ba ntlo ea tumelo. (Esaia 22:22; Luka 1:32) Jesu o ile a sebelisa senotlolo seo ho etsa hore Bakreste ba Filadelfia ea boholo-holo le libakeng tse ling ba be le menyetla le mesebetsi e amanang le ’Muso. Ho tloha ka 1919 o buletse “motsamaisi ea tšepahalang” “monyako o moholo” o isang boboleling ba ’Muso le o ke keng oa koaloa ke mohanyetsi leha e le ofe. (1 Bakorinthe 16:9; Bakolose 4:2-4) Ha e le hantle, batho ba ‘synagoge ea Satane’ ba koaletsoe monyako oa ho etsa mesebetsi e amang ’Muso hobane hase Baiseraele ba moea.
14. (a) Jesu o ile a tšepisa phutheho ea Filadelfia eng? (b) Re ka etsa joang hore re se ke ra oa nakong ea “hora ea teko”?
14 Jesu o ile a tšepisa Bakreste ba Filadelfia ea boholo-holo a re: ‘Kahobane le ile la boloka lentsoe le mabapi le mamello ea ka, le ’na ke tla le phemisa hora ea teko, e tla tlela lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ Mosebetsi oa boboleli o hloka mamello e tšoanang le eo Jesu a ileng a e bontša. Ha aa ka a lumella hore sera se mo hlōle empa o ile a ’na a tsoela pele ho etsa thato ea Ntate oa hae. Ka lebaka leo, Kreste o ile a tsosetsoa bophelong ba ho se shoe leholimong. Haeba re tiile qetong ea rōna ea ho rapela Jehova ’me re tšehetsa ’Muso ka ho bolela litaba tse molemo, re ke ke ra oa hona joale nakong ea teko, e leng “hora ea teko.” Ho ikitlaelletsa ho eketsa lintho tse amanang le ’Muso ho tla re thusa hore ‘re ’ne re tšoare ka tieo seo re nang le sona’ se tsoang ho Kreste. Ho etsa sena ho tla fella ka moqhaka oa bohlokoa oa leholimo bakeng sa batlotsuoa le bophelo bo sa feleng lefatšeng bakeng sa metsoalle ea bona e tšepahalang.
15. Ho hlokahala eng ho bao e tla ba ‘litšiea ka tempeleng ea Molimo’?
15 Kreste o eketsa ka ho re: “Ea hlōlang—ke tla mo etsa tšiea ka tempeleng ea Molimo oa ka, . . . ’me ke tla ngola holim’a hae lebitso la Molimo oa ka le lebitso la motse oa Molimo oa ka, Jerusalema e mocha ea theohang a tsoa leholimong ho Molimo oa ka, le lebitso lane la ka le lecha.” Balebeli ba batlotsuoa ba lokela ho tšehetsa borapeli ba ’nete. Ba lokela ho lula ba tšoaneleha hore e be litho tsa “Jerusalema e mocha” ka ho bolela ka ’Muso oa Molimo le ka ho lula ba hloekile moeeng. Sena sea hlokahala e le hore e tle e be litšiea tempeleng e khanyang ea leholimo le hore ba bitsoe ka lebitso la motse oa Molimo e le baahi ba oona ba leholimo ’me ba ipitse ka lebitso la Kreste e le monyaluoa oa hae. Hape, ho hlakile hore ba lokela ho ba le litsebe tse ‘utloang seo moea o se bolellang liphutheho.’
Ho Lengeloi la Laodisia
16. U ka bolela lintho life ka Laodisia?
16 Kreste o ile a khalemela phutheho e sa tsotelleng ea Laodisia. (Bala Tšenolo 3:14-22.) Motse oa Laodisia o ne o le lik’hilomithara tse ka bang 150 ka bochabela ho Efese ’me o lutse mateanong a litsela tse khōlō tsa khoebo phuleng e nonneng ea Nōka ea Lycus, ’me e ne e le motse o ruileng oa lifeme ebile e le setsi sa libanka. Liaparo tsa motse oo tse entsoeng ka boea bo botšo ba nku li ne li tsebahala. Kaha Laodisia e ne e le setsi sa sekolo se tsebahalang sa bongaka, mohlomong ho eona ho ne ho etsoa moriana oa mahlo o tsejoang e le moriana o phofo oa Frigia. Asclepius, e leng molimo oa meriana, e ne e le e mong oa melimo e ka sehloohong motseng ona. Ho bonahala eka motse oa Laodisia o ne o e-na le Bajuda ba bangata, bao ba bang ba bona ba neng ba ruile haholo.
17. Balaodisia ba ile ba khalemelloa eng?
17 Ka matla a bolaoli, Jesu e le “paki e tšepahalang le ea ’nete, tšimoloho ea pōpo ea Molimo,” o bua le phutheho ea Laodisia ka “lengeloi” la eona. (Bakolose 1:13-16) Balaodisia ba ile ba khalemelloa ‘ho se bate kapa ho se chese’ moeeng. Kaha ba ne ba le foofo, Kreste o ne a tla ba hlatsa molomong oa hae. Ho ne ho ke ke ha ba thatafalla ho utloisisa papiso ena. Motse o haufi le moo oa Hierapolise o ne o e-na le liliba tse runyang metsi a chesang, ’me motse oa Kolose o ne o e-na le metsi a batang. Leha ho le joalo, kaha metsi a ne a tlisoa Laodisia ka lipompo a tsoa hōle, mohlomong a ne a fihla motseng a le foofo. Neng-neng a ne a kena ka kotopong. Ha a se a le haufi le Laodisia, a ne a matha har’a majoe a phuntsoeng a kopantsoeng ka samente.
18, 19. Bakreste ba kajeno ba tšoanang le Balaodisia ba ka thusoa joang?
18 Batho ba kajeno ba tšoanang le Balaodisia ha ba chese ka mokhoa o hlasimollang ebile ha ba bate ka mokhoa o khathollang. Joaloka metsi a foofo, ba tla tšoeloa! Jesu ha a batle hore e be babuelli ba hae, kapa “manģosa [a tlotsitsoeng] a emeng bakeng sa Kreste.” (2 Bakorinthe 5:20) Haeba ba sa bake, ba tla lahleheloa ke tokelo ea ho ba bahoeletsi ba ’Muso. Balaodisia ba ne ba batla maruo a lefatše ’me ba ne ba sa ‘tsebe hore ba soto, ke mafutsana, ba foufetse ebile ba hlobotse.’ E le hore ba tlose bofutsana, bofofu le ho hlobola moeeng, bohle ba tšoanang le bona kajeno ba lokela ho reka ho Kreste “khauta e hloekisitsoeng” ea tumelo e lekiloeng, ba reke “liaparo tsa ka ntle tse tšoeu” tsa ho loka ’me ba reke “moriana o tlolang mahlo” o elisang pono ea moea. Balebeli ba Bakreste ba thabela ho ba thusa hore ba ele hloko tlhoko ea bona ea moea e le hore ba ‘rue tumelong.’ (Jakobo 2:5; Matheu 5:3) Ho feta moo, balebeli ba lokela ho ba thusa ho tlola “moriana [oa moea] o tlolang mahlo”—e leng ho amohela le ho lumellana le lithuto tsa Jesu, likeletso tsa hae, mohlala oa hae le boikutlo ba hae ba kelello. Sena se phekola “takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.”—1 Johanne 2:15-17.
19 Jesu o khalemela le ho laea bohle bao a ba ratang. Balebeli ba laoloang ke eena ba lokela ho etsa se tšoanang ka bonolo. (Liketso 20:28, 29) Ho ne ho hlokahala hore Balaodisia ba ‘chesehe ’me ba bake,’ ba fetole tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba phelang ka eona. Joale, na ba bang ba rōna ba se ba tloaetse ho phela bophelo bo etsang hore tšebeletso ea rōna e halalelang ho Molimo e se ke ea e-ba ea bohlokoa haholo? Haeba ho joalo, a ‘re rekeng moriana o tlolang mahlo ho Jesu’ e le hore re bone bohlokoa ba ho batla ’Muso pele ka cheseho.—Matheu 6:33.
20, 21. Ke bo-mang bao ka ho nepahetseng ba bulelang Jesu ha a “kokota” kajeno, ’me ba lebeletse eng?
20 Kreste o re: “Bona! Ke eme monyako ’me kea kokota. Haeba mang kapa mang a utloa lentsoe la ka ’me a bula monyako, ke tla kena ka tlung ea hae ’me ke je lijo tsa shoalane le eena ’me eena a li je le ’na.” Hangata Jesu o ne a fana ka taeo ea lintho tsa moea nakong ea ha a ntse a ja. (Luka 5:29-39; 7:36-50; 14:1-24) Joale o kokota monyakong oa phutheho e tšoanang le ea Laodisia. Na litho tsa eona li tla mo bulela, li tsose lerato la tsona ho eena, li mo amohele, ’me li mo lumelle hore a li rute? Haeba li etsa joalo, Kreste o tla ja le tsona lijo tse ngata ’me li tla rua molemo o moholo moeeng.
21 Ka tšoantšetso, “linku tse ling” tsa kajeno li bulela Jesu, ’me ketso eo e isa bophelong bo sa feleng. (Johanne 10:16; Matheu 25:34-40, 46) Motlotsuoa e mong le e mong ea hlōlang, Kreste o tla mo fa tokelo ea ho ‘lula le eena teroneng ea hae, esita le joalokaha a ile a hlōla ’me a lula le Ntat’ae teroneng ea Hae.’ Ka sebele Jesu o tšepisa batlotsuoa ba hlōlang hore ba tla fumana moputso o moholo oa ho lula teroneng le eena ka letsohong le letona la Ntate oa hae leholimong. ’Me linku tse ling tse hlōlang li lebeletse ho ba le sebaka se babatsehang lefatšeng pusong ea ’Muso.
Seo Bohle re Ithutang Sona
22, 23. (a) Bakreste bohle ba ka rua molemo joang mantsoeng a Jesu a eang ho liphutheho tse supileng? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
22 Ha ho pelaelo hore Bakreste bohle ba ka rua molemo o moholo mantsoeng a Jesu a eang ho liphutheho tse supileng tsa Asia Minor. Kaha baholo ba lerato ba Bakreste baa hlokomela hore ha ho ne ho loketse Kreste o ne a babatsa, sena se ba susumelletsa hore ba babatse batho ka bomong le liphutheho tse etsang hantle moeeng. Moo ho bonahalang bofokoli, baholo ba thusa balumeli-’moho le bona ho sebelisa pheko ea Mangolo. Bohle re ka tsoela pele ho rua molemo likarolong tse sa tšoaneng tsa keletso eo Kreste a ileng a e fa liphutheho tsena tse supileng, hafeela re e sebelisa re rapela ka tieo ’me re e sebelisa hang-hang.a
23 Matsatsi ana a ho qetela hase nako ea ho se tsotelle, ea ho rata lintho tse bonahalang kapa ntho leha e le efe e ka ’nang ea etsa hore re etsetse Molimo tšebeletso ea ho phetha molao feela. Kahoo, e se eka liphutheho tsohle li ka tsoela pele ho ’na li khanya joaloka liluloana tsa mabone tseo Jesu a li behileng libakeng tsa tsona. Re le Bakreste ba tšepahalang, e se eka ka linako tsohle re ka ikemisetsa ho ela hloko ha Kreste a bua ’me ra mamela seo moea o se buang. Ha re etsa joalo, re tla ba le thabo ea ka ho sa feleng ea ho khantša leseli tlotlisong ea Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tšenolo 2:1–3:22 e tšohloa hape khaolong ea 7 ho ea ho ea 13 bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
U ka Araba Joang?
• “Mosali eane Jezebele” e ne e le mang, hona ke hobane’ng ha basali ba tšabang Molimo ba sa lokela ho mo etsisa?
• Ke boemo bofe bo neng bo le teng phuthehong ea Sarda, ’me re ka etsa’ng ho qoba ho tšoana le Bakreste ba bangata ba neng ba lula moo?
• Jesu o ile a tšepisa phutheho ea Filadelfia eng, ’me tšepiso eo e sebetsa joang kajeno?
• Ke hobane’ng ha Balaodisia ba ile ba khalemeloa, empa Bakreste ba chesehang ba ka lebella eng?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Litsela tse mpe tsa “mosali eane Jezebele” li lokela ho qojoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Jesu o buletse balateli ba hae “monyako o moholo” oa mesebetsi e amang ’Muso
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Na u amohela Jesu le ho mo mamela?