Khaolo 13
Reka Khauta e Hloekisitsoeng ka Mollo
LAODISIA
1, 2. Phutheho ea ho qetela ho tse supileng e ileng ea amohela molaetsa o tsoang ho Jesu ea tlotlisitsoeng e sebakeng sefe, ’me tse ling tsa litšobotsi tsa motse oo ke life?
LAODISIA ke phutheho ea ho qetela ho tse supileng e amohelang molaetsa o tsoang ho Jesu ea tsositsoeng. ’Me o fetisa boitsebiso bo rutang le bo susumetsang hakaakang!
2 Kajeno, u tla fumana masupi a Laodisia haufi le Denizli, lik’hilomithara tse ka bang 88 ka boroa-bochabela ho Alasehir. Lekholong la pele la lilemo, Laodisia e ne e le motse o atlehileng moruong. Kaha o ne o le mateanong a maholo a litsela, e ne e le setsi se seholo sa libanka le sa khoebo. Ho rekisoa ha moriana oa mahlo o tsebahalang haholo ho ne ho phaella leruong la oona, ’me o ne o boetse o tumme ka lebaka la liaparo tsa oona tsa boemo bo phahameng tse neng li etsoa moo ka boea ba nku bo botšo. Ho haella ha metsi, hoo e neng e le bothata bo boholo motseng ona, ho ile ha hlōloa ka ho tsamaisa metsi ka kotopo e tlohang mohloling oa seliba se runyang metsi a chesang se hōjana. Kahoo, nakong eo metsi ao a fihlang motseng ka eona a ne a tla be a se a le foofo feela.
3. Jesu o qala molaetsa oa hae o eang phuthehong ea Laodisia joang?
3 Laodisia e ne e le haufi le Kolose. Ha a ngolla Bakolose, moapostola Pauluse o bua ka lengolo leo a le rometseng Balaodisia. (Bakolose 4:15, 16) Ha re tsebe hore na Pauluse o ne a ngotse eng lengolong leo, empa molaetsa oo joale Jesu a o romellang Balaodisia o bontša hore ba boemong bo soabisang ba moea. Leha ho le joalo, joaloka tloaelo, Jesu o qala ka ho bolela boemo ba hae, o re: “Ngolla lengeloi la phutheho e Laodisia u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke Amen, paki e tšepahalang le ea ’nete, tšimoloho ea pōpo ea Molimo.”—Tšenolo 3:14.
4. Jesu ke “Amen” joang?
4 Ke hobane’ng ha Jesu a ipitsa “Amen”? Tlotla ena e bontša hore molaetsa oa hae o tsamaea le kahlolo. “Amen” ke lentsoe la Seheberu le nkiloeng joalokaha le le joalo le bolelang “ka sebele,” “a ho be joalo,” ’me le sebelisoa qetellong ea thapelo ho tiisa maikutlo a boletsoeng moo. (1 Bakorinthe 14:16) Jesu ke “Amen” hobane botšepehi ba hae bo se nang sekoli le lefu la hae la sehlabelo li fane ka bopaki le tiiso ea hore litšepiso tsohle tsa bohlokoa tsa Jehova li tla phethahala. (2 Bakorinthe 1:20) Ho tloha ka nako eo, ke ka nepo lithapelo tsohle li lebisoang ho Jehova ka Jesu.—Johanne 15:16; 16:23, 24.
5. Ke ka tsela efe Jesu e leng “paki e tšepahalang le ea ’nete”?
5 Hape Jesu ke “paki e tšepahalang le ea ’nete.” Boprofeteng hangata o amahanngoa le botšepehi, ’nete le ho loka, hobane o tšepahala ka ho feletseng e le mohlanka oa Jehova Molimo. (Pesaleme ea 45:4; Esaia 11:4, 5; Tšenolo 1:5; 19:11) Ke Paki e khōlō ka ho fetisisa ea Jehova. Ha e le hantle, joalokaha e le “tšimoloho ea pōpo ea Molimo,” Jesu o phatlalalitse khanya ea Molimo ho tloha qalong feela. (Liproverbia 8:22-30) Ha e ntse e le motho mona lefatšeng, o ile a pakela ’nete. (Johanne 18:36, 37; 1 Timothea 6:13) Hoba a tsohe, o ile a tšepisa barutuoa ba hae moea o halalelang ’me a re ho bona: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” Ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho ea pele, Jesu o ile a tataisa Bakreste bana ba tlotsitsoeng ha ba bolela litaba tse molemo “pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Liketso 1:6-8; Bakolose 1:23) Ruri, Jesu o lokela ho bitsoa paki e tšepahalang le ea ’nete. Bakreste ba tlotsitsoeng Laodisia ba ne ba tla rua molemo ka ho mamela mantsoe a hae.
6. (a) Jesu o hlalosa boemo ba moea ba phutheho ea Laodisia joang? (b) Bakreste ba Laodisia ba hlōlehile ho latela mohlala ofe o motle oa Jesu?
6 Jesu o fa Balaodisia molaetsa ofe? Ha a ba babatse. Ka ho toba, o re ho bona: “Ke tseba liketso tsa hao, hore ha u bate ha u chese. Ke lakatsa eka u ka be u bata kapa ho seng joalo u chesa. Kahoo, kahobane u foofo ’me ha u chese ha u bate, ke tla u hlatsa molomong oa ka.” (Tšenolo 3:15, 16) U ne u tla etsa joang ha u utloa molaetsa o joalo o tsoang ho Morena Jesu Kreste? Na u ne u ke ke ua phaphama ’me ua itlhahloba? Ruri, ho hlokahala hore Balaodisia ba itlhekehle, hobane ba fetohile ba botsoa moeeng, ho bonahala hore ba ne ba nka lintho habobebe haholo. (Bapisa le 2 Bakorinthe 6:1.) Jesu, eo ba neng ba lokela ho mo etsisa joaloka Bakreste, kamehla o bontša cheseho e khōlō bakeng sa Jehova le tšebeletso ea hae. (Johanne 2:17) Ho feta moo, baikokobetsi ba fumane hore kamehla o ne a le bonolo a bile a le mosa, a khatholla joaloka mohope oa metsi a batang letsatsing la mocheso o tepeletsang. (Matheu 11:28, 29) Empa Bakreste ba Laodisia ha ba chese ebile ha ba bate. Joaloka metsi a phallelang motseng oa bona, ba foofo. Ba mothating oa hore Jesu a ba lahle ka ho feletseng, ‘a ba hlatse molomong oa hae’! E se eka ka cheseho re ka loanela hore kamehla re khatholle ba bang moeeng joalokaha Jesu a ile a etsa joalo.—Matheu 9:35-38.
“U re: ‘Ke Ruile’”
7. (a) Jesu o khetholla se bakileng bothata ba Bakreste ba Laodisia joang? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a re Bakreste ba Laodisia ‘ba foufetse ebile ba hlobotse’?
7 Hantle-ntle ke eng se bakileng bothata ba Balaodisia? Mantsoe a latelang a Jesu a re beha leseling: “Hobane u re: ‘Ke ruile ’me ke fumane maruo ’me ho hang ha ke hloke letho,’ empa ha u tsebe hore u sōtō ’me ua haula ebile u mofutsana ’me u foufetse ebile u hlobotse.” (Tšenolo 3:17; bapisa le Luka 12:16-21.) Kaha ba phela motseng o atlehileng moruong, ba ikutloa ba sireletsehile ka lebaka la maruo a bona. Mohlomong tsela eo ba phelang ka eona e anngoe ke lebala la lipapali, mabala a liketsahalo le liholo tsa boikoetliso, hoo ba fetohileng “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”a (2 Timothea 3:4) Empa Balaodisia ba ruileng nameng ke mafutsana moeeng. ‘Matlotlo [a bona] a bolokiloeng leholimong’ aa fokola haeba a le teng. (Matheu 6:19-21) Ha baa ka ba boloka mahlo a bona a talimile nģa e le ’ngoe, ka ho etelletsa ’Muso oa Molimo pele bophelong ba bona. Ka sebele ba lefifing, ke lifofu, ha ba na pono ea moea. (Matheu 6:22, 23, 33) Ho feta moo, ho sa tsotellehe liaparo tse ntle tseo maruo a bona a ba reketseng tsona, mahlong a Jesu ba hlobotse. Ha ba na liaparo tsa moea tse ba khethollang e le Bakreste.—Bapisa le Tšenolo 16:15.
8. (a) Ke ka tsela efe kajeno boemo bo tšoanang le bo neng bo le Laodisia? (b) Bakreste ba bang ba ithetsitse joang lefatšeng lee le meharo?
8 Ke boemo bo tšosang hakaakang! Empa na hangata ha re bone boemo bo tšoanang matsatsing aa? Bo bakoa ke eng? Bo bakoa ke boikutlo ba ho itšepa bo tlisoang ke ho itšetleha ka maruo le ka bohlale ba batho. Joaloka batho ba kenang likereke ba Bokreste-’mōtoana, ba bang ba batho ba Jehova ba ithetsitse ka ho nahana hore ba ka khahlisa Molimo ka hore feela ba ee libokeng seoelo. Ba leka ho tsoella e le “baphethi ba lentsoe” feela ba intšang molato. (Jakobo 1:22) Ho sa tsotellehe litemoso tse pheta-phetoang ke sehlopha sa Johanne, ba beha lipelo tsa bona liaparong tsa morao-rao, likoloing le matlong, le bophelong bo likolohang boikhathollong le boithabisong. (1 Timothea 6:9, 10; 1 Johanne 2:15-17) Hona hohle ho fella ka hore ba fifalloe ke pono ea lintho tsa moea. (Baheberu 5:11, 12) Ho e-na le ho ba boemong bo foofo bo tepeletsang, ho hlokahala hore ba boele ba hotetse “mollo oa moea” le ho bontša mafolofolo a khathollang a ‘ho bolela lentsoe.’—1 Bathesalonika 5:19; 2 Timothea 4:2, 5.
9. (a) Ke mantsoe afe a Jesu a lokelang ho hlekehla Bakreste ba foofo, hona hobane’ng? (b) Phutheho e ka thusa “linku” tse hlahlathelang joang?
9 Jesu o talima Bakreste ba foofo joang? Mantsoe a hae a tobang taba a lokela ho ba hlekehla: “Ha u tsebe hore u sōtō ’me ua haula ebile u mofutsana ’me u foufetse ebile u hlobotse.” Matsoalo a bona a shoohlo hoo ba seng ba sa hlokomele boemo ba bona bo hlabisang lihlong. (Bapisa le Liproverbia 16:2; 21:2.) Boemo bona bo tebileng bo teng ka phuthehong bo ke ke ba hlokomolohuoa. Ka ho beha mohlala o motle oa ho cheseha le ka ho alosa ka lerato, baholo le ba bang bao ba ba abetseng ho etsa joalo ba ka khona ho tsosa “linku” tsena tse hlahlathelang hore li boele li thabele ho etsa tšebeletso ea pelo eohle.—Luka 15:3-7.
Keletso Mabapi le ‘ho Rua’
10. Ke “khauta” efe eo Jesu a reng Bakreste ba Laodisia ba e reke ho eena?
10 Na ho na le se ka phekolang boemo bo soabisang bo teng Laodisia? E, haeba Bakreste bao ba ka latela keletso ea Jesu ha a re: “Ke u eletsa hore u reke ho ’na khauta e hloekisitsoeng ka mollo e le hore u ka ba ea ruileng.” (Tšenolo 3:18a) “Khauta” ea ’nete ea Bokreste, e hloekisitsoeng ka mollo ea ba ea tlosoa manya ’ohle, e tla etsa hore ba ‘ruele ho Molimo.’ (Luka 12:21) Ba ka reka khauta e joalo hokae? Eseng ho bo-ralibanka ba sebaka seo empa ho Jesu! Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore na khauta eo ke eng ha a ne a re Timothea a laele Bakreste ba ruileng hore “ba sebetse se molemo, hore ba rue mesebetsing e metle, hore ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana, ba ipolokele ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso.” Ke ka ho ikitlaetsa ka tsela ena feela ba neng ba ka “tšoara ka tieo bophelo ba sebele.” (1 Timothea 6:17-19) Balaodisia ba ruileng lintho tse bonahalang ba ne ba lokela hore ebe ba ile ba latela keletso ea Pauluse ’me ba fetoha ba ruileng moeeng.—Bona le Liproverbia 3:13-18.
11. Re na le mehlala efe kajeno ea ba rekang “khauta e hloekisitsoeng ka mollo”?
11 Na ho na le mehlala ea kajeno ea ba rekang “khauta e hloekisitsoeng ka mollo”? E, e teng! Esita leha letsatsi la Morena le ne le atamela, sehlotšoana sa liithuti tsa Bibele se ne se ntse se hlokomela hore lithuto tse ngata tsa Babylona tsa Bokreste-’mōtoana ke tsa bohata, tse kang Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea, tlhokofatso ea mollo oa lihele, kolobetso ea masea le borapeli ba litšoantšo (ho akarelletsa litšoantšo tsa Maria le sefapano). Ka ho buella ’nete ea Bibele, Bakreste bana ba ne ba phatlalatsa hore ’Muso oa Jehova ke oona tšepo feela ea batho le hore sehlabelo sa thekollo sa Jesu ke oona motheo oa ho bolokeha. Lilemo tse ka bang 40 esale pele, ba ile ba bolela hore 1914 e ne e le selemo se tšoailoeng boprofeteng ba Bibele e le ho fela ha mehla ea Balichaba, le hore ho ne ho tla ba le liketsahalo tse makatsang lefatšeng ka nako eo.—Tšenolo 1:10.
12. Ke mang eo e neng e le e mong oa ba etellang pele har’a Bakreste ba falimehileng, hona o ile a beha mohlala o motle joang ka ho bokella matlotlo leholimong?
12 Ea neng a eteletse pele har’a Bakreste bana ba falimehileng e ne e le Charles Taze Russell eo, mathoasong a bo-1870, a ileng a theha sehlopha sa thuto ea Bibele Allegheny (eo hona joale e leng karolo ea Pittsburgh), Pennsylvania, U.S.A. Ha a qala ho batla ’nete, Russell o ne a kopanetse khoebo le ntate oa hae ’me o ne a le mocheng oa ho ba ralimilione. Empa o ile a rekisa khoebo ea hae ea mabenkele a mangata ’me a sebelisa chelete ea hae ho thusa ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle. Ka 1884 Russell e ile ea e-ba mookameli oa pele oa mokhatlo oo hona joale o tsejoang e le Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. Ka 1916 o ile a shoela tereneng haufi le Pampa, Texas, a le tseleng e eang New York, a khathalitsoe ke leeto la hae la ho qetela la ho bolela United States bophirimela. O ile a beha mohlala o motle oa ho bokella matlotlo a moea leholimong, e leng mohlala oo kajeno o lateloang ke basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba makholo a likete ba itetseng.—Baheberu 13:7; Luka 12:33, 34; bapisa le 1 Bakorinthe 9:16; 11:1.
Ho Sebelisa Moriana o Tlolang Mahlo oa Moea
13. (a) Moriana o tlolang mahlo oa moea o ne o tla ntlafatsa boemo ba Balaodisia joang? (b) Jesu o buella liaparo tsa mofuta ofe, hona hobane’ng?
13 Jesu o boetse o eletsa Balaodisia bao ka matla o re: “U reke . . . liaparo tsa ka ntle tse tšoeu e le hore u ka apara le hore lihlong tsa ho hlobola ha hao li se ke tsa bonahala, le moriana o tlolang mahlo hore u o pikitle mahlong e le hore u ka bona.” (Tšenolo 3:18b) Ba lokela ho batla pheko bakeng sa bofofu ba bona ba moea ka ho ithekela moriana o tlolang mahlo o phekolang, eseng oa bafolisi ba moo, empa oa mofuta o mong oo e leng Jesu feela ea ka fanang ka oona. Sena se ne se tla ba thusa hore ba be le temoho ea moea, se ba thuse hore ba tsamaee ‘tseleng ea ba lokileng’ ’me ba tsepamise mahlo a bona a khanyang ho etseng thato ea Molimo. (Liproverbia 4:18, 25-27) Kahoo, ba ne ba ke ke ba apara liaparo tse theko e boima tsa boea bo botšo tse etsoang sebakeng seo sa Laodisia, empa ba ne ba tla apara “liaparo tsa ka ntle tse tšoeu” tse ntle tse totobatsang hore ke ba nang le tlotla ea ho ba balateli ba Jesu Kreste.—Bapisa le 1 Timothea 2:9, 10; 1 Petrose 3:3-5.
14. (a) Ke moriana ofe o tlolang mahlo oa moea o ’nileng oa fumaneha ho tloha ka 1879? (b) Eo e hlileng e leng eena ea tšehetsang Lipaki Tsa Jehova ka lichelete ke mang? (c) Tšebelisong ea menehelo, Lipaki Tsa Jehova li fapana joang le ba bang?
14 Na moriana o tlolang mahlo oa moea oa fumaneha mehleng ea kajeno? Ka sebele oa fumaneha! Ka 1879 Moruti Russell, kamoo a neng a bitsoa kateng ka lerato, o ile a qala ho hatisa makasine eo kajeno e tsebahalang lefatšeng ka bophara e le Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova ka morero oa ho sireletsa ’nete. Khatisong ea oona ea bobeli, o ile a re: “[Makasine ena], re lumela hore e tšehetsoa ke JEHOVA, ’me hafeela ho ntse ho le joalo, e ke ke ea qela leha e le ho kōpa batho hore ba e tšehetse. Ha Ea reng: ‘Khauta eohle le silevera eohle tse lithabeng ke tsa ka,’ a hlōleha ho fana ka lichelete tse hlokahalang, re tla utloisisa hore ke nako ea ho khaotsa makasine ena ka nakoana.” Baevangeli ba bang ba thelevishene ba ipokeletse lichelete tse ngata-ngata ’me ba phela mabothobothong a hlabisang lihlong (’me ka linako tse ling e le ka boitšoaro bo bobe). (Tšenolo 18:3) Ha ho bapisoa, Liithuti Tsa Bibele, tse tsejoang e le Lipaki Tsa Jehova kajeno, li sebelisitse menehelo eohle e fumanoang ka boithatelo ho hlophisa le ho ntšetsa pele boboleli ba ’Muso o tlang oa Jehova lefatšeng ka bophara. Ho tla fihlela kajeno sehlopha sa Johanne se hlophisa ho hatisoa ha Molula-Qhooa le Tsoha!, e leng limakasine tseo ka bobeli ba tsona ho ileng ha hatisoa likopi tsa tsona tse fetang limilione tse 59 ka 2006. Molula-Qhooa o fumaneha ka lipuo tse ka bang 150. Ke koranta ea phutheho ea Bakreste ba fetang limilione tse tšeletseng ba ’nileng ba sebelisa moriana o joalo o tlolang mahlo oa moea ho tutubolla mahlo a bona hore a bone bolumeli ba bohata le hore litaba tse molemo li lokela ho boleloa ka potlako lichabeng tsohle.—Mareka 13:10.
Ho Rua Molemo Khalemelong le Taeong
15. Ke hobane’ng ha Jesu a eletsa Bakreste ba Laodisia ka matla, ’me phutheho eo e lokela ho etsa’ng ha e utloa keletso eo?
15 A re khutleleng ho Balaodisia. Ba tla etsa’ng ha ba utloa keletso e matla ea Jesu? Na ba lokela ho nyahama ’me ba nke hore Jesu ha a sa batla hore e be balateli ba hae? Che, ho hang ha ho joalo. Molaetsa oo o tsoela pele ho re: “Ke khalemela bohle bao ke ba ratang ’me kea ba laea. Ka hona cheseha ’me u bake.” (Tšenolo 3:19) Joaloka taeo e tsoang ho Jehova, taeo ea Jesu ke pontšo ea lerato la hae. (Baheberu 12:4-7) Phutheho ea Laodisia e lokela ho nka monyetla ka kameho ea hae e lerato ’me e sebelise keletso ea hae. E lokela ho baka, e hlokomele hore ho ba foofo ha eona ho tšoana le ho etsa sebe. (Baheberu 3:12, 13; Jakobo 4:17) Baholo ba eona ba lokela ho khaotsa ho lelekisa lintho tse bonahalang, ’me ba “fehle joaloka mollo” mpho ea bona e tsoang ho Molimo. Ha moriana o tlolang mahlo oa moea o sebetsa, bohle ba ka phuthehong ba tla fumana khatholoho e tšoanang le ea moea o pholileng oa metsi a batang a seliba se kollang.—2 Timothea 1:6; Liproverbia 3:5-8; Luka 21:34.
16. (a) Lerato la Jesu le kameho ea hae li bonahatsoa joang kajeno? (b) Haeba re eletsoa ka matla, re lokela ho etsa joang?
16 Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Jesu o tsoela pele ho ‘rata ba hae ba leng lefatšeng.’ Hona o tla ho etsa “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Johanne 13:1; Matheu 28:20) Lerato la hae le kameho ea hae li bonahatsoa ka sehlopha sa kajeno sa Johanne le linaleli, kapa baholo, ka phuthehong ea Bokreste. (Tšenolo 1:20) Mehleng ena ea liteko tse matla, baholo ba amehile ka botebo ka ho re thusa kaofela, ba baholo le ba banyenyane, ho re boloka ka hare ho lesaka la puso ea Molimo, ho hanela moea oa boitaolo, meharo ea lintho tse bonahalang le boitšoaro bo litšila ba lefatše lena. Haeba ka linako tse ling re eletsoa kapa re lauoa ka thata, a re hopoleng hore “likhalemelo tsa taeo ke tsela ea bophelo.” (Liproverbia 6:23) Kaofela ha rōna ha rea phethahala ’me re lokela ho chesehela ho baka ha ho hlokahala e le hore re ka lokisoa ’me ra lula leratong la Molimo.—2 Bakorinthe 13:11.
17. Leruo le ka ba kotsi joang ho rōna moeeng?
17 Ha rea lokela ho lumella ho rata lintho tse bonahalang, maruo, kapa ho hloka maruo ho re etsa hore re be foofo. Leruo le ka thusa ho bula menyetla e mecha ea tšebeletso, empa le ka boela la e-ba kotsi. (Matheu 19:24) Motho ea ikhonang a ka ’na a nahana hore ha ho hlokahale hore a chesehele mosebetsi oa ho bolela joaloka ba bang, hafeela a ntša monehelo o tōma nako le nako. Kapa a ka ’na a ikutloa hore ho rua ho mo fa tokelo ea hore a fuoe menyetla e itseng. Ho phaella moo, morui o bulehetsoe ke monyetla oa ho thabela menate e mengata le boithabiso tseo ba bang ba ke keng ba li khona. Empa menate eo e ja nako ’me e ka ’na ea sitisa ea seng seli hore a kopanele tšebeletsong ea Bokreste, kahoo ea etsa hore ea seng bohlale a be foofo. E se eka re ka qoba maraba ’ohle a joalo ’me ra ’na ra ‘sebetsa ka thata ’me ra ikitlaetsa’ ka pelo eohle, re lebeletse bophelo bo sa feleng.—1 Timothea 4:8-10; 6:9-12.
‘Ho ja Lijo Tsa Shoalane’
18. Jesu o fa Bakreste ba Laodisia monyetla ofe?
18 Jesu o tsoela pele ho re: “Bona! Ke eme monyako ’me kea kokota. Haeba mang kapa mang a utloa lentsoe la ka ’me a bula monyako, ke tla kena ka tlung ea hae ’me ke je lijo tsa shoalane le eena ’me eena a li je le ’na.” (Tšenolo 3:20) Hafeela Bakreste ba Laodisia ba ka amohela Jesu phuthehong ea bona, o tla ba thusa hore ba hlōle ho ba foofo ha bona!—Matheu 18:20.
19. Jesu o fana ka maikutlo afe ha a tšepisa hore o tla ja lijo tsa shoalane le phutheho ea Laodisia?
19 Ha Jesu a bua ka lijo tsa shoalane ha ho pelaelo hore hoo ho hopotsa Balaodisia linako tseo ka tsona a neng a e-ja lijo le barutuoa ba hae. (Johanne 12:1-8) Kamehla liketsahalo tse joalo li ne li tlisetsa ba teng mahlohonolo a moea. Ka ho tšoanang, ho bile le liketsahalo tse hlokomelehang ka mor’a hore Jesu a tsohe ha a ne a le lijong le barutuoa ba hae, e leng liketsahalo tse ileng tsa ba matlafatsa haholo. (Luka 24:28-32; Johanne 21:9-19) Kahoo, ha a tšepisa hore o tla tla phuthehong ea Laodisia ’me a je lijo tsa shoalane le bona seo ke tšepiso ea hore o tla ba tlisetsa melemo e enneng ea moea hafeela ba ka mo amohela.
20. (a) Qalehong ea letsatsi la Morena, ho ba foofo ha Bokreste-’mōtoana ho ile ha fella ka eng? (b) Kahlolo ea Jesu e amme Bokreste-’mōtoana joang?
20 Khothatso e lerato ea Jesu ho Balaodisia ke ea bohlokoa haholo ho masala a Bakreste ba tlotsitsoeng kajeno. Ba bang ba Bakreste bana baa hopola hore, ha letsatsi la Morena le qala, balumeli ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba le foofo ka mokhoa o hlabisang lihlong. Ho e-na le ho amohela Morena oa rōna ha a khutla ka 1914, baruti ba bona ba ile ba ikakhela ka setotsoana polaong ea Ntoa ea I ea Lefatše, eo ho eona ho lichaba tse 28 tse neng li loantšana, tse 24 li neng li ipolela hore ke tsa Bokreste. Ba molato o mokaakang oa mali! Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, eo le eona e ileng ea loanoa haholo-holo linaheng tse reng ke tsa Bokreste, libe tsa bolumeli ba bohata li ile tsa boela tsa ‘khobokellana ho ea fihla leholimong.’ (Tšenolo 18:5) Ho feta moo, baruti ba furaletse ’Muso o tlang oa Jehova ka ho tšehetsa Selekane sa Lichaba, Machaba a Kopaneng, le mekhatlo ea bochaba le ea ho fetohela mebuso, eo ho seng le o mong oa eona o ka rarollang mathata a batho. Ke khale Jesu a lahlile baruti, a ba ahlola haboima a ba a ba lahla feela joalokaha motšoasi oa litlhapi a lahla litlhapi tse mpe tseo a li tšoasitseng ka letlooa la hae. Boemo bo soabisang ba likereke tsa Bokreste-’mōtoana kajeno bo paka hore bo se bo ahlotsoe. E se eka phello ea bona ea ho qetela e ka ba temoso ho rōna!—Matheu 13:47-50.
21. Ho tloha ka 1919 ho ea pele, Bakreste ba phuthehong ea ’nete ba ile ba etsa joang ha ba utloa mantsoe a Jesu a eang ho Bakreste ba Laodisia?
21 Esita le ka hare ho phutheho ea ’nete, ho ’nile ha e-ba le batho ba foofo ba tšoanang le seno se sa cheseng hamonate se bileng se sa bateng ka mokhoa o khathollang. Empa Jesu o ntse a rata phutheho ea hae ka mofuthu. O itlhahisa ho Bakreste ba mo amohelang, ’me ba bangata ba ile ba mo amohela, joalokaha eka ba mo amohella lijong tsa shoalane. Ka lebaka leo, ho tloha ka 1919 ho ea pele mahlo a bona a tutubolotsoe ’me ba utloisisa se boleloang ke boprofeta ba Bibele. Ba thabetse nako ea ho behoa leseling le leholo.—Pesaleme ea 97:11; 2 Petrose 1:19.
22. Ke lijo life tse tlang tsa shoalane tseo e ka ’nang eaba Jesu o ne a li hopotse, ’me ke bo-mang ba tla kopanela ho tsona?
22 Ha a bua le Balaodisia, e ka ’na eaba Jesu o ne a hopotse lijo tse ling tsa shoalane. Hamorao ho Tšenolo re bala mantsoe ana: “Ho thaba ba memetsoeng lijong tsa shoalane tsa lenyalo la Konyana.” Ona ke mokete o moholo oa tlhōlo bakeng sa ho rorisa Jehova ka mor’a hore a phethahatse kahlolo holim’a bolumeli ba bohata—e leng mokete oo Kreste le monyaluoa oa hae ea feletseng oa ba 144 000 ba kopanelang ho oona leholimong. (Tšenolo 19:1-9) Litho tse ileng tsa mamela tsa phutheho eo ea boholo-holo ea Laodisia—e, le barab’abo Kreste Jesu ba tšepahalang kajeno, ba aparang liaparo tse hloekileng tse ba tsebahatsang e le Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nete—kaofela ba tla keteka le Monyali oa bona lijong tseo tsa shoalane. (Matheu 22:2-13) Ke tšusumetso e matla hakaakang ea ho cheseha le ho baka!
Terone ea Bahlōli
23, 24. (a) Jesu o boetse o bua ka moputso ofe? (b) Jesu o ile a lula teroneng ea hae ea Bomesia neng, ’me o qalile ho ahlola ba ipolelang hore ke Bakreste neng? (c) Ke tšepiso efe e babatsehang eo Jesu a ileng a e etsa ho barutuoa ba hae ha a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae?
23 Jesu o bua ka moputso o mong, o re: “Ea hlōlang ke tla mo neha ho lula le ’na teroneng ea ka, esita le joalokaha ke ile ka hlōla ’me ka lula le Ntate teroneng ea hae.” (Tšenolo 3:21) E le ho phethahatsa mantsoe a Davida a hlahang Pesalemeng ea 110:1, 2, ka mor’a hore Jesu ea tšepahalang a hlōle lefatše, o ile a tsosoa ka 33 C.E. ’me a phahamisoa hore a e’o lula le Ntate oa hae teroneng ea Hae leholimong. (Liketso 2:32, 33) Selemong se seng sa makhaola-khang, sa 1914, Jesu o ile a lula teroneng ea hae ea Bomesia e le Morena le Moahloli. Kamoo ho bonahalang kateng, kahlolo e ile ea qala ka 1918 ka ba ipolelang hore ke Bakreste. Bahlōli ba tlotsitsoeng ba shoeleng pele ho nako eo joale ba ne ba tla tsosoa ’me ba kopane le Jesu ’Musong oa hae. (1 Petrose 4:17) Ha a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae o ile a tšepisa barutuoa ba hae sena, a re ho bona: “Ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso, e le hore le ka ja le ho noa tafoleng ea ka ’musong oa ka, le ho lula literoneng ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.”—Luka 22:28-30.
24 Ke kabelo e babatsehang hakaakang—ho lula le Morena ea busang nakong ea ‘pōpo e entsoeng bocha’ le ho kopanela le eena, motheong oa sehlabelo sa hae se phethahetseng, ho etsa hore lefatše la batho ba mamelang e boele e be le phethahetseng joalokaha ho ne ho le joalo Edene! (Matheu 19:28; 20:28) Joalokaha Johanne a re tsebisa, Jesu o etsa hore ba hlōlang e be “’muso, baprista ho Molimo le Ntat’ae,” hore ba lule literoneng tse pota-potileng terone e babatsehang ea leholimo ea Jehova. (Tšenolo 1:6; 4:4) Kaofela ha rōna—ebang re batlotsuoa kapa re batho ba etsang lefatše le lecha ba nang le tšepo ea ho kopanela ho tsosoloseng Paradeise—a re ke re nkeng ka ho teba mantsoe a Jesu a eang ho Balaodisia!—2 Petrose 3:13; Liketso 3:19-21.
25. (a) Joaloka melaetseng ea pele, Jesu o qetella molaetsa oa hae o eang Laodisia joang? (b) Kajeno Bakreste ka bomong ba lokela ho etsa joang ha ba utloa mantsoe a Jesu a eang phuthehong ea Laodisia?
25 Ka tsela e tšoanang le ka melaetsa ea pele, Jesu o qetella molaetsa ona ka mantsoe a khothatso a reng: “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho.” (Tšenolo 3:22) Re keneletse hare-hare ho nako ea bofelo. Re na le bopaki bo bongata ba hore ho hang Bokreste-’mōtoana ha bo na lerato. Ho fapana le bona, e se eka rōna joaloka Bakreste ba ’nete re ka nka bohato bo tiileng ha re utloa molaetsa oa Jesu o eang phuthehong ea Laodisia, e, ha re utloa melaetsa eohle e supileng ea Morena oa rōna e eang ho liphutheho. Hona re ka ho etsa ka ho kopanela ka matla ho phethahatsa boprofeta bo boholo ba Jesu bakeng sa mehla ea rōna: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:12-14.
26. Jesu o boetse o bua le Johanne ka ho toba neng, empa ke eng eo a kopanela ho eona?
26 Keletso ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng e felile. Ha ho moo a buang le Johanne hape ho Tšenolo ho fihlela khaolong ea ho qetela; empa o kopanela liponong tse ngata, ka mohlala, ha a phethahatsa likahlolo tsa Jehova. Joale a re kopaneleng le sehlopha sa Johanne tabeng ea ho hlahloba pono ea bobeli e tsotehang e senotsoeng ke Morena Jesu Kreste.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Libaka tsena li sibolotsoe ha ho epolloa sebaka seo Laodisia e neng e le ho sona.
[Lebokose le leqepheng la 73]
Ho Bapisa Lerato la Lintho Tse Bonahalang le Bohlale
Morao koana ka 1956, mongoli oa koranta e ’ngoe o ile a ngola mantsoe ana: “Ho hakanngoa hore lilemong tse lekholo tse fetileng motho feela ea tloaelehileng o ne a batla lintho tse 72, tseo ho tsona tse 16 li neng li nkoa e le tse hlokahalang. Kajeno, ho hakanngoa hore motho feela ea tloaelehileng o batla lintho tse 474, tseo ho tsona tse 94 e leng tse nkoang e le tse hlokahalang. Lilemong tse lekholo tse fetileng, barekisi ba ne ba khothalletsa motho feela ea tloaelehileng hore a batle lintho tse 200—empa kajeno ho na le lintho tse 32 000 tseo ho hlokahalang hore motho a ithibe hore a se ke a li reka. Lintho tseo motho a li hlokang lia fokola—tseo a li batlang, ha li na palo.” Kajeno, batho ba hlasetsoe ke khopolo ea hore leruo le matlotlo ke tsona lintho tse ka sehloohong bophelong. Kahoo, ba bangata ba hlokomoloha keletso e bohlale ea Moeklesia 7:12 e reng: “Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso; empa molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.”
[Setšoantšo se leqepheng la 67]
Metsi a neng a fihla Laodisia a ne a tla be a le foofo ka mokhoa o sa thabiseng. Bakreste ba Laodisia ba ne ba e-na le moea o foofo ka mokhoa o sa khotsofatseng