Khaolo 21
Likotlo Tsa Jehova Holim’a Bokreste-’mōtoana
Pono 5—Tšenolo 8:1–9:21
Moko-taba: Ho letsoa literompeta tse tšeletseng ho tse supileng
Nako ea phethahatso: Ho tloha ha Kreste Jesu a behoa teroneng ka 1914 ho isa matšoenyehong a maholo
1. Ho etsahala’ng ha Konyana e bula tiiso ea bosupa?
“MEEA e mene” esale e tšoeroe ho fihlela ba 144 000 ba Iseraele ea moea ba tiisitsoe ’me bongata bo boholo bo amohetsoe hore bo pholohe. (Tšenolo 7:1-4, 9) Leha ho le joalo, pele sefefo seo se befileng se qala holim’a lefatše, likahlolo tse boima tsa Jehova khahlanong le lefatše la Satane le tsona li tlameha ho tsebahatsoa! Ha Konyana e tsoela pele ho bula tiiso ea bosupa eo e bileng e leng ea ho qetela, e tlameha ebe Johanne o shebeletse ka thahasello e khōlō ho bona hore na ho tla senoleha eng. Joale o re bolella seo a se boneng: “Ha [Konyana] e bula tiiso ea bosupa, ha e-ba le khutso leholimong hoo e ka bang halofo ea hora. Ka bona mangeloi a supileng a emang ka pel’a Molimo, ’me a fuoa literompeta tse supileng.”—Tšenolo 8:1, 2.
Nako ea Thapelo e Matla
2. Ho etsahala eng nakong ea halofo ea hora ea tšoantšetso ha ho khutsitse leholimong?
2 Khutso ena ke ea bohlokoa! Halofo ea hora e ka bonahala e le nako e telele ha u letetse hore ho etsahale ntho e ’ngoe. Joale, esita le mantsoe a sa khaotseng a sehlopha sa leholimo se binang pina ea thoriso ha a sa utloahala. (Tšenolo 4:8) Hobane’ng? Johanne o bona lebaka ponong: “Lengeloi le leng la fihla ’me la ema aletareng, le e-na le sejana sa libano sa khauta; la fuoa libano tse ngata hore le li nyehele le lithapelo tsa bahalaleli bohle holim’a aletare ea khauta e neng e le ka pel’a terone. Mosi oa libano oa nyoloha letsohong la lengeloi hammoho le lithapelo tsa bahalaleli ka pel’a Molimo.”—Tšenolo 8:3, 4.
3. (a) Ho chesoa ha libano ho re hopotsa eng? (b) Morero oa ho khutsa halofo ea hora leholimong ke ofe?
3 Hona ho re hopotsa hore tsamaisong ea lintho ea Sejuda, libano li ne li chesoa letsatsi le letsatsi tabernakeleng ’me, lilemong tsa morao, li ile tsa chesetsoa tempeleng e Jerusalema. (Exoda 30:1-8) Nakong ea ha ho ne ho chesoa libano, Baiseraele bao e neng e se baprista ba ne ba ema ka ntle ho sebaka se halalelang, ba rapela—ha ho pelaelo hore ba ne ba rapella ka lipelong tsa bona—ba rapela Eo mosi oa libano o neng o nyolohela ho eena. (Luka 1:10) Joale Johanne o bona ho etsahala ntho e tšoanang leholimong. Libano tse nyeheloang ke lengeloi li amahanngoa le “lithapelo tsa bahalaleli.” Ha e le hantle, ponong ea pejana, ho boleloa hore libano li emela lithapelo tse joalo. (Tšenolo 5:8; Pesaleme ea 141:1, 2) Joale, ka ho totobetseng ho khutsa ha tšoantšetso leholimong e ne e le ho lumella hore lithapelo tsa bahalaleli ba lefatšeng li utluoe.
4, 5. Ke lintho life tse ileng tsa etsahala tse re thusang ho fumana nako e lumellanang le halofo ea hora ea ho khutsa ea tšoantšetso?
4 Na re ka fumana hore na hoo ho etsahetse neng? E, re ka fumana, ka ho hlahloba moelelo, hammoho le lintho tse ileng tsa etsahala qalong ea letsatsi la Morena. (Tšenolo 1:10) Ka 1918 le ka 1919, lintho tse ileng tsa etsahala lefatšeng li ile tsa lumellana ka mokhoa o tsotehang le pono e hlalositsoeng ho Tšenolo 8:1-4. Ka lilemo tse 40 pele ho 1914, Liithuti Tsa Bibele—kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo—li ne li ntse li phatlalatsa ka sebete hore linako tsa Balichaba li ne li tla fela ka selemo seo. Liketsahalo tse sithabetsang tsa 1914 li ile tsa paka hore li ne li nepile. (Luka 21:24; Matheu 24:3, 7, 8) Empa tse ngata tsa tsona li ne li boetse li lumela hore ka 1914 li ne li tla nkuoa lefatšeng lena li isoe lefeng la tsona leholimong. Hoo ha hoa ka ha etsahala. Ho e-na le hoo, nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, li ile tsa mamella nako ea mahloriso a tšabehang. Ka la 31 October, 1916, mookameli oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, Charles T. Russell, o ile a shoa. Joale, ka la 4 July, 1918, mookameli e mocha, Joseph F. Rutherford, le baemeli ba bang ba supileng ba Mokhatlo ba ile ba isoa Atlanta, Georgia, teronkong, ba ahloletsoe lilemo tse telele teronkong ka phoso.
5 Bakreste ba tšepahalang ba sehlopha sa Johanne ba ne ba tsielehile. Molimo o ne a batla hore ba etse’ng ka mor’a moo? Ba ne ba tla nkeloa leholimong neng? Sehlooho se neng se re “Kotulo e Felile—Ho Tla Latela Eng?” se ile sa hlaha makasineng ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa May 1, 1919. Se ile sa bua ka boemo bona ba ho se tsitse sa ba sa khothalletsa ba tšepahalang hore ba tsoele pele ho mamella, sa phaella ka ho re: “Re lumela hore joale ke ’nete hore kotulo ea sehlopha sa ’muso e phethiloe, le hore bohle ba joalo ba tiisitsoe ka nepo le hore monyako o koetsoe.” Nakong ena e thata, lithapelo tse matla tsa sehlopha sa Johanne li ne li nyoloha, joalokaha eka ke mosi oa libano tse ngata. ’Me ka sebele lithapelo tsa bona li ne li utluoa!
Ho Akhela Mollo Lefatšeng
6. Ho etsahala eng ka mor’a ho khutsa leholimong, ’me hoo ke karabelo ea eng?
6 Johanne o re bolella sena: “Empa hang-hang lengeloi la nka sejana sa libano, ’me la se tlatsa o mong oa mollo oa aletare ’me la o lihela lefatšeng. Ha e-ba le lialuma le mantsoe le mahalima le tšisinyeho ea lefatše.” (Tšenolo 8:5) Ka mor’a khutso eo, hang-hang ho qaleha tšebetso e mafolofolo! Ka ho totobetseng ena ke karabelo ea lithapelo tsa bahalaleli, kaha e qalisoa ke ha ho nkoa mollo aletareng ea libano. Morao koana ka 1513 B.C.E., Thabeng ea Sinai, lialuma le mahalima, lerata le leholo, mollo le ho sisinyeha ha thaba li ile tsa bontša hore Jehova o ela batho ba hae hloko. (Exoda 19:16-20) Ka ho tšoanang, lipontšo tse tšoanang tse tlalehiloeng ke Johanne li bontša hore Jehova o ela bahlanka ba hae ba lefatšeng hloko. Empa seo Johanne a se bonang se hlahisitsoe ka lipontšo. (Tšenolo 1:1) Joale kajeno mollo, lialuma, mantsoe, mahalima le tšisinyeho ea lefatše tsa tšoantšetso li ka hlalosoa joang?
7. (a) Jesu o ile a qala mollo ofe oa tšoantšetso lefatšeng nakong ea tšebeletso ea hae? (b) Barab’abo Jesu ba moea ba ile ba hotetsa mollo joang Bokreste-’mōtoaneng?
7 Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ke tletse ho qala mollo lefatšeng.” (Luka 12:49) Bonneteng, o ile a fela a qala mollo. Ka ho bolela ha hae ka cheseho, Jesu o ile a etsa hore ’Muso oa Molimo e be tseko e khōlō ka pel’a Bajuda, ’me hona ha hotetsa khang e chesang har’a sechaba seo kaofela. (Matheu 4:17, 25; 10:5-7, 17, 18) Ka 1919 barab’abo Jesu ba moea ba lefatšeng, e leng sehlotšoana sa Bakreste ba tlotsitsoeng ba ileng ba pholoha linako tse lekang tsa Ntoa ea I ea Lefatše, ba ile ba hotetsa mollo o tšoanang Bokreste-’mōtoaneng. Ka September hona selemong seo, ho ile ha bonahala bopaki bo tsotehang ba moea oa Jehova ha Lipaki tsa hae tse tšepahalang li bokana Cedar Point, Ohio, U.S.A. li e-tsoa hōle le haufi. Joseph F. Rutherford ea neng a sa tsoa lokolloa teronkong ’me liqoso tsohle tseo a neng a qosoa ka tsona li le haufi le ho nyahlatsoa, ka sebete o ile a bua kopanong eo, a re: “E le ho bontša hore re mamela taelo ea Morena oa rōna, le hore re hlokomela tlotla eo re nang le eona le mosebetsi oa rōna oa ho loantša liphoso tse metseng ka metso tse ’nileng tsa kenya batho botlamuoeng ka nako e telele, mosebetsi oa rōna e ne e le ho phatlalatsa ’muso o khanyang o tlang oa Mesia ’me e ntse e le oona le hona joale.” Eo ke eona tseko e ka sehloohong—’Muso oa Molimo!
8, 9. (a) J F. Rutherford o ile a hlalosa boikutlo ba batho ba Molimo le takatso ea bona joang nakong ea lilemo tse thata tsa ntoa? (b) Mollo o ile oa akheloa lefatšeng joang? (c) Lialuma, mantsoe, mahalima le tšisinyeho ea lefatše li hlahile joang?
8 Ha sebui se bua ka mahlomola ao batho ba Molimo ba neng ba sa tsoa feta ho ’ona, se ile sa re: “Sera se ile sa hlasela ka tsela e hlokang mohau hoo ba bangata ba mohlape o ratehang oa Morena ba ileng ba makala ’me ba ema tlekelele! ba hloletsoe, ba rapela ba bile ba letetse hore Morena a bontše thato ea hae. . . . Empa ho sa tsotellehe ho nyahama ka nakoana, ho bile le cheseho e tukang ea ho bolela molaetsa oa ’muso.”—Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa September 15, 1919 leqepheng la 280.
9 Ka 1919 seo ba se lakatsang se ile sa phethahala. Ka kutloisiso ea moea, sehlopha sena sa Bakreste se neng se le senyenyane empa se le mafolofolo se ile sa tlala cheseho joalokaha eka se hotelitsoe hore se qale phutuho ea ho bolela lefatšeng ka bophara. (Bapisa le 1 Bathesalonika 5:19.) Mollo o ile oa akheloa lefatšeng ka kutloisiso ea hore ’Muso oa Molimo o ile oa etsoa tseko e tukang, ’me ho ntse ho le joalo! Mantsoe a matla a ile a nkela khutso sebaka, a utloahatsa molaetsa oa ’Muso ka ho hlaka. Ho ile ha utloahala litemoso tsa sefefo se tletseng lialuma tse tsoang Bibeleng. Joaloka mahalima, mahlaseli a khanyang a ’nete a ile a khanya a tsoa Lentsoeng la Jehova la boprofeta, ’me bolumeli bo ile ba sisinngoa ho ea metheong ea bona joalokaha eka bo sisinngoa ke tšisinyeho ea lefatše e khōlō. Sehlopha sa Johanne se ile sa bona hore ho na le mosebetsi o lokelang ho etsoa. ’Me ho tla fihlela kajeno, mosebetsi oo o tsoela pele ho atoloha ka ho hlollang ho pholletsa le lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona!—Baroma 10:18.
Ho Itokisetsa Melumo e Tlerolang ea Literompeta
10. Mangeloi a supileng a itokisetsa ho etsa eng, hona hobane’ng?
10 Johanne o tsoela pele ho re: “Mangeloi a supileng a nang le literompeta tse supileng a lokisetsa ho li letsa.” (Tšenolo 8:6) Ho letsoa ha literompeta tseo ho bolela’ng? Mehleng ea Iseraele, melumo e tlerolang ea literompeta e ne e sebelisoa ho tšoaea matsatsi a bohlokoa kapa liketsahalo tsa bohlokoa. (Levitike 23:24; 2 Marena 11:14) Ka ho tšoanang, melumo e tlerolang ea literompeta eo Johanne a tla e utloa e tla hlokomelisa ka litaba tsa bohlokoa tse amang lefu le bophelo.
11. Ho tloha ka 1919 ho fihlela ka 1922, sehlopha sa Johanne se ne se tšoarehile mosebetsing ofe o neng o lokela ho etsoa pele moo lefatšeng?
11 Ha mangeloi a itokisetsa ho letsa literompeta tseo, ha ho pelaelo hore a ne a boetse a fana ka tataiso mosebetsing o neng o lokela ho etsoa pele mona lefatšeng. Ho tloha ka 1919 ho fihlela ka 1922, sehlopha sa Johanne se tsosolositsoeng se ne se tšoarehile ka ho hlophisa tšebeletso ea boboleli bocha le ho haha mehaho ea khatiso. Ka 1919 ho ne ho hlahisitsoe makasine ea The Golden Age, eo kajeno e tsejoang e le Tsoha!, e le “Koranta ea ’Nete, Tšepo le Kholiseho”—’me e ile ea sebetsa joaloka terompeta e neng e tla phetha karolo ea bohlokoa ea ho pepesa ho itšunya-tšunya ha bolumeli ba bohata lipolotiking.
12. Molumo o mong le o mong o tlerolang oa terompeta o hlahisa eng, ’me see se re hopotsa eng e etsahetseng mehleng ea Moshe?
12 Joalokaha re tla bona hona joale, molumo o mong le o mong o tlerolang oa terompeta o hlahisa pono e tšabehang eo ho eona likarolo tse itseng tsa lefatše li fumanang likotlo tse sisimosang. Tse ling tsa tsona li re hopotsa likotlo tseo Jehova a ileng a otla Baegepeta ka tsona mehleng ea Moshe. (Exoda 7:19–12:32) E ne e le lipontšo tsa kahlolo ea Jehova sechabeng seo, ’me li ile tsa bula tsela ea hore batho ba Molimo ba tsoe bokhobeng. Likotlo tse bonoeng ke Johanne li phetha ntho e tšoanang. Leha ho le joalo, hase likotlo tsa sebele. Ke lipontšo tse tšoantšetsang likahlolo tse lokileng tsa Jehova.—Tšenolo 1:1.
Ho Khetholla “Karolo ea Boraro”
13. Ho etsahala’ng ha ho letsoa literompeta tsa pele tse ’nè, ’me hoo ho hlahisa potso efe?
13 Joalokaha re tla bona, ha ho letsoa literompeta tsa pele tse ’nè, “karolo ea boraro” ea lefatše, ea leoatle, ea linōka le liliba tsa metsi, le ea mehloli ea lefatše ea leseli e fumana likotlo. (Tšenolo 8:7-12) Karolo ea boraro ke karolo e khōlō ea ntho e itseng empa hase ntho eo kaofela. (Bapisa le Esaia 19:24; Ezekiele 5:2; Zakaria 13:8, 9.) Joale ‘karolo ea boraro’ e neng e tla lokeloa ke likotlo tsee ka ho fetisisa ke efe? Boholo ba batho bo ’nile ba foufatsoa le ho silafatsoa ke Satane le peō ea hae. (Genese 3:15; 2 Bakorinthe 4:4) Boemo bona bo tšoana le bo hlalositsoeng ke Davida ha a re: “Kaofela ba khelohile, ba bolile kaofela ka ho tšoanang; ha ho ea etsang se molemo, esita le ea mong.” (Pesaleme ea 14:3) E, batho bohle ba kotsing ea ho fumana kahlolo e boima. Empa karolo e ’ngoe ea bona e molato ka ho khethehileng. Karolo e le ’ngoe—“karolo ea boraro”—e ne e lokela hore ebe e tseba se nepahetseng! ‘Karolo eo ea boraro’ ke eng?
14. Karolo ea boraro ea tšoantšetso e amohelang melaetsa ea likotlo tse tsoang ho Jehova ke efe?
14 Ke Bokreste-’mōtoana! Ka bo-1920, tšusumetso ea bona e ne e aparetse hoo e ka bang karolo ea boraro ea batho. Bolumeli ba bona bo hlahisitsoe ke bokoenehi bo boholo bo tsoileng Bokresteng ba ’nete—e leng bokoenehi boo Jesu le barutuoa ba hae ba ileng ba bo bolela esale pele. (Matheu 13:24-30; Liketso 20:29, 30; 2 Bathesalonika 2:3; 2 Petrose 2:1-3) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba bolela hore ba tempeleng ea Molimo ’me ba ipolela hore ke bona ba rutang batho Bokreste. Empa lithuto tsa bona li hōle le ’nete ea Bibele, ’me ba ntse ba tsoela pele ho nyelisa lebitso la Molimo. Kaha ka ho loketseng bo emeloa ke karolo ea boraro ea tšoantšetso, Bokreste-’mōtoana bo amohela melaetsa e matla ea likotlo tse tsoang ho Jehova. Ho hang karolo eo ea boraro ea batho ha e tšoaneloe ke mohau oa Molimo!
15. (a) Na molumo o tlerolang oa terompeta ka ’ngoe o utloahala ka selemo se itseng feela? Hlalosa. (b) Ke bo-mang ba kopantseng mantsoe a bona le a sehlopha sa Johanne ho phatlalatsa likahlolo tsa Jehova?
15 Tumellanong le hore melumo e tlerolang ea literompeta e utloahala ka tatellano, ho ile ha etsoa liqeto tse khethehileng likopanong tse supileng ho tloha ka 1922 ho fihlela ka 1928. Empa ho letsoa ha literompeta ha hoa ka ha fella lilemong tseo feela. Ho pepesoa ho matla ha litsela tse khopo tsa Bokreste-’mōtoana ho ’nile ha tsoela pele, ho sa khaotse, ha letsatsi la Morena le ntse le tsoela pele. Likahlolo tsa Jehova li tlameha ho phatlalatsoa hohle, ho lichaba tsohle, ho sa tsotellehe lehloeo le mahloriso a tsoang lichabeng tse ngata. E tla ba hona bofelo ba tsamaiso ea Satane bo tlang. (Mareka 13:10, 13) Ka thabo, hona joale bongata bo boholo bo kopantse mantsoe a bona le a sehlopha sa Johanne ho hasa liphatlalatso tseo tsa lialuma tsa bohlokoa lefatšeng ka bophara.
Karolo ea Boraro ea Lefatše ea Cha
16. Ho latela eng ha lengeloi la pele le letsa terompeta ea lona?
16 Ha a tlaleha ka mangeloi, Johanne o ngola sena: “La pele la letsa terompeta ea lona. Ha e-ba le sefako le mollo o tsoakaneng le mali, ’me tsa liheloa lefatšeng; karolo ea boraro ea lefatše ea cha, le karolo ea boraro ea lifate ea cha, le limela tsohle tse tala tsa cha.” (Tšenolo 8:7) Ena e tšoana le kotlo ea bosupa Egepeta, empa e bolela eng mehleng ee ea rōna?—Exoda 9:24.
17. (a) Lentsoe “lefatše” le hlahang ho Tšenolo 8:7 le emela eng? (b) Karolo ea boraro ea lefatše ea Bokreste-’mōtoana e chesoa joang?
17 Ka Bibeleng, lentsoe “lefatše” hangata le bolela batho. (Genese 11:1; Pesaleme ea 96:1) Kaha kotlo ea bobeli e leoatleng, leo le lona le amanang le batho, e tlameha ebe “lefatše” le bolela mokhatlo oa batho o bonahalang o tsitsitse oo Satane a o hahileng le o tla timetsoa. (2 Petrose 3:7; Tšenolo 21:1) Pono ea kotlo ena e senola hore karolo ea boraro ea lefatše ea Bokreste-’mōtoana e bataoloa ke mocheso o bohale oa khalefo ea Jehova. Ba hlaheletseng—ba emeng ka har’a bona joaloka lifate—ba chesoa ke ho boleloa ha kahlolo e boima ea Jehova. Haeba litho tsohle tsa bona tse makholo a limilione tse kenang kereke li ntse li tsoela pele ho tšehetsa bolumeli ba Bokreste-’mōtoana, li tšoana le joang bo chesitsoeng ke letsatsi, li ponne moeeng mahlong a Molimo.—Bapisa le Pesaleme ea 37:1, 2.a
18. Molaetsa oa kahlolo oa Jehova o ile oa phatlalatsoa joang kopanong ea Cedar Point ka 1922?
18 Molaetsa oo oa kahlolo o fetisoa joang? Ka kakaretso, hase ka mecha ea litaba ea lefatše, eo e leng karolo ea lefatše le eo hangata e nyelisang “lekhoba” la Molimo. (Matheu 24:45) O ile oa boleloa ka tsela e hlokomelehang pokanong ea bobeli e sa lebaleheng ea batho ba Molimo Cedar Point, Ohio, ka la 10 September, 1922. Bana ka ntsoe-leng le ka cheseho ba ile ba amohela qeto e reng “Phephetso ho Baeta-pele ba Lefatše.” Ka mantsoe a tobileng, qeto ena e ile ea lemosa lefatše la kajeno la tšoantšetso ka tsela e latelang: “Ka lebaka leo re ipiletsa ho lichaba tsa lefatše, babusi ba tsona le baeta-pele ba tsona, le baruti bohle ba likereke tsohle tsa lefatše, balateli ba bona le metsoalle ea bona, khoebo e khōlō le bo-ralipolotiki ba baholo, hore ba hlahise bopaki ba bona bo lokafatsang boemo boo ba bo nkileng ba hore ba ka tlisa khotso le nala lefatšeng le ho tlisetsa batho thabo; ’me ha ba hlōleha ho etsa sena, re ipiletsa ho bona hore ba mamele bopaki boo re fanang ka bona re le lipaki tsa Morena, ba ntoo bolela hore na bopaki ba rōna ke ’nete kapa che.”
19. Batho ba Molimo ba ile ba fana ka bopaki bofe ho Bokreste-’mōtoana mabapi le ’Muso oa Molimo?
19 Bakreste baa ba ile ba fana ka bopaki bofe? Bona: “Re lumela le ho phatlalatsa hore ’muso oa Mesia ke pheko e feletseng ea mathata ’ohle a batho ’me o tla tlisa khotso lefatšeng le molemo ho batho, e leng lintho tse lakatsoang ke lichaba tsohle; hore ba ikokobetsang ka boithatelo pusong ea hae e lokileng e seng e qalile ba tla hlohonolofatsoa ka khotso e sa feleng, bophelo, tokoloho le thabo e sa feleng.” Mehleng ena ea bobolu, ha mebuso ea batho, haholo-holo e linaheng tse bolelang hore ke tsa Bokreste, e hlōleha ka ho feletseng ho rarolla mathata a lefatše, phephetso eo ea ho lla ha terompeta e utloahala ka matla le ho feta ka 1922. Ka sebele ke ’nete hore ’Muso oa Molimo o matsohong a Kreste oa hae ea hlōlang ke eona feela tšepo ea batho!
20. (a) Phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ile ea tsebahatsa melaetsa ea kahlolo ka mekhoa efe ka 1922 le ka morao ho moo? (b) Ho phatlalatsa molumo o tlerolang oa terompeta ea pele ho ile ha hlahisa litholoana life Bokreste-’mōtoaneng?
20 Ka liqeto tse phatlalatsoang, lipampitšana, libukana, libuka, limakasine le lipuo, phatlalatso ena hammoho le tse ileng tsa latela li ile tsa tsebahatsoa ka phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. Molumo o tlerolang oa terompeta ea pele o ile oa fella ka hore Bokreste-’mōtoana bo otloe joalokaha eka bo otloa ke metsi a ipōpileng a sefako se matla. Molato oa bona oa mali, o bakiloeng ke ho kopanela ha bona lintoeng tsa lekholong la bo20 la lilemo, o pepesitsoe, ’me bo bontšitsoe hore bo lokeloa ke pontšo ea khalefo ea Jehova e kang mollo. Sehlopha sa Johanne, seo hamorao se neng se se se tšehelitsoe ke bongata bo boholo, se tsoetse pele ho pheta molumo oa pele o tlerolang oa terompeta, se hlokomelisa kamoo Jehova a talimang Bokreste-’mōtoana kateng, hore bo loketsoe ke timetso.—Tšenolo 7:9, 15.
Joaloka Thaba e Tukang
21. Ho etsahala eng ha lengeloi la bobeli le letsa terompeta ea lona?
21 “Lengeloi la bobeli la letsa terompeta ea lona. Ho hong ho joaloka thaba e khōlō e tukang mollo ha liheloa ka leoatleng. Karolo ea boraro ea leoatle ea fetoha mali; ’me karolo ea boraro ea libōpuoa tse leng ka leoatleng tse nang le meea ea shoa, le karolo ea boraro ea likepe ea senyeha.” (Tšenolo 8:8, 9) Pono ee e tšosang e tšoantšetsa eng?
22, 23. (a) Ke qeto efe eo ntle ho pelaelo e ileng ea etsoa ka lebaka la ho letsoa ha terompeta ea bobeli? (b) “Karolo ea boraro ea leoatle” e emela eng?
22 Re ka e utloisisa hamolemo ha re e bapisa le se etsahetseng kopanong ea batho ba Jehova e neng e tšoaretsoe Los Angeles, California, U.S.A., ka la 18-26 August, 1923. Sehlooho sa puo eo J F. Rutherford a ileng a nehelana ka eona Moqebelo thapama se ne se re “Linku le Lipōli.” “Linku” li ile tsa khetholloa ka ho hlakileng e le batho ba sekametseng ho lokeng ba neng ba tla rua sebaka sa lefatšeng sa ’Muso oa Molimo. Qeto e ileng ea latela e ile ea hlokomelisa ka boikaketsi ba “baruti ba koenehileng le ‘litšiea tsa mehlape ea bona,’ e leng banna ba lefatše ba nang le tšusumetso e matla licheleteng le lipolotiking.” E ile ea ipiletsa ho “letšoele la ba ratang khotso le taolo likerekeng tse arohaneng . . . hore ba ikhule mekhatlong e sa lokang ea baruti eo Morena a e bitsang ‘Babylona’” le hore ba itokisetse “ho amohela mahlohonolo a ’muso oa Molimo.”
23 Ha ho pelaelo hore qeto ena e entsoe ka lebaka la ho letsoa ha terompeta ea bobeli. Ba neng ba tla amohela molaetsa oo ha nako e ntse e ea ba ne ba tla aroha ho bao Esaia a ba hlalositseng ka mantsoe ana: “Empa ba khopo ba joaloka leoatle le ntseng le akhotsoa, ha le sa khone ho kokobela, leo metsi a lona a akhotsang litlama-tlama tsa leoatle le seretse.” (Esaia 57:20; 17:12, 13) Kahoo, “leoatle” le tšoantšetsa batho ba hlokang phomolo, ba sa tsitsang, le ba tletseng bofetoheli ba fehlang merusu le phetohelo. (Bapisa le Tšenolo 13:1.) Nako e tla tla eo ka eona “leoatle” leo le tla ba sieo. (Tšenolo 21:1) Khabareng, ha ho utloahala molumo oa terompeta ea bobeli, Jehova o phatlalatsa kahlolo khahlanong le karolo ea boraro ea lona—e leng karolo e sa laoleheng e sebakeng sa Bokreste-’mōtoana ka bobona.
24. Ho cha ha qubu e kang thaba e ileng ea akheloa leoatleng ho tšoantšetsa eng?
24 Qubu e khōlō e kang thaba e tukang mollo e liheloa “leoatleng” lena. Ka Bibeleng, hangata lithaba li tšoantšetsa mebuso. Ka mohlala, ’Muso oa Molimo o tšoantšoa le thaba. (Daniele 2:35, 44) Babylona e senyang e ile ea fetoha “thaba e chesitsoeng.” (Jeremia 51:25) Empa qubu ena e kang thaba eo Johanne a e bonang e ntse e cha. Ho akheloa ha eona leoatleng ho emela hantle kamoo, nakong ea ntoa ea pele ea lefatše le ka mor’a eona, taba ea ’muso e ileng ea fetoha tseko e matla kateng har’a batho, haholo-holo linaheng tse ipolelang hore ke tsa Bokreste. Italy, Mussolini o ile a hlahisa Bofascista. Jeremane e ile ea amohela Bonazi ba Hitler, ha linaha tse ling li ile tsa leka mekhoa e fapaneng ea puso ea lentsoe la basebetsi. Phetoho e khōlō e ile ea e-ba teng Russia, moo phetohelo ea Bolshevik e ileng ea hlahisa naha ea pele ea Bokomonisi, e leng ho ileng ha fella ka hore baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba lahleheloe ke matla le tšusumetso moo pele e neng e le e ’ngoe ea liqhobosheane tsa bona.
25. Taba ea ’muso e ile ea tsoela pele ho ba tseko e matla joang ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše?
25 Liteko tsa ho sebelisa Bofascista le Bonazi li ile tsa felisoa ke ntoa ea bobeli ea lefatše, empa ’muso oa tsoela pele ho ba tseko e matla, ’me batho ba tšoanang le leoatle ba ile ba tsoela pele ho fehla le ho hlahisa mebuso e mecha ea phetohelo. Lilemong tse mashome tse ileng tsa latela ka mor’a 1945, ho ile ha hlongoa mebuso ena libakeng tse ngata tse kang Chaena, Vietnam, Cuba le Nicaragua. Greece teko ea ho sebelisa bompoli ba sesole e ile ea hlōleha. Ka lebaka la hore Kampuchea (Cambodia) e ile ea khetha ho sebelisa Bokomonisi ka ho feletseng, ho tlalehoa hore batho ba limilione tse peli le ho feta ba ile ba shoa.
26. ‘Thaba e tukang mollo’ e tsoetse pele ho baka maqhubu leoatleng la batho joang?
26 ‘Thaba eo e tukang mollo’ e ’nile ea tsoela pele ho baka maqhubu leoatleng la batho. Ho ’nile ha tlalehoa lintoa tsa ho loanela puso Afrika, Linaheng Tsa Amerika, Asia le lihlekehlekeng tsa Pacific. Boholo ba lintoa tsena bo etsahetse linaheng tse ipitsang tsa Bokreste kapa moo baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba fetohileng baitseki hona teng. Baruti ba Roma e K’hatholike ba bile ba ikopanya le litho tsa lihlopha tsa bokhukhuni tsa Bokomonisi ba ba ba loana hammoho le tsona. Ka nako e tšoanang, lihlopha tsa boevangeli tsa Prostanta li ile tsa sebetsa Amerika Bohareng ho thibela seo li neng li re ke “ho nyoreloa puso ho mabifi le ho sa khaotseng” ha Makomonisi. Empa ha ho le o mong oa merusu ena e leoatleng la batho e tlisitseng khotso le tšireletseho.—Bapisa le Esaia 25:10-12; 1 Bathesalonika 5:3.
27. (a) ‘Karolo ea boraro ea leoatle’ e fetohile e kang mali joang? (b) “Karolo ea boraro ea libōpuoa tse leng ka leoatleng” e shoele joang ’me ho etsahala’ng ka “karolo ea boraro ea likepe”?
27 Molumo oa terompeta ea bobeli o senola hore batho ba ileng ba itšunya-tšunya likhohlanong tsa ho loanela puso ho e-na le ho ikokobeletsa ’Muso oa Molimo ba molato oa mali. Haholo-holo “karolo ea boraro ea leoatle” ea Bokreste-’mōtoana e fetohile e kang mali. Lintho tsohle tse phelang ka hare ho lona li shoele mahlong a Molimo. Ha ho le o mong ho mekhatlo e fetelletsang lintho e phaphametseng joaloka likepe karolong eo ea boraro ea leoatle e ka qobang ho soahlamana qetellong. Re thaba hakaakang hore ebe hona joale batho ba limilione ba kang linku ba mametse pitso e kang ea terompeta ea hore ba ikarole ho ba ntseng ba poqa ka har’a moea oa bochaba oa ho talima litaba ka lehlakoreng le le leng le ka har’a molato oa mali oa leoatle leo!
Naleli e oa Leholimong
28. Ho etsahala’ng ha lengeloi la boraro le letsa terompeta ea lona?
28 “Lengeloi la boraro la letsa terompeta ea lona. Naleli e khōlō e tukang joaloka lebone ea oa leholimong, ’me ea oela holim’a karolo ea boraro ea linōka le holim’a liliba tsa metsi. Lebitso la naleli eo ke Lengana. Karolo ea boraro ea metsi ea fetoha lengana, ’me batho ba bangata ba shoa ke metsi ao, hobane a ne a entsoe hore a babe.” (Tšenolo 8:10, 11) Le ntlheng ena, likarolo tse ling tsa Bibele li re thusa ho bona kamoo lengolo lena le sebetsang kateng letsatsing la Morena.
29. Ke eng e tšoantšetsoang ke “naleli e khōlō e tukang joaloka lebone,” hona hobane’ng?
29 Re se re bone se tšoantšetsoang ke naleli melaetseng ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng, eo ho eona linaleli tse supileng li tšoantšetsang baholo ka liphuthehong.b (Tšenolo 1:20) “Linaleli” tse tlotsitsoeng, hammoho le batlotsuoa ba bang bohle, ba aha libakeng tsa leholimo ka kutloisiso ea moea ho tloha nakong eo ka eona ba tiisoang ka moea o halalelang e le letšoao la hore ke majalefa a leholimo. (Baefese 2:6, 7) Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a lemosa hore har’a ba joalo ba kang linaleli ho ne ho tla hlaha bakoenehi, bo-ralihlotšoana tsa bokhelohi, ba neng ba tla khelosa mohlape. (Liketso 20:29, 30) Ho se tšepahale ho joalo ho ne ho tla fella ka bokoenehi bo boholo, ’me baholo bana ba oeleng ba ne ba tla etsa karolo ea motho ea sa eeng ka molao ea neng a tla iphahamisetsa boemong bo kang ba molimo har’a batho. (2 Bathesalonika 2:3, 4) Lintho tsena tseo Pauluse a ileng a lemosa ka tsona li ile tsa phethahala ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba hlahella lefatšeng. Sehlopha sena se emeloa hantle ke setšoantšo sa “naleli e khōlō e tukang joaloka lebone.”
30. (a) Ha ho thoe morena oa Babylona o oele leholimong, ho ne ho boleloa’ng? (b) Ho oa leholimong ho ka bolela’ng?
30 Johanne o bona naleli ena e oa leholimong. Joang? Se etsahaletseng morena e mong oa boholo-holo se re thusa ho utloisisa. Ha Esaia a bua le morena oa Babylona, o ile a re: “U oele hakaakang leholimong, uena ea khanyang, mora oa mafube! U lihetsoe hakaakang lefatšeng, uena ea neng a holofatsa lichaba!” (Esaia 14:12) Boprofeta bona bo ile ba phethahala ha Babylona e ketoloa ke mabotho a Cyruse, ’me morena oa eona a theoha ka ntšoe-li-sa-fohloa boemong ba ho ba ’musi oa ’muso o moholo oa lefatše ha a hlōloa ka tsela e hlabisang lihlong. Kahoo, ho oa leholimong ho ka bolela ho lahleheloa ke boemo bo phahameng le ho oela nyelisong.
31. (a) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba oele neng boemong ba “leholimo”? (b) Metsi ao baruti ba fanang ka ’ona a fetohile “lengana” joang, ’me litholoana e bile life ho ba bangata?
31 Ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba koeneha Bokresteng ba ’nete, ba ile ba oa boemong bo phahameng ba “leholimo” bo hlalositsoeng ke Pauluse ho Baefese 2:6, 7. Ho e-na le ho fana ka metsi a hloekileng a ’nete, ba ile ba fana ka “lengana,” mashano a babang a tšoanang le lihele tsa mollo, pelekatori, Boraro-bo-bong le thuto ea hore qetello ea batho e reriloe esale pele; ho feta moo, ba ile ba isa lichaba ntoeng, ba hlōleha ho li haha hore e be bahlanka ba Molimo ba itšoereng hantle. Phello? Ba lumelang mashano ao ba ile ba jesoa chefo ea moea. Taba ea bona e ne e tšoana le ea Baiseraele ba sa tšepahaleng ba mehleng ea Jeremia, bao Jehova a ileng a re ho bona: “Bonang! ke ba jesa lengana, ’me ke tla ba fa metsi a chefo hore ba a noe. Etsoe bokoenehi bo ile naheng eohle bo tsoa ho baprofeta ba Jerusalema.”—Jeremia 9:15; 23:15.
32. Ho oa ha Bokreste-’mōtoana maholimong a moea ho ile ha bonahatsoa neng, ’me ho ile ha totobala joang?
32 Ho oa hona maholimong a moea ho ile ha totobala ka selemo sa 1919, ha ho ne ho khethoa masala a fokolang a Bakreste ba tlotsitsoeng, ho e-na le baruti ba Bokreste-’mōtoana, hore a hlokomele lintho tse amanang le ’Muso. (Matheu 24:45-47) Ho tloha ka 1922 ho oa hoo ho ile ha bonahatsoa ha sehlopha sena sa Bakreste se tsosolosa phutuho ea sona ea ho pepesa ho hlōleha ha baruti ba Bokreste-’mōtoana.
33. Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba pepesoa joang kopanong ea 1924 e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, U.S.A.?
33 Ho ileng ha totobala haholo tabeng ena e bile phatlalatso e ileng ea etsoa ketsahalong eo makasine ea The Golden Age e e hlalositseng e le “kopano e khōlōhali ea Liithuti Tsa Bibele e kileng ea tšoaroa.” Kopano ena e ile ea tšoareloa Columbus, Ohio, ka la 20-27 July, 1924. Ha ho pelaelo hore ka tataiso ea lengeloi le ileng la letsa terompeta ea boraro, qeto e matla e ile ea amoheloa moo ’me hamorao ho ile ha ajoa lipampitšana tsa eona tse limilione tse 50. E ile ea hatisoa e e-na le sehlooho se reng Ecclesiastics Indicted (Baruti Baa Qosoa). Sehloohoana se seng se ile sa tšohla taba e reng: “Peō e Tšepisitsoeng e Loantša Peō ea Noha.” Qoso ena e ile ea pepesa baruti ba Bokreste-’mōtoana ka ho feletseng litabeng tse kang tsa ho inkela litlotla tse phahameng tsa bolumeli, ho etsa hore bo-rakhoebo ba baholo le bo-ralipolotiki ba litsebi e be ba hlaheletseng mehlapeng ea bona, takatso ea bona ea ho khanya ka pel’a batho, le ho hana ha bona ho bolella batho molaetsa oa ’Muso oa Mesia. Ho ile ha hatisoa hore Mokreste e mong le e mong ea inehetseng o romiloe ke Molimo hore a phatlalatse “letsatsi la phetetso la Molimo oa rōna; ho tšelisa bohle ba siameng.”—Esaia 61:2.
34, 35. (a) Ho etsahetse’ng ka matla a baruti le tšusumetso ea bona ho tloha ha lengeloi la boraro le qala ho letsa terompeta ea lona? (b) Ho tla etsahala’ng ka baruti ba Bokreste-’mōtoana?
34 Ho tloha ha lengeloi la boraro le qala ho letsa terompeta ea lona, boemo ba baruti ba ho laola batho bo ’nile ba qepha ho fihlela ha kajeno e le ba fokolang haholo ba ntseng ba e-na le matla a kang a molimo ao ba ’nileng ba a thabela makholong a lilemo a fetileng. Ka lebaka la ho bolela ha Lipaki Tsa Jehova, batho ba bangata haholo ba ile ba hlokomela hore lithuto tse ngata tse rutoang ke baruti ke chefo ea moea—“lengana.” Ho feta moo, matla a baruti karolong e ka leboea ea Europe a batla a felile, ha linaheng tse ling, ’muso o nka mehato e tiileng ea ho fokotsa tšusumetso ea bona. Likarolong tsa K’hatholike tsa Europe le Linaheng Tsa Amerika, mahlabisa-lihlong a baruti litabeng tsa lichelete, lipolotiking le boitšoarong, a silafalitse botumo ba bona. Ho tloha joale ho ea pele, boemo ba bona bo tla mpefala feela, kaha haufinyane ba tla hlaheloa ke se tla hlahela balumeli ba bang bohle ba bohata.—Tšenolo 18:21; 19:2.
35 Jehova ha a e-s’o qete ho otla Bokreste-’mōtoana. Hlokomela se etsahalang ka mor’a hore ho utloahale molumo o tlerolang oa terompeta ea bone.
Lefifi!
36. Ho etsahala’ng ka mor’a hore lengeloi la bone le letse terompeta ea lona?
36 “Lengeloi la bone la letsa terompeta ea lona. Karolo ea boraro ea letsatsi ea otloa le karolo ea boraro ea khoeli le karolo ea boraro ea linaleli, e le hore karolo ea boraro ea tsona e ka fifala ’me motšehare o se ke oa e-ba le khanya karolong ea boraro ea oona, le bosiu ka ho tšoanang.” (Tšenolo 8:12) Kotlo ea borobong Egepeta e ne e le kotlo ea lefifi la sebele. (Exoda 10:21-29) Empa lefifi lee la tšoantšetso le otlang batho ke eng?
37. Moapostola Petrose le moapostola Pauluse ba ile ba hlalosa boemo ba moea ba ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste joang?
37 Moapostola Petrose o ile a bolella balumeli-’moho le eena hore ba ne ba le lefifing, ka kutloisiso ea moea, pele e e-ba Bakreste. (1 Petrose 2:9) Pauluse le eena o ile a sebelisa lentsoe “lefifi” ha a hlalosa boemo ba moea ba ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste. (Baefese 5:8; 6:12; Bakolose 1:13; 1 Bathesalonika 5:4, 5) Empa ho thoe’ng ka ba leng Bokreste-’mōtoaneng ba bolelang hore ba lumela ho Molimo le ba reng ba amohela Jesu e le Mopholosi oa bona?
38. Lengeloi la bone le phatlalatsa ’nete efe ka “leseli” la Bokreste-’mōtoana?
38 Jesu o ile a re Bakreste ba ’nete ba ne ba tla tsejoa ka litholoana tsa bona le hore ba bangata ba ipolelang hore ke balateli ba hae e ne e tla ba “ba etsang tlōlo ea molao.” (Matheu 7:15-23) Ha ho le ea mong ea talimang litholoana tsa karolo ea boraro ea lefatše e laoloang ke Bokreste-’mōtoana ea ka latolang hore bo phopholetsa lefifing la moea le letšo-tšo! (2 Bakorinthe 4:4) Ke bona bo molato ka ho fetisisa, hobane bo ipolela hore ke Bokreste. Ka hona, ke ho loketseng hore ebe lengeloi la bone le phatlalatsa ’nete ea hore ha e le hantle “leseli” la Bokreste-’mōtoana ke lefifi, le hore mehloli ea bona ea “leseli” ke ea Bobabylona—eseng ea Bokreste.—Mareka 13:22, 23; 2 Timothea 4:3, 4.
39. (a) Qeto e ileng ea amoheloa kopanong ka 1925 e ile ea hlalosa leseli la bohata la Bokreste-’mōtoana joang? (b) Bo ile ba tsoela pele ho pepesoa joang ka 1955?
39 Tumellanong le phatlalatso eo e hlahang leholimong, karolo e khōlō ea batho ba Molimo e ile ea bokana kopanong e neng e tšoaretsoe Indianapolis, Indiana, U.S.A., ka la 29 August, 1925, ’me ea amohela hore qeto e reng “Molaetsa oa Tšepo” e hatisoe. Hape, ho ile ha ajoa likopi tse ka bang limilione tse 50 ka lipuo tse ngata. E ile ea hlalosa hore leseli la bohata leo baetsi ba phaello ea khoebo ba kopaneng le baeta-pele ba lipolotiki le baruti ba bolumeli ba neng ba fana ka lona, le entse hore ebe “lichaba li oetse lefifing.” Ka mor’a moo e ile ea bolela hore ’Muso oa Molimo ke oona tšepo ea sebele ea ho fumana “mahlohonolo a khotso, nala, bophelo bo botle ’meleng, bophelo, tokoloho le thabo e sa feleng.” Ho ile ha hlokahala hore sehlotšoana seo sa Bakreste ba tlotsitsoeng se be sebete hore se bolele melaetsa e joalo khahlanong le mokhatlo o moholo oa Bokreste-’mōtoana. Empa se ’nile sa etsa joalo ho tloha mathoasong a bo-1920 ho tla fihlela hona joale. Moraonyana, ka 1955, sehlopha sa baruti se ile sa tsoela pele ho pepesoa ha ho ajoa bukana e neng e re Christendom or Christianity—Which One Is “the Light of the World”? lefatšeng ka bophara ka lipuo tse ngata. Kajeno, boikaketsi ba Bokreste-’mōtoana bo totobetse hoo ba bangata lefatšeng ba ka iponelang bona. Empa batho ba Jehova ha ba e-s’o khaotse ho bo pepesa ka seo bo leng sona: e leng ’muso oa lefifi.
Ntsu e Fofang
40. Melumo e tlerolang ea literompeta tse ’nè e ile ea bontša hore Bokreste-’mōtoana bo boemong bofe?
40 Melumo ena ea pele e mene e tlerolang ea terompeta ruri e feletse ka ho senola hore Bokreste-’mōtoana ke lesupi ebile boa bolaea. Karolo ea bona ea “lefatše” e ile ea pepesoa hore e lokeloa ke kahlolo ea Jehova. Ho bontšitsoe hore mebuso ea bofetoheli e hlahang linaheng tsa bona le libakeng tse ling ke sera sa bophelo bo botle ba moea. Boitšoaro bo hlephileng ba baruti ba bona bo ile ba behoa pepeneneng, ’me taba ea hore boemo ba bona ba moea ka kakaretso ke lefifi e ile ea pepesetsoa bohle hore ba e bone. Ka sebele Bokreste-’mōtoana ke karolo e molato ka ho fetisisa ea tsamaiso ea lintho ea Satane.
41. Nakong ea khefu ea nakoana letotong la melumo e tlerolang ea literompeta, Johanne o bona eng ebile o utloa eng?
41 Ke eng hape e tla senoloa? Pele re fumana karabo ea potso ena, ho na le khefu e khutšoanyane letotong la melumo e tlerolang ea literompeta. Johanne o hlalosa seo a se bonang ka mor’a moo ka ho re: “Ka talima, ’me ka utloa ntsu e fofang sebakeng e re ka lentsoe le phahameng: ‘Ho malimabe, ho malimabe, ho malimabe ba lulang lefatšeng ka lebaka la melumo e meng kaofela e tlerolang ea literompeta ea mangeloi a mararo a leng haufi le ho letsa literompeta tsa ’ona!’”—Tšenolo 8:13.
42. E ka ’na eaba ntsu e fofang ke eng, ’me molaetsa oa eona ke ofe?
42 Ntsu e fofela holimo marung hoo e ka bonoang ke batho ba hōle. E na le pono e nchocho ka tsela e ikhethang ’me e ka bona hōle-hōle ka pele ho eona. (Jobo 39:29) Se seng sa libōpuoa tse phelang tse ’nè, e leng likerubime tse pota-potileng terone ea Molimo, se ne se tšoantšoa e le ntsu e fofang. (Tšenolo 4:6, 7) Ho sa tsotellehe hore na ke eona kerubime ena kapa ke mohlanka e mong ea bonelang hōle oa Molimo, ntsu ena e phatlalatsa molaetsa o matla ka lentsoe le phahameng e re: “Ho malimabe, ho malimabe, ho malimabe”! Baahi ba lefatše ba ke ba hlokomele hore ha ho utloahala melumo e tlerolang ea literompeta tse tharo tse setseng, molumo o mong le o mong o amahanngoa le bo bong ba bomalimabe bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha ho bapisoa, Tšenolo 7:16 e bontša hore bongata bo boholo ha bo chesoe ke mocheso o bataolang oa khalefo ea Jehova.
b Le hoja linaleli tse supileng tse letsohong le letona la Jesu li tšoantšetsa balebeli ba tlotsitsoeng ka phuthehong ea Bokreste, baholo ba liphuthehong tse ngata ho tse ka bang 100 000 lefatšeng kajeno ke ba bongata bo boholo. (Tšenolo 1:16; 7:9) Boemo ba bona ke bofe? Kaha ba khethoa ke moea o halalelang ka sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene, ho ka boleloa hore ba ka letsohong le letona la Jesu la bolaoli, kaha hape ke balisa ba hae ba ka tlaasana. (Esaia 61:5, 6; Liketso 20:28) Ba tšehetsa “linaleli tse supileng” ka hore ba sebeletsa moo ho se nang barab’abo rōna ba tlotsitsoeng ba tšoanelehang.
[Chate e leqepheng la 139]
Metsi a Bokreste-’Mōtoana a Senotsoeng e le Lengana
Litumelo le Maikutlo a
Bokreste-’mōtoana Seo Bibele e Hlileng e se Buang
Lebitso la Molimo hase la Jesu o ile a rapella hore
bohlokoa: “Ho sebelisa lebitso lebitso la Molimo le halaletsoe.
lefe kapa lefe bakeng sa Petrose o ile a re: “E mong le e
Molimo a le mong feela . . . mong ea ipiletsang lebitsong la
ho fosahetse ka ho feletseng Jehova o tla pholoha.”
tumelong e akaretsang ea Kereke (Liketso 2:21; Joele 2:32;
ea Bokreste.” (Selelekela sa Matheu 6:9; Exoda 6:3;
Revised Standard Version) Tšenolo 4:11; 15:3; 19:6)
Molimo ke Boraro-bo-bong: Bibele e bolela hore Jehova o
“Ntate ke Molimo, Mora ke moholo ho Jesu le hore Molimo ke
Molimo, le Moea o Halalelang hlooho ea Kreste.
ke Molimo, empa leha ho le (Johanne 14:28; 20:17;
joalo hase Melimo e meraro 1 Bakorinthe 11:3) Moea o
empa ke Molimo a le mong.” halalelang ke matla a sebetsang
(The Catholic Encyclopedia, a Molimo. (Matheu 3:11;
khatiso ea 1912) Luka 1:41; Liketso 2:4)
Moea oa motho ha o shoe: “Ha Motho ke moea. Lefung moea o
motho a e-shoa moea oa hae le khaotsa ho nahana kapa ho utloa
’mele oa hae lia arohana. ’Mele ’me o khutlela lerōleng moo o
oa hae . . . oa bola . . . Leha ntšitsoeng teng. (Genese 2:7;
ho le joalo, moea oa motho ha o 3:19; Pesaleme ea 146:3, 4;
shoe.” (What Happens After Moeklesia 3:19, 20; 9:5, 10;
Death, buka ea Roma e Ezekiele 18:4, 20)
K’hatholike)
Ba khopo ba ahloloa liheleng Moputso oa sebe ke lefu, eseng
ka mor’a lefu: “Ho latela ho phela tlhokofatsong.
tumelo ea Bokreste ea neano, (Baroma 6:23) Bafu ba phomola
lihele ke sebaka sa mahlomola liheleng (Hadese, Sheole) ba sa
le bohloko bo sa feleng.” ikutloe, ba emetse tsoho.
(The World Book Encyclopedia, (Pesaleme ea 89:48;
khatiso ea 1987) Johanne 5:28, 29; 11:24, 25;
“Tlotla Mediatrix [’muelli oa ’Muelli feela mahareng a Molimo
mosali] ke eona eo Mè oa Rōna le batho ke Jesu. (Johanne 14:6;
a bitsoang ka eona.” (New 1 Timothea 2:5; Baheberu 9:15;
Catholic Encyclopedia, khatiso 12:24)
ea 1967)
Masea a lokela ho kolobetsoa: Kolobetso ke ea ba entsoeng
“Ho tloha qalong feela Kereke e barutuoa ’me ba rutiloe ho
ile ea sebelisa Sakramente ea mamela litaelo tsa Jesu. Hore
Kolobetso ho masea. Tloaelo motho a tšoanelehele kolobetso,
ena e ne e sa nkoe e le ea o tlameha ho utloisisa Lentsoe
molao feela, empa ho ne ho la Molimo le ho bontša tumelo.
boetse ho rutoa hore e (Matheu 28:19, 20; Luka 3:21-23;
hlokahala ka hohle-hohle hore Liketso 8:35, 36)
motho a bolokehe.” (New
Catholic Encyclopedia, khatiso
ea 1967)
Likereke tse ngata li arotsoe Bakreste bohle ba lekholong la
ka sehlopha sa batho ba pele la lilemo e ne e le
tloaelehileng ba phutheho le basebeletsi ’me ba ne ba
sehlopha sa baruti, se kopanela mosebetsing oa ho
sebeletsang phutheho. Ka bolela litaba tse molemo.
tloaelo baruti ba lefuoa (Liketso 2:17, 18;
moputso hore ba phethe Baroma 10:10-13; 16:1) Bakreste
tšebeletso ea bona ’me ba ba lokela ho ‘fana ntle ho
phahamisetsoa ka holim’a tefo,’ eseng bakeng sa moputso.
phutheho ka litlotla tse kang (Matheu 10:7, 8) Jesu o ile a
“Reverente,” “Fatere,” kapa thibela ho sebelisa litlotla tsa
“Mobabatsehi.” bolumeli ka hohle-hohle.
Litšoantšo le lifapano lia Bakreste ba tlameha ho balehela
sebelisoa borapeling: mofuta o mong le o mong oa
“Setšoantšo . . . sa Kreste, borapeli ba litšoantšo, ho
sa Moroetsana ’M’a Molimo le akarelletsa le ho rapela Molimo
tsa bahalaleli ba bang, li ka mohalaleli kapa lengeloi.
lokela . . . ho bolokoa ka (Exoda 20:4, 5;
likerekeng ’me li fuoe tlhompho 1 Bakorinthe 10:14;
e loketseng le tlotla.” 1 Johanne 5:21) Ha ba rapele
(Phatlalatso ea Lekhotla la Molimo ka pono empa ba mo rapela
Trent [1545-63]) ka moea le ka ’nete.
Litho tsa likereke li rutoa Jesu o ne a bolela ka ’Muso oa
hore merero ea Molimo e tla Molimo, eseng tsamaiso e ’ngoe
finyelloa ka lipolotiki. Mofu ea lipolotiki, e le eona tšepo
Mok’hadinale Spellman o ile a bakeng sa batho. (Matheu 4:23;
re: “Ho na le tsela e le ’ngoe 6:9, 10) O ile a hana ho
feela e isang khotsong . . . , itšunya-tšunya lipolotiking.
e leng tsela e phahameng ea (Johanne 6:14, 15) ’Muso oa hae
puso ea sechaba ka sechaba.” e ne e se karolo ea lefatše
Litaba li tlaleha ho lena; kahoo balateli ba hae ba
itšunya-tšunya ha bolumeli ne ba sa lokela ho ba karolo ea
lipolotiking tsa lefatše (le ho lefatše lena. (Johanne 18:36;
fetohela mebuso) le ho tšehetsa 17:16) Jakobo o ile a
ha bona Machaba a Kopaneng e le lemosa hore re se ke ra iketsa
’ona “tšepo ea ho qetela ea metsoalle ea lefatše.
kutloano le khotso.” (Jakobo 4:4)
[Setšoantšo se leqepheng la 132]
Ho buloa ha litiiso tse supileng ho etella pele ho letsoa ha literompeta tse supileng
[Litšoantšo tse leqepheng la 140]
“Phephetso ho Baeta-pele ba Lefatše” (1922) Qeto ena e ile ea thusa ho phatlalatsa kotlo ea Jehova khahlanong le “lefatše”
“Temoso ho Bakreste Bohle” (1923) Kahlolo ea Jehova e boima khahlanong le “karolo ea boraro ea leoatle” e ile ea phatlalatsoa hohle ho sebelisoa qeto ena
[Litšoantšo tse leqepheng la 141]
“Baruti Baa Qosoa” (1924) Ho ajoa ha pampitšana ena hohle ho thusitse ho lemosa batho hore “naleli” ea baruti ba Bokreste-’mōtoana e oele
“Molaetsa oa Tšepo” (1925) Qeto ena e tobang taba e ile ea sebelisoa ho pepesa bao ho nkoang hore ke mehloli ea leseli ea Bokreste-’mōtoana hore ha e le hantle ke mehloli ea lefifi