Khaolo 5
Johanne o Bona Jesu ea Tlotlisitsoeng
Pono 1—Tšenolo 1:10–3:22
Moko-taba: Jesu o hlahloba Iseraele ea moea lefatšeng ’me o fana ka khothatso e mofuthu
Nako ea phethahatso: Tšobotsi ena ea letsatsi la Morena e tsoela pele ho tloha ka 1914 ho fihlela ha oa ho qetela ho batlotsuoa ba tšepahalang a e-shoa ’me a tsosoa
1. Pono ea pele e hlahisoa joang, ’me Johanne o ile a bontša nako eo e hlileng e phethahalang ka eona joang?
PONO ea pele bukeng ea Tšenolo e qala ka khaolo ea 1, temana ea 10. Joaloka lipono tse ling tse hlahang ho Tšenolo, pono ena e kenyelletsoa ka phatlalatso ea hore Johanne o utloa ntho e ’ngoe e sa tloaelehang kapa oa e bona. (Tšenolo 1:10, 12; 4:1; 6:1) Re bontšoa pono ena ea pele ka sebōpeho sa lekholong la pele la lilemo e le melaetsa e neng e lebisitsoe liphuthehong tse supileng mehleng ea Johanne. Empa Johanne o bontša nako eo e hlileng e phethahalang ka eona ha a re: “Ka pululelo ke ile ka ba letsatsing la Morena.” (Tšenolo 1:10a) ‘Letsatsi’ lee le neng? Na ho na le moo liketsahalo tse tšosang tsa linako tsee tse mabifi li amanang teng le lona? Haeba ho joalo, re lokela ho ela boprofeta bona hloko haholo, kaha bo ama bophelo ba rōna—le ho pholoha ha rōna.—1 Bathesalonika 5:20, 21.
Letsatsing la Morena
2. Letsatsi la Morena le qala neng, hona le fela neng?
2 See se bontša hore Tšenolo e qalile ho phethahala nakong efe? Letsatsi la Morena ke eng? Moapostola Pauluse o re ke nako ea kahlolo le ea ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo. (1 Bakorinthe 1:8; 2 Bakorinthe 1:14; Bafilipi 1:6, 10; 2:16) Ha ‘letsatsi’ leo le fihla, merero ea Jehova e meholo e tla tsoela pele ka tlhōlo ho ea tlhōrōng ea eona. ‘Letsatsi’ leo le qala ka ho roesoa ha Jesu moqhaka e le Morena leholimong. Esita le ka mor’a hore Jesu a phethahatse kahlolo lefatšeng la Satane, letsatsi la Morena le ntse le tsoela pele, ka ho tsosolosoa ha Paradeise le ho etsa hore moloko oa batho e be o phethahetseng, ho fihlela qetellong ha Jesu “a nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntat’ae.”—1 Bakorinthe 15:24-26; Tšenolo 6:1, 2.
3. (a) Boprofeta ba Daniele ba “linako tse supileng” bo re thusa joang ho bona hore na letsatsi la Morena le qalile neng? (b) Ke liketsahalo life tse etsahetseng lefatšeng tse tiisang hore letsatsi la Morena le qalile ka selemo sa 1914?
3 Ho phethahala ha boprofeta bo bong ba Bibele ho re thusa ho bona hore na letsatsi la Morena le qala neng. Ka mohlala, Daniele o ile a hlalosa ho rengoa ha bobusi lelokong la Morena Davida; ka mor’a “linako tse supileng” ho ne ho tla tsebahala “hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa moloko oa batho, le hore o o fa eo a batlang ho mo fa oona.” (Daniele 4:23, 24, 31, 32) Phethahatso e khōlō ea boprofeta boo e qalile ka ho senngoa ha ’muso oa Juda, e leng hoo bopaki ba Bibele bo bontšitseng hore ho phethiloe ka October 607 B.C.E. Tšenolo 12:6, 14 e bontša hore linako tse 3 1/2 li lekana le matsatsi a 1 260; kahoo, linako tse supileng (palo eo ha e mennoe habeli) e tlameha ho ba matsatsi a 2 520. Ha re nka “letsatsi bakeng sa selemo,” re fihla lilemong tse 2 520, e leng bolelele ba “linako tse supileng.” (Ezekiele 4:6) Kahoo, Kreste Jesu o qalile puso ea hae leholimong ho ea qetellong ea 1914. Ho qhoma ha ntoa ea pele ea lefatše ka selemo seo ho ile ha tšoaea “tšimoloho ea bohloko ba mahlomola” e tsoetseng pele ho hlasela batho. Ho tloha ka 1914, liketsahalo tse etsahetseng lefatšeng lee le qaphalelitsoeng ke mali li tiisitse ka mokhoa o hlollang hakaakang hore selemo seo ke sona sa ho qaleha ha “letsatsi” la ho ba teng ha Jesu!—Matheu 24:3-14.a
4. (a) Mantsoe a hlahang ho Tšenolo ka boeona a bontša eng mabapi le hore na pono ea pele e phethahala neng? (b) Ho phethahala ha pono ea pele ho fela neng?
4 Kahoo, pono ena ea pele le keletso eo e e fupereng li reretsoe ho phethahala letsatsing la Morena, ho tloha ka 1914 ho ea pele. Kemiso ena ea nako e tšehetsoa ke ’nete ea hore, hamorao ho Tšenolo, tlaleho e hlalosa ho phethahatsoa ha likahlolo tsa Molimo tse lokileng le tsa ’nete—liketsahalong tseo ho tsona Morena Jesu a phethang karolo e ikhethang. (Tšenolo 11:18; 16:15; 17:1; 19:2, 11) Haeba ho phethahala ha pono ena ea pele ho qalile ka 1914, ho fela neng? Joalokaha melaetsa ka boeona e bontša, mokhatlo o hlophisitsoeng oo ho buuoang le oona ke phutheho ea Molimo ea batlotsuoa lefatšeng. Joale, phethahatso ea pono ena ea pele e fela ha setho sa ho qetela se tšepahalang sa phutheho eo e tlotsitsoeng se e-shoa ’me se tsosetsoa bophelong ba leholimo. Leha ho le joalo, Letsatsi la Morena, le tlisetsang linku tse ling tsa lefatšeng mahlohonolo, le tsoela pele ho fihlela qetellong ea Puso ea Jesu Kreste ea Lilemo Tse Sekete.—Johanne 10:16; Tšenolo 20:4, 5.
5. (a) Lentsoe le re Johanne a etse’ng? (b) Ke hobane’ng ha sebaka seo ‘liphutheho tse supileng’ li neng li le ho sona se ne se le setle bakeng sa ho romela moqolo ho tsona?
5 Ponong ena ea pele, pele Johanne a bona ntho leha e le efe, o utloa ho hong: “’Me ka mor’a ka ka utloa lentsoe le matla le joaloka la terompeta, le re: ‘Seo u se bonang u se ngole moqolong ’me u se romele liphuthehong tse supileng, e Efese le e Smyrna le e Pergame le e Thyatire le e Sarda le e Filadelfia le e Laodisia.’” (Tšenolo 1:10b, 11) Lentsoe le matla le laelang joaloka molumo oa terompeta le bitsa Johanne le re a ngolle ‘liphutheho tse supileng.’ O lokela ho amohela letoto la melaetsa ’me a phatlalatse lintho tseo a tla li bona le ho li utloa. Hlokomela hore liphutheho tse boletsoeng mona li ne li hlile li le teng mehleng ea Johanne. Kaofela ha tsona li ne li le Asia Minor, ha u tšela leoatle feela ho tloha Patmose. Ho ne ho le bonolo ho tloha ho e ’ngoe ho ea fihla ho e ’ngoe ha motho a tsamaea ka litsela tse ntlehali tsa Roma tse neng li le teng sebakeng seo. Lenģosa le ne le ke ke la e-ba le bothata ba ho nka moqolo phuthehong e ’ngoe ho o isa ho e hlahlamang. Liphutheho tsena tse supileng li ne li tla tšoana le karolo ea potoloho ea kajeno ea Lipaki Tsa Jehova.
6. (a) Ho boleloa eng ha ho thoe “lintho tse teng”? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore maemo a teng phuthehong ea Bakreste ba tlotsitsoeng kajeno a tlameha a tšoana le a mehleng ea Johanne?
6 Boholo ba boprofeta bo ho Tšenolo bo ne bo lokela ho phethahatsoa ka mor’a nako ea Johanne. Bo ne bo bua ka “lintho tse tla etsahala ka mor’a tsena.” Empa keletso e eang ho liphutheho tse supileng e tšohla “lintho tse teng,” maemo a neng a hlile a le teng liphuthehong tse supileng ka nako eo. Melaetsa ena e ne e le thuso ea bohlokoa ho baholo ba tšepahalang ba khethiloeng liphuthehong tseo tse supileng, hammoho le liphuthehong tse ling tsohle tsa Bakreste ba tlotsitsoeng tsa nakong eo.b Kaha pono ena e phethahala haholo-holo letsatsing la Morena, seo Jesu a se buang se re hlokomelisa hore ho ka lebelloa maemo a tšoanang phuthehong ea Bakreste ba tlotsitsoeng ea mehleng ea rōna.—Tšenolo 1:10, 19.
7. Ke mang eo Johanne a mo bonang ponong ee ea pele, ’me ke hobane’ng ha hoo e le habohlokoa ebile e le ho hlollang ho rōna kajeno?
7 Ponong ena ea pele, Johanne o bona Morena Jesu Kreste ea phatsimang khanyeng ea Hae ea leholimo. Ke eng eo e ka bang e loketseng haholoanyane mabapi le buka ea boprofeta e amanang le letsatsi le leholo la Morena eo ea romiloeng ke leholimo? Ke eng eo e ka bang ea bohlokoa haholoanyane ho rōna bao hona joale re phelang nakong eo, ’me re bile re mamela ka hloko taelo tsohle tsa hae? Ho feta moo, ke ho hlollang hakaakang ho batšehetsi ba bobusi ba Jehova ho tiisetsoa hore ka mor’a hore Peō ea Bomesia e mamelle liteko tsohle le mahloriso a tlisitsoeng ke Satane le hore e shoe lefu le bohloko ha E ne e longoa “serethe” lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, hona joale ea phela leholimong, e filoe matla a ho phetha morero o moholo oa Molimo ka tlhōlo!—Genese 3:15.
8. Hona joale Jesu o emetse ho nka bohato bofe?
8 Ho totobetse hore hona joale Jesu o emetse ho nka bohato e le Morena ea behiloeng teroneng. O khethiloe e le Mophethahatsi e Moholo oa Kahlolo oa Jehova e le hore a phethahatse likahlolo tsa ho qetela tsa Jehova khahlanong le tsamaiso ena ea lintho ea khale, e khopo, le molimo oa eona eo e leng Diabolose, Satane. O boetse o haufi le ho ahlola ba phutheho ea hae ea batlotsuoa le bongata bo boholo boo e leng metsoalle ea bona, hammoho le ho ahlola lefatše.—Tšenolo 7:4, 9; Liketso 17:31.
9. (a) Johanne o hlalosa Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng ea har’a liluloana tsa mabone tsa khauta joang? (b) Ponahalo e kang ea tempele le seaparo seo Jesu a se apereng li bontša eng? (c) Senyepa sa khauta se bontša eng?
9 Johanne oa reteleha ha a utloa molumo oa lentsoe le leholo, ’me seo a se bonang ke sena: “Ka reteleha hore ke bone lentsoe le neng le bua le ’na, ’me, ha ke retelehile, ka bona liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng.” (Tšenolo 1:12) Hamorao, Johanne o ithuta hore na liluloana tsena tsa mabone tse supileng li tšoantšetsa eng. Empa mahlo a hae a haptjoa ke motho ea har’a liluloana tsena tsa mabone. “Har’a liluloana tsa mabone ka bona e mong ea joaloka mor’a motho, a apere seaparo se fihlang tlaase maotong, ’me a itlamile sefubeng ka senyepa sa khauta.” (Tšenolo 1:13) Mona, Jesu, “mor’a motho,” o itlhahisa ka pel’a paki e tšohileng, Johanne, e le motho e motlehali, ea khanyang. O hlaha ka khanya e phatsimang har’a liluloana tsa mabone tsa khauta tse phatsimang joaloka malakabe a mollo. Ponahalo ena e kang ea tempele e hatisa ho Johanne ’nete ea hore Jesu o teng e le Moprista e Moholo oa Jehova, ea nang le matla a ho ahlola. (Baheberu 4:14; 7:21-25) Seaparo sa hae se selelele se khahlehang se lumellana le mosebetsi oa hae oa boprista. Joaloka baprista ba phahameng ba Bajuda ba mehleng ea boholo-holo, o itlamme ka senyepa—senyepa sa khauta se sefubeng sa hae moo se koahetseng pelo ea hae. Hona ho bontša hore o tla phetha thōmo ea hae e tsoang ho Jehova Molimo ka pelo eohle.—Exoda 28:8, 30; Baheberu 8:1, 2.
10. (a) Moriri oa Jesu o mosoeu joaloka lehloa le mahlo a hae a joaloka lelakabe la mollo li bontša eng? (b) Maoto a Jesu a kang koporo e phatsimang a emela eng?
10 Tlhaloso ea Johanne e tsoela pele: “Ho feta moo, hlooho ea hae le moriri oa hae li ne li le tšoeu joaloka boea bo bosoeu, joaloka lehloa, ’me mahlo a hae a le joaloka lelakabe la mollo.” (Tšenolo 1:14) Moriri oa hae o mosoeu joaloka lehloa o bontša bohlale ka lebaka la ho phela ka nako e telele. (Bapisa le Liproverbia 16:31.) ’Me mahlo a hae a joaloka lelakabe la mollo a bontša hore o hloahloa, o hlokolosi, ha a hlahlobisisa, a leka, kapa a bontša khalefo. Le maoto a Jesu a hapa mahlo a Johanne: “Maoto a hae a ne a le joaloka koporo e hloekileng ha e hlenne ka sebōping; ’me lentsoe la hae le ne le le joaloka molumo oa metsi a mangata.” (Tšenolo 1:15) Ponong eo, maoto a Jesu a joaloka koporo, e phatsimang, e khanyang—e leng ho tšoanelehang ho ea tsamaeang ka cheseho le ea boemong bo botle moo Jehova Molimo a leng teng. Ho feta moo, le hoja ka Bibeleng hangata lintho tse halalelang li tšoantšetsoa ka khauta, lintho tsa batho tsona ka linako tse ling li tšoantšetsoa ka koporo.c Kahoo, maoto a Jesu a phatsimang joaloka koporo e hloekileng a re hopotsa kamoo maoto a hae a neng a “khahleha” kateng ha a ne a tsamaea lefatšeng a bolela litaba tse molemo.—Esaia 52:7; Baroma 10:15.
11. (a) Maoto a Jesu a khanyang a re hopotsa eng? (b) Taba ea hore lentsoe la Jesu “le ne le le joaloka molumo oa metsi a mangata” e bontša eng?
11 Ka sebele, e le motho ea phethahetseng, Jesu o ne a e-na le khanya e neng e totobetse ho mangeloi le ho batho. (Johanne 1:14) Maoto a hae a khanyang a boetse a re hopotsa hore o hata moo ho halalelang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, oo e leng Moprista ea Phahameng oa oona. (Bapisa le Exoda 3:5.) Ho feta moo, lentsoe la hae le lumang joaloka sealuma le tšoana le phororo e khōlō. Ke ntho e khahlang, le e makatsang, joalokaha ho loketse eo ka molao a bitsoang Lentsoe la Molimo, ea tlil’o “ahlola ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona.”—Liketso 17:31; Johanne 1:1.
12. “Sabole e bohale, e telele e sehang ka nģa tse peli” e emela eng?
12 “Ka letsohong la hae le letona o ne a e-na le linaleli tse supileng, ’me molomong oa hae ho ne ho tsoa sabole e bohale, e telele e sehang ka nģa tse peli, ’me sefahleho sa hae se ne se le joaloka letsatsi ha le khanya ka matla a lona. Ha ke mo bona, ka oela maotong a hae joaloka ea shoeleng.” (Tšenolo 1:16, 17a) Hamoraonyana Jesu ka boeena o hlalosa se boleloang ke linaleli tse supileng. Empa hlokomela se tsoang molomong oa hae: “sabole e bohale, e telele e sehang ka nģa tse peli.” Ke tšobotsi e tšoanelehang hakaakang! Hobane Jesu ke eena ea khethetsoeng ho phatlalatsa likahlolo tsa ho qetela tsa Jehova khahlanong le lira tsa Hae. Lipolelo tsa makhaola-khang tse tsoang molomong oa hae li fella ka ho bolaoa ha bohle ba khopo.—Tšenolo 19:13, 15.
13. (a) Sefahleho sa Jesu se khanyang, se benyang se re hopotsa eng? (b) Tsela eo Johanne a hlalosang Jesu ka eona e re fa maikutlo afe ka kakaretso?
13 Sefahleho sa Jesu se khanyang, se benyang se re hopotsa hore sefahleho sa Moshe se ile sa hlahisa mahlaseli a benyang ka mor’a hore Jehova a buisane le eena Thabeng ea Sinai. (Exoda 34:29, 30) Hape, hopola hore ha Jesu a ne a fetoloa sebōpeho ka pel’a baapostola ba hae lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, “sefahleho sa hae [se ile] sa khanya joaloka letsatsi, le liaparo tsa hae tsa ka ntle tsa phatsima joaloka leseli.” (Matheu 17:2) Joale, ponong e emelang Jesu letsatsing la Morena, ka ho tšoanang sefahleho sa hae se bontša khanya e fahlang ea ea tsoang moo Jehova a leng teng. (2 Bakorinthe 3:18) Ha e le hantle, ka kakaretso pono ea Johanne e fana ka maikutlo a khanya e phatsimang. Ho tloha moriring o mosoeu joaloka lehloa, mahlong a joaloka lelakabe la mollo, le sefahlehong se benyang ho ea fihla maotong a phatsimang, ke pono e phahameng ka ho fetisisa ea Eo hona joale a lulang “leseling le sa atameleheng.” (1 Timothea 6:16) Bonnete ba ponahalo ena ke bo hlollang haholo! Johanne ea hloletsoeng ka ho fetisisa o ile a etsa joang? Moapostola o re bolella sena: “Ha ke mo bona, ka oela maotong a hae joaloka ea shoeleng.”—Tšenolo 1:17.
14. Re lokela ho ameha joang ha re bala pono ea Johanne e mabapi le Jesu ea tlotlisitsoeng?
14 Kajeno tlhaloso e ntle, e qaqileng ea pono ea Johanne e tlatsa batho ba Molimo kananelo e tlohang botebong ba pelo. Hona joale, ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 90 re le letsatsing la Morena, e leng nako eo ka eona pono ena e tsoelang pele ho phethahala ka tsela e hlollang. Ho rōna puso ea ’Muso ea Jesu ke ’nete e phelang, e seng e le teng, eseng tšepo e tlang. Kahoo, ho loketse hore rōna re le bafo ba tšepahalang ba ’Muso ka ho hlolloa re lebelle seo Johanne a se hlalosang ponong ena ea pele re be re mamele mantsoe a Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana tlhaloso e qaqileng, bona buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? leqepheng la 88-92, 215-18, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Lekholong la pele la lilemo, ha phutheho e ne e amohela lengolo le tsoang ho moapostola, e ne e le tloaelo ho fetisetsa lengolo leo liphuthehong tse ling e le hore kaofela li ka rua molemo keletsong eo.—Bapisa le Bakolose 4:16.
c Mekhabiso e ka hare le thepa ea ka tlung ea tempele ea Solomone li ne li entsoe ka khauta kapa li koahetsoe ka eona, ha koporo e ne e sebelisitsoe ho khabisa lebala.—1 Marena 6:19-23, 28-35; 7:15, 16, 27, 30, 38-50; 8:64.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Masalla a lintho tse epolotsoeng metseng eo liphutheho tse supileng li neng li le ho eona a netefatsa tlaleho ea Bibele. Ke hona mona moo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba amohela melaetsa ea Jesu e khothatsang eo kajeno e susumetsang phutheho lefatšeng ka bophara
PERGAME
SMYRNA
THYATIRE
SARDA
EFESE
FILADELFIA
LAODISIA