Khaolo 29
Ho Bina Pina e Ncha ea Tlhōlo
Pono 9—Tšenolo 14:1-20
Moko-taba: Ba 144 000 ba na le Konyana Thabeng ea Sione; lintho tse phatlalatsoang ke mangeloi li utloahala ho pholletsa le lefatše; hoa kotuloa
Nako ea phethahatso: 1914 ho fihlela matšoenyehong a maholo
1. Re se re ithutile eng ka Tšenolo khaolo ea 7, 12 le 13, ’me hona joale re tla ithuta eng?
KE HO khathollang hakaakang ho ela hloko pono e latelang ea Johanne! Ho fapana le mekhatlo e tšabehang e kang libata ea drakone, joale re bona bahlanka ba tšepahalang ba Jehova le mesebetsi ea bona letsatsing la Morena. (Tšenolo 1:10) Tšenolo 7:1, 3 e se e re senoletse hore meea e mene ea timetso e thibetsoe ho fihlela ho tiisitsoe makhoba ana ’ohle a 144 000 a tlotsitsoeng. Tšenolo 12:17 e boletse hore nakong eo, “ba setseng ba peō” ea mosali ke bona bao Satane, e leng drakone, a hlileng a ba korotseng. Tšenolo khaolo ea 13 e bontšitse ka ho hlaka mekhatlo ea bopolotiki eo Satane a e hlahisitseng lefatšeng ho tlisetsa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang khatello e khōlō le mahloriso a sehlōhō. Empa sera seo se seholo se ke ke sa thibela morero oa Molimo! Joale re tla ithuta hore ho sa tsotellehe liketso tse lonya tsa Satane, bohle ba 144 000 ba bokeletsoe ka tlhōlo.
2. Ho Tšenolo 14:1, Johanne o re bontša esale pele hore litaba li tla fihla tlhōrōng e thabisang joang, hona Konyana ke mang?
2 Johanne, a e-na le sehlopha sa Johanne kajeno, o bontšoa esale pele hore seo se tla fella ka ketsahalo e thabisang: “Ka talima, ’me, bonang! Konyana e emeng Thabeng ea Sione, e e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene bao lebitso la eona le lebitso la Ntat’a eona le ngotsoeng liphatleng tsa bona.” (Tšenolo 14:1) Joalokaha re se re bone, Konyana ena e ntse e le eena Mikaele ea hloekisitseng maholimo ka ho ntša Diabolose le bademona ba hae. Ke eena Mikaele eo Daniele a mo hlalosang e le ea “emeng molemong oa bara ba sechaba sa [Molimo]” ha a itokisetsa ho “raoha” e le hore a phethahatse likahlolo tse lokileng tsa Jehova. (Daniele 12:1; Tšenolo 12:7, 9) Ho tloha ka 1914 Konyana ena ea Molimo e ikentseng sehlabelo esale e eme Thabeng ea Sione e le Morena oa Bomesia.
3. “Thaba ea Sione” eo Konyana le ba 144 000 ba ‘emeng’ ho eona ke efe?
3 Ho joalokaha Jehova a profetile: “Ke hlomamisitse morena oa ka holim’a Sione, thaba ea ka e halalelang.” (Pesaleme ea 2:6; 110:2) Mona ha ho sa buuoa ka Thaba ea Sione e lefatšeng, moo Jerusalema ea lefatšeng e neng e le hona teng, e leng motse oo marena a batho a leloko la Davida a neng a busa a le ho oona. (1 Likronike 11:4-7; 2 Likronike 5:2) Che, hobane ka mor’a lefu la Jesu le ho tsosoa ha hae ka 33 C.E., o ile a behoa hore ebe lejoe la sekhutlo la motheo Thabeng ea Sione ea leholimo, e leng sebaka se maholimong moo Jehova a neng a rerile ho beha “motse oa Molimo ea phelang, Jerusalema ea leholimo” teng. Kahoo, “Thaba ea Sione” mona e emela boemo bo phahameng ba Jesu le majalefa hammoho le eena, a etsang Jerusalema ea leholimo, e leng ’Muso. (Baheberu 12:22, 28; Baefese 3:6) Ke boemo bo khanyang ba borena boo Jehova a ba phahamisetsang ho bona letsatsing la Morena. Ka makholo a lilemo, Bakreste ba tlotsitsoeng, e le “majoe a phelang,” esale ba lebeletse ka cheseho ho ema Thabeng eo ea Sione ea leholimo, ba kopane le Morena Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng ’Musong oa hae o hlollang.—1 Petrose 2:4-6; Luka 22:28-30; Johanne 14:2, 3.
4. Ke joang ba 144 000 kaofela ba emeng Thabeng ea Sione?
4 Johanne ha a bone Jesu feela empa o bona le sehlopha se feletseng sa bao e leng majalefa a ’Muso oa leholimo hammoho le eena ba 144 000 ba eme Thabeng ea Sione. Ka nako e emeloang ke pono eo, bongata ba ba 144 000 bo se bo le leholimong, empa eseng kaofela ha bona. Hamorao ponong eo, Johanne o lemoha hore ba bang ba bahalaleli ba sa ntsane ba lokela ho mamella le ho shoa ba tšepahetse. (Tšenolo 14:12, 13) Kamoo ho bonahalang kateng, ba bang ba ba 144 000 ba ntse ba le lefatšeng. Joale ho tla joang hore ebe Johanne o ba bona kaofela ba eme le Jesu Thabeng ea Sione?a Ka hore, kaha ke litho tsa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, joale ba “atametse Thaba ea Sione le motse oa Molimo ea phelang, Jerusalema ea leholimo.” (Baheberu 12:22) Joaloka Pauluse ha a ne a ntse a le lefatšeng—ka kutloisiso ea moea—ba se ba ntse ba tsoselitsoe ho ea kopana le Kreste Jesu libakeng tsa leholimo. (Baefese 2:5, 6) Ho phaella moo, ka 1919 ba ile ba amohela memo e reng, “Nyolohelang koano,” ’me ka tsela ea tšoantšetso ba “nyolohela leholimong ka leru.” (Tšenolo 11:12) Ha re nahana ka mangolo ana, re ka bona hore kaofela bana ba 144 000—ka puo ea moea—ba Thabeng ea Sione le Jesu Kreste.
5. Ke mabitso a bo-mang a ngotsoeng liphatleng tsa ba 144 000, ’me lebitso ka leng le bontša eng?
5 Ba 144 000 ha ba sebelisane le barapeli ba sebata, ba tšoailoeng ka palo ea tšoantšetso ea 666. (Tšenolo 13:15-18) Ho fapana le moo, bana ba tšepahalang ba ngotsoe lebitso la Molimo le la Konyana liphatleng tsa bona. Ha ho pelaelo hore Johanne, eo e neng e le Mojuda, o ile a bona lebitso la Molimo le ngotsoeng ka litlhaku tsa Seheberu, יהוה.b Kaha lebitso la Ntate oa Jesu le ngotsoe liphatleng tsa bona ka tsela ea tšoantšetso, bana ba tiisitsoeng ba tsebisa bohle hore ke lipaki tsa Jehova, bahlanka ba Hae. (Tšenolo 3:12) Taba ea hore lebitso la Jesu le lona le ngotsoe liphatleng tsa bona e bontša hore baa lumela hore ke ba hae. Ke “monna” oa bona ea ba lebelelitseng, ’me bona ke “monyaluoa” oa hae oa ka moso, “pōpo e ncha” e sebeletsang Molimo e lebeletseng ho ea phela leholimong. (Baefese 5:22-24; Tšenolo 21:2, 9; 2 Bakorinthe 5:17) Kamano ea bona e haufi-ufi le Jehova le Jesu Kreste e ama menahano eohle ea bona le liketso tsohle tsa bona.
Ba Bina ho Joalokaha Eka ke Pina e Ncha
6. Ke ’mino ofe oo Johanne a o utloang, hona o o hlalosa joang?
6 Tumellanong le sena, Johanne o tlaleha tjena: “Ka utloa molumo o tsoang leholimong o le joaloka molumo oa metsi a mangata le joaloka molumo oa sealuma se molumo o phahameng; ’me molumo oo ke ileng ka o utloa o ne o le joaloka oa libini tse binang ka liharepa li letsa liharepa tsa tsona. Li bina ho joalokaha eka ke pina e ncha ka pel’a terone le ka pel’a libōpuoa tse phelang tse ’nè le baholo; ’me ha ho ea neng a khona ho tseba pina eo hantle haese ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene, ba rekiloeng lefatšeng.” (Tšenolo 14:2, 3) Hase feela e reng ha Johanne a utloa mantsoe a ba 144 000 a kopaneng a bina pina e le ’ngoe ea thoriso, a hopolang molumo oa metsi a phoroselang le lialuma tse thoathoaretsang. Liletsa tseo tse hlakileng tse kang liharepa li utloahala hamonate hakaakang! (Pesaleme ea 81:2) Ke sehlopha sefe sa ’mino lefatšeng se ka finyellang bokhabane ba ’mino oo o babatsehang oa sehlopha?
7. (a) Pina e ncha e boleloang ho Tšenolo 14:3 ke efe? (b) Ke joang pina e boleloang ho Pesaleme ea 149:1 e leng pina e ncha mehleng ea rōna?
7 ‘Pina ee e ncha’ ke efe? Joalokaha re hlokometse ha re buisana ka Tšenolo 5:9, 10, pina ena e amana le merero ea Jehova ea ’Muso le tokisetso ea hae e babatsehang, ka Jesu Kreste, ea ho etsa hore Iseraele ea moea e be “’muso le baprista ho Molimo oa rōna.” Ke pina e rorisang Jehova e phatlalatsang lintho tse ncha tseo a li finyellang ka Iseraele ea Molimo tse molemong oa eona. (Bagalata 6:16) Litho tsa Iseraele ena ea moea li amohela memo ea mopesaleme e reng: “Rorisang Jah! Binelang Jehova pina e ncha, thoriso ea hae phuthehong ea ba tšepahalang. Baiseraele ba ke ba thabe ka lebaka la Moetsi oa bona e Moholo, bara ba Sione—ba ithabele ho Morena oa bona.” (Pesaleme ea 149:1, 2) Ke ’nete hore mantsoe ao a ngotsoe lilemong tse makholo tse fetileng, empa mehleng ea rōna, a ’nile a binoa ka kutloisiso e ncha. Ka 1914 ’Muso oa Mesia o ile oa tsoaloa. (Tšenolo 12:10) Ka 1919 batho ba Jehova lefatšeng ba ile ba qala ho phatlalatsa “lentsoe la ’muso” ka cheseho e nchafalitsoeng. (Matheu 13:19) Ba susumelitsoe ke temana ea selemo ea 1919 (Esaia 54:17) ba bile ba khothalitsoe ke ho tsosolosetsoa paradeiseng ea moea, selemong seo ba ile ba qala ho ‘binela Jehova ka ’mino ka lipelong tsa bona.’—Baefese 5:19.
8. Ke hobane’ng ha e le ba 144 000 feela ba khonang ho ithuta pina eo e ncha e boleloang ho Tšenolo 14:3?
8 Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha e le ba 144 000 feela ba khonang ho ithuta pina e boletsoeng ho Tšenolo 14:3? Hobane e amana le lintho tseo ba fetang har’a tsona e le majalefa a khethiloeng a ’Muso oa Molimo. Ke bona feela ba nketsoeng ka lapeng e le bara ba Molimo ba bileng ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang. Ke bona feela ba rekiloeng lefatšeng hore e be karolo ea ’Muso oo oa leholimo, hape ke bona feela bao “e tla ba baprista . . . [le] ba tla busa” le Jesu Kreste e le marena ka lilemo tse sekete ho etsa hore moloko oa batho e be o phethahetseng. Ke bona feela ba bonoang ba “bina ho joalokaha eka ke pina e ncha” hona moo Jehova a leng teng.c Lintho tsena tse ikhethang tseo ba fetang har’a tsona le tšepo eo ba nang le eona li etsa hore ba ananele ’Muso ka tsela e khethehileng ’me li ba nolofalletsa ho bina ka oona ka tsela eo ho seng e mong ea ka khonang ho bina ka eona.—Tšenolo 20:6; Bakolose 1:13; 1 Bathesalonika 2:11, 12.
9. Bongata bo boholo bo lumetse pina e binoang ke batlotsuoa joang, kahoo ba phethahalitse khothatso efe?
9 Leha ho le joalo, ba bang baa mamela ’me ba lumela pina ea bona ha ba bina. Ho tloha ka 1935 bongata bo boholo bo ntseng bo eketseha ba linku tse ling bo utloile pina ea bona ea tlhōlo ’me bo susumeletsehile ho kopanela le bona ho phatlalatseng ’Muso oa Molimo. (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9) Ke ’nete hore bana ba tlang bocha ba ke ke ba ithuta ho bina pina e ncha e tšoanang hantle le eo ba tla busa ’Musong oa Molimo ba e binang. Empa le bona ba bina pina e rorisang Jehova, e leng pina e rokang Jehova ka lebaka la lintho tse ncha tseo a li finyellang. Kahoo ba phethahatsa khothatso ea mopesaleme e reng: “Binelang Jehova pina e ncha. Binelang Jehova, lōna batho bohle ba lefatše. Binelang Jehova, le boke lebitso la hae. Letsatsi le letsatsi le bolele litaba tse molemo tsa poloko ea hae. Bolelang khanya ea hae har’a lichaba, le bolele mesebetsi ea hae e hlollang har’a batho bohle. Isang ho Jehova, lōna malapa a lichaba, isang khanya le matla ho Jehova. E-reng har’a lichaba: ‘Jehova ke morena.’”—Pesaleme ea 96:1-3, 7, 10; 98:1-9.
10. Ba 144 000 ba ka bina “ka pel’a” baholo ba 24 ba tšoantšetso joang?
10 Ba 144 000 ba ka bina “ka pel’a” baholo joang, kaha baholo ba 24 ke bona ba 144 000 ha ba le boemong ba bona bo khanyang leholimong? Qalong ea letsatsi la Morena, “ba shoeleng bonngoeng le Kreste” ba ile ba tsosoa e le libōpuoa tsa moea. Kahoo, hona joale Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba hlōtseng ba leholimong, ka tsela ea tšoantšetso ba phetha mesebetsi e tšoanang le ea lihlopha tse 24 tsa baholo ba baprista. Baa akarelletsoa ponong ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo. (1 Bathesalonika 4:15, 16; 1 Likronike 24:1-18; Tšenolo 4:4; 6:11) Ka hona masala a ba 144 000 a ntseng a le lefatšeng a bina pina e ncha ka pel’a barab’abo bona ba tsositsoeng ba leholimong, kapa moo ba ba bonang.
11. Ke hobane’ng ha ho thoe bahlōli ba tlotsitsoeng ke baholo ba 24 ebile ho thoe ke ba 144 000?
11 Ha re le ntlheng ena re ka boela ra botsa: Ke hobane’ng ha ho thoe bahlōli baa ba tlotsitsoeng ke baholo ba 24 ba tšoantšetso ebile ho thoe ke ba 144 000? Ke hobane Tšenolo e talima sehlopha sena ka mahlakoreng a mabeli a sa tšoaneng. Kamehla baholo ba 24 ba hlahisoa ba le boemong ba bona ba ho qetela ho pota-pota terone ea Jehova, ba behiloe hore e be marena le baprista maholimong. Ba tšoantšetsa sehlopha sohle sa ba 144 000 ha ba le boemong ba bona leholimong, le hoja hona joale masala a seng makae a bona a ntse a le lefatšeng. (Tšenolo 4:4, 10; 5:5-14; 7:11-13; 11:16-18) Leha ho le joalo, Tšenolo khaolo ea 7 e qolla ba 144 000 e le ba rekiloeng har’a batho, ’me e hatisa morero oa Jehova o moholo oa ho tiisa palo e feletseng ea Baiseraele ba moea le ho pholosa bongata bo boholo bo se nang palo. Tšenolo khaolo ea 14 e fana ka setšoantšo se tiisang hore sehlopha se feletseng sa ’Muso sa bahlōli ba 144 000 se tla bokelloa hammoho le Konyana Thabeng ea Sione. Litšobotsi tseo ba lokelang ho ba le tsona e le hore ba ka balelloa le ba 144 000 le tsona li boletsoe, joalokaha re tla bona hona joale.d
Balateli ba Konyana
12. (a) Johanne o tsoela pele ho hlalosa ba 144 000 joang? (b) Ke ka kutloisiso efe ho thoeng ba 144 000 ke masoha?
12 Ha a tsoela pele ho hlalosa ba 144 000 ba “rekiloeng lefatšeng,” Johanne o re: “Bana ke ba sa kang ba itšilafatsa le basali; ha e le hantle, ke masoha. Ba ntse ba latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae. Ba rekiloe har’a moloko oa batho joaloka litholoana tsa pele ho Molimo le ho Konyana, ’me leshano ha lea ka la fumanoa melomong ea bona; ha ba na sekoli.” (Tšenolo 14:4, 5) Taba ea hore ba 144 000 “ke masoha” ha e bolele hore litho tsa sehlopha sena ha li lenyalong ho hang ha e ntse e le batho ba nama. Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste ba neng ba e-na le pitso ea leholimo, o ile a re le hoja ho e-na le melemo e tlisoang ke bosoha ba Bokreste, lenyalo le molemo tlas’a maemo a itseng. (1 Bakorinthe 7:1, 2, 36, 37) Ho khethollang sehlopha sena ke bosoha ba moea. Se qobile ho etsa bofebe ba moea le lipolotiki tsa lefatše le bolumeli ba bohata. (Jakobo 4:4; Tšenolo 17:5) E le monyaluoa ea lebelelitsoeng oa Kreste, se ipolokile se hloekile, ‘se se na sekoli har’a moloko o khopameng le o sothehileng.’—Bafilipi 2:15.
13. Ke hobane’ng ha ba 144 000 e le monyaluoa ea tšoanelehang oa Jesu Kreste, hona ba “latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae” joang?
13 Ho phaella moo, “leshano ha lea ka la fumanoa melomong ea bona.” Ntlheng ena, ba tšoana le Morena oa bona, Jesu Kreste. Kaha e ne e le motho ea phethahetseng, “ha aa ka a etsa sebe, leha e le hore thetso e ile ea fumanoa molomong oa hae.” (1 Petrose 2:21, 22) Kaha ba 144 000 ha ba na sekoli ebile ba bua ’nete, ba itokisitse joaloka monyaluoa ea hloekileng bakeng sa Moprista ea Phahameng e moholo oa Jehova. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a mema ba lipelo li lokileng hore ba mo latele. (Mareka 8:34; 10:21; Johanne 1:43) Ba ileng ba amohela memo eo ba ile ba etsisa tsela eo a neng a phela ka eona ba ba ba mamela lithuto tsa hae. Kahoo, ha ba ntse ba phela lefatšeng, ba “latela Konyana ho sa tsotellehe hore na e ea hokae” ha e ba tataisa lefatšeng la Satane.
14. (a) Ke joang ba 144 000 e leng “litholoana tsa pele ho Molimo le ho Konyana”? (b) Ke ka kutloisiso efe bongata bo boholo le bona e leng litholoana tsa pele?
14 Ba 144 000 ‘ba rekiloe lefatšeng,’ “ba rekiloe har’a moloko oa batho.” Ba nketsoe ka lapeng e le bara ba Molimo, ’me ka mor’a hore ba tsohe, e ke ke ea hlola e e-ba batho feela ba nama le mali. Joalokaha ho boletsoe temaneng ea 4, ba fetoha “litholoana tsa pele ho Molimo le ho Konyana.” Ke ’nete hore morao koana lekholong la pele la lilemo, Jesu e ne e le “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” (1 Bakorinthe 15:20, 23) Empa ba 144 000 ke “litholoana tse itseng tsa pele” har’a batho ba sa phethahalang, ba rekiloeng ka sehlabelo sa Jesu. (Jakobo 1:18) Leha ho le joalo, ho bokelloa ha litholoana tse tsoang molokong oa batho ha ho felle ka bona. Buka ea Tšenolo e se e buile ka ho kotuloa ha bongata bo boholo bo se nang palo bo hoeletsang ka lentsoe le phahameng bo re: “Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana.” Bongata bona bo boholo bo tla pholoha matšoenyeho a maholo, ’me ha bo ntse bo tsoela pele ho khatholloa ke ‘liliba tsa metsi a bophelo,’ bo tla phahamisetsoa boemong ba hore e be batho ba phethahetseng mona lefatšeng. Ha ho fetile nakoana e itseng ka mor’a matšoenyeho a maholo, Hadese e tla horuloa, ’me batho ba bang ba limilione ba tla tsosoa ’me ba fumane monyetla oa ho noa ’ona metsi ao a bophelo. Ha re nahana ka sena, ho tla be ho nepahetse ho bitsa bongata bo boholo litholoana tsa pele tsa linku tse ling—ke bona ba pele ba tla ‘hlatsoa liaparo tsa bona tse telele tsa ka holimo ’me ba li soeufatse maling a Konyana’ ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.—Tšenolo 7:9, 10, 14, 17; 20:12, 13.
15. Ke lintho life tse tšoanang pakeng tsa likarolo tse tharo tsa litholoana tsa pele le mekete e neng e ketekoa tlas’a Molao oa Moshe?
15 Litholoana tsena tsa pele tse likarolo li tharo (Jesu Kreste, ba 144 000 le bongata bo boholo) li ka bapisoa le lintho tse ling tse thahasellisang meketeng e neng e ketekoa ho latela Molao oa boholo-holo oa Moshe. Ka la 16 Nisane, nakong ea Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, ngata ea litholoana tsa pele tsa harese e kotutsoeng e ne e neheloa ho Jehova. (Levitike 23:6-14) La 16 Nisane ke letsatsi leo Jesu a ileng a tsosoa bafung ka lona. Ka letsatsi la bo50 ho tloha ho la 16 Nisane, khoeling ea boraro, Baiseraele ba ne ba keteka mokete oa kotulo ea litholoana tsa pele tse butsoitseng tsa koro. (Exoda 23:16; Levitike 23:15, 16) Mokete ona o ile oa bitsoa Pentekonta (e tsoang lentsoeng la Segerike le bolelang “ea bomashome a mahlano”), ’me e ne e le ka Pentekonta ea 33 C.E. ha litho tsa pele tsa sehlopha sa ba 144 000 li ne li tlotsoa ka moea o halalelang. Qetellong, khoeling ea bosupa ha ho se ho bokeletsoe lintho tsohle tse kotutsoeng, ho ne ho e-ba le Mokete oa Maphephe, e leng nako e thabisang ea ho leboha eo ka eona Baiseraele ba neng ba lula beke maphepheng a entsoeng ka makala a lipalema le lintho tse ling. (Levitike 23:33-43) Ka ho tšoanang, bongata bo boholo, boo e leng karolo ea ho bokelloa ho hoholo, bo leboha ka pel’a terone bo tšoere “makala a palema matsohong a bona.”—Tšenolo 7:9.
Ho Bolela Litaba Tse Molemo Tse sa Feleng
16, 17. (a) Johanne o bona lengeloi le fofa hokae, ’me lengeloi leo le phatlalatsa eng? (b) Ke bo-mang ba kentseng letsoho mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, ’me ke liphihlelo life tse bontšang see?
16 Ka mor’a moo Johanne o ngola mantsoe ana: “Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang, le re ka lentsoe le phahameng: ‘Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile, kahoo le rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.’” (Tšenolo 14:6, 7) Lengeloi le fofa “sebakeng,” moo linonyana li fofang teng. (Bapisa le Tšenolo 19:17.) Ka lebaka leo, lentsoe la lona le ka utloahala lefatšeng lohle. Seo lengeloi lena le se phatlalatsang lefatšeng ka bophara se fihla libakeng tse hōle hakaakang ha se bapisoa le litaba leha e le life tsa thelevishene!
17 E mong le e mong o khothalletsoa hore a se tšabe sebata le setšoantšo sa sona, ho e-na le hoo a tšabe Jehova, ea matla haholo hoo a ke keng a bapisoa le sebata leha e le sefe sa tšoantšetso se laoloang ke Satane. Jehova o bōpile leholimo le lefatše, ’me joale nako e fihlile ea hore a ahlole lefatše! (Bapisa le Genese 1:1; Tšenolo 11:18.) Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a profeta tjena mabapi le mehla ea rōna: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e phetha thōmo ena. (1 Bakorinthe 9:16; Baefese 6:15) Mona Tšenolo e senola hore mangeloi a sa bonahaleng le ’ona a kentse letsoho mosebetsing ona oa ho bolela. Ke hangata hakaakang tataiso ea mangeloi e ’nileng ea totobala mabapi le ho isa e mong oa Lipaki Tsa Jehova lapeng leo ho lona moea o mong o tepeletseng o neng o labalabela ho thusoa moeeng, o bile o rapella hoo!
18. Ho latela lengeloi le fofang sebakeng, ke hora ea eng e seng e fihlile, ’me ke bo-mang ba tla phatlalatsa lintho tse eketsehileng?
18 Joalokaha lengeloi le fofang sebakeng le boletse, hora ea ho ahlola e fihlile. Joale Molimo o tla phethahatsa kahlolo ea mofuta ofe? Litsebe li tla hlohlona ha li utloa se tla tloha se phatlalatsoa ke lengeloi la bobeli, la boraro, la bone le la bohlano.—Jeremia 19:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Joalokaha 1 Bakorinthe 4:8 e bontša, Bakreste ba tlotsitsoeng ha ba buse e le marena ha ba ntse ba le mona lefatšeng. Leha ho le joalo, ho latela taba e tšohloang ho Tšenolo 14:3, 6, 12, 13, ba kopanela ho bineng pina e ncha ka ho bolela litaba tse molemo ha ba ntse ba mameletse ho isa qetellong ea bophelo ba bona ba lefatšeng.
b Sena se tšehetsoa ke ho sebelisoa ha mabitso a Seheberu liponong tse ling; Jesu o rehiloe lebitso la Seheberu “Abadone” (le bolelang “Timetso”) ’me o phethahatsa kahlolo sebakeng seo “ka Seheberu se bitsoang Har–Magedone.”—Tšenolo 9:11; 16:16.
c Lengolo le re “ho joalokaha eka ke pina e ncha,” hobane pina eo ka boeona e tlalehiloe lentsoeng la boprofeta mehleng ea boholo-holo. Empa ho ne ho se ea tšoanelehang ho e bina. Joale, ha ’Muso o thehoa ’me bahalaleli ba tsosoa, linnete li ile tsa totobala ho phethahatsa boprofeta, ’me e ne e le nako ea ho bina pina eo ka mantsoe ka bokhabane bohle ba eona.
d Boemo bona bo ka ’na ba bapisoa le ba lekhoba le tšepahalang le le masene le fang bahlanka lijo ka nako e tšoanetseng. (Matheu 24:45) E le sehlopha, lekhoba lena le ikarabella bakeng sa ho fana ka lijo, empa bahlanka, e leng litho ka bomong tsa sehlopha seo, ba phelisoa ke ho ja lijo tseo tsa moea tseo ho fanoeng ka tsona. Ke sehlopha se le seng empa se hlalosoa ka mantsoe a sa tšoaneng—ha se kopane le ha e le batho ka bomong.
[Litšoantšo tse leqepheng la 202, 203]
144 000
Baholo ba 24
Majalefa hammoho le Konyana, Kreste Jesu, ha a talingoa ka mahlakoreng a mabeli a sa tšoaneng