Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bomalimabe ba Pele—Litsie
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 9. Litsie li ile tsa fuoa litaelo life tsa ntoa?

      9 Litsie tseo li ile tsa fuoa litaelo life tsa ntoa? Johanne o tlaleha tjena: “Tsa bolelloa hore li se ke tsa senya limela tsa lefatše kapa ntho leha e le efe e tala kapa sefate leha e le sefe, haese feela batho ba se nang tiiso ea Molimo liphatleng tsa bona. Litsie tsa nehoa hore li se ke tsa ba bolaea, empa hore ba hlokofatsoe ka likhoeli tse hlano, ’me tlhokofatso ea bona e ne e tšoana le tlhokofatso ea phepheng ha e loma motho. Matsatsing ao batho ba tla batla lefu empa ho hang ba ke ke ba le fumana, ’me ba tla lakatsa ho shoa empa lefu le ntse le ba balehela.”—Tšenolo 9:4-6.

  • Bomalimabe ba Pele—Litsie
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 11. (a) Litsie li fuoe matla a ho hlokofatsa lira tsa Molimo ka nako e kae, ’me ke hobane’ng ha ka sebele eo e se nako e khutšoanyane? (b) Tlhokofatso eo e matla hakae?

      11 Tlhokofatso eo e ne e tla ba ea likhoeli tse hlano. Na eo ke nako e batlang e le khutšoanyane? Eseng ho litsie tsa sebele. Ka tloaelo, tsie e le ’ngoe e phela likhoeli tse hlano. Kahoo, hafeela litsie tsa kajeno li ntse li phela li tla ’ne li lome lira tsa Molimo. Ho feta moo, li hlokofatsa batho hoo ba lakatsang ho shoa. Ke ’nete hore ha re na tlaleho e bontšang hore har’a batho ba kileng ba longoa, ho na le ba hlileng ba leka ho ipolaea. Empa polelo eo e re thusa ho bona kamoo tlhokofatso eo e leng matla kateng—joalokaha eka ke tlhaselo e sa khaotseng ea liphepheng. E tšoana le mahlomola ao Jeremia a ileng a bona esale pele hore a ne a tla hlahela Baiseraele ba sa tšepahaleng ba neng ba tla qhalakanngoa ke Bababylona ba ba hlōtseng ’me ba lakatse lefu ho feta bophelo.—Jeremia 8:3; bona le Moeklesia 4:2, 3.

      12. Ke hobane’ng ha litsie li lumeletsoe ho hlokofatsa baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana, ka kutloisiso ea moea, eseng ho ba bolaea?

      12 Ke hobane’ng ha li lumeletsoe ho ba hlokofatsa, ka kutloisiso ea moea, eseng ho ba bolaea? Bona ke bomalimabe ba pele bo pepesang mashano a Bokreste-’mōtoana le ho hlōleha ha bona, empa hamorao ha letsatsi la Morena le ntse le tsoela pele, boemo ba bona bo kang ba lefu la moea bo tla phatlalatsoa ka botlalo. Karolo ea boraro ea batho e tla bolaoa nakong ea bomalimabe ba bobeli.—Tšenolo 1:10; 9:12, 18; 11:14.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela