Khaolo 24
Molaetsa o Monate le o Babang
Pono 6—Tšenolo 10:1–11:19
Moko-taba: Pono ea moqolo o monyenyane; se etsahetseng tempeleng; ho letsoa ha terompeta ea bosupa
Nako ea phethahatso: Ho tloha ha Jesu a behoa teroneng ka 1914 ho fihlela matšoenyehong a maholo
1, 2. (a) Bomalimabe ba bobeli bo feletse ka eng, ’me bomalimabe boo bo tla fela neng? (b) Joale ke mang eo Johanne a mo bonang a theoha leholimong?
BOMALIMABE ba bobeli e bile bo senyang. Bo ile ba otla Bokreste-’mōtoana le baeta-pele ba bona, “karolo ea boraro ea batho,” ba pepesitsoeng hore ba shoele moeeng. (Tšenolo 9:15) Ka mor’a moo e tlameha ebe Johanne o ile a ipotsa hore na bomalimabe ba boraro bo tla tlisa eng. Empa butle! Bomalimabe ba bobeli ha bo e-s’o fele—eseng ho fihlela re fihla ntlheng e tlalehiloeng ho Tšenolo 11:14. Pele ho moo, Johanne o lokela ho bona phetoho eo ho eona a phethang karolo e khōlō. E qala ka pono e hlollang:
2 “Ka bona lengeloi le leng le matla le theoha leholimong, le apere leru, ’me mookoli o ne o le holim’a hlooho ea lona, sefahleho sa lona se le joaloka letsatsi, ’me maoto a lona a le joaloka litšiea tsa mollo.”—Tšenolo 10:1.
3. (a) ‘Lengeloi le matla’ ke mang? (b) Mookoli o holim’a hlooho ea lona o bolela’ng?
3 ‘Lengeloi lee le matla’ ke mang? Ho hlakile hore ke Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng nakong ea ha a phetha mosebetsi o mong. O apere leru leo a sa bonahaleng ho lona, e leng ho re hopotsang mantsoe ao Johanne a ileng a a bua pejana mabapi le Jesu: “Bonang! O tla ka maru, ’me leihlo le leng le le leng le tla mo bona, le ba mo hlabileng.” (Tšenolo 1:7; bapisa le Matheu 17:2-5.) Mookoli o holim’a hlooho ea hae o re hopotsa pono ea Johanne ea pejana ea terone ea Jehova, e nang le “mookoli o joaloka emeralde ka ponahalo.” (Tšenolo 4:3; bapisa le Ezekiele 1:28.) Mookoli oo o ne o bontša hore terone ea Molimo e pota-potiloe ke khutso le khotso. Ka tsela e tšoanang, mookoli ona o hloohong ea lengeloi o bontša hore ke lenģosa le khethehileng la khotso, e leng “Khosana ea Khotso” ea Jehova e boletsoeng esale pele.—Esaia 9:6, 7.
4. Ho boleloa eng ha ho thoe (a) sefahleho sa lengeloi le matla se ne se le “joaloka letsatsi”? (b) maoto a lengeloi lee a “joaloka litšiea tsa mollo”?
4 Sefahleho sa lengeloi lena le matla se ne se le “joaloka letsatsi.” Pejana, ponong ha Johanne a bona Jesu tempeleng ea Molimo, o ne a ile a hlokomela hore sefahleho sa Jesu se ne se “le joaloka letsatsi ha le khanya ka matla a lona.” (Tšenolo 1:16) Jesu, joaloka “letsatsi la ho loka,” o khanya a e-na le pholiso mapheong a hae molemong oa ba tšabang lebitso la Jehova. (Malakia 4:2) Hase sefahleho sa lengeloi lena feela se khanyang empa le maoto a lona a khanya “joaloka litšiea tsa mollo.” Tsela e tiileng eo le emeng ka eona ke e loketseng Eo Jehova a mo fileng “matla ’ohle leholimong le lefatšeng.”—Matheu 28:18; Tšenolo 1:14, 15.
5. Johanne o bona eng letsohong la lengeloi le matla?
5 Johanne o hlokomela ho hong: “Letsohong la lona le ne le tšoere moqolo o monyenyane o butsoeng. La beha leoto la lona le letona holim’a leoatle, empa le letšehali la le beha holim’a lefatše.” (Tšenolo 10:2) Na ke moqolo o mong hape? E, empa lekhetlong lena ha oa tiisoa. Ka Johanne re ka lebella hore haufinyane re bone litšenolo tse eketsehileng tse hlollang. Leha ho le joalo, pele, re fuoa pono ea se tla latela.
6. (a) Ke hobane’ng ha ho loketse hore maoto a Jesu a eme holim’a lefatše le holim’a leoatle? (b) Pesaleme ea 8:5-8 e ile ea phethahatsoa ka ho feletseng neng?
6 A re khutleleng tlhalosong ea Jesu. Maoto a hae a kang mollo a eme holim’a lefatše le leoatle, e leng moo hona joale a sebelisang matla a bolaoli teng ka botlalo. Ho joalokaha ho tlalehiloe pesalemeng ea boprofeta: “[Jehova] u ile ua boela ua mo [Jesu] etsa ea ka tlaasana ho ba kang melimo, joale ua mo roesa moqhaka oa khanya le bokhabane. U etsa hore a laole mesebetsi ea matsoho a hao; u behile ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tlas’a maoto a hae: likhutšoane le lipholo, kaofela ha tsona, le liphoofolo tsa naha e sabaletseng, linonyana tsa leholimo le litlhapi tsa leoatle, ntho leha e le efe e fetang litseleng tsa maoatle.” (Pesaleme ea 8:5-8; bona le Baheberu 2:5-9.) Pesaleme ena e ile ea phethahala ka ho feletseng ka 1914, ha Jesu a hlomamisoa e le Morena oa ’Muso oa Molimo le ha nako ea bofelo e qala. Kahoo, seo Johanne a se bonang mona ponong se phethahala ho tloha selemong seo.—Pesaleme ea 110:1-6; Liketso 2:34-36; Daniele 12:4.
Lialuma Tse Supileng
7. Lengeloi le matla le hooa ka mokhoa ofe, ’me mohoo oo o bolela’ng?
7 Ho nahana ha Johanne ka lengeloi lena le matla ho sitisoa ke lengeloi leo ka bolona: “Eaba [lengeloi] le hoeletsa ka lentsoe le phahameng feela joaloka tau ha e puruma. Ha le hoeletsa, lialuma tse supileng tsa ntša mantsoe a tsona.” (Tšenolo 10:3) Johanne o ne a tla hlokomela mohoo o matla joalo, e leng ho tiisang hore kannete Jesu ke “Tau ea moloko oa Juda.” (Tšenolo 5:5) Hape Johanne o ne a tla hlokomela hore ka linako tse ling, Jehova le eena ho thoe oa “puruma.” Ho latela boprofeta, ho puruma ha Jehova ho phatlalatsa ho bokelloa ha Iseraele ea moea hape le ho tla ha “letsatsi la Jehova” le timetsang. (Hosea 11:10; Joele 3:14, 16; Amose 1:2; 3:7, 8) Joale, ka ho hlakileng mohoo o kang oa tau oa lengeloi lena le matla ke pontšo ea hore ho tla etsahala lintho tse khōlō tse tšoanang leoatleng le lefatšeng. O mema lialuma tse supileng hore li bue.
8. ‘Mantsoe a lialuma tse supileng’ ke eng?
8 Pejana Johanne o ne a ile a utloa lialuma tse tsoang teroneng ea Jehova. (Tšenolo 4:5) Morao koana mehleng ea Davida, ka linako tse ling ho ne ho thoe sealuma sa sebele ke “lentsoe la Jehova.” (Pesaleme ea 29:3) Nakong ea tšebeletso ea Jesu lefatšeng, ha Jehova a ne a bolela ka lentsoe le phahameng hore morero oa hae ke ho tlotlisa lebitso la hae, ba bangata ba ile ba utloa eka ke sealuma. (Johanne 12:28, 29) Kahoo, hoa utloahala ho etsa qeto ea hore ‘mantsoe a lialuma tse supileng’ ke a Jehova ha a bolela merero ea hae. Taba ea hore ebe ho ne ho e-na le lialuma tse “supileng” e fana ka maikutlo a hore Johanne o utloile taba e feletseng.
9. Lentsoe le tsoang leholimong le laela ho re’ng?
9 Empa mamela! Ho utloahala lentsoe le leng. E tlameha ebe taelo eo le e tlisang e ile ea bonahala e makatsa ho Johanne: “Joale ha lialuma tse supileng li bua, ke ne ke le lekhatheng la ho ngola; empa ka utloa lentsoe le tsoang leholimong le re: ‘Tiisa lintho tseo lialuma tse supileng li li buileng, ’me u se ke ua li ngola fatše.’” (Tšenolo 10:4) E tlameha ebe Johanne o ne a labalabela ho utloa le ho tlaleha melaetsa eo ea lialuma, feela joalokaha sehlopha sa Johanne kajeno se letetse ka cheseho hore Jehova a senole merero ea hae ea bomolimo e le hore e phatlalatsoe. Litšenolo tse joalo li tla feela ka nako e behiloeng ke Jehova.—Luka 12:42; bona le Daniele 12:8, 9.
Sephiri se Halalelang se Fihla Qetellong
10. Lengeloi le matla le hlapanya ka mang, ’me le phatlalatsa ho re’ng?
10 Ho sa le joalo, Jehova o na le thōmo e ’ngoe eo a e fang Johanne. Ka mor’a hore ho utloahale lialuma tse supileng, lengeloi le matla le boetse lea bua: “Lengeloi leo ke ileng ka le bona le eme holim’a leoatle le holim’a lefatše la phahamisetsa letsoho la lona le letona leholimong, ’me la hlapanya ka Ea phelang ka ho sa feleng le kamehla, ea bōpileng leholimo le lintho tse ho lona le lefatše le lintho tse ho lona le leoatle le lintho tse ho lona, la re: ‘Ha ho sa tla hlola ho e-ba le tieho.’” (Tšenolo 10:5, 6) Lengeloi lee le matla le hlapanya ka mang? Jesu ea tlotlisitsoeng ha a hlapanye ka eena, empa o hlapanya ka Ea Nang le Matla a Bolaoli a phahameng ka ho fetisisa, e leng Jehova, ’Mōpi ea sa shoeng oa maholimo le lefatše. (Esaia 45:12, 18) Ha le hlapanya tjena, lengeloi le kholisa Johanne hore Molimo a ke ke a hlola a lieha.
11, 12. (a) Ho boleloa eng ha ho thoe “ha ho sa tla hlola ho e-ba le tieho”? (b) Ke eng e fihlisoang qetellong?
11 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “tieho” ke khroʹnos, eo ha e le hantle e bolelang “nako.” Kahoo ba bang ba ’nile ba nahana hore phatlalatso ena ea lengeloi e lokela ho fetoleloa tjena: “Ho ke ke ha hlola ho e-ba le nako,” joalokaha eka nako kamoo re e tsebang kateng e tla fela. Empa lentsoe khroʹnos mona le sebelisitsoe le se na lebōpi-khetho. Kahoo, ha le bolele nako ka kakaretso empa, ho e-na le hoo, le bolela “nako e itseng” kapa “bolelele ba nako.” Ka mantsoe a mang, Jehova a ke ke a hlola a lelefatsa nako ka tsela e itseng (kapa, a lieha). Leetsi la Segerike le nkiloeng ho khroʹnos le boetse le sebelisitsoe ho Baheberu 10:37, moo ha Pauluse a qotsa Habakuke 2:3, 4, a ngolang hore “ea tlang . . . a ke ke a lieha.”
12 “Ha ho sa tla hlola ho e-ba le tieho”—mantsoe ao a ipiletsa hakaakang ho sehlopha sa Johanne se ntseng se tsofala kajeno! Ke ntlheng efe moo ho sa tl’o hlola ho e-ba le tieho? Johanne o re: “Empa matsatsing a ha ho utloahala molumo oa lengeloi la bosupa, ha le le haufi le ho letsa terompeta ea lona, sephiri se halalelang sa Molimo ho ea ka litaba tse molemo tseo a ileng a li bolella makhoba a hae baprofeta ka sebele se fihlisoa qetellong.” (Tšenolo 10:7) Nako ea Jehova ea ho etsa hore sephiri sa hae se halalelang se fihle tlhōrōng ea sona e thabisang ka katleho e khanyang, e se e fihlile!
13. Sephiri se halalelang sa Molimo ke eng?
13 Sephiri see se halalelang ke eng? Se akarelletsa peō e tšepisitsoeng ka lekhetlo la pele Edene, eo haholo-holo e ipakileng ho ba Jesu Kreste. (Genese 3:15; 1 Timothea 3:16) Hape se amana le hore na mosali eo Peō e tsoang ho eena ke mang. (Esaia 54:1; Bagalata 4:26-28) Ho feta moo, se kenyelletsa le litho tsa bobeli tsa sehlopha sa peō le ’Muso o busoang ke Peō eo. (Luka 8:10; Baefese 3:3-9; Bakolose 1:26, 27; 2:2; Tšenolo 1:5, 6) Litaba tse molemo tse mabapi le ’Muso ona o ikhethang oa leholimo li lokela ho boleloa lefatšeng lohle nakong ea bofelo.—Matheu 24:14.
14. Ke hobane’ng ha bomalimabe ba boraro bo amahanngoa le ’Muso oa Molimo?
14 Ka sebele, tsena ke litaba tse molemo ka ho fetisisa. Empa, ho Tšenolo 11:14, 15 bomalimabe ba boraro bo amahanngoa le ’Muso. Hobane’ng? Hobane ho batho ba ratang tsamaiso ea Satane ea lintho, ho lla ha terompeta ea litaba tse molemo tsa hore sephiri se halalelang sa Molimo se fihlisitsoe qetellong—e leng hore, ’Muso oa Molimo oa Bomesia o teng—ke litaba tse tlisang bomalimabe. (Bapisa le 2 Bakorinthe 2:16.) Li bolela hore tsamaiso ea lefatše eo ba e ratang haholo e haufi le ho timetsoa. Mantsoe a lialuma tse supileng, a nang le litemoso tsa sefefo se tšabehang joalo, aa hlaka ebile a utloahala haholoanyane ha letsatsi le leholo la Jehova la phetetso le ntse le atamela.—Sofonia 1:14-18.
Moqolo o Butsoeng
15. Lentsoe le tsoang leholimong le lengeloi le matla ba bolella Johanne eng, ’me seo se ama Johanne joang?
15 Ha Johanne a ntse a letetse ho letsoa ha terompeta ena ea bosupa le hore sephiri se halalelang sa Molimo se fihlisoe qetellong, o fuoa kabelo e ’ngoe: “Lentsoe leo ke ileng ka le utloa le tsoa leholimong le boetse le bua le ’na le re: ‘E-ea, u nke moqolo o butsoeng o letsohong la lengeloi le emeng holim’a leoatle le holim’a lefatše.’ Ka tloha ka ea ho lengeloi ’me ka le bolella hore le mphe moqolo o monyenyane. La re ho ’na: ‘O nke ’me u o je, ’me o tla etsa hore mpa ea hao e babe, empa ka hanong la hao o tla ba monate joaloka mahe a linotši.’ Ka nka moqolo o monyenyane letsohong la lengeloi ka o ja, ’me ka hanong la ka o ne o le monate joaloka mahe a linotši; empa ha ke o jele, mpa ea ka ea baba. Ba re ho ’na: ‘U boele u profete mabapi le batho le lichaba le maleme le marena a mangata.’”—Tšenolo 10:8-11.
16. (a) Moprofeta Ezekiele o ile a etsahalloa ke se tšoanang le se ileng sa etsahalla Johanne joang? (b) Ke hobane’ng ha moqolo o monyenyane o ne o latsoeha hamonate ho Johanne, empa ke hobane’ng ha o ne o baba ha a o thuisa?
16 Se etsahaletseng Johanne se batla se tšoana le se ileng sa etsahalla moprofeta Ezekiele ha a le botlamuoeng naheng ea Babylonia. Le eena o ile a laeloa hore a je moqolo o neng o latsoeha hamonate molomong oa hae. Empa ha o se o tletse ka mpeng ea hae, o ile oa etsa hore a utloe a e-na le boikarabelo ba ho bolella ntlo ea Iseraele e tletseng borabele lintho tse babang tse tlang. (Ezekiele 2:8–3:15) Ka tsela e tšoanang, moqolo o butsoeng oo Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng a o fang Johanne ke molaetsa o tsoang ho Molimo. Johanne o lokela ho bolella “batho le lichaba le maleme le marena a mangata.” Ho ja moqolo ona hoa mo natefela hobane o tsoa ho Molimo. (Bapisa le Pesaleme ea 119:103; Jeremia 15:15, 16.) Empa o fumana o baba ha a o thuisa—joalokaha ho ile ha e-ba joalo ho Ezekiele—o bolela esale pele lintho tse bosula tse tla hlahela batho ba tletseng borabele.—Pesaleme ea 145:20.
17. (a) Ke bo-mang ba bolellang Johanne hore a “boele” a profete, ’me hoo ho bolela’ng? (b) Pontšo e matla eo Johanne a e boneng e ne e lokela ho phethahatsoa neng?
17 Ha ho pelaelo hore ba bolellang Johanne hore a boele a profete ke Jehova Molimo le Jesu Kreste. Le hoja Johanne a le botlamuoeng sehlekehlekeng sa Patmose, o se a profetile mabapi le batho, lichaba, maleme le marena ka boitsebiso bo tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo ho tla fihlela mothating oo. Poleloana e reng “u boele” e bolela hore o lokela ho ngola le ho phatlalatsa boitsebiso bohle bo setseng bo tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo. Empa hopola hore mona Johanne o hlile o kopanela ponong ea boprofeta. Ha e le hantle, seo a se tlalehang ke boprofeta bo lokelang ho phethahala ka mor’a 1914, ha lengeloi le matla le ema holim’a lefatše le leoatle. Joale, pontšo ee e matla e bolela’ng ho sehlopha sa Johanne kajeno?
Moqolo o Monyenyane Kajeno
18. Mathoasong a letsatsi la Morena, sehlopha sa Johanne se ile sa bontša thahasello efe bukeng ea Tšenolo?
18 Seo Johanne a se bonang se tšoantšetsa ka mokhoa o tsotehang se ileng sa etsahalla sehlopha sa Johanne mathoasong a letsatsi la Morena. Ho utloisisa ha sona merero ea Jehova, ho akarelletsa le se boleloang ke lialuma tse supileng, ho ne ho e-s’o felle ka nako eo. Leha ho le joalo, se ne se thahasella Tšenolo ka ho tebileng, ’me Charles Taze Russell o ne a ile a hlalosa likarolo tse ngata tsa eona ha a sa phela. Ka mor’a lefu la hae ka 1916, lintho tse ngata tseo a li ngotseng li ile tsa bokelloa ’me tsa hatisoa bukeng e bitsoang The Finished Mystery. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, ho ile ha bonahala hore buka ena e ne e sa fane ka tlhaloso e khotsofatsang ea Tšenolo. Masala a barab’abo Kreste a ile a tlameha ho ema haleletsana ho fihlela ha lipono li qala ho phethahatsoa, e le hore a fumane kutloisiso e nepahetseng ea tlaleho eo e bululetsoeng.
19. (a) Jehova Molimo o ile a sebelisa sehlopha sa Johanne joang le pele mantsoe a lialuma tse supileng a phatlalatsoa ka botlalo? (b) Sehlopha sa Johanne se ile sa fuoa moqolo o monyenyane o butsoeng neng, ’me hoo ho ile ha bolela’ng ho sona?
19 Leha ho le joalo, joaloka Johanne, Jehova o ne a ile a ba sebelisa le pele mantsoe a lialuma tse supileng a phatlalatsoa ka botlalo. Ba ne ba ile ba bolela ka mafolofolo ka lilemo tse 40 pele ho 1914, ’me ba ne ba ile ba loanela ho lula ba le mafolofolo nakong ea ntoa ea pele ea lefatše. Ba ne ba ile ba bontša hore ke bona bao ha mong’a bona a fihla, ba fumanoeng ba fa bahlanka lijo ka nako e tšoanetseng. (Matheu 24:45-47) Kahoo, ka 1919 ke bona ba ileng ba fuoa moqolo o monyenyane o butsoeng—ke hore, molaetsa oo e seng lekunutu hore ba o bolele ho batho. Joaloka Ezekiele ba ne ba e-na le molaetsa o eang ho mokhatlo o sa tšepahaleng—e leng Bokreste-’mōtoana—o neng o ipolela hore o sebeletsa Molimo empa, ha e le hantle, o sa mo sebeletse. Joaloka Johanne ba ne ba lokela ho bolela ka ho eketsehileng mabapi le “batho le lichaba le maleme le marena a mangata.”
20. Ho ja ha Johanne moqolo ho ne ho tšoantšetsa eng?
20 Ho ja ha Johanne moqolo ho ne ho tšoantšetsa hore barab’abo Jesu ba amohetse kabelo ena. O ile oa fetoha karolo ea bona hoo joale ba neng ba se ba tsebahala ka karolo ena ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, ba matlafatsoa ke eona. Empa seo ba neng ba lokela ho se bolela se ne se fupere lipolelo tsa likahlolo tsa Jehova tse neng li sa jese batho ba bangata litheohelang. Ka sebele, se ne se akarelletsa likotlo tse boletsoeng esale pele ho Tšenolo khaolo ea 8. Leha ho le joalo, ho ne ho le monate ho Bakreste bana ba tšepahalang ho tseba likahlolo tsena le ho hlokomela hore Jehova o ne a boetse a ba sebelisa ho li bolela.—Pesaleme ea 19:9, 10.
21. (a) Molaetsa oa moqolo o monyenyane o bile monate le ho bongata bo boholo joang? (b) Ke hobane’ng ha litaba tse molemo e le litaba tse mpe ho bahanyetsi?
21 Ka nako ea teng, molaetsa oa moqolo ona o ile oa e-ba monate le ho ‘bongata bo boholo . . . bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle’ bo ileng ba fumanoa bo feheloa ka lebaka la lintho tse manyala tseo bo boneng li etsoa Bokreste-’mōtoaneng. (Tšenolo 7:9; Ezekiele 9:4) Bana le bona, ba bolela litaba tse molemo ka cheseho, ba sebelisa mantsoe a monate le a mosa ho hlalosa tokisetso ea Jehova e babatsehang bakeng sa Bakreste ba kang linku. (Pesaleme ea 37:11, 29; Bakolose 4:6) Empa ho bahanyetsi, tsena ke litaba tse mpe. Hobane’ng? Li bolela hore tsamaiso eo ba e tšepang—eo e ka ’nang eaba e ba tliselitse khotsofalo ea nakoana—e tlameha ho fela. Ho bona, litaba tse molemo li bolela timetso.—Bafilipi 1:27, 28; bapisa le Deuteronoma 28:15; 2 Bakorinthe 2:15, 16.
[Litšoantšo tse leqepheng la 160]
Sehlopha sa Johanne le metsoalle ea sona ba bolela molaetsa o monate le o babang ho batho bohle