Nako ea Kahlolo ea Molimo e Fihlile
“Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona a tlile.”—TŠENOLO 14:7.
1. Likhaolo tse qalang tsa Tšenolo li akarelletsa eng?
BUKA ea Tšenolo e tšoere boprofeta bo thabisang bo phethahatsoang mehleng ea rōna. Sehlooho se fetileng se ile sa tšohla bo bong ba bona, bo akarelletsang ho buloa ha litiiso tse tšeletseng tsa tšoantšetso. Litiiso tsena tse butsoeng li ile tsa senola ho kalla ho senyang ha banna ba lipere ba bane ba apocalypse ‘mehleng ena ea qetello.’ (2 Timothea 3:1; Tšenolo 6:1-8) Hape li ne li bolela ka ba tla busa le Kreste leholimong le ba tla pholoha “mahlomoleng a maholo” ho phela lefatšeng ka ho sa feleng. Litiiso tse tšeletseng li bontša hore “nako e khethiloeng” ea hore Molimo o lihe kahlolo “e haufi.”—Tšenolo 1:3, NW; 7:4, 9-17.
2. Literompeta tsa tšoantšetso tse supileng tsa Tšenolo khaolo 8 li tla sebelisoa joang?
2 Empa ho sa ntsane ho e-na le tiiso e ’ngoe, ea bosupa. Tšenolo 8:2 e re bolella hore na ho senoloa eng ha e buloa: “Ka bona mangeloi a supileng a emeng pel’a Molimo, ’me a neoa literompeta tse supileng.” Temana ea 6 e re: “Eaba mangeloi a supileng, a tšoereng literompeta tse supileng, a itokisetsa ho li letsa.” Mehleng ea Bibele, literompeta li ne li sebelisoa ho hlaba mokhosi ka liketsahalo tsa bohlokoa. Ka tsela e tšoanang, mehoo ea literompeta tsena tse supileng e hlokomelisa ka litaba tse nang le bohlokoa ba lefu kapa bophelo mehleng ea rōna. Hape le hoja mangeloi a letsa literompeta, Lipaki tsa batho lefatšeng li a sala morao ka ho hasa litaba tsa bohlokoa tse tsebahatsoang ke mohoo ka mong oa terompeta.
Seo Mehoo ea Literompeta e se Bolelang
3. Mehoo ea literompeta tse supileng e bolela eng?
3 Mehoo ena ea literompeta e re hopotsa likotlo tseo Jehova a ileng a li tšollela Egepeta ea boholo-holo. Likotlo tseo e ne e le lipontšo tsa kahlolo ea Jehova ’musong oo oa pele oa lefatše le bolumeling ba oona ba bohata, empa hape li ile tsa bula tsela ea pholoho bakeng sa batho ba Molimo. Ka ho tšoanang, mehoo ea literompeta ea Tšenolo ke likotlo tsa mehleng ea kajeno, khetlong lena li liheloa holim’a lefatše la Satane kaofela le bolumeli ba lona ba bohata. Leha ho le joalo, hase likotlo tsa sebele empa ke melaetsa e otlang ea likahlolo tsa Jehova. Hape li bolela tsela ea pholoho bakeng sa batho ba Molimo.
4. Mehoo ea literompeta tse supileng e phethahalitsoe joang mehleng ea rōna?
4 Tumellanong le mehoo ena e supileng ea literompeta, liqeto tse otlang lefatše la Satane ka matla li ile tsa phahamisoa likopanong tse khethehileng tse supileng tsa batho ba Jehova tsa selemo le selemo ho tloha ka 1922 ho ea ho 1928. Likopi tse makholo a limillione tsa liqeto tseo li ile tsa abjoa. Leha ho le joalo, ho letsoa ha literompeta tsa melaetsa eo e bohale ha boa ka ha fella lilemong tseo feela, empa ho ’nile ha tsoela pele ho theosa le mehla ea qetello. ’Me kajeno e tsebahatsoa ka matla ho feta leha e le neng pele, kaha ba limillione ba “bongata bo boholo ba batho” ba kopantse mantsoe a bona le a sehlopha se fokolang sa batlotsuoa bao qalong ba neng ba bolela ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše. (Tšenolo 7:9) Selemo le selemo hona joale, ka matla a ntseng a eketseha le ka lenane le ntseng le eketseha, ba limillione bana ba phatlalatsa hore lefatše la Satane le ahloletsoe ho timetsoa ka ho felletseng.
5. “Karolo ea boraro” ea lefatše e fumanang kahlolo e bohale pele ke mang, hona hobane’ng?
5 Ho Tšenolo 8:6-12, ho utloahala molumo oa literompeta tse ’nè tse qalang. Ho tšolloa sefako, mollo, le mali, e leng ho tlisang timetso ea “karolo ea boraro” ea lefatše. Ke hobane’ng ha ho buuoa ka “karolo ea boraro” e le eona karolo ea lefatše e molato ea pele e tlisoang kahlolong e bohale? Hobane le hoja tsamaiso eohle ea Satane e le e nyatsehang ho Molimo, ke karolo e le ’ngoe e nyatsehang le ho feta. Ke karolo efe? Karolo e ipitsang ka lebitso la Kreste—Bokreste-’mōtoana. Hape ha melaetsa ea kahlolo ea Molimo e bo tlela ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ka nako eo ’muso oa Bokreste-’mōtoana o ne o busa hoo e ka bang karolo ea boraro ea batho.
6. Ke hobane’ng ha Jehova a furalletse Bokreste-’mōtoana hore bo timetsoe?
6 Bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ke tholoana ea bokoenehi bo nang le lilemo tse 1 900 ho tloha Bokresteng ba ’nete e leng boo Jesu le barutuoa ba hae ba neng ba boletse ka bona esale pele. (Mattheu 13:24-30; Liketso 20:29, 30) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba itlhahisa e le baruti ba Bokreste, empa lithuto tsa bona li hōle le ’nete ea Bibele, ’me liketso tsa bona tse silafetseng li tsoela pele ho tlisetsa lebitso la Molimo nyefolo. Molato oa bona oa mali o tlisitsoeng ke ho tšehetsa lintoa tsa lekholo lena la bo20 la lilemo o pepesitsoe. Bokreste-’mōtoana ke karolo ea tsamaiso ea lintho ea Satane ka botlalo. Ka hona, bo amohela melaetsa e matla, e otlang e tsoang ho Jehova e bontšang hore ha bo lokeloe ke mohau leha e le o monyenyane feela oa Molimo. Jehova o furalletse ntlo ea Bokreste-’mōtoana hore e etsoe lesupi hantle feela joalokaha a ile a furalla ntlo ea Bajode ba lekholong la pele la lilemo!—Mattheu 23:38.
Ho Tsosolosetsoa Boboleli Lefatšeng
7, 8. (a) Ho Tšenolo khaolo 9, mohoo oa terompeta ea bohlano o senola eng? (b) Litsie li tšoantšetsa bo-mang?
7 Ho Tšenolo 9:1 lengeloi la bohlano le letsa terompeta ea lona, ’me pono e senola naleli e theohelang lefatšeng. Naleli ena e tšoere senotlolo letsohong la eona. Ka senotlolo seo e bula sekoti seo ho koaletsoeng leru la litsie ho sona. Naleli eo ke Morena oa leholimo oa Jehova ea sa tsoa hlomamisoa bocha, Jesu Kreste. Litsie ke bahlanka ba Molimo, ba neng ba ntse ba hlorisoa ’me ba bonahala eka ba felisitsoe ha basebeletsi ba bona ba ka sehloohong ba kenngoa chankaneng ka 1918. Empa Kreste, joale a se a le matleng a ’Muso leholimong, o ba lokolla hore ba boele ba qale boboleli ba bona ba phatlalatsa lefatšeng lohle, e leng ho soabisitseng baruti haholo, ba neng ba rerile ho bolaea mosebetsi oa bona.—Mattheu 24:14.
8 Litsie li hlalosoa ka tsela ena ho Tšenolo 9:7: “Sebopeho sa litsie tseo se ne se tšoana le sa lipere tse lokiselitsoeng ntoa; lihloohong tsa tsona li ne li roetse ho tšoanang le meqhaka e kang ea khauta; lifahleho tsa tsona li ne li le joalo ka lifahleho tsa batho.” Temana ea 10 ea phaella: “Li na le mehatla e joalo ka ea liphepheng.” Litsie tsena li tšoantšetsa hantle masala a tsosolositsoeng a majalefa a ’Muso ha a boela ntoeng ea moea ho tloha ka 1919 ho ea pele. Ka matla a macha, a ile a phatlalatsa melaetsa e lomang ea kahlolo ea Molimo, haholo-holo khahlanong le Bokreste-’mōtoana bo silafetseng.
9, 10. (a) Mohoo oa terompeta ea botšelela o senola eng? (b) Ho akarelletsoa bo-mang limiriadeng tsa lipere tse matla?
9 Ho latelang, lengeloi la botšelela le letsa terompeta ea lona. (Tšenolo 9:13) Sena se senola ho lokolloa ha makhotla a bakalli ba lipere. Temana ea 16 (NW) e bolela hore palo ea bona ke “limiriade tsa limiriade tse peli,” e leng limillione tse 200! Hape ba hlalosoa ka tsela e latelang litemaneng tsa 17 le 19: “Lihlooho tsa lipere li ne li le joaloka lihlooho tsa litau; ho no ho e-tsoa melomong ea tsona mollo, le mosi, le sebabole. . . . Mehatla ea tsona e ne e tšoana le linoha.” Makhotla ana a hatela pele tlas’a tataiso ea Morena, Kreste Jesu. ’Me ponahalo ea ’ona ke e tšosang hakaakang!
10 Lipere tsee tse matla li emela eng? Kaha li baloa ka limillione, e ne e ke ke ea e-ba masala a tlotsitsoeng feela, ao ho ’ona ho seng ho setse a 8 800 feela lefatšeng hona joale. E tlameha e be limiriade tsena tsa lipere li akarelletsa “bongata bo boholo ba batho” ba Tšenolo khaolo 7, bo nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ka Bibeleng, lentsoe “miriade” hangata le bolela palo e khōlō, e ke keng ea lekanngoa. Ka hona, lipere tsena tsa tšoantšetso li ne li ke ke tsa akarelletsa feela lenane le ntseng le qepha la batlotsuoa empa hape le “bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling” ba limillione ba hooang ka matla ba ntšetsang pele mosebetsi oa phatlalatsa o qaliloeng ke masala a tlotsitsoeng a kang litsie.—Johanne 10:16.
11. Ke hobane’ng ha ho boleloa hore “matla a lipere tseo a na a le melomong ea tsona,” hona ke joang li ‘senyang ka mehatla ea tsona’?
11 Tšenolo 9:19 e re: “Matla a lipere tseo a na a le melomong ea tsona,” ’me “[mehatla ea tsona] e na le lihlooho tseo e senyang ka tsona.” Ke ka tsela efe matla a tsona a leng melomong ea tsona? Ka hore ka mashome a lilemo, ka Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le liboka tse ling, bahlanka ba Molimo ba rutiloe ho bolela melaetsa ea kahlolo ea oona ka matla ka molomo. ’Me ke ka tsela efe li senyang ka mehatla ea tsona? Ka hore li se li abile likhatiso tse likete tsa limillione tse theiloeng Bibeleng lefatšeng ka bophara, ka ho etsa joalo tsa siea melaetsa e lomang lefatše la Satane. Ho bahanyetsi ba bona, ruri makhotla ana a bakalli ba lipere a bonahala eka ke limiriade tsa limiriade.
12. Litsie le lipere tsa tšoantšetso li tlameha ho tsoela pele ho etsa joang, hona e le ka phello efe?
12 Ka hona, litsie le lipere tsa tšoantšetso li tlameha ho hoeletsa melaetsa ea kahlolo ea Molimo ka ho hlaka le ka lentsoe le phahamileng haholoanyane ha letsatsi la oona la phetetso le ntse le atamela. Ho ba lipelo li tšepahalang, melaetsa eo ke litaba tse molemohali lefatšeng. Empa ho ba ikhethelang lefatše la Satane, ke litaba tse mpe, hobane e bolela hore haufinyane lefatše la bona le tla timetsoa.
13. “Bomalimabe ba boraro” bo amahanngoang le mohoo oa terompeta ea bosupa bo ama eng, hona ke “bomalimabe” joang?
13 Litsie tse otlang le makhotla a bakalli ba lipere li hlalosoa e le “bomalimabe” ba pele le ba bobeli le ba boraro bo rometsoeng ke Molimo. (Tšenolo 9:12, TLP; 11:14, TLP) “Bomalimabe ba boraro” ke eng? Ho Tšenolo 10:7 rea bolelloa: “Mehleng ea lentsoe la lengeloi la bosupa, . . . ke moo sephiri sa Molimo se tla phetheha, kamoo o boleletseng bahlanka ba oona, baporofeta kateng.” Sephiri sena se halalelang se ama “peo” e tšepisitsoeng ka lekhetlo la pele Edene. (Genese 3:15) Karolo e ka sehloohong ea “peo” eo ke Jesu empa hape e akarelletsa metsoalle ea hae e tlotsitsoeng e tla busa le eena leholimong. Kahoo sephiri se halalelang se ama ’Muso oa leholimo oa Molimo. ’Muso ona o tla tlisa “bomalimabe” ba boraro bo reriloeng ke Molimo, hobane o tla liha likahlolo tsa Molimo khahlanong le lefatše la Satane ho fihlela li fella.
’Muso oa Hlongoa
14. Mohoo oa terompeta ea bosupa oa Tšenolo 11:15 o ne o tsebisa ka eng?
14 Joale hoa etsahala! Tšenolo 11:15 e re: “Joale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona; ’me ha utloahala mantsoe a maholo a buang leholimong, a re: Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena [Jehova] oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” E, ho tsebisoa hore ’Muso oa Molimo ka Kreste o hlonngoe leholimong ka selemo sa 1914. Hape ha masala a tsosolosoa ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, a ile a phahamisa litaba tsena.
15. Ka 1922, ke ketsahalo efe e ileng ea tšoaea phutuho e ncha ea boboleli ba ’Muso?
15 Kopanong ea 1922 ea bahlanka ba Jehova e neng e le Cedar Point, Ohio, U.S.A., ba likete ba neng ba le teng ba ile ba utloa tsebiso e thabisang: “Lena ke letsatsi har’a matsatsi. Bonang, Morena oa busa! Le baemeli ba hae ba mo phatlalatsang. Ka hona tsebahatsang, tsebahatsang, tsebahatsang, Morena le ’muso oa hae.” Seo se ile sa qalisa phutuho e khōlō ea boboleli ba ’Muso ba phatlalatsa bo neng bo akarelletsa likahlolo tse tsebahalitsoeng ke literompeta tsa mangeloi a supileng. Kajeno, hoo e ka bang bahlanka ba Jehova ba limillione tse tharo le halofo ba liphuthehong tse ka holimo ho 57 000 lefatšeng ka bophara ba kenelletse boboleling bona ba ’Muso lefatšeng lohle. Limiriade ka sebele!
16. Ho Tšenolo khaolo 12, ke phetoho efe e ’ngoe e amang leholimo le lefatše e ileng ea senoloa ke mohoo oa terompeta ea bosupa?
16 Empa lengeloi la bosupa le senola ho eketsehileng. Tšenolo 12:7 e bolela hore joale “ntoa ea e-ba teng leholimong.” Temana ea 9 e re bolella phello ena ea bohato ba Kreste Morena: “’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona.” Temana ea 12 ea phaella: “Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng.” E, maholimo a ne a hloekisitsoe tšusumetsong ea Satane, e ne e le lebaka la thabo e khōlō har’a mangeloi a tšepahalang. Empa see se bolela eng ho batho? Temana eona eo ea arabela: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”
17. Ke hobane’ng ha ho loketse ho tšoantša ’muso oa lefatše ka “sebata” ho Tšenolo khaolo 13?
17 Tšenolo 12:3 e hlalosa Satane e le ‘drakone e kholo, e nang le lihlooho tse supileng, le linaka tse leshome,’ motimetsi ea tšabehang ea kang sebata. Sena se bontša hore ke moetsi oa “sebata” sa bopolotiki sa lefatšeng se hlalositsoeng khaolong ea 13, litemana 1 le 2. Hape sebata seo se na le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome, ho tšoana le Satane. Temana ea 2 e re: “Drakone [Satane] ea se fa matla a eona, le terone ea eona, le borena bo boholo.” Ka sebele ho loketse ho tšoantšetsa mebuso ea bopolotiki ka sebata, hobane lekholong lena la bo20 la lilemo feela, batho ba fetang limillione tse lekholo ba bolailoe lintoeng tsa lichaba.
18. Sebata se linaka li peli sa Tšenolo 13:11 ke eng, ’me liketso tsa sona li re thusa joang ho se tseba?
18 Joalokaha temana ea 11 e bolela, pono e latelang e ho Tšenolo 13 e senola “sebata se seng se nyolohang lefatšeng, se nang le linaka tse peli tse joalo ka tsa konyana, se mpa se bua joalo ka drakone.” Sebata sena se linaka li peli ke ’muso oa bopolotiki o kopaneng oa Manyesemane le Maamerika. O tšoana le konyana ka hore o iketsa ’muso o sa khopiseng, o hlalefileng ka ho fetisisa. Empa o bua joaloka drakone, joaloka Satane, ’me o bitsoa “sebata se seng” hobane liketso tsa oona tsa ho busa li tšoana le tsa libata. O qobella le ho sokela esita le ho sebelisa pefo hohle moo ho sa amoheloeng mokhoa oa puso o tšoanang le oa oona. Ha o khothalletse ho ikokobeletsa ’Muso oa Molimo, empa, ho fapana le hoo, ho ipeha tlas’a lefatše la Satane. Ke ka hona temana ea 14 e reng: “Sa thetsa ba ahileng lefatšeng.”
19, 20. (a) Botšepehi ba bahlanka ba Jehova bo paka eng? (b) Re tseba joang hore ka sebele masala a tlotsitsoeng a tla hlōla lefatše la Satane?
19 Lefatše lena le tlas’a puso ea Satane ke sebaka seo ho leng thata ho phela ho sona bakeng sa Bakreste ba ’nete bao, tumellanong le taelo ea Jesu, e seng karolo ea lona. (Johanne 17:16) Ka hona, hore bahlanka ba hae lefatšeng ka bophara kajeno ba boloka botšepehi ’me ba tsoela pele ba kopane ho tlotlisa Jehova le litsela tsa hae tse lokileng ke pontšo e totobetseng ea matla a Jehova le tlhohonolofatso ea hae. Ba etsa sena ho sa tsotellehe khanyetso e matla, mahloriso, esita le lona lefu.
20 Masala a tlotsitsoeng haholo-holo e bile ’ona a hlaseloang ke Satane kahobane e tla ba babusi hammoho le Kreste. Empa Tšenolo khaolo 14 e bontša hore lenane le felletseng la bona, 144 000, ka tlhōlo ba bokelloa le Kreste matleng a ’Muso. Ka botšepehi ba ile ba khomarela Morena oa bona, hobane ho joalokaha temana ea 4 e re: “Ke ba latelang Konyana hohle moo e eang teng”—ba etsa sena ho sa tsotellehe mahloriso a sehlōhō ao Satane a ba tliselitseng ’ona.
Ho Fumana Likahlolo Tsa Molimo Pele
21, 22. (a) Mangeloi a etsa litsebiso life ho Tšenolo 14:7, 8? (b) Ke hobane’ng ha lengeloi le tsebisa ka ho oa ha Babylona oa bolumeli le hoja a sa ntsane a le teng?
21 Ho Tšenolo 14:7 lengeloi le leng lea hooa: “Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile; ’me le khumamele ea entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le liliba tsa metsi.” Ke mang ea fumanang kahlolo e bohale ea Molimo pele: Temana ea 8 ea arabela: “Lengeloi la bobeli la latela, le re: O oele, o oele, Babilona, motse o moholo, hobane o noesitse lichaba tsohle veine ea bohale ba bootsoa ba oona.” Ka lekhetlo la pele mona, empa e se la ho qetela, Tšenolo e bua ka ‘Babilona e Moholo,’ ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.
22 Kaha bolumeli bo sa ntsane bo e-na le tšusumetso likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše, ke hobane’ng ha lengeloi le tsebisa hore Babylona e Moholo o se a ntse a oele? Koana, phello e bile efe ka 539 B.C.E. ha Babylona oa boholo-holo a e-oa le hoja a ne a e-s’o timetsoe ka ho felletseng? Bahlanka ba Jehova ba neng ba le botlamuoeng ba ile ba khutlela naheng ea habo bona lilemo tse peli hamorao ’me ba tsosolosa borapeli ba ’nete! Ka tsela e tšoanang, ho tsosolosetsoa ha bahlanka ba Molimo mosebetsing o mocha oa nala ea moea ho qalileng ka 1919 ke bopaki bo hlakileng ba hore ka nako eo, ka 1919, Babylona e Moholo o ile a qala ho heleha mahlong a Jehova. Hona mono o ile a mo ahlolela timetso e neng e tla latela hamorao.
23. (a) Ke joang ho ntseng ho buloa tsela ea ho timetsa Babylona e Moholo? (b) Ho tla tšohloa boprofeta bofe bo eketsehileng tokollong e latelang ea Molula-Qhooa?
23 E le selelekela sa thipitlo ea hae e atamelang, Babylona oa kajeno o se a ntse a kene khathatsong e tebileng. Tšilafalo ea hae, boitšoaro bo bobe bo tšabehang, ho se tšepahale, le ho itšunya-tšunya lipolotiking li pepesitsoe hohle. Karolong e khōlō ea Europe, e se e le methoaela e sa ntsaneng e ea kerekeng. Linaheng tse ngata tsa bokomonisi, bolumeli bo talingoa e le “matekoane ho batho.” Hape, Babylona oa kajeno oa nyeliseha mahlong a barati bohle ba Lentsoe la Molimo la ’nete. Kahoo kamoo ho leng kateng, joale o eme moleng oa lefu bakeng sa kahlolo ea hae e mo tšoanelang. E, “nako e khethiloeng e haufi” bakeng sa liphetoho tse tla sisinya lefatše! ’Me tokollong e latelang ea Molula-Qhooa, lihlooho tse ling tse ithutoang li tla tšohla boprofeta bo ho Tšenolo mabapi le timetso e ntseng e atamela ea “seotsoa” sa bolumeli, hammoho le ea tsamaiso eohle ea lintho ea Satane.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Mehoo ea literompeta tse supileng e qalang ho Tšenolo khaolo 8 e bolela eng bakeng sa mehla ea rōna?
◻ Ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana e le bona bo tlisoang pele kahlolong e bohale?
◻ Mosebetsi oa boboleli oa masala a tlotsitsoeng le “bongata bo boholo ba batho” o hlalosoa joang ho Tšenolo khaolo 9?
◻ Tsebiso e ho Tšenolo 11:15 e ne e bolela eng bakeng sa leholimo le lefatše?
◻ Joalokaha ho hlalositsoe ho Tšenolo 14:8, ke joang Babylona oa bolumeli a ileng a oa ka 1919, ’me see se bolela eng bakeng sa hae?