“Lena Ke Letsatsi Har’a Matsatsi”
“Ka pululelo ke ile ka ba letsatsing la Morena.”—TŠENOLO 1:10, “NW.”
1. Re phela ‘letsatsing’ lefe, ’me ke hobane’ng ha ’nete ena e thabisa hakaale?
“LENA ke letsatsi har’a matsatsi. Bonang, Morena oa busa!” Mantsoe ana a susumetsang a builoeng ke mookameli oa bobeli oa Watch Tower Bible and Tract Society morao koana ka 1922 a ntse a re thabisa kajeno. A ntse a re hopotsa hore re phela nakong ea liketsahalo tse khōlō historing eohle, nako eo ka Bibeleng e bitsoang “letsatsi la Morena.” (Tšenolo 1:10) Ka sebele ke “letsatsi har’a matsatsi,” hobane ke nako eo ka eona Jehova, ka ’Muso oa Kreste, a tla phethahatsa merero ea Hae kaofela e hlollang ’me a tlotlise lebitso la Hae le halalelang pontšeng ea pōpo eohle.
2, 3. (a) Letsatsi la Morena le qala neng ’me le fela neng? (b) Ke hokae moo re ka batlisisang ka letsatsi lee?
2 Letsatsi lena le qalile ka 1914 ha Jesu a hlomamisoa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. ’Me le tla tsoela pele ho theosa le Puso ea Lilemo tse Sekete ho fihlela qetellong ea eona, ha Kreste a ‘busetsa ’muso ho Molimo Ntate.’ (1 Ba-Korinthe 15:24) Bakreste ba tšepahalang ba ’nile ba lebella letsatsi la Morena ka makholo-kholo a lilemo. Joale, ke lena le qeteletse le fihlile! Letsatsi lena leo e leng “letsatsi har’a matsatsi” le ile la bolela eng ho batho ba Molimo le lefatše ka kakaretso?
3 Buka ea Bibele e re bolellang ho hongata ka ho fetisisa ka letsatsi la Morena ke Tšenolo. E batla e le boprofeta bohle ba buka ena bo phethahatsoang letsatsing la Morena. Empa Tšenolo ke eona feela tlhōrō ea letoto la libuka tsa boprofeta e re bolellang ka letsatsi leo. Har’a ba bang, Esaia, Jeremia, Ezekiele, le Daniele le bona ba re bolella ka lona. Hangata, seo ba se buang se re thusa ho utloisisa hamolemonyana boprofeta bo ho Tšenolo. A re ke re boneng kamoo buka ea Ezekiele ka ho khetheha e chabisang leseli holim’a phethahatso ea Tšenolo letsatsing la Morena.
Bakalli ba Bane ba Lipere
4. Ho latela Tšenolo khaolo ea 6, ho ile ha etsahala eng qalehong ea letsatsi la Morena?
4 Ka mohlala, khaolong ea botšelela ea Tšenolo, moapostola Johanne o hlalosa pono e ’ngoe e susumetsang: “Eaba kea talima, ka bona pere e tšoeu, ’me ea e kaletseng a tšoere seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le ea tla hlōla.” (Tšenolo 6:2) Mokalli eo oa pere ea hlōlang ke mang? Ha ho e mong ka ntle ho Jesu Kreste, ea hlomamisitsoeng e le Morena oa ’Muso oa Molimo ’me a palame ho ea hlōla lira tsa hae. (Pesaleme ea 45:3-6; 110:2) Ho palama ha Jesu ka tlhōlo ho qalile morao koana ka 1914, ha letsatsi la Morena le qala feela. (Pesaleme ea 2:6) Tlhōlo ea hae ea pele feela e bile ho lelekela Satane le bademona ba hae lefatšeng. Ka phello efe ho batho? “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng.”—Tšenolo 12:7-12.
5. Ke libōpuoa life tse tšabehang tse latelang Mopalami oa pere e tšoeu, ’me sebōpuoa ka seng se na le matla afe?
5 Joale ponong eo ha latela libōpuoa tse tharo tse tšabehang: pere e khunong e tšoantšetsang ntoa, pere e ntšo e tšoantšetsang tlala, le pere e tšehla eo mopalami oa eona a bitsoang “Lefu.” Mabapi le pere ena ea bone, rea bala: “Eaba kea talima, ka bona pere e tšehla, ’me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a latetsoe ke nģalo ea bafu; a fuoa matla holim’a karolo ea bone ea lefatše ho bolaea batho ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu, le ka libatana tsa naha.”—Tšenolo 6:3-8; Mattheu 24:3, 7, 8; Luka 21:10, 11.
6. Libōpuoa tsee tse tharo tse tšabehang le bapalami ba tsona li bile le phello efe lefatšeng?
6 Ho paka boprofeta boo e le ’nete, batho ba hlokofalitsoe haholo ke ntoa, tlala, le ho kula ho tloha ka 1914. Empa mokalli oa bone oa pere o boetse o bolaea ka “libatana tsa naha.” Na hoo e bile tšobotsi e tsebahalang ho tloha ka 1914? Ho nahana ka boprofeta bo tšoanang bo fanoeng ke Ezekiele ho re thusa ho utloisisa karolo ena ea boprofeta.
7. (a) Ezekiele o boletse boprofeta bofe mabapi le Jerusalema? (b) Boprofeta boo bo phethahalitsoe joang?
7 Ha a ngola mohlomong lilemo tse hlano pele ho timetso ea Jerusalema ka 607 B.C.E., Ezekiele o ile a profetela Bajode kotlo e tšabehang ka baka la ho hloka botšepehi ha bona. A le tlas’a pululelo o ngotse hore: ‘Ke tla neela Jerusalema likahlolo tsena tsa ka tse mpe tse ’ne, e leng lerumo, le tlala, le lilalome tse bohale, le lefu la seoa, ho oela Jerusalema, hore ho khaoloe batho le likhomo teng.’ (Ezekiele 14:21; 5:17) Na hoo ho ile ha phethahatsoa ka mokhoa oa sebele morao koo? Ntle le tika-tiko Jerusalema e ile ea hlokofatsoa ke tlala le ntoa ha bofelo ba eona bo atamela. Hape tlala e atisa ho baka ho kula. (2 Likronike 36:1-3, 6, 13, 17-21; Jeremia 52:4-7; Lillo tsa Jeremia 4:9, 10) Na hape ho bile le ho hlaseloa ke libatana ka mokhoa oa sebele ka nako eo? Mohlomong ho bile le batho ba ileng ba hulanngoa kapa mohlomong ba ba ba bolaoa ke liphoofolo, kaha Jeremia le eena a ile a bolela sena esale pele.—Levitike 26:22-33; Jeremia 15:2, 3.
8. Libatana tsa naha li phethile karolo efe letsatsing la Morena ho tla fihlela joale?
8 Ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Linaheng tse tsoetseng pele, liphoofolo tse hlaha hase bothata bo tšabehang joalokaha ho kile ha e-ba joalo. Leha ho le joalo, linaheng tse ling, liphoofolo tse hlaha li ntse li hlasela batho, haholo-holo haeba re akareletsa linoha le likoena har’a “libatana tsa naha.” Mafu a bohloko joalo a tšoha a tlalehiloe likoranteng tsa machaba, empa aa tsebahala. Buka Planet Earth—Flood e bua ka ba bangata India le Pakistan ba “shoetseng mahlomoleng a ho longoa ke linoha tse chefu” ha ba leka ho baleha meroallo. India Today e tlalehile ka motse o mong o Bengal Bophirima moo ho hakanngoang hore basali ba 60 ba shoetsoe ke banna ba bona ka baka la litlhaselo tsa mangau. Mahlomola a joalo a ka ’na a fetoha a tloaelehileng ho feta mona ha mokhatlo oa batho o tsoela pele ho tsekoloha ’me tlala e ntse e eketseha.
9. Ke mofuta ofe o mong oa ‘phoofolo’ o bakileng tšenyo le mahlomola har’a batho lekholong lee la lilemo?
9 Empa Ezekiele o buile ka mofuta o mong oa ‘phoofolo’ ha a re: “Ho na le tumellano ea boikhantšo ho baprofeta ba ho eona, ho ka tau e purumang, e rusollang thusolelo; ba ja meea ea batho . . . Marena a eona har’a eona e ka liphiri tse harolang thusolelo.” (Ezekiele 22:25, 27) Kahoo batho le bona ba ka itšoara joaloka liphoofolo, ’me batho ba hlokofalitsoe hakaakang ke bahlaseli ba joalo lekholong la rōna la lilemo! Ba bangata ba shoetse matsohong a litlokotsebe le likhukhuni tse kang libatana. E, ka litsela tse ngata lefu le fumane chai e khōlō ea batho ba hlasetsoeng ke “libatana tsa naha.”
10. Ho thathamisa ha Johanne ntoa, tlala, ho kula, le libatana e le lisosa tsa lefu hoo ho re thusa ho bona eng?
10 Ho thathamisoa ha ntoa, tlala, ho kula, le libatana tsa naha ponong ea Johanne ho re thusa ho bona hore mehleng ea rōna liketsahalong tse ngata ho ne ho tla ba le mahlomola a tšoanang le a ileng a mamelloa ke Jerusalema ka 607 B.C.E. Kahoo letsatsi la Morena le se le ntse le bolela tlhokofatso ho lefatše, lebaka le leholo e le hore babusi ba batho ba hanne ho ikokobeletsa Mokalli eo oa pele oa pere, Morena ea beiloeng teroneng, Jesu Kreste. (Pesaleme ea 2:1-3) Empa, ho thoe’ng ka batho ba Molimo? Letsatsi la Morena le bolela eng ho bona?
Ho Lekanya Tempele
11. Ho Tšenolo 11:1, Johanne o ile a laeloa hore a etse joang, ’me hoo ho ne ho amana le tempele efe?
11 Ho Tšenolo 11:1, moapostola Johanne o re: “Eaba ke neoa leqala le kang thupa, ’me lengeloi la re ho ’na: Ema, ’me u lekanye tempele ea Molimo, le aletare, le batho ba rapelang ho eona.” Ho lekanngoa hona ha tempele ponong ho ne ho bolela ho hoholo ho batho ba Molimo. Johanne o ile a lekanya sehalalelo sa tempele efe? Hase tempele ea sebele ea Bajode eo Johanne a neng a rapela ho eona pele a fetoha Mokreste. Jehova o ile a lahla tempele eo, ’me e ile ea timetsoa ka 70 C.E. (Mattheu 23:37–24:2) Ho fapana le hoo, e ne e le tokisetso ea tempele e khōlō ea moea ea Jehova. Tempeleng ena ea tšoantšetso, Bakreste ba tlotsitsoeng ba sebeletsa e le baprista ba tlaasana lebaleng la eona la lefatšeng.—Ba-Heberu 9:11, 12, 24; 10:19-22; Tšenolo 5:10.
12. Tempele eo e qalile ho ba teng neng, ’me ke lintlafatso life tse ileng tsa etsahala mabapi le eona lekholong la pele la lilemo?
12 Tempele eo e qalile ho ba teng ka 29 C.E. ha Jesu a tlotsetsoa ho ba moprista e moholo. (Ba-Heberu 3:1; 10:5) E ne e tla ba le baprista ba tlaasana ba 144 000, ’me lekholong la pele la lilemo boholo ba bana ba ile ba khethoa, ba tšoauoa, ’me ba shoa ba tšepahala. (Tšenolo 7:4; 14:1) Empa ha Bakreste bao ba lekholo la pele la lilemo ba e-shoa, ba ile ba robala lebitleng, ha baa ka ba tsosetsoa leholimong hang-hang. (1 Ba-Thessalonika 4:15) Ho feta moo, ka morao ho lekholo la pele la lilemo bokoenehi bo boholo bo ile ba kenella, ’me Bakreste ba tlotsitsoeng ba sehlopha sa boprista ba ne ba pota-potiloe ke “mofoka” o tlokomang, bakoenehi. (Mattheu 13:24-30) Ho theosa le makholo a lilemo ho tloha ka nako eo, ka nepo ho ne ho ka botsoa: ‘Na baprista ba tlaasana bohle ba 144 000 ba tla ke ba tšoauoe?’ ‘Na ba shoeleng ba tšepahala ba tla ke ba tsosetsoe ho ea sebeletsa sehalalelong sa leholimo?’ Ho lekanngoa ha tempele ponong ho ne ho bontša hore karabelo ea potso ka ’ngoe ho tsena ke e. Hobane’ng?
13. Ho lekanya ha Johanne sehalalelo sa tempele ho ne ho fana ka tiisetso efe, ’me ho etsahetse’ng hoba letsatsi la Morena le qale?
13 Hobane boprofeteng ba Bibele hangata ho lekanya ntho ho bontša hore joang kapa joang morero oa Jehova ka ntho eo o tla phethahatsoa ka ho feletseng. (2 Marena 21:13; Jeremia 31:39; Lillo tsa Jeremia 2:8) Ka hona ha Johanne a lekanya sehalalelo sa tempele ponong hoo e ne e le tiiso ea hore letsatsing la Morena, merero ea Jehova kaofela ka tempele eo e ne e tla phethahatsoa. Tumellanong le sena le bopaki bo bong kaofela, batlotsuoa ba neng ba shoele ba tšepahala ba ile ba qala ho tsosetsoa sebakeng sa bona se tšepisitsoeng sehalalelong sa leholimo ho tloha ka 1918. (1 Ba-Thessalonika 4:16; Tšenolo 6:9-11) Empa ho thoe’ng ka ba bang kaofela ba sehlopha sa ba 144 000?
14. Ho ile ha etsahala joang ka Bakreste ba tlotsitsoeng pele ho ntoa ea pele ea lefatše le ha e ntse e tsoela pele?
14 Esita le pele letsatsi la Morena le qala, Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba tsoile Bokreste-’mōtoaneng ba bokoenehi ba ile ba qala ho ipōpa ho ba mokhatlo o hlophisitsoeng o ikarotseng. Ba ne ba hahile tlaleho e ntle ea botšepehi ka ho phatlalatsa bohlokoa ba selemo sa 1914, empa selemong seo sa makhaola-khang, ha ntoa ea pele ea lefatše e qaleha, ba ile ba qala ho hlokofatsoa ke khatello, ‘ho hatakeloa.’ Sena se ile sa fihla tlhōrōng ka 1918 ha batsamaisi ba Mokhatlo oa Watch Tower ba koalloa chankaneng, ’me mosebetsi o hlophisitsoeng oa boboleli oa batla o emisa. Ka nako eo, ho ne ho bonahala eka ba ‘bolailoe.’ (Tšenolo 11:2-7) Ho lekanngoa ha sehalalelo sa tempele ho ne ho bolela eng ho Bakreste baa?
15. Ho lekanngoa ha tempele e bonoeng ponong ho ne ho bolela eng ho batho ba mehleng ea Ezekiele?
15 Ka selemo sa 593 B.C.E., lilemo tse 14 ka mor’a hore tempele ea Jehova e Jerusalema e timetsoe, Ezekiele o ile a bona ntlo ea Jehova ponong. O ile a tsamaisoa ka har’a tempele ena ka mokhoa o pharaletseng ’me a lebella ha tšobotsi ka ’ngoe ea eona e lekanngoa ka hloko. (Ezekiele, likhaolo 40–42) Hoo ho ne ho bolela eng? Jehova ka boeena o ile a hlalosa: Ho lekanngoa ha tempele ho ne ho bolela teko ho batho ba habo Ezekiele. Haeba ba ne ba ka ikokobetsa, ba bakela liphoso tsa bona, ’me ba boloka melao ea Jehova, ba ne ba tla bolelloa litekanyetso tsa tempele. Ka ho hlakileng hona ho ne ho tla ba khothatsa ka tšepo ea hore ka letsatsi le leng batho ba Jehova ba ne ba tla lokolloa Babylona ’me ba boele ba rapele Jehova tempeleng ea hae ea sebele.—Ezekiele 43:10, 11.
16. (a) Ho lekanya ha Johanne sehalalelo sa tempele ponong ho ne ho tiisetsa batho ba Molimo eng morao koo ka 1918? (b) Hona ho phethahalitsoe joang?
16 Ka ho tšoanang, haeba morao koana ka 1918 Bakreste bao ba neng ba nyahame ba ne ba ka ikokobetsa ’me ba bakela liphoso leha e le life tseo ba neng ba li entse, ba ne ba tla lokolloa hore ba fumane tlhohonolofatso ea Jehova ’me ba mo sebeletse ka botlalo tokisetsong ea tempele ea hae. ’Me sena ke sona se ileng sa etsahala. Ho latela Tšenolo 11:11, ba ‘ile ba ema ka maoto,’ kapa ka tšoantšetso ba tsosoa. Pono ea tsoho e ho Ezekiele e amanang le ena e ne e tšoantšetsa ho tsosolosetsoa ha Bajode naheng ea habo bona. (Ezekiele 37:1-14) ‘Tsoho’ ena ea kajeno e ile ea ipaka e le ho tsosolosoa ha batho ba Molimo boemong ba bona ba ho nyahama, bo tšoanang le ba ho se etse letho, ho ea boemong ba ho tlala bophelo, ho ba mahlaha-hlaha boo ho bona ba neng ba ka sebetsa ka botlalo tšebeletsong ea Jehova. ‘Tsoho’ e joalo e etsahetse ka 1919.
Bukana
17. (a) Hlalosa pono ea Johanne e ho Tšenolo 10:1. (b) Lengeloi leo Johanne a le boneng e ne e le mang, ’me pono eo e ne e tšoanela ho phethahatsoa letsatsing lefe?
17 Ho Tšenolo 10:1, Johanne o bone “lengeloi le leng le matla, le theohang leholimong, le ipōpileng ka leru, le roetse mookoli hloohong; sefahleho sa lona se ne se le joale ka letsatsi, le maoto a lona e ne e ka litšiea tsa mollo.” Ka tsela e ’ngoe e itseng sena se tšoana le ho bonoa ha Jehova pejana ke Ezekiele le Johanne ka boeena. (Ezekiele 8:2; Tšenolo 4:3) Empa mona Johanne o bone lengeloi, eseng Jehova. Kahoo, e tlameha e be e ne e le Mora e moholo oa lengeloi oa Jehova, Jesu Kreste, eo “e leng setšoantšo sa Molimo o sa bonoeng.” (Ba-Kolosse 1:15) Ho feta moo, Tšenolo 10:2 (TLP) e bontša Jesu a eme boemong ba matla a maholo, a “hata holim’a leoatle ka leoto le letona, le holim’a lefatše ka le letšehali.” Kahoo lengeloi leo le tšoantšetsa Jesu letsatsing la Morena.—Bona Pesaleme ea 8:4-8; Ba-Heberu 2:5-9.
18. (a) Johanne o ile a laeloa hore a je eng? (b) Ponong e tšoanang, Ezekiele o ile a laeloa hore a je eng, ’me e le ka phello efe?
18 Jesu, a le sebopehong sena se khanyang ponong, o tšoere bukana letsohong la hae, ’me Johanne o laeloa hore a nke bukana eo ’me a e je. (Tšenolo 10:8, 9) Ka tsela ena, Johanne o ba le phihlelo e tšoanang haholo le ea Ezekiele, eo ka ho tšoanang a ileng a laeloa hore a je buka eo a e boneng ponong. Tabeng ea Ezekiele, Jehova ka boeena o ile a nea moprofeta buka, ’me Ezekiele o ile a bona hore “e ngoliloe lipoboli, le koli ea malla, le lifehelo.” (Ezekiele 2:8-10) Ezekiele oa tlaleha: “Eaba kea e ja, ’me molomong oa ka ea hlabosa joale ka linotši.” (Ezekiele 3:3) Ho ja buka ho ne ho bolela eng ho Ezekiele?
19. (a) Ho ja ha Ezekiele buka ho ne ho tšoantšetsa eng? (b) Ke bo-mang ba neng ba tla fumana melaetsa e babang eo Ezekiele a neng a neiloe thōmo ea ho e bolela?
19 Ka ho hlakileng, buka eo e ne e e-na le boitsebiso ba boprofeta bo bululetsoeng. Ha Ezekiele a e-ja buka eo, o ile a amohela thōmo ea ho bolela boitsebiso bona ho isa moo bo ileng ba fetoha karolo e ’ngoe ea hae. (Bapisa Jeremia 15:16.) Empa ho ba bang litaba tse ka hare ho buka eo li ne li sa hlabose. Buka eo e ne e tletse “lipoboli, le koli ea malla, le lifehelo.” Molaetsa oo o babang o ne o ea ho mang? Taba ea pele, Ezekiele o ile a bolelloa hore: “Mor’a motho, tsamaea, u ee ho ba ntlo ea Iseraele, u bue le bona ka mantsoe a ka.” (Ezekiele 3:4) Hamorao, molaetsa oa Ezekiele oa atoloha ho akareletsa lichaba tsa bahedene tse ba potileng.—Ezekiele, likhaolo 25–32.
20. Ho ile ha etsahala joang ha Johanne a e-ja bukana, ’me phello ea hore a etse joalo e bile efe?
20 Tabeng ea Johanne, liphello tsa ho ja buka eo li ne li tšoana. Oa tlaleha: “Ka nka bukana letsohong la lengeloi, ’me ka e metsa; ’me ea e-ba monate molomong oa ka joale ka linotši; empa, ha ke se ke e metsitse, mpa ea ka ea baba.” (Tšenolo 10:10) Ka ho tšoanang ho ja buka eo ho ne ho hlabosa ho Johanne. Ho ne ho thabisa hore lentsoe la Jehova le fetohe karolo ea hae. Empa molaetsa oo o ne o e-na le karolo e babang. E babela bo-mang? Johanne o ile a bolelloa hore: “E ka khona u boele u profete holim’a lichaba, le mefuta, le lipuo, le marena a mangata.”—Tšenolo 10:11.
21. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba etsa joang ka 1919 e neng e tšoana le ho ja ha Johanne bukana, ’me e le ka phello efe? (b) Phello e bile efe ho Bokreste-’mōtoana le lefatše ka kakaretso?
21 See sohle se phethahalitsoe joang letsatsing la Morena? Ho latela linnete tsa histori, morao koana ka 1919 Bakreste ba tšepahalang ba ile ba thabela tokelo ea ho sebeletsa Jehova ka ho phethahetseng hoo tokelo eo e ileng ea fetoha karolo ea bona, ka sebele sena se ne se hlabosa. Empa tlhohonolofatso ea bona le tokelo eo ba neng ba e-na le eona ea ipaka e baba ho ba bang—haholo-holo ho baruti ba Bokreste-’mōtoana. Hobane’ng? Hobane Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ka sebete ba ne ba bolella batho molaetsa oohle oa Jehova. Ba ne ba sa bolele “Evangeli ena ea ’muso” feela empa hape ba ne ba pepesa boemo ba ho shoa moeeng boo Bokreste-’mōtoana le lefatše ka kakaretso li neng li le ho bona.—Mattheu 24:14; Tšenolo 8:1-9:21; 16:1-21.
22. (a) Ho tla fihlela joale Jehova o sebelisitse batlotsuoa ka tsela efe e hlollang letsatsing la Morena? (b) Letsatsi la Morena le ile la bolela eng ho lefatše la Satane le ho batho ba Molimo?
22 Jehova o ile a sebelisa sehlopha sena se tšepahalang sa Bakreste ho bokella ba ho qetela ba sehlopha sa ba 144 000 bakeng sa ho tšoauoa, ’me se potlakisitse ho bokelloa ha bongata bo boholo ba batho, bo nang le tšepo ea lefatšeng. (Tšenolo 7:1-4, 9, 10) Bongata bona bo boholo ba batho bo phetha karolo ea bohlokoa mererong ea Jehova ka lefatše lena, ’me ho hlaha ha bona ho hlahisitse thabo e khōlō leholimong le lefatšeng. (Tšenolo 7:11-17; Ezekiele 9:1-7) Kahoo, letsatsi lena leo e leng “letsatsi har’a matsatsi” le se le ntse le bolela tlhokofatso ho lefatše la Satane empa le bolela mahlohonolo a enneng ho batho ba Jehova. Joale, a re boneng kamoo sena se tla tsoela pele ho phethahala ha letsatsi la Morena le tsoela pele.
Na U Ka Hlalosa?
◻ Letsatsi la Morena ke eng?
◻ “Libatana tsa naha” li phetha karolo efe e senyang letsatsing la Morena?
◻ Jehova o fane ka tiisetso efe ha a sebelisa Johanne hore a lekanye sehalalelo sa tempele?
◻ Ka 1919 ho ja ha Johanne bukana ho ile ha bolela eng ho masala a tlotsitsoeng?
◻ Ho tla fihlela joale, letsatsi la Morena le ’nile la bolela eng ho batho ba Molimo le lefatše ka kakaretso?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ho lekanya ha Johanne tempele ho ne ho fana ka tiiso e matla ho batlotsuoa letsatsing la Morena