Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Tsosolosa Lipaki Tse Peli
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • Lipaki Tse Peli Lia Bolaoa

      19. Ho ea ka tlaleho ea Tšenolo, ho etsahala’ng ha lipaki tse peli li qeta ho paka ha tsona?

      19 Kotlo ena e ile ea otla Bokreste-’mōtoana habohloko hoo ka mor’a hore lipaki tse peli li profete li apere lesela la mokotla ka likhoeli tse 42, Bokreste-’mōtoana bo ileng ba sebelisa tšusumetso ea bona ea lefatše ho etsa hore li ‘bolaoe.’ Johanne oa ngola: “Ha li qetile ho paka, sebata se nyolohang ka mohohlong se tla loana le tsona ’me se li hlōle le ho li bolaea. Litopo tsa tsona li tla ba tseleng e sephara ea motse o moholo oo ka kutloisiso ea moea o bitsoang Sodoma le Egepeta, moo Morena oa tsona le eena a ileng a khokhotheloa thupeng teng. Batho le meloko le maleme le lichaba li tla sheba litopo tsa tsona ka matsatsi a mararo le halofo, ’me ha li lumelle hore litopo tsa tsona li behoe ka lebitleng. Ba lulang lefatšeng ba thaba ka lebaka la tsona ’me baa ithabisa, ’me ba tla romellana limpho, hobane baprofeta bana ba babeli ba ile ba hlokofatsa ba lulang lefatšeng.”—Tšenolo 11:7-10.

      20. “Sebata se nyolohang ka mohohlong” ke eng?

      20 Lena ke lekhetlo la pele ho makhetlo a 37 ao ka ’ona ho buuoang ka sebata ho Tšenolo. Ha nako e ntse e ea re tla hlahloba sebata sena le libata tse ling ka ho qaqileng. Hona joale ho lekane ho bolela hore “sebata se nyolohang ka mohohlong” ke ntho e entsoeng ke Satane, e leng tsamaiso ea lintho ea lipolotiki e phelang.b—Bapisa le Tšenolo 13:1; Daniele 7:2, 3, 17.

      21. (a) Lira tsa bolumeli tsa lipaki tse peli li ile tsa nka monyetla ka boemo ba ntoa joang? (b) Taba ea hore litopo tsa lipaki tse peli li ile tsa tloheloa li sa patoa e ne e bontša’ng? (c) Nako ea matsatsi a mararo le halofo e lokela ho talingoa joang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      21 Ho tloha ka 1914 ho fihlela ka 1918 lichaba li ne li tšoarehile ntoeng ea pele ea lefatše. Moea oa bochaba o ne o phahame, ’me nakong ea selemo ka 1918, lira tsa bolumeli tsa lipaki tse peli li ile tsa nka monyetla ka boemo bona. Li ile tsa hlohlelletsa bo-ramolao ba Naha ho etsa hore basebeletsi ba ikarabellang ba Liithuti Tsa Bibele ba kenngoe teronkong ka liqoso tsa bohata tsa ho fetohela ’muso. Basebetsi-’moho le bona ba tšepahalang ba ne ba maketse. Mosebetsi oa ’Muso o ile oa batla o emisoa. Ho ne ho tšoana leha eka mosebetsi oa boboleli o shoele. Mehleng ea ho ngoloa ha Bibele, ho se pate setopo ka lebitleng la khopotso e ne e le sekhobo se tšabehang. (Pesaleme ea 79:1-3; 1 Marena 13:21, 22) Ka hona, ha lipaki tse peli li siuoa li sa patoa hoo ho ne ho tla tlisa nyeliso e khōlō. Sebakeng se chesang sa Palestina, ha ho potang hore setopo se seterateng se ne se tla qala ho nkha ka mor’a matsatsi a mararo le halofo.c (Bapisa le Johanne 11:39.) Kahoo boitsebiso bo qaqileng boprofeteng bona bo bontša sekhobo seo lipaki tsena tse peli li neng li lokela ho se mamella. Batho bao re boletseng hore ba ile ba kenngoa teronkong, ba ile ba haneloa le ka beile ha ba ne ba nkile boipiletso ka nyeoe ea bona. Ba ile ba behoa pepeneneng nako e telele ka ho lekaneng hore ba ka nkhela baahi ba “motse o moholo.” Empa ‘motse oo o moholo’ e ne e le eng?

      22. (a) Motse o moholo ke eng? (b) Likoranta tsa sechaba li ile tsa ikopanya le baruti joang ha ba thabetse ho khutsisoa ha lipaki tse peli? (Bona lebokose.)

      22 Johanne o re fa leseli. O bolela hore Jesu o ile a khokhotheloa moo. Kahoo kapele feela re nahana ka Jerusalema. Empa o boetse o bolela hore motse oo o moholo o bitsoa Sodoma le Egepeta. Jerusalema ea sebele e kile ea bitsoa Sodoma ka lebaka la mekhoa ea eona e litšila. (Esaia 1:8-10; bapisa le Ezekiele 16:49, 53-58.) Egepeta, eo e neng e le ’muso oa pele oa lefatše, ka linako tse ling e hlaha e le e tšoantšetsang tsamaiso ena ea lefatše ea lintho. (Esaia 19:1, 19; Joele 3:19) Kahoo, motse ona o moholo o tšoantšetsa “Jerusalema” e silafetseng e ipolelang hore e rapela Molimo empa e fetohile e litšila le e tletseng boetsalibe, joaloka Sodoma, hape e le karolo ea tsamaiso ena ea lefatše ea lintho ea Satane, joaloka Egepeta. O tšoantšetsa Bokreste-’mōtoana, boo kajeno bo tšoanang le Jerusalema e sa tšepahaleng, e leng mokhatlo oo litho tsa oona li neng li e-na le lebaka le leholo la ho thaba ha li khutsisa boboleli bo tšoenyang ba lipaki tse peli.

  • Ho Tsosolosa Lipaki Tse Peli
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • c Hlokomela hore ha re hlahloba lintho tse ileng tsa hlahela batho ba Molimo nakong ena, ho bonahala hore le hoja likhoeli tse 42 li ne li emela lilemo tsa sebele tse tharo le halofo, matsatsi a mararo le halofo ha a emele nako ea sebele ea lihora tse 84. Kaha nako e tobileng ea matsatsi a mararo le halofo e boletsoe habeli (temaneng ea 9 le ea 11,) e ka ’na eaba hoo ho totobatsa hore e ne e tla ba nako e khutšoanyane feela ha e bapisoa le lilemo tse tharo le halofo tsa tšebeletso tse tlileng pele ho eona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela