Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Tsosolosa Lipaki Tse Peli
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 19. Ho ea ka tlaleho ea Tšenolo, ho etsahala’ng ha lipaki tse peli li qeta ho paka ha tsona?

      19 Kotlo ena e ile ea otla Bokreste-’mōtoana habohloko hoo ka mor’a hore lipaki tse peli li profete li apere lesela la mokotla ka likhoeli tse 42, Bokreste-’mōtoana bo ileng ba sebelisa tšusumetso ea bona ea lefatše ho etsa hore li ‘bolaoe.’ Johanne oa ngola: “Ha li qetile ho paka, sebata se nyolohang ka mohohlong se tla loana le tsona ’me se li hlōle le ho li bolaea. Litopo tsa tsona li tla ba tseleng e sephara ea motse o moholo oo ka kutloisiso ea moea o bitsoang Sodoma le Egepeta, moo Morena oa tsona le eena a ileng a khokhotheloa thupeng teng. Batho le meloko le maleme le lichaba li tla sheba litopo tsa tsona ka matsatsi a mararo le halofo, ’me ha li lumelle hore litopo tsa tsona li behoe ka lebitleng. Ba lulang lefatšeng ba thaba ka lebaka la tsona ’me baa ithabisa, ’me ba tla romellana limpho, hobane baprofeta bana ba babeli ba ile ba hlokofatsa ba lulang lefatšeng.”—Tšenolo 11:7-10.

  • Ho Tsosolosa Lipaki Tse Peli
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • [Lebokose le leqepheng la 168]

      Thabo e Boleloang ho Tšenolo 11:10

      Bukeng ea hae ea Preachers Present Arms, e hatisitsoeng ka 1933, Ray H. Abrams o bua ka tsela e matla eo ka eona baruti ba ileng ba hanyetsa buka ea Liithuti Tsa Bibele ea The Finished Mystery. O tšohla boikemisetso ba baruti ba ho felisa Liithuti Tsa Bibele le ‘tšusumetso ea tsona e tšoenyang.’ Hona ho ile ha fella ka nyeoe eo ho eona J. F. Rutherford le metsoalle ea hae e supileng ba ileng ba ahloleloa lilemo tse telele teronkong. Dr. Abrams o phaella ka ho re: “Ho sekaseka nyeoe eohle ho etsa hore motho a fihlele qeto ea hore ho tloha qalong likereke le baruti ke bona ba ileng ba hlohlelletsa hore balateli ba Russell ba felisoe. Canada, ka February, 1918, baruti ba ile ba qala phutuho e khahlanong le bona le lingoliloeng tsa bona, haholo-holo The Finished Mystery. Ho ea ka Tribune ea Winnipeg, . . . ho ne ho lumeloa hore ‘lintho tse boletsoeng ke baruti’ ke tsona ka ho toba tse hlohlelelitseng hore buka ea bona e thibeloe.’”

      Dr. Abrams o tsoela pele ho re: “Ha litaba tsa hore ba ahloletsoe lilemo tse mashome a mabeli li fihla ho bahlophisi ba likoranta tsa bolumeli, likoranta tsena kaofela, e nyenyane le e khōlō, li hlile tsa thabela ketsahalo ena. Ke ile ka sitoa ho fumana mantsoe leha e le afe a kutloelo-bohloko ho likoranta leha e le life tsa malumeli a amoheloang ka molao. Upton Sinclair o ile a qetella ka ho re, ‘Ha ho pelaelo’ hore ‘mahloriso . . . ka lehlakoreng le leng a bakiloe ke hore lihlopha tsa bolumeli “tse amoheloang ka molao” li ne li ba hloile.’ Seo boiteko bo kopanetsoeng ba likereke bo neng bo hlōlehile ho se etsa ho bonahala joale ’muso o ne o atlehile ho li etsetsa sona.” Ka mor’a hore a qotse litlhaloso tse nyefolang tsa lingoliloeng tse ’maloa tsa bolumeli, mongoli o ile a bua ka ho etsolloa ha qeto eo ka Lekhotleng la Boipiletso eaba o re: “Likereke li ile tsa khutsa ha ho phatlalatsoa qeto ena.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela