Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Tsosolosa Lipaki Tse Peli
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 23. (a) Ho etsahala’ng ka lipaki tse peli ka mor’a matsatsi a mararo le halofo, ’me hoo ho ama lira tsa tsona joang? (b) Boprofeta ba Tšenolo 11:11, 12 le ba Ezekiele ba hore Jehova o ile a bululela masapo a omeletseng phuleng bo phethahetse neng mehleng ea kajeno?

      23 Likoranta tsa sechaba li ile tsa ikopanya le baruti ho nyelisa batho ba Molimo, koranta e ’ngoe e ile ea ba ea re: “Ho felile ka The Finished Mystery.” Leha ho le joalo, ho ne ho se leshano le fetang leo! Lipaki tse peli ha lia ka tsa lula li shoele. Rea bala: “Ka mor’a matsatsi a mararo le halofo moea oa bophelo o tsoang ho Molimo oa kena ho tsona, ’me tsa ema ka maoto, eaba tšabo e khōlō e oela ba li bonang. Tsa utloa lentsoe le phahameng le tsoang leholimong le re ho tsona: ‘Nyolohelang koano.’ Tsa nyolohela leholimong ka leru, ’me lira tsa tsona tsa li bona.” (Tšenolo 11:11, 12) Kahoo, se ileng sa etsahala ka tsona se tšoana le se ileng sa etsahala ka masapo a omeletseng a phuleng eo Ezekiele a kileng a e etela ponong. Jehova o ile a bululela masapo ao a omeletseng, eaba aa phela, e leng ho neng ho fana ka setšoantšo sa ho tsoaloa bocha ha sechaba sa Iseraele ka mor’a lilemo tse 70 se le botlamuoeng Babylona. (Ezekiele 37:1-14) Boprofeta bona, bo ho Ezekiele le bo ho Tšenolo, bo ile ba phethahala ka tsela e hlollang mehleng ea kajeno selemong sa 1919, ha Jehova a tsosolosa lipaki tsa hae tse ‘shoeleng’ hore li phele le hore li be mafolofolo.

  • Ho Tsosolosa Lipaki Tse Peli
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 25. (a) Lipaki tse peli li ile tsa fuoa taelo e reng “Nyolohelang koano” neng, ’me hoo ho ile ha etsahala joang? (b) Ho tsosolosoa ha lipaki tse peli ho ile ha ama motse o moholo ka tsela efe e tšosang?

      25 Bokreste-’mōtoana bo ile ba leka ka makhetlo ho pheta tlhōlo eo bo ileng ba e fumana ka 1918. Bo ile ba retelehela liketsong tsa merusu, ho sebelisa maqheka litabeng tsa molao, literonko, le lipolao—empa tseo kaofela tsa hlōleha! Ka mor’a 1919 sebaka sa moea se laoloang ke lipaki tse peli se ne se le hōle le bona. Ka selemo seo Jehova o ne a itse ho tsona: “Nyolohelang koano,” ’me li ile tsa nyolohela boemong ba moea bo phahameng moo lira tsa tsona li neng li ka li bona empa li ke ke tsa li ama. Johanne o hlalosa kamoo ho tsosolosoa ha tsona ho ileng ha ama motse o moholo ka tsela e tšosang kateng: “Ka hora eo tšisinyeho e khōlō ea lefatše ea e-ba teng, ’me karolo ea leshome ea motse ea oa; batho ba likete tse supileng ba bolaoa ke tšisinyeho ea lefatše, ’me ba bang kaofela ba tšoha ’me ba tlotlisa Molimo oa leholimo.” (Tšenolo 11:13) Ruri ho bile le pherekano e khōlō sebakeng sa bolumeli. Lefatše le tlas’a maoto a baeta-pele ba likereke tsa molao le ile la bonahala le reketla ha sehlopha sena sa Bakreste ba tsosolositsoeng se tsoela pele ka mosebetsi. Ba etsang karolo ea leshome ea motse oa bona, bao ka tšoantšetso e neng e le batho ba 7 000, ba ile ba angoa ke seo ka matla hoo ho ileng ha thoe ba bolailoe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela