Khaolo 27
’Muso oa Molimo oa Tsoaloa!
Pono 7—Tšenolo 12:1-17
Moko-taba: Mosali ea leholimong oa beleha, Mikaele o loana le Satane ’me o mo lihela lefatšeng
Nako ea phethahatso: Ho tloha ha Kreste Jesu a behoa teroneng ka 1914 ho fihlela matšoenyehong a maholo
1. Ho utloisisa lipontšo tse hlalositsoeng ho Tšenolo khaolo ea 12 ho ea ho 14 ho tla re thusa joang?
SEPHIRI se halalelang sa Molimo se koaholotsoe. (Tšenolo 10:7) Joale ’Muso oa Jehova ka Mesia oa hae ke oa sebele ebile o matla haholo. Oa busa! Boteng ba oona bo bolela timetso ho Satane le peō ea hae le tlhōlo e khanyang ho Peō ea mokhatlo o hlophisitsoeng o leholimong oa Molimo. Leha ho le joalo, lengeloi la bosupa ha le e-s’o qete ho letsa terompeta ea lona, etsoe ho sa na le ho hongata hoo le lokelang ho re senolela hona ka bomalimabe ba boraro. (Tšenolo 11:14) Lipontšo tse hlalositsoeng ho Tšenolo khaolo ea 12 ho ea ho 14 li tla re thusa hore re utloisise haholoanyane sohle se amehang bomalimabeng boo le tabeng ea ho fihlisa sephiri se halalelang sa Molimo qetellong.
2. (a) Johanne o bona pontšo efe e khōlō? (b) Se boleloang ke pontšo e khōlō se ile sa senoloa neng?
2 Joale Johanne o bona pontšo e khōlō—eo batho ba Molimo ba amehileng ka eona haholo. E hlahisa pono e hlollang ea boprofeta, e ileng ea hlalosoa ka lekhetlo la pele ha ho hatisoa makasine ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa March 1, 1925, sehloohong se reng “Tsoalo ea Sechaba” ’me ea boela ea hatisoa ka 1926 bukeng ea Deliverance. Lehlaseli lena le khanyang la kutloisiso ea Bibele e bile le ikhethang historing mabapi le ho ntšetsa mosebetsi oa Jehova pele. Kahoo, e-re Johanne a re hlalosetse tšoantšiso ena ha e qala ho senoleha: “Ha bonoa pontšo e khōlō leholimong, mosali ea apereng letsatsi, ’me khoeli e ne e le ka tlas’a maoto a hae, ’me a roetse moqhaka oa linaleli tse leshome le metso e ’meli hloohong, ’me e ne e le moimana. O hoeletsa a le mahlabeng a hae le bohlokong ba hae bo otlang pelo ba ho beleha.”—Tšenolo 12:1, 2.
3. Mosali ea bonoeng leholimong ke mang?
3 Ka lekhetlo la pele, Johanne o bona mosali leholimong. Ho hlakile hore hase mosali oa sebele. Ho e-na le hoo, ke pontšo, kapa tšoantšetso. (Tšenolo 1:1) O tšoantšetsa eng? Boprofeteng bo bululetsoeng, ka linako tse ling mosali o emela mekhatlo e hlophisitsoeng e “nyetsoeng” ke batho ba hlaheletseng. Ka Mangolong a Seheberu, Iseraele e ne e bitsoa mosali oa Jehova Molimo. (Jeremia 3:14) Ka Mangolong a Segerike, phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e bitsoa monyaluoa oa Kreste. (Tšenolo 21:9-14) Mosali eo Johanne a mo bonang mona le eena o nyetsoe ke motho e mong, ’me o makhatheng a ho beleha. Monna oa hae ke mang? Hamorao ngoana oa hae o “nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae.” (Tšenolo 12:5) Kahoo Jehova o bolela hore ngoana eo ke oa hae. Ka hona, e tlameha ebe mosali eo Johanne a mo bonang ke mosali oa Jehova oa tšoantšetso.
4. Bara ba mosali oa tšoantšetso oa Molimo ke bo-mang, hona moapostola Pauluse o bitsa mosali ea bonoeng ke Johanne eng?
4 Lilemo tse ka bang makholo a robeli pejana, Jehova o ne a ile a bua le mosali enoa oa tšoantšetso, a re: “Bara bohle ba hao e tla ba batho ba rutoang ke Jehova.” (Esaia 54:5, 13) Jesu o ile a qotsa boprofeta bona ’me a bontša hore bara bana e ne e le balateli ba hae ba tšepahalang, bao hamorao ba ileng ba theha phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (Johanne 6:44, 45) Kahoo litho tsa phutheho ena, tse bitsoang bara ba Molimo, hape ke bana ba mosali oa tšoantšetso oa Molimo. (Baroma 8:14) Moapostola Pauluse o phaella ka boitsebiso bo bong ba ho qetela ha a re: “Jerusalema oa holimo o lokolohile, ’me ke ’m’a rōna.” (Bagalata 4:26) Kahoo “mosali” ea bonoeng ke Johanne ke “Jerusalema oa holimo.”
5. Kaha mosali oa Jehova oa tšoantšetso o roesitsoe moqhaka oa linaleli tse 12, hantle-ntle Jerusalema oa holimo ke eng?
5 Hantle-ntle Jerusalema oa holimo ke eng? Kaha Pauluse o itse ke “oa holimo,” ’me Johanne o mo bona a le leholimong, ho hlakile hore hase motse oa lefatšeng; ebile ha a tšoane le “Jerusalema e Mocha,” kaha mokhatlo oo o hlophisitsoeng ke monyaluoa oa Kreste, hase mosali oa Jehova. (Tšenolo 21:2) Hlokomela hore o roesitsoe moqhaka oa linaleli tse 12. Palo 12 e amahanngoa le hore ntho ke e feletseng boemong bo hlophisitsoeng.a Kahoo, ho bonahala linaleli tsena tse 12 li bontša hore ena ke tokisetso ea tlhophiso leholimong, feela joalokaha Jerusalema ea boholo-holo e ne e le lefatšeng. Jerusalema oa holimo ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa bokahohleng oa Jehova oa libōpuoa tsa moea o sebetsang joaloka mosali oa hae, ka ho mo sebeletsa le ka ho hlahisa bana.
6. (a) Taba ea hore mosali ea bonoeng ke Johanne o apere letsatsi, khoeli e tlas’a maoto a hae, ’me o roetse moqhaka oa linaleli, e bontša’ng? (b) Bohloko ba pelehi ba mosali oa moimana bo tšoantšetsa’ng?
6 Johanne o bona mosali enoa a apere letsatsi ’me khoeli e le tlas’a maoto a hae. Kaha o boetse o roetse moqhaka oa linaleli, o pota-potiloe ka ho feletseng ke khanya ea leholimo. Mohau oa Molimo o mo khanyetsa bosiu le motšehare. O tšoantšetsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo o babatsehang oa Jehova hantle hakaakang! Hape ke moimana, o mameletse bohloko ba ho beleha. Sello sa hae ha a kōpa thuso ho Molimo se bontša hore o makhatheng a ho beleha. Ka Bibeleng, bohloko ba pelehi hangata bo tšoantšetsa mosebetsi o boima o hlokahalang bakeng sa ho hlahisa litholoana tsa bohlokoa. (Bapisa le Pesaleme ea 90:2; Liproverbia 25:23; Esaia 66:7, 8.) Ha ho pelaelo hore ho ile ha utloahala bohloko ba pelehi ba mofuta ona ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo o itokisetsa tsoalo ena e tummeng historing.
Drakone e Khōlō, e ’Mala oa Mollo
7. Pontšo e ’ngoe eo Johanne a e bonang leholimong ke efe?
7 Ke eng e latelang eo Johanne a e hlokomelang? “Ha bonoa pontšo e ’ngoe leholimong, ’me, bonang! drakone e khōlō e ’mala oa mollo, e nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome le mefapa-hlooho e supileng lihloohong tsa eona; mohatla oa eona o hulanya karolo ea boraro ea linaleli tsa leholimo, ’me oa li lihela tlaase lefatšeng. Drakone ea tsoela pele e eme ka pel’a mosali ea neng a le haufi le ho beleha, e le hore, ha a beleha, e ka harola ngoana oa hae.”—Tšenolo 12:3, 4.
8. (a) Drakone e khōlō, e ’mala oa mollo ke mang? (b) Taba ea hore ebe drakone e na le lihlooho tse supileng, linaka tse leshome, le mofapa-hlooho hloohong e ’ngoe le e ’ngoe e bontša’ng?
8 Drakone ena ke Satane, “noha ea pele.” (Tšenolo 12:9; Genese 3:15) Ke moripitli ea sehlōhō—drakone e lihlooho li supileng, kapa moharoli, ea ka metsang phofu ea hae bokoilitane. O na le ponahalo e makatsang hakaakang! Lihlooho tseo tse supileng le linaka tse leshome li bontša hore ke eena moqapi oa sebata sa bopolotiki se tla tloha se hlalosoa ho Tšenolo khaolo ea 13. Sebata sena le sona se na le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome. Kaha Satane o roetse mofapa-hlooho hloohong e ’ngoe le e ’ngoe—e supileng kaofela—re ka kholiseha hore mebuso ea lefatše e emeloang ke sebata seo e ’nile ea e-ba tlas’a puso ea hae. (Johanne 16:11) Linaka tse leshome ke tšoantšetso e loketseng ea hore matla ao a ’nileng a a sebelisa lefatšeng lena ke a feletseng.
9. Taba ea hore mohatla oa drakone o “hulanya karolo ea boraro ea linaleli tsa leholimo” o li lihela tlaase lefatšeng e bontša’ng?
9 Drakone e boetse e na le matla sebakeng sa moea. Ka mohatla oa eona, e “hulanya karolo ea boraro ea linaleli tsa leholimo.” Linaleli li ka emela mangeloi. (Jobo 38:7) Ha ho buuoa ka “karolo ea boraro” ho hatisoa hore palo e khōlō ea mangeloi e khelositsoe ke Satane. Hang ha mangeloi ana a se a laoloa ke eena, a ne a ke ke a hlola a phonyoha. A ne a ke ke a khutlela mokhatlong oa Molimo o hlophisitsoeng o halalelang. A ile a fetoha bademona, a hulanngoa ke Satane, eo e leng morena kapa ’musi oa ’ona. (Matheu 12:24) Satane le eena o ile a a lahlela lefatšeng. Ha ho pelaelo hore mona ho boleloa mehleng ea Noe pele ho Moroallo, ha Satane a hlohlelletsa bara ba Molimo ba sa mameleng hore ba theohele lefatšeng ba tl’o phela le barali ba batho. E le kotlo ea ’ona, Molimo o lahletse ‘mangeloi ana a ileng a etsa sebe’ boemong bo kang ba teronko bo bitsoang Tartarase.—Genese 6:4; 2 Petrose 2:4; Juda 6.
10. Ke mekhatlo efe e hanyetsanang e hlahellang, ’me ke hobane’ng ha drakone e batla ho harola ngoana ha mosali a beleha?
10 Kahoo, mekhatlo e ’meli e hanyetsanang e bonahala ka ho hlakileng—mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo oa Jehova o tšoantšetsoang ke mosali le mokhatlo oa Satane oa bodemona o phephetsang bobusi ba Molimo. Tseko e khōlō ea bobusi e tlameha ho rarolloa. Empa joang? Satane, ea ntseng a hulanya bademona, o tšoana le sebata se befileng, se shebileng eo se ka mo hlaselang habonolo. O letetse hore mosali a belehe. O batla ho harola lesea lena le lebeletsoeng hobane oa tseba hore le tla beha bophelo ba hae kotsing esita le ho ba teng ha lefatše leo a le busang.—Johanne 14:30.
Mora, e Motona
11. Johanne o hlalosa ho tsoaloa ha ngoana oa mosali joang, hona ke hobane’ng ha ngoana eo a bitsoa “mora, e motona”?
11 Nako e khethiloeng ea hore lichaba li buse ntle ho tšitiso ea Molimo e ile ea fela ka 1914. (Luka 21:24) Joale, ka nako e loketseng, mosali o beleha ngoana oa hae: “A tsoala mora, e motona, ea tla lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe. Ngoana oa hae a nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae. Mosali a balehela lefeelleng, moo a nang le sebaka se lokisitsoeng ke Molimo, e le hore ba ka mo fepa moo ka matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a tšeletseng.” (Tšenolo 12:5, 6) Ngoana eo ke “mora, e motona.” Ke hobane’ng ha Johanne a pheta taba ee habeli? O etsa seo ho bontša ho tšoaneleha ha ngoana eo, ho khona ha hae ho busa lichaba ka matla a lekaneng. E boetse e hatisa kamoo ketsahalo ena ea ho belehoa e leng ea bohlokoa kateng, le kamoo e thabisang kateng! E phetha karolo e khōlō ntlheng ea ho fihlisa sephiri se halalelang sa Molimo qetellong. Hape ngoana enoa e motona o tla “lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe”!
12. (a) Ho Lipesaleme, ka boprofeta Jehova o ile a tšepisa’ng ka Jesu? (b) Ke eng se tšoantšetsoang ke ha mosali a beleha mora “ea tla lisa lichaba kaofela ka molamu oa tšepe”?
12 Joale, na polelo eo e utloahala e le e tloaelehileng? E, ka boprofeta Jehova o ile a tšepisa tjena ka Jesu: “U tla li thumakanya ka lere la borena la tšepe, u tla li pshatla joalokaha eka ke sejana sa sebōpi.” (Pesaleme ea 2:9) Ho boetse ha profetoa tjena ka eena: “Jehova o tla romela molamu oa matla a hao ho tsoa Sione, a re: ‘Qala ho busa har’a lira tsa hao.’” (Pesaleme ea 110:2) Kahoo, tsoalo eo Johanne a e bonetseng haufi-ufi e ama Jesu Kreste. Che, hase ho tsoaloa ha Jesu ke moroetsana morao koana lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna; ebile ha e bolele ho tsosetsoa ha Jesu bophelong ba moea ka 33 C.E. Ho feta moo, hase ho fetohela ’meleng o mong ha motho a shoa. Ho e-na le hoo, ke ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo ka 1914 e le oa sebele, ha Jesu—ea seng a qetile lilemo tse ka bang likete tse peli a le leholimong—a behoa teroneng e le Morena.—Tšenolo 12:10.
13. Taba ea hore ebe ngoana e motona o “nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae” e bontša eng?
13 Le ka mohla Jehova o ne a ke ke a lumella Satane ho harola mosali oa Hae kapa mora oa Hae ea sa tsoa belehoa! Ha a tsoaloa, ngoana eo e motona o “nkeloa ho Molimo le teroneng ea hae.” Kahoo o ba tlas’a tšireletso ea Jehova ka ho feletseng, ea tla hlokomela ka hohle-hohle ’Muso ona o sa tsoa tsoaloa, e leng kofuto ea Hae eo a tla e sebelisa ho halaletsa lebitso la Hae le halalelang. Ka nako e tšoanang, mosali enoa o balehela sebakeng seo Molimo a mo lokiselitseng sona lefeelleng. Ho tla boleloa lintlha tse qaqileng haholoanyane ka taba eo hamorao! Ha e le Satane eena, joale ho se ho hlekiloe sebaee ho lokisetsa ketsahalo ea bohlokoa e tla etsa hore ho hang a se hlole a khona ho sokela ’Muso leholimong. Ke efe ketsahalo eo?
Ntoa Leholimong!
14. (a) Joalokaha Johanne a bolela, ke ketsahalo efe e etsang hore Satane a se hlole a khona ho sokela ’Muso? (b) Satane le bademona ba hae ba thibeletsoe sebakeng sefe?
14 Johanne o re bolella sena: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone, ’me drakone le mangeloi a eona ba loana empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona.” (Tšenolo 12:7-9) Kahoo e le phetoho e khōlō mabapi le ho fihlisa sephiri se halalelang sa Molimo qetellong, Satane oa lelekoa, o ntšoa leholimong, ’me bademona ba hae ba lahleloa lefatšeng le eena. Ea khelositseng lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona hoo a fetohileng molimo oa lona o qetella a thibeletsoe lefatšeng lena, moo bofetoheli ba hae bo qalileng teng.—2 Bakorinthe 4:3, 4.
15, 16. (a) Mikaele ke mang, hona re tseba joang? (b) Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Mikaele ke eena ea ntšang Satane leholimong?
15 Ke mang ea finyellang tlhōlo ee e khōlō ka lebitso la Jehova? Bibele e re ke Mikaele le mangeloi a hae. Empa Mikaele ke mang? Lebitso “Mikaele” le bolela “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?” Kahoo e tlameha ebe Mikaele o thahasella ho tlosa qoso bobusing ba Jehova ka ho paka hore ha ho ea ka bapisoang le Eena. Ho Juda temana ea 9, o bitsoa “Mikaele lengeloi le ka sehloohong.” Ho thahasellisang ke hore tlotla “lengeloi le ka sehloohong” e sebelisitsoe kae-kae ka Bibeleng ha ho buuoa ka motho a le mong feela: Jesu Kreste.b Pauluse o re ka eena: “Morena o tla theoha leholimong ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong le ka terompeta ea Molimo.” (1 Bathesalonika 4:16) Tlotla “lengeloi le ka sehloohong” e bolela “morena oa mangeloi.” Kahoo ha ho makatse ha Tšenolo e bua ka “Mikaele le mangeloi a hae.” Libakeng tse ling moo Bibele e buang ka mangeloi a tlas’a mohlanka ea lokileng oa Molimo e bolela Jesu. Ka hona, Pauluse o bua ka ‘tšenolo ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla.’—2 Bathesalonika 1:7; bona le Matheu 24:30, 31; 25:31.
16 Mangolo ana le a mang a re khannela qetong eo re ke keng ra e qoba ea hore Mikaele hase motho leha e le ofe e mong haese Morena Jesu Kreste a le boemong ba hae leholimong. Joale, letsatsing la Morena ha a sa re feela ho Satane: “E se eka Jehova a ka u khalemela ka matla.” Kaha ena ke nako ea kahlolo, Jesu, e le Mikaele, o ntša Satane ea khopo le mangeloi a hae a bademona leholimong. (Juda 9; Tšenolo 1:10) Ke ho loketseng haholo hore e be Eena ea etsang sena, kaha O sa tsoa behoa hore e be Morena. Hape Jesu ke eena Peō, e tšepisitsoeng morao koana Edeneng, ke eena ea tla qetella a khobile Noha hlooho, kahoo a e felise ka ho feletseng. (Genese 3:15) Ka ho leleka Satane leholimong, Jesu o se a nkile bohato bo etellang pele ho mo khoba la ho qetela.
“Thabang, Lōna Maholimo”
17, 18. (a) Johanne o tlaleha hore ho etsahala’ng leholimong ha Satane a oa leholimong? (b) E ka ’na eaba lentsoe le phahameng leo Johanne a le utloang le hlaha ho bo-mang?
17 Johanne o tlaleha thabo e bang teng leholimong ka ho oa hona ho hoholo ha Satane: “Ka utloa lentsoe le phahameng leholimong le re: ‘Joale ho hlahile poloko le matla le ’muso oa Molimo oa rōna le bolaoli ba Kreste oa hae, hobane moqosi oa barab’abo rōna, ea ba qosang bosiu le motšehare ka pel’a Molimo oa rōna o lihetsoe tlaase! Ba ile ba mo hlōla ka lebaka la mali a Konyana le ka lebaka la lentsoe la ho paka ha bona, ’me ha baa ka ba rata meea ea bona esita leha ba talimane le lefu. Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona!’”—Tšenolo 12:10-12a.
18 Ke lentsoe la mang leo le phahameng leo Johanne a le utloang? Bibele ha e bolele. Empa mohoo o tšoanang o tlalehiloeng ho Tšenolo 11:17 o ne o tsoa ho baholo ba 24 ba tsositsoeng ba libakeng tsa bona leholimong, moo joale ba ka emelang bahalaleli ba 144 000. (Tšenolo 11:18) ’Me kaha bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng ba hlorisitsoeng ba ntseng ba le mona lefatšeng ba bitsoa “barab’abo rōna,” e ka ’na eaba ke bona hape bao mantsoe ana a hlahang ho bona. Ha ho pelaelo hore bana ba tšepahalang ba ka kopanya mantsoe a bona kaha ho tsosoa ha bona ho ne ho tla latela hang ka mor’a hore Satane le mabotho a hae a bademona ba ntšoe leholimong.
19. (a) Ho phethoa ha sephiri se halalelang sa Molimo ho bulela Jesu monyetla oa ho etsa’ng? (b) Taba ea hore Satane o bitsoa “moqosi oa barab’abo rōna” e bontša’ng?
19 E le hore sephiri se halalelang sa Molimo se phethehe ho hlokahala hore Jesu a qale ho laola ’Musong oa Jehova. Kahoo tsela e bulehile ea hore Molimo a phethe morero oa hae o moholo oa ho lokolla batho ba tšepahalang. Jesu ha a pholose feela barutuoa ba hae ba tšabang Molimo ba ntseng ba le lefatšeng hona joale empa o boetse o pholosa ba limilione tse se nang palo ba shoeleng ba leng khopolong ea Molimo. (Luka 21:27, 28) Kaha Satane o bitsoa “moqosi oa barab’abo rōna,” hoo ho bontša hore le hoja liqoso tseo a neng a qosa Jobo ka tsona li ile tsa pakoa e le tsa bohata, o ’nile a tsoela pele ho belaella botšepehi ba bahlanka ba Molimo ba lefatšeng. Ho totobetse hore ka makhetlo a mangata o ’nile a pheta qoso ea hore motho o tla nehelana ka sohle seo a nang le sona bakeng sa moea oa hae. Satane o hlōlehile habohlasoa hakaakang!—Jobo 1:9-11; 2:4, 5.
20. Bakreste ba tšepahalang ba hlōtse Satane joang?
20 Bakreste ba tlotsitsoeng, ba nkoang ba lokile “ka lebaka la mali a Konyana,” ba ntse ba tsoela pele ho pakela Molimo le Jesu Kreste ho sa tsotellehe mahloriso. Ka lilemo tse fetang 120, sehlopha sena sa Johanne se ’nile sa totobatsa litseko tse khōlō tse amanang le ho fela ha Linako Tsa Balichaba ka 1914. (Luka 21:24, Bibele—Phetolelo e Ncha) ’Me hona joale bongata bo boholo bo sebetsa le bona ka botšepehi. Ha ho le ea mong ho bona ea ‘tšabang ba bolaeang ’mele empa ba ke ke ba bolaea moea,’ joalokaha lintho tse hlileng li etsahetseng bophelong ba Lipaki Tsa Jehova li bontšitse hangata mehleng ea rōna. Ka lipuo le ka boitšoaro bo loketseng ba Bokreste, ba hlōtse Satane, kamehla ba paka hore o leshano. (Matheu 10:28; Liproverbia 27:11; Tšenolo 7:9) E tlameha ebe Bakreste ba tlotsitsoeng ba thaba hakaakang ha ba tsosetsoa leholimong, kaha Satane ha a sa le eo moo ho qosa barab’abo bona! Ka sebele ke nako ea hore lebotho lohle la mangeloi le amohele ka thabo pitso e reng: “Thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona!”
Bomalimabe bo Hlahang ho Sera!
21. Satane o tlisitse bomalimabe lefatšeng le leoatleng joang?
21 A halefisitsoe ke bomalimabe ba boraro, joale Satane o ikemiselitse ho hlasela batho ka mofuta oa hae o khethehileng oa bomalimabe. Ho thoe: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12b) Ka sebele ho ntšoa ha Satane leholimong ho bolela bomalimabe lefatšeng, le sentsoeng ke batho ba baithati ba tlas’a taolo ea hae. (Deuteronoma 32:5) Ho hobe le ho feta ke hore leano la Satane la ‘busa kapa senya’ le tlisa bomalimabe lefatšeng la tšoantšetso, e leng lichaba ka kakaretso, esita le leoatleng la tšoantšetso, e leng moloko oa batho o ferekaneng. Nakong ea lintoa tse peli tsa lefatše, khalefo ea Satane e ile ea bontšoa ke khalefo ea lichaba tse tlas’a hae, le ho hlahatsoa ho tšoanang ha khalefo ea bodemona tse tsoelang pele ho fihlela mehleng ena—le hoja e ke ke ea hlola e e-ba halelele! (Mareka 13:7, 8) Empa ho sa tsotellehe hore na maqiti a Diabolose a tšabeha hakae, a ke ke a tšoana le mahlomola a bakoang ke bomalimabe ba boraro—e leng bohato bo nkoang ke ’Muso oa Molimo—holim’a mokhatlo o bonahalang oa Satane!
22, 23. (a) Johanne o re ho etsahala’ng ka mor’a hore drakone e liheloe lefatšeng? (b) Drakone e ka khona ho hlorisa “mosali ea ileng a tsoala ngoana e motona” joang?
22 Ho tloha ha Satane a lelekoa habohloko, barab’abo Kreste ba ntseng ba le lefatšeng ba ile ba utloa bohloko bo boholo ka lebaka la khalefo ea hae. Johanne o tlaleha tjena: “Joale ha drakone e bona hore e lihetsoe tlaase lefatšeng, ea hlorisa mosali ea ileng a tsoala ngoana e motona. Empa mosali a fuoa mapheo a mabeli a ntsu e khōlō, e le hore a ka fofela lefeelleng sebakeng sa hae; ke hona moo a feptjoang teng ka nako le linako le halofo ea nako hōle le sefahleho sa noha.”—Tšenolo 12:13, 14.
23 Mona pono e totobatsa ntlha e hlahisitsoeng temaneng ea 6, e re bolellang hore ka mor’a hore ngoana oa hae a tsoaloe, mosali o balehela lefeelleng, hōle le drakone. Re ka ’na ra ipotsa hore na drakone e ka hlorisa mosali eo joang, kaha o leholimong ’me hona joale drakone e lihetsoe lefatšeng. Hopola hore mosali enoa o na le bana mona lefatšeng, bao e leng peō ea hae. Hamorao ponong ena, re tsebisoa hore Satane o halefela mosali ka ho hlorisa peō ea hae. (Tšenolo 12:17) Se etsahallang peō ea mosali mona lefatšeng se ka ’na sa nkoa e le se etsahallang mosali ka boeena. (Bapisa le Matheu 25:40.) ’Me palo e hōlang ea metsoalle ea peō mona lefatšeng le eona e ne e tla utloa mahloriso ana.
Sechaba se Secha
24. Liithuti Tsa Bibele li ile tsa hlaheloa ke eng e tšoanang le se ileng sa hlahela Baiseraele ha ba lopolloa Egepeta?
24 Ha ntoa ea pele ea lefatše e ntse e kupa, ka botšepehi barab’abo Jesu ba ile ba tsoela pele ka mosebetsi oa bona oa ho paka ho fihlela moo ho khonehang. Hona ho ne ho etsoa har’a khanyetso e matla e tsoang ho Satane le mahlahana a hae a sehlōhō. Qetellong, mosebetsi oa Liithuti Tsa Bibele oa ho paka phatlalatsa o ile oa batla o emisa ka ho feletseng. (Tšenolo 11:7-10) Ke hona nakong eo moo ba ileng ba hlaheloa ke se tšoanang le se ileng sa hlahela Baiseraele ha ba le Egepeta moo le bona ba ileng ba mamella khatello e khōlō. Ke moo Jehova a ileng a ba ntša ka potlako, joalokaha eka ke ka mapheo a ntsu, a ba isa sebakeng se sireletsehileng lehoatateng la Sinai. (Exoda 19:1-4) Ka ho tšoanang, ka mor’a mahloriso a tšabehang ka 1918-19, Jehova o ile a lopolla lipaki tsa hae, tse emelang mosali oa hae, a li isa boemong ba moea boo ho bona li neng li tla sireletseha joalokaha Baiseraele ba ne ba sireletsehile lehoatateng. Sena e ne e le karabo lithapelong tsa bona.—Bapisa le Pesaleme ea 55:6-9.
25. (a) Ka 1919 Jehova o ile a hlahisa eng, ka mokhoa o tšoanang le oo ka oona a ileng a hlahisa Baiseraele e le sechaba lefeelleng? (b) Ke bo-mang ba bōpang sechaba see, ke eng eo ba tlisitsoeng ho eona?
25 Ha ba le lefeelleng moo, Jehova o ile a hlahisa Baiseraele e le sechaba, a ba hlokomela moeeng le nameng. Ka ho tšoanang, ho qala ka 1919, Jehova o ile a hlahisa peō ea mosali e le sechaba sa moea. Hona ha hoa lokela ho ferekanngoa le ’Muso oa Bomesia o ’nileng oa busa o le maholimong ho tloha ka 1914. Ho e-na le hoo, sechaba sena se secha se entsoe ka masala a lipaki tse tlotsitsoeng lefatšeng, a ileng a tlisoa boemong bo khanyang ba moea ka 1919. Kahobane joale a ne a hlokomeloa ka “tekanyo ea [’ona] ea lijo ka nako e tšoanetseng,” a ile a matlafalletsoa mosebetsi o larileng ka pele.—Luka 12:42; Esaia 66:8.
26. (a) Nako e boletsoeng ho Tšenolo 12:6, 14, e bolelele bo bokae? (b) Morero oa linako tse tharo le halofo e ne e le ofe, li qalile neng, hona li felile neng?
26 Phomolo eo ea peō ea mosali oa Molimo e bile telele hakae? Tšenolo 12:6 e re e nkile matsatsi a 1 260. Tšenolo 12:14 e re ke nako, linako le halofo ea nako; ka mantsoe a mang, ke linako tse tharo le halofo. Ha e le hantle, lipolelo tseo ka bobeli li emela lilemo tse tharo le halofo, ho tloha nakong ea selemo ka 1919 ho fihlela nakong ea hoetla ka 1922 Karolong e ka Leboea ea lefatše. Ena e ne e le nako ea ho tsosolosoa ho khathollang le ho hlophisoa bocha ho sehlopha sa Johanne se tsosolositsoeng.
27. (a) Ho ea ka tlaleho ea Johanne, drakone e ile ea etsa’ng ka mor’a 1922? (b) Morero oa Satane e ne e le ofe ha a hlatsa moroallo oa mahloriso khahlanong le Lipaki?
27 Drakone ha ea ka ea tela! “Noha ea hlatsa metsi a joaloka nōka molomong oa eona ka mor’a mosali eo, ho etsa hore a khangoe ke nōka.” (Tšenolo 12:15) Ho boleloa’ng ha ho thoe “metsi a joaloka nōka,” kapa “moroallo oa metsi”? (The New English Bible) Ha Morena Davida oa boholo-holo a bua ka banna ba khopo ba neng ba mo hanyetsa o ile a re ke “meroallo e phoroselang ea batho ba se nang molemo” [“melatsoana ea ba se nang thuso,” Young]. (Pesaleme ea 18:4, 5, 16, 17) Hona joale seo Satane a se hlahisang ka ho tšoanang ke mahloriso a etsoang ke “batho ba se nang molemo” kapa ba se nang thuso. Ka mor’a 1922 Satane o ile a hlatsa moroallo oa mahloriso khahlanong le Lipaki. (Matheu 24:9-13) Hona ho ile ha akarelletsa ho hlekefetsoa ’meleng, ho “rera khathatso ka molao-taelo,” ho kenngoa literonkong, esita le ho bolaoa ka ho fanyehoa, ho thunngoa, le ho khaoloa hlooho. (Pesaleme ea 94:20) Satane ea theoletsoeng boemong bo tlaase, ea thibetsoeng ho fihla ka ho toba ho mosali oa Molimo leholimong, o ile a tsoa letšolo ka mabifi ho ea hlasela masala a peō ea hae lefatšeng le ho a felisa, ebang ke ka ho toba kapa ka ho etsa hore a senye botšepehi ba ’ona e le hore Molimo a se ke a a amohela. Empa boikemisetso ba ’ona bo ipakile bo tšoana le ba Jobo ha a ne a re: “Nke ke ka tlosa botšepehi ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!”—Jobo 27:5.
28. Moroallo oa mahloriso o ile oa fihla tlhōrōng joang nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše?
28 Moroallo ona o tšabehang oa mahloriso o ile oa fihla tlhōrōng ka Ntoa ea II ea Lefatše. Europe Lipaki tse ka bang 12 000 li ile tsa kenngoa likampong tsa mahloriso le literonkong tsa Manazi, ’me tse ka bang 2 000 tsa shoa. Tlas’a tsamaiso ea baeta-pele ba sesole ba mabifi ba ileng ba busa Italy, Japane, Korea, le Taiwan, Lipaki tse tšepahalang li ile tsa tšoaroa ka sehlōhō ka tsela e tšoanang. Esita le linaheng tseo ho thoeng ke tsa puso ea sechaba ka sechaba, Lipaki li ile tsa hlekefetsoa ke lihlopha tsa Ntoa Tsa Mak’hatholike, tsa tlotsoa ka sekontiri ’me tsa hlongoa masiba, tsa ba tsa lelekoa metseng. Likopano tsa Bokreste li ile tsa qhaloa le bana ba Lipaki ba lelekoa likolong.
29. (a) Johanne o hlalosa ho lopolloa ho tsoang mohloling o sa lebelloang joang? (b) ‘Lefatše le ile la phallela mosali’ joang? (c) Drakone e ’nile ea tsoela pele ho etsa’ng?
29 Topollo e ile ea hlaha mohloling o sa lebelloang: “Empa lefatše la phallela mosali, ’me lefatše la ahlamisa molomo oa lona la metsa nōka eo drakone e e hlatsitseng molomong oa eona. Drakone ea halefela mosali, ’me ea tloha ho ea loantša ba setseng ba peō ea hae, ba bolokang litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 12:16, 17) “Lefatše”—e leng likarolo tsa tsamaiso ea lintho ea Satane—le ile la qala ho metsa “nōka,” kapa “moroallo.” Ka bo-1940 Lipaki li ile tsa fumana letoto la liqeto tse li tšehetsang Lekhotleng le ka Holimo-limo la United States, le mebusong e linaheng tse ling, tse hlomphang bolokolohi ba borapeli. Qetellong, lichaba tsa Linaha Tse Entseng Selekane li ile tsa metsa lebotho le bolaeang le sa qenehele la Manazi le Mafascista, e leng ho ileng ha lopolla Lipaki tse utloileng bohloko tlas’a bohatelli bo sehlōhō. Mahloriso ha aa ka a khaotsa ka ho feletseng, kaha khalefo ea drakone e ’nile ea tsoela pele ho fihlela kajeno, ’me e ntse e loantša ‘ba nang le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.’ Linaheng tse ngata, Lipaki tse tšepahalang li ntse li le teronkong, ’me tse ling li ntse li shoa ka lebaka la botšepehi ba tsona. Empa ho tse ling tsa linaha tsena, nako le nako ba boholong ba ntse ba nyehlisa khatello ea bona, ’me Lipaki li thabela bolokolohi bo boholoanyane.c Kahoo, ho phethahatsa boprofeta, lefatše le tsoela pele ho metsa nōka ea mahloriso.
30. (a) Lefatše le fane ka topollo e lekaneng hore ho ka etsoa’ng? (b) Botšepehi ba batho ba Molimo bo fella ka eng?
30 Ka tsela ena, lefatše le fane ka topollo e lekaneng ho etsa hore mosebetsi oa Molimo o hasane linaheng tse ka bang 235 le hore ho hlahisoe baboleli ba tšepahalang ba litaba tse molemo ba fetang limilione tse tšeletseng. Bo kopane le masala a peō ea mosali, bongata bo boholo ba balumeli ba bacha ba tsoang lichabeng tsohle bo boloka litaelo tsa Molimo mabapi le ho ikarola lefatšeng, boitšoaro bo hloekileng, le lerato la bara ba motho, ’me bo pakela ’Muso oa Bomesia. Ho tšepahala ha bona ho arabela phephetso e nyefolang ea Satane, e le hore ho ka hlajoa mokhosi oa ho fela ha Satane le tsamaiso ea hae ea lintho.—Liproverbia 27:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bapisa le meloko e 12 ea Iseraele ea nama, baapostola ba 12, meloko e 12 ea Iseraele ea moea, le liheke tse 12, mangeloi a 12, le majoe a motheo a 12 a Jerusalema e Mocha.—Tšenolo 21:12-14.
b Leha ho le joalo, hlokomela hore Tšenolo 12:9 e bua ka “drakone e khōlō . . . [le] mangeloi a eona.” Kahoo Diabolose ha a iketse feela molimo oa nketsisane empa o boetse o leka ho iphetola lengeloi le ka sehloohong, le hoja ho se mohla Bibele e mo fang tlotla eo.
c Makhotla a phahameng linaheng tse ngata a lopolotse Lipaki Tsa Jehova; tse ling tsa liqeto tsena li qotsitsoe lebokoseng le leqepheng la 92.
[Lebokose le leqepheng la 185]
“Lefatše la Ahlamisa Molomo oa Lona”
Moroallo o phoroselang oa Satane oa mahloriso o ’nile oa tšoenya Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, hangata liphetoho tse bang teng ka hare ho tsamaiso ea Satane ea lintho li feletse ka hore moroallo oo o metsoe.
Moroallo oa merusu le oa ho kenngoa literonkong United States o ile oa metsoa haholo-holo ke liqeto tse re tšehetsang tsa Lekhotla le ka Holimo-limo ka bo-1940.
Ka 1945: Mahloriso a sehlōhō linaheng tse neng li laoloa ke Jeremane le Japane a ile a emisoa ke ho hlōla ha Linaha Tse Entseng Selekane Ntoeng ea II ea Lefatše.
Ha ho ne ho thibeloa Lipaki Tsa Jehova Dominican Republic, Lipaki li ile tsa kenngoa teronkong, tsa shapuoa tsa ba tsa otloa ka mefeng ea lithunya. Ka 1960 ntoa pakeng tsa mohatelli Rafael Trujillo le Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea etsa hore ho tlosoe thibelo e khahlanong le Lipaki Tsa Jehova.
Ho thunngoa, ho chesoa, ho betoa, ho otloa, ho hlokofatsoa, le ho bolaoa ha Lipaki nakong ea ntoa ea lehae Nigeria ho ile ha khaotsa ka 1970 ha mabotho a ’muso a hapa setereke se ikarotseng moo lintho tsena li neng li etsahala teng.
Spain malapa a ile a futuheloa ’me Bakreste ba lefisoa lichelete le ho kenngoa teronkong ka lebaka la “tlōlo ea molao” ea ho bua ka Molimo le ho tšoara liboka tsa Bokreste. Mahloriso ana a ile a qetella a felile ka 1970 ha, ka lebaka la ho fetola ha ’muso leano la oona ho malumeli ao e seng a K’hatholike, ho ne ho lumelloa hore Lipaki Tsa Jehova li ngolisoe ka molao.
Portugal malapa a makholo-kholo a ile a phenya-phenngoa ntle ho tumello. Lipaki li ile tsa ntšoa kotsi ’meleng tsa ba tsa hlahleloa teronkong, ’me tsa amohuoa Libibele. Bokhukhuni bona bo ile ba ‘metsoa’ ha ho fetoloa ’muso ka lebaka la bofetoheli ba sesole ’me ho fetisoa molao o fanang ka bolokolohi ba ho bokana ’moho ka 1974.
Argentina, tlas’a ’muso oa sesole, bana ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba lelekoa sekolong, ’me Lipaki li ile tsa tšoaroa naheng eohle ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo. Mahloriso ana a ile a qetella a felile ka 1984 ha ’muso o neng o busa ka nako eo o amohela Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova ka molao.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 183]
1914 Ho Tsoaloa ha ’Muso
1919 Ho tsoaloa ha sechaba se secha
1919—1922 Nako ea ho tsosolosoa
1922— Moroallo oa mahloriso
[Litšoantšo tse leqepheng la 182]
Ho malimabe lefatše