Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Loana le Libata Tse Peli Tse Bohale ka ho Fetisisa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 2 Maholimo a halalelang ha a sa tla hlola a tšoenngoa ke boteng ba Satane le bademona ba hae. Meea eo e khopo e ntšitsoe leholimong ’me e thibeletsoe sebakeng sa lefatše. Ha ho pelaelo hore hona ke hona ho bakang keketseho e tšabehang ea mekhoa ea ho sebelisana le meea mehleng ea kajeno. Noha e bolotsana e na le mokhatlo o silafetseng oa moea. Empa na e boetse e sebelisa mokhatlo o bonahalang ho khelosa batho? Johanne o re bolella sena: “Ka bona sebata se nyolohang ka leoatleng, se e-na le linaka tse leshome le lihlooho tse supileng, le mefapa-hlooho e leshome linakeng tsa sona, empa lihloohong tsa sona se e-na le mabitso a nyefolang. Joale sebata seo ke se boneng se ne se le joaloka lengau, empa maoto a sona a ne a le joaloka a bere, ’me molomo oa sona o le joaloka molomo oa tau. Drakone ea fa sebata matla a sona le terone ea sona le bolaoli bo boholo.”—Tšenolo 13:1b, 2.

      3. (a) Ke libata life tse tšabehang ka ho fetisisa tseo moprofeta Daniele a ileng a li bona ponong? (b) Libata tse khōlō tse boleloang ho Daniele 7 li ne li emela eng?

      3 Sebata see se sa tloaelehang ke eng? Bibele ka boeona e fana ka karabo. Pele Babylona e oa ka 539 B.C.E., moprofeta oa Mojuda Daniele o ile a bona lipono tse akarelletsang libata tse bohale ka ho fetisisa. Ho Daniele 7:2-8 o hlalosa libata tse ’nè tse tsoang leoatleng, sa pele se tšoana le tau, sa bobeli le bere, sa boraro le lengau, ’me “bonang! sebata sa bone, se tšosang le se tšabehang le se matla ka ho sa tloaelehang . . . ’me se ne se e-na le linaka tse leshome.” Sebata sena se tšoana ka tsela e hlollang le sebata seo Johanne a ileng a se bona hoo e ka bang ka selemo sa 96 C.E. Sebata seo le sona se na le litšobotsi tse kang tsa tau, tsa bere, le lengau, ’me se na le linaka tse leshome. Libata tse khōlō tse bonoeng ke Daniele ke eng? O re tsebisa hore: “Libata tsena tsa litonanahali . . . [ke] marena a mane a tla ema a tsoa lefatšeng.” (Daniele 7:17) E, libata tseo li emela “marena,” kapa mebuso ea lipolotiki ea lefatše lena.

  • Ho Loana le Libata Tse Peli Tse Bohale ka ho Fetisisa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 8. Ke hobane’ng ha ho sa lokela ho re tšosa ha ’muso oa lefatše o kopanetsoeng oa Manyesemane le Maamerika o tšoantšoa le sebata?

      8 Na hase ntho e tšosang ha ho thoe mebuso ea lipolotiki e busang ke sebata? Ke sona seo bahanyetsi ba bang ba neng ba se bua nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ha ho ne ho belaelloa boemo ba Lipaki Tsa Jehova, e le mokhatlo e bile e le batho ka bomong, makhotleng a molao ho pota lefatše. Empa ema hanyenyane u ipotse! Na lichaba ka botsona ha li ithehelle ka libata kapa libōpuoa tse hlaha e le matšoao a tsona a sechaba? Ka mohlala, ho na le tau ea Manyesemane, ntsu ea Maamerika le drakone ea Machaena. Joale ke hobane’ng ha motho leha e le ofe a ka hana haeba Molimo eo e leng Mongoli oa Bibele e Halalelang le eena a sebelisa libata ho tšoantšetsa mebuso ea lefatše?

      9. (a) Ke hobane’ng ha ho se na motho ea lokelang ho hana ha Bibele e re Satane o fa sebata bolaoli ba sona bo boholo? (b) Ka Bibeleng Satane o hlalosoa joang, ’me o susumetsa mebuso joang?

      9 Ho feta moo, ke hobane’ng ha motho leha e le ofe a ka hana ha Bibele e re ke Satane ea fang sebata bolaoli ba sona bo boholo? Molimo ke eena Ea Buileng mantsoe ao, ’me ka pel’a hae “lichaba li joaloka lerotholi ka nkhong; ’me li lekantsoe joaloka lerōle sekaleng.” Ho ne ho ka ba molemo haeba lichaba tseo li ne li ka batla mohau oa Molimo ho e-na le ho halefisoa ke tsela eo Lentsoe la hae la boprofeta le li hlalosang ka eona. (Esaia 40:15, 17; Pesaleme ea 2:10-12) Satane hase motho oa tšōmong ea abetsoeng ho hlokofatsa meea e arohaneng le ’mele liheleng tsa mollo. Ha ho na sebaka se joalo. Ho e-na le hoo, ka Mangolong Satane o hlalosoa e le “lengeloi la leseli”—e le setsebi sa ho thetsa se nang le tšusumetso e matla litabeng tsa lipolotiki ka kakaretso.—2 Bakorinthe 11:3, 14, 15; Baefese 6:11-18.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela