Malawi
U OA amoheloa khubung e mofuthu ea Afrika! Ka boemo ba eona ba leholimo bo ratehang le batho ba eona ba nang le botsoalle, ka sebele Malawi ke naha e mofuthu e ipiletsang ka lintho tse ngata haholo. Ho ipiletsang ka ho khethehileng ho ba bangata ke molaetsa o thabisang oa ’nete ea Bibele o boleloang ke Lipaki tsa Jehova Molimo tse fetang 40 000.
Leha ho le joalo, hase khale haholo ha bahlanka bana ba ikokobelitseng ba Molimo ba ne ba tobane le matšoenyeho a mangata. Ho e-na le ho bontšoa botsoalle bo mofuthu ke baahelani ba bona, ba ile ba e-ba tlas’a leqhubu le tšabehang la mahloriso, lihlōhō tse re hopotsang ho bolaoa ha Bajuda ka sehlōhō le Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Mehleng e Bohareng. Tlaleho ea seo ba fetileng ho sona le kamoo ba ileng ba mamella kateng ke mohlala o tsotehang oa botšepehi tlas’a mahlomola. Leha ho le joalo, pele re pheta pale ea bona, ak’u shebe naha ka boeona.
Ho Sheba Malawi
Le hoja e le naha e nyenyane haholo, Malawi e ithorisa ka lithaba, linōka le matša tse ntle tse sa tšoaneng. Thaba ea Mulanje, e ka boroa ho naha, ka ho khethehileng ke e hlollang. Ho tloha phuleng e tikolohong ea masimo a matalana a tee, ka bokhabane e phahame ho fihla limithareng tse 3 002 ho tloha leoatleng, ho etsang hore e be eona thaba e phahameng ka ho fetisisa karolong ena ea Afrika. Leha ho le joalo, mohlomong ntho e hohelang ka ho fetisisa e tsebahalang ke Letša la Malawi le bolelele ba lik’hilomithara tse 580. Mofuputsi ea tummeng, David Livingstone o ile a le bitsa “letša la linaleli” ka lebaka la tsela eo letsatsi le phatsimang holim’a lona kateng. Ka ho lona ho na le mefuta e makholo-kholo ea litlhapi—ho ’nile ha boleloa hore ke e mengata ho feta ea letšeng leha e le lefe le nang le metsi a hloekileng lefatšeng.
Botsoalle ba baahi ba Malawi ba limilione tse 11 ke bo thabisang. Ba bontša pososelo e khōlō le e mofuthu hang-hang ’me ba labalabela ho thusa. Ho rata Lentsoe la Molimo le hona ho totobetse. Bibele e ’nile ea e-ba teng ka lilemo tse ka bang lekholo ka Sechichewa, Seyao le Setumbuka, e leng lipuo tse khōlō tse buuoang Malawi. Hoo e ka bang lelapa le leng le le leng bonyane le na le kopi e le ’ngoe, ’me batho ba bangata ba e bala kamehla. Boholo ba batho ba Malawi ba futsanehile linthong tse bonahalang, empa ka ho amohela thuso e fanoang ke Lipaki tsa Jehova, ba bang ba fumane leruo le leholo la moea maqepheng a Libibele tsa bona.
Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Malawi o khutlela morao mathoasong a lekholo lena la lilemo. O ile oa tsebisoa batho ba mona ka tsela e batlang e susumetsa maikutlo.
‘Joalokaha Mollo o Chesa Hlaha’
Pale ea rōna e qala ka Joseph Booth, motho ea thahasellisang empa a belaetsa. A tletse cheseho ka mor’a hore a bale lingoliloeng tse ling tsa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a kopana le C. T. Russell ka 1906. O ile a kholisa Mor’abo rōna Russell hore ho hlokahala moemeli oa Mokhatlo oa Watch Tower Afrika e ka boroa. Kaha Joseph Booth o ne a kile a sebetsa Malawi pele, kapa Nyasaland kamoo e neng e bitsoa kateng ka nako eo, ho ne ho bonahala eka a ka fana ka tšebeletso ea bohlokoa. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Russell o ne a sa tsebe hore monna enoa o ne a e-na le botumo bo bobe karolong ena ea lefatše. O ile a tla tsebahala e le “ramenyetla oa bolumeli,” kamoo mongoli e mong a ileng a mo hlalosa kateng hamorao, a sebelisa likereke tsa Bokreste-’mōtoana ka ho latellana bakeng sa ho finyella lipakane tsa hae. Ka lebaka leo, ba boholong sebakeng seo ba ne ba sa rate Booth ’me o ne a se a sa amohelehe Malawi. Leha ho le joalo, “ramenyetla” enoa ea nang le phihlelo o ne a se a fumane monyetla o mong hape!
Ka ho tseba hore o ne a ke ke a ea Malawi ka ho toba, Booth o ile a qala pele ka ho hloma setsi Afrika Boroa. Ha a le moo o ile a kopana le Elliott Kamwana, motsoalle oa hae oa khale oa Malawi. Ho e-s’o ee le kae, Booth o ile a laela mohlankana enoa hore a khutlele hae. Ha a fihla teng ka 1908, Elliott Kamwana o ile a qala phutuho ea ho bolela phatlalatsa, a thehile molaetsa oa hae ho lingoliloeng tse ling tsa Mokhatlo oa Watch Tower tseo a neng a itlhalosetsa tsona. McCoffie Nguluh, ea ileng a shoa e le moholo ea tšepahalang lilemong tse seng kae tse fetileng, o ile a kopana le ’nete ka lekhetlo la pele morao koo. O ile a hlalosa ho bolela ha Kamwana e le ho tšoanang le ha “mollo o chesa hlaha.” Liphello tsa ho bolela ha Kamwana, ka kolobetso ea hae e susumetsang e neng e etsetsoa ka ntle, ka sebele li ile tsa saballa ka potlako, joaloka mollo o chesang hlaha, ho pholletsa le Malawi. Ba likete ba ile ba arabela, ’me “liphutheho” tse ngata li ile tsa thehoa kapele.
Leha ho le joalo, ho ne ho se mohla Booth kapa Kamwana ba kileng ba tsoa “Babylona e Moholo.” (Tšen. 17:5; 18:4) Ka sebele sepheo sa bona se ne se susumetsoa ke lipolotiki. Ha ea ka ea e-ba nako e telele pele mekhoa e belaetsang ea ho bolela ea Elliott Kamwana e hlokomeloa ke ba boholong ’musong Malawi. Kapele-pele o ile a lelekelloa Seychelles. Ka 1910, Joseph Booth le eena o ne a se a fetetse pele ’me o ne a se a sa amane ka letho le Mokhatlo oa Watch Tower. Ka bomalimabe, banna bana ba babeli ba ne ba entse tšenyo e khōlō ho feta ho lokisa, empa ho ne ho e-na le tšobotsi e le ’ngoe e pholosang: Lingoliloeng tse ngata tse nang le ’nete ea Bibele li ne li abiloe ho pholletsa le naha. Ka lilemo tse seng kae tse latelang, batho ba lipelo li tšepahalang, ba kang McCoffie Nguluh, ba ile ba arabela hamolemo ho seo ba se balileng.
“Mekhatlo ea Watch Tower” e Baka Pherekano
Ka mor’a qalo ena e sa khotsofatseng Malawi, Mokhatlo o ile oa romela William Johnston, mor’abo rōna ea tšoanelehang hantle ea tsoang Glasgow, Scotland, ho ea hlahloba boemo boo. O ile a fumana hore ho ne ho thehiloe lihlopha tse ngata tse bitsoang hore ke liphutheho empa kutloisiso ea tsona ea ’nete ea Bibele e ne e fokola haholo. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ba bang ba batlang ’nete ka tieo. Har’a bona, Mor’abo rōna Johnston o ile a koetlisa banna ba seng bakae ba sebakeng seo hore ba etelle pele, pele eena a fetela Afrika Boroa. Ka mor’a moo ho ile ha feta nako e telele pele ho ka lebisoa tlhokomelo hape mosebetsing Malawi. Ho ile ha tsoha pherekano e tšabehang. Sena se ile sa bakela Liithuti tsa Bibele mahlomola, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo, ’me ha lekoa botšepehi ba tsona.
E etsisa mokhoa o hohelang oa Elliott Kamwana, mekhatlo e mengata e ile ea hlaha e tsoaka ’nete ea Bibele ka lithuto tsa bohata le mekhoa eo e seng ea Mangolo. Kahobane mekhatlo eo e ne e sebelisa lingoliloeng tsa Watch Tower ho isa bohōleng bo itseng, hangata e ne e akarelletsa Watch Tower mabitsong a eona. Sena se ile sa bakela barab’abo rōna ba ’nete ba seng bakae bothata naheng eo. Ba se na tataiso e nepahetseng ba bile ba hloka lijo tsa moea, ke ntho e tsotehang hore ebe tšebetso ea bara bana babo rōna ba ’nete ha ea ka ea nyamella ruri. Leha ho le joalo, ba ile ba ’na ba tsoela pele ho kopana hammoho le ho pakela ba bang, ’me ba ne ba ikemiselitse ho tsamaea mehatong ea Jesu Kreste.—1 Pet. 2:21.
Ba sebelisa monyetla ka boemo bona, baeta-pele ba bolumeli sebakeng seo ba ile ba etselletsa Liithuti tsa Bibele ka hore ka bohata ba re li tšoana le mekhatlo e ileng ea inkela lebitso la Watch Tower ka bolotsana. Leha ho le joalo, ka mor’a nako phapang pakeng tsa lihlotšoana tsena tsa bokhelohi tsa sebakeng seo le barab’abo rōna e ile ea totobala. A susumelitsoe ke litlaleho tse tšoenyang tse tsoang ho litho tsa baruti ba Bokreste-’mōtoana, mokomishenara ea ka sehloohong oa sepolesa o ile a etsa phuputso mathoasong a bo-1920. A ikhakantse, ka boeena o ile a ba teng libokeng tse ’maloa tsa Liithuti tsa Bibele. O ile a arabela joang? O ile a tenoa ke mashano a ntseng a fafatsoa ka tsona. Leha ho le joalo, pherekano e bakiloeng ke ‘mekhatlo ena ea bohata ea Watch Tower’ e ile ea ’na ea tsoela pele ka lilemo tse ngata.
Ho Hlophisa Mosebetsi
Ka 1925 Mokhatlo o ile oa boela oa lebisa tlhokomelo Malawi. John Hudson o ile a qeta likhoeli tse 15 naheng eo, a fana ka lipuo liphuthehong. O ne a ikemiselitse ho thusa barab’abo rōna hore ba ananele bohlokoa ba ho lula ba kopana le Mokhatlo oa Watch Tower, o neng o sebelisoa ke “lekhoba le tšepahalang le le masene,” le ho amohela ketello-pele ea lona le tataiso ea lona.—Mat. 24:45-47.
Gresham Kwazizirah oa Ntcheu, ke e mong ea ileng a rua molemo ketelong ea Mor’abo rōna Hudson, Malawi. Hona selemong seo Mor’abo rōna Hudson a ileng a ea Malawi ka sona, Gresham o ile a kolobetsoa. Kapele-pele o ile a tobana le teko e tebileng. Ka tšusumetso ea baruti ba kereke eo a kileng a e kena, o ile a qosoa ka ho ruta thuto e khelohileng. Ka lebaka leo o ile a kenngoa litlamong. O ne a tla etsa joang? Na tšabo e ne e tla etsa hore a latole tumelo ea hae? Khoeli ka mor’a phuputso e entsoeng ke ba boholong seterekeng seo, Mor’abo rōna Kwazizirah o ile a fumanoa a se na molato ’me a lokolloa. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa le ho feta e ne e le taba ea hore o ne a ikemiselitse ho tšepahala ho Jehova le ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Jehova o ne a ka sebelisa batho ba bonahalitseng moea o joalo. Ka mor’a hore a sebetse Mozambique, Mor’abo rōna Kwazizirah ka boeena o ile a thabela litokelo tse ngata ha a kopanela ho haseng molaetsa oa ’Muso le ho haha liphutheho Malawi. (Bona Molula-Qhooa [oa Senyesemane] oa November 1, 1972.)
Ketelo ea Mor’abo rōna Hudson e ile ea boela ea ipaka e le tšusumetso ea sebele ho McCoffie Nguluh le Junior Phiri. Bara bana babo rōna ba babeli hamorao ba ile ba fallela Afrika Boroa, moo bobeli ba bona ba ileng ba sebeletsa ka botšepehi ka lilemo tse ngata. Richard Kalinde ka ho tšoanang le eena o ile a rua molemo ka ho kopana ha hae le John Hudson. Pele a tloha naheng eo, Mor’abo rōna Hudson o ile a lokisetsa hore Richard Kalinde a lebele ho boleloa ha litaba tse molemo ho fihlela thuso e eketsehileng e fihla.
Leha ho le joalo, hase bohle ba ileng ba thabela ketelo ea Mor’abo rōna Hudson. Mor’abo rōna Nguluh o ile a hlalosa hore na bao ba ile ba itšoara joang. Ba ile ba re: “Re ke ke ra fumana thuto ea rōna ho banna ba Cape Town. Re tla etsa seo re nahanang hore se nepahetse.” Ba sa batle ho amohela tataiso ea Mokhatlo, bana ba ile ba ithehela ‘mekhatlo ea bona ea Watch Tower.’ Ka lehlakoreng le leng, ba neng ba batla ’nete ka tieo ba ile ba bontša boikutlo bo ikokobelitseng haholoanyane. Ba ile ba lula ba ikopanya le ofisi ea Mokhatlo e Afrika Boroa ’me ba bontša kananelo bakeng sa thupelo le tataiso e fanoang ka mocha oo. Ho ile ha totobala kapele lekaleng hore setsi sena se senyenyane sa batho ba thahasellang ka tieo se hloka thuso e eketsehileng.
Moemeli oa Nako Eohle ka Har’a Naha
Ketsahalo e thabisang historing ea Lipaki tsa Jehova Malawi e etsahetse ka 1933. Ho ile ha etsoa kōpo ea hore ho be le moemeli oa nako eohle oa Watch Tower Bible and Tract Society ka har’a naha. ’Musisi o ile a re “o ne a tla amohela bohato bo joalo,” ’me o ile a amohela kōpo eo. Qetellong, ho ne ho ka etsoa litokisetso tsa ho tsoela pele ka ho bolela litaba tse molemo Malawi ka tsela e batlang e tsitsitse haholoanyane. Ka lebaka leo, ka tlas’a tataiso ea lekala la Afrika Boroa, setsi sa lingoliloeng hammoho le ofisi li ile tsa thehoa ka May 1934, ’me Bert McLuckie a okametse mosebetsi oo.
Kaha o ne a kolobelitsoe ka 1930, Mor’abo rōna McLuckie o ne a ntse a batla a le mocha ’neteng. Leha ho le joalo, o ne a ipakile e le pula-maliboho ea atlehang haholo likabelong tsa hae tsa pele ho moo Madagascar le Mauritius. Ha a fihla Malawi, o ile a fumana mohaho o monyenyane oa likamore tse peli motse-moholo, Zomba, ka boroa ho naha. Kamore e ’ngoe e ne e sebelisetsoa ho ba setsi sa lingoliloeng le ofisi; e ’ngoe bakeng sa ho robala. Mor’abo rōna McLuckie, eo e neng e le lesoha ka nako eo, o ile a hlalosa kabelo ena e ncha e le e bolutu, “e tlisang boikarabelo bo boholoanyane ho feta leha e le neng pele.”
Ea neng a mo thusa haholo e ne e le Richard Kalinde, eo e ileng ea e-ba motsoalle oa hae ea haufi-ufi. Qalong, mosebetsi o ka sehloohong e ne e le ho tlosa pherekano e ileng ea ama barab’abo rōna ka lebaka la boteng ba ‘mekhatlo ea bohata ea Watch Tower.’ Mosebetsi ona ha oa ka oa e-ba thata joalokaha ho ne ho lebeletsoe. Taba ea pele, boholo ba bahlanka ba ’muso ba ile ba hlokomela hore lihlotšoana tseo tsa moo tsa bokhelohi ha li amane ho hang le Mokhatlo oa ’nete oa Watch Tower. Hape, ofisi e Afrika Boroa e ne e file Bert McLuckie tataiso e hlakileng mabapi le hore na a sebetsane le boemo boo joang. A latella taba ena, o ile a etela lihlopha ka ho latellana tse likarolong tsohle tsa Malawi, ha Mor’abo rōna Kalinde a sebeletsa e le toloko ea hae. Maeto a joalo liphuthehong tseo a ile a thusa ba bangata hore ba ikhule ho tšehetseng ‘mekhatlo e fosahetseng ea Watch Tower’ le baeta-pele ba eona.
Tlhohonolofatso ea Jehova e ne e totobetse. Qetellong ho ile ha thehoa mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo o tiileng. Ho ile ha boela ha bokelloa litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo ka lekhetlo la pele. Ka 1934 tsena li ile tsa bontša bahoeletsi ba 28 ka karolelano.
Kabelo e Ncha Setsing sa Zomba
Ka mor’a ho sebetsa Malawi hoo e ka bang selemo, Bert McLuckie o ile a bitsetsoa Afrika Boroa hape. Hamorao, o ile a sebeletsa ka botšepehi tšebeletsong ea Jehova likarolong tse ling tsa Afrika e ka boroa ka lilemo tse fetang 60, pele ho lefu la hae ka 1995. Setho se seng sa lelapa la McLuckie, moena oa hae Bill, o ile a nka sebaka sa hae Malawi.
Pele ho mona, Bill McLuckie o ne a bula maliboho Afrika Boroa, le hoja a ne a e-s’o kolobetsoe. George Phillips, mohlanka oa lekala Afrika Boroa, o ile a botsa Bill hore na a ka rata ho amohela kabelo Malawi. Ha a e amohela, o ile a bolelloa: “Ke hantle, feela u tla tlameha hore u kolobetsoe pele.” Bill o ile a kolobetsoa ’me a fihla setsing sa Zomba ka March 1935. O ne a le lilemo li 26. Mora enoa oabo rōna ea tšepahalang o ile a paka botšepehi ba hae Malawi tlas’a mahlomola a mangata ho fihlela a lelekoa naheng eo ka 1972.
Ho ne ho le joang mehleng eo ea pele? Bill McLuckie, a le lilemo li 89 ka 1998 ’me a phela Afrika Boroa le lelapa la hae, o ntse a hopola tikoloho e pitlahaneng ea setsi seo se Zomba. O itse: “Kamore ea ho robala e ne e sa fete leifo ka bophara [limithara tse 1,4]. Ho ne ho batla ho bipetsa, kahoo ke ne ke atisa ho lula ke butse lifensetere bosiu ho fihlela ha lepolesa le leng le kenya hlooho ea lona ka [fensetere] bosiu bo bong ’me le re: ‘Bwana [Monghali], ho molemo hore u koale lifensetere tsena. Linkoe li tsamaea literateng tsena bosiu.’ Kahoo ke ile ka li koala.”
Ho sa tsotellehe maemo ao a seng matle, ho ile ha ipaka ho le molemohali ho ba le setsi seo motse-moholo. Kaha liofisi tsa ’muso le ntlo-khōlō ea sepolesa li ne li le haufi, Mor’abo rōna McLuckie o ne a khona ho arabela ka potlako liqosong leha e le life tse neng li etsoa khahlanong le Mokhatlo ka lebaka la ho tsoela pele ho ferekanya Lipaki tsa Jehova le ‘mekhatlo ea bohata ea Watch Tower.’ Joalokaha moholoane oa hae a ne a entse pele ho eena, Bill McLuckie o ile a sebetsa ka mamello le ba boholong ho rarolla ho se utloisisane leha e le hofe. Lipaki tsa Jehova li ne li se li e-na le botumo bo botle.
Ho Hloekisa Mokhatlo o Hlophisitsoeng
Bill McLuckie o ile a sebetsa ka thata le barab’abo rōna ho haha kananelo bakeng sa litekanyetso tsa Jehova joalokaha li behiloe ka Bibeleng. Sena se ne se akarelletsa ho thusa barab’abo rōna hore ba utloisise hore mekhoa eo e seng ea Mangolo e kang boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, tšebelisano le meea le tšebeliso e mpe ea joala li ke ke tsa e-ba le sebaka bophelong ba Lipaki tsa Jehova. (1 Bakor. 6:9, 10; Tšen. 22:15) Gresham Kwazizirah o ile a thusa haholo mosebetsing ona. O ile a sebeletsa haholo mosebetsing oa ho tsamaea, haholo-holo ka leboea ho naha. Mor’abo rōna McLuckie o ile a mo hlalosa e le “motho ea hōlileng ka ho feletseng le ea tšepahalang.” Mor’abo rōna Kwazizirah o ile a tsebahala ka ho tšoarella litekanyetsong tse lokileng tsa Bibele ka botšepehi ka linako tsohle. Nako le nako ha a ne a kopana leha e le bafe ba neng ba kopanela boitšoarong bo bobe empa ba ipolela hore ba sebeletsa Jehova, Mor’abo rōna Kwazizirah o ne a ba toba ka sebete. Ha ba ne ba lumela boitšoaro ba bona boo e seng ba Bokreste, o ne a ba amoha lingoliloeng tsa bona, a ba bolella hore e ne e se Lipaki tsa Jehova tsa ’nete. Hape o ne a ba thibela hore ba se hlole ba kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ba bangata ba ile ba hloekisa bophelo ba bona ka lebaka la bohato boo bo tiileng. E ne e le Mor’abo rōna Kwazizirah eo ka masoabi a ileng a tlaleha hore Richard Kalinde o ne a qalile ho amohela mekhoa e sa lumellaneng le tsela ea Bokreste ea bophelo. Ka lebaka leo, mora enoa oabo rōna ea neng a cheseha pele o ne a ke ke a hlola a sebelisoa ho emela mokhatlo o hloekileng oa Jehova.
Ka lebaka la boemo bona bo tiileng mabapi le tekanyetso e phahameng ea boitšoaro ea Bibele, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsebahala e le batho ba tšepahalang. Hangata sena se ile sa ipaka e le tšireletso ho tsona.
Tlhohonolofatso ea Jehova holim’a mokhatlo o hloekileng e ile ea totobala ha palo ea ba mafolofolo ho mo roriseng e ne e eketseha. Ka 1943, ka karolelano palo ea khoeli le khoeli ea bahoeletsi e ne e le 2 464 ba kopanelang liphuthehong tse 144—keketseho e ntle ho tloha ho bahoeletsi ba 28 feela lilemong tse leshome tse fetileng!
Ho Tsosa Malawi
Ka 1944 polelo e reng “Lefatše le Lecha,” e neng e atisa ho sebelisoa ho lingoliloeng tsa Watch Tower, e ile ea ipiletsa haholo ho baahi ba Malawi. Joalokaha e hlalositsoe ho lingoliloeng tseo, e ne e bolela tsamaiso e ncha ea lintho ea Jehova—mokhatlo o mocha oa batho ba busoang ke ’Muso oa leholimong oa Molimo matsohong a Jesu Kreste. (Dan. 7:13, 14; 2 Pet. 3:13) Ka Bibele, lingoliloeng tseo li ile tsa bontša hore lefatšeng le lecha, lefatše ka bolona le tla fetoha paradeise; batho ba tla phela ka khotso le liphoofolo; lintoa li tla khaotsa; lintho tse ngata tseo lefatše le nang le tsona e tla ba tsa e mong le e mong; ho kula le lefu li ke ke tsa hlola li e-ba teng; esita le bafu ba tla tsosoa ’me ba fuoe monyetla oa ho phela ka ho sa feleng.—Pes. 67:5, 6; Esa. 2:4; 11:6-9; Luka 23:43; Joh. 5:28, 29; Tšen. 21:3, 4.
Mora e mong oabo rōna, ha a ne a fana ka puo e buang ka taba ena, o ile a hlalosa ka tsela ena, a sebelisa boemo ba sebaka seo: “Ha Adama a etsa sebe, ha ho na bana ba hae ba ileng ba tsoalloa serapeng seo; bohle ba ile ba tsoalloa ‘hlatheng’ ’me, banab’eso, re ntse re le ‘hlatheng.’ Ha re e-s’o khutlele serapeng sane. Empa joale nako e haufi eo re tla siea lefatše lena la matekenya (matsetse) ho ea kena lefatšeng le lecha, le tsitsitseng ka ho feletseng la Jehova.”
Lipuo tse buang ka lefatše le lecha la Molimo li ile tsa e-ba le tšusumetso e khōlō hoo karolong e ’ngoe ea naha, letšoele la batho ba thahasellang le ileng la latela barab’abo rōna ha ba tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng, ba ntse ba e-noa litšepisong tsena tsa Bibele tsa Paradeise. Sebakeng se seng, ka mor’a hore palo e itseng ea baruti ba sebaka seo e mamele puo e buang ka lefatše le lecha, ba ile ba susumetsoa haholo ke seo ba se utloileng hoo ba ileng ba ea e le sehlopha ho moromuoa oa Lekhooa ’me ba re: “Ke hobane’ng ha u re patetse lintho tsee? Kajeno re bona bashanyana le banana ba etela batho ’me ba ba bolella lintho tse babatsehang ka ho fetisisa tseo ba kileng ba li utloa! ’Me ke mona u re file hore re rute lithuto tseo joale ho senolehang hore ke tsa bohata!”
Ka 1946 palo ea bahoeletsi ba ’Muso Malawi e ile ea feta 3 000, ’me barab’abo rōna ba ne ba hlile ba tsosa naha eo.
Ke ’nete hore hase e mong le e mong ea neng a thabetse molaetsa ona oa lefatše le lecha la Molimo. Pejana, ’muso o ne o ile oa thibela ho romeloa ha lingoliloeng tsa Watch Tower li tsoa linaheng tse ling, tse neng li bua ka lefatše leo le lecha. Leha ho le joalo, sena se ile sa e-ba le phello e fokolang, kaha ho ne ho se ho ntse ho e-na le setoko se sengata sa libuka ka hare ho naha. Joale, e le ka boiteko ba ho felisa tšusumetso ea tšebetso ea Lipaki tsa Jehova, baruti ba bang ba ile ba leka ho etsisa lipolelo le mekhoa ea Lipaki. Ba ile ba re, “Le rōna re bolela ka lefatše le lecha.” Ba seng bakae ba bile ba leka ho khutlela ho litho tsa bona, empa ka mor’a libeke tse seng kae, ba tlohela.
Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba boela ba leka le ho phehella bo-rametse hore ba hane ho lumella Lipaki tsa Jehova ho bolela libakeng tsa bona. Ho ne ho tloaelehile ho ea kōpa tumello ho ramotse pele ho fanoa ka puo motseng o itseng. Empa haeba ramotse a ne a susumelitsoe ke baeta-pele ba bolumeli ba sebakeng seo, ha ho seboka sa phatlalatsa se neng se ka tšoareloa moo.
Leha ho le joalo, marena a mangata a metse a ne a amohela Lipaki tsa Jehova ka mofuthu. Hangata barab’abo rōna ba ne ba fumana limemo tsa ho tla fana ka lipuo. Morena e mong oa motse o ile a utloa puo e joalo torotsoaneng e bitsoang Lizulu, moo a ileng a ithuta boemo ba ’nete ba bafu. (Moek. 9:5; Ezek. 18:4) Nakoana ka mor’a moo, o ile a ea tšebeletsong ea lepato e neng e tšoeroe ke baeta-pele ba bang ba bolumeli. Bamameli ba ile ba bolelloa hore ngoana eo ea neng a shoele “joale ke lengeloi leholimong.” Morena eo ea tsofetseng o ile a korotla, a ema tsoee! a retelehela ho motšepuoa oa hae, ’me a mo kōpa senifi. Joale, a se hula ka matla, a tloha lepatong leo, a re: “Khele! Lizulu re utloile hore na bafu ba hokae. Ana ke mashano kaofela!”
Ketelo e Khethehileng
Ketsahalo e khethehileng haholo e etsahatse ka January 1948, ha N. H. Knorr le M. G. Henschel, ba tsoang ntlo-khōlō ea Mokhatlo e Brooklyn, New York, ba ne ba etetse Malawi. Ena e ne e le ketelo ea pele ea barab’abo rōna ba tsoang ntlo-khōlō ea lefatše. Ho ile ha lokisetsoa seboka Holong ea Motse ea Blantyre bakeng sa Makhooa le Maindia a neng a phela motseng oo. Kaha ho ne ho e-na le Makhooa a 250 feela a lulang Blantyre ka nako eo, e ne e le ho khothatsang ho ba le ba 40 ba bileng teng ho tla utloa puo ea phatlalatsa. Letsatsing le hlahlamang, barab’abo rōna ba etileng ba ile ba e-ba teng kopanong e neng e tšoaretsoe barab’abo rōna ba Maafrika sebakeng se bulehileng. Bill McLuckie, ea neng a se a bua Sechichewa phollatsi, e ile ea e-ba toloko. Bakeng sa puo ea phatlalatsa mantsiboeeng ao, ho ne ho e-na le ba 6 000. Kaha ho ne ho se na thepa ea libuela-hōle, barab’abo rōna ba neng ba le lenaneong ba ne ba tlameha ho bua ka mantsoe a matla e le hore bohle ba ka utloa. Ka nako e ’ngoe pula e matla e ile ea sitisa puo, ’me sechaba sa qala ho qhalana se leba moo se ka itšireletsang lifateng kapa matlong a haufi. Empa Lipaki li ile tsa sala, ’me Mor’abo rōna Knorr o ile a phethela puo ea hae a tšoere sekhele. Taba ea hore ebe mzungu (lekhooa) enoa o ile a ema puleng ho fihlela a qetile puo ea hae ho bamameli ba Maafrika ho ile ha bontša sechaba hore Lipaki tsa Jehova li hlile li thahasella boiketlo ba sona, hobane Makhooa a moo a ne a ke ke a ho etsa hoo.
Ketelo ea Barab’abo rōna Knorr le Henschel e ile ea ba le tšusumetso e hlollang mosebetsing. Selemong seo sa 1948, palo ea bahoeletsi e ile ea feta ba 5 600, ’me ba bacha ba ne ba kena ka potlako e khōlō. Libakeng tse ling ho ne ho le thata ho fumana tšimo e lekaneng bakeng sa ho paka!
Tšebetso ea Lekala ea Qala
Ho sa le joalo, setsi sa Mokhatlo se ne se faletse Zomba ho ea Blantyre, setsing sa khoebo sa naha, se ho elella ka boroa. Kahoo ka la 1 September, 1948, ka mor’a hore tšebetso ea Lipaki tsa Jehova Malawi e be tlas’a tsamaiso ea lekala la Afrika Boroa ka lilemo tse ngata, ofisi ea lekala e ile ea thehoa Malawi, ’me Bill McLuckie e le mohlanka oa pele oa lekala. Joale litlhoko tsa tšimo ea Malawi li ne li ka hlokomeloa ka ho tobileng, ka tsamaiso ea ntlo-khōlō ea lefatše.
Ka nako eo ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba ’maloa ba hōlileng moeeng le ba nang le phihlelo hore ba ka sebeletsa e le bahlanka ba potoloho ho etela liphutheho e le hore ba ka matlafatsa barab’abo rōna. Likopano tsa potoloho li ne li tšoaroa habeli ka selemo, ’me Gresham Kwazizirah o ne a sebeletsa e le mohlanka oa setereke bakeng sa naha eo kaofela. Ofising, Bill McLuckie le eena o ne a tšoarehile haholo—hangata a sebetsa ka mochine oa hae oa ho thaepa ho fihlela lihoreng tsa hoseng.
Ho ne ho sa ntse ho e-na le ho hongata ho lokelang ho etsoa, ’me ho ne ho hlokahala thuso e eketsehileng. Kahoo Peter Bridle le Fred Smedley, ba tsoang sekolong sa boromuoa sa Gileade, ba ile ba amoheloa ka mofuthu ha ba fihla ka 1949. Bana le ba bang ba tsoang Gileade ba ile ba fana ka thuso e neng e hlokahala haholo ho mohlanka oa lekala ea neng a imetsoe. Joale ho ne ho le bonolo ho lebisa tlhokomelo haholoanyane tseleng eo liphutheho le likopano li neng li sebetsa ka eona.
“Nke ke ka Mamella Boemo Bona!”
Ho tla Malawi, haholo-holo mehleng eo, e ne e ka ba phetoho e makatsang ho motho ea tsoang Europe kapa Amerika Leboea. Ho ne ho se na lintho tsa kajeno tse sebelisoang tseo e ka ’nang eaba motho ea joalo o ne a li tloaetse pele. Ho ne ho se na thepa ea motlakase e neng e ka fumanoa sekhoeng seo sa Afrika. Seo motho oa sebaka seo a neng a ka se talima e le karolo ea bophelo e tloaelehileng e ne e ka ba ho tetebetsang ho motho ea tsoang naheng e ’ngoe. Moromuoa e mocha o ne a tla tloaela joang?
Ha a hopola maikutlo a hae a pele hoba a fihle Malawi ka mor’a leeto le khathatsang la terene le tlohang boema-kepe ba Beira, Mozambique, Peter Bridle o re: “Ha re qetella re fihlile Nōkeng ea Shire, ke ha shoalane e tšoara. Bo-maleshoane ba baholo ba ne ba fofa ka hohle. Ba ne ba aparela lebone ’me ba le time ka ho feletseng. Ba ne ba tsamaea motho molaleng, ba kena ba tsoa ka liphahlong. Ke ile ka re ho Jehova: ‘Nke ke ka mamella sena. Ena taba e tla nkimela. Nke ke ka mamella boemo bona!’ Eaba re tšela nōka ’me re kena ka tereneng, e neng e le seteisheneng. Mabone a eona a ne a le lerootho haholo. Ke ile ka hlokomela lebaka kapele—e ne e le ho thibela likokoanyana tseo hore li se ke tsa kena ka hare. Re ile ra ngoatheloa lijo, ’me ha qaloa ka sopho. Re ne re sitoa ho bona motho ea ka lehlakoreng le leng la tafole, mabone a ne a le lerootho haholo. Ha re ntse re phoka sopho ena, re ne re e monya le pakeng tsa meno hore re sefe likokoanyana tseo, ’me ka re ho Jehova: ‘Ntšoarele, lekhetlong lena hona ho nkimetse. Nke ke ka khona!’”
Leetong le leng hamorao a e-ea hona sebakeng seo, Mor’abo rōna Bridle o ile a ba le mathata ha a fana ka puo ea phatlalatsa. Hobane’ng? Oa hlalosa: “Menoang e ne e le mengata bo tšosang. Ha ke fana ka puo mantsiboeeng a mang, ke ne ke kentse marikhoe a ka ka likausing. Ke ne ke roetse thaole hloohong ’me ke e sutetse ka hempeng. Ke ne ke itlamme ka lirekere matsohong a hempe, e le hore ho hlahe feela matsoho le sefahleho. Ke ne ke fana ka puo ke tolokeloa. Ke ne ke ee ke bue polelo e le ’ngoe ebe ke phoka menoang sefahlehong. Joale ebe ke hlakola matsoho le sefahleho hape. Hang ha motoloki a qetile, ke ne ke bua polelo e ’ngoe ebe ke etsa se tšoanang hape.”
Ho sa tsotellehe maemo ana, Peter Bridle le ba bang ba tšoanang le eena ba ile ba tsoelella, ka thuso ea Jehova. Boholo ba baromuoa ba ileng ba abeloa ho ea Malawi ba ile ba sebeletsa ka botšepehi ka lilemo tse ngata. Boiteko ba bona ba moea oohle bo ile ba tlisetsa tšimo ea Malawi mahlohonolo a mangata.
Barab’abo Rōna ba Eketsehileng ba Hōlileng Moeeng ba Moo
Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba eketsehileng ba moo ba ne ba tsoela pele ho hōla tsebong ea Bokreste. Bara bana babo rōna le bona ba ile ba rua molemo ka ho tloaelana le baromuoa. Mor’abo rōna e mong ea joalo e ne e le Alexander Mafambana—Alex, kamoo hangata a neng a bitsoa kateng. Alex e ne e le motho ea nang le tsebo haholo. O ne a hlahetse Mozambique, e ne e le mora oa morena, ’me ke eena eo e neng e tlameha ebe o ile a hlahlama ntate oa hae e le morena. Empa ka mor’a hore a fallele Afrika Boroa ho ea batla mosebetsi, Alex o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova ’me a fumana tsebo e nepahetseng ea Bibele. O ile a etsa qeto ea hore ho etsa se lebeletsoeng ho morena ho ne ho tla akarelletsa ho sekisetsa litekanyetso tsa Bokreste. E le ho qoba mathata, o ile a etsa qeto ea hore a lule Malawi. Kapelenyana, Mor’abo rōna Mafambana e ile ea e-ba pula-maliboho, ’me ka 1952 o ile a qala ho thusa ofising ea lekala e Blantyre. Ho tseba ha hae lipuo tse ’maloa e bile thuso ka ho khethehileng mabapi le ho sebetsa mangolo a tsoang tšimong. Ka 1958/59 o ile a ba le monyetla oa ho ea sekolong sa boromuoa sa Gileade, ’me o ile a qeta sehlopheng seo ho neng ho e-na le Jack le Linda Johansson, bao le bona ba ileng ba abeloa Malawi.
Mor’abo rōna e mong ea ileng a ithuta ’nete Afrika Boroa e ne e le Kenneth Chimbaza. Ka mo’ra hore a kolobetsoe moo ka 1942, o ile a khutlela Malawi. Ka mor’a nako e khutšoanyane, Mor’abo rōna Chimbaza o ile a bontša hore o ne a hlaolela litšoaneleho tsa Mokreste ea hōlileng tsebong. Ka mor’a ho bula maliboho ka nakoana, o ile a sebeletsa haholo e le molebeli ea tsamaeang. Ba bang ba baromuoa ba ileng ba fihla hamorao ba ile ba thabela ho sebetsa le Mor’abo rōna Chimbaza le mosali oa hae, Elisi, le mora oa bona e monyenyane Maimba. Ka tsela ena ba ile ba tseba tsela ea bophelo ea Malawi.
Ka sebele, barab’abo rōna ba hōlileng joalo tsebong ba ipakile e le “limpho tseo e leng banna” tsa bohlokoa.—Baef. 4:8.
Baromuoa ba Tlatsetsa Keketsehong
Baromuoa ba ileng ba sebeletsa ka botšepehi Malawi ba ntse ba hopoloa ka lerato, haholo-holo ke Lipaki tsa khale tse bileng le monyetla oa ho sebetsa le bona mehleng eo. Ba bang ba baromuoa bana ba ile ba fumana hore kabelo ea bona e ncha e ne e hloka hore ba etse liphetoho tse khōlō tseleng ea bona ea bophelo, empa lerato le ile la ba susumelletsa ho e etsa.
Malcolm Vigo o ile a fihla e le lesoha ka 1957. Ka mor’a lijo tsa mantsiboea bosiung ba hae ba pele ofising ea lekala, o ile a labalabela ho tseba hore na kabelo ea hae e tla ba efe. Lonnie Nail, ea tsoang Gileade ea neng a fihlile selemong se ka pele ho seo ’me e le eena mohlanka oa lekala ka nako eo, o ile a mo tsebisa hore o tla abeloa ho ea mosebetsing oa ho tsamaea. Ka mor’a hore a ithute puo le ho tloaelana le sebaka? Che, ho ne ho se na tokisetso e joalo mehleng eo. O ne tla qala letsatsing le hlahlamang feela!
Baromuoa ba neng ba abeloa mosebetsing oa ho tsamaea ba ile ba ithuta kapele hore ntle le ho sebeletsa liphutheho, haeba ba ne ba tla khanna koloi, e tlameha ho ba litei tsa likoloi. Ba ile ba boela ba fumana hore hangata litsela e ne e le mecha feela ka har’a sekhoa. Ke ’nete hore barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ne ba ananela boiteko ba bona ’me ba ne ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho ba nolofalletsa bophelo. Hangata, ntlo e ntle e ruletsoeng ka joang le ntloana li ne li haheloa hore li sebelisoe ke moromuoa le mosali oa hae, haeba a nyetse. Empa ho baralib’abo rōna ba tsamaeang le banna ba bona, marata a sa tloaelehang a bosiu a ne a tšosa ka ho khethehileng! Ho ile ha nka nako e telele hore ba tloaelane le “letšeho” le tšosang la mafiritšoane le “’mino o tsoaka-tsoakaneng” oa marata a likokoanyana tse ngata tse sa tšoaneng.
Jack Johansson o hopola hore ho lokisetsa kopano sekhoeng e ne e le phephetso ea sebele. Pele, ho ne ho hlekoa lebala, ’me mabakeng a mangata ho ne ho hahuoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka thepa e fumanoang hona moo sekhoeng. Empa bara le barali babo rōna, ba banyenyane le ba baholo, ba ne ba thabela ho thusa. Setšeng sa kopano haufi le Mulanje, mor’abo rōna ea tsofetseng, ka sefahleho se thabileng o ile a atamela Mor’abo rōna Johansson, a re: “Le ’na ke batla ho thusa mosebetsing ona.” Hoo e ne e le ntho e tloaelehileng. Empa hamorao Mor’abo rōna Johansson o ile a hlokomela hore mora eo oabo rōna o ne a qetile hoo e batlang e le khoeli a ntse a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 800 ho tla setšeng sa kopano, ’me ntho ea pele eo a ileng a e etsa ha a fihla ke ho ithaopela ho thusa ka ho emisa mehaho ea kopano! Ka moea o joalo oa boithaopo, bara le barali babo rōna ba ile ba fetola sekhoa hore e be lebala leo ho lona ho ka lulang batho ba 6 000!
Baromuoa ba ile ba tlatsetsa tlhophisong e ntlafalitsoeng ea liphutheho le lipotoloho Malawi. Barab’abo rōna ba kang Hal Bentley, Eddie Dobart, Keith Eaton, Harold Guy, Jack Johansson, Rod Sharp le Malcolm Vigo ba ile ba etsa mosebetsi o motle e le balebeli ba setereke. Lipaki tsa moo li ile tsa arabela hantle keletsong e lerato le tataisong eo ba e fuoang. Ka lebaka leo, liboka tsa phutheho le ho boleloa ha molaetsa oa ’Muso li ile tsa hlophisoa hamolemonyana. Ka nako e tšoanang, bara le barali babo rōna ba ne ba ntse ba tsitsisoa ’neteng, ho itokisetsa mahlomola a larileng ka pele.
Makhooa a Fumana Bopaki
Ba bang ba baromuoa qetellong ba ile ba abeloa ho ea sebetsa ofising ea lekala, ’me ba ile ba bolokoa ba tšoarehile haholo moo. Sena se ile sa fa ba bang ba basali ba bona monyetla oa ho paka sebakeng sa Makhooa sa tšimo ea Blantyre le Zomba. Phyllis Bridle, Linda Johansson, Linda Louise Vigo, Anne Eaton, le ba bang ba ile ba etsa mosebetsi o mongata o motle tšimong ena. Ka linako tse ling, Makhooa a ne a e-ba le maikutlo a mabe ka mosebetsi oa rōna, hangata e le ka lebaka la pherekano e tsoelang pele ka ‘mekhatlo ena ea bohata ea Watch Tower.’ Empa barali bana babo rōna ba ile ba sebelisa menyetla eo ba nang le eona hamolemo ho lokisa litaba le ho buisana le bona ka ’Muso oa Molimo.
Boholo ba Makhooa le Maasia, Malawi, ba ne ba e-na le likhoebo tsa bona kapa ba e-na le mosebetsi o hlamatsehang oa likonteraka. Ka kakaretso, ba ne ba khotsofetse ke seo ba nang le sona bophelong. Leha ho le joalo, Makhooa a mang le batho ba moo ba buang Senyesemane ba ile ba arabela hamolemo ’neteng. Ba seng bakae ba ile ba kolobetsoa—e mong oa bona ka bateng Bethele!
“Phapanyetsano ea Khothatso”
Ha baromuoa ba ntse ba qeta nako le bara le barali babo rōna ba sebaka seo, kutloano ea sebele ea morabe e ile ea e-ba teng har’a bona. Sena se ile sa boleloa hantle lengolong le ngotsoeng ke Alex Mafambana a ngoletse e meng ea metsoalle ea hae ea baromuoa: “Haeba ho e-na le ‘lekhalo’ lefatšeng, le pakeng tsa Bochabela le Bophirimela. Ha e le rōna, re na le tlamahano e kopanyang ka ho fetisisa e kileng ea bōptjoa: Agape!” See se ne se fapane hakaakang le boikutlo ba batho ba ka ntle ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova! Ka kakaretso Makhooa a ne a ikuka a phahametse Maafrika ’me a sa amane le ’ona ka letho. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le ntho eo ho hlokahalang hore e hlakisoe. E ne e le tšebeliso ea tlotla Bwana ke barab’abo rōna ba sebaka seo. Hangata tlotla ena e ne e sebelisoa ha ho lumelisoa Makhooa, ho akarelletsa le baromuoa. E ne e fana ka maikutlo a hore Makhooa e ne e le marena kapa benghali ba Maafrika. Kahoo neng le neng ha barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ne ba bitsa moromuoa ka tlotla Bwana, moromuoa o ne a mo hopotsa: “Lipaki tsa Jehova ke bara ba motho, hase Bo-bwana!”
Melemo e ne e se ka lehlakoreng le le leng. Baromuoa ba ile ba ithuta ho hoholo ka ho sebetsa le bara le barali babo bona ba Maafrika. Ba ile ba e-ba le metsoalle e mengata ea ’makhonthe. Tumellanong le mantsoe a moapostola Pauluse, ho ile ha e-ba le “phapanyetsano ea khothatso.”—Baroma 1:12.
Ho Rorisa Jehova ka Pina
Mang le mang ea qetang nako Afrika o hlokomela kapele hore batho ba rata ho bina. Sena ba se etsa ba sa tsamaisane le seletsa, ba sebelisa mantsoe a bona feela, le hona a nyallana hantle. Malawi hase mokhelo. Esita leha ho ne ho se na buka ea lipina ka Sechichewa, barab’abo rōna ba ile ba iketsetsa lipina tsa bona. Ba nka morethetho o tloaelehileng oa lipina tsa Bokreste-’mōtoana, ba fetotse mantsoe hore ba bine ka lihlooho tse kang ’Muso, tšebeletso le Armagedone. Le hoja lipina tsena li ne li sa ngoloa fatše, barab’abo rōna kaofela ba ne ba li tseba ’me ba li bina hamonate. Likopanong, ha cheseho e ne e phahame, hangata ba ne ba bina k’horase ka mor’a temana e ’ngoe le e ’ngoe, eseng hanngoe feela empa habeli! Ha Mor’abo rōna Knorr a ne a etile ka 1953, ka ho khethehileng o ile a susumetsoa ke ho momahana hona ho babatsehang. Tlalehong ea hae, o ile a re: “Ho tlameha ho boleloa hore ho bina e ne e le ho thabisang ka ho sa tloaelehang.”
Ha buka e ncha ea lipina ea Mokhatlo ea Senyesemane, Lipina Thorisong ea Jehova, e fihla lekaleng ka 1950, ho ile ha etsoa qeto ea hore buka ea lipina e lokela ho etsoa le ka Sechichewa. Empa barab’abo rōna ba ne ba ka rutoa ho bala ’mino joang? Kaofela ba ne ba khona ho bina, empa ba ne ba sa tloaela ho bala linoto. Lekala le ile la etsa qeto ea ho sebelisa morethetho oa linoto, tse sebelisang mokhoa oa “do, re, mi” o bontšang linoto tsa ’mino. Ba bang ba barab’abo rōna ba ne ba ithutile tsona sekolong. Peter Bridle, ea ileng a etsa boiteko bo matla morerong ona, o hopola se neng se ameha. O re: “Re ile ra lula fatše le bafetoleli ’me ra sebetsa morerong oo. Re ile ra tlameha ho etsa bonnete ba hore mantsoe a fetoletsoeng a nyallana hantle le ’mino. Kahoo hanyane ka hanyane, re ile ra hlahisa buka ea lipina.”
Khatiso ea Sechichewa ea Lipina Thorisong ea Jehova e ne e ratoa haholo ke barab’abo rōna. Lekala le ile la e hatisa mochineng oa khale o hatisang ka ho kopitsa, le sebelisa pampiri leha e le efe eo le ka e fumanang. Ka lebaka leo, libuka tseo tsa pele tsa lipina li ne li se thata ka ho khethehileng ’me hangata ho ne ho hlokahala hore li nkeloe sebaka ka tse ling. Empa barab’abo rōna ba ne ba sa tsotelle. Ba ne ba thabetse feela ho ba le lipina tseo ba ka li binang. Barab’abo rōna ba ne ba ee ba nke likopi tse likete tse peli kapa tse tharo nako le nako ha ho tšoeroe kopano! Qetellong, Brooklyn e ile ea nka mosebetsi oa ho hatisa buka ena ea lipina, empa ho ne ho se ho entsoe likopi tse ka bang 50 000 sebakeng seo!
Mehaho e Mecha Bakeng sa Lekala
Ka lilemo, mosebetsi oa ’Muso Malawi o ne o ntse o tsamaisoa ho tloha libakeng tse sa tšoaneng tse ’maloa, hangata e le libaka tse petetsaneng. Leha ho le joalo, bohareng ba bo-1950, ho ile ha etsoa qeto ea ho haha mohaho o reretsoeng ka ho khetheha ho ba le ofisi ea lekala, o nang le matlo a bolulo bakeng sa basebeletsi ba Bethele. Bakeng sa ho finyella seo, ka 1956 ho ile ha rekoa setša Blantyre. Ka May 1958 mohaho oo o ne o loketse hore o ka sebelisoa. Barab’abo rōna ba ne ba hloletsoe hakaakang!
Lilemo tse seng kae hamorao, ofisi ea lekala e ne e e-na le moahelani ea tsebahalang haholo. Mohaho o haufi le oa rōna, Mudi House, e ile ea e-ba ntlo ea bolulo ea tona-khōlō ea Malawi, Dr. Hastings Kamuzu Banda.
Ka masoabi, ka mor’a mosebetsi oohle o boima o ileng oa ameha ha ho hahoa ofisi ena ea lekala le Lehae la Bethele, mehaho ena e metle ha ea ka ea lula e le ea Mokhatlo nako e telele.
Ketelo e Khothatsang
Ka 1963, Milton Henschel a e-tsoa ntlo-khōlō ea lefatše ea Mokhatlo o ile a boela a etela Malawi. O ile a fihla hang ka mor’a kopano ea Liberia eo ho eona eena, hammoho le bara le barali babo rōna ba bangata ba sebakeng seo, ba ileng ba tšoaroa hampe ke masole. Ho ile ha tšoareloa kopano ea sechaba haufi le boema-fofane, lik’hilomithara li se kae ka ntle ho Blantyre. Barab’abo rōna ba tsoang hohle Malawi ba ile ba e-ba teng, ho tloha “Nsanje [ka boroa] ho ea Karonga [ka leboea],” kamoo motho e mong oa khale a li behang kateng. Bamameli ba ka bang 10 000 ka sebele ba ile ba ananela lipuo tse monate tse fanoeng ke Mor’abo rōna Henschel le libui tse ling. E ne e le ka seoelo liboka tsa Lipaki tsa Jehova li boleloang ke ba phatlalatso ea litaba, empa lekhetlong lena tlaleho e buang ka kopano eo e ile ea hlaha esita le koranteng e ’ngoe ea sechaba.
Boemo ba lipolotiki bo ne bo ntse bo tsitsipana naheng eo, kahoo ho ne ho khothatsa ka ho khethehileng ho barab’abo rōna hore ba be teng kopanong ena. Ba ile ba utloa kamoo Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li emang li tiile kateng bakeng sa litekanyetso tsa Bibele. Mabapi le kopano eo, Mor’abo rōna Mafambana, e le molula-setulo, o ile a re: “Hopolang hore baeti ba bang ba tsamaile ka libaesekele lik’hilomithara tse fetang 600 ho ea feela hore ba be teng. Ba ile ba ikutloa hore ke boikarabelo ba bona ba Bokreste hore ba be teng ’me ba ne ba ikemiselitse ho tobana le mathata hore ba finyelle tlhokahalo eo. Bona ke bopaki ba tumelo e tiileng ea Bokreste eo ba bangata hakaalo ba nang le eona.”
Matšoao a Khathatso
Mathoasong a bo-1960, moea oa bochaba o ne o phahame haholo Malawi. Tumellanong le selekane se entsoeng le Brithani, boipuso bo feletseng bo ne bo tla fanoa bohareng ba 1964 ka mor’a likhetho tse akaretsang. Ho sa le joalo, Dr. Banda o ile a hlomamisoa e le tona-khōlō ea nakoana bakeng sa koloni eo. Pele ho likhetho tse akaretsang, ’muso o ile oa lokisetsa hore batho ba voutang ba ingolise ka boithaopo, ho neng ho tla etsahala ho tloha ka la 30 December, 1963, ho ea ho la 19 January, 1964.
Ke nakong ena moo Lipaki tsa Jehova Malawi li ileng tsa iphumana ka lekhetlo la pele li akhetsoe ho seo San Francisco Examiner (e hatisitsoeng U.S.A.) hamorao e ileng ea se hlalosa e le “ntoa ea bolumeli . . . ntoa e nkileng lehlakore le le leng haholo, lebotho le qholotsang ntoa khahlanong le tumelo.” Hase Lipaki tsa Jehova tse ileng tsa phatlalatsa ntoa. Tumellanong le lithuto tsa Bibele, li hlompha babusi ba lefatše ’me li lefa makhetho a tsona ka hloko. (Luka 20:19-25; Baroma 13:1-7) Leha ho le joalo, kahobane Jesu Kreste o ile a bolela hore balateli ba hae ‘e ne e ke ke ea e-ba karolo ea lefatše,’ Lipaki tsa Jehova le tsona li ipoloka li sa jele paate lintoeng tsa lichaba le litabeng tsa tsona tsa lipolotiki.—Joh. 17:16; Lik. 5:28, 29.
Ha moea oa ho ingolisetsa likhetho o aparela naha, Lipaki li ile tsa sebelisa tokelo ea tsona ea ho se ngolise. Leha ho le joalo, ha ba boholong mokheng ba hlokomela boemo ba tsona ba ho se jele paate, ho ile ha qhoma mahloriso a mabifi. Ho ile ha etsoa boiteko ba ho qobella Lipaki hore li fetole mehopolo ea tsona ’me li reke likarete tsa ho ba litho tsa mokha. Nakong ena ho ile ha amoheloa litlaleho ofising ea lekala, tse bontšang hore Liholo tsa ’Muso tse fetang 100 le matlo a fetang 1 000 hōle a barab’abo rōna a chesitsoe kapa a helelitsoe. Masimo a makholo-kholo le meliko ea lijo li ile tsa chesoa. Ka masoabi, ka lebaka leo, malapa a mangata a Lipaki tsa Jehova joale a ile a iphumana a se na lijo kapa matlo. Ba bang ba ile ba balehisetsa bophelo ba bona Mozambique ea boahisani. Ba bangata ba ile ba otloa hampe-mpe. Har’a bona e bile Kenneth Chimbaza, molebeli ea tsamaeang. Lilemo tse seng kae feela ka mor’a tšoaro eo e mpe, o ile a shoa, ka ho totobetseng e le ka lebaka la likotsi tseo a li fumaneng.
Botšepehi Tlas’a Teko
Liphihlelo tsa ho boloka botšepehi tlas’a teko li ne li le ngata. Ka mohlala, ho ne ho e-na le baralib’abo rōna ba babeli haufi le Blantyre ba neng ba tlameha ho hlokomela bana ba 11 ba le babeli joalo. Banna ba bona ba ne ba ile ba sekisetsa khatellong ea lipolotiki ’me ba reka likarete tsa ho ba setho sa mokha. Joale baralib’abo rōna ba ne ba qobelloa ho reka likarete. Ba ile ba hana. Ba boholong mokheng ba ile ba ba bolella hore ba tla khutla letsatsing le hlahlamang ho tla bona hore na baralib’abo rōna ha ba e-s’o fetole maikutlo. Ho fetse ha e-ba joalo, hoseng ho latelang letšoele le leholo le ile la tla ba lata. Joale ba isoa lepatlelong, ba tšosoa ka hore ba tla betoa ’me ba ile ba shapeloa ho hana ho reka likarete tsa mokha. Baralib’abo rōna ba ile ba ema ba tiile. Ba ile ba fuoa tumello ea ho ea hae, empa ba boetse ba khutlisoa letsatsing le latelang. Ba boela ba shapuoa, ’me lekhetlong lena ba hlobolisitsoe ka pel’a letšoele leo. Ho ntse ho le joalo, baralib’abo rōna ha baa ka ba sekisetsa.
Joale bahlorisi ba ile ba fetola mekhoa ea bona. Ba ile ba re: “Re founetse ofising ea lōna ’me re buile le Johansson le McLuckie le Mafambana. Ba re boleletse hore le lokela ho ithekela likarete tsa lōna, kaha le bona ba se ba itheketse tsa bona, joaloka Lipaki tse ling tsohle tsa Jehova [Malawi]. Kahoo ke lōna basali ba babeli feela naheng eohle ba e-song ho reke likarete. Ho molemo le iphumanele tsa lōna hona joale.” Baralib’abo rōna ba ile ba araba: “Re sebeletsa Jehova Molimo feela. Kahoo haeba barab’abo rōna ofising ea lekala ba rekile likarete, hoo ha ho etse phapang ea letho ho rōna. Re ke ke ra sekisetsa, esita le haeba le re bolaea!” (Bapisa le Baroma 14:12.) Qetellong, barali bana babo rōna ba babeli ba ile ba lumelloa ho tsamaea ka bolokolohi.
Barali bana babo rōna ba babeli ba ikokobelitseng le ba tšepahalang ba ne ba sa tsebe ho bala kapa ho ngola, empa ba ne ba e-na le lerato le tebileng ho Jehova le molao oa hae. Ho ema ha bona ba tiile ho ile ha pheta mantsoe a Pesaleme ea 56:11: “Ke itšepetse Molimo, nke ke ka tšaba letho: motho a ka nketsa’ng?”
Boiteko ba ho Hlakisa Boemo ba Rōna
Ha liketsahalo tse tebileng li ntse li roalellana, Mokhatlo o ile oa sebetsa ka thata ho etsa hore ba boholong ba khaotse mahloriso ao. Ho ile ha etsoa tokisetso ea ho kopana le ofisi ea tona-khōlō, ’me ho ile ha lokisetsoa puisano ea lipotso le Dr. Banda ka la 30 January, 1964. Ketsahalong eo, Jack Johansson o ile a khona ho hlakisa ka ho qaqa boemo ba ho se jele paate ha Lipaki tsa Jehova, a thehile puisano ea hae ho Baroma khaolo ea 13. Tona-khōlō o ile a bonahala a thabetse se builoeng, ’me ha Mor’abo rōna Johansson a tsamaea, Dr. Banda o ile a mo leboha haholo.
Leha ho le joalo, matsatsi a mane feela ka mor’a moo, sehlopha sa Lipaki se ile sa hlaseloa sebakeng sa Mulanje. Elaton Mwachande o ile a bolaoa ka sehlōhō. Mona Mwiwaula, Paki e hōlileng lilemong, e ile ea fuloa ka motsu molaleng ’me ea siuoa moo ho nahanoa hore e shoele. Ka tsela e makatsang, morali enoa oabo rōna o ile a pholoha, ’me bopaki ba hae bo ile ba sebelisoa hamorao ha ho qosoa likebekoa tseo. Ha litaba tsa liketsahalo tsena tse tšabehang li fihla ofising ea lekala, kapele-pele ho ile ha etsoa thelekramo e eang ofising ea tona-khōlō.
Phello e ile ea e-ba hore ho tšoaroe seboka se seng hape le Dr. Banda hammoho le matona a hae a mabeli, ka la 11 February, 1964. Harold Guy le Alexander Mafambana ba ile ba felehetsa Jack Johansson. Lekhetlong lena moea o ne o hlile o fetohile. A tsoka thelekramo moeeng, Dr. Banda o ile a re: “Monghali Johansson, u bolela’ng ka ho romela thelekramo e tjee?” Ka bonolo barab’abo rōna ba ile ba leka ho tiisetsa tona-khōlō ka boemo ba rōna ba ho se jele paate le ho utloa melao ea naha. Empa tona-khōlō le metsoalle ea hae ba ile ba pheha khang ka hore Lipaki tsa Jehova ke tsona tse neng li qholotsa bahlaseli ba tsona ka boomo. Seboka seo se ile sa fella ka litholoana tse babang, Lipaki tsa Jehova li behoa molato ka boemo ba pherekano bo teng ka har’a naha. Mor’abo rōna Johansson o bile a sokeloa ka hore o tla lelekoa hang-hang naheng eo. Leha ho le joalo, ho bonahala khalefo ea Dr. Banda e ne e lebisitsoe haholo ho matona a hae a mabeli ao ka ho hloka tsebo, a ileng a hlōleha ho hlahisa bopaki bo utloahalang ba hore Lipaki tsa Jehova ke tsona tse qholotsang.
Ho thahasellisang, nyeoeng e ileng ea tšoaroa ka mor’a ho bolaoa ha Mor’abo rōna Mwachande, moahloli ea tšoereng mokobobo, Monghali L. M. E. Emejulu, ha aa ka a fumana bopaki ba letho ba hore Lipaki tsa Jehova li ne li qhololitse bahlaseli ba tsona ka tsela leha e le efe, joalokaha ’muso o ne o boletse. Moahloli o ile a re: “Ha ke fumane bopaki ba ho qholotsoa. Ke ’nete hore Lipaki tsa Jehova, ka boikemisetso li ile tsa buella tumelo ea tsona ’me li batla ho hapa basokolohi, empa li ne li hlokomela boikarabelo ba tsona sechabeng ’me li entse sohle seo li se kōpiloeng . . . Li hanne feela ho kena mokheng leha e le ofe oa lipolotiki.”
Ha moea oa ho ingolisetsa likhetho o fela, tona-khōlō e ile ea ipiletsa hore ho be le khotso le khutso ka har’a naha. O ile a re: “Ho se ke ha e-ba le khathatso ho Makhooa, sepolesa le Maindia, esita le ho Lipaki tsa Jehova. Ba tšoareleng!” Ka July 1964, ha moea o phahame haholo, kolone ea Nyasaland e ile ea e-ba rephabliki e ipusang ’me ea fetola lebitso la eona hore e be Malawi. Qetellong mahloriso a ile a fela, empa ka mora hore ho bolaoe bahlanka ba Jehova ba robeli ka mabifi.
Nako e Khutšoanyane ea Khutso
Ha selemo sa 1964 se ea bofelong, nako e batlang e khutsitse e ile ea e-ba teng ho barab’abo rōna. Ba bang bao pele e neng e le lira ba ile ba labalabela ho tseba ka “lekunutu” lena le ileng la etsa hore liphofu tsa bona li eme li tiile ho sa tsotellehe mahloriso ’ohle. Ka lebaka la sena, ho boleloa ha molaetsa oa ’Muso ho ile ha tsoela pele hape ka sekhahla.
Karolong e qalang ea selemo sa 1966, ho ile ha e-ba le monyetla o mong oa ho hlalosa boemo ba ho se jele paate ha Lipaki tsa Jehova ka pel’a Dr. Banda. Mokhatlo oa Watch Tower o ne o kōpile tumello ea ho kenya baromuoa ba eketsehileng ka hare ho naha. Dr. Banda, ea neng a laola ho fanoa ha mangolo a tumello ho Makhooa a kenang Malawi, o ne a botsitse hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala baromuoa ba eketsehileng. Sena se ile sa fella ka hore ho be le seboka pakeng tsa Dr. Banda le Malcolm Vigo, mohlanka oa lekala. Dr. Banda o ile a hatisa hore ha a batle mang kapa mang hore a kopanele lipolotiking. Mor’abo rōna Vigo o ile a boela a mo tiisetsa ka ho utloa ha rōna melao ea naha le boemo ba rōna ba ho se jele paate litabeng tsa lipolotiki.—Baroma 13:1-7.
Ka 1967, ka karolelano palo ea bahoeletsi e ne e phahametse ho ba fetang 17 000. Nakong ena ea khutso, liithuti tse ling tse peli tsa Gileade, Keith le Anne Eaton, li ile tsa fihla ka hare ho naha. Ha ba kopana le ba ha Johansson ofising ea lekala, ka cheseho Linda o ile a ba tiisetsa, “Le tlile naheng e nang le khotso ka ho fetisisa Afrika!” Ba ne ba sa tsebe hore ba letetsoe ke khathatso e tebileng.
Boemo bo Mpefala Hape
Ka mor’a thupelo e khutšoanyane ea puo, Keith Eaton, hammoho le mosali oa hae, Anne, ba ile ba abeloa mosebetsi oa setereke. Qalong, ba ile ba thusoa ke Kenneth Chimbaza le lelapa la hae ka lerato. Kamehla a rata ho thusa, Maimba e monyenyane ka ho khethehileng o ne a thabela ho nkela Mor’abo rōna Eaton mokotla oa hae oa ho paka neng le neng ha ba kopanela tšebeletsong ea tšimo.
Ka April 1967 ha Mor’abo rōna Eaton a ne a tšoere kopano ea potoloho Motseng oa Thambo seterekeng sa Phalombe, o ile a utloa khaso e sithabetsang ea seea-le-moea. Dr. Banda o ile a qosa Lipaki tsa Jehova ka hore ka boomo li qholotsa ba boholong mokheng le litho tsa mokhatlo oa bacha o tsejoang ka hore ke Malawi Young Pioneers le Mokhatlo oa Bacha ba Malawi. Ho ile ha boleloa hape hore Lipaki ha lia hana feela ho reka likarete tsa ho ba setho sa mokha empa li boetse li susumelitse le ba bang hore ba se ke ba li reka.
Joaloka selemong sa 1964, taba ea likarete tsa mokha e ile ea e-ba ka sehloohong. Le hoja ho reka likarete tsena e ne e le taba ea boithatelo, ho hana ho e reka ho ne ho talingoa e le ketso ea ho hloka tlhompho ke ba boholong mokheng. Hamorao ho ile ha thoe ho reka karete e ne e le “tsela e ’ngoe eo ka eona, rōna batho ba naha ena, re bontšang kananelo ho [Dr. Banda] bakeng sa ho ntšetsa naha ena ea Malawi pele.” Ba halefisitsoe ke ho ema ha Lipaki tsa Jehova li tiile tabeng ena, ba boholong mokheng ba ile ba tsosolosa boiteko ba ho qobella barab’abo rōna hore ba lumellane le sena. Litlaleho tsa ho hlekefetsoa le ho shapuoa li ile tsa qala ho fihla hape lekaleng.
Ketsahalong e ’ngoe, Malcolm Vigo o ile a kōpuoa ke ba bang ba boholong mokheng hore a etele mor’abo rōna e mong ea tsoang Phuthehong ea Jumbe ea neng a tšoaretsoe ho hana ho reka karete ea mokha. Pele a kena ka kamoreng eo, Mor’abo rōna Vigo o ile a rapela a khutsitse. Ho ne ho totobetse ho tloha sethathong feela hore bana ba boholong ba ne ba tšepile hore Mor’abo rōna Vigo o ne a tla ba bolella hore Mokhatlo oa Watch Tower o ne o ile oa bolella litho tsa oona ka ho hlakileng hore ho ne ho le phoso ho reka likarete tsa mokha. Ho e-na le hoo, o ile a hatisa hore Mokhatlo ha o bolelle mang kapa mang hore na a etse eng le hore motho ka mong o tlameha ho iketsetsa qeto ea hae tabeng ena. Ba boholong mokheng ba ne ba sa thabela tlhaloso ena. Lipotso li ile tsa botsoa ka mahlakoreng ’ohle. Ka ho labalabela ho mo tšoasa, ba boholong ba ne ba botsa potso e ’ngoe le pele Mor’abo rōna Vigo a ka arabela ea pele. Ka mor’a lihora tse peli a botsoa lipotso, mor’abo rōna o ile a qetella a lokolotsoe. Ha ho karete ea mokha e neng e rekiloe.
O Thibetsoe!
Boemo bo ile ba fihla sehlohlolong ka September 1967 nakong ea kopano ea selemo le selemo ea mokha o busang, Malawi Congress Party. E ’ngoe ea liqeto tse ileng tsa fetisoa moo ke e ileng ea re: “[Re] khothalletsa ka matla hore kereke ea Lipaki tsa Jehova e phatlalatsoe e se ea molao naheng ena.” Lebaka? Qeto eo e ile ea bolela: “E beha botsitso ba khotso le khutso kotsing e leng tsona tse hlokahalang bakeng sa ho tsamaisa Naha ea rōna hantle.” Joale, puong ea hae e koalang kopanong eo, mopresidente o ile a phatlalatsa: “Lipaki tsa Jehova li baka likhathatso hohle. Ka lebaka lena Kopano e fetisitse qeto maobane e bolelang hore Lipaki tsa Jehova li lokela ho thibeloa. Seo nka le bolellang sona ke hore ’Muso o tla hle o shebe taba ena ka potlako e khōlō.”
Na Lipaki tsa Jehova li ne li hlile li le ‘kotsi botsitsong ba Malawi’? Le hanyenyane! Lipaki tsa Malawi hamorao li ile tsa hlalosoa ke moshebelli e mong e le “baahi ba behang mohlala” ba “lefang makhetho ka ho khothala, ba hlokomelang bakuli, ba loantšang ho se tsebe ho bala le ho ngola.” Leha ho le joalo, ’muso o fetse oa ‘sheba taba eo ka potlako e khōlō.’ Taelo ea mopresidente e laelang thibelo e ile ea saenoa kapele, ’me e ile ea qala ho sebetsa ka la 20 October, 1967. Sechaba sohle se ile sa tsebisoa ka sehlooho se mongolo o motenya o moholo sa koranta se reng: “Malawi e Thibela Sehlopha sa Bokhelohi se ‘Kotsi.’” Le hoja ho ile ha boleloa hore bohato bona bo nkiloe ka lebaka la hobane Lipaki tsa Jehova li ne li le “kotsi ’musong o motle oa Malawi,” ho ne ho hlakile hore lebaka la sebele e ne e le ho hana ha tsona ho reka likarete tsa ho ba setho sa mokha. Tumellanong le litumelo tsa tsona tse matla tse thehiloeng Bibeleng, Lipaki tsa Jehova li mpile tsa ikhethela ho “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Lik. 5:28, 29.
Ho Itokiselletsa Esale Pele Hoa Putsa
Pele thibelo e etsoa, barab’abo rōna ofising ea lekala ba ile ba hlokomela hore ba boholong ba tla nka bohato bo bong bo itseng khahlanong le Lipaki tsa Jehova. Le hoja ba ne ba sa lebella ho thibeloa ka ho feletseng, ba ile ba qala ho itšireletsa. Ho ile ha tšoaroa liboka tse khethehileng likarolong tse sa tšoaneng tsa naha e le hore ho ka fuoa balebeli ba potoloho le ba setereke tataiso le khothatso. Ho ile ha fanoa ka tataiso e sebetsang mabapi le liboka tsa phutheho, tšebeletso ea tšimo, phepelo ea lingoliloeng le ho romela mangolo. Boitsebiso bona bo ile ba ipaka e le ba bohlokoahali ha boemo bo mpefala.
Liphutheho li ile tsa latela litlhahiso tsena ka matla ha li ntse li fihla ho tsona butle-butle. Ho ne ho se ho sa sebelisoe liforomo leha e le life tsa Mokhatlo. Ho e-na le hoo, litlaleho tsa tšebeletso ea phutheho li ne li ngoloa pampiring e tloaelehileng ’me li romeloa ofising ea lekala ka batho ba tsamaisang melaetsa. Linako tsa liboka li ile tsa fetoloa ho latela litlhoko tsa phutheho ka ’ngoe. Phutheho e ’ngoe e ile ea etsa qeto ea ho tšoara liboka tsa eona ka Sontaha ka 5:30 hoseng, pele batho bohle ba motse ba tsoha. Ha e le ka mosebetsi oa ho bolela, ha ho thibelo e neng e tla thibela Lipaki tsa Jehova ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso. Feela joalokaha ho bile joalo le mehleng ea baapostola, bara le barali babo rōna ba tšepahalang ba ile ba ba boemong boo: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.”—Lik. 4:20.
Pejana ho thibelo eo ka boeona, ofisi ea lekala e ile ea fumana boitsebiso mohloling o tsebang hantle hore Government Gazette e ne e lokisetsa ho etsa tsebiso ka ho thibeloa ha Lipaki tsa Jehova. Ba nka bohato tumellanong le sena, barab’abo rōna ba ile ba potlakela ho tlosa lifaele le litokomane tsohle tsa bohlokoa, esita le thepa e ’ngoe, ho li isa malapeng a barab’abo rōna ba sa tšoaneng. Phepelo ea lingoliloeng le eona e ile ea ntšoa lekaleng ka bongata bo boholo ho li isa liphuthehong ho phatlalla le naha. Phutheho e ’ngoe, e le hore e ka sireletsa lijo tsena tsa moea tsa bohlokoa, e ile ea tlatsa meqomo e ’meli ea oli ka libuka ’me ea e tsetela bakeng sa ho li sebelisa hamorao. Ha sepolesa se qetella se fihlile lekaleng ka November ho tla hapa setša seo, se ile sa bonahala se maketse hore ebe se fumana ho e-na le libuka, lifaele le thepa e fokolang hakaalo.
Baromuoa ba Lelekoa ka Har’a Naha
Joalokaha ho ne ho lebeletsoe, baromuoa ba tsoang linaheng lisele ba ile ba laeloa hore ba tsoe ka har’a naha. Leha ho le joalo, pele ba tsamaea ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho matlafatsa bara le barali babo bona ba ratehang. Malcolm Vigo o ile a etela le ho khothatsa barab’abo rona bao matlo a bona a neng a sentsoe ke litlokotsebe. Finley Mwinyere, molebeli oa potoloho, e ne e le e mong oa bana. Mor’abo rōna Vigo o ile a re: “Ha re fihla, re ile ra bona Mor’abo rōna Mwinyere a eme ’me a shebile ntlo ea hae e cheleng lore! Ntho e khothatsang e ne e le moea oo a o bontšitseng. Takatso ea hae e ne e le ho khutlela morao le ho ea matlafatsa ba bang ba potolohong ea hae ba hlahetsoeng ke ntho e tšoanang. O ne a sa nyahamisoa ke ho lahleheloa hoo.”
Jack Johansson o ile a leba ka leboea Lilongwe ho ea etela bara le barali babo rōna ba ka bang 3 000 ba neng ba le litlamong. O ile a khona ho bua le ba bangata ba bona le ho ba khothatsa. Ba ne ba ntse ba le moeeng o motle. Ha e le hantle, o tlohile moo a hlaphohetsoe ka boeena ’me o ile a ho hlalosa e le phihlelo e matlafatsang tumelo. Mor’abo rōna Johansson hamorao o ile a bolelloa ke ofisiri e ikarabellang hore boemo boo bo ne bo hlabisa lihlong. Ha a bolela phello e le ’ngoe feela ea thibelo eo, ofisiri eo e ile ea bolela hore hona joale ha tšebeletso ea motlakase e ka tima Lilongwe, mohlomong e ke ke ea hlola e tsosolosoa. Basebetsi ba molemo le ba tšepahalang ka ho fetisisa ba ne ba le teronkong!
Baromuoa ba robeli ba tsoang linaheng lisele ha baa ka ba tloha Malawi ka ho rata. Ho ea ka bona, ba ne ba sa etsa letho le phoso. Ba ha Sharp le ba ha Johansson ba ile ba isoa boema-fofane ka ho toba ba felehelitsoe ke sepolesa ’me ba kenngoa sefofaneng se tlohang naheng ena. Banyalani ba bang ba bane ba ile ba isoa Teronkong ea Chichiri e Blantyre, moo ba ileng ba qeta masiu a seng makae teng—Malcolm le Keith ba le seleng e ’ngoe ’me Linda Louise le Anne ba le ka ho e ’ngoe. Joale, ba felehelitsoe ke sepolesa ba ile ba isoa boema-fofane ’me ba lelekeloa Mauritius. Qetellong, ba ha Vigo hammoho le ba ha Johansson, ba ile ba abeloa ho ea Kenya, ’me ba ha Eaton ba isoa Rhodesia.
Ka lipelo tse bohloko baromuoa ba ile ba siea bara le barali babo bona ba ratehang. Empa Lipaki tsa Malawi li ne li sa siuoa ntle ho thuso. Ho ne ho e-na le balisa ba moea, balebeli ba lerato, liphuthehong tse 405 ho pholletsa le naha. (Esa. 32:2) Alex Mafambana o ile a laola mosebetsi sebakeng seo, ’me ho laoloa ha tšimo ea Malawi ho ile ha fetisetsoa lekaleng la Zimbabwe (e neng e bitsoa Rhodesia ka nako eo). Lilemong tse latelang, lekala le Harare, Zimbabwe, le ile la lokisetsa hore balebeli ba potoloho ba Malawi le ba bang ba eteletseng pele ba lebe Zimbabwe ho ea ba teng likopanong tsa setereke le ho ea koetlisoa bocha. Ka bara bana babo rōna ba tšepahalang, mananeo a kopano ea potoloho le a kopano ea setereke a ile a fetisetsoa liphuthehong.
Tlhōrō e Ncha ea Liketso Tse Sehlōhō
Leha ho le joalo, hang ha sechaba se tseba ka thibelo ena, ba boholong mokheng le litho tsa Malawi Young Pioneers le tsa Mokhatlo oa Bacha ba ile ba etella pele tlhōrōng ena e ncha ea mahloriso a tšabehang. Sepolesa le makhotla, le hoja ka linako tse ling ba ne ba e-na le kutloelo-bohloko, ba ne ba se na matla a ho thibela pefo eo, kaha joale Lipaki tsa Jehova li ne li thibetsoe ka har’a naha.
Ha mahloriso a ntse a mpefala, Liholo tsa ’Muso, matlo le meliko ea lijo le likhoebo tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa senngoa likarolong tsohle tsa naha. Libakeng tse ling bahlaseli ba ne ba bile ba fihla ka literaka ho tla nka thepa ea Lipaki. Le hoja boleng ba thepa e joalo e ka ’na eaba bo ne bo fokola ha e tlisoa cheleteng, ho bara le barali babo rōna ba Malawi, e ne e emela ntho eohle eo ba neng ba e-na le eona.
Hape, ho ne ho amoheloa litlaleho tsa ho shapuoa ho phatlalla le Malawi kaofela. Ho ba bang ba barali babo rōna ba ratehang, mahloriso ao e ne e le a hlokofatsang ka ho khethehileng. Ho ne ho e-na le litlaleho tse ngata tsa ho betoa, ho retloa le ho shapuoa ha basali ba Bakreste. Bahlaseli bana ba sehlōhō ho ne ho se na eo ba mo qenehelang. Baralib’abo rōna ba hōlileng, ba banyenyane esita le ba bang ba baimana ba ne ba feta har’a liketso tse joalo tse sehlōhō. Ba bang ba ile ba senyeheloa ke limpa ka lebaka leo. Hape, ba likete ba ile ba qobelleha ho baleha metseng ea habo bona. Ba bangata ba ile ba tšabela likhoeng. Ba bang ba ile ba ea Mozambique ea boahisani e le baphaphathehi ba nakoana. Ho ea qetellong ea November 1967, leqhubu le sehlōhō la ho hlaseloa ha Lipaki tsa Jehova le ne le fetile ka bophelo ba batho ba bang ba bahlano.
Karabelo Thibelong
Esita le ho shapuoa ka sehlōhō ha hoa ka ha thibela Lipaki tsa Jehova. Ke ba fokolang haholo ba ileng ba sekisetsa. Samson Khumbanyiwa e ne e le e mong eo ntlo ea hae le thepa ea ntlo li ileng tsa senngoa, liaparo tsohle tsa hae li ile tsa taboloa, empa tumelo ea hae ha ea ka ea senngoa. Ka kholiseho o ile a re: “Kea tseba hore ha ho mohla ke leng mong, ’me Jehova o ntširelelitse.” Botšepehi ba banna le basali bana ba tumelo ke tlotla ho Jehova—ke karabo phephetsong ea Satane: “Tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka li ntšetsa bophelo ba hae.”—Jobo 2:4.
Mahloriso a bile a tsosa le batho ba pelo li tšepahalang ba Malawi. Sena e bile tumellanong le seo Jesu Kreste ka boeena a neng a se boletse esale pele. Ka mor’a hore a lemose balateli ba hae hore ba ne ba tla hlorisoa, esita le ho isoa ka pel’a babusi, o ile a qetella ka mantsoe ana a khothatsang: “Ho tla le hlahela hore e be bopaki.”—Luka 21:12, 13.
Monna e mong eo ka nako e telele a neng a hanyetsa tšebetso ea mosali oa hae joaloka Paki, ha e le hantle o ile a thusoa ho bona litaba ka ho hlakileng haholoanyane ka lebaka la mahloriso ana. Hoseng ho hong libeke tse ka bang peli ka mor’a hore ho etsoe thibelo, mokhupi o ile oa theohela ha hae. Mokhupi oo o ne o tseba hore monna hase Paki, ’me ba hoeletsa hore ba tlile ho mosali oa hae feela. Lekhetlo la pele ha aa ka a bula monyako. Empa ka mor’a ho sokela hore ba tla chesa ntlo hammoho le e mong le e mong ea ka har’a eona, a le leqe, o ile a ba bulela ba kena. Kapele-pele o ile a iphumana a tlamiloe ka mahlahahlela ’me a laeloa hore a reke karete ea mokha. O ile a hlokomela ka nako eo hore e fela bolumeli ba mosali oa hae e le ba ’nete. O ile a hana ho reka karete letsatsing leo. Eena le mosali oa hae ba ile ba shapuoa. Empa hang ka mor’a moo, o ile a qala ho ithuta Bibele. Selemong se latelang, monna enoa o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova a kopanela le mosali oa hae e le mohlanka oa Jehova.
Ka hare ho Malawi le ka ntle ho naha, batho ba ile ba hlahisa maikutlo a bona ka se etsahallang Bakreste ba se nang molato. Ba bang ba ile ba utluoa ba re: “Joale rea tseba hore e tlameha ebe re fihlile bofelong ba lefatše, ha batho ba Molimo ba thibeloa naheng ea habo rōna!” Lihlooho tse hlahileng litokollong tsa 1968 tsa Molula-Qhooa oa June le Tsoha! (ea Senyesemane) ea February li ile tsa tsosa sello sa sechaba lefatšeng lohle. Mangolo a likete a ile kena ka bongata, a bontša khalefo ’me a khothalletsa ’muso hore o nke bohato ho thibela liketso tseo tse sehlōhō. Liofising tse ling tsa poso, ho ile ha hlokahala thuso e eketsehileng hore ba tle ba sebetsane le ho kena ha mangolo a mangata ka tšohanyetso. Karabelo ea machaba e ne e le matla ebile e tiile ka boemo bona hoo qetellong mopresidente a ileng a ntša taelo ea hore mahloriso a khaotse. Hamorao, Dr. Banda o bile a re ha ho motho ea lokelang ho qobelloa ho reka karete ea ho ba setho sa mokha o itseng. O ile a re: “Ke batla hore batho ba lokolohe ho inchafaletsa likarete, ho tloha lipelong tsa bona, eseng ba qobelloe.” Butle-butle, joale leqhubu le leng la mahloriso le ile la qala ho kokobela. Sena se ile sa lumella hore ba bang ba barab’abo rōna ba khutlele malapeng a bona le ho tsoela pele ka mosebetsi oa bohlokoa oa ho bolela ka ’Muso—leha ho le joalo, ba sebelisa mekhoa e sa bonahaleng haholo, kaha thibelo e ne e ntse e e-s’o tlosoe.
Ho Sebetsa ka Sekhukhu
Nakong ena, Mor’abo rōna Mafambana o ile a hlokomela mosebetsi ka botšepehi sebakeng seo. O ile a lula a ikopanya le lekala la Rhodesia ’me o ile a fumana tataiso e nakong e tsoang ofising eo. Empa sepolesa se ne se ntse se mo batla, kahoo o ne a tlameha ho ba seli haholo. Ka makhetlo a mangata o ile a pholoha ho tšoaroa ka lesoba la nale. Ka masoabi, ka 1969 o ile a shoa a bolaoa ke seo ho neng ho bonahala eka ke kankere. Ka mor’a moo, Kenneth Chimbaza o ile a hlokomela tšebetso ea Lipaki tsa Jehova Malawi ho fihlela a kula, mali a lutlela bokong ’me a e-shoa ka 1971. Ka sebele mesebetsi e metle e mengata e entsoeng ke baboloki bana ba babeli ba botšepehi e tla hopoloa hantle ke Jehova ‘tsohong e tlang ea ba lokileng.’—Luka 14:14; Baheb. 6:10.
Ha maemo a ntse a nolofala, barab’abo rōna ba Malawi ba ile ba ikamahanya le boemo bo bocha. Ho paka ka tsela e sa reroang ho ile ha qala ho beha litholoana kapele. Ho sa tsotellehe thibelo, tšebetso ea bopula-maliboho e ile ea atleha. Ka 1971 ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba 925 bao ka cheseho ba neng ba bolela litaba tse molemo, hammoho le bahoeletsi ba phutheho ba likete-kete. Ho ne ho bile ho e-na le pula-maliboho a le mong ea khethehileng ea ntseng a le lenaneng—Gresham Kwazizirah, ka botšepehi a ntse a sebeletsa lilemong tsa hae tsa botsofali, ho sa tsotellehe mahlomola le liteko tse ngata tsa botho. O ile a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela a e-shoa ka 1978.
Kaha barab’abo rōna ba ne ba ipaka ba le “seli joaloka linoha,” litlaleho tsa liphutheho le mangolo a mang li ile tsa tsoela pele ho fihla ofising ea lekala Rhodesia. (Mat. 10:16) Hona ho ile ha bontša hore tšebetso ea ho bolela ka sekhukhu e ne e atleha haholo. Tlhōrō ea bahoeletsi ba 18 519 e ne e fihletsoe pejana feela ho thibelo ka 1967. Ka 1972, le hoja thibelo e ne e ntse e sebetsa ’me ba bangata ba balehetse Mozambique, ho ile ha tlalehoa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 23 398, ’me ka karolelano ba ne ba etsa lihora tse fetang 16 tšebeletsong khoeli le khoeli.
“Masimo a Macha” a Fumana Bopaki
Le hoja Lipaki li ne li le hlokolosi haholo ha li bolela, leha ho le joalo, tse ling li ne li ntse li tšoaroa ’me li kenngoa teronkong. Empa, ho ntse ho le joalo li ne li sa nyahame. Li ile tsa tsoela pele ho bolela, li sebelisa teronko e le tšimo ea tsona e ncha.
Baston Moses Nyirenda o ile a qeta likhoeli tse supileng a le teronkong ka 1969. Batšoaruoa ba bang ba ile ba mo botsa hore na ke hobane’ng ha a sa kene Kereke ea bona ea United. E bile monyetla o motle hakaakang oa ho paka! A sebelisa Bibele e sohlokehileng eo ba neng ba e arolelana ’me e se na maqephe a mangata, o ile a ba supisa linnete tsa Bibele. Sena se ile sa lebisa thutong ea Bibele. Esita le moeta-pele oa kereke eo o ile a ithuta. Pele a lokolloa teronkong, Mor’abo rōna Nyirenda o ile a thabela hore ebe o ile a khona ho thusa batho ba bane hore ba be le kutloisiso ea motheo ea Lentsoe la Molimo.
Tšebetso Phuthehong ea Senyesemane
Ka mor’a hore baromuoa bohle ba tsoang linaheng lisele ba lelekoe ka lebaka la thibelo, Bill McLuckie, ea neng a nyetse Denise, Moafrika Boroa, o ne a ntse a lula Blantyre. O ne a e-na le khoebo e nyenyane moo bakeng sa ho hlokomela boikarabelo ba lelapa la hae. Lehae la ba ha McLuckie le ile la fetoha sebaka se secha bakeng sa Phutheho ea Senyesemane ea Blantyre. Ke ’nete hore liboka tsena li ne li lokela ho tšoaroa ka tsela e sa hlophisoang e le hore li se ke tsa hapa tlhokomelo. Kahoo ho ne ho sa binoe kapa hona ho opa liatla.
Ke nakong ena moo Guido Otto, ea neng a sebeletsa lekaleng la Rhodesia, a ileng a qala ho tlisa libuka Malawi ka sekhukhu. Ntate oa Guido o ne a e-na le hotele e nyenyane lebōpong la Letša la Malawi, kahoo ho etela mona ha Guido ho ne ho sa bonahale e hlile e le ntho e sa tloaelehang ho ba boholong. Ba ne ba sa tsebe ho hang hore na Guido o kenya libuka tse ngata hakae tsa Bibele nako le nako ha a kena! Libuka tseo li ne li patoa ka kamoreng e patehileng e tlas’a ntlo lehaeng la ba ha McLuckie. Nakong eo e neng e ntse e chekoa, batho ba fetang ka tsela ka linako tse ling ba ne ba botsa hore na ke ea eng. Ba ne ba ee ba bolelloe, “E mpa e le ntloana feela.”
Bosiung bo bong, ha seboka se le bohareng, koloi e ile ea ema ka pel’a ntlo. Ekaba ke mang? Mapolesa? Barab’abo rōna ba ne ba sa tsebe hore na ba etse eng ka libuka tsa bona tsa ho ithuta. Lemati la buleha, ’me ha kena Guido Otto a thabile. Ha ba ha re kokololo!
Ka mor’a moo, kamoo Denise a hlalosang kateng, “Bill o ile a bolella barab’abo rōna hore ntho ea pele eo ba tlamehang ho e etsa haeba mang kapa mang a leka ho kena ke ho tšela libuka tsohle ka baseketeng e neng e le teng moo. Joale ebe ’na ke akhela baskete eo ka mokoting o neng o le teng fatše ka kamoreng ea rōna. Mokoti ona o ne o leba ka kamoreng e ka tlas’a ntlo. Nako le nako ho ne ho boetse ho tekoa tafolana ea tee. Haeba mang kapa mang a kena, ho ne ho tla bonahala eka re ne re etile feela ’me re iphokela tee!”
Leha ho le joalo ha maemo a ntse a mpefala le ho feta, liboka li ne li se li sa tšoareloe sebakeng se le seng feela. Ho ne ho sebelisoa malapa a sa tšoaneng. Ka linako tse ling sehlopha se ne se kopanela morung, se ikaparetse joalokaha eka se ile pikiniking.
Ho sa tsotellehe mathata ana, barab’abo rōna ba ’nile ba khona ho finyella batho ba batlang ’nete ka tieo ka ho pakela batho ba buang Senyesemane ka tsela e sa reroang. Ba seng bakae ba ile ba kena ’neteng. Har’a bana e ne e le Victor Lulker, Daniel Marne le Mike Sharma, ba ntseng ba sebeletsa Phuthehong ea Blantyre ho tla fihlela kajeno.
Linyeoe Tsa Makhotla Blantyre
Ha mapolesa a qetella a hlasela lehae la ba ha McLuckie ka 1971, a ile a fumana tse ling tsa lingoliloeng tsa Mokhatlo. Mor’abo rōna McLuckie o ile a qosoa ’me ha hlokoa hore a hlahe ka pel’a ’maseterata oa Limbe, Blantyre. Lipaki tsa moo tsa utloela ka taba eo ’me li beha bolokolohi ba tsona kotsing, tsa tla ka bongata bo boholo ho tla tšehetsa ba ha McLuckie. Ha ’maseterata a liha kahlolo ea hore “ha a molato,” barab’abo rōna ba ile ba hlaba litlatse! Empa mochochisi o ile a ipiletsa. Eaba joale nyeoe e ea lekhotleng le phahameng. Lekhetlong lena Bill McLuckie o ile a fumanoa a le molato ’me a ahloleloa lilemo tse supileng teronkong. Leha ho le joalo, ba ne ba hlile ba sa batle ho mo kenya teronkong, kahoo ho e-na le hoo o ile a laeloa hore a tsoe naheng eo.
Kahoo, ka October 1972, tšebeletso e tšepahalang ka lilemo tse 37 ea Bill McLuckie e ile ea fihla pheletsong Malawi. Pele a tsamaea, o ile a hlophisa barab’abo rōna ho re ba tle ka lenyele ’me ba tl’o nka libuka tsohle tse neng li le kamoreng ea hae e ka tlaase ea lekunutu. Barab’abo rōna ba ile ba nka libuka tseo ka koloi! Ba bang hamorao ba ile ba emisoa moo ho thibiloeng tsela, empa mapolesa ha aa ka a hlokomela le lebokose le le leng. Pele ba ha McLuckie ba tsoa naheng eo, monyako o kenang ka kamoreng e ka tlaase o ile oa koaloa ka konkreite. Tšebeletso e telele e tšepahalang, ea boitelo ea Bill McLuckie e tla hopoloa historing ea Lipaki tsa Jehova Malawi!
Tlhōrō ea Boraro ea Pefo ea Tsosoa
Hang ha barab’abo rōna ba re ba tloaela tsela e ncha, khathatso e ile ea tsoha hape. Ka 1972 nakong ea kopano ea selemo le selemo ea Malawi Congress Party, ho ile ha amoheloa liqeto tse ling tse tšoenyang haholo. E ’ngoe ea liqeto tsena e ne e hloka hore Lipaki tsohle tsa Jehova li lelekoe mesebetsing ea tsona. Sena se ile sa phethahatsoa ntle ho qenehelo ho bile ho sa khethoe. Lifeme tse neng li batla ho boloka basebetsi ba Lipaki ba tšeptjoang li ne li sa lumelloe ho etsa joalo. Likhoebo tse neng li laoloa ke Lipaki li ile tsa nkoa ka mahahapa ’me tsa amohuoa thepa ea tsona. Empa likhōlō li ne li tla latela.
E ’ngoe ea liqeto tse ileng tsa amoheloa kopanong eo e ne e re “[Lipaki tsa Jehova] tsohle tse phelang metseng li lelekoe.” Sena ka tsela ea sebele se ile sa hloka hore Lipaki tsa Jehova li hle li lelekoe sechabeng! Matlo a tsona a likete a ile a chesoa kapa a heletsoa. Lijalo tsa tsona le liphoofolo li ile tsa senngoa. Li ile tsa thibeloa ho kha metsi lilibeng tsa metse. Li ile tsa lahleheloa ke lintho tsohle tseo li neng li e-na le tsona, ’me li ne li inkeloa feela ho phatlalla le naha.
Litho tsa mokhatlo oa bacha li ne li boetse li etella pele leqhubung lena la mahloriso, a sehlōhō le a mabe ho feta a kileng a e-ba teng ho fihlela lena le holimo. Ba itlhophisa ka lihlopha tsa ba ka bang 12 ho ea holimo ho ea ho ba ka bang 100, ba ile ba tsamaea motse le motse, ba tsoma Lipaki tsa Jehova.
Barab’abo rōna ba ne ba tsongoa naha ka bophara. Blantyre sehlopha sa barab’abo rōna se ile sa bokelloa ’me sa isoa ntlo-khōlōng ea mokha sebakeng seo, moo e neng e kile ea e-ba ofisi ea lekala la Mokhatlo pele e nkuoa ka mahahapa ka 1967. Har’a bona e ne e le Greyson Kapininga, ea neng a sebelelitse lekaleng leo e le mofetoleli pele ho thibelo. Ka mor’a hore barab’abo rōna ba hane ho reka likarete tsa ho ba setho sa mokha, bahlorisi ba ile ba tšela motsoako oa letsoai le pelepele e chesang ka mahlong a bona. Eaba ba otla barab’abo rōna ka mapolanka a neng a e-na le lipekere tse khōlō ho ’ona. Neng le neng ha mor’abo rōna a ne a lla ke bohloko, babolai bana ba ne ba ee ba tiise le ho feta, ba re: “E-re Molimo oa hao a tl’o u pholosa.”
Litlhaselo tseo tse mabifi li ile tsa amoha ba bangata bophelo. Cape Maclear, e qetellong ka boroa ho Letša la Malawi, mangata a joang a ile a tlamelloa ho Zelphat Mbaiko. Ho ile ha tšeloa petrole holim’a joang ’me ba hotetsoa. O ile a cha ho fihlela a e-shoa!
Baralib’abo rōna le bona ba ile ba sotloa ka tsela e tšabehang. Ka mor’a hore ba hane ho reka likarete tsa mokha, ba bangata ba ile ba betoa ka makhetlo ke ba boholong mokheng oo. Lilongwe, Morali’abo rōna Magola, hammoho le ba bang ba bangata, ba ile ba leka ho baleha khathatso eo. Leha ho le joalo, e ne e le moimana ’me o ne a sitoa ho matha kapele. Mokhupi, o kang lintja tse hlaha, o ile oa mo fumana ’me oa mo otla ho fihlela a e-shoa.
Kolecheng ea Temo ea Bunda, ka ntle feela ho Lilongwe, barab’abo rōna ba tšeletseng le morali’abo rōna a le mong ba ile ba bolaoa ’me litopo tsa bona tsa retloa ka tsela e sisimosang. Hlooho ea koleche eo Theodore Pinney, o ile a ipelaetsa ka seqo ho Dr. Banda ka lihlōhō tseo. Phello? O ile a lelekoa naheng eo!
Ba Likete Baa Baleha
Kaha ho ne ho bonahala polao e sehlōhō e ne e le haufi, palo e khōlō ea Lipaki tsa Jehova e ile ea tsoa ka October 1972. Ba likete ba ile ba balehela ka bophirimela ho Zambia. Ha ba le moeling, moemeli oa Machaba a Kopaneng o ile a tiisa hore “baphaphathehi ba bangata ba ne ba e-na le maoma le mehele eo ho bonahalang e entsoe ka liphanga, lithipa tse khōlō tse tloaelehileng [Afrika].”
Lipaki li ile tsa behoa likampong tsa baphaphathehi Sinda Misale, e sebakeng se likhutlo li tharo moo meeli ea Malawi, Mozambique le Zambia e kopanang teng. Leha ho le joalo, mafu a ile a jaleha ka potlako ka lebaka la maemo a ho hloka tsamaiso e ntle ea litšila. Ka nako e khutšoanyane, batho ba fetang 350, ba bangata ba bona e le bana, ba ne ba shoele. Litaba tsa ho tsieleha ha baphaphathehi bana li ile tsa fihla kapele ho barab’abo bona ba Bakreste libakeng tse ling. Liphallelo li ile tsa fihla ka bongata bo boholo! Lipaki tsa Jehova tse Afrika Boroa li ile tsa nehelana ka litente tse ngata haholo, liaparo le lintho tse ling tse hlokahalang ka potlako. Karel de Jager le Dennis McDonald e le bona ba eteletseng pele, mokoloko o monyenyane oa literaka o ile oa fihla likampong o e-tsoa lekaleng la Afrika Boroa. Litlhoko tsa moea ha lia ka tsa hlokomolohuoa. Teraka e ’ngoe e ile ea tlisa mabokose a 21 a Libibele le libuka tsa ho ithuta Bibele. Barab’abo rōna ba Malawi ba ile ba thaba hakaakang ha ba bona bopaki boo ba lerato la ’nete la Bokreste leo Jesu a le hlalositseng!—Joh. 13:34, 35.
Leha ho le joalo, kapelenyana Lipaki li ile tsa hlokomela hore e ne e le baeti ba sa batloeng Zambia. Ka December, ba boholong Zambia ba ile ba qobella baphaphathehi ho khutlela Malawi. E bile ho nyahamisang hakaakang! Ho bonahala ho se moo ba ka balehelang teng, na barab’abo rōna ba ne ba tla qetella ba inehetse? Michael Yadanga o ile a e akaretsa ka tsela ena: “Ke lahlehetsoe ke meno hobane ke hanne ho reka karete. Ke lahlehetsoe ke mosebetsi hobane ke ile ka hana ho reka karete. Ke ile ka otloa hampe, thepa ea ka ea senngoa, ’me ka qobelloa ho balehela Zambia—tsena tsohle kahobane ke ile ka hana ho reka karete. Ha ke na ho e reka hona joale.” Botšepehi ba bona bo ne bo ntse bo tiile. Ke ’nete, joalokaha mopesaleme a bolela: “Mahlomola a ea lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntša ho ’ona kaofela.”—Pes. 34:19.
Lipaki tsena tsa Malawi, banna le basali, li ne li paka hore li na le tumelo e tšoanang le ea bahlanka ba Molimo ba hlalositsoeng ka Bibeleng ho Baheberu khaolo ea 11. Joaloka barapeli bao ba Jehova ba boholo-holo, Lipaki tsa Malawi ‘li ile tsa hlokofatsoa hobane li ne li ke ke tsa amohela tokollo ka thekollo e itseng,’ ke hore, ka ho sekisetsa kapa ho latola tumelo ea tsona ho Jehova Molimo. Joaloka bona, li ile tsa ‘amohela teko ea tsona ka litšomo le lichapo, ka sebele, ho feta moo, ka litlamo le lichankana.’ Joaloka bona, ‘lefatše le ne le sa li tšoanele.’—Baheb. 11:35, 36, 38.
Setšabelo Mozambique
Ha ba khutla Zambia, ba ile ba boela ba tobana le mahloriso a tšabehang Malawi. Ho ne ho ke ke ha etsahala hore ba lule Malawi. Kahoo ba ile ba baleha hape—lekhetlong lena ba balehela Mozambique. Nakong eo, Mozambique e ne e ntse e le tlas’a taolo ea Mapotoketsi. Ba boholong moo ba ile ba tšoara barab’abo rōna ka mosa. Ba neng ba phela ka boroa ho naha ba ile ba baleha ba tšela moeli o haufi le Mulanje ho ea likampong tsa baphaphathehi Carico, moo ba bangata ba ileng ba lula teng ho fihlela ka 1986.
Ho ne ho boetse ho le bonolo ho kena Mozambique ho tloha moeling o ka bophirimela oa Malawi, pakeng tsa toropo ea Dedza le Ntcheu. Moo, ho ne ho hlokahala feela hore barab’abo rōna ba tšele ’mila o moholo, oo e neng e le moeli, hore ba tle ba fumane botšabelo. Likampo tse karolong ena ea Mozambique li ne li le haufi le Mlangeni, ’me ke hona moo ba bangata ba ileng ba balehela teng.
Likampo tsena tse Carico le haufi le Mlangeni li ile tsa fetoha lehae ho banna, basali le bana ba ka bang 34 000. Liphutheho tsohle tsa batho ba Molimo, li etelletsoe pele ke baholo ba tsona, li ile tsa nka leeto ho leba likampong tsena. Ha ba nka leeto leo, ba boholong Malawi ba ile ba laela hore ho se ke ha e-ba le ea ba thusang ka lipalangoang.
Ha ba ntse ba tsitsa likampong tsena, ho ile ha qaleha tsela e ncha ea bophelo ho bahlanka bana ba Jehova. Qalong, ho ne ho le thata mabapi le lintho tse bonahalang. Ba ne ba qala ntho e ’ngoe le e ’ngoe fatše. Leha ho le joalo, ka pelenyana ho ile ha hahuoa matlo ka mela e otlolohileng. Likampo li ne li bolokoa li le makhethe ’me li hloekile. E le hore ba ka tlatselletsa lijo tseo ba li abetsoeng ke Mokhatlo le mekhatlo e meng ea lefatše, barab’abo rōna ba bangata ba ile ba qala ho itemela lijalo. Ba bang ba ile ba khona ho rekisa lintho tseo ba li entseng ka matsoho kapa ho fumana mesebetsi ea nakoana metseng e haufi. Le hoja ba ne ba sa rua linthong tse bonahalang, barab’abo rōna ba ne ba khotsofaletse ho ba le lintho tse hlokahalang bophelong. (1 Tim. 6:8) ’Me ba ne ba ruile moeeng!
Tlhophiso ka Likampong
Baholo ba kang Kennedy Alick Dick, Maurice Mabvumbe, Willard Matengo—le ba bang, hamorao—ba ile ba sebeletsa e le Komiti ea Naha. Ba ne ba hlomphuoa le ho ratoa ka lebaka la boiteko ba bona bo sa khaotseng ba ho lokisetsa barab’abo rōna litlhoko tsa moea. Baholo bana ba tšepahalang ba ile ba tebisetsa keletso ena ea Bibele pelong: “Lisang mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea lōna.” (1 Pet. 5:2) Ba ile ba hlophisa litšebeletso tse ngata tsa moea ka likampong. E le ho latela mokhoa o tloaelehileng malapeng a mangata a batho ba Jehova, ba ile ba etsa bonnete ba hore letsatsi le leng le le leng ho qaloa ka lintho tsa moea, ka puisano ea temana ea letsatsi. Lithuto tsa Bibele ka thuso ea makasine ea Molula-Qhooa, lipuo tsa phatlalatsa, esita le likopano li ne li tšoaroa kamehla kaofela. Baphaphathehi ba ile ba hlokomela hore litokisetso tse joalo tsa moea e ne e le tsa bohlokoa.
Qalong, liboka tsohle li ne li tšoareloa sebakeng se le seng se bohareng—sethala se bohareng. Ba likete-kete ba ne ba bokana mona letsatsi le letsatsi bakeng sa taeo ea Bibele, hammoho le ho fumana litaelo mabapi le mesebetsi e sa tšoaneng ka likampong. Hamorao, liphutheho li ile tsa khothalletsoa ho ikahela Liholo tsa tsona tsa ’Muso le ho tšoarela liboka moo. Qetellong, ho ile ha hlophisoa lipotoloho tse hlano likampong tse sa tšoaneng.
Barab’abo rōna ba sebeletsang Komiting ea Naha hammoho le ba bang ba ne ba ruile molemo haholo koetlisong eo ba e fumaneng ho baromuoa pele ho thibelo. Sena se ile sa ba thusa ho hlophisa likampo. Ka kakaretso, likampo tsa baphaphathehi li ne li sebetsa ka tsela e tšoanang le kopano e khōlō ea setereke. Ho ile ha etsoa mafapha bakeng sa ho hlokomela litlhoko tse sa tšoaneng, ho akarelletsa ho hloekisa, kabo ea lijo, re sa lebale le tšireletso.
Esita le hoja hoo e ka bang Lipaki tsohle tsa Jehova li ne li phela ka ntle ho Malawi ka nako eo, bahlorisi ba bang ba ne ba ntse ba sa khotsofala. Ka linako tse ling lira li ne li tšela moeli ’me li hlasele barab’abo rōna likampong tse haufi, kahoo ho ile ha lokela hore ho nkoe mehato e khethehileng ea ho sireletsa batho ba Jehova.
Komiti ea Naha e ile ea abela sehlopha sa barab’abo rōna hore e be bahlokomeli le balebeli, ba lebela menyako eohle e kenang likampong. Batson Longwe o ile a abeloa ho ba molebeli oa bahlokomeli bana kampong ea Mlangeni. Kabelo ea hae e ne e akarelletsa ho tsamaea haholo ka har’a kampo, a hloela barab’abo rōna libakeng tse sa tšoaneng. Kapelenyana o ile a iphumanela lebitso la bosoasoi la “7-2-7.” Ka sebele, ho tloha hoseng ho fihlela bosiu (ho tloha ka hora ea bosupa ho fihlela ka hora ea bosupa), letsatsi le leng le le leng, Mor’abo rōna Longwe ea tšepahalang o ne a bonoa likarolong tsohle tsa kampo, a phetha karolo ea hae a sireletsa bara le barali babo ba Bakreste. Le ho tla fihlela kajeno, boholo ba barab’abo rōna ba ntse ba bitsa Batson Longwe hore ke “7-2-7.” Le hoja e ka ’na eaba ba bang ba lebetse lebitso la hae la sebele, mang kapa mang ea qetileng nako kampong ea Mlangeni o hopola ka mofuthu tšebeletso ea hae e tšepahalang molemong oa bona.
Ho lelekeloa Mozambique ka nakoana ha hoa ka ha imolla barab’abo rōna feela mahlorisong empa hape ho ile ha ba lokisetsa hore ba tobane ka katleho le liteko le liphephetso tse neng li sa ntse li larile ka pele. Ba ile ba atamela haufi le bara le barali babo bona, ’me ba ile ba ithuta ho itšetleha haholoanyane ka Jehova. Lemon Kabwazi, eo hamorao a ileng a sebeletsa e le molebeli ea tsamaeang, o re: “Ho ne ho e-na le melemo le litšitiso. Linthong tse bonahalang, re ne re futsanehile. Empa moeeng, re ne re hlokomelehile hantle. Kahobane re ne re phela haufi-ufi le ba bang, re ile ra tseba barab’abo rōna le ho ba rata. Seo se ile sa re thusa ka mor’a hore re khutlele Malawi.”
Ba Tsonngoa Hape!
Ka bomalimabe, ho phomola hona pefong e neng e etsoa ke bahlorisi e ne e le ha nakoana. Ha Mozambique e fumana boipuso ka June 1975, moea oa bochaba o ile oa aparela naha eo ka ho tšoanang. Ho se nke lehlakore ha batho ba Jehova ho ne ho sa utloisisoe ke baeta pele ba bacha ba naha. Ka ho hana ho sekisetsa, barab’abo rōna ba ile ba qobelleha ho tšela moeli ba tloha Mlangeni le ho oela liatleng tsa bahlorisi ba bona.
Moeling baphaphathehi ba khutlang ba ile ba khahlametsoa ke letona la sebaka se bohareng, Monghali J. T. Kumbweza Banda. O ile a ba bolella: “Le tlohile Malawi ka ho rata ha lōna, ’me joale le khutlile ka ho rata ha lōna. Khutlelang metseng ea habo lōna ’me le sebelisane le balula-setulo ba mokha.” Ha a bua ka Malawi Young Pioneers le litho tsa Mokhatlo oa Bacha, o ile a phaella: “Bashemane ba ka ba teng ho bona hore le sebelisana le Mokha.” Hona ha hoa ka ha fana ka tšepo ea hore maemo a tla ntlafala.
Ba bang ba ileng ba qobelloa ho khutlela Malawi ketsahalong eo ba ile ba khona ho tsamaea ba parola le naha ’me ba tsoa le moeling o ka boroa-bochabela hape, ho ea kopana le barab’abo bona ba neng ba le likampong tse haufi le Milange, Mozambique. Empa seo ha sea ka sa rarolla mathata ’ohle. Ka mohlala, Fidesi Ndalama, ea neng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho sebakeng seo ho fihlela likampo tsa Milange li qhaloa bofelong ba bo-1980, o ile a shoelloa ke mosali ha kampo eo e ne e hlaseloa ke masole a likhukhuni. Empa mora enoa oabo rōna ea bonolo o ntse a tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka cheseho.
Ba bang ba ileng ba qobelloa ho khutlela Malawi ka 1975 ba ile ba tlameha ho lula moo. Ba likete ba bona ba ile ba tlala litsela ha ba khutlela metseng ea habo bona ba khathetse. Ho ba bangata ho ne ho tšoana le ho matha pakeng tsa batho ba shebisaneng melomo ea lithunya.
Qalong, boholo bo ile ba lumelloa hore bo lule hape metseng eo ba neng ba tsoile ho eona. Empa ka mor’a nakoana, “bashemane” ba ne ba ee ba fihle ka boiteko ba ho qobella Lipaki tsa Jehova ho “sebelisana le Mokha.” Sekhakhatha sa Mokhatlo oa Bacha se ne se pota-pota mahae a barab’abo rōna, se batla hore ho rekoe likarete tsa ho ba setho sa mokha. Karabelo lelapeng le leng le le leng e ne e e-ba e tšoanang—“Che!” Ho hana ho ne ho tlisa mekhoa eohle ea ho tšoaroa ka tsela e sehlōhō. Esita le basali le bana ba ne ba kopanela ho otleng Bakreste bana ba se nang molato. Ho ile ha tlalehoa tlhekefetso e feteletseng ea botona le botšehali, ho banna hammoho le ho basali. Ho ne ho e-na le litlaleho tse nyonyehang tsa banna le basali ba Bakreste ba tlamelloang hammoho ka boiteko ba ho ba qobella hore ba etse boitšoaro bo bobe.
Esita le mesebetsing e tloaelehileng ea bophelo ba letsatsi le letsatsi, Lipaki tsa Jehova li ne li tobana le phephetso e sa khaotseng ea botšepehi ba tsona. Lipetlele, limmarakeng, likolong, le lipalangoeng tsa sechaba, litho tsa Mokhatlo oa Bacha li ne li lula li batla leha e le bafe ba se nang likarete tsa mokha. Tumellanong le mantsoe a Tšenolo 13:16, 17, ho ne ho se na ea khonang ho “reka kapa ho rekisa,” kapa ho tsoela pele feela ka tsela e tloaelehileng ea bophelo, ha motho a se na ‘letšoao la sebata’—e leng bopaki ba hore ke motšehetsi oa tsamaiso ea lefatše ea lipolotiki.
Mahlomoleng ana ’ohle, Lipaki tsa Jehova li ile tsa ema li tiile, ha ho mohla li ileng tsa sekisetsa. Empa le bahlorisi ha baa ka ba tela. Likhōlō li ne li sa tla.
Ba Lebisoa Literonkong
Liphutheho tsohle tsa Lipaki tsa Jehova li ile tsa phuthoa ’me tsa lebisoa litsing tsa botlamuoa tse sebetsang ka mokhoa o hopotsang motho likampo tsa mahloriso tsa Bonazi. Ka masoabi, mabakeng a mang bana ba banyenyane le masea ba ne ba arohanngoa le batsoali ba bona ba kulang likelellong. Ba bang ba bana bana ba ile ba siuoa tlhokomelong ea beng ka bona bao e seng Lipaki. Ba bang ba ne ba siiloe ho se ea ba hlokomelang. Ka January 1976, banna le basali ba fetang 5 000 ba ne ba le literonkong le likampong ho pholletsa le naha.
Qalong maemo e ne e le a tšosang. Tšubuhlellano e ile ea baka mafu a bolaeang. Balebeli ba sehlōhō ba ile ba phaella masisa-pelong ana. E mong oa bana o ile a soma barab’abo rōna, a re: “Joalokaha ’muso o lokiselitse, re tla le etsa litherekere tsa rōna.” Baston Moses Nyirenda o hopola hore hangata o ne a qobelloa ho sebetsa ho tloha pele letsatsi le chaba ho fihlela ka mor’a hore le likele, ho se na khefu bakeng sa phomolo kapa lijo!
Kampong e tummeng hampe ea Dzaleka, mora e mong oabo rōna o ile a khona ho ntša lengolonyana lena le ngotsoeng sekotoaneng sa pampiri ea ntloaneng: “Esita leha motho a kula haholo, o qobelloa ho sebetsa. Bana ba kulang ba romeloa sepetleleng sa Dowa . . . Ha ba hlokomele bakuli bao e leng batho ba Jehova. Re bitsa sepetlele sa Dowa selakha sa batho ba Jehova.”
Ho bonahala eka balebeli ba teronko ba ne ba leka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba ka e khonang ho nyahamisa bara le barali babo rōna le ho senya botšepehi ba bona. Ha baa ka ba atleha! Batho ba Jehova ba ne ba ithutile ho sebetsana le mahlomola ka katleho. Lengolo le ngotsoeng pampiring ea mokotla oa samente le ne le e-na le mantsoe ana a matlafatsang tumelo: “Litaba tse thabisang. Bara le barali babo rōna bohle ba lifahleho li thabileng haholo, le hoja ba hlorisoa ’me ba nkile majoe.”
Mangolo a mangata a boipelaetso a tsoang linaheng tse ling—a tsoang ho Lipaki tsa Jehova le batho ba bang ba bangata—a ile a romeloa ofising ea mopresidente, Dr. Banda. Leha ho le joalo, mangolo ana a boipiletso a ile a oela litsebeng tse sa utloeng, ’me barab’abo rōna ba ile ba ’na ba lula litlamong.
“Lentsoe la Molimo ha Lea Tlangoa”
Ho sa tsotellehe maemo ao, barab’abo rōna ba ile ba khona ho lokisetsa hore liboka tsa Bokreste li tšoareloe literonkong tsena. Libuka li ne li kenngoa ka sekhukhu ’me li abeloa barab’abo rōna. Ho ne ho etsuoa joang? Mabapi le Buka ea Selemo e ileng ea fihla ho bona teronkong ea Dzaleka, Baston Moses Nyirenda o re:
“Ho ne ho e-na le mor’abo rōna ea neng a sebetsa jareteng ea teronko empa eena e se motšoaruoa. Kaha balebeli ba ne ba tloaetse hore a ’ne a kene le ho tsoa ka linako tsohle, ha ho mohla ba kileng ba mo phenya-phenya. O ile a pata buka eo tlas’a hempe ea hae ha a tlisa meroho ho balebeli. Joale pele a tsamaea, o ile a khona ho fetisetsa buka eo ho e mong oa barab’abo rōna. Re ile ra thaba ka ho khetheha ho fumana Buka ea Selemo hobane mehleng eo e ne e e-na le litemana tsohle tsa temana ea letsatsi le letsatsi le litlhaloso. Re ile ra kena khabong ka potlako, ra kopiletsa litemana tseo kaofela le litlhaloso tsa tsona likotoaneng tsa pampiri ea ntloaneng. Re ile ra sebelisa lirolo tse ’maloa! Ka mor’a libeke tse peli buka eo e ile ea fumanoa ke molebeli e mong. Empa ka nako eo re ne re se re abile likopi hohle ka kampong. Re bile ra khona le ho fetisetsa likopi ho baralib’abo rōna karolong eo ba neng ba le ho eona.”
Sehopotso sa lefu la Kreste se ile sa ketekoa ka lihlopha tse nyenyane Dzaleka. Lengolo le ile la fihla Mokhatlong le bolelang hore “ba 1 601 ba ile ba e-ba teng kopanong letsatsing la rōna le ratehang, la 14 April.” Ho ile ha e-ba le ba 13 ba ileng ba ja litšoantšetso Dzaleka. Tlaleho eo e boetse ea re: “Hoo e ka bang seleng e ’ngoe le e ’ngoe, ho ile ha binoa lipina pele ho puo, hape ba ile ba li bina le ka mor’a kopano.”
Ka mor’a nakoana, maemo a ile batla a nolofala literonkong. Qetellong, balebeli ba bang ba ile ba e-ba botsoalle haholo ho barab’abo rōna. Ka mor’a hore a tlohele mosebetsi litšebeletsong tsa teronko, e mong oa balebeli o bile a amohela ’nete. Hona joale ke Mor’abo rōna Makumba. Mora oa hae le eena o nehetse bophelo ba hae ho Jehova. Ho ile ha e-ba feela joalokaha moapostola Pauluse a boletse: “Lentsoe la Molimo ha lea tlangoa.”—2 Tim. 2:9.
Ho Sebeletsa Jehova Tlas’a Thibelo
Bohale ba mahloriso butle-butle bo ile ba fela hape. Ka 1979, boholo ba Lipaki tsa Jehova bo ne bo lokolotsoe teronkong. Bohelehele bo ile ba ata har’a baahelani ba tsona. “Ke hobane’ng ha le ile la isoa teronkong?” “Ke hobaneng ha e mong le e mong a hlorisa Lipaki tsa Jehova?” Lipotso tse joalo li ile tsa bula tsela ea lipuisano tsa Bibele, ’me ba bangata ba ile ba fetoha bahlanka ba Jehova. Ba ne ba ka bona ka ho hlakileng hore haeba e e-ba Lipaki tsa Jehova, le bona ba ne ba tla hlouoa, joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele; leha ho le joalo ba ile ba hlokomela hore Lipaki tsa Jehova ka sebele li sebelisa bolumeli ba ’nete. (Luka 21:17; Jak. 1:27) Ho thahasellisang ke hore ba bangata ba bacha ba ileng ba kolobetsoa e ne e le batho bao ho kopanoeng le bona ha ho pakoa ho e-na le bana ba bao e neng e se e ntse e le Lipaki tsa Jehova.
Lingoliloeng tsa Bibele tse neng li sebelisoa libokeng le tšebeletsong ea tšimo, li ne li kena joang ka har’a naha nakong eo? Bofelong ba bo-1970, tlhokomelo ea tšimo ea Malawi e ile ea fetisetsoa lekaleng la Zambia kaha Zambia e ne e sehelana moeli le Malawi, empa ho se joalo ka Zimbabwe. Litsi tse ’maloa tsa libuka Zambia li ne li behiloe botleng haufi le moeli oa Malawi. Barab’abo rōna ba fokolang haholo ba neng ba e-na le likoloi ba ne ba ee ba kene Zambia ho tla lata liphutheloana tse khōlō tsa lingoliloeng, tseo joale li neng li kenngoa Malawi ka sekhukhu. Kaha lithibelo tsa tseleng li ne li fokola ka palo nakong ea lilemo tse qalang tsa thibelo, mokhoa ona o ile oa ipaka o atleha haholo.
Kaha joale libuka tse hlokahalang le limakasine li ne li le matsohong a barab’abo rōna, ho ne ho ka lokisetsoa liboka. Ke ’nete hore ho ne ho ke ke ha e-ba le liboka tsa phatlalatsa Holong ea ’Muso. Ho e-na le hoo, barab’abo rōna ba ne ba kopana sephiring, hangata e le bosiu, ’me ba le hōle le moo baahelani le batho ba bang ba motse ba ka ba utloang. Bara ba bang babo rōna metseng eo ba ne ba e-na le masimo a baholo-holo ba bona, hangata a le thōkoana le motse. Tsena e ne e le libaka tse ntle moo ho kopaneloang teng. Ka ho hlakileng, letšoele le leholo le tsamaeang ho ea sebokeng ka nako e le ’ngoe le ne le tla tsosa libata masene, kahoo barab’abo rōna ba ne ba tsamaea ka lihlotšoana. Hang ha e mong le e mong a se a le teng, seboka se ne se qala. Lipina tsa ’Muso li ne li sa binoe ka cheseho—e le ka mantsoe a binelang tlaase feela. Ho ne ho sa opuoe liatla ka cheseho ka mor’a puo e monate—ho ne ho pikitloa matsoho feela.
Leha ho le joalo, bohle ba leng libokeng ba ne ba ananela lijo tsa moea tse nakong ’me ba ikutloa ba kopane le bara le barali babo bona lefatšeng ka bophara ba neng ba thabela lenaneo le tšoanang la taeo. Liboka tse joalo li ile tsa boela tsa hlomella barab’abo rōna hamolemo bakeng sa mosebetsi oa ho bolela oo e leng oa bohlokoahali. Ba ne ba lokela ho o etsa ka masene haholo.
Batsamaisi ba Melaetsa ba Sebete
Le hoja ho ne ho se thata haholo ka nakoana ho kenya lingoliloeng Malawi, bohareng ba bo-1980 boemo bo ile ba fetoha. Lithibelo tsa litseleng li ile tsa qala ho hlaha likarolong tsohle tsa naha. Mapolesa a ile a qala ho phenya-phenya makoloi haholo. Barab’abo rōna ba ne ba se ba ke ke ba sebelisa makoloi ho tsamaisa lingoliloeng ho li tlosa litsing tse Zambia. Ho ne ho ka etsoa’ng?
Ho ile ha sebelisoa libaesekele haholo. Ka ho phunyeletsa har’a sekhoa ka baesekele, barab’abo rōna ba ne ba khona ho pota lithibelo tsa tseleng ka thōko le moo ho fetoang teng meeling. Ho ne ho hloka sebete se seholo le tumelo e matla hore motho a sebeletse e le motsamaisi oa melaetsa. Empa tšebeletso ea bona e tšepahalang e ile ea hlohonolofatsoa ka ho hlakileng ke Jehova Molimo. Nahana ka liphihlelo tsena:
Letson Mlongoti o ne a palame baesekele a feta Lilongwe, mokotla oa limakasine o le ka morao baesekeleng ea hae. Ha a hlokomela hore letšoele le leholo le akarelletsang mapolesa le Malawi Young Pioneers le ne le kolokile literateng le letetse ketelo ea mopresidente, o ile a tšoha haholo. Joale, ho ileng ha mo tšosa le ho feta ke hore mokotla o ile oa buleha ha a tjeka k’honeng. Limakasine li ile tsa hasana fatše ka pel’a e mong le e mong! Ka pele-pele batho ba mo bokanela. Mor’abo rōna o ile a lebella ntho e tšabehang. Empa kapele a hlokomela hore ba ne ba mpa ba mo thusa feela hore a busetse limakasine tseo ka mokotleng oa hae. A imolohile, le hoja a ne a tšohile hanyenyane, o ile a kena tseleng hape, a leboha Jehova bakeng sa ho foufatsa mahlo a mapolesa le Malawi Young Pioneers.
Fred Lameck Gwirize o ne a nkile lengolo la bohlokoa la thomello ea poso ea phutheho. O ne a soaela baesekele a jahile ho theoha leralleng le haufi le Kasungu ha a bona ka pele ho eena thibelo ea tseleng e entsoeng ke litho tsa Mokhatlo oa Bacha. Pele a fihla ho bona, o ile a ema, a tjeka, ’me kapele-pele a soaela baesekele ka tsela e fapaneng. Litho tsa Mokhatlo oa Bacha tsa mo hoeletsa hore a eme. Ba kharuma, “U ea kae?” Motsamaisi oa molaetsa a arabela, “Ke theohile leralleng leo ke jahile haholo joale ka feta moo ke lokelang ho tjeka teng!” Ho makaleng ha hae, ba amohela tlhaloso ea hae. A leboha Jehova bakeng sa ho mo sireletsa.
Empa ba bangata ba bara bana babo rōna ba sebete ba ile ba tšoaroa ’me ba qeta nako teronkong. Boholo ba bona e ne le banna ba malapa.
“Mohahlauli” oa Kamehla
Ho qala ka 1987, Edward Finch, setho sa Komiti ea Lekala ea Zambia, o ne a etela Malawi khafetsa. Malawi e ne e le sebaka se ratoang sa bohahlauli, ’me Mor’abo rōna Finch o ne a e-na le mong ka eena Blantyre, kahoo ho ne ho le bonolo ho eena ho kena naheng eo bakeng sa “matsatsi a phomolo.” Ha a ne a le lilemo li 19 feela ’me a bula maliboho Rhodesia, naheng ea habo, Ed Finch o ne a ee a tsamaee le Guido Otto maetong a mang a hae a ho ea Malawi ho isa setoko sa kamore ea lekunutu e ka tlaase ha McLuckie. Joale, ha a se a e-tsoa Sekolong sa Gileade, Mor’abo rōna Finch o ile a abeloa mosebetsi ona o tsoelang pele o amanang le Malawi.
Maeto a hae a ile a bakoa ke ho ameha ha lekala la Zambia ka hore ha ho na lingoliloeng tsa Bibele tse lekaneng tse kenang Malawi. Ha Mor’abo rōna Finch a kopana le Komiti ea Naha, ba ile ba hlolloa hore ba be le moeti ea tsoang naheng e ’ngoe ho tla ba khothatsa le ho ba fa tataiso e tsoelang pele. Letoto la liboka tsa sephiring le ile tsa tšoaroa le Komiti ea Naha, balebeli ba potoloho le ba setereke, le batsamaisi ba melaetsa. E mong le e mong o ne a chesehela ho phetha karolo ea hae bakeng sa ho hlokomela litlhoko tsa liphutheho. Libuka tse neng li bokellane litsing tsa Zambia tse haufi le moeli oa Malawi li ile tsa boela tsa phalla ho kena Malawi kamehla.
Mor’abo rōna Finch, hangata a e-na le mosali oa hae, Linda, o bile le maeto a mangata a khothatsang a “bohahlauli” Malawi. O ile a tsamaea a leba holimo le tlase naheng eo, a sa bohe botle ba naha, empa a khothatsa le ho koetlisa barab’abo rōna ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang. Maeto a hae a ne a ananeloa haholo-holo ke barab’abo rōna ba neng ba etella pele nakong ea thibelo. Ba ne ba leboha bakeng sa lerato le mamello tseo a ileng a li bontša ha a sebetsa le bona.
Ho Thusa Batsamaisi ba Melaetsa
Leha ho le joalo, ho ne ho le thata ho batsamaisi ba melaetsa ba tsamaeang ka libaesekele tsa bona ho finyella liphutheho tsohle tse Malawi. Kahoo ka 1988 ho ile ha rekoa vene ’me ea sebelisoa haholo ka hare ho naha ho tsamaisa lingoliloeng. Bakhanni ba ile ba tloaelana le libaka tseo ho thijoang litsela ho tsona ’me ba ne ba li qoba ka bohlale. Bara ba bang babo rōna ba sebete le bona ba ile ba ithaopela ho sebelisoa. Har’a bana ke Victor Lulker, ea neng a sebeletsa phuthehong ea Senyesemane Blantyre. A sebelisa koloi ea hae ’me a ipeha kotsing e khōlō, hangata o ne a tsamaisa lingoliloeng bosiu ho li isa litsing tsa sephiri ho pholletsa le naha. Pele ho 1972, Cyril Long, eo hona joale a leng Afrika Boroa, o ile a fana ka thuso e tšoanang. Le eena o ile a khona ho fumanela barab’abo rōna thepa ea meriana e hlokahalang haholo, ka litheko tse tlaase k’hemisting e ’ngoe e thabelang ho thusa.
Ntlha ea bohlokoa mabapi le ho lokisetsa lijo tsa moea e bile tumello e fanoeng ke ntlo-khōlō ea Mokhatlo e Brooklyn ea ho hatisa limakasine pampiring ea Bibele, libuka tse nang le sekoahelo sa pampiri, le lihlooho tse ithutoang tsa Molula-Qhooa ka sebōpeho se khethehileng tse ileng tsa tsejoa e le limakasine tse nyenyane. Ha Ed Finch a kopana ka sekhukhu le batsamaisi ba melaetsa ka April 1989 ’me a ba bolella ka likhatiso tsena tse khethehileng tse ncha tsa lingoliloeng tsa rōna, batsamaisi ba melaetsa ba ile ba ameha hoo ba ileng ba lla. Ba ne ba ananela litokisetso tse lerato tsa Jehova hakaakang! Joale ba ne ba tla khona ho nka lingoliloeng tse ngata ka makhetlo a mabeli ho feta pele.
Ho ne ho le bonolo ho mena lingoliloeng tsena le ho li pata. Limakasine tse nyenyane li ne li bile li ka baloa phatlalatsa lipalangoeng tsa sechaba. Ho ne ho se ea tsebang hore na ke eng! Ka sebele “lekhoba le tšepahalang le le masene” le ile la phelela thōmo ea lona ea ho lokisetsa ‘lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.’ (Mat. 24:45-47) Phepelo ea “lijo” tsena tsa bohlokoa e ile ea thusa bahlanka ba Jehova hore ba boloke botšepehi ba bona tlas’a mahlomola.
Phutheho e Ikhethang
Ka bomalimabe, ka 1990 teraka e nyenyane e sebelisoang ke Mokhatlo e ile ea thulana le koloi ea sepolesa. Ha mapolesa a fumana hore na teraka e ne e nkile eng, barab’abo rōna ba babeli ba ile ba tšoaroa hang-hang ’me ba isoa teronkong. E mong oa bona e ne e le Lemon Kabwazi.
Ha a fihla Teronkong ea Chichiri, Mor’abo rōna Kabwazi o ile a hlokomela hore barab’abo rōna ba leshome ba neng ba se ba tšoeroe moo ba ne ba le boemong bo hlomolang pelo. Batšoaruoa ba khale ba ne ba utsoa likobo kaofela ’me ba ne ba sa lumelle barab’abo rōna ho tšoara liboka. Mor’abo rōna Kabwazi o ile a tseba hore ho hlokahala hore ho nkuoe bohato. Ha mosali oa hae, Chrissie, a mo etetse, o ile a mo kōpa hore a tlise tse ling tsa liphahlo tsa hae teronkong. O ile a li abela barab’abo e le hore ba ka apara hantle. Batšoaruoa ba bang ba ile ba khahloa ke sena. Joale Mor’abo rōna Kabwazi o ile a leka ho etsa setsoalle le batšoaruoa ba khale ba neng ba laola likobo tsohle. O ile a ho etsa joang? Mor’abo rōna Kabwazi o re: “Ke ile ka lokisetsa hore mor’eso e mong a nthekele tsoekere ea lik’hilogramo tse leshome. K’hilogramo e le ’ngoe ea tsoekere e ne e reka kobo.” E ile ea boela ea “reka” le setsoalle sa batšoaruoa ba khale, bao joale ba ileng ba lumella hore liboka li tšoaroe ho se tšitiso.
Kaha ho ne ho tšoareloa liboka kamehla jareteng ea teronko, kapele ho ile ha thehoa phutheho. Lebitso la eona e ne e le mang? Phutheho ea K’honeng—kahobane liboka li ne li tšoareloa k’honeng e ’ngoe ea jarete ea teronko. Ka mor’a nako, Phutheho ea K’honeng e ile ea e-ba le batho ba bang teng kamehla ba fetang 60. Kaha e ne e e-na le baholo ba bararo le mohlanka ea sebeletsang a le mong, phutheho ena e ncha e ne e hlokomelehile hantle. Le tšimo ea eona e ne e beha litholoana haholo. Kamehla ho ne ho e-na le motho eo ho ka buuoang le eena “lapeng”! Ho lithuto tse hlano tsa Bibele tseo Mor’abo rōna Kabwazi a neng a li khanna moo, batho ba babeli ba se ba kolobelitsoe ho tloha ka nako eo!
Lijo “Tse Hahang”
Leha ho le joalo, bothata bo le bong bo neng bo tobane le Phutheho ena ea K’honeng e ne e le mokhoa oa ho kenya phepelo ea lingoliloeng ka teronkong bakeng sa ho li sebelisa libokeng. Le mona Mor’abo rōna Kabwazi o ne a e-na le leqheka. O ile a lokisetsa hore mor’abo ea neng a sa tsoa lokolloa teronkong, a khutle a nkile sephutheloana sa lijo. Ha balebeli ba teronko ba hlahloba sephutheloana seo, seo ba neng ba se bona feela e ne le methapo ea cassava, lijo tse tloaelehileng Malawi. Empa ba ne ba sa tsebe hore na cassava ena e ne e le e “matlafatsang” le “e hahang” hakaakang! Lilae tse tšesaane li ne li ntšitsoe bohareng ba mothapo o mong le o mong oa cassava. Ka hare ho methapo ena ho ne ho kentsoe lirolo tsa limakasine tse ngotsoeng hasesaane, likarolo tse nyenyane tsa buka ea Ho Bea Mabaka le ho Hlahlobisisa Mangolo. Ka mor’a ho tlisoa ha lijo tsena “tse hahang” ka makhetlo a mabeli, barab’abo rōna ba ne ba e-na le sohle seo ba neng ba se hloka bakeng sa ho sebelisoa libokeng tsa bona le lithutong tsa Bibele. Mor’abo rōna Kabwazi o hopola hore ba ne ba e-na le litokollo tse ngata haholo tsa limakasine tsena tse nyenyane hoo le ka le baliloeng likhoeling tseo tse robeli tseo a li qetileng teronkong ba kileng ba tlameha ho pheta sehlooho sa Thuto ea Molula-Qhooa.
Ka thabo, Phutheho ea K’honeng ha e sa sebetsa kajeno. Batho ba Jehova Malawi ha ba sa qobelloa ho tšoarela liboka litlamong!
Barab’abo Rōna ba Ikhapela Tlhompho
Butle-butle, ho hlaseloa ha Lipaki tsa Jehova ho ne ho se ho etsahala seoelo. Leha ho le joalo, nako le nako ho ne ho ntse ho tlalehoa liketsahalo tse itseng. Leha ho le joalo, joaloka kamehla, barab’abo rōna ba ile ba ema ba tiile. Ka lebaka leo, ba bangata ba ile ba qala ho bontša tlhompho ho batho ba Jehova.
Sebakeng sa Mchinji, Morena Mzama o ile a ngola lengolo le lebisitsoeng “Ho batho ba ratehang ba Molimo ba phelang tlas’a puso ea ka.” Ho lona o ile a re: “Lipaki tsohle tse seterekeng sa ka ke batho ba molemo haholo. Setereke sa ka se entsoe ka metse e 13.” Ka mor’a ho babatsa Lipaki ka hore ke balefi ba lekhetho ba tšepahalang, ba khomaretseng litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro le ba hloekileng, ba hlomphang, le ba mafolofolo, o ile a qetella ka hore: “Lōna Lipaki tsa Jehova kaofela ke le khothalletsa hore le tsoele pele ho phela ka melao ea lōna.”
Mathoasong a 1990, Austin Chigodi o ne a le har’a batho ba 22 ba ileng ba tšoaroa kopanong ea potoloho Nathenje, haufi le Blantyre, ba tšoaroa ke litho tsa Mokhatlo oa Bacha. Ka mor’a hore a qete selemo le halofo teronkong, Mor’abo rōna Chigodi, joale a le lilemong tse qetellang tsa bo-70, o ile a lokolloa. Ha ba bang ba litho tsa Mokhatlo oa Bacha ba bona hore monna-moholo enoa o ntse a phela ’me a tšepahala ho Molimo oa hae, ba ile ba khahloa ka ho tebileng. Ba bile ba kōpa lithuto tsa Bibele. Leha ho le joalo, Mor’abo rōna Chigodi o ne a le hlokolosi haholo, a sa batle ho beha barab’abo kotsing. Bacha bao ba ile ba phehella. Qetellong, lithuto li ile tsa qaloa. Ka thabo, ba bang ba ile ba tsoela pele ho fihlela ba kolobetsoa, ’me kajeno ba seng ba kae ba bile ba sebeletsa e le baholo le bahlanka ba sebeletsang.
Mor’abo rōna e mong, Samuel Dzaononga, o ile a mamella ho kenngoa teronkong ka makhetlo a mane Dzaleka ka lebaka la ho se nke lehlakore ha hae. Joale ka 1989, ka mor’a hore a boele a hane hape ka tieo ho reka karete ea mokha, o ile a tšoaroa ka lekhetlo la bohlano. Litho tsa Mokhatlo oa Bacha li ile tsa mo isa motebong oa sepolesa Salima. Ba ile ba makala hakaakang ha ofisiri e ikarabellang e ba bolella hore: “Haeba le batla hore monna enoa a ee teronkong hape, ho molemo hore le itokisetse ho ea le eena. Ho tla ba molemo ho lōna ho tseba seo monna enoa a se mameletseng a sa sekisetse tumelo ea hae. Na le ikemiselitse ho etsa seo?” Ba arabela, “Che.” Joale ofisiri eo ea phaella: “Ha ho le joalo, ho molemo le khutlisetse monna enoa motseng oa habo ’me le khaotse ho mo tšoenya. A ke ke a sekisetsa tumelo ea hae le ka mohla.” Kahoo, Mor’abo rōna Dzaononga o ile a khutlisetsoa motseng oa habo. Ha ba fihla moo, ramotse oa moo o ile a bitsoa ’me a lemosoa hore a se ke a lumella hore mor’abo rōna a tšoenngoe hape. Ho tloha nakong eo ho ea pele, Mor’abo rōna Dzaononga o ne a ka bonoa a bala limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ’me a pakela baahelani ba hae—phatlalatsa ’me a sa tšabe hore o tla tšoenngoa.
Ho Paka ka Tsela e sa Reroang
Ho paka ka tsela e sa reroang ho ne ho ntse ho etsoa nakong eohle ea thibelo. Empa ha khanyetso e se e se matla hakaalo, ho ne ho etsoa ka sebete le ho feta. Mathoasong a 1990 toropong ea Ntcheu, buka ea Ho Mamela Mosuoe e Moholo e ile ea tsamaisetsoa moroetsana e mong ea ileng a bontša thahasello ’neteng ea Bibele. Kaha ka boeena o ne a sa khone ho bala hantle, barab’abo rōna ba ile ba mo khothalletsa hore a meme e mong hore a mo balle buka eo. Barab’abo rōna ba ile ba mo lemosa: “Empa u lokela ho fumana motho eo u mo tšepang.” Nakong eo, khaitseli ea hae Simon e ne e lula le eena. Ke eena motho eo a neng a mo tšepa. Ha a ntse a balla khaitseli ea hae, kapelenyana Simon o ile a hlokomela hore hona ke ’nete. Ka mor’a nako ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele ea kamehla le Simon. Simon o ile a re: “Ke ne ke iponela ka bonna ka Bibeleng hore Bakreste ba ’nete ba ne ba tla hlorisoa, kahoo ke ile ka tseba hore Lipaki tsa Jehova ke bolumeli ba ’nete.” (2 Tim. 3:12) A tsoela pele ka potlako, Simon Mangani o ile a kolobetsoa hona selemong seo ’me hona joale o sebeletsa Bethele, Lilongwe.
Blantyre, pula ea tšohanyetso ea sekhohola e ile ea tlisetsa Beston Madeya, pula-maliboho oa kamehla liphello tse sa lebelloang. O ile a tšabela foranteng ea mohaho o monyenyane oa kereke. Ha a ntse a emetse hore pula e se, o ile a utloa batho ba bang ba botsa moruti oa bona, “Na batho bohle ba lokileng ba ea leholimong?” Moruti o ile a sitoa ho araba. A thahasella ho ba thusa, Mor’abo rōna Madeya o ile a kena ka kerekeng ’me a re a ka araba potso eo. Ho makaleng ha hae ba ile ba lumela. Ho ile ha latela lipotso tse ngata, ’me ka mor’a nako e khutšoanyane ho ne ho khannoa lithuto tsa Bibele tse supileng.
Ba banyenyane sekolong le bona ba ile ba sebelisa menyetla ea ho fana ka bopaki. Ha a kōpuoa hore a etse moqoqo o ngotsoeng, Dorothy Nakula o ile a etsa qeto ea ho ngola ka tšimoloho ea Keresemese. Tichere ea hae e ile ea khahloa ke moqoqo oo hoo e ileng ea o bontša matichere a mang. Ba ile ba botsa: “U fumane boitsebiso boo hokae?” Ka lebaka leo, Dorothy o ile a tsamaisetsa matichere a hae limakasine tse 17.
“Malome ea Ratehang”
Le hoja bahlanka ba Jehova ba ile ba tlameha ho mamella matšoenyeho a boima, ha ho mohla ba kileng ba ikutloa ba le bang. Ba ne ba tseba hore Jehova o ba tšehelitse, ’me ba ne ba kholisehile ka lerato le tšehetso ea barab’abo bona lefatšeng ka bophara.
Ntle le se entsoeng ke lekala la Rhodesia (hona joale Zimbabwe) le la Zambia, barab’abo rōna ba hōlileng tsebong ba moo ba ile ba sebetsa ka thata ho bona hore mohlape o Malawi o fumana tlhokomelo e lerato le lijo tsa moea. Komiti ea Naha, kapa Ofisi ea Basebetsi kamoo e neng e bitsoa kateng, e ile ea phetha karolo ea bohlokoa ho sena. Mosebetsi oa eona o ne o akarelletsa eng? Lemon Kabwazi, ea ileng a sebeletsa Komiting ea Naha ka lilemo tse ngata, oa hlalosa: “Haholo-holo, boikarabelo ba rōna e ne e le ho etsa bonnete ba hore libuka li ne li fihla ho barab’abo rōna. Kahoo re ne re qeta nako e ngata re hlophisa le ho khothatsa batsamaisi ba melaetsa le balebeli ba potoloho. Re ne re boetse re etela barab’abo rōna bao e bileng liphofu tsa mahloriso, ho lekanyetsa hore na re ka ba thusa joang le ho ba matlafatsa.”
Mangolo a khothatsang le thepa li ne li romeloa liphuthehong tse sa tšoaneng. Ho ne ho le kotsi ho sebelisa litšebeletso tsa poso, kahoo barab’abo rōna ba ile ba qapa mekhoa e khethehileng le mabitso a bosoasoi e le ho qoba hore ba senolane. Mangolo a tsoang ho Komiti ea Naha a ne a saenoa “S.O.” Ka tsela eo, esita le haeba lengolo le ka la tšoaroa, ba boholong ba ne ba ke ke ba lemoha hore na le bua ka eng. Balebeli ba potoloho ba ne ba tsebahala ka nomoro ea potoloho eo ba e sebeletsang, ’me liketelo tsa potoloho ho ne ho buuoa ka tsona e le “libeke tse khethehileng.” Le kajeno, ba bang ba ntse ba utluoa ba re, “Haufinyane re eteloa ke M-11 bakeng sa beke ea rōna e khethehileng.” Ho thoe’ng ka Komiti ea Naha ka boeona? Mangolo a tsoang hohle ka har’a naha a ne a lebisoa ho “Malome ea Ratehang,” ’me likarabelo li ne li romeloa ho “bachana” ba sa tšoaneng. Katamelo e joalo e hlokolosi e ile ea thusa ho boloka puisano e bulehile nakong ea lilemo tse ngata tsa thibelo.
Baholo ba neng ba sebeletsa Komiting ea Naha ka sebele ba ile ba bontša se neng se boleloa ke ho batla lithahasello tsa ’Muso pele. (Mat. 6:33) Ba bang, ba kang Ellyson Njunga, Havery Khwiya, Adson Mbendera le Lemon Kabwazi, ba ntse ba sebeletsa Jehova e le basebeletsi ba nako e tletseng. Mehlala ea bona ea botšepehi e ile ea khothatsa ba bang ba bangata hore ba behe ’Muso pele bophelong ba bona le ho boloka botšepehi ho sa tsotellehe mahlomola.
Liphetoho Tsa Lipolotiki
Ha leqhubu le lecha la moea oa “puso ea sechaba ka sechaba” le qala ho aparela Afrika e ka boroa, Malawi ha ea ka ea sala. Ka 1992, khatello ea machaba e ile ea hōla khahlanong le ’muso hore o ntlafatse tlaleho ea oona ea litokelo tsa botho. Ha a arabela sena, mopresidente, Dr. Banda, o ile a etsa tsebiso: “Mang kapa mang ea qobellang batho ho reka likarete tsa mokha . . . o khahlanong le melao ea Malawi Congress Party.” O ile a phaella: “Ena ke ntho e mpe haholo, e mpe haholo . . . Ha ke e-s’o laele mang kapa mang hore a etse ntho e joalo.” Kahoo Dr. Banda o ile a thibela seo ka lilemo tse 25 se baketseng barab’abo rōna ba tšepahalang mahlomola Malawi.
Ka mor’a sena, Lipaki tsa Jehova li ile tsa fumana hore boholo ba liboka tsa tsona le likopano li ne li ka tšoaroa phatlalatsa le ka bolokolohi. Ho ne ho se ho sa tlalehoe ho sotloa le mahloriso leha e le afe. Qetellong ho ne ho e-na le bolokolohi ka tekanyo e itseng, ’me barab’abo rōna ba ile ba sebelisa monyetla oo ka botlalo. Empa ba ne ba sa itokiselletsa se ileng sa etsahala ka mor’a moo.
“Jehova ke Molimo ea Babatsehang!”
La 12 August, 1993—e bile letsatsi le hopolehang hakaakang ho batho ba Jehova Malawi! Thibelo, e neng e nkile lilemo tse ka bang 26, e ile ea qetella e tlositsoe. Qalong barab’abo rōna ba ne ba sa hlokomele le ho hlokomela. Ka 1967, ha thibelo e ne e kenngoa tšebetsong, likoranta ho pholletsa le naha li ne li e-na le lihlooho tse khōlō ka bohato bo nkiloeng khahlanong le “lequloana le ‘kotsi’”—Lipaki tsa Jehova. Joale, ha thibelo e se e tlositsoe, ha hoa ka ha utluoa le mokhoathatsa feela. Ka sebele, e bile ka tsietsi feela mor’abo rōna a ileng a fumana tsebiso e nyenyane ho Government Gazette. Ha litaba li fihla ho barab’abo rōna butle-butle, ba ile ba thaba haholo, empa ba ne ba batla ba sa kholoe. Hobane’ng? Mor’abo rōna Kabwazi o ile a re: “Re ile ra rapella hore ka letsatsi le leng thibelo e tlosoe. Empa ha ho mohla re kileng ra nahana hore ho tla etsahala Dr. Banda a ntse a phela.” O ile a phaella: “Jehova ke Molimo ea babatsehang!”
Ka 1967, pele ho thibelo eo, bahoeletsi ba ka bang 18 000 ba ne ba le mafolofolo ba kopanela le liphutheho. Hona joale ba ne ba le bakae, ka mor’a lilemo tse 26 tsa khanyetso eo hangata e neng e le e sehlōhō? Tlhōrō e ncha ea ba 30 408! Botšepehi ba bara le barali babo rōna bo ne bo hlōtse mahlomola ’ohle—thorisong ea lebitso le khanyang la Jehova!
Lipaki tsa Jehova li ne li thabetse tokoloho ea tsona eo li e fumaneng bocha. Leha ho le joalo, li ne li boetse li hlokomela hore mosebetsi o eketsehileng ho feta leha e le neng pele o larile ka pel’a tsona.
Phutuho e Khethehileng
Hang ha litaba li fihla lekaleng la Zambia, Ed Finch o ile a romeloa Malawi, eseng e le mohahlauli, empa ho ea thusa ho hloma mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Malawi ka molao. Nakong ea ketelo ea hae, eena le Linda ba ile ba e-ba le monyetla oa ho sebetsa le phutheho ea Senyesemane e Blantyre. Boholo ba bahoeletsi moo ho ne ho se mohla ba kileng ba paka ka ntlo le ntlo. Ka ho utloahalang ba ne ba tšohile. Leha ho le joalo, ka ho khothatsoa hanyenyane ke ba ha Finch, bahoeletsi bohle ba ile ba ea tšebeletsong. E bile ho thabisang hakaakang ha, ka mor’a lihora tse ’maloa, ba khutla ho tla buisana ka liphihlelo tsa bona! Beng ba matlo ba bangata ba ne ba ile ba mamela ka cheseho. Ba bang ba ile ba ba lebohela ka tokoloho eo joale Lipaki tsa Jehova li neng li e thabela. Ka mor’a sena, barab’abo rōna ba ile ba fumana ho le bonolo haholoanyane ho tšoareha tšebeletsong.
Qalong, ho etsa hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ngolisoe hape Malawi ho ile ha ipaka ho le thata haholo. Ho ne ho se na bopaki bo ka fumanehang ba hore Mokhatlo o ne o kile oa ngolisoa liofising leha e le life tsa ’muso Malawi. Joale, ka letsatsi le leng, Ed Finch o ile a bona meqolo ea khale ofising ea ngoliso Blantyre. O ile a theola moqolo o tšoailoeng “W.” E, ngoliso ea pele e ne e le teng! Joale lintho tse amanang le molao li ile tsa tsamaea ka potlako. Ka la 15 November, 1993, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, kofuto ea molao e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova, e ne e ngolisitsoe hape ’me Lipaki tsa Jehova li ne li boetse li amoheloa ka molao e le bolumeli Malawi.
Ho ea bofelong ba selemo seo, ho ile ha etsoa phutuho e khethehileng ea pampitšana ho pholletsa le naha. Ka ho loketseng, pampitšana e reng Ke Eng Seo Lipaki Tsa Jehova li se Lumelang? e ile ea fanoa ka lipuo tse khōlō tse tharo. E ile ea sebeletsa morero o habeli. Oa pele, e ile ea thusa bara le barali babo rōna hore ba boele ba tšoarehe tšebeletsong ea phatlalatsa, ’me oa bobeli e bile ho thusa sechaba hore se ithute linnete ka bosona ka Lipaki tsa Jehova. Ho ile ha abjoa likopi tse fetang milione, ’me mangolo a mangata a bontšang thahasello a ile a tšolohela ofising ea lekala e Zambia. Ho bolela thoriso e eang ho Jehova phatlalatsa ho ile ha qala ho utluoa ka ntlo le ntlo le literateng Malawi!
Ho Hlophisa Mosebetsi Bocha
Sehlopha sa pele sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi bakeng sa Afrika ka boroa se ne se ntse se tšoeroe Zambia ha litaba tsa ho tlosoa ha thibelo li ne li fihla moo. Hona ho ile ha tsosa thabo har’a basebeletsi ba Bethele le liithuti ka ho tšoanang. Liithuti tse peli li ile tsa thaba hakaakang ha li amohela kabelo ea ho ea Malawi! E ne e le bona bahlanka ba nako e tletseng ba pele ba tsoang naheng esele ba ileng ba abeloa naheng eo ho tloha ka 1967. Bara bana babo rōna ba babeli, Andrew Bird le Karl Offermann, hona joale ba sebeletsa Bethele Lilongwe. Bernard Mazunda, motho oa pele oa Malawi ea ileng a fumana koetliso e joalo, le eena a le hona sehlopheng seo, hona joale o sebeletsa e le molebeli oa potoloho, hammoho le liithuti tse ling tsa lihlopha tsa morao tsa sekolo seo.
Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba tsoang lekaleng la Zambia ba ile ba tsoela pele ho sebetsana le mathata a amehang ho hlophiseng mosebetsi bocha Malawi. Kapele, ba ile ba fumana hore le hoja Lipaki tsa Jehova li ne li se li sa thibeloa, lingoliloeng tsa tsona tsa Bibele li ne li ntse li thibetsoe. Ho ile ha tšoaroa seboka se bileng le liphello tse ntle haholo le Letona la Toka e le ho rarolla taba ena. O ile a nka bohato kapelenyana ho tlosa thibelo holim’a lingoliloeng tsa Mokhatlo. Ho feta moo, o ile a ithaopela ho fana ka thuso ho fumana setša se botleng bakeng sa ofisi ea lekala e ncha. Ka lebaka leo, setša sa lihekthere tse 12 se ile sa fumaneha hore se rekoe Lilongwe. Mosebetsi o se o ntse o tsoela pele kahong ea mehaho e mecha ea lekala setšeng sena se bohareng.
Ha liphutheho li qala ho kopanela phatlalatsa hape, ba bangata ba ile ba thaba hakaakang ho kopana le metsoalle eo ba neng ba qetetse ho e bona pele ho thibelo! Liboka li ne li feta nako eo li e baletsoeng, empa ho bonahala ho se ea tsotellang. Bamameli ba ne ba se ba sa hlole ba pikitla matsoho feela ha ba ananela lipuo tsa barab’abo rōna. Ho e-na le hoo, ho ne ho opeloa e mong le e mong ea hlahang sethaleng liatla ka cheseho. Lipina tsa ’Muso li ne li se li sa bineloe tlaase. Barab’abo rōna joale ba ne ba ka bina haholo le ka ho hlakileng. Pina e ileng ea ratoa ke e mong le e mong kapele e bile e reng “Rea U Boka, Jehova.”
Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba utloisisa hore ba hloka thuso e le hore ba be nakong le litaba tsa tlhophiso. Ka boikokobetso le ka cheseho baholo ba ile ba amohela tataiso e tsoang ofising ea Mokhatlo le ho bara ba bang babo rōna ba koetlisitsoeng ka ho khethehileng. Ha hoa ka ha nka nako e telele ho hlokomela liphetoho tsa kapele mekhoeng ea tsamaiso ea ho hlophisa liphutheho. Palo ea bahoeletsi le eona e ile ea tsoela pele ho phahama. Selemong sa tšebeletso se latelang ho tlosoa ha thibelo, barutuoa ba bacha ba 4 247 ba ile ba kolobetsoa ’me ba 88 903 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste.
Ho Fihla Thuso e Eketsehileng
Thabo e khōlō e ile ea aparela naha ha ho jaleha litaba tsa hore banyalani ba bane ba baromuoa ba neng ba sebeletsa Malawi pele ho thibelo baa khutla. Keith le Anne Eaton, ba neng ba ntse ba sebeletsa Zimbabwe ka nako eo, ba ile ba fihla ka la 1 February, 1995, ho tla thusa ka mosebetsi oa ofisi Lilongwe. Hamorao, Jack le Linda Johansson, ba neng ba le Zaire (eo hona joale e leng Democratic Republic of Congo), ba ile ba abeloa lehaeng la boromuoa Blantyre. Banyalani bao ba bane ba ile ba boela ba fumana tumello ea bona ea hore ba ka lula ka har’a naha eo e le baahi ba kamehla. E bile thabo e kaakang ho baromuoa baa ba khale le ho bara le barali babo rōna ba Malawi ba ileng ba sebeletsa le bona pele ho thibelo ho boela ba kopana hape!
Ka February 1995, Malcolm Vigo, ea leng lekaleng la Nigeria hona joale empa e ne e le mohlanka oa lekala Malawi ha thibelo e ne e etsoa, o ile a ba le tokelo ea ho etela Malawi e le molebeli oa pele oa libaka mona ka lilemo tse ngata-ngata. Mosali oa hae, Linda Louise, o ne a e-na le eena. O ile a itšoara joang? “E bile phihlelo le tokelo e hlollang haholo! Ho ile ha tšoana le ho khutlela hae.”
Ho sa le joalo, baromuoa ba bang le barab’abo rōna ba tšoanelehang ba tsoang makaleng a haufinyane le bona ba ile ba abeloa ho ea Malawi. Mangolo a ile a kena a phalla a e-tsoa tšimong. Ka sebele ho ne ho e-na le ‘ho hongata hoo ho ka etsoang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakor. 15:58.
“Barorisi ba Thabileng”
Inahanele hore na Lipaki tsa Malawi li ile tsa ikutloa joang ha ka July le August 1995, ho ne ho khoneha hore ho tšoaroe likopano tsa setereke ka lekhetlo la pele ka mor’a lilemo tse 28. Joalokaha ho le joalo likopanong tse ngata tsa Afrika, malapa a ile a tla le katundu (lithōtō) tsohle tsa ’ona, ho akarelletsa le likobo, lipitsa le lipane, esita le patsi bakeng sa ho pheha lijo tsa ’ona.
Boholo ba ba neng ba le teng ba ne ba sa hopole letoto la ho qetela la likopano tse khōlō tse ileng tsa tšoaroa pejana feela ho thibelo. Mohlomong ba ne ba sa le banyenyane haholo, ba hlahile ka mor’a nako eo, kapa ba ne ba e-s’o ithute ’nete. Kahoo ho ba bangata, ena e ne e le kopano ea bona ea pele ea setereke. E ne e le ho loketseng hakaakang hore e be le sehlooho se reng “Barorisi ba Thabileng.” Ha ba fihla lebaleng la kopano, ba bang ba ile ba ipikitla mahlo ba sa kholoe ’me ba re: “E se k’a ba kea lora?” Ba ne ba hloletsoe hore ebe ba kopane le barapeli-’moho le bona lefatšeng ka bophara bakeng sa lenaneo lena la kopano. Ka kakaretso, ho ile ha tšoaroa likopano tse robong likarolong tse sa tšoaneng tsa naha, ’me kakaretso ea ba bileng teng kaofela e ne e feta 77 000! Kofuto e ncha e sebelisoang tšebeletsong ea tšimo, buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e ile ea amoheloa ka cheseho. Le hoja e ile ea lokolloa kopanong ka Senyesemane feela, barab’abo rōna ba ile ba thabela ho tseba hore phetolelo puong ea Sechichewa e ne e se ntse e tsoela pele.
Ho ile ha boela ha e-ba le kopano ea Senyesemane. Le hoja e ne e le nyenyane, e ne e hlile e le ea machaba. Baeti ba ne ba e-tsoa Mozambique, Afrika Boroa, Zaire, Zambia le Zimbabwe. Ho thahasellisang ke hore kopano ena e ne e tšoaretsoe Kwacha Conference Center, Blantyre, e neng e hahiloe ka ho khetheha ke Dr. Banda hore a tle a tšoarele tse ling tsa lipitso tsa mokha oa hae oa lipolotiki teng. Baeti ba ile ba mamela ka hloko, ha ho ne ho buisanoa ka lipotso le barab’abo rōna ba babeli, Widdas Madona le Lackson Kunje, mabapi le liphihlelo tsa bona nakong ea lilemo tsa thibelo. Ed Finch le eena o ne a le teng, ’me mabapi le ketsahalo eo e thabisang, o re: “Kaofela ha rōna e ne e le khale hakaakang re rapella letsatsi lee! Joale ho ne ho e-na le meokho e mengata e keleketlang lifahlehong tsa ba bokaneng. Re ne re tletse meokho ka mahlong re bile re e-na le likoeletana liqoqothong tsa rōna ha re shebelletse Victor Lulker a kolobetsa morali oa hae Angeline phatlalatsa, eseng ka sekhukhu ka bateng.” Ha kopano e fihla pheletsong ka pina e susumetsang ea “Rea U Boka, Jehova,” lipelo li ile tsa boela tsa ea mafisa ’me meokho ea tšoloha ka bolokolohi. Likopano tsena tse robong kaofela li tla hopoloa ka nako e telele ke barorisi ba thabileng ba ileng ba e-ba teng ho tsona.
Tšebetso ea Lekala e Qalisa Hape
Ka la 1 September, 1995, ofisi e Malawi e ile ea boela ea e-ba lekala, e sebetsa ka tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang. Lekhetlong lena, ofisi e ne e le Lilongwe. Ho ne ho e-na le liphutheho tse 542 le bahoeletsi ba fetang 30 000, kahoo mosebetsi o ne o le mongata.
Joale lintho li ile tsa qala ho potlaka! Basebeletsi ba Bethele ba leshome ba ne ba hateletsoe ke mosebetsi o mongata haholo qalong. Ho tloha ka nako eo, basebeletsi ba Bethele ba eketsehileng le barab’abo rōna ba bang ba ithaopelang ho tla thusa ba ile ba tla. Lihlopha tsa phetolelo tsa Sechichewa le Setumbuka le tsona li se li tlohile Zambia li khutletse “hae” ha habo lipuo tseo.
Esale lekala le tšoarehile ho thusa barab’abo rōna hore ba sebetsane ka katleho le maemo a macha a lekang botšepehi ba bona. Ana a akarelletsa ho lumelisa folakha, boitšoaro bo bobe, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le litloaelano tse mpe. Lefapha la Boitsebiso bo Mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele le ile la hlongoa e le hore ho ka thusoa ba tobaneng le litaba tse amanang le tšelo ea mali.
Bao e bileng thuso e khōlō hape ke barab’abo rōna ba babeli le basali ba bona, ba abetsoeng Malawi ba tloha mosebetsing oa ho tsamaea Afrika Boroa. Ba etsa mosebetsi o motle e le balebeli ba setereke.
Haufinyane tjena, ka la 20 March, 1997, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e thabisang. Nakong ea litaba tsa seea-le-moea tse baloang ka nako ea lijo tsa motšehare, Lipaki ho pholletsa le Malawi li ile tsa thabela ho utloa hore ’muso o khutlisetsa mohaho oa pele oa lekala ho Mokhatlo. O ile oa nkuoa ka likhoka ka 1967 ke ’muso oa pele ’me esale o sebelisoa e le Ntlo-Khōlō ea Lebatooa le ka Boroa la Malawi Congress Party. Empa joale se ne se khutletse matsohong a nepahetseng a beng ba sona—ka mor’a tšitiso ea lilemo tse ka bang 30. E ile ea e-ba bopaki bo bokaakang ho naha eohle ha litaba tsee li ntse li phetoa litabeng tse ling le tse ling ka lipuo tse khōlō letsatsi lohle! Hona joale mohaho ona o boetse o sebelisoa e le sebaka sa liboka tsa Bokreste tsa kamehla tsa Lipaki tsa Jehova.
Jehova oa Melisa
Ka sebele Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa bahlanka ba hae Malawi ho tloha ha ho tlosoa thibelo. Beng ba matlo ba bangata ba ’nile ba memela Lipaki tsa Jehova ka cheseho malapeng a bona ’me ba amohela libuka tsa tsona le mpho ea thuto ea lehae ea Bibele. Ho e ’ngoe ea liketsahalo tsa haufinyane tjena tsa Likopano tsa Setereke tsa “Tumelo Lentsoeng la Molimo,” mosali e mong o ile a makala ha a bona letšoele le leholo la Lipaki tsa Jehova le bokane hammoho haufi le motse o bitsoang Namitete. O ile a botsa: “Batho baa ba likete-kete ba tsoa hokae? Ke ntho e makatsang! Li ne li thibetsoe ka nako e telele haholo.” A susumelitsoe ke seo a ileng a se bona, mosali enoa o ile a ikopanya le letšoele leo le thabileng la barapeli ’me a mamela lenaneo. Ka mor’a moo, le eena o ile a lumela ho ithuta Bibele.
Ba bang bao e neng e le lira le bona ba arabetse ’neteng, ’me ba bang ba ile ba susumelletseha ho kōpa tšoarelo bakeng sa liketso tsa bona nakong ea thibelo. Ba re: “E ne e se rōna. ’Muso o ne o re susumelletsa hore re le etse lintho tsena tse mpe.” Barab’abo rōna ba thabela haholo ho amohela ba joalo libokeng tsa rōna. Esita le eo e kileng ea e-ba letona la ’muso ea “ileng a amohela” barab’abo rōna ha ba qobeletsoe ho khutla Mozambique ka 1975 ’me a ba bolella hore ba khutlele metseng ea habo bona ’me ba sebelisane le mokha oa lipolotiki o busang o ’nile a khanneloa thuto ea Bibele ke pula-maliboho e mong Lilongwe.
Ha ho le ea mong oa Lipaki ea bonahatsang moea o makoebeta. Ha ho ea batlang boiphetetso. (Baroma 12:17-19) Sohle seo li batlang ho se etsa ke ho rorisa Jehova Molimo kaha joale li na le tokoloho ea ho etsa joalo. Li chesehela ho ithuta ho sebelisa lithulusi leha e le life tse tla li thusa hore e be matichere a atlehang tšebeletsong. Ka ho sebelisa likofuto tse kang Ho Bea Mabaka ka Mangolo le Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, hammoho le livideo tsa Mokhatlo, li thusa batho ba likete ba thahasellang hore ba qale ho ithuta Bibele.
Hore na Jehova o tla re lumella halelele hakae hore re tsoele pele ho batla batho ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng,’ ha re tsebe. (Lik. 13:48) Leha ho le joalo, ho totobetseng ke hore ho na le monyetla o babatsehang bakeng sa pokello ea moea naheng ena. Ka June 1998 ho bile le tlhōrō e ncha e hlollang ea bahoeletsi ba tlalehang—42 770! Bakeng sa Likopano tsa Setereke tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” tse neng li tšoeroe ka 1998, kakaretso ea ba bileng teng e bile ba 152 746 ’me Sehopotsong sa lefu la Kreste, se ileng sa ketekoa pejana selemong seo, ho bile teng ba 120 412!
E, Lipaki tsa Jehova Malawi li bona bokamoso bo khanyang haholo ka sebele. Pele letsatsi la Jehova le fihla, li lebeletse ho thusa ba likete-kete tse ngata ba eketsehileng hore ba fihle tsebong e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. Li boetse li lebeletse letsatsi leo ka lona li tla amohela litho tsa malapa le metsoalle ba tsohang bafung—bara le barali babo rōna ba Bakreste ba neng ba ikemiselitse ho shoa ho e-na le ho sekisetsa tumelo ea bona ea bohlokoa. Ka tebello e khōlō, ba letetse letsatsi leo ka lona Malawi e tlang ho ba karolo ea paradeise ea lefatše lohle eo ho eona e mong le e mong a tlang ho lula ka tšireletseho ’me bohle ba ratang le ho sebeletsa Jehova ba tlang ho thabela bophelo bo phethahetseng ka ho sa feleng.
Lipaki tsa Jehova Malawi li mameletse liphephetso tse tebileng tsa tumelo ea tsona. Botšepehi ba tsona tlas’a mahlomola e ’nile ea e-ba mohloli oa khothatso mokhatlong oohle oa bara ba motho oa lefatše ka bophara oo e leng karolo ea oona. ’Me ho chesehela ha tsona ho bolela litaba tse molemo ‘nakong e tšoanelang le nakong e likhathatso’ e ’nile ea e-ba mohlala o lokelang ho etsisoa. (2 Tim. 4:2) Ba li tsebang, ka sebele baa ikutloa hore ho bona ba fumane “pelo e mofuthu ea Afrika.”
[Setšoantšo se leqepheng la 191]
ZAMBIA
Likampo tsa Sinda Misale
MALAWI
Letša la Malawi
Lilongwe
Zomba
Blantyre
Thaba ea Mulanje
MOZAMBIQUE
Likampo tsa Mlangeni
Likampo tsa Milange
MOZAMBIQUE
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 148]
[Setšoantšo se leqepheng la 153]
Gresham Kwazizirah, o kolobelitsoe ka 1925
[Setšoantšo se leqepheng la 157]
Bill McLuckie ofising ea Mokhatlo e Zomba
[Setšoantšo se leqepheng la 162]
Motsana oa sebele oa Malawi
[Setšoantšo se leqepheng la 165]
Alex Mafambana
[Litšoantšo tse leqepheng la 170]
Lipaki tse fihlang kopanong haufi le Thaba ea Mulanje ka 1966
[Litšoantšo tse leqepheng la 177]
Lipaki li thibetsoe; keite ea setša sa lekala e notletsoe
[Setšoantšo se leqepheng la 178]
Le hoja ntlo ea Finley Mwinyere e ne e sentsoe, o ne a amehile ka ho matlafatsa barab’abo
[Setšoantšo se leqepheng la 186]
Bill McLuckie le mosali oa hae, Denise
[Setšoantšo se leqepheng la 192]
Sethala se bohareng, moo ho neng ho fanoa ka taeo ea Bibele le mesebetsi ea kampo e ajoa teng
[Setšoantšo se leqepheng la 193]
Batson Longwe, ea neng a tsejoa e le “7-2-7”
[Setšoantšo se leqepheng la 194]
Kampo ea baphaphathehi ea Nazipoli e haufi le Mlangeni, le matlo a hahiloeng ke Lipaki bakeng sa malapa a tsona
[Setšoantšo se leqepheng la 200, 201]
Le hoja li ne li ile tsa kenngoa teronkong ka lebaka la tumelo ea tsona, Lipaki li ile tsa tsoela pele ho sebeletsa ka thabo
[Setšoantšo se leqepheng la 202]
Batsamaisi ba melaetsa ba ileng ba beha bolokolohi ba bona kotsing bakeng sa ho isa lijo tsa moea ho barab’abo bona
[Setšoantšo se leqepheng la 204
Nakong ea thibelo, Ed le Linda Finch ba ne ba etela Malawi khafetsa
[Setšoantšo se leqepheng la 210]
Baholo ba bokane tlelaseng ea sekolo se tšoaretsoeng ka ntle
[Setšoantšo se leqepheng la 215]
Keith le Anne Eaton, Linda le Jack Johansson—ba thabetse hore ebe ba khutletse Malawi
[Litšoantšo tse leqepheng la 216]
Komiti ea Lekala (ho tloha holimo ho ea tlaase): Lemon Kabwazi, Keith Eaton, Colin Carson
[Litšoantšo tse leqepheng la 217]
Ka holimo: Ka cheseho Lipaki li ithaopela ho hloekisa mohaho oa pele oa lekala ha o khutlisoa
Ka ho le letona: Barab’abo rōna ba fumana phepelo ea lingoliloeng tsa phutheho tse tsoang lekaleng
[Setšoantšo se leqepheng la 218]
Malcolm Vigo o boetse o kopana le Widdas Madona, eo a neng a sebeletsa le eena lekaleng pele ho thibelo
[Setšoantšo se leqepheng la 220]
Holo ea ’Muso e ruletsoeng ka joang. Liholo tsa ’Muso lia hlokahala bakeng sa liphutheho tse ling tse 600!
[Setšoantšo se leqepheng la 223]
Lipaki tse thabileng li tsoela pele ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso Malawi