Lipaki Tsa Bakreste Tse Nang le Tokelo ea ho ba Baahi Leholimong
“Empa oa rōna motse o maholimong.”—BA-FILIPPI 3:20.
1. Jehova o na le morero ofe o hlollang mabapi le batho ba bang?
BATHO ba tsoetsoeng lefatšeng ba tla busa e le marena le baprista leholimong, esita le holim’a mangeloi. (1 Ba-Korinthe 6:2, 3; Tšenolo 20:6) Eo ke ’nete e hlollang hakaakang! Leha ho le joalo, Jehova o ho rerile, ’me o ho phetha ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste. Ke hobane’ng ha ’Mōpi oa rōna a etsa ntho e joalo? ’Me ho e tseba ho lokela ho ama Mokreste joang kajeno? A re boneng kamoo Bibele e arabang lipotso tsena.
2. Johanne Mokolobetsi o ile a tsebisa ka ntho efe e ncha eo Jesu a neng a tla e etsa, ’me ntho ee e ncha e ne e amana le eng?
2 Ha Johanne Mokolobetsi a ne a lokisetsa Jesu tsela, o ile a tsebisa hore Jesu o ne a tla etsa ntho e ’ngoe e ncha. Tlaleho e re: “[Johanne] o na a bolela, a re: Ho sa tla ka morao ho ’na e mong ea mphetang ka matla, eo ke sa lokelang ho inama pel’a hae ho lokolla leqhoele la lieta tsa hae. Ha e le ’na ke le kolobelitse ka metsi, empa eena, o tla le kolobetsa ka Moea o halalelang.” (Mareka 1:7, 8) Pele ho nako eo, ho ne ho se ea kileng a kolobetsoa ka moea o halalelang. Ena e ne e le tokisetso e ncha e akarelletsang moea o halalelang, ’me e ne e amana le morero oa Jehova o neng o tla tloha o senoloa oa ho lokisetsa batho bobusi ba leholimo.
Ho ‘Tsoaloa Hape’
3. Jesu o ile a hlalosetsa Nikodema ka lintho life tse ncha mabapi le ’Muso oa leholimo?
3 Puisanong ea lekunutung le Mofarisi ea tummeng, Jesu o ile a senola ho eketsehileng ka morero ona oa bomolimo. Nikodema, oa Mofarisi, o ile a tla ho Jesu bosiu, ’me Jesu o ile a re ho eena: “Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe hape, a ke ke a bona ’muso oa Molimo.” (Johanne 3:3, NW) Nikodema, eo joaloka Mofarisi e tlamehang ebe o ne a ithutile Mangolo a Seheberu, o ne a tseba ho hong ka ’nete ea ’Muso oa Molimo e hlollang. Buka ea Daniele e ile ea profeta hore ’Muso o ne o tla nehoa “e mong ea kang mor’a motho” le “sechaba sa bahalaleli ba Mookameli ea phahameng.” (Daniele 7:13, 14, 27) ’Muso o ne o lokela ho “robaka o felise” mebuso e meng kaofela ’me o be teng ka ho sa feleng. (Daniele 2:44) Ho ka etsahala hore ebe Nikodema o ne a nahana hore boprofeta bona bo ne bo tla phethahala sechabeng sa Bajode; empa Jesu o ile a re motho o tlameha ho tsoaloa hape e le hore a ka bona ’Muso. Nikodema ha aa ka a utloisisa, kahoo Jesu o ile a tsoela pele ho re: “Motho ha a sa tsoaloe ka metsi le ka Moea, o sitoa ho kena ’musong oa Molimo.”—Johanne 3:5.
4. Kamano ea Jehova le ba tsoetsoeng ka moea o halalelang e ne e tla fetoha joang?
4 Johanne Mokolobetsi o ne a ile a bua ka kolobetso ea moea o halalelang. Joale, Jesu o eketsa ka hore motho o tlameha ho tsoaloa ka moea o halalelang e le hore a ka kena ’Musong oa Molimo. Ka tsoalo ena e ikhethang, banna le basali ba sa phethahalang ba kena kamanong e khethehileng haholo le Jehova Molimo. E ba bana ba hae ba amohetsoeng. Rea bala: “Empa bohle ba amohetseng [Jesu, o] ba neile tokelo ea ho ba bana ba Molimo, e leng ba lumelang lebitso la [hae]; ba sa kang ba tsoaloa ke mali, leha e le ka ho rata ha nama, leha e le ka ho rata ha monna, ba mpa ba tsoetsoe ke Molimo.”—Johanne 1:12, 13; Ba-Roma 8:15.
Bana ba Molimo
5. Barutuoa ba tšepahalang ba ile ba kolobetsoa ka moea o halalelang neng, ’me ka nako eona eo moea o halalelang o ile oa sebetsa ka litsela life tse amanang le seo?
5 Ha Jesu a ne a bua le Nikodema, moea o halalelang o ne o se o ile oa theohela ho Jesu, oa mo tlotsa bakeng sa borena ba hae ba kamoso ’Musong oa Molimo, ’me Molimo o ne a amohetse Jesu phatlalatsa joaloka Mora oa Hae. (Mattheu 3:16, 17) Jehova o ile a tsoala bana ba moea ba eketsehileng ka Pentekonta ea 33 C.E. Barutuoa ba tšepahalang ba ileng ba bokana kamoreng e ka holimo Jerusalema ba ile ba kolobetsoa ka moea o halalelang. Ka nako eona eo, ba ile ba tsoaloa hape ka moea o halalelang hore e be bara ba Molimo ba moea. (Liketso 2:2-4, 38; Ba-Roma 8:15) Ho feta moo, ba ile ba tlotsoa ka moea o halalelang ka morero oa ho fumana lefa la leholimo nakong e tlang, ’me qalong ba ne ba tšoailoe ka moea o halalelang e le pontšo ea ho tiea ha tšepo eo ea leholimo.—2 Ba-Korinthe 1:21, 22.
6. Morero oa Jehova ke ofe mabapi le ’Muso oa leholimo, hona ke hobane’ng ha ho loketse hore batho ba be le karolo ho see?
6 Bana e bile bona batho ba pele ba sa phethahalang ba ileng ba khethoa ke Molimo bakeng sa ho kena ’Musong. Ke hore, ka mor’a lefu la bona le tsoho e be karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa ’Muso oa leholimo o tla busa batho le mangeloi. Jehova o rera hore ka ’Muso ona, lebitso la hae le leholo le halaletsoe ’me bobusi ba hae bo tlosoe qoso ka pel’a pōpo eohle. (Mattheu 6:9, 10; Johanne 12:28) Ke ho loketseng hakaakang hore ebe batho ba na le karolo ’Musong oo! Satane o ile a sebelisa batho ha a phahamisa tseko ea hae ea pele khahlanong le bobusi ba Jehova morao koana tšimong ea Edene, ’me hona joale Jehova o rera hore batho ba amehe ho arabeng tseko eo. (Genese 3:1-6; Johanne 8:44) Moapostola Petrose o ile a ngolla batho ba khethetsoeng ho busa ’Musong oo: “Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau oa oona o boetse o re tsoaletse tšepong e phelisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung, re tle re fuoe lefa le sa boleng, le se nang sekoli, le sa omelleng, le boloketsoeng lōna leholimong.”—1 Petrose 1:3, 4.
7. Ba kolobelitsoeng ka moea o halalelang ba thabela kamano efe e khethehileng le Jesu?
7 Joaloka bara ba Molimo ba amohetsoeng, Bakreste bana ba khethiloeng e ile ea e-ba baena ba Jesu Kreste. (Ba-Roma 8:16, 17; 9:4, 26; Ba-Heberu 2:11) Kaha Jesu o ipakile e le Peō e tšepisitsoeng ea Abrahama, Bakreste bana ba tlotsitsoeng ka moea ke karolo e kopaneng le Peō eo kapa e e tlatsetsang, e tla hlohonolofatsa batho ba lumelang. (Genese 22:17, 18; Ba-Galata 3:16, 26, 29) Ke tlhohonolofatso efe? Monyetla oa ho rekolloa sebeng le ho boelanngoa le Molimo le oa ho mo sebeletsa hona joale le ka ho sa feleng. (Mattheu 4:23; 20:28; Johanne 3:16, 36; 1 Johanne 2:1, 2) Bakreste ba tlotsitsoeng lefatšeng ba lebisa ba pelo li lokileng tlhohonolofatsong ena ka ho paka ka moena oa bona oa moea Jesu Kreste le ka Ntate oa bona ea ba amohetseng, Jehova Molimo.—Liketso 1:8; Ba-Heberu 13:15.
8. “Ponahalo” ea bara ba Molimo ba tsoetsoeng ka moea ke eng?
8 Bibele e bua ka “ponahalo” ea bara bana ba Molimo ba tsoetsoeng ka moea. (Ba-Roma 8:19) Ba kena ’Musong joaloka marena a kopaneng le Jesu, ba kopanela ho timetseng tsamaiso ea lintho ea lefatše la Satane. Ka mor’a moo, ba thusa ho lebisa melemo ea sehlabelo sa thekollo ho batho ka lilemo tse sekete ’me ka tsela eo ba lebisa moloko oa batho phethehong eo Adama a e lahlileng. (2 Ba-Thessalonika 1:8-10; Tšenolo 2:26, 27; 20:6; 22:1, 2) Ponahalo ea bona e akarelletsa sena sohle. Ke seo batho ba lumelang ba se letetseng ka thahasello.
9. Bibele e bitsa sehlopha sa lefatše ka bophara sa Bakreste ba tlotsitsoeng joang?
9 Sehlopha sa lefatše ka bophara sa Bakreste ba tlotsitsoeng ke ‘phutheho ea matsibolo a ngoliloeng maholimong.’ (Ba-Heberu 12:23) Ke bona ba pele ba ileng ba fumana molemo sehlabelong sa thekollo sa Jesu. Hape ke “’mele oa Kreste,” e leng se bontšang kamano ea bona e haufi e mong ho e mong le ho Jesu. (1 Ba-Korinthe 12:27) Pauluse o ile a ngola: “Joalo ka ha ’mele o le mong, ’me o e-na le litho tse ngata, ’me litho tsohle tsa ’mele o leng mong, leha li le ngata, e le ’mele o le mong feela, Kreste le eena o joalo. Hobane rōna bohle re kolobelitsoe Moeeng o le mong, hore re be ’mele o le mong, leha e le ba-Juda, leha e le ba-Gerike, leha e le ba ruiloeng, leha e le ba sa ruoang; ’me bohle re nositsoe Moeeng o le mong.”—1 Ba-Korinthe 12:12, 13; Ba-Roma 12:5; Ba-Efese 1:22, 23; 3:6.
“Iseraele oa Molimo”
10, 11. Lekholong la pele la lilemo, ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala Iseraele e mocha, ’me sechaba see se secha se ne se entsoe ka bo-mang?
10 Ka lilemo tse fetang 1 500 pele Jesu a tla joaloka Messia ea tšepisitsoeng, sechaba sa Iseraele oa nama e ne e le batho ba Jehova ba khethehileng. Ho sa tsotellehe likhopotso tse sa khaotseng, sechaba kaofela se ile sa ipaka se sa tšepahale. Ha Jesu a hlaha, sechaba se ile sa mo hana. (Johanne 1:11) Kahoo, Jesu o ile a bolella baeta-pele ba bolumeli ba Bajode: “’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla beha litholoana tsa oona.” (Mattheu 21:43) Ho tseba “sechaba [seo se behang] litholoana tsa [’Muso]” ke habohlokoa bakeng sa ho pholoha.
11 Sechaba se secha seo ke phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, e tsoetsoeng ka Pentekonta ea 33 C.E. Litho tsa eona tsa pele e ne e le barutuoa ba Jesu ba Bajode ba ileng ba mo amohela e le Morena oa bona oa leholimo. (Liketso 2:5, 32-36) Leha ho le joalo, e ne e le litho tsa sechaba se secha sa Molimo, eseng motheong oa hore ke Bajode ba tsoalo, empa motheong oa tumelo ho Jesu. Kahoo, Iseraele enoa e mocha oa Molimo e ne e le ntho e ’ngoe e khethehileng—sechaba sa moea. Ha bongata ba Bajode bo hana ho amohela Jesu, memo ea ho ba karolo ea sechaba se secha e ile ea fetisetsoa ho Basamaria ea ntano fetisetsoa ho Balichaba. Sechaba se secha se ile sa bitsoa “Iseraele oa Molimo.”—Ba-Galata 6:16.
12, 13. Ho ile ha hlaka joang hore Iseraele e mocha e ne e se feela sehlotšoana sa tsamaiso ea bolumeli ba Bajode?
12 Iseraeleng ea boholo-holo, ha bao eseng Bajode e e-ba basokolohi, ba ne ba tlameha ho boloka Molao oa Moshe, ’me ba batona ba ne ba tlameha ho tšoantšetsa sena ka ho bolla. (Exoda 12:48, 49) Bakreste ba bang ba Bajode ba ile ba ikutloa hore batho bao eseng Bajode Iseraeleng oa Molimo ba lokela ho etsa se tšoanang. Leha ho le joalo, Jehova o ne a nahanne ho hong ho fapaneng. Moea o halalelang o ile oa lebisa moapostola Petrose lelapeng la Molichaba Kornele. Ha Kornele le lelapa la hae ba arabela boboleling ba Petrose, ba ile ba amohela moea o halalelang—esita le pele ba kolobetsoa metsing. Sena se ile sa bontša ka ho hlaka hore Jehova o ne a amohetse Balichaba bana e le litho tsa Iseraele oa Molimo ntle le ho batla hore ba boloke Molao oa Moshe.—Liketso 10:21-48.
13 Balumeli ba bang ba ile ba fumana ho le thata ho amohela sena, ’me kapele baapostola le baholo Jerusalema ba ile ba tlameha ho buisana ka taba ena eohle. Sehlopha seo se nang le matla a bolaoli se ile sa mamela bopaki bo qaqisang kamoo moea o halalelang o ileng oa sebetsa kateng ho balumeli bao eseng Bajode. Phuputso ea Bibele e ile ea bontša hore sena se ne se etsahala phethahatsong ea boprofeta bo bululetsoeng. (Esaia 55:5; Amose 9:11, 12) Ho ile ha finyelloa qeto e nepahetseng: Bakreste bao eseng Bajode ba ne ba sa tlamehe ho boloka Molao oa Moshe. (Liketso 15:1, 6-29) Kahoo, ka sebele Iseraele oa moea e ne e le sechaba se secha eseng feela sehlotšoana sa tsamaiso ea bolumeli ba Bajode.
14. Jakobo o bolela’ng ha a bitsa phutheho ea Bokreste “meloko e leshome le metso e ’meli e qhalaneng”?
14 Tumellanong le sena, ha a ngolla Bakreste ba tlotsitsoeng ba lekholong la pele la lilemo, morutuoa Jakobo o ile a tobisa lengolo la hae ho “meloko e leshome le metso e ’meli e qhalaneng.” (Jakobo 1:1; Tšenolo 7:3-8) Ho hlakile hore baahi ba Iseraele e mocha ha baa ka ba aroloa ka meloko e khethehileng. Iseraeleng oa moea ho ne ho se lihlopha tse 12 tse arohaneng joalokaha li ne li le teng Iseraeleng oa nama. Leha ho le joalo, polelo ea Jakobo e bululetsoeng e bontša hore ponong ea Jehova Iseraele oa Molimo e ne e nketse meloko e 12 ea Iseraele oa tlhaho sebaka ka ho feletseng. Haeba Moiseraele oa tsoalo e ne e e-ba karolo ea sechaba se secha, ngoana oa hae oa nama—esita le haeba e le oa leloko la Juda kapa la Levi—e ne e se oa bohlokoa.—Ba-Galata 3:28; Ba-Filippi 3:5, 6.
Selekane se Secha
15, 16. (a) Jehova o talima litho tsa Iseraele oa Molimo tseo eseng Bajode joang? (b) Iseraele e mocha e thehiloe motheong ofe oa molao?
15 Mahlong a Jehova, litho tsa sechaba sena se secha tseo eseng Baiseraele ke Bajode ba moea ka ho tlala! Moapostola Pauluse o ile a hlalosa: “Eo e leng mo-Juda, hase eo e leng eena kantle, le lebollo hase le etsoang kantle, nameng; empa mo-Juda ke eo e leng eena kahare, ’me lebollo ke la pelo, le etsoang ke Moea, e seng ke letere: mo-Juda eo, poko ea hae ha e tsoe ho batho, empa e tsoa ho Molimo.” (Ba-Roma 2:28, 29) Balichaba ba bangata ba ile ba arabela memong ea ho ba karolo ea Iseraele oa Molimo, ’me khatelo-pele ena e ile ea phethahatsa boprofeta ba Bibele. Ka mohlala, moprofeta Hosea o ile a ngola: “Ke tla hauhela ea sa kang a hauheloa, ’me ke tla re ho bao eseng sechaba sa ka: ‘Le sechaba sa ka’; ’me bona, ka lehlakoreng la bona, ba tla re: ‘U Molimo oa ka.’”—Hosea 2:23, NW; Ba-Roma 11:25, 26.
16 Haeba Baiseraele ba moea ba ne ba se tlas’a selekane sa Molao oa Moshe, e ne e le karolo ea sechaba se secha motheong ofe? Jehova o ile a etsa selekane se secha le sechaba sena sa moea ka Jesu. (Ba-Heberu 9:15) Ha Jesu a hloma Sehopotso sa lefu la hae, ka la 14 Nisane, 33 C.E., o ile a fetisetsa bohobe le veine ho baapostola ba tšepahalang ba 11 ’me a re veine e tšoantšetsa “mali . . . a selekane.” (Mattheu 26:28; Jeremia 31:31-34) Joalokaha ho boletsoe tlalehong ea Luka, Jesu o ile a re senoelo sa veine se ne se tšoantšetsa “selekane se secha.” (Luka 22:20) Phethahatsong ea mantsoe a Jesu, ha moea o halalelang o ne o tšolloa ka Pentekonta ’me Iseraele oa Molimo e tsoaloa, ’Muso o ile oa tlosoa ho Iseraele oa nama ’me oa nehoa sechaba se secha, sa moea. Sebakeng sa Iseraele oa nama, sechaba sena se secha joale e ne e le mohlanka oa Jehova, ea entsoeng ka lipaki tsa hae.—Esaia 43:10, 11.
“Jerusalema e Mocha”
17, 18. Ke litlhaloso life tsa khanya e boloketsoeng Bakreste ba tlotsitsoeng tse fanoeng bukeng ea Tšenolo?
17 Ke khanya e kaakang e boloketsoeng ba nang le tokelo ea ho kopanela pitsong ea leholimo! ’Me ho ithuta ka limakatso tse ba emetseng ho thabisa hakaakang! Buka ea Tšenolo e re fa tlhase e hlollang ea lefa la bona la leholimo. Ka mohlala, ho Tšenolo 4:4, rea bala: “Terone [ea Jehova] hape e ne e likelitsoe ke literone tse ling tse mashome a mabeli a metso e mene, ’me literoneng tseo ka bona baholo ba mashome a mabeli a metso e mene, ba lutse, ba apere liaparo, tse tšoeu, ba roetse meqhaka ea khauta lihloohong tsa bona.” Baholo bana ba 24 ke Bakreste ba tlotsitsoeng, ba tsositsoe ’me joale ba boemong boo Jehova a ba tšepisitseng bona leholimong. Meqhaka ea bona le literone li re hopotsa boemo ba bona ba borena. Hape nahana ka tokelo ea bona e phahameng ka ho hlollang ea ho sebeletsa ho pota terone ea Jehova!
18 Ho Tšenolo 14:1, re fumana tlhase e ’ngoe ka bona: “Joale, ka talima, ’me ka bona Konyana e eme thabeng ea Sione, e e-na le ba ngoliloeng lebitso la Ntat’a eona liphatleng tsa bona, ba le likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene.” Mona re bona palo e lekanyelitsoeng ea bana ba tlotsitsoeng—e leng 144 000. Boemo ba bona ba borena boa hlokomeleha hobane ba eme le Morena oa Jehova ea lutseng teroneng, “Konyana,” Jesu. ’Me ba Thabeng ea Sione ea leholimong. Thaba ea Sione ea lefatšeng e ne e le Jerusalema, motse oa borena oa Iseraele. Thaba ea Sione ea leholimong e emela boemo ba Jesu bo phahameng le majalefa hammoho le eena, a etsang Jerusalema oa leholimo.—2 Likronike 5:2; Pesaleme ea 2:6.
19, 20. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng e tla ba karolo ea mokhatlo ofe oa leholimo o hlophisitsoeng? (b) Jehova o ile a khetha ba neng ba tla ba le tokelo ea ho ba baahi leholimong nakong efe?
19 Tumellanong le sena, ho boetse ho buuoa ka batlotsuoa khanyeng ea bona ea leholimo e le “Jerusalema e Mocha.” (Tšenolo 21:2) Jerusalema ea lefatšeng e ne e le “motse oa morena e moholo” ebile e le sebakeng seo tempele e neng e le ho sona. (Mattheu 5:35) Jerusalema e Mocha oa leholimo ke ’Muso oa borena o hlophisitsoeng oo ’Musi e moholo, Jehova le Morena oa hae ea khethiloeng, Jesu, hona joale ba busang ka oona le oo tšebeletso ea boprista e etsoang ho oona ha litlhohonolofatso tse enneng li ntse li tšoloha li tsoa teroneng ea Jehova bakeng sa ho folisa moloko oa batho. (Tšenolo 21:10, 11; 22:1-5) Ponong e ’ngoe Johanne o utloa Bakreste ba tlotsitsoeng, ba tšepahalang, ba tsositsoeng ba bitsoa ‘mosali oa Konyana.’ Ke setšoantšo se futhumatsang pelo hakaakang sa botsoalle bo haufi-ufi boo ba bo thabelang le Jesu le sa ho ikokobeletsa eena ka ho rata! Nahana ka thabo e tla ba leholimong ha oa ho qetela ho bona a qetella a amohela moputso oa hae oa leholimo. Joale, qetellong, “lenyalo la Konyana” le ka ba teng! Mokhatlo oo o hlophisitsoeng oa leholimo oa borena ka nako eo o tla be o feletse.—Tšenolo 19:6-8.
20 E, litlhohonolofatso tse hlollang li boloketsoe bao moapostola Pauluse a ileng a re ka bona: “Empa oa rōna motse o maholimong.” (Ba-Filippi 3:20) Ka lilemo tse ka bang likete tse peli, Jehova o ’nile a khetha bana ba hae ba moea le ho ba lokisetsa lefa la leholimo. Ho latela bopaki bohle, mosebetsi ona oa ho khetha le ho lokisa o haufi le ho phethoa. Empa ho ne ho na le ho eketsehileng ho neng ho tla latela, joalokaha ho senoletsoe Johanne ponong ea hae e tlalehiloeng ho Tšenolo khaolo ea 7. Kahoo hona joale, ho hlokahala hore re lebise tlhokomelo ea rōna sehlopheng se seng sa Bakreste, ’me re tla tšohla sehlopha sena sehloohong se latelang.
Na U sa Hopola?
◻ Moea o ile oa sebetsa ka litsela life tse sa tšoaneng ho bao lefa la bona le leng leholimong?
◻ Batlotsuoa ba thabela kamano efe e haufi-ufi le Jehova? le Jesu?
◻ Phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e hlalosoa joang ka Bibeleng?
◻ Iseraele oa Molimo e thehiloe motheong ofe oa molao?
◻ Bakreste ba tlotsitsoeng ba boloketsoe litokelo life tsa leholimo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Nakong ea lilemo tse ka bang likete tse peli, Jehova o ile a khetha ba neng ba tla busa ’Musong oa leholimo