Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Batla ’Nete?
MEKHATLO e mengata ea bolumeli e ipolela hore e na le ’nete, ’me e e fetisetsa ho ba bang ka cheseho. Leha ho le joalo, lipakeng tsa eona ho na le pherekano e ngata ea “linnete.” Na see e mpa e le bopaki bo bong ba hore linnete tsohle li itšetlehile ka maemo, hore ha ho na linnete ka ho feletseng? Che.
Bukeng ea hae The Art of Thinking, Moprofesa V. R. Ruggiero o hlalosa ho makala ha hae hore esita le batho ba bohlale haholo ka linako tse ling ba bolela hore ’nete e itšetlehile ka maemo. O beha mabaka ka ho re: “Haeba motho e mong le e mong a iketsetsa ’nete ea hae, joale maikutlo a motho e mong a ke ke a e-ba molemo ho feta a e mong. Kaofela a lokela ho lekana. ’Me haeba maikutlo ’ohle aa lekana, lebaka ke lefe la ho fuputsa ka taba leha e le efe? Ke hobane’ng ha ho chekoa fatše ho fumana likarabo lipotsong tsa boepolli? Ke hobane’ng ha ho hlahlobisisoa lisosa tsa khohlano e teng Bochabela bo Hare? Ke hobane’ng ha ho batloa phekolo ea kankere? Ke hobane’ng ha ho hlahlojoa lihlopha tsa linaleli? Mesebetsi ena ke e utloahalang hafeela likarabo tse ling li le molemo haholoanyane ho feta tse ling, haeba ’nete ke ntho e ikemetseng, e sa angoeng ke lipono tsa batho ka bomong.”
Ha e le hantle, ha ho na motho ea hlileng a lumelang hore ’nete ha e eo. Ha ho tluoa linthong tsa sebele tse bonahalang, tse kang moriana, lipalo, kapa melao ea physics, esita le motho ea lumelang ka matla hore ’nete e itšetlehile ka maemo o tla lumela hore lintho tse ling ke ’nete. Ke mang ho rōna ea neng a tla iteta sefuba ho palama sefofane haeba re ne re sa nahane hore melao ea matla a moea sebakeng ke linnete ka ho feletseng? Linnete tse ka tiisoang li teng; li re pota-potile, ’me re tšepela bophelo ba rōna ho tsona.
Liphello Tsa Tumelo ea Hore ’Nete e Itšetlehile ka Maemo
Leha ho le joalo, ke litabeng tsa boitšoaro moo liphoso tsa tumelo ea hore ’nete e itšetlehile ka maemo li totobetseng haholo-holo, kaha ke ho tsona tseo monahano o joalo o bakileng kotsi e khōlōhali. The Encyclopedia Americana e hlalosa ntlha ena: “Ho ’nile ha belaelloa ka matla hore na ebe tsebo, kapa ’nete e tsejoang, e ka fumanoa ke motho . . . Leha ho le joalo, ke taba e tiileng hore neng le neng ha likhopolo tse peli tsa ’nete le tsebo li qheleloa thōko joaloka likhopolo feela tjee kapa ntho e kotsi, mokhatlo oa batho oa senyeha.”
Mohlomong u hlokometse tšenyeho e joalo. Ka mohlala, lithuto tsa boitšoaro tsa Bibele, tse bolelang ka ho hlaka hore boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo fosahetse, ke ka ngope-a-setšoha feela li talingoang e ntse e le ’nete. Tsamaiso ea melao ea boitšoaro e laoloang ke boemo—“iketsetse qeto ka se nepahetseng”—ke maikutlo a atileng. Na motho leha e le ofe a ka bolela hore tšenyeho e teng sechabeng ha ea tlisoa ke pono ee ea hore ’nete e itšetlehile ka maemo? Ka sebele seoa sa lefatšeng ka bophara sa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, ho qhalana ha malapa, le ho emarela matšehong ha bacha li fana ka bopaki bo lekaneng ba tšenyeho e teng boitšoarong.
’Nete Ke Eng?
Kahoo ha re ke re tloheleng metsi a lukehileng a tumelo ea hore ’nete e itšetlehile ka maemo ’me ka bokhutšoanyane re hlahlobeng seo Bibele e se hlalosang e le metsi a hloekileng a ’nete. (Johanne 4:14; Tšenolo 22:17) Ka Bibeleng, ho hang “’nete” ha e tšoane le khopolo eo ho leng thata ho e utloisisa, eo eseng ea sebele eo bo-rafilosofi ba phehisanang khang ka eona.
Ha Jesu a ne a re morero oa hae oohle bophelong e ne e le ho bua ka ’nete, o ne a bua ka ntho eo Bajode ba tšepahalang ba neng ba e nka e le ea bohlokoahali ka lilemo tse makholo. Mangolong a bona a halalelang, ka nako e telele Bajode ba ne ba ile ba bala ka “’nete” e le ntho e tiileng, eseng khopolo-taba. Ka Bibeleng, “’nete” e fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Seheberu “ʼemethʹ,” le bolelang ntho e tiileng, e utloahalang, ’me mohlomong habohlokoa ka ho fetisisa, e ka tšeptjoang.
Bajode ba ne ba e-na le lebaka le letle la ho talima ’nete ka tsela eo. Ba ne ba bitsa Molimo oa bona, Jehova, ‘Molimo oa ’nete.’ (Pesaleme ea 31:5) E ne e le kahobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a neng a re o tla e etsa, o ne a e etsa. Ha a ne a etsa litšepiso, o ne a li boloka. Ha a ne a bululela boprofeta, bo ne bo phethahala. Ha a ne a bua likahlolo tsa ho qetela, li ne li phethahala. Baiseraele ba limilione e ne e bile lipaki tse boneng lintho tsena tsa sebele ka mahlo. Bangoli ba Bibele ba bululetsoeng ba ile ba li tlaleha e le linnete tsa histori tse ke keng tsa hanyetsoa. Ho fapana le libuka tse ling tse talingoang li halalela, Bibele ha ea thehoa tšōmong. E thehiloe ka ho tiileng linneteng tse ka pakoang—tsa histori, tsa boepolli ba lintho tsa khale, tsa saense, le linthong tsa sebele tse etsahalang sechabeng. Hase ho makatsang ha mopesaleme a re ka Jehova: “Molao oa hao ke ’nete. . . . Litaelo tsa hao kaofela ke ’nete. . . . Kakaretso ea lentsoe la hao ke ’nete”!—Pesaleme ea 119:142, 151, 160.
Jesu Kreste o ile a pheta mantsoe a pesaleme eo ha a ne a re thapelong ho Jehova: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Jesu o ne a tseba hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Ntate oa hae a neng a e bua e ne e le e tiileng ka ho feletseng le e ka tšeptjoang. Ka ho tšoanang, Jesu o ne a “tletse . . . ’nete.” (Johanne 1:14) Balateli ba hae ba ile ba ithuta e le lipaki tse boneng ka mahlo, ’me ba tlalehela meloko eohle, hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e buileng e ne e le ’nete e tsoileng matsoho.a
Leha ho le joalo, ha Jesu a ne a bolella Pilato hore o tletse lefatšeng ho tla bua ’nete, o ne a hopotse ’nete e khethehileng. Jesu o ile a bua polelo eo ha a arabela potso ea Pilato: “U morena na?” (Johanne 18:37) ’Muso oa Molimo, le karolo ea Jesu ka boeena e le Morena oa oona, e ne e le sona sehlooho, moko-taba, oa thuto ea Jesu ha a ne a le lefatšeng. (Luka 4:43) Thuto ea hore ’Muso ona o tla halaletsa lebitso la Jehova, o tlose qoso bobusing ba hae, ’me o khutlisetse moloko oa batho ba tšepahalang bophelong bo sa feleng ba thabo ke “’nete” eo Bakreste bohle ba ’nete ba e tšepileng. Kaha karolo ea Jesu phethahatsong ea litšepiso tsa Molimo ke ea bohlokoahali, le hore kaha boprofeta bohle ba Molimo e-ba “Amen,” kapa ’nete, ka lebaka la hae, Jesu o ne a ka bolela hantle ho re: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo.”—Johanne 14:6; 2 Ba-Korinthe 1:20; Tšenolo 3:14.
Ho amohela ’nete ena e le e ka tšeptjoang ka ho feletseng ke habohlokoa haholo ho Bakreste kajeno. Ho bolela hore tumelo ea bona ho Molimo le tšepo ea bona litšepisong tsa hae li thehiloe linneteng, linthong tsa sebele.
’Nete ka Ketso
Hase ho makatsang ha Bibele e amahanya ’nete le ketso. (1 Samuele 12:24; 1 Johanne 3:18) Ho Bajode ba tšabang Molimo, ’nete e ne e se taba eo ho ka etsoang filosofi ka eona; e ne e le tsela ea bophelo. Lentsoe la Seheberu bakeng sa “’nete” le ka boetse la bolela “botšepehi” ’me le ne le sebelisetsoa ho hlalosa motho ea neng a ka tšepeloa ho nka bohato tumellanong le lentsoe la hae. Jesu o ile a ruta balateli ba hae ho talima ’nete ka pono e tšoanang. Ka matla o ile a nyatsa boikaketsi ba Bafarisi, sekheo se seholo pakeng tsa lipolelo tsa bona tsa ho itokafatsa le liketso tsa bona tse sa lokang. ’Me o ile a beha mohlala ka ho phela ka linnete tseo a neng a li ruta.
Kahoo ho lokela ho ba joalo ka balateli bohle ba Kreste. Ho bona, ’nete ea Lentsoe la Molimo, litaba tse molemo tse thabisang tsa ’Muso oa Molimo tlas’a borena ba Jesu Kreste, ke taba e fetang hōle boitsebiso feela tjee. ’Nete eo e ba susumelletsa ketsong, e ba tlama ho phela ka eona le ho e arolelana le ba bang. (Bapisa le Jeremia 20:9.) Ho phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo, tsela ea bophelo eo ba neng ba e amohetse joaloka balateli ba Kreste ka linako tse ling e ne e tsejoa feela ka hore ke “’nete” kapa “tsela ea ’nete.”—2 Johanne 4; 3 Johanne 4, 8; 2 Petrose 2:2.
Letlotlo le Tšoaneloang ke Theko Leha e le Efe
Ke ’nete hore ho amohela linnete tsa Lentsoe la Molimo ho hloka theko e itseng. Taba ea pele, ho ithuta ’nete ka bohona e ka ba phihlelo e ferekanyang. The Encyclopedia Americana ea hlokomela: “Hangata ’nete ha e ratehe, hobane e hlōleha ho tšehetsa leeme kapa tšōmo.” Ho bona ha litumelo tsa rōna li pepesoa e le tse se nang ’nete e ka ba ho felisang tšepo, haholo-holo haeba re ile ra rutoa ke baeta-pele ba bolumeli bao re ba tšepang. Ba bang ba ho tšoantša le phihlelo ea ho fumana hore batsoali ba tšeptjoang, ha e le hantle, e ne le linokoane ka lekunutu. Empa na ho fumana ’nete ea bolumeli ha ho molemo haholoanyane ho feta ho phela tlas’a thetso? Na ha ho molemo haholoanyane ho tseba linnete ho feta ho thetsoa ka mashano?b—Bapisa le Johanne 8:32; Ba-Roma 3:4.
Taba ea bobeli, ho phela ka ’nete ea bolumeli ho ka ’na ha bolela ho lahleheloa ke kamohelo ea bao pele e neng e le metsoalle ea rōna. Lefatšeng lena leo ba bangata “ba fetotseng ’nete ea Molimo leshano,” ba khomarelang ka tieo ’neteng ea Lentsoe la Molimo ba bonahala eka ba khelohile ’me ka linako tse ling baa nenoa le ho se utloisisoe.—Ba-Roma 1:25; 1 Petrose 4:4.
Empa ’nete e tšoanetse ho lefelloa ka theko ena e habeli. Ho tseba ’nete ho re lokolla mashanong, thetsong, le litumela-khoeleng. ’Me ha re phela ka ’nete, e re matlafaletsa hore re mamelle mathata. ’Nete ea Molimo ke e ka tšeptjoang haholo le e tiileng, ’me e re susumelletsa ho ba le tšepo, hoo e re nolofaletsang ho ema re tiile tlas’a teko leha e le efe. Hase ho makatsang ha moapostola Pauluse a ile a tšoantša ’nete le senyepa kapa lebanta la letlalo le sephara, le matla, leo masole a neng a itlama ka lona ha a ea ntoeng!—Ba-Efese 6:13, 14.
Maele a Bibele a re: “Rua ’nete, u se ke ua rekisa ka eona, le bohlale, le thuto, le kelello.” (Liproverbia 23:23) Ho e qhelela thōko ka hore e itšetlehile ka maemo kapa hore ha e-eo ke ho lahleheloa ke sepheo se thabisang le se khotsofatsang ka ho fetisisa seo bophelo bo fanang ka sona. Ho e fumana ke ho fumana tšepo; ho e tseba le ho e rata ke ho tseba le ho rata ’Mōpi oa bokahohle le Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši; ho phela ka eona ke ho phela ka morero le khotso ea kelello, hona joale le ka ho sa feleng.—Liproverbia 2:1-5; Zakaria 8:19; Johanne 17:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho na le libaka tse fetang 70 litlalehong tsa Likosepele moo Jesu a tlalehiloeng a sebelisa polelo e ikhethang ho hatisa bonnete ba mantsoe a hae. Hangata o ne a re “Amen” (“Ka ’nete,” NW) ha a kenyelletsa polelo. Lentsoe la Seheberu le tšoanang le leo le ne le bolela “e tiileng, ea ’nete.” The New International Dictionary of New Testament Theology ea hlokomela: “Ka ho kenyelletsa mantsoe a hae ka amen Jesu o ne aa bolela e le a tiileng le a ka tšeptjoang. O ne a tiile mantsoeng a hae ’me aa etsa hore e be a mo tlamang le a tlamang ba mo utloang. Mantsoe ao ke pontšo ea boholo ba hae bo hlomphehang le matla a ho laela.”
b Lentsoe la Segerike bakeng sa “’nete,” a·leʹthei·a, le tsoa lentsoeng le bolelang “e sa patoang,” kahoo hangata ’nete e akarelletsa ho senoloa ha seo pele se neng se patiloe.—Bapisa le Luka 12:2.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Na le ka Mohla ’Nete ea Fetoha?
POTSO eo e ile ea botsoa ke V. R. Ruggiero bukeng ea hae ea The Art of Thinking. Karabelo ea hae ke che. O hlalosa ka ho qaqileng: “Ka linako tse ling e ka ’na ea bonahala eka e ba joalo, empa ha ho hlile ho hlahlobisisoa ho tla fumanoa hore ha ho joalo.”
O re: “Nahana ka taba ea ho ngoloa ha buka ea pele ea Bibele, buka ea Genese. Ka makholo a lilemo Bakreste le Bajode ka ho tšoanang ba ne ba lumela hore buka eo e na le mongoli a le mong. Ha nako e ntse e feta pono ena e ile ea belaelloa, ’me qetellong e ile ea nkeloa sebaka ke tumelo ea hore bangoli ba bangata ba fihlang bohlanong ba ile ba ba le tlatsetso ho Genese. Kahoo, ka 1981, liphello tsa tlhahlobisiso ea lipuo ea lilemo tse hlano ea Genese e ile ea phatlalatsoa, e bolela hore ho na le monyetla o etsang karolo ea 82 lekholong oa hore ebe e ngotsoe ke motho a le mong, joalokaha ho ne ho nahanoa joalo qalong.
“Na ’nete mabapi le ho ngoloa ha Genese e fetohile? Che. Ke tumelo ea rōna feela e fetohileng. . . . ’Nete e ke ke ea fetoloa ke tsebo ea rōna kapa ho hloka tsebo ha rōna.”
[Lebokose le leqepheng la 7]
Ho Hlompha ’Nete
“HO HLOMPHA ’nete hase khopolo ea mehleng ea rōna ea ho hloka tšepo ka ba bang e lekang ho ‘pepesa’ ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ka ho lumela hore ho hang ha ho motho eo ka ho feletseng a ka tiisang hore o na le ’nete. Ho hlompha ’nete ke boikutlo bo kopanyang kholiseho e thabisang ea hore ka sebele ’nete e ka fumanoa, le ho ikokobelletsa ’nete neng le neng ha e hlaha le kae kapa kae moo e hlahang teng. Ho ba le kelello e bulehileng joalo bakeng sa ’nete hoa hlokahala ho ba rapelang Molimo oa ’nete; ha tlhompho e loketseng bakeng sa ’nete e tiisa hore ho be le botšepehi litšebelisanong tsa motho le baahisani ba hae, ka polelo hammoho le ka liketso. Bona ke boikutlo boo re bo boneng, boo [Testamente ea Khale] hammoho le [Testamente e Ncha] li bo tiisang.”—The New International Dictionary of New Testament Theology, Moqolo oa 3, leqepheng la 901.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Khatelo-pele saenseng e thehiloe ho senoloeng ha linnete tsa saense
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
’Nete e akarelletsa ’Muso le litlhohonolofatso tsa oona