Seotsoa se Tummeng Hampe—Ho Timetsoa ha Sona
“Alleluya! Poloko, le khanya, le hlompho, le matla, ke tsa Molimo oa rōna; hobane likahlolo tsa oona ke tsa ’nete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotsoa se seholo, se bolisitseng lefatše ka bootsoa ba sona; ’me o phetelitse mali a bahlanka ba oona letsohong la sona.”—TŠENOLO 19:1, 2.
1. Seotsoa se seholo se entse bohlola le “marena a lefatše” joang, ’me see se felletse ka eng?
SOHLE seo re buisaneng ka sona se tebile ka ho lekaneng. Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore Tšenolo 17:2 e boetse e bua ka bohlola ba seotsoa se seholo le “marena a lefatše.” Le hoja se qalile ho oa, e sa ntsane e le motsoalle e moholo oa lefatše, ’me se leka ho tsamaisa babusi ba lefatše hore se finyelle lipheo tsa sona. (Jakobo 4:4) Bootsoa bona ba moea, bo etsoang ka likamano tse litšila pakeng tsa Babylona e Moholo le babusi ba lipolotiki, bo felletse ka ho shoa pele ho nako ha batho ba mashome a limillione ba se nang molato! Ho bile hobe ho lekana hore e be seotsoa se seholo se ne se kenelletse mahlakoreng ka bobeli a loantšanang Ntoeng ea I ea Lefatše. Empa ruri libe tsa sona mabapi le Ntoa ea II ea Lefatše “li se li kolohane ho ea fihla leholimong”! (Tšenolo 18:5) Ke hobane’ng ha re bolela joalo?
2. (a) Franz von Papen o ile a thusa Adolf Hitler ho ba ’musi oa Jeremane joang, ’me moeta-pele oa pele oa Jeremane o ile a hlalosa motho eo ea hlomphiloeng ke mopapa joang? (b) Selekaneng se neng se le pakeng tsa Naha ea Bonazi le Vatican, ke lipoleloana life tse peli tse ileng tsa bolokoa e le lekunutu? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
2 Ho etsa mohlala o le mong, ke joang ’mampoli Adolf Hitler a ileng a fetoha moeta-pele—le mohatelli—oa Jeremane? E bile ka bolotsana ba lipolotiki ba motho ea hlomphiloeng ke mopapa eo moeta-pele oa pele oa Jeremane, Kurt von Schleicher, a mo hlalositseng e le “lehlaba-phio leo Judase Iskariota e leng mohalaleli ha a bapisoa le lona.” Enoa ke Franz von Papen, ea ileng a thaothela Mokha oa Lipolotiki oa K’hatholike le baeta-pele ba mesebetsi e meholo hore ba hanyetse bokomonisi ’me ba kopanye Jeremane tlas’a Hitler. E le karolo ea menyetla eo a e fumaneng ka bohlaba-phio, von Papen o ile a etsoa motlatsi oa moeta-pele oa naha. Hitler o ile a romela moifo o neng o etelletsoe pele ke von Papen Roma ho ea buella selekane se pakeng tsa Naha ea Bonazi le Vatican. Mopapa Pius XI o ile a bolella baemeli ba Jeremane kamoo a thabileng kateng ke hore e be “joale ’Muso oa Jeremane o etelletsoe pele ke monna ea hanyetsang bokomonisi a sa sekisetse,” ’me ka la 20 Phupu, 1933, moketeng o moholo o neng o le Vatican, Mok’hadinale Pacelli (eo haufi-nyane a neng a tla fetoha Mopapa Pius XII) o ile a tekenela selekane seo.a
3. (a) Rahistori e mong o ile a ngola eng ka Selekane se neng se le pakeng tsa Naha ea Bonazi le Vatican? (b) Nakong ea mekete e neng e le Vatican, Franz von Papen o ile a fuoa tlotla efe? (c) Franz von Papen o ile a phetha karolo efe ho haptjoeng ha Austria ke Manazi?
3 Rahistori e mong oa ngola: “Selekane [se entsoeng le Vatican] e ile ea e-ba tlhōlo e khōlō ho Hitler. Se ile sa mo fa tšehetso ea ho qala e bontšang kananelo eo a kileng a e fumana lefatšeng le ka thōko, ’me ena e ne e le e tsoang mohloling o phahameng ka ho fetisisa.” Nakong ea mekete e neng e tšoaretsoe Vatican, Pacelli o ile a fa von Papen khau e phahameng ea bopapa ea Sefapano se Seholo sa Lebotho la Pius.b Winston Churchill, bukeng ea hae The Gathering Storm, e hatisitsoeng ka 1948, o bolela kamoo von Papen a ileng a tsoela pele ho sebelisa “botumo ba hae e le Mok’hatholike e motle” ho fumana tšehetso ea kereke bakeng sa ho haptjoa ha Austria ke Manazi. Ka 1938, ho tlotlisa letsatsi la tsoalo ea Hitler, Mok’hadinale Innitzer o ile a laela hore likerekeng tsohle tsa Austria ho fokaele folaga ea Manazi, ho letsoe litšepe tsa ’ona, ’me ho rapelloe mohatelli oa Nazi.
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Vatican e e-na le molato o tšabehang oa mali? (b) Babishopo ba K’hatholike ba Majeremane ba ile ba fa Hitler tšehetso e pepenene joang?
4 Ka hona Vatican e na le molato oa mali o tšabehang! E le karolo e etelletseng pele ea Babylona e Moholo, e ile ea thusa haholo ho hloesetsa Hitler litulong le ho mo fa tšehetso “ea kananelo.” Vatican e ile ea tsoela pele ho lumellana le lihlōhō tsa Hitler ka ho khutsa. Nakong ea lilemo tse telele tse leshome tsa tšoso ea Manazi, mopapa oa Roma o ile a khutsa ha masole a K’hatholike a makholo a likete a ntse a loana ’me a shoela khanya ea ’muso oa Manazi le ha ba bang ba limillione ba malimabe ba ntse ba bolaoa likamoreng tsa mesi a chefu tsa Hitler.
5 Babishopo ba K’hatholike ba Majeremane ba ne ba bile ba tšehetsa Hitler pepenene. Letsatsing leo ka lona Japane, eo e neng e le ’mate oa Jeremane nakong ea ntoa ka nako eo, e ileng ea hlasela ka sekhukhu Pearl Harbor, The New York Times e ne e e-na le tlaleho ena: “Seboka sa Babishopo ba K’hatholike ba Jeremane ba neng ba kopane Fulda se ile sa buella hore ho qaloe ‘thapelo ea ntoa’ e khethehileng e lokelang ho baloa qalong le qetellong ea litšebeletso tsohle tse halalelang. Thapelo eo e kōpa Tataiso ea Molimo ho hlohonolofatsa lihlomo tsa Jeremane ka tlhōlo ’me e sireletse bophelo ba masole ’ohle le hore a lule a phela hantle ’meleng. Babishopo ba ile ba boela ba laela baruti ba K’hatholike hore bonyane hang ka khoeli ba boloke le ho hopola ka tšebeletso e khethehileng ea Sontaha masole a Jeremane ‘a fatše, a leoatleng le a moeeng.’”
6. Lefatše le ka be le pholositsoe mahlomoleng afe a maholo le lihlōhōng life hoja ha hoa ka ha e-ba le bohlola ba moea pakeng tsa Vatican le Manazi?
6 Hoja ha hoa ka ha e-ba le ho ratana pakeng tsa Vatican le Manazi, lefatše le ne le ka ’na la bolokoa mahlomoleng a ho bolaoa ha masole le batho ba sa loaneng ba limillione tse mashome-shome ntoeng, le Bajode ba limillione tse tšeletseng ba bolailoeng ka baka la hore e ne e se Majeremane, le—habohlokoa ka ho fetisisa mahlong a Jehova—Lipaki tsa hae tse likete, batlotsuoa hammoho le “linku tse ling,” ba ileng ba feta har’a lihlōhō tse khōlō, le Lipaki tse ngata tse shoetseng likampong tsa mahloriso tsa Manazi.—Johanne 10:10, 16.
Ho Shebela Seotsoa Haufinyane
7. Moapostola Johanne o hlalosa ho shebela ha hae seotsoa se seholo haufinyane joang?
7 Pono e latelang e koaholloang boprofeteng ba Tšenolo ke e loketseng hakaakang! Ha re phetla khaolo ea 17, litemana 3 ho ea ho 5, re fumana Johanne a re ka lengeloi: “La nkisa feelleng ka moea, ’me ka bona mosali ea lutseng holim’a sebata se ’mala oa sekarelata, se tletseng mabitso a bonyefoli, se nang le lihloho tse supileng, le linaka tse leshome. Mosali eo o na a apere purepera le sekarelata, a khabile ka gauda, le mahakoe a bohlokoa, le liperela; letsohong la hae o na a tšoere pitsaea gauda, e tletseng manyala le litšila tsa bootsoa ba hae. Ho no ho ngoliloe phatleng ea hae lebitso le reng: Sephiri: Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.”
8. (a) Seotsoa se seholo se tšetse eng ka pitseng ea sona ea gauda, e se tsebahatsang? (b) Ke joang ka tšoantšetso Babylona e Moholo ea apereng liaparo tse pherese le tse sekarelata’ ’me a ikhabisitse ka “gauda, le mahakoe a bohlokoa, le liperela”?
8 Mona Johanne o bonela Babylona e Moholo haufinyane. Ka sebele ha habo ke hona feelleng moo, har’a libatana tse ahileng teng. Seotsoa sena se seholo se tsebahatsoa ka ho hlaka ke seo se se tšetseng pitseng ea sona, le hoja ka thetso e bonahala e khahleha ka ntle. Se noa seno se nyelisehang ho tsoa ponong ea litaba ea Molimo. Setsoalle sa sona le lefatše, lithuto tsa sona tsa bohata, ho hloka lithibelo ha sona boitšoarong, ho ratana ha sona le mebuso ea lipolotiki—ha ho letho la lintho tsena le ka mamelloang ke Jehova, “Moahloli oa lefatše.” (Genese 18:22-26; Tšenolo 18:21, 24) Se ikhabisitse hantle hakaakang! Se tumme ka likereke tsa sona tsa babishopo tse khōlō tse hahiloeng hantle haholo le lifensetere tse mebala, litora tsa sona tse nang le mekato e mengata le litempele tsa Mabuddha tse khabisitsoeng ka mabenyane, litempele tsa sona le matlo a thapelo tse hlomphiloeng ka nako e telele. Tumellanong le lifeshene tse amoheloang tsa seotsoa se seholo, baprista ba sona le baitlami ba sona ba banna ba apere liaparo tse telele tsa theko e phahameng tse ’mala oa sekarelata, tse pherese, le tse bosehla ba lamuni.—Tšenolo 17:1.
9. Babylona e Moholo o na le histori efe e telele ea molato oa mali, ’me ka ho loketseng Johanne o qetella tlhaloso ea hae ka eena joang?
9 Leha ho le joalo, ho nyatsehang ka ho fetisisa ke ho nyoreloa ha sona mali. Jehova o na le nyeoe ea nako e telele eo a lokelang ho e ahlola ea molato oo! Se ’nile sa tšehetsa bahatelli ba nyoretsoeng mali ba mehleng ea kajeno, ’me histori ea sona e nyelisehang ea ho tšolla mali e qalile khale ho theosa le makholo a lilemo, nakong ea lintoa tsa bolumeli, Makhotleng a K’hatholike a neng a otla bakhelohi, Lintoa tsa Bokreste, e, ho khutlela morao lefung la boshoela-tumelo la ba bang ba baapostola le polaong ea Mora oa Molimo ka boeena, Morena Jesu Kreste, le ho feta moo. (Liketso 3:15; Ba-Heberu 11:36, 37) Ho phaelletseng ho sena sohle ke lipolao tsa Lipaki tsa Jehova lilemong tsa morao tjena ka ho thunngoa, ka ho fanyehoa, ka selepe, ka mechine e khaolang batho lihlooho, ka sabole, le ka tšoaro ea bobatana lichankaneng le likampong tsa mahloriso. Ha ho makatse hore Johanne o qetella tlhaloso ea hae ka hore: “’Me ka bona mosali eo a tahiloe ke mali a bahalaleli le ke mali a lipaki tsa Jesu”!—Tšenolo 17:6.
‘SEPHIRI SA MOSALI LE SEBATA’
10. (a) Seotsoa se seholo se ’nile sa hlorisa Lipaki tsa Jehova joang ho fihlela kajeno? (b) Baruti ba Babylona e Moholo ke baeta-pele ba mofuta ofe?
10 Johanne o ile a “makala ka makalo e kholo” ka seo a se bonang. Kajeno, le rōna rea makala! Ka bo-1930 le bo-1940, seotsoa se seholo se ile sa sebelisa Mokha oa Lipolotiki oa K’hatholike le bolotsana ba bopolotiki ho hlorisa le ho thibela lipaki tse tšepahalang tsa Jehova. Ho fihlela kajeno, ho fihlela moo a ka khonang ho ba le tšusumetso ka ho lekaneng, Babylona e Moholo o ntse a tsoela pele ho sitisa, ho thibela, le ho hlahisa hampe mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova, tse bolelang tšepo e khanyang ea ’Muso oa Molimo. Ka ho boloka ba makholo a limillione kholehong ea mekhatlo ea bolumeli ea seotsoa se seholo, baruti ba hae ba sebelelitse e le ‘lifofu tse tsamaisang lifofu,’ ba isa batho bana sekoting sa timetso. Le ka mohla, le ka mohla seotsoa sena se tummeng hampe se ke ke sa bua joaloka moapostola Pauluse: “Ke le pakela . . . hobane ha ke na molato maling a lōna bohle.”—Mattheu 15:7-9, 14; 23:13; Liketso 20:26.
11, 12. Sephiri sa “sebata se ’mala oa sekarelata” se kaletsoeng ke seotsoa se tummeng hampe ke eng, ’me Lipaki tsa Jehova li ile tsa fumana leseli lefe sephiring see ka 1942?
11 Ha le hlokomela ho makala ha Johanne, lengeloi la re ho eena: “U makaletse’ng? Ke tla u bolella sephiri sa mosali le sa sebata seo a se kaletseng, se nang le lihloho tse supileng le linaka tse leshome.” (Tšenolo 17:7) “Sebata” see ke eng? Nako e fetang lilemo tse 600 pejana, moprofeta Daniele o ile a bona libata ponong, ’me o ile a hlalosetsoa hore tsena li emela “marena,” kapa mebuso ea lipolotiki mona lefatšeng. (Daniele 7:2-8, 17; 8:2-8, 19-22) Mona Johanne o bona ponong ho kopantsoe mebuso e joalo—“sebata se ’mala oa sekarelata.” Sena ke Selekane sa Lichaba se entsoeng ke batho se hlahileng holim’a lefatše ka 1920 empa sa oela sekoting sa ho se etse letho ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma ka 1939. Empa, “sephiri sa mosali le sa sebata” ke eng?
12 Ka tataiso ea Molimo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa fumana leseli sephiring seo ka 1942. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e le tlhōrōng ea eona, ’me ba bangata ba ne ba nahana hore e tla fella ka Harmagedone. Empa Jehova o ne a e-na le khopolo e fapaneng! Ho ne ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o mongata oo Lipaki tsa hae li neng li lokela ho o etsa! Kopanong ea tsona ea Puso ea Molimo ea Lefatše le Lecha ea la 18-20 Loetse, 1942, motse oa sehlooho e le Cleveland, Ohio, o hokahantsoe le libaka tse ling tse 51 United States, Nathan H. Knorr, mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ile a fana ka puo ea phatlalatsa, “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Ho eona o ile a hlahloba Tšenolo 17:8, e bolelang hore “sebata se ’mala oa sekarelata” se “ne se le teng, ’me ha se eo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ea tahlehong.” O ile a bontša kamoo Selekane sa Lichaba ‘se neng se le teng’ ho tloha ka 1920 ho ea ho 1939. Joale boemo ba ‘ho se be teng’ bo ne bo finyelletsoe ka baka la ho timela ha Selekane seo. Empa ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, mokhatlo ona oa lichaba o ne o tla nyoloha sekoting. Na boprofeta boo bo neng bo theiloe Bibeleng bo ile ba phethahatsoa? Ruri bo ile ba phethahatsoa! Ka 1945 “sebata” sa machaba se ile sa nyoloha sekoting sa sona sa ho se etse letho e le Machaba a Kopaneng.
13. Babylona e Moholo o ’nile a tsoela pele ho phehella litsela tsa hae tse kang tsa seotsoa le “sebata” sa Machaba a Kopaneng joang?
13 Le hoja a fokolisitsoe ke ho oa ha hae, Babylona e Moholo o ’nile a tsoela pele ho phehella litsela tsa hae tse kang tsa seotsoa le “sebata” sa Machaba a Kopaneng. Ka mohlala, ka Phuptjane 1965, bahlomphehi ba makala a supileng a bolumeli a etelletseng pele, ao ho thoeng ke a Bokreste le ao eseng a Bokreste, ao ho neng ho boleloa hore a emetse halofo ea baahi ba lefatše, ba ile ba bokana San Francisco ho keteka letsatsi la bo20 la tsoalo ea Machaba a Kopaneng.c Selemong sona seo, Mopapa Paul VI o ile a hlalosa Machaba a Kopaneng e le “tšepo ea ho qetela ea kutloano le khotso,” ’me hamorao Mopapa John Paul II o ile a hlalosa tšepo ea hae ea hore “ka mehla Machaba a Kopaneng a tla lula e le setsi se phahameng ka ho fetisisa sa khotso le toka.” Ka 1986 ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o ile oa etella pele ho tšehetsa Selemo sa Machaba sa khotso sa Machaba a Kopaneng. Empa na khotso ea ’nete le tšireletseho li ile tsa e-ba teng e le karabelo ea lithapelo tsa bona tsa bolumeli? Le hanyenyane! Litho tsa Machaba a Kopaneng tse ntseng li eketseha li bontša hore ha li na lerato la sebele bakeng sa seotsoa se seholo.
Ho Felisa Seotsoa
14. “Sebata” sa Machaba a Kopaneng se na le mosebetsi ofe o khethehileng oo se lokelang ho o etsa, ’me lengeloi la Molimo le hlalosa see joang?
14 Ka nako e loketseng, “sebata se ’mala oa sekarelata” ka bosona se tlameha ho ea timelong. Empa pele sena se etsahala, esita le pele ho tlhaselo ea sona ea ho qetela ea bobatana ho batho ba Molimo, sebata seo sa Machaba a Kopaneng se na le mosebetsi o khethehileng oo se lokelang ho o etsa. Jehova o kenya ‘morero oa hae lipelong tsa sebata le linaka tsa sona tse hlometseng.’ Ka phello efe? Lengeloi la Molimo lea arabela: “’Me linaka tse leshome tseo u li boneng ho sebata, li tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.” ‘Se ikhabisitse ’me se phetse ka menono,’ empa joale sena sohle sea fetoha. Mehaho ea sona e meholo ea bolumeli le litša tsa sona tse khōlō li ke ke tsa se pholosa. Ho joalokaha lengeloi le phatlalatsa: “Ka baka leo, likotsi tsa hae li tla hlaha ka tsatsi le le leng, lefu, bofifi, le tlala, ’me o tla chesoa ka mollo; hobane o matla, Molimo o mo ahlolang.”—Tšenolo 17:16, 17; 18:7, 8.
15. Linyatsi tsa lipolotiki tsa seotsoa, hammoho le baokameli ba khoebo e khōlō, li tla arabela joang ho timeleng ha sona?
15 Linyatsi tsa oona tsa bopolotiki li tla bokolla ka ho timela ha oona, li re: “Jo! jo! Babylona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ea hao e hlahile joang ka hora e le ’ngoe!” Ka ho tšoanang, baokameli ba khoebo e khōlō, ba entseng liphaello tsa bolotsana le oona, ba tla “lla le ka ho hlomoha, ba re: Jo! jo! . . . na maruo a kakalo a felile joang ka hora e le ’ngoe?”—Tšenolo 18:9-17.
16. Batho ba Molimo ba tla arabela joang timetsong ea seotsoa se seholo, ’me Tšenolo e tiisa see joang?
16 Leha ho le joalo, batho ba Molimo ba tla arabela joang? Kaofela ha bona ba akarelletsoa mantsoeng a lengeloi: “Nyakallang ka baka la oona, uena leholimo, le lōna bahalaleli, baapostola, le baprofeta, hobane Molimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka eona!” Ka ho panya ha leihlo Babylona e Moholo o tla be a lihiloe, ho se mohla a tla boela a rohaka lebitso le halalelang la Jehova. Ho timetsoa ha seotsoa se seholo ho tla hlahisa mokete le lipina tsa tlhōlo ho rorisa Jehova. E le ea pele letotong la lipina tseo tsa lialleluya, ho tla utloahala pina ea nyakallo: “Alleluya! Poloko, le khanya, le hlompho, le matla, ke tsa Molimo oa rōna; hobane likahlolo tsa oona ke tsa ’nete, ke tse lokileng; hobane o ahlotse seotsoa se seholo, se bolisitseng lefatše ka bootsoa ba sona; ’me o phetelitse mali a bahlanka ba oona letsohong la sona.”—Tšenolo 18:20–19:3.
17. Ka mor’a ho felisoa ha seotsoa se seholo, liketso tsa kahlolo tsa Molimo li tla tsoela pele ho leba phethehong joang?
17 Liketso tsa kahlolo tsa Molimo li tla etsahala ka potlako ho fihlela li phethehile ha “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi,” Kreste Jesu, a hatakela “sehatelong sa veine ea bohale le ea khalefo ea Molimo o matla ’ohle” ka Harmagedone. Mono o tla felisa babusi ba khopo le ba bang kaofela ba setseng ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Satane lefatšeng. Linonyana tse jang libolu li tla ja litopo tsa bona. (Tšenolo 16:14, 16; 19:11-21) Re lokela ho thaba hakaakang hore nako e khethiloeng ea Molimo e haufi bakeng sa ho tlosa lefatšeng la rōna le letle lintho tsohle tse nyelisehang, tse litšila, le tse silafatsang!
18. Tlhōro e hlollang ea buka ea Tšenolo ke efe?
18 Na eo ke tlhōrō ea buka ea Tšenolo? Che, ha e-s’o be eona! Hobane ha tsoho ea leholimo ea ba 144 000 e phethiloe, lenyalo la Konyana lea qaleha. “Monyaluoa” oa eona, ea ikhabiselitseng monna oa hae, o hlomamisoa ‘leholimong le lecha,’ ’me o theoha moo, ka tšoantšetso, e le motlatsi oa Monyali oa hae ho phethahatsa morero oa Jehova oa ho ‘etsa hore lintho tsohle li be ncha.’ Botle ba moea ba monyaluoa ke ba motse o halalelang, Jerusalema e Mocha, oo Jehova Molimo ea Matla ’Ohle a o khantšang ka khanya ea hae, ’me lebone la oona ke Konyana. (Tšenolo 21:1-5, 9-11, 23) Kahoo mona Tšenolo e fihla tlhōrōng ea eona e hlollang, ’me lebitso la Jehova lea halaletsoa ’me Konyana, Kreste Jesu, hammoho le monyaluoa oa hae, Jerusalema e Mocha, ba tsoela pele ho hlohonolofatsa batho ba utloang ka bophelo bo sa feleng Paradeiseng ea lefatšeng.
19. (a) Ntle le ho tsoa Babylona e Moholo, ke eng hape e hlokahalang bakeng sa ho bolokeha? (b) Ke memo efe e potlakileng e sa ntsaneng e bulehile, ’me karabelo ea rōna e lokela ho ba efe?
19 Na u falimehetse ho ba teme-peli ha bolumeli ba bohata ’me ua tsoa Babylona e Moholo? Hape na u nkile khato e tsoelang pele ea ho tla ho Jehova Molimo, ka Kreste Jesu, ka boinehelo ba pelo eohle bo lebisang kolobetsong? Sena le sona sea hlokahala bakeng sa ho bolokeha! Ha nako e khethiloeng ea hore Jehova a lihe kahlolo ea ho qetela e atamela, memo e etsoa ka potlako ka ho eketsehileng: “Moea le monyaluoa ba re: Tlo!” E se eka bohle ba utloang memo eo ba ka nehela bophelo ba bona ho Jehova ’me ka cheseho ba re “Tlo!” ho ba bang hape. E, “ea nyoriloeng a a tle; le ea ratang, a nke feela metsi a bophelo.” (Tšenolo 22:17) Memo e sa ntsane e bulehile. Ka sebele u tla thaba haeba u nka khato ’me u ipoloka boemong boo pel’a terone ea Molimo le Konyana u le e mong oa batho ba Jehova ba inehetseng, ba kolobelitsoeng. Nako e khethiloeng e haufi ho feta kamoo u ka ’nang ua nahana kateng! E, tlhōrō e hlollang ea Tšenolo e haufi!
Ho phetha Thuto ea Molula-Qhooa ea beke ena, motsamaisi o lokela ho kōpa hore ho baloe Qeto e latelang ’me e hlahlojoe ka thuso ea lipotso tse fanoeng. Ena ke Qeto e ileng ea hlahisoa lefatšeng ka bophara Kopanong ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova ea “Toka ea Molimo” ka 1988, qetellong ea puo “‘Seotsoa’ se Tummeng Hampe—Ho oa le ho Timetsoa ha Sona.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mabaka a totobetseng, lipoleloana tse peli tsa Selekane seo li ile tsa bolokoa e le lekunutu ka nako eo, tsena e le tse amanang le leano le tšoanang khahlanong le Soviet Union le mesebetsi ea baprista ba K’hatholike ba neng ba kentsoe lebothong la Hitler. Ho kenngoa ha bona joalo lebothong e ne e le tlōlo ea Tumellano ea Versailles (1919) eo Jeremane e neng e ntse e tlanngoe ke eona; haeba sechaba se ne se ka tseba ntlha ena hoo ho ne ho ka ferekanya linaha tse ling tse neng li tekenetse Tumellano ea Versailles.
b Franz von Papen ke e mong oa Manazi a ileng a qosoa e le batlōli ba molao ba ntoa Nuremberg, Jeremane, lilemong tse qetellang tsa bo-1940. O ile a lokolloa empa hamorao a fumana qosoe boima lekhotleng la Jeremane la pheliso ea Bonazi. Empa hamorao, ka 1959, o ile a etsoa Mohlanka oa Botho oa Mopapa.
c Ha a bua ka pokano ena, Mopapa Paul VI o itse: “Ruri ke ho nepahetseng le ho loketseng hakaakang hore seboka sa bolumeli sa khotso se akarellelitsoe har’a mekete ea boikhopotso ba ho tekenela Tumellano ea Machaba a Kopaneng lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng.”
[Lebokose le leqepheng la 11]
HO KHUTSA HA MOPAPA
Bukeng ea hae Franz von Papen—His Life and Times, e hatisitsoeng ka 1939, H. W. Blood-Ryan o hlalosa ka ho qaqileng bolotsana boo ka bona motho eo ea hlomphiloeng ke mopapa a ileng a hloesetsa Hitler litulong ’me a buella selekane pakeng tsa Vatican le Manazi. Mabapi le lipolao tse tšabehang tsa batho ba sitoang ho itšireletsa, ba neng ba akarelletsa Bajode, Lipaki tsa Jehova, le ba bang, mongoli o re: “Ke hobane’ng ha Pacelli [Mopapa Pius XII] a ile a khutsa? Hobane morerong oa von Papen oa hore ho be le ’Muso o Halalelang oa Roma oa Majeremane a Bophirimela o ile a bona Kereke ea K’hatholike e matla ea ka moso, le Vatican a boetse tulong ea matla a nakoana . . . Pacelli eena eo joale o busa ka matla a bohatelli ba moea holim’a meea e limillione, empa ho ile ha tholoa nyele! ka likhoka le mahloriso a Hitler. . . . Ha ke ntse ke ngola mela ena, matsatsi a mararo a polao a se a fetile ’me ha ho thapelo e ileng ea hlaha Vatican bakeng sa meea ea bahlabani, bao ba ka holimo ho halofo ba bona e leng Mak’hatholike. Boikarabello e tla ba bo tšabehang ha banna bana, ba se ba amohiloe litšusumetso tsohle tsa bona tsa lefatšeng, ba ema ka pel’a Molimo oa bona, O tla batla hore ba ikarabelle. Boikemelo ba bona e ka ba bofe? Letho!”
[Lebokose le leqepheng la 15]
HO KENELLA HA VATICAN
The New York Times ea March 6, 1988, e tlalehile hore Vatican e lebelletse molato o phahameng ka ho fetisisa oa liranta tse limillione tse 148,3 bakeng sa 1988. Pampiri e boletse: “Ho lumeloa hore tšenyehelo e ’ngoe e khōlō e ama tšepiso e entsoeng ka 1984 ea ho lefa hoo e ka bang liranta tse limillione tse 600 ho batho ba kolotoang ke Banco Ambrosiano. Vatican e ne e kenelletse ka ho teba bankeng ea Milan pele e e-oa ka 1982.” Ka sebele Vatican e ne e kenelletse ka ho teba ho mahlabisa-lihlong ao, hoo ka tieo e ileng ea hana ho nehelana ka liofisiri tse tharo tse khōlō tsa Vatican, ho akarelletsa moarekabishopo oa Leamerika, ho ea ikarabella linyeoeng makhotleng a Italy!
[Litšoantšo tse leqepheng la 12]
Vatican e kopanela molato oa mali o tšabehang le von Papen le Hitler
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
UPI/Bettmann Newsphotos
UPI/Bettmann Newsphotos
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho fapana le ho buella ’Muso oa Molimo, bapapa ba ’nile ba bolela Machaba a Kopaneng e le ‘tšepo ea ho qetela ea khotso’
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Litsǒantšo tse ka hare: Lifoto tsa UN