Lintho Tseo re Lokelang ho li Balehela
“Lōna malinyane a bo-marabe, ke mang ea le tsebisitseng hore le balehele khalefo e tlang?”—MAT. 3:7.
1. Mehlala e meng e boletsoeng ka Bibeleng ea batho ba ileng ba baleha ke efe?
U NAHANA’NG ha u utloa lentsoe ‘baleha’? Ba bang ba ka ’na ba nahana ka Josefa, eo e neng e le tjaka ea mohlankana, ea ileng a baleha mosali oa Potifaro ea neng a leka ho mo hoka-hokela boitšoarong bo bobe. (Gen. 39:7-12) Ba bang ba ka ’na ba nahana ka Bakreste ba ileng ba baleha Jerusalema ka 66 C.E. kahobane ba ne ba mamela temoso ea Jesu, e reng: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale . . . ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe.”—Luka 21:20, 21.
2, 3. (a) Johanne Mokolobetsi o ne a hlile a bolela’ng ha a nyatsa baeta-pele ba bolumeli? (b) Jesu o ile a hatisa temoso eo Johanne a neng a fane ka eona joang?
2 Mehlala e boletsoeng ka holimo ke ea batho ba ileng ba hla ba tšola tlhako morong. Kajeno, hoo e ka bang linaheng tsohle lefatšeng ka bophara, ho hlokahala hore Bakreste ba ’nete ba balehe ka potlako ka tsela ea tšoantšetso. Johanne Mokolobetsi o ile a sebelisa lentsoe ‘baleha’ ka tsela eo. Ba bang ba batho ba neng ba tla ho Johanne e ne e le baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba neng ba itokafatsa ba bile ba nka hore ha ho hlokahale hore ba bake. Ba ne ba eisa batho ba tloaelehileng ba neng ba kolobetsoa ho tšoantšetsa pako. Ka sebete, Johanne o ile a pepesa baeta-pele bao ba baikaketsi ka ho re: “Lōna malinyane a bo-marabe, ke mang ea le tsebisitseng hore le balehele khalefo e tlang? Kahoo joale hlahisang litholoana tse tšoanelang pako.”—Mat. 3:7, 8.
3 Johanne o ne a sa bue ka ho baleha ka tsela ea sebele. O ne a ba lemosa ka kahlolo e tlang, ka letsatsi la khalefo; o bile a lemosa baeta-pele ba bolumeli hore ba lokela ho hlahisa litholoana tse bontšang hore ba bakile e le hore ba ka pholoha letsatsing leo. Hamorao, Jesu o ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ka sebete hobane ba ne ba ikemiselitse ho mo bolaea, e leng se neng se senola hore ntat’a bona ke Diabolose. (Joh. 8:44) Jesu o ile a hatisa temoso eo Johanne a ileng a fana ka eona pejana, a ba bitsa “malinyane a bo-marabe,” a ba a ba botsa hore: “Le tla balehela kahlolo ea Gehena joang?” (Mat. 23:33) Jesu o ne a bolela’ng ha a bua ka “Gehena”?
4. Jesu o ne a bolela’ng ha a bua ka “Gehena”?
4 Gehena e ne e le phula e ka ntle ho marako a Jerusalema moo ho neng ho chesoa lithōle le litopo tsa liphoofolo tse shoeleng teng. Jesu o ile a sebelisa Gehena ho tšoantšetsa lefu la ka ho sa feleng. (Sheba leqephe la 27.) Taba ea hore ebe o ile a botsa hore na ba tla pholoha Gehena e bontša hore baeta-pele bao ba bolumeli e le sehlopha, ba ne ba tšoaneloa ke timetso ea ka ho sa feleng.—Mat. 5:22, 29.
5. Histori e paka joang hore temoso eo Johanne le Jesu ba neng ba fane ka eona e ile ea phethahala?
5 Baeta-pele ba Bajuda ba ile ba eketsa libe tsa bona ka ho hlorisa Jesu le balateli ba hae. Hamorao letsatsi la khalefo ea Molimo le ile la fihla feela joalokaha Johanne le Jesu ba ne ba lemositse hore le tla tla. Kaha boemong boo ‘khalefo e tlang’ e ne e tobisitsoe sebakeng se itseng feela, e leng Jerusalema le Judea, batho ba ne ba ka baleha ka tsela ea sebele. Khalefo eo e ile ea bonahala ha Jerusalema le tempele ea eona li timetsoa ke mabotho a Baroma ka 70 C.E. “Matšoenyeho” ao a ile a ba maholo ho feta leha e le afe a neng a kile a oela Jerusalema. Batho ba bangata ba ile ba bolaoa kapa ba isoa botlamuoeng. Ketsahalo eo e ne e tšoantšetsa timetso e khōlō eo batho ba bangata ba ipitsang Bakreste hammoho le ba malumeli a mang ba tla tobana le eona.—Mat. 24:21.
Khalefo e Tlang eo Batho ba Lokelang ho e Balehela
6. Ho ile ha hlaha eng phuthehong ea pele ea Bokreste?
6 Ba bang har’a Bakreste ba pele e ile ea e-ba bakoenehi ’me ba ikhulela balateli. (Lik. 20:29, 30) Ha baapostola ba Jesu ba sa ntse ba phela ba ne ba ‘thibela’ bokoenehi ba mofuta oo, empa ka mor’a hore ba shoe, ho ile ha hlaha maquloana a mangata a Bokreste ba bohata. Kajeno ho na le malumeli a makholo-kholo a hanyetsanang a Bokreste-’mōtoana. Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho ne ho tla hlaha baruti ba Bokreste-’mōtoana ’me ha e ba hlalosa e le sehlopha, e ba bitsa “motho ea sa eeng ka molao” le “mora oa timetso . . . eo Morena Jesu a tla mo felisa . . . ’me a mo etse lefeela ka ponahalo ea ho ba teng ha hae.”—2 Bathes. 2:3, 6-8.
7. Ke hobane’ng ha tlhaloso e reng “motho ea sa eeng ka molao” e tšoanela baruti ba Bokreste-’mōtoana?
7 Baruti ba Bokreste-’mōtoana ha ba ee ka molao hobane ba khelositse batho ba limilione ka ho tšehetsa lithuto tse khahlanong le Bibele, matsatsi a phomolo le boitšoaro bo bobe. Joaloka baeta-pele ba bolumeli bao Jesu a ileng a ba nyatsa, barapeli ba kajeno bao e leng karolo ea “mora oa timetso” ba emetsoe ke timetso eo ho eona ho se nang tšepo ea tsoho. (2 Bathes. 1:6-9) Leha ho le joalo, ho tla etsahala’ng ka batho ba khelositsoeng ke baruti ba Bokreste-’mōtoana le ba malumeli a mang a bohata? E le hore re arabe potso ena, a re hlahlobeng lintho tse ileng tsa etsahala ka mor’a hore Jerusalema e timetsoe pejana ka 607 B.C.E.
“Balehang Babylona”
8, 9. (a) Jeremia o ne a tšoere molaetsa ofe oa boprofeta o eang ho Bajuda ba botlamuoeng Babylona? (b) Ka mor’a hore Babylona e haptjoe ke Bamede le Bapersia, batho ba ile ba khona ho baleha ka mokhoa ofe?
8 Moprofeta Jeremia o ile a bolela esale pele hore Jerusalema e ne e tla timetsoa, e leng se ileng sa etsahala ka 607 B.C.E. O ile a re batho ba Molimo ba ne ba tla isoa botlamuoeng ebe ka mor’a “lilemo tse mashome a supileng” ba khutlisetsoa naheng ea habo bona. (Jer. 29:4, 10) Jeremia o ne a tšoere molaetsa oa bohlokoa o eang ho Bajuda ba botlamuoeng Babylona; ba ne ba lokela ho lula ba sa silafatsoa ke bolumeli ba bohata ba Babylona. Ka tsela eo ba ne ba tla be ba loketse ho khutlela Jerusalema le ho tsosolosa borapeli bo hloekileng ha nako e behiloeng e fihla. Sena se ile sa etsahala kapele ka mor’a hore Bamede le Bapersia ba hape Babylona ka 539 B.C.E. Morena Cyruse oa II oa Persia o ile a ntša molao-taelo oa hore Bajuda ba khutlele Jerusalema ho ea tsosolosa tempele ea Jehova.—Esdr. 1:1-4.
9 Bajuda ba likete ba ile ba nka monyetla oo ’me ba khutlela hae. (Esdr. 2:64-67) Ka tsela eo, ba ile ba phethahatsa taelo eo Jeremia a neng a fane ka eona e le boprofeta ’me boemong ba bona, e ne e bolela ho baleha ka mokhoa o mong, hore ba tlohe sebakeng se seng ba ee ho se seng. (Bala Jeremia 51:6, 45, 50.) Maemo ha aa ka a lumella Bajuda bohle hore ba nke leeto le lelelele la ho khutlela Jerusalema le Juda. Ha e le ba setseng Babylona, ba kang moprofeta Daniele ea neng a se a hōlile, Molimo o ne a tla ba hlohonolofatsa feela haeba ba ne ba ka tšehetsa borapeli bo hloekileng Jerusalema ka pelo eohle ’me ba lule ba sa itsoakanya le borapeli ba bohata ba Bababylona.
10. Ke ‘lintho life tse nyonyehang’ tseo “Babylona e Moholo” e leng molato oa tsona?
10 Kajeno, batho ba libilione ba kene tloara! bolumeling ba bohata ba mefuta e sa tšoaneng bo qalileng Babylona ea boholo-holo. (Gen. 11:6-9) Malumeli ao ka kakaretso a bitsoa “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa le oa lintho tse nyonyehang tsa lefatše.” (Tšen. 17:5) Haesale ho tloha khale bolumeli ba bohata bo ntse bo tšehetsa babusi ba lipolotiki ba lefatše lena. Tse ling tsa “lintho tse nyonyehang” tseo bo leng molato oa tsona ke lintoa tse ngata tse ileng tsa fella ka hore batho ba limilione tse makholo ba ‘bolaoe lefatšeng.’ (Tšen. 18:24) Tse ling tsa “lintho tse nyonyehang” li akarelletsa ho hlekahleka bana ka ho kopanela liphate le mefuta e meng ea boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate bo etsoang ke baruti le bo lumelloang ke baeta-pele ba likereke. Ka sebele ha ho makatse hore ebe haufinyane Jehova Molimo o tla felisa bolumeli ba bohata lefatšeng lena.—Tšen. 18:8.
11. Bakreste ba ’nete ba tlameha ho etsa’ng ho fihlela Babylona e Moholo e timetsoa?
11 Kaha Bakreste ba ’nete ba tseba sena, ba tlameha ho lemosa litho tsa Babylona e Moholo. Tsela e ’ngoe eo ka eona ba etsang seo ke ka ho aba Libibele le lingoliloeng tse amanang le Bibele tse hatisitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” leo Jesu a le khethetseng ho fana ka ‘lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng.’ (Mat. 24:45) Ha batho ba bontša hore ba thahasella molaetsa oa Bibele, ho lokisetsoa hore ba khanneloe thuto ea Bibele e tla ba thusa. Re tšepa hore ba tla bona hore ba lokela ho ‘baleha Babylona’ e e-s’o be morao haholo.—Tšen. 18:4.
Balehelang Borapeli ba Litšoantšo
12. Molimo o talima ho rapela litšoantšo joang?
12 Mokhoa o mong o nyonyehang o atileng Babylona e Moholo ke oa ho rapela litšoantšo. Molimo o re ke ‘lintho tse nyonyehang’ le ‘litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang.’ (Deut. 29:17) Bohle ba batlang ho thabisa Molimo ba lokela ho qoba borapeli ba litšoantšo, e leng se lumellanang le mantsoe a Molimo a reng: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka; ’me nke ke ka fa e mong khanya ea ka, kapa ka fa litšoantšo tse betliloeng thoriso ea ka.”—Esa. 42:8.
13. Re lokela ho balehela mefuta efe e poteletseng ea borapeli ba litšoantšo?
13 Lentsoe la Molimo le boetse le senola mekhoa e poteletseng ea borapeli ba litšoantšo. Ka mohlala le re ho chacheha ka mohono ke “borapeli ba litšoantšo.” (Bakol. 3:5) Ho chacheha ka mohono ke ho lakatsa ntho e hanetsoeng, e kang thepa ea motho e mong. (Ex. 20:17) Ka ho chacheha ka mohono lengeloi leo e ileng ea e-ba Satane Diabolose le ile la lakatsa ho tšoana le Ea Matla ’Ohle le ho rapeloa. (Luka 4:5-7) Sena se ile sa etsa hore le fetohele Jehova ’me le eke Eva hore a chachehele ntho eo Molimo a neng a e thibetse. Ka tsela e itseng, ho ka boleloa hore Adama le eena o ile a rapela litšoantšo hobane o ile a lumella takatso ea hae ea boithati ea ho qenehela bolekane le mosali oa hae hore e be ntho ea bohlokoa ho feta ho mamela Ntate oa hae ea lerato oa leholimo. Ka lehlakoreng le leng, bohle ba batlang ho balehela letsatsi la khalefo ea Molimo ba tlameha ho mo fa boinehelo bo khethehileng ’me ba loantše ho chacheha ka mohono ka tsela leha e le efe e joalo.
“Balehelang Bohlola”
14-16. (a) Ke hobane’ng ha Josefa e bile mohlala o motle hakaale tabeng ea boitšoaro? (b) Re lokela ho etsa’ng ha re e-ba le takatso e litšila ea ho kopanela liphate? (c) Re ka atleha joang ho balehela bohlola?
14 Bala 1 Bakorinthe 6:18. Ha mosali oa Potifaro a ne a leka ho eka Josefa, o ile a hla a hlanola lirethe. Ka sebele o ile a behela Bakreste mohlala o motle, ho sa tsotellehe hore na ba lenyalong kapa che! Ho hlakile hore letsoalo la Josefa le ne le anngoe ke lintho tse etsahetseng nakong e fetileng tse neng li bontša hore na Molimo o ikutloa joang ka boitšoaro bo bobe. Haeba re batla ho mamela taelo e reng “balehelang bohlola,” re tla qoba lintho tse ka re tsosetsang takatso ea ho kopanela liphate le batho bao e seng balekane ba rōna ba lenyalo. Bibele e re: “Le bolaee litho tsa ’mele ea lōna . . . mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo. Ka lebaka la lintho tseo khalefo ea Molimo ea tla.”—Bakol. 3:5, 6.
15 Hlokomela hore “khalefo ea Molimo ea tla.” Ba bangata lefatšeng ba ba le litakatso tse fosahetseng tsa ho kopanela liphate ebile ba inehella tsona. Kahoo, ho hlokahala hore rōna joaloka Bakreste re rapelle thuso ea Molimo le moea o halalelang e le hore re se ke ra laoloa ke litakatso tse litšila tsa ho kopanela liphate. Ho phaella moo, ho ithuta Bibele, ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho bolella baahisani ba rōna litaba tse molemo ho tla re thusa hore re “tsamaee ka moea.” Ka hona ‘ho hang re ke ke ra phetha takatso ea nama.’—Bagal. 5:16.
16 Ka sebele, re tla be re sa “tsamaee ka moea” haeba re shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Ka ho tšoanang, ho hlokahala hore Mokreste e mong le e mong a itlhokomele hore a se ke a bala lintho tse tsosang takatso ea ho kopanela liphate, a li shebella kapa a li mamela. Ho phaella moo, ho fosahetse hore “batho ba halalelang” ba Molimo ba thabele ho soasoa ka lintho tsa mofuta oo kapa ho qoqa ka tsona. (Baef. 5:3, 4) Ka tsela eo re bontša Ntate oa rōna ea lerato hore ruri re batla ho phonyoha khalefo ea hae e tlang le ho phela lefatšeng le lecha la ho loka.
Balehelang “Lerato la Chelete”
17, 18. Ke hobane’ng ha re lokela ho balehela “lerato la chelete”?
17 Lengolong la hae la pele le eang ho Timothea, Pauluse o ile a hatisa melao-motheo eo makhoba a Bakreste a lokelang ho e latela, kaha ba bang ba ne ba ka ’na ba lebella menyetla ea ho fumana lintho tse bonahalang hobane ba hiriloe ke Bakreste. Ba bang ba ne ba ka ’na ba leka ho sebelisa phutheho ea Bokreste e le hore ba ithuise molemo ka tsela ea boithati. Pauluse o ile a re lemosa hore re se ke ra ‘nahana hore boinehelo ba bomolimo ke mokhoa oa ho rua [lintho tse bonahalang].’ E ka ’na eaba sesosa sa bothata boo e ne e le “lerato la chelete,” le ka ntšang motho leha e le ofe kotsi, ho sa tsotellehe hore na ke morui kapa ke mofutsana.—1 Tim. 6:1, 2, 5, 9, 10.
18 Na u ka hopola mehlala e meng e boletsoeng ka Bibeleng ea batho bao kamano ea bona le Molimo e ileng ea senngoa ke “lerato la chelete” kapa lerato la lintho tseo e seng tsa bohlokoa tse ka rekoang ka chelete? (Josh. 7:11, 21; 2 Mar. 5:20, 25-27) Pauluse o ile re ho Timothea: “Uena, motho oa Molimo, u balehele lintho tsena. Empa u phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo.” (1 Tim. 6:11) Ke habohlokoa hore bohle ba batlang ho pholoha letsatsi la khalefo le tlang ba mamele keletso eo.
“U Balehele Litakatso Tsa Tlhaho Tsa Bocha”
19. Bacha bohle ba hloka eng?
19 Bala Liproverbia 22:15. Booatla bo pelong ea mocha bo ka mo khelosa habonolo. Ntho e ka thusang ho bo loantša ke taeo e thehiloeng Bibeleng. Bacha ba bangata ba Bakreste bao batsoali ba bona e seng Lipaki Tsa Jehova ba leka ho fumana melao-motheo e ka Bibeleng le ho phela ka eona. Ba bang ba thusoa ke keletso e bohlale ea ba hōlileng moeeng ka phuthehong. Ho sa tsotellehe hore na ke mang ea fanang ka keletso e thehiloeng Bibeleng, ho e mamela ho ka fa motho thabo hona joale le nakong e tlang.—Baheb. 12:8-11.
20. Ke eng e ka thusang bacha hore ba balehele litakatso tse fosahetseng?
20 Bala 2 Timothea 2:20-22. Bacha ba bangata ba e-s’o be le phihlelo ba hlokang taeo e molemo ba ile ba inehella mekhoa e booatla, e kang moea oa tlhōlisano, ho chacheha ka mohono, bohlola, lerato la chelete le ho lelekisa menyaka. Lintho tsena li bontša “litakatso tsa tlhaho tsa bocha,” tseo Bibele e reng re li balehele. E le hore mocha oa Mokreste a li balehele o lokela ho itlhokomela hore a se ke a angoa ke tšusumetso e mpe ho sa tsotellehe hore na e hlaha hokae. Ntho e ka mo thusang haholo ke keletso ea Bibele ea hore a hahamalle litšobotsi tsa bomolimo “hammoho le ba ipiletsang ho Morena ho tsoa pelong e hloekileng.”
21. Ke tšepiso efe e babatsehang eo Jesu Kreste a ileng a fana ka eona mabapi le balateli ba hae ba kang linku?
21 Ho sa tsotellehe hore na re batho ba baholo kapa re sa le bacha, ha re hana ho mamela batho ba lekang ho re khelosa re bontša hore re batla ho ba har’a balateli ba Jesu ba kang linku ba ‘balehelang mantsoe a basele.’ (Joh. 10:5) Leha ho le joalo, e le hore re pholohe letsatsi la khalefo ea Molimo, ho hlokahala hore re etse ho hong ntle feela le ho balehela lintho tse kotsi. Ho boetse ho hlokahala hore re phehelle litšobotsi tse molemo. Sehlooho se latelang se tla tšohla litšobotsi tse supileng har’a tsona. Re na le mabaka a utloahalang a ho hlahlobisisa taba ena, hobane Jesu o ile a fana ka tšepiso ena e babatsehang: “[Linku tsa ka] ke li fa bophelo bo sa feleng, ’me ho hang li ke ke tsa timetsoa le ka mohla, ’me ha ho le ea mong ea tla li hloibila letsohong la ka.”—Joh. 10:28.
U ka Araba Joang?
• Jesu o ile a fa baeta-pele ba bolumeli temoso efe?
• Batho ba limilione ba tobane le kotsi efe kajeno?
• Ke mekhoa efe e poteletseng ea borapeli ba litšoantšo eo re lokelang ho e balehela?
[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
U nahana’ng ha u utloa lentsoe ‘baleha’?