Na u ka Mamella Liteko ka Katleho?
“Banab’eso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlaheloa ke meleko e mengata; le ntse le tseba hobane ho lekoa ha tumelo ea Iōna ho hlahisa mamello.—Jak. 1:2, 3.
1. Ha re bala ka liteko tseo Bakreste ba hlomohileng ke tsona ʼme ba ntseng ba hlomohile ke tsona, ke lipotso life tse ka hlahang likelellong tsa rona?
Re ee re utloe batho ba re, “Kea ipotsa hore na nka be ke ile ka mamella,” ha ba bala ka liteko tse ileng tsa utluoa ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, hammoho le ba linaheng tsa Bonazi nakong ea Ntoa ea II ea lefatše, ʼme, hamorao, linaheng tsohle ho pota lefatše. Haesita le bophelong ba letsatsi le leng le le leng ba Bakreste bohle, leha ho le joalo, ho etsahala mathata a seng thata ho mamelloa feela empa hangata a le thata haholo ho a sebetsa. Na ea ipolelang hore o lumela ho Kreste le eo e leng mohlanka oa Molimo a ka mamella? Na a ka talimana le liteko le mathata ka tiiso ea hore o tla atleha?
2, 3. Ke hobane’ng ha lengolo la Jakobo le ne le ngotsoe ka nako e ntle le bile le loketse?
2 E ne e le ho batho ba neng ba feta litekong le ba neng ba talimane le lipotso tse joalo Jakobo, ngoan’abo Jesu Kreste, a ileng a ngola. Mantsoe a hae ke matšeliso a maholo, hobane o ngolile nakong eo ka eona Bakreste ba neng ba sa fete mahlorisong a matla feela, empa e le ha ho ne ho atamela nako eo ka eona litaba tsa sechaba sa Roma li neng li tla ba mahlonoko haholoanyane, ho ea kamoo Bakreste ba amehang kateng.
3 Nakoana kamor’a hore Jakobo a ngole, Bakreste ba Roma ba ne ba tla beoa molato oa bohata ke ʼMusisi oa Moroma Nero ka baka la mollo o moholo oa 64 C.E. o neng o tla senya boholo ba motse oo. Koana, hona ho ne ho tla isa ho hlorisoeng ha Bakreste ʼmusong ʼohle. Joale, hamoraonyana, selemong sa 70, Jerusalema le naha ea Juda li ne li tla etsoa lesupi ke makhotla a Roma. Bakreste ba Jerusalema, ba utloa temoso ea Kreste, ba ne ba tla balehela ka mose oane oa Jordane pele motse o timetsoa, ba boloka bophelo ba bona, empa ba lahleheloa ke matlotlo a bona ba bile ba talimana le mathata a mangata.
4. Lengolo la Jakobo le thusa Bakreste joang ho qoba ho oela boikutlong bo fosahetseng bo boletsoeng ho Pesaleme ea 73:2, 3, 5, 11-13?
4 Ka hona lengolo la Jakobo le ne le nepane le nako. Empa le haeba ba tlas’a mahloriso a matla kapa che, ho hlokahala hore Bakreste ba mamelle. Kaha ba phela lefatšeng le tlōlang metheo ea Bokreste ʼme, ho phaella moo, ho hlokahala hore ba sebetsane le ho kula le mathata a mang a mangata. Pesaleme ea 73 e bua ka mathata a thulanang le bahlanka ba Molimo ao bao e seng Bakreste ba sa feteng tlas’a oona. Hobane’ng? Kaha bao e seng Bakreste hangata ha ba tsotelle. Ha ba na tšepo le tumelo tseo Bakreste ba nang le tsona ho Molimo, ʼme ha ho letho le ba susumelletsang hore ba o khahlise. Lengolo la Jakobo le thusa Bakreste ho qoba ho oela boikutlong bo kang boo Asafe, mongoli oa pesaleme eo, a bileng le bona ka nakoana. Asafe o itse:
“Ha e le ʼna, leoto la ka le batlile le khopjoa, mehato ea ka e batlile e thella; hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefoli. Ba lutse ka ntle ho mahlomola a batho, ʼme ha ba otloe joale ka ba bang. Se re: Na Molimo o ka tseba joang? Mookameli ea phahameng a ka ba le tsebo joang? Ba talimeng ba babe bao! ba iketla ka mehla, ba totisa matlotlo a bona. Ke feela ha ke hloekisitse pelo ea ka, leha ke hlatsoitse matsoho a ka bosoeung.”—Pes. 73:2, 3, 5, 11-13.
5. Jakobo o tobisa lengolo la hae ho “meloko e leshome le metso e ʼmeli e qhalaneng.” O ne a ngolla bo-mang?
5 Jakobo o qalisa lengolo la hae ka mokhoa o itekanetseng, ka hore a se ke a supa ka mokhoa o sa tobang kamanong ea hae le Jesu Kreste, empa ka ho itšupa e le “Mohlanka oa Molimo le oa Morena Jesu Kreste.” O tobisa ho “meloko e leshome le metso e ʼmeli e qhalaneng” ka “Lumelang!” (Jak. 1:1) Ena hase meloko e leshome le metso e ʼmeli ea tlhaho ea Iseraele. Se fuperoeng ke lengolo ke sona se senolang sena. Jakobo a ka be a sa ka a ngola kamoo a ngotseng kateng hoja babali ba hae e ne e le Bajode ba tlhaho feela. Ho feta moo, mokhoa ona oa ho tobisa taba o ne o tloaelehile har’a Bakreste, haholo-holo ba neng ba hlile e le ba tsoileng Bojodeng ka tlhaho, joaloka Jakobo. Pauluse o bitsa phutheho ea Bokreste “Iseraele oa Molimo.” (Ba-Gal. 6:16; bapisa Ba-Roma 2:28, 29.) Ka nako eo Bakreste ba ne ba qhalane hoohle likarolong tsohle tsa ʼMuso o Moholo oa Roma. Boiteko ba moapostola Pauluse karolong e ka bophirimela ea lefatše le tsoetseng pele le boiteko ba Petrose sebakeng sa Babylona ho elella ka bochabela bo ile ba tlatsetsa haholo mabapi le keketseho e ileng ea thabeloa ke Bakreste. Petrose o ile a tobisa lengolo la hae la pele ho “ba jakileng, ba hasaneng” likarolong tsa Asia Minor.—1 Pet. 1:1.
MORERO OA LITEKO LE MAMELLO
6. Ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho ho ‘lekanya e le thabo’ ha a thulana le liteko, ʼme liteko ke tsa bohlokoa bofe ho eena?
6 Jakobo o tsoela pele: “Banab’eso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlaheloa ke meleko e mengata.” (Jak. 1:2) Jesu o ne a itse Thutong ea hae ea Thabeng: “Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata. Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso oa lōna o tla ba moholo leholimong.” (Matt. 5:11, 12) Hase feela hore ho teng moputso oa leholimo, empa molemo o teng hona joale, joalokaha Jakobo a eketsa, a re: “le ntse le tseba hobane ho lekoa ha tumelo ea lōna ho hlahisa mamello.” (Jak. 1:3) Tumelo e emang har’a liteko e molemo—ke tumelo e nang le bopaki. Tumelo ea mofuta ona e sebeletsa mamello e matla haholoanyane bakeng sa teko e latelang.
7. Ke hobane’ng ha Mokreste a sa lokela ho qhomakela liteko kapa ho khathala tlas’a liteko?
7 Mokreste ha a ea lokela ho balehela liteko kapa a ikutloe hore o se a mamelletse ho lekana. Jakobo o re: “ʼMe mamello e ka khona e phethehe tšebetsong ea eona, le tle le be ba phethehileng, ba hōlileng ruri, bao ho sa hlokoeng letho ho bona.” (Jak. 1:4) Mosebetsi o phethoang ke mamello ho Mokreste o se ke oa sitisoa ka lipelaelo, ho korotla kapa borabele. Haeba a fela a mamella ka botšepehi, a sa belaele ka Molimo kapa baena ba hae, ʼme a sa furalle ke ho tšaba kapa ho khathala ho bolella ba bang ka merero ea Molimo ka ʼmuso oa Oona, o tla phetheha le ho hōla ka lintlha tsohle. Mamello e joalo e tla mo thusa hore a nchafatse botho ba hae. E be motho ea tsebang ho thusa ba bang, ka kutloisiso, qenehelo le mohau. Ha motho a sa feta tlas’a liteko ka mamello, a ke ke a tšoaneleha ka tsela ena. E ke ke ea e-ba Mokreste ea phethehileng.—Bapisa Mattheu 5:48; 24:13.
KE BOHLALE HO TALIMANA LE LITEKO
8, 9. Re ka tiisa joang hore re tla ba le bohlale ba ho talimana le teko eitseng le ho e mamella?
8 Re ka tiisa joang hore re tla ba le matla le bohlale ho talimana le bothata bo itseng—teko leha e le efe—ʼme re mamelle? Jakobo o re: “Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle, ka phano e kholo o se na ho khanana, ʼme o tla bo neoa.” (Jak. 1:5) Ka baka leo, re ka tiisa hore haeba re rapella bohlale ba hore re tšoare bothata leha e le bofe kapa teko eo re talimanang le eona, re tla bo neoa.
9 Hona ha ho bolele hore bothata bo tla tloha ka mehla kapa hore bo tla rarolloa ka potlako, empa hore re tla tseba ho nka tsela e tla etsa molemo, moeeng, bakeng sa rōna le ba bang ba amehang. Re tla mamella teko ho isa qetellong ʼme re tsoe ho eona re le Bakreste ba molemonyana ho feta kamoo re neng re le kateng pele re kena ho eona. ʼMe ba bang ba re hlokomelang, le ba nang le lipelo tse ntle, ba tla re thusa.
10. (a) Hangata re ee re fumane karabelo ea mofuta ofe ha re rapella lintho tse itseng? (b) Tabeng ea thapelo bakeng sa bohlale ha re talimana le teko, re ka fumana karabelo ka litsela life?
10 Ho na le lintho tse ngata tseo re ka li rapellang tse ka ʼnang tsa arabeloa ka tsela eo re sa e rateng. Re tla fumana karabelo, mohlomong e fapaneng le seo re neng re se lebelletse; ke seo Molimo o tla beng o tseba hore se molemong oa rōna. Ha e le hantle, lintho tse ling tseo re li kōpang mohlomong li ke ke tsa e-ba molemong oa rōna haeba re li neoa kamoo re li kōpang kapa re li lakatsang. Leha ho le joalo, bohlale ba ho talimana le teko rea bo tšepisoa ho hang ke Molimo. Re ka tiisa hore re tla fumana bohlale bo hlokahalang haeba re kopa ka nepo. Ho tla fanoa ka bohlale ka tsela e le ʼngoe kapa tse fetang ho tsena tse tharo: (1) Litemana tsa Mangolo a itseng tse fanang ka karabelo eo re e hlokang re tla li hlokomelisoa, mohlomong le haeba e le ka boithuto ba rona kapa le ka baena ba rona. (2) Maemo le liketsahalo li ka laoloang ka tokisetso ea Molimo li tla re nolofaletsa ho bona ka ho hlakileng hore na re etse joang. Ho ka ʼna ha tlosoa litšitiso tse itseng tseleng ea rona. (3) Mangeloi a halalelang a Molimo a ka ʼna a tsamaisa moea oa rona ka tsela e nepahetseng.
11. Molimo o fana joang ‘haholo, o sa sebelise puo e mpe’?
11 Molimo o fana haholo, ke hore, ka moea o bonolo le ka pelo eohle, ho feta kamoo motho a kopang. (Ba-Ef. 3:20; 1 Joh. 5:14, 15) Hona o ho etsa ntle ho puo e mpe. Hobane, haeba u kopa motho, a ka ʼna a arabela ka ho re, ‘Ke bohlanya ntho eo.’ A ka ba ʼna a u sheba ka tello. Kapa, kamor’a ho kopa ka makhetlo a mangata, a ka ʼna a teneha ʼme a hana kopo ea hao ka bohale. Empa ha ho joalo ka Molimo. Ha ho mohla o reng, ‘Ke kopo ea mahlanya eo!’ Leha e le hore o etsa hore motho a ikutloe a le ‘mosesaane.’ Ha a u rohakele boitšoaro ba hao ba nakong e fetileng, joalokaha batho ba tloaetse joalo. O ananela haholo motho ea nang le tumelo le kameho e lekaneng hore a rapele ka ho pheta-pheta bakeng sa ntho eitseng.—Bapisa Luka 18:1-14.
12. Re ka tiisetsoa eng ke mantsoe a Jakobo, “o tla bo neoa”?
12 “O tla bo neoa.” Bohlale, boo re bo fumanang tlas’a tsamaiso ea moea oa Molimo, ke bo bong ba lintho tseo Molimo o lakatsang haholo ho fana ka tsona ho bahlanka ba oona. O-oa thaba ha re kopa bohlale. Bo sebeletsa molemong oa rona ka linako tsohle ʼme bo re thusa ha re rapela hore re utloisise Lentsoe la Molimo kamoo le sebetsang kateng boemong ba rona. (1 Ba-Kor. 2:9, 10) Jesu o itse: “Ha esita lona ba lonya, le tseba ho nea bana ba lona lintho tse molemo, Ntat’a lona ea leholimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moea o Halalelang ho ba o kopang ho eena!”—Luka 11:13; Mar. 11:24.
PHELLO E SENYANG EA PELAELO
13. Ke ka boikutlo bofe motho a lokelang ho rapella bohlale, hona hobane’ng?
13 “Feela, a kope ka tumelo, a se ke a lika-lika; hobane motho ea lika-likang o joale ka leqhubu la leoatle le tsukutloang, le akheloang hohle ke moea.” (Jak. 1:6) Mokopi o tlameha ho ba le tumelo e feletseng ho Molimo le ho Mora oa oona, le ho lula ha bona ba lokile hore ba ka fana ka se hlokoang, ʼme a se ke a ba le monahano o mong ntle ho lithahasello tsa tumelo ea Bokreste le merero ea Molimo. A se ke a rapella ntho e ʼngoe ʼme ha a le kae kae a batla ho hong hape. Thapelo ea hae e tlameha ho tsoa botebong ba pelo ea hae. Ho seng joalo o tšoana le leqhubu la leoatle, le eang pele le morao le holimo le tlase. Moea o mong le o mong—tšusumetso e ʼngoe le e ʼngoe ea ka ntle, letsoalo le leng le le leng—le etsa hore a fetohe.
14. Jakobo o re’ng ho ea pele ka motho ea belaelang?
14 Ka motho ea joalo, Jakobo o fihlela qeto e reng: “Motho ea joalo a se ke a lekanya hore o tla fuoa letho ke Morena, hobane ke motho ea sa tsebeng moo a emeng teng [ea “pelo li peli”], ea sa tsitsang litseleng tsohle tsa hae.” (Jak. 1:7, 8, Phet. e Ncha) O maikutlo a habeli, a leka ho nka tsela tse peli ka nako e le ʼngoe, a tsekahane pakeng tsa ntho e ʼngoe ea lefatše le lintho tsa Molimo; kapa a susumetsoa ke lintho tse ling ho fapana le Lentsoe la Molimo, a ba le maikutlo ana hamorao a be le a mang. (Bapisa Mattheu 6:24.) A ka ba ʼna a tsila-tsila hore a ka isa taba ho Molimo. Motsotsong ona o-oa cheseha ka o latelang o nyahame. Ha a joalo feela ha ho fihloa litabeng tsa thapelo empa hape le litabeng tse ling tse amanang le tumelo. Hase paki e tiileng le e tšepahalang ea Jehova. Ho fapana le moo, Mangolo a re: “Tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang; ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.”—Ba-Heb. 11:6.
KELETSO HO BARUI LE MAFUTSANA
15. Moena ea tlase a ka thaba joang “boholong ba hae”?
15 Ha a ntse a tsoela pele a nahana ka liteko, Jakobo joale o bua ka e ʼngoe e atileng haholo: “Molumeli oa mofutsana a ithabele boholong ba hae.” (Jak 1:9) Bakreste ba bangata ka nako eo le kajeno, ke batho ba tsoaletsoeng malapeng a tlase. (1 Ba-Kor. 1:26) Ba le boemong bo tlase, boemo ba bona ho tsa moruo bo ka ʼna ba ba thatafaletsa ha mahloriso a etla. Hape, ba bang ba neng ba ruile ba ile ba fumanehisoa ke mahloriso. Leha ho le joalo, ba ne ba ka thaba hobane, ka phuthehong ea Bokreste, boemo ba bona bo tlase hase khoreletso. Ke bana ba Molimo “ba motse o le mong le bahalaleli, . . . le ba ntlo ea Molimo.” (Ba-Ef. 2:19) Mofutsana a ka lebala bofuma ba hae ba lefatšeng ka baka la leruo le fetisisang la kamano ea hae le Molimo le Kreste, le lerato la bana babo ba Bakreste. ʼMe a ka thabela hore o na le hona ho thusa ba bang ka ho ba nea ‘litaba tse molemo.’ A ka ba motlotlo ka lintho tsena.
16. Moena oa morui a ka thaba joang “bofutsaneng ba hae”?
16 Ha e le motho oa morui ea fetohileng Mokreste, a ka thabela “bofutsaneng ba hae.” Joale ha e sa lefumo la hae le buang. Ho e-na le boikhohomoso bo hlahisoang ke maruo hangata, moea oa Kreste ke oa boikokobetso le ho ipea tlase. (Ba-Fil. 2:3-8) A ka thabela kutloisiso eo joale, ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo a ka lemohang “ho thetsa ha lefumo” le hore maruo hase ntho eo motho a ka beang tšepo ho eona. (Matt. 13:22) Hape, o hlokomela hore ho senya nako le boiteko ho bokella maruo a lefatše ke tšenyo ʼme ho sekamela ho senyeng boemo ba moea haesita le bophelo ba ʼmele oa motho. Jakobo o fana ka mabaka a hore na hobane’ng, a re: “Hobane o tla fela joale ka palesa ea joang.” O tseba hore maruo a hae a ke ke a lelefatsa bophelo ba hae. “Hobane letsatsi le re le sa chaba le mofuthumela oa lona, le phakise le pontše joang, ʼme palesa ea jona e oe, ʼme botle ba sebopeho sa jona bo timele; morui le eena o tla pona joalo metsamaong ea hae.”—Jak. 1:10, 11.
17. Hlalosa tlhaloso ea Jakobo ka se etsahallang morui le “botle” ba hae?
17 Limela li pontšoa ke letsatsi ʼme botle ba tsona bo nyamele. Ho joalo feela, ha morui a tsofala ʼme a e-shoa, bokhabane ba leruo le mo potolohileng le le mo ‘ntlafalitseng’ boa ikela. Koana, mofutsana le eena o ntse a e-shoa, empa ha ho mohla a kileng a ba le botle bo tlokomang ba ponahalo bo kang ba morui. Empa ‘botle’ bona ba morui bo nkoa ke majalefa a hae le ba bang, ʼme hangata ‘ʼmuso’ oo a neng a o hahile o-oa qhalana kapa sepheo seo a neng a se habile sea qhalana. Ha a sa le “metsamaong ea hae,” mohlomong a le leetong la mosebetsi kapa ha a sa phethahatsa merero ea hae ea ho fumana leruo le lengata, o-oa shoa. Mabakeng a mangata lefu la morui le fihla pele a ba le sebaka sa ho thabela maruo a hae. Ka lehlakoreng le leng, morui ea fetohang Mokreste a ka thabela maruo a hae a bonahalang ka baka la ho a sebelisetsa ho ntšetsa pele likhahleho tsa ʼmuso oa Molimo. Hangata a ka lokisetsa ho neela nako e ngatanyana ho boleleng ‘litaba tse molemo’ ʼme a ka tlatsetsa ho bolokoeng ha libaka tseo ho kopaneloang ho tsona le ho ntšetsoeng pele ha mosebetsi oa ʼMuso joalokaha o etsoa lefatšeng ka bophara.
MOPUTSO OA MAMELLO
18. Ke moputso ofe o hlalosoang ke Jakobo bakeng sa ea mamellang teko ka botšepehi?
18 Le hoja Jakobo, Jas 1 litemaneng ea 3 le ea 4, a supa molemo o tlang hona hoo oa mamello, Jas 1 temaneng ea 12 o hatisa qetello ea eona kapa tholoana—moputso oa ho feta litekong ka botsitso. O-oa ngola, a re: “Ho lehlohonolo motho ea mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlōle moleko, o tla neoa moqhaka oa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.” (Jak. 1:12) “Moqhaka oa bophelo” ke neo ea bophelo eo Molimo o e neang “ba mo ratang” har’a liteko tse ngata tseo Molimo o etsang hore li sebelisane ho phethahatsa bahlanka ba oona, haeba ba li mamella ba iketletse tsona, ba sa belaele ʼme, ka thuso ea oona ka ho hlola. (Ba-Roma 8:28) Hona ha ho bolele hore o fumana tokelo e isang bophelong ka mesebetsi ea hae kapa ka mamello, hobane bophelo ke neo e sa lefelloeng ka tumelo ho Jesu Kreste. Empa Mokreste ea mamellang o pakile hore o na le tumelo eo. Ho tšoaneleha ha eona ho lekiloe ʼme ho fumanehile ho le matla ho bile ho phethehile.
19. Ke maikutlo afe a loketseng ao Bakreste ba lokelang ho ba le oona mabapi le liteko?
19 Ka baka leo, Mokreste A KA mamella liteko leha e le life tse mo oelang, haesita le tse matla ka ho fetisisa. A se ke a kena litekong a tšepile matla ao e leng a hae. Bohlale ba Molimo le matla li batloe ka thapelo ka lebitso la Jesu Kreste, eo, ha a le lefatšeng, a ileng a bea mohlala o phethahetseng oa mamello. Mokreste a ka tšepa ka ho feletseng tiisong e tšelisang ea moapostola Petrose, ha a re: “Molimo oa mehauhelo eohle, o re bilelitseng ka Jesu Kreste ho rua khanya ea oona e sa feleng, ha le se le utloile bohloko ka litšiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.”—1 Pet. 5:10; Ba-Roma 8:35-39.