Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Taeo E Ka Hlahisang Litholoana tsa Khotso
    Molula-Qhooa—1988 | April 15
    • lomosoang.” (1 Ba-Korinthe 5:7) Ka hore hape ba qobe batho ba ikarotseng ka boomo, Bakreste ba sirelelitsoe maikutlong a nyatsa-nyatsang, a hlokang kananelo, kapa esita le a bokoenehi.—Ba-Heberu 12:15, 16.

      Ho Thoe’ng ka Beng ka Motho?

      11, 12. (a) Phello e ne e e-ba efe ho beng ka motho oa Moiseraele ha mofosi a ne a khaoloa? (b) Bontša melemo ea kutlo.

      11 Ka sebele Molimo oa tseba hore ho phethahatsa melao ea oona e lokileng ka ho khaola bafosi hangata ho kopanyelletsa beng ka motho kapa hoa ba ama. Joalokaha ho boletsoe kaholimo, ha mofosi oa Moiseraele a ahlōleloa lefu, kopano ea lelapa e ne e fela. Ha e le hantle, haeba mora e ne e le letahoa a bile a le meharo, batsoali ba hae ba ne ba lokela ho mo tlisa pel’a baahlōli, ’me haeba a ne a sa bake, batsoali ba ne ba lokela ho kopanela polaong ea hae e neng e tla be e etsoa ka tōka, ‘ho tlosa bobe har’a Baiseraele.’ (Deuteronoma 21:18-21) U ka utloisisa hore ketso ena e ne e ke ke ea e-ba bonolo ho bona. Hape, nahana kamoo baena ba mofosi, likhaitselie, kapa ntat’ae-moholo le nkhono’ae ba neng ba ikutloa kateng. Empa ho bea ha bona ho tšepahala ho Molimo oa bona o lokileng kapele ho kamano ea lelapa ho ne ho ka boloka bophelo ba bona.

      12 Hopola taba ea Kore, eo e neng e le moetapele oa borabele khahlanong le boetapele ba Molimo ka Moshe. Tōkeng ea hae e phethahetseng, Jehova o ile a bona hore Kore o ne a tlameha ho shoa. Empa bohle ba tšepahalang ba ile ba lemosoa: “Tlohang pel’a litente tsa banna bao ba babe, ’me le se ke la ama letho la bona, e se re la timeletsoa ka baka la libe tsohle tsa bona.” Beng ka bona ba sa kang ba amohela temoso ea Molimo ba ile ba bolaoa le marabele ao. Empa beng ka Kore ba bang ka bohlale ba ile ba khetha ho tšepahala ho Jehova, e leng ho ileng ha pholosa bophelo ba bona ’me ha lebisa mahlohonolong a nako e tlang.—Numere 16:16-33; 26:9-11; 2 Likronike 20:19.

      13. Bakreste ba tšepahalang ba tla itšoara joang ha setho se haufi sa lelapa se khaoloa kapa se ikarola?

      13 Ho khaoloa phuthehong ea Bokreste ha ho kopanyelletse lefu la hona hoo, ka baka leo litlamo tsa lelapa li tsoela pele li ntse li le teng. Kahoo, monna ea khaotsoeng kapa ea ikarolang a ka ’na a tsoela pele ho lula lapeng le mosali oa hae oa Mokreste le bana ba tšepahalang. Ho hlompha likahlōlo tsa Molimo le bohato ba phutheho ho ne ho tla susumelletsa mosali le bana ho hlokomela hore ka tsela eo monna eo a e nkileng, o felisitse kamano ea moea e neng e le teng mahareng a bona. Empa kaha ho khaoloa ha hae ha hoa ka ha felisa litlamo tsa bona tsa mali le tsa lenyalo, kameho e lerato le litšebelisano tse tloaelehileng tsa lelapa li ka ’na tsa tsoela pele.

      14. Ke keletso efe ea bomolimo e lokelang ho susumetsa kopano ea rōna le mong ka rōna ea khaotsoeng kapa ea ikarotseng ea sa luleng lapeng?

      14 Boemo bo fapane haeba motho ea khaotsoeng kapa ea ikarotseng e le mong ka motho ea sa luleng lapeng. Ho ka etsahala hore u se be le kamano ho hang le mong ka uena eo. Esita le haeba ho ne ho e-na le litaba tsa lelapa tse batlang hore le kopane, ka sebele ho kopana hona ho ne ho tla khutsufatsoa, tumellanong le molao-motheo oa Molimo: “Khaotsang ho kopana le mang kapa mang ea bitsoang moena eo e leng sehlola kapa motho ea meharo [kapa ea leng molato oa sebe se seng se tebileng], . . . le ho ja le se je le motho ea joalo.”—1 Ba-Korinthe 5:11, NW.

      15. Beng ka motho ba ka laola tšusumetso ea maikutlo joang maemong a joalo? (Pesaleme ea 15:1-5; Mareka 10:29, 30)

      15 Ka ho utloahalang sena se ne se tla ba boima ka lebaka la maikutlo le litlamo tsa lelapa, joaloka lerato la ntate-moholo le nkhono ho litloholo tsa bona. Empa sena ke teko ea botšepehi bo nang le boitelo ho Molimo, joalokaha ho boletse khaitseli ea qotsitsoeng leqepheng la 26. E mong le e mong ea utloang masoabi le bohloko tse bakiloeng ke mong ka eena ea khaotsoeng a ka tšelisoa le ho khothatsoa ke mohlala oa beng ka Kore.—Pesaleme ea 84:10-12.b

      Qeto ea Lekhotla

      16-18. Ho ile ha fihleloa qeto efe nyeoeng ea lekhotla e boletsoeng pelenyana, ’me ke maikutlo afe a eketsehileng a fanoeng ke lekhotla?

      16 Mohlomong u tla rata ho tseba liphello tsa nyeoe ea lekhotla mabapi le mosali ea neng a halefisitsoe ke hobane metsoalle ea hae ea pele e ne e se e sa ’muise hoba a khethe ho furalla tumelo, ho ikarola phuthehong.

      17 Pele taba e isoa nyeoeng, lekhotla le kopaneng la setereke le ile la mo ahlōla ka bokhutšoanyane. Kahlōlo eo e ne e theiloe khopolong ea hore makhotla ha a kenelle litabeng tsa kereke tsa ho khalemela. O ile a etsa boipiletso. Kahlōlo e entsoeng ka tumellano ea lekhotla le kopaneng la maipiletsoc e ne e theiloe mabakeng a maholoanyane a litokelo tsa Molao oa Pele (oa Molao oa Motheo oa U.S.): “Kahobane mokhoa oa ho nena motho ke karolo ea tumelo ea Lipaki tsa Jehova, re fumana hore ‘tokoloho ea bolumeli’ e entsoeng ke Molao oa Motheo oa United States . . . e [mo] thibela hore a ka hlōla nyeoe. Baqosuoa ba na le tokelo e sirelelitsoeng ke Molao oa Motheo ea ho sebelisa mokhoa oa ho nena motho. Tumellanong le hoo, re tiisa” kahlōlo e entsoeng pele ea lekhotla la setereke.

      18 Maikutlo a lekhotla a tsoela pele: “Ho nena motho ke mokhoa o sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova ho latela tlhaloso ea tsona ea mangolo a halalelang, ’me rōna ha re na tokelo ea ho hlalosa mangolo ao hape . . . Baqosuoa ba na le tokelo ea ho sebelisa litumelo tsa bona tsa bolumeli ka bolokolohi . . . Hangata makhotla ha a hlahlobisise kamano mahareng a litho (kapa bao e neng e le litho pele) tsa kereke. Likereke li neiloe bolokolohi bo boholo ha li laea litho kapa bao e neng e le litho pele. Re lumellana le pono ea Moahlōli Jackson [eo nakong e fetileng e neng e le moahlōli ka Lekhotleng le Phahameng la U.S.] ea hore ‘mesebetsi ea [b]olumeli e amang feela litho tsa tumelo eo e tšoanela ho etsoa ka bolokolohi—e be e lokolohileng ka ho feletseng.’ . . . Litho tsa Kereke eo [a] ikhethetseng ho ikarola ho eona li fihletse qeto ea hore ha li sa batla ho ba le botsoalle le eena. Re lumela hore li lokolohile ho etsa khetho e joalo.”

      19, 20. Ke hobane’ng ha motho ea khaotsoeng phuthehong a se boemong ba ho fumana matšeliso a chelete ka lekhotleng bakeng sa likotsi tseo a li ntšitsoeng?

      19 Lekhotla la maipiletso le lumetse hore le hoja mosali eo a ne a utloa bohloko kahobane metsoalle ea hae ea pele e ne e khethile ho se buisane le eena, “ho mo lumella hore a fumane matšeliso maqebeng a kelello le a maikutlo ho ne ho tla thibela Lipaki tsa Jehova ho sebelisa tokoloho ea bolumeli ho latela Molao oa Motheo . . . Ho tiisa ha Molao oa Motheo tokoloho ea bolumeli ho hloka hore sechaba se mamelle mofuta oa bohloko oo [a] o utloileng e le moputso o loketseng ho lefshoa oa ho sireletsa tokelo ea ho se tšoane ka bolumeli eo baahi bohle ba e thabelang.” Ka kutloisiso e itseng, qeto ena e fumane tšehetso e khōloanyane ha e sa le e etsoa. Joang? Hamorao mosali eo o ile a ipiletsa ka lekhotleng le kaholimo-limo kahar’a naha hore le mamele nyeoe eo, mohlomong le be le etsolle qeto e entsoeng khahlanong le eena. Empa ka Pulungoana 1987, Lekhotla le Phahameng la United States le ile la hana ho etsa joalo.

      20 Kahoo qeto ena ea bohlokoa e ile ea rera hore motho ea khaotsoeng kapa ea ikarotseng a ke ke a fumana matšeliso ka lekhotleng bakeng sa likotsi tse entsoeng ke Lipaki tsa Jehova ka ho mo nena.d Kaha phutheho e ne e arabela likeletsong tse phethahetseng tseo bohle re ka li balang ka Lentsoeng la Molimo le ho li sebelisa, motho eo o utloa tahlehelo e tlisitsoeng ke liketso tsa hae ka boeena.

      Taeo—Ba Bangata ba Rua Molemo

      21. Ke hobane’ng ha ho hlokahala teka-tekano ha re talima ho khaola?

      21 Batho ba bang ba kantle, ha ba utloa ka ho khaola, ba sekamela ho qenehela mofosi ea seng a ke ke a buisana le litho tsa phutheho ea Bokreste. Empa na qenehelo eo ha e sebelisoe hampe? Nahana ka molemo oo mofosi eo le ba bang ba ka ’nang ba o rua.

      22, 23. Bontša bohlokoa le molemo tsa ho utloa Molimo mabapi le boikutlo ba rōna ka batho ba khaotsoeng.

      22 Ka mohlala, leqepheng 26 re hlokometse mantsoe a Lynette ka khetho ea hae ea ho ‘ikhaola ka ho feletseng botsoalleng bofe kapa bofe’ le ngoan’abo Margaret ea neng a khaotsoe. Eena le beng ka eena ba Bakreste ‘ba ne ba lumela hore tsela ea Jehova e molemohali.’ ’Me ho joalo!

      23 Hamorao ngoana eo oabo Lynette o ile a ’molella hore: ‘Hoja u ile ua nka ho khaola hasesaane, kea tseba hore nka be ke sa ka ka nka mehato ea ho khutlela ka phuthehong kapele joalokaha ke entse. Ho khaoloa ka ho feletseng ho baratuoa ba ka le kamanong e haufi le phutheho ho ile ha etsa hore ke be le takatso e matla ea ho baka. Ke ile ka hlokomela kamoo tsela ea ka e neng e fosahetse kateng le kamoo e leng taba e tebileng kateng ho furalla Jehova.’

      24. Boitšoaro ba khaitseli e mong ka ho khaola bo ile ba mo ama joang ’me ba ama le ba bang joang?

      24 Tabeng e ’ngoe, batsoali ba Laurie ba ile ba khaoloa. Empa o re: ‘Botsoalle ba ka le bona ha boa ka ba khaotsa empa ba eketseha. Ha nako e ntse e-ea, ke ile ka ’na ka khathala ho ea ho ile moeeng. Ke ile ka fihla ntlheng eo ke neng ke se ke sa ee le libokeng.’ Eaba o bala boitsebiso ba Molula-Qhooa oa la 15 Tlhakola, le oa la 1 Tlhakubele, 1982, bo neng bo hatella keletso ea 1 Ba-Korinthe 5:11-13 le 2 Johanne 9-11. O ngotse: “E ne e ka ke khantšelitsoe lebone.” ‘Ke ne ke tseba hore ke lokela ho etsa liphetoho tse itseng. Joale ka utloisisa hamolemonyana se boleloang ke Mattheu 10:34-36. Ho ne ho se bonolo hore lelapa leso le amohele qeto ea ka, hobane mora oa ka, ea lilemo li hlano, ke eena feela moshanyana, ’me ba mo rata haholo.’ Re tšepa hore ho lahla botsoalle bo joalo ho tla ama lipelo tsa batsoali bao, joalokaha ho ile ha ama pelo ea Margaret. Ho ntse ho le joalo, taeo e amehang e thusitse Laurie: ‘Ke khutletse tšebeletsong ea tšimo. Lenyalo la ka le lelapa la ka li matla haholo ka baka la phetoho ea ka, ’me le ’na ke matla.’

      25. Motho ea khutliselitsoeng o bile le pono efe ka taeo ea Molimo?

      25 Kapa nahana ka boikutlo ba motho ea kileng a khaoloa ’me hamorao a khutlisetsoa ka phuthehong. Sandi o ngotse: ‘Ke rata ho le leboha ka lihlooho tse thusang haholo le tse rutang [tse boletsoeng kaholimo] tse mabapi le ho khalemela le ho khaola. Ke thabetse hore Jehova o rata batho ba hae haholo hoo a hlokomelang hore mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bolokoa o hloekile. Ntho e ka ’nang ea bonahala e le ketso e sehlōhō ho batho ba kantle ea hlokahala e bile ke ntho e lerato e ka etsoang. Ke leboha hore Ntate oa rōna oa leholimo ke Molimo o lerato le o tšoarelang.’

      26. Ke litholoana life tsa ho loka tse ka tlisoang ke ho amohela taeo? (Pesaleme ea 94:10, 12)

      26 Kahoo Molimo oa rōna o batla hore mofosi ea sa bakeng a lelekoe phuthehong ’me ka lerato o boetse o bontša hore haeba moetsalibe a baka ’me a sokoloha a ka boela a khutlisetsoa ka phuthehong. (Ka ho tšoanang motho ea ikarotseng le eena a ka kōpa ho ba setho sa phutheho hape.) Moo a ka tšelisoa ke Bakreste ba tla mo tiisetsa lerato la bona. (2 Ba-Korinthe 2:5-11; 7:8-13) Ka sebele, ho joalokaha Pauluse a ngotse: “Hona joale ha ho bonahale ho e-na le taeo e thabisang, empa e utloisa bohloko; empa hamorao ho ba koetlisitsoeng ka eona e hlahisa litholoana tsa khotso, e leng, ho loka.”—Ba-Heberu 12:11, NW.

  • Na u sa Hopola?
    Molula-Qhooa—1988 | April 15
    • Na u sa Hopola?

      Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Joale, itlhahlobe hore na u ka arabela lipotso tse latelang:

      ◻ Sehlooho sa evangeli ea mehleng ee ea Bibele ke sefe?

      Moko-taba oa molaetsa oa moevangeli oa ’nete oa kajeno ke litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo matsohong a ’Musi ea khethiloeng ke oona, Jesu Kreste. O akarelletsa linnete tsohle tseo Jesu a li buileng le tse tlalehiloeng ke barutuoa ba hae. (Mattheu 24:14; 28:19, 20)—1/1, leqephe 4.

      ◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala ho tsoela pele ho bolela litaba tse molemo masimong ao ho nang le maphomela a fokolang kapa moo a leng sieo ho hang?

      Jehova, ka Jesu Kreste, o laetse hore ‘litaba tse molemo li boleloe lefatšeng lohle.’ (Mattheu 24:14) Ha batho ba hana ho mamela, hona ho re fa monyetla oa ho bontša botebo ba lerato le boineelo tsa rōna ho Jehova ka ho phehella ho etsa se lokileng. Hape, lerato la rōna le re susumelletsa ho lemosa baahelani ba rōna ka seo bokamoso bo se tšoaretseng batho. (1 Johanne 5:3; 2 Timothea 4:2)—1/1, leqephe 26.

      ◻ Ke melemo efe eo tšebeletso ea nako e tletseng e e tlisetsang bahoeletsi ba bangata ba ’Muso?

      E ba thusa ho hlaolela litholoana tsa moea ka ho tletseng haholoanyane, ho bontša batho lerato le eketsehileng, ho ba ba beang haholoanyane tšebeletsong, le ho tšepa Jehova haholoanyane. Ho feta moo, ba thabela kamano e haufi le Jehova.—1/15, leqephe 26.

      ◻ Ke tataisong le morerong ofe oa Molimo moo bangoli bohle ba Bibele ba supileng ntle le ho fapana ha mokhoa oo ba faneng ka tsona?

      Kaofela ba bontšitse seo Jehova Molimo a tlang ho se etsa hore batho ba thabe le seo hape batho ka bomong ba tlamehang ho se etsa e le hore ba ka amoheleha ho Molimo.—2/1, leqephe 7.

      ◻ E meng ea meputso le melemo ea ho tšepahala ke efe?

      Tikoloho ea botšepehi le kholiseho e-ea hlaha, e lebisang maikutlong a matle le likamanong tse ntle. Botšepehi bo boetse bo tlatsetsa letsoalong le hloekileng, ’me bo fana ka khotso ea kelello, e le hore e mong a ka talimana le ba bang a se na lihlong. (Ba-Heberu 9:14; 1 Timothea 1:19)—2/15, leqephe 7.

      ◻ Ke lithapelo tsa bo-mang tseo Molimo o matla ’ohle o li utloang le ho li arabela?

      Jehova o utloa lithapelo tse lebisoang ho eena ka mocha o nepahetseng, Jesu Kreste; ka mokhoa o nepahetseng; le ka boikutlo bo nepahetseng ba kelello le pelo. Molimo o arabela lithapelo tse joalo ho latela thato ea oona ea bomolimo le ka nako ea oona eo o e khethileng.—3/15, leqephe 7.

      ◻ Ke ketsahalo efe ea bohlokoa e etsahetseng selemong sa bo20 sa puso ea Morena Artaxerxese (455 B.C.E.)?

      Nehemia o ile a fuoa tumello ea ho khutlela morao ho ea tsosolosa Jerusalema le marako a eona. Taelo ena e ne e le qaleho ea ‘liveke tse mashome a supileng’ tsa lilemo tsa boprofeta ba Daniele, e neng e supa pele ho hlaheng ha Jesu e le “motlotsuoa Morena” nakong ea selemo sa 29 C.E. (Daniele 9:24, 25; Nehemia 1:1; 2:1-9)—3/15, maqephe 28, 29.

      ◻ Mathata a lelapa ho ka sebetsanoa le ’ona hamolemo joang?

      Ka lerato, hobane Bibele ea eletsa, “Litaba tsohle tsa lōna li etsoe ka lerato.” Hape, “Lerato le apesa libe tse ngata.” (1 Ba-Korinthe 16:14; 1 Petrose 4:8) Lena e lokela ho ba lerato le tebileng le ikemiselitseng ho tlōlisa mahlo ho se phethahale ha litho tse ling tsa lelapa ho ka ’nang ha khopisa le ho tšoenya likelello tsa ba bang ka tsela e itseng.—4/1, maqephe 6, 7.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela