Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 4/15 leq. 31
  • Na u sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Senoloa Nako ea ho Tla ha Mesia
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Kamoo Boprofeta ba Daniele bo Bolelang ho Fihla ha Mesia Esale Pele Kateng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Le Matlafatsoe ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ke Lithapelo tsa Bo-mang tse Arabeloang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 4/15 leq. 31

Na u sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Joale, itlhahlobe hore na u ka arabela lipotso tse latelang:

◻ Sehlooho sa evangeli ea mehleng ee ea Bibele ke sefe?

Moko-taba oa molaetsa oa moevangeli oa ’nete oa kajeno ke litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo matsohong a ’Musi ea khethiloeng ke oona, Jesu Kreste. O akarelletsa linnete tsohle tseo Jesu a li buileng le tse tlalehiloeng ke barutuoa ba hae. (Mattheu 24:14; 28:19, 20)—1/1, leqephe 4.

◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala ho tsoela pele ho bolela litaba tse molemo masimong ao ho nang le maphomela a fokolang kapa moo a leng sieo ho hang?

Jehova, ka Jesu Kreste, o laetse hore ‘litaba tse molemo li boleloe lefatšeng lohle.’ (Mattheu 24:14) Ha batho ba hana ho mamela, hona ho re fa monyetla oa ho bontša botebo ba lerato le boineelo tsa rōna ho Jehova ka ho phehella ho etsa se lokileng. Hape, lerato la rōna le re susumelletsa ho lemosa baahelani ba rōna ka seo bokamoso bo se tšoaretseng batho. (1 Johanne 5:3; 2 Timothea 4:2)—1/1, leqephe 26.

◻ Ke melemo efe eo tšebeletso ea nako e tletseng e e tlisetsang bahoeletsi ba bangata ba ’Muso?

E ba thusa ho hlaolela litholoana tsa moea ka ho tletseng haholoanyane, ho bontša batho lerato le eketsehileng, ho ba ba beang haholoanyane tšebeletsong, le ho tšepa Jehova haholoanyane. Ho feta moo, ba thabela kamano e haufi le Jehova.—1/15, leqephe 26.

◻ Ke tataisong le morerong ofe oa Molimo moo bangoli bohle ba Bibele ba supileng ntle le ho fapana ha mokhoa oo ba faneng ka tsona?

Kaofela ba bontšitse seo Jehova Molimo a tlang ho se etsa hore batho ba thabe le seo hape batho ka bomong ba tlamehang ho se etsa e le hore ba ka amoheleha ho Molimo.—2/1, leqephe 7.

◻ E meng ea meputso le melemo ea ho tšepahala ke efe?

Tikoloho ea botšepehi le kholiseho e-ea hlaha, e lebisang maikutlong a matle le likamanong tse ntle. Botšepehi bo boetse bo tlatsetsa letsoalong le hloekileng, ’me bo fana ka khotso ea kelello, e le hore e mong a ka talimana le ba bang a se na lihlong. (Ba-Heberu 9:14; 1 Timothea 1:19)—2/15, leqephe 7.

◻ Ke lithapelo tsa bo-mang tseo Molimo o matla ’ohle o li utloang le ho li arabela?

Jehova o utloa lithapelo tse lebisoang ho eena ka mocha o nepahetseng, Jesu Kreste; ka mokhoa o nepahetseng; le ka boikutlo bo nepahetseng ba kelello le pelo. Molimo o arabela lithapelo tse joalo ho latela thato ea oona ea bomolimo le ka nako ea oona eo o e khethileng.—3/15, leqephe 7.

◻ Ke ketsahalo efe ea bohlokoa e etsahetseng selemong sa bo20 sa puso ea Morena Artaxerxese (455 B.C.E.)?

Nehemia o ile a fuoa tumello ea ho khutlela morao ho ea tsosolosa Jerusalema le marako a eona. Taelo ena e ne e le qaleho ea ‘liveke tse mashome a supileng’ tsa lilemo tsa boprofeta ba Daniele, e neng e supa pele ho hlaheng ha Jesu e le “motlotsuoa Morena” nakong ea selemo sa 29 C.E. (Daniele 9:24, 25; Nehemia 1:1; 2:1-9)—3/15, maqephe 28, 29.

◻ Mathata a lelapa ho ka sebetsanoa le ’ona hamolemo joang?

Ka lerato, hobane Bibele ea eletsa, “Litaba tsohle tsa lōna li etsoe ka lerato.” Hape, “Lerato le apesa libe tse ngata.” (1 Ba-Korinthe 16:14; 1 Petrose 4:8) Lena e lokela ho ba lerato le tebileng le ikemiselitseng ho tlōlisa mahlo ho se phethahale ha litho tse ling tsa lelapa ho ka ’nang ha khopisa le ho tšoenya likelello tsa ba bang ka tsela e itseng.—4/1, maqephe 6, 7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela