Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Lipaki tse ling tsa Jehova li ’nile tsa fuoa mosebetsi o amanang le mehaho kapa thepa ea bolumeli. Pono ea Mangolo ke efe ka mosebetsi o joalo?
Taba ena e ka ’na ea tobana le Bakreste bao ka botšepehi ba batlang ho sebelisa 1 Timothea 5:8, e hatellang bohlokoa ba ho hlokomela ba lelapa la motho ka lintho tse bonahalang. Le hoja Bakreste ba tšoanetse ho sebelisa keletso eo, seo hase lokafatse ho amohela ha bona mofuta leha e le ofe kapa mefuta eohle ea mesebetsi ea boipheliso, ho sa tsotellehe hore na ke oa mofuta ofe. Bakreste ba lemoha tlhoko ea hore e be ba hlokolosi lipontšong tse ling tsa thato ea Molimo. Ka mohlala, takatso ea monna ea ho tšehetsa lelapa la hae e ke ke ea lokafatsa ho tlōla ha hae seo Bibele e se bolelang mabapi le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali kapa ho bolaea. (Bapisa le Genese 39:4-9; Esaia 2:4; Johanne 17:14, 16.) Ho boetse ke habohlokoa hore Bakreste ba etse lintho tumellanong le taelo ea ho tsoa Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.—Tšenolo 18:4, 5.
Lefatšeng ka bophara, bahlanka ba Molimo ba tobana le maemo a mangata a mosebetsi. E tla ba ho se nang thuso le ho ka nģ’ane ho matla a rōna ho leka ho thathamisa menyetla eohle e ka hlahang le ho etsa melao e tsamaisanang le eona. (2 Bakorinthe 1:24) Leha ho le joalo, e re re bolele lintlha tse ling tseo Bakreste ba lokelang ho nahana ka tsona ha ba etsa qeto ka mosebetsi oa botho. Lintlha tsena li ile tsa ngoloa ka bokhutšoanyane ho Molula-Qhooa oa January 1, 1983, sehloohong se neng se bua ka ho rua molemo letsoalong leo Molimo a re fileng lona. Lebokose le hlahang moo le ile la phahamisa lipotso tse peli tsa sehlooho eaba joale le thathamisa lintlha tse ling tse molemo.
Potso ea pele e ka sehloohong ke ena: Na mosebetsi oo ka booona o nyatsoa ke Bibele? Ha o fana ka tlhaloso ho sena, Molula-Qhooa oo o ile oa bontša hore Bibele e nyatsa ho utsoa, tšebeliso e mpe ea mali le borapeli ba litšoantšo. Mokreste o lokela ho qoba mosebetsi oo ka ho toba o ntšetsang pele liketso tseo Molimo a li nyatsang, tse kang tse sa tsoa boleloa.
Potso ea bobeli ke hore: Na ho etsa mosebetsi oo ho tla etsa hore motho a kenye letsoho ketsong e nyatsuoang? Ka ho hlakileng, motho ea hiriloeng setsing sa papali ea chelete, tleliniking ea ho ntša mpa kapa ntlong ea botekatsi, o tla be a kentse letsoho ketsong e khahlanong le Mangolo. Esita le haeba mosebetsi oa hae oa letsatsi le letsatsi moo e ne e le ho fiela feela kapa ho arabela thelefono, o ne a tla be a kenya letsoho ketsong eo Lentsoe la Molimo le e nyatsang.
Bakreste ba bangata ba tobaneng le ho etsa liqeto tsa mosebetsi ba fumane hore ho hlahloba lipotso tseo ka bohona ho ba thusitse hore ba fihlele qeto ea botho.
Ka mohlala, ka lipotso tseo tse peli motho a ka bona hore na ke hobane’ng ha morapeli oa ’nete a ke ke a hiroa ka ho toba mokhatlong oa bolumeli ba bohata, a sebeletsa kereke kapa hona ho sebetsa ho eona. Tšenolo 18:4 e fana ka taelo ena: “Tsoang ho eena, batho ba ka, haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae.” Motho o ne a tla be a kopanela mesebetsing ea Babylona e Moholo le libeng tsa eona haeba e ne e tla ba mohiruoa oa kamehla oa bolumeli bo rutang borapeli ba bohata. E bang mohiruoa eo e ne e le mohlokomeli oa serapa, mohloekisi, setei, kapa ’moloki oa libuka tsa khoebo, mosebetsi oa hae o ne o tla ntšetsa pele borapeli bo hohlanang le bolumeli ba ’nete. Ho feta moo, ke ho utloahalang hore batho ba tla bona mohiruoa enoa a ntlafatsa kereke, a e beha boemong bo botle kapa a phetha mesebetsi ea eona ea bolumeli, ba tla mo amahanya le bolumeli boo.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka motho eo e seng mohiruoa oa kamehla oa kereke kapa mokhatlo oa bolumeli? Mohlomong o bitsetsoa feela ho tla etsa mosebetsi o potlakileng oa ho lokisa peipi ea metsi e phatlohileng mokatong o ka tlase oa kereke. Na seo e ke ke ea e-ba se fapaneng le ha a kenya kōpo ea ho etsa mosebetsi oa konteraka, o kang ho kenya fishaboto kapa siling kerekeng?
Hape, ho ka nahanoa ka maemo a mangata a sa tšoaneng. Kahoo, a re hlahlobeng lintlha tse hlano tse eketsehileng tseo Molula-Qhooa oo o ileng oa li bolela:
1. Na mosebetsi oo e mpa e le tšebeletso ea botho eo ka boeona e seng khahlanong le Mangolo? Nka mohlala oa motsamaisi oa poso. Ho tsamaisa ha hae mangolo ho ne ho ke ke ha bolela hore o khothalletsa mokhoa o itseng o nyatsehang haeba o mong oa mehaho eo a isang poso ho eona e ne e le kereke kapa tleliniki ea ho ntša mpa. Molimo o fana ka khanya ea letsatsi le chabelang ka hare ka lifensetere tsa mehaho eohle, ho kopanyelletsa le tsa kereke kapa tsa tleleniki e joalo. (Liketso 14:16, 17) Mokreste eo e leng motsamaisi oa poso a ka ’na a etsa qeto ea hore o etsa tšebeletso ea botho ho bohle, letsatsi le letsatsi. E ka ba se tšoanang ka Mokreste ea thusang bothateng ba tšohanyetso—motho ea sebetsanang le lipeipi tsa metsi ea bitsetsoang ho tla thiba metsi a tsoelang ka kerekeng a le mangata kapa mosebeletsi oa ambulense ea bitsetsoang ho tla thusa motho ea ilibaneng nakong ea tšebeletso ea kereke. A ka ’na a nka sena e le thuso feela ea botho e neng e sa reroa.
2. Motho eo o ikarabella ho isa bohōleng bofe ka se etsoang? Mokreste ea nang le lebenkele a ke ke a lumela ho odara le ho rekisa litšoantšo tse rapeloang, lithatho tse sebelisanang le meea, lisakerete kapa lisoseje tse entsoeng ka mali. Kaha ke mong’a lebenkele, ke eena ea ikarabellang. Batho ba ka ’na ba mo susumelletsa hore a rekise lisakerete kapa litšoantšo tse rapeloang e le hore a fumane phaello, empa o tla sebetsa litaba tumellanong le tumelo ea hae ea Mangolo. Ka lehlakoreng le leng, mohiruoa oa Mokreste lebenkeleng le leholo la lijo a ka ’na a fuoa mosebetsi mochineng oa chelete, ho bentša fuluru kapa ho boloka libuka tsa khoebo. Ha se eena ea ikarabellang thepeng e odaroang le e rekisoang, esita le haeba tse seng kae tsa tsona li nyatseha, joaloka lisakerete kapa lintho tsa matsatsi a phomolo ea bolumeli.a (Bapisa le Luka 7:8; 17:7, 8.) Sena se amana le ntlha e latelang.
3. Motho o kenella ho isa tekanyong efe? A re khutleleng mohlaleng oa lebenkele. Mohlomong mohiruoa ea fuoeng mosebetsi mochineng oa chelete kapa ho beheng lintho lishelefong o tšoara lisakerete kapa lintho tsa bolumeli ka seoelo feela; ke karolo e nyenyane mosebetsing ’ohle oa hae. Leha ho le joalo, ho fapane hakaakang le mohiruoa ea lebenkeleng lona leo ea sebetsang k’haotareng ea koae! Ka linako tsohle, mosebetsi ’ohle oa hae o lebisitse tlhokomelo nthong e khahlanong le litumelo tsa Bokreste. (2 Bakorinthe 7:1) Sena se hlakisa hore na ke hobane’ng ha tekanyo eo motho a kenellang ka eona kapa a amehang ka eona e tlamehang ho hlahlobisisoa ha ho etsoa qeto litabeng tsa mosebetsi.
4. Mohloli oa ho lefa ke ofe kapa sebaka seo mosebetsi o etsetsoang ho sona? Nahana ka maemo a mabeli. Moo tleleniki ea ho ntša mpa e batlang ho hlaha hantle sechabeng, e etsa qeto ea ho lefa monna ea itseng hore a hloekise literata tse haufi le eona. O lefshoa ke tleliniki eo ea ho ntša mpa, empa ha a sebetse moo ebile ha ho ea mo bonang tleliniking moo letšehare lohle. Ho e-na le hoo, ba mo bona a etsa tšebeletso ea sechaba eo ka boeona e seng khahlanong le Mangolo, ho sa tsotellehe hore na o lefshoa ke mang. Joale ho tla ho fapaneng le hoo. Sechabeng seo ho sona botekatse bo lumeletsoeng ka molao, tšebeletso ea sechaba ea bophelo bo botle e lefa mooki hore a sebetse matlong a botekatse, a etse litlhahlobo tsa bophelo ba ’mele molemong oa ho fokotsa ho jaleha ha mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. Le hoja a lefshoa ke tšebeletso ea sechaba ea bophelo bo botle, mosebetsi oa hae o ntlong ea botekatse ka ho feletseng, o etsa hore boitšoaro bo bobe bo sireletsehe haholoanyane, bo amohelehe ka ho eketsehileng. Mehlala ena e hlakisa hore na ke hobane’ng ha mohloli oa ho lefa le sebaka seo mosebetsi o etsetsoang ho sona e le lintho tse lokelang ho nahaneloa.
5. Phello ea ho etsa mosebetsi oo ke efe; na o tla khopisa letsoalo la motho kapa la ba bang? Ho lokela ho nahanoe ka letsoalo la rōna le la ba bang. Esita le haeba mosebetsi o itseng (ho kopanyelletsa le sebaka seo o etsetsoang ho sona le mohloli oa ho lefa) o ka bonahala o amoheleha ho Bakreste ba bangata, motho a ka ’na a utloa hore o tla khathatsana le letsoalo la hae. Moapostola Pauluse ea ileng a beha mohlala o motle o itse: “Re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Re tlameha ho qoba ho etsa mosebetsi o tla re siea re tšoenyehile; leha ho le joalo, re boetse re lokela ho se nyatse ba bang bao matsoalo a bona a fapaneng le a rōna. Ka lehlakoreng le leng, Mokreste a ka ’na a se ke a bona ho se moo a hohlanang teng le Bibele ha a etsa mosebetsi o itseng, empa a hlokomela hore ho tla khopisa ba bangata ka phuthehong le motseng. Pauluse o bontšitse boikutlo bo nepahetseng mantsoeng a hae: “Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa, e le hore bosebeletsi ba rōna bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato; empa ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe re ipuella re le basebeletsi ba Molimo.”—2 Bakorinthe 6:3, 4.
Joale a re khutleleng potsong ea sehlooho ea ho sebetsa mohahong oa kereke, o kang ho kenya lifensetere tse ncha, ho hloekisa k’hapete kapa ho lokisa tsamaiso e fepelang mocheso. Lintlha tse ka holimo li ka ameha joang?
Hopola ntlha ea boikarabelo. Na Mokreste ke mong’a khoebo kapa mookameli ea ka etsang qeto ea hore na a etse mosebetsi o joalo oa kereke kapa che? Na Mokreste ea nang le boikarabelo bo joalo a ka batla ho kopanela le Babylona e Moholo ka ho kenya kōpo ea ho etsa mosebetsi kapa ho kena konterakeng ea ho thusa bolumeli bo itseng ho khothalletsa borapeli ba bohata? Na seo se ne se ke ke sa tšoana le ha motho a etsa qeto ea ho rekisa lisakerete kapa litšoantšo tse rapeloang lebenkeleng la hae?—2 Bakorinthe 6:14-16.
Haeba Mokreste e le mohiruoa ea se nang lentsoe liqetong tsa hore na ke mesebetsi efe e tla etsoa, ho lokela ho hlahlojoe lintlha tse ling, tse kang sebaka le tekanyo eo motho a kenellang ka eona. Na mohiruoa o mpa a kōpiloe hore a ise litulo tse ncha kapa hore a li hlophise ketsahalong e itseng, kapa hore a etse tšebeletso ea botho, joaloka ea monna oa setima-mollo ha a tima mollo kerekeng pele o ka nama? Ba bangata ba ka bona sena se fapane le sa mohiruoa oa khoebo ea qetang nako e telele a penta kereke kapa nako le nako a lokisa serapa sa eona hore se bohehe. Kopano e joalo ea kamehla kapa ea nako e telele e ka eketsa menyetla ea hore ba bangata ba amahanye Mokreste le bolumeli boo a bolelang hore ha a lumele ho bona, mohlomong a bile a ka ’na a ba khopisa.—Matheu 13:41; 18:6, 7.
Re tšohlile lintho tse ngata tsa bohlokoa tse ka nahaneloang ha ho tluoa tabeng ea mosebetsi. Tsena li hlahisitsoe tabeng e potolohileng potso e tobileng e mabapi le bolumeli ba bohata. Leha ho le joalo, li ka hlahlojoa ka tsela e tšoanang mabapi le mefuta e meng ea mosebetsi. Tabeng e ’ngoe le e ’ngoe, ho lokela ho hlahlobisisoe ka thapelo, ho nahaneloa lintlha tse tobileng—’me mohlomong e le tse khethehileng—tsa boemo boo ho tobanoeng le bona. Lintlha tse boletsoeng ka holimo li se li thusitse Bakreste ba bangata ba tšepahalang hore ba etse liqeto lumellanang le matsoalo a bona tse bontšang ho lakatsa ha bona ho tsamaea ka kotloloho le ka botšepehi ka pel’a Jehova.—Liproverbia 3:5, 6; Esaia 2:3; Baheberu 12:12-14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakreste ba bang ba sebetsang lipetlele ba ile ba tlameha ho hlahloba taba ena ea ho ba ea ikarabellang. Ngaka e ka ’na ea ba le boikarabelo ba ho odara meriana bakeng sa ho tla phekola mokuli. Le haeba mokuli a se na khanyetso ea letho, ke joang ngaka ea Mokreste e ikarabellang e ka laelang hore motho a tšeloe mali kapa a ntšoe mpa, empa e tseba seo Bibele e se bolelang litabeng tse joalo? Ho fapana le seo, mooki ea hiriloeng sepetlele a ka ’na a se ke a ba le boikarabelo bo joalo. Ha a ntse a phetha mesebetsi ea kamehla, ngaka e ka ’na ea mo laela hore a etse tlhahlobo ea mali ka morero o itseng kapa hore a hlokomele mokuli ea tlileng ho tla ntša mpa. Tumellanong le mohlala o tlalehiloeng ho 2 Marena 5:17-19, a ka ’na a etsa qeto ea hore kaha ha se eena ea nang le boikarabelo ba ho fana ka taelo ea hore ho tšeloe mali kapa ea hore mpa e ntšoe, a ka tsoela pele ka tšebeletso ea botho ho mokuli. Ke ’nete hore o ntse a tla tlameha ho nahanela letsoalo la hae e le hore ‘a itšoare ka letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo.’—Liketso 23:1.